-
O ka ba Motswalle wa JehovaO ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
5. Dintho tseo Jehova a di lebelletseng ho metswalle ya hae
Hangata ho na le dintho tseo re di lebellang ho metswalle ya rona.
Tse ding tsa dintho tseo o di lebellang ho metswalle ya hao ke dife?
Bala 1 Johanne 5:3 ebe le buisana ka potso ena:
Jehova o lebelletseng ho metswalle ya hae?
Re ka nna ra tlameha ho fetola tsela eo re itshwarang ka yona e le hore re tle re mamele Jehova. Bala Esaia 48:17, 18 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobaneng ha Jehova a batla hore metswalle ya hae e etse diphetoho?
Motswalle wa sebele o re hopotsa dintho tse ka re sireletsang le tse ka re tswelang molemo. Jehova o etsa se tshwanang ho metswalle ya hae
-
-
Ho Kolobetswa ke Qeto e Molemo eo o ka e EtsangO ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
Pele o kolobetswa ho bohlokwa hore o ithute ka Jehova le hore o be le tumelo e matla ho yena. (Bala Baheberu 11:6.) Ha o ntse o tswela pele ho ithuta ka Jehova mme tumelo ya hao e ba matla, o tla mo rata le ho feta. Ha ho pelaelo hore o tla batla ho bolella batho ba bang ka yena le ho phela ka melao ya hae. (2 Timothea 4:2; 1 Johanne 5:3) Ha motho a ‘tsamaya ka mokgwa o tshwanelang Jehova e le hore a mo kgahlise ka botlalo,’ a ka batla ho nehela bophelo ba hae ho Modimo mme a kolobetswe.—Bakolose 1:9, 10.a
-
-
Ho Kolobetswa ke Qeto e Molemo eo o ka e EtsangO ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
a Haeba motho a ile a kolobetswa bodumeding bo bong, o tla lokela ho kolobetswa hape. Hobaneng? Hobane bodumedi boo bo ne bo sa rute nnete e ka Bibeleng.—Sheba Liketso 19:1-5 le Kgaolo ya 13.
-
-
Bontsha Hore o Ananela Seo Jehova le Jesu ba o Etseditseng SonaO ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
A re nke hore motho e mong o ile a o pholosa ha o ne o kgangwa ke metsi. Na o ne o ka lebala seo motho eo a o etseditseng sona? Kapa na o ne o tla batla ditsela tsa ho mo bontsha hore o ananela ntho eo a o etseditseng yona?
Re na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng ka lebaka la seo Jehova a re etseditseng sona. Bala 1 Johanne 4:8-10 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Ke hobaneng ha sehlabelo sa Jesu e le mpho e kgethehileng?
O ikutlwa jwang ka ntho eo Jehova le Jesu ba o etseditseng yona?
Re ka bontsha jwang hore re ananela ntho eo Jehova le Jesu ba re etseditseng yona? Bala 2 Bakorinthe 5:15 le 1 Johanne 4:11; 5:3. Ka mora ho bala lengolo ka leng, buisanang ka potso ena:
Ho ya ka lengolo lee, re ka etsang ho bontsha kananelo?
-
-
Re ka Bontsha Jehova Jwang Hore re a mo Rata?O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KGAOLO YA 34
Re ka Bontsha Jehova Jwang Hore re a mo Rata?
Na o ikutlwa o le haufi le Modimo ho feta ha o ne o qala ho ithuta Bibele? Na o ka rata hore setswalle sa hao le yena se nne se tiye le ho feta? Haeba ho jwalo, hopola hore ha Jehova a bona o ntse o mo rata le ho feta, o tla o rata a be a o hlokomele le ho feta. O ka mo bontsha jwang hore o a mo rata?
1. Re ka bontsha Jehova jwang hore re a mo rata?
Re ka bontsha hore re rata Jehova ka ho mo mamela. (Bala 1 Johanne 5:3.) Ha a qobelle mang kapa mang hore a mo mamele. Ho fapana le hoo, o fa e mong le e mong wa rona monyetla wa hore a ikgethele hore na o tla mo mamela kapa tjhe. Hobaneng? Hobane Jehova o batla hore re mo mamele “ho tloha pelong.” (Baroma 6:17) Sena se bolela hore o batla hore o mo mamele hobane o mo rata, eseng hobane o tlamehile. Karolo ya 3 le ya 4 tsa buka ena di etseditswe ho o thusa ho bona hore o ka bontsha jwang hore o rata Jehova ka ho etsa dintho tse mo thabisang le ho qoba ho etsa dintho tse ka mo kwatisang.
2. Ke hobaneng ha ho ka nna ha ba thata ho bontsha hore re rata Jehova?
“Ditlokotsi tsa ya lokileng di ngata.” (Pesaleme ya 34:19) Kaofela ha rona ha re a phethahala hape re ka nna ra ba le mathata a ditjhelete, ra tshwarwa hampe kapa ra ba le mathata a mang. Ha re na le mathata, re ka nna ra utlwa ho le thata ho etsa seo Jehova a se batlang. Lebaka ke hore ho ka nna ha ba bonolo ho etsa se fosahetseng ho e na le ho kgahlisa Jehova. Haeba o tshepahalla Jehova ka ho etsa dintho tseo a reng o di etse, o tla be o bontsha hore o mo rata ho feta ntho le ha e le efe hape o tla be o bontsha hore o a mo tshepahalla. Ka hoo, le yena o tla o tshepahalla. A ke ke a o lahla le ka mohla.—Bala Pesaleme ya 4:3.
ITHUTE DINTLHA TSE DING
Ithute hore na ke hobaneng ha Jehova a tsotella hore na o a mo mamela kapa tjhe le hore na o ka thuswa keng hore o dule o mo tshepahalla.
3. Qoso e o amang
Ho ya ka buka ya Jobo, Satane o qositse Jobo hammoho le bohle ba batlang ho sebeletsa Jehova. Bala Jobo 1:1, 6–2:10 ebe le buisana ka dipotso tse tsena:
Ho ya ka Satane, ke hobaneng ha Jobo a ne a mamela Jehova? (Sheba Jobo 1:9-11.)
Satane o qositse batho bohle ka eng? (Sheba Jobo 2:4.)
Bala Jobo 27:5b ebe le buisana ka potso ena:
Jobo o ile a bontsha jwang hore o rata Jehova e le ka nnete?
Jobo o ile a bontsha hore o rata Jehova ka ho dula a mo tshepahalla
Re ka bontsha hore re rata Jehova ka ho dula re mo tshepahalla
4. Thabisa pelo ya Jehova
Bala Liproverbia 27:11 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Jehova o ikutlwa jwang ha o le bohlale ebile o mo mamela? Ke hobaneng ha a ikutlwa jwalo?
5. O ka kgona ho tshepahalla Jehova
Tsela eo re ratang Jehova ka yona e re susumelletsa hore re bolelle batho ba bang ka yena. Ka ha re a mo tshepahalla, re etsa jwalo le ha ho le thata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang:
Na o ye o utlwe ho le thata ho bolella batho ba bang ka Jehova?
Videong ee, ke eng e thusitseng ntate Grayson hore a be sebete?
Ho bonolo ho tshepahalla Jehova ha re rata dintho tseo a di ratang re bile re hloile tseo a di hloileng. Bala Pesaleme ya 97:10 ebe le buisana ka dipotso tse tsena:
Ho latela seo o ithutileng sona, Jehova o ratang? Tse ding tsa dintho tseo a di hloileng ke dife?
O ka etsang hore o rate se setle, o hloye se sebe?
6. Ho mamela Jehova ho re tswela molemo
Ho mamela Jehova ho molemo ka mehla. Bala Esaia 48:17, 18 ebe le buisana ka dipotso tse tsena:
Na o nahana hore Jehova o dula a tseba dintho tse ka re tswelang molemo? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?
O fumane melemo efe ka ho ithuta ka Modimo wa nnete Jehova le ka ho ithuta Bibele?
BATHO BA BANG BA RE: “Modimo ha a tsotelle hore na ke etsang.”
O ka sebedisa lengolo lefe ho bontsha hore dintho tseo re di etsang di ama maikutlo a Jehova?
KAKARETSO
Re ka bontsha hore re rata Jehova ka ho mo mamela le ho mo tshepahalla le ha ho le thata.
Re Ithutileng?
O ithutileng mohlaleng wa Jobo?
O tlo bontsha jwang hore o rata Jehova?
O tla thuswa keng hore o dule o tshepahalla Jehova?
BATLA
Bona hore na o ka etsang hore o tshepahalle Jehova le phutheho ya hae.
Ithute haholwanyane ka seo Satane a qosang batho ka sona.
“Jobo o Dula a Tshepahala” (Bibele—E na le Molaetsa Ofe? Karolo ya 6)
Bona ka moo bana le bona ba ka bontshang hore ba rata Jehova.
Batjha ba ka dula ba tshepahalla Jehova jwang le ha dithaka tsa bona di ba hatella?
-