Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb17 March leq. 6
  • Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova
  • Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Rapelang Jehova le le Lelapa
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
mwb17 March leq. 6

PHELA JWALOKA MOKRESTE

Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova

Jeremia o ile a fuwa taelo ya hore a lemose Bajuda ka kahlolo e neng e tlo ba wela hobane ba ne ba lebetse Modimo wa bona, e leng Jehova. (Jer 13:25) Ho tlile jwang hore setjhaba see se be boemong bo? Malapa a Baiseraele a ile a lahla kamano eo a neng a ena le yona le Jehova. Ho totobetse hore dihlooho tsa malapa di ne di sa latele tataiso ya Jehova e ho Deuteronoma 6:5-7.

Motswadi ya hodisang bana a le mong o thabela borapedi ba lelapa; lelapa le sebedisa mmapa wa Bibele nakong ya borapedi ba lelapa

Ha malapa a le matla tumelong, a bopa diphutheho tse matla. Dihlooho tsa malapa di ka thusa malapa a tsona hore a hopole Jehova ka ho ba le Borapedi ba Lelapa bo hlasimollang ba kamehla. (Pes 22:27) Kamora hore le shebelle video e nang le sehlooho se reng: “Mantsoe Ana . . . a be Pelong ea Hao”—Lipuisano Tsa Lelapa, arabang dipotso tsena:

  • Malapa a mang a ile a sebetsana jwang le diteko tseo hangata di bang teng mabapi le borapedi ba lelapa?

  • Ho ba le Borapedi ba Lelapa bo hlasimollang ba kamehla ho na le melemo efe?

  • Ha ho tluwa tabeng ya borapedi ba lelapa, ke ditshitiso dife tseo ke bang le tsona, mme nka sebetsana le tsona jwang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela