Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
3-9 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EZEKIELE 11-14
“U ikutloa joang ka lintho tse sa khahliseng Jehova?”
(Ezekiele 11:17, 18) “Ka hona e-re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ke tla boela ke le phuthe lichabeng le ho le bokella linaheng tseo le neng le hasantsoe ho tsona, ’me ke tla le neha naha ea Iseraele. 18 Ka sebele ba tla tla moo ’me ba tlose lintho tsohle tse nyonyehang tsa eona le lintho tsohle tsa eona tse manyala ho eona.
w07 7/1 11 ¶4
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
Ka 612 B.C.E., Ezekiele o isoa Jerusalema ka pono. O bona lintho tse manyala hakaakang li etsahala ka tempeleng ea Molimo! Ha Jehova a romella makhotla a hae a leholimo a phethahatsang kahlolo (a emetsoeng ke “banna ba tšeletseng”) ho bontša khalefo ea hae ho bakoenehi, ke feela batho ba ‘tšoailoeng liphatleng’ ba tla pholoha. (Ezekiele 9:2-6) Leha ho le joalo, “mashala a mollo”—e leng melaetsa ea Molimo ea timetso e tšoanang le mollo—a tlameha ho hasanngoa motseng pele. (Ezekiele 10:2) Le hoja ‘Jehova a tla tlisa tsela ea ba khopo holim’a lihlooho tsa bona,’ o tšepisa Baiseraele ba qhalakaneng hore o tla ba bokella.—Ezekiele 11:17-21.
(Ezekiele 11:19) Ke tla ba fa pelo e le ’ngoe, ’me ke tla kenya moea o mocha ka hare ho bona; ka sebele ke tla tlosa pelo ea lejoe nameng ea bona ’me ke ba fe pelo ea nama,
w16.05 17 ¶9
U Etsa Liqeto Joang?
9 Joaloka Jesu, le rōna re ka etsa liqeto tse nepahetseng haeba re itšetleha ka Jehova. Bibele e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao. U se ke ua ipona bohlale. Tšaba Jehova ’me u furalle bobe.” (Liproverbia 3:5-7) Ha re bala Bibele ’me re ithuta ho nahana joaloka Jehova, re tla utloisisa seo a batlang hore re se etse maemong ’ohle. Hape, ha re ntse re tsoela pele ho ithuta ho nahana joaloka eena, ho tla ba bonolo ho etsa liqeto tse tla mo thabisa. Ka tsela eo, re tla ela hloko tataiso ea Molimo haholoanyane.—Ezekiele 11:19
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Ezekiele 12:26-28) Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: “Mor’a motho, bona! ba ntlo ea Iseraele ba re, ‘Pono eo a e bonang e hōle ka matsatsi a mangata, ’me o profeta mabapi le linako tse hōle.’ Ka hona e-re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “‘Mantsoe leha e le afe a ka a ke ke a hlola a chechisetsoa morao. Lentsoe leo ke tla le bua, le tla phethoa,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”’”
w07 7/1 13 ¶8
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
12:26-28. Esita le ho ba neng ba soma molaetsa oa hae, Ezekiele o ne a lokela ho re: “Mantsoe leha e le afe a [Jehova] a ke ke a hlola a chechisetsoa morao.” Re tlameha ho etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa ba bang hore ba tšepe Jehova pele a timetsa tsamaiso ena ea lintho.
(Ezekiele 14:13, 14) “Mor’a motho, mabapi le naha, haeba e ka ntšiteloa ka ho etsa ka ho se tšepahale, ke tla boela ke otlolle letsoho khahlanong le eona ke e robele melamu eo mahobe a lesoba hare a fanyehiloeng ho eona, ’me ke tla romela tlala holim’a eona ke felise motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang ho eona.” 14 “‘Hoja banna bana ba bararo ba ne ba ka ba har’a eona, Noe, Daniele le Jobo, ka lebaka la ho loka ha bona ba ne ba tla lopolla meea ea bona,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
w16.05 30 ¶13
Rua Molemo ka Botlalo Linthong Tseo Jehova a re Fang Tsona
13 Ka mohlala, Ezekiele 14:13, 14 e re: “Mor’a motho, mabapi le naha, haeba e ka ntšiteloa ka ho etsa ka ho se tšepahale, ke tla boela ke otlolle letsoho khahlanong le eona ke e robele melamu eo mahobe a lesoba hare a fanyehiloeng ho eona, ’me ke tla romela tlala holim’a eona ke felise motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang ho eona. ‘Hoja banna bana ba bararo ba ne ba ka ba har’a eona, Noe, Daniele le Jobo, ka lebaka la ho loka ha bona ba ne ba tla lopolla meea ea bona,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.” Ha re etsa lipatlisiso, rea ithuta hore Ezekiele o ile a ngola mantsoe ana lilemong tse ka bang 612 pele ho Kreste. Noe le Jobo ba ne ba se ba e-na le lilemo tse makholo ba hlokahetse, empa Jehova o ne a ntse a hopola botšepehi ba bona. Leha ho le joalo, Daniele o ne a ntse a phela. Ho ka etsahala hore o ne a le lilemo li 20, ha Jehova a re o lokile joaloka Noe le Jobo. Re ithuta’ng ho see? Jehova o bona bahlanka bohle ba hae, ebile o ba nka e le ba bohlokoa, ho akarelletsa le bacha.—Pesaleme ea 148:12-14.
w07 7/1 13 ¶8
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
14:12-23. Ke boikarabelo ba rōna hore re bone hore rea pholoha. Ha ho na motho e mong ea ka re etsetsang hona.—Baroma 14:12.
’Malo oa Bibele
(Ezekiele 12:1-10) Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, u lutse ka har’a ntlo e tletseng borabele, e nang le mahlo a ho bona empa a sa bone, e nang le litsebe tsa ho utloa empa li sa utloe, etsoe ke ntlo e tletseng borabele.3 Ha e le uena, mor’a motho, iketsetse thōtō ea kholeho ’me u ee kholehong motšehare ka pel’a mahlo a bona, u ee kholehong ho tloha sebakeng sa hao ho ea sebakeng se seng ka pel’a mahlo a bona. Mohlomong ba tla bona, le hoja e le ntlo e tletseng borabele. 4 U ntšetse thōtō ea hao ka ntle joalokaha ho ntšoa thōtō ea kholeho motšehare ka pel’a mahlo a bona, ’me uena u tla tloha ka shoalane ka pel’a mahlo a bona joaloka ba tlisoang bakeng sa kholeho. 5 “U phunye lebota ka pel’a mahlo a bona, ’me u e ntše ka lona. 6 U tla e jara lehetleng ka pel’a mahlo a bona. U tla e ntša lefifing. U tla ikoahela sefahleho e le hore u se ke ua bona lefatše, kahobane ke u entse limakatso ho ba ntlo ea Iseraele.” 7 Ka etsa feela ka tsela eo ke neng ke laetsoe ka eona. Ka ntša thōtō ea ka, feela joaloka thōtō ea kholeho, motšehare; ’me mantsiboea ka phunya lebota ka letsoho. Ka e ntša lefifing. Ka e jara lehetleng, ka pel’a mahlo a bona. 8 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na hoseng, la re: 9 “Mor’a motho, na ba ntlo ea Iseraele, ntlo e tletseng borabele, ha baa ka ba re ho uena, ‘U etsa’ng?’ 10 E-re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Mabapi le morenana, ho na le phatlalatso ena khahlanong le Jerusalema le bohle ba ntlo ea Iseraele ba leng ka har’a bona.”’
10-16 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EZEKIELE 15-17
“Phethahatsa Litšepiso Tsa Hao”
(Ezekiele 17:1-4) “Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, etsa selotho ’me u qape polelo ea maele e eang ho ntlo ea Iseraele. 3 U tla re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ntsu e khōlō, e nang le mapheo a maholo, le masiba a malelele, e tletseng litšiba, e nang le mebala e sa tšoaneng, e fihlile Lebanone ’me ea nka ntlha e ka holimo-limo ea sefate sa kedare. 4 Ea kha ntlha ea letlōbō le lenyenyane la sona ea le tlisa naheng ea Kanana; ea le beha motseng oa bahoebi.”
w07 7/1 12 ¶6
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
17:1-24—Lintsu tse khōlō tse peli ke bo-mang, letlobo le lenyenyane la kedare le khuoa joang ’me “le bonolo” le isoang sebakeng se seng ke Jehova lona ke mang? Lintsu tse peli li emela babusi ba Babylona le ba Egepeta. Ntsu ea pele e hloella ntlheng ea sefate sa kedare, e leng ’musi oa ’muso oa leloko la borena la Davida. Ntsu ena e kha ntlha ea letlobo le lenyenyane ka hore e tlose Morena Jojakine oa Juda litulong ebe e beha Tsedekia. Ho sa tsotellehe kano eo a e nkileng ea hore o tla tšepahala, Tsedekia o kōpa thuso ho ntsu e ’ngoe, morena oa Egepeta, empa sena ha se mo thuse ka letho. O tla isoa botlamuoeng ’me a shoelle Babylona. Jehova o boetse o kha “le bonolo,” e leng Morena oa Bomesia. Enoa o isoa “holim’a thaba e phahameng le e telele,” holim’a Thaba ea Sione ea leholimo, moo e tla ba “kedare e khōlō,” e tla fana ka litlhohonolofatso tsa sebele lefatšeng.—Tšenolo 14:1.
(Ezekiele 17:7) “‘“Ha e-ba le ntsu e ’ngoe e khōlō, e nang le mapheo a maholo, e e-na le masiba a maholo, ’me, bonang! sefate sena sa morara sa otlollela metso ea sona ho eona ka ho lapa. Sa otlollela makhasi ho eona e le hore e se nosetse, hōle le lirapa tseo se neng se lenngoe ho tsona.
(Ezekiele 17:15) Empa qetellong ea mo fetohela ka ho romela manģosa a eona Egepeta, hore e e fe lipere le sechaba se sengata. Na o tla atleha? Na ea etsang lintho tsee, le ea tlōtseng selekane o tla phonyoha? Na o tla phonyoha?’
w07 7/1 12 ¶6
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
17:1-24—Lintsu tse khōlō tse peli ke bo-mang, letlobo le lenyenyane la kedare le khuoa joang ’me “le bonolo” le isoang sebakeng se seng ke Jehova lona ke mang? Lintsu tse peli li emela babusi ba Babylona le ba Egepeta. Ntsu ea pele e hloella ntlheng ea sefate sa kedare, e leng ’musi oa ’muso oa leloko la borena la Davida. Ntsu ena e kha ntlha ea letlobo le lenyenyane ka hore e tlose Morena Jojakine oa Juda litulong ebe e beha Tsedekia. Ho sa tsotellehe kano eo a e nkileng ea hore o tla tšepahala, Tsedekia o kōpa thuso ho ntsu e ’ngoe, morena oa Egepeta, empa sena ha se mo thuse ka letho. O tla isoa botlamuoeng ’me a shoelle Babylona. Jehova o boetse o kha “le bonolo,” e leng Morena oa Bomesia. Enoa o isoa “holim’a thaba e phahameng le e telele,” holim’a Thaba ea Sione ea leholimo, moo e tla ba “kedare e khōlō,” e tla fana ka litlhohonolofatso tsa sebele lefatšeng.—Tšenolo 14:1.
(Ezekiele 17:18, 19) O nyelisitse kano ka ho tlōla selekane, ’me, bona! o nehelane ka letsoho la hae ’me o entse lintho tsena kaofela. A ke ke a phonyoha.”’ 19 “‘Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ka ’na ea phelang, ka sebele kano ea ka eo a e nyelisitseng le selekane sa ka seo a se tlōtseng—ke tla li tlisa holim’a hlooho ea hae.
w12 10/15 30 ¶11
E ea Lōna e Mpe e Bolele E
Ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa hore mehlala ee e ka holimo e tlalehoe ka Lentsoeng la hae? Hape, taba ea hore E ea rōna e bolele E, ke ea bohlokoa hakae? Bibele e re lemosa ka ho hlaka hore motho ea “se nang ’nete litumellanong” o har’a ba ‘tšoaneloang ke lefu.’ (Bar. 1:31, 32) Faro oa Egepeta, Morena oa Juda e leng Tsedekia le Ananiase le Safira, ba har’a batho ba behileng mohlala o mobe bao ho builoeng ka bona ka Bibeleng bao E ea bona e sa kang ea bolela E. Kaofela ha bona lintho ha lia ka tsa ba tsamaela hantle ’me ke mehlala e re lemosang.—Ex. 9:27, 28, 34, 35; Ezek. 17:13-15, 19, 20; Lik. 5:1-10.
w88 9/15 17 ¶8
Jehova O Ntša Sabole ea Hae Selateng!
8 Ka mor’a moo, babusi ba Babylona le Egepeta ba ile ba tšoantšoa le lintsu tse khōlō. E ’ngoe e ile ea roba ntlha ea sefate sa kebare ka ho tlosa Morena Jojakine le ho bea Tsedekia tulong tsa hae. Le hoja Tsedekia a ile a ikanela ho tšepahala ho Nebukadnezare, o ile a roba kano eo, a batla thuso ea sesole ea ’musi oa Egepeta, ntsu e ’ngoe e khōlō. Haeba Tsedekia a ne a ile a kenya lebitso la Molimo kanong ea hae, ho e roba ho ile ha tlisetsa Jehova thohako. Khopolo ea ho tlisetsa Molimo thohako ka boeona feela e lokela ho etsa hore le ka mohla re se ipake re sa tšepahale ho seo re se boletseng. Ka sebele re neiloe tlotla e kaakang ea ho jara lebitso la Molimo re le Lipaki tsa Jehova!—Ezekiele 17:1-21.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Ezekiele 16:60) ’Me ’na, ke tla hopola selekane sa ka le uena matsatsing a bocha ba hao, ’me ke tla u tiisetsa selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.
w88 9/15 17 ¶7
Jehova O Ntša Sabole ea Hae Selateng!
7 Ka baka la baahi ba eona ba sa tšepahaleng, Juda e ile ea tšoantšoa le morara o hlaha o se nang litholoana tse monate le o neng o loketsoe feela ke mollo. (Ezekiele 15:1-8) E ile ea boela ea tšoantšoa le lesea le se nang ba habo lona le pholositsoeng ke Molimo Egepeta ’me la hlokomeloa ho fihlela e e-ba mosali. Jehova o ile a mo nka ho mo etsa mosali oa hae, empa o ile a retelehela ho melimo ea bohata ’me o ne a tla timetsoa ka baka la bofebe ba hae ba moea. Empa, ka ba tšepahalang Molimo o ne o tla ‘etsa selekane se sa feleng’—selekane se secha le Iseraele oa moea.—Ezekiele 16:1-63; Jeremia 31:31-34; Ba-Galata 6:16.
(Ezekiel 17:22, 23) “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ke tla boela ke nke e ’ngoe ea ntlha e ka holimo-limo ea sefate se phahameng sa kedare ke e behe; ntlheng ea makala a sona ke tla kha le bonolo ’me ke le tlose ke le ise holim’a thaba e phahameng le e telele. Ke tla le tlosa ke le ise thabeng e phahameng ea Iseraele, ’me ka sebele le tla beha makala le hlahise litholoana ’me le fetohe kedare e khōlō. Ka sebele linonyana tsa mapheo a mefuta eohle li tla lula ka tlas’a eona; li tla lula moriting oa makhasi a eona.
w07 7/1 12 ¶6
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
17:1-24—Lintsu tse khōlō tse peli ke bo-mang, letlobo le lenyenyane la kedare le khuoa joang ’me “le bonolo” le isoang sebakeng se seng ke Jehova lona ke mang? Lintsu tse peli li emela babusi ba Babylona le ba Egepeta. Ntsu ea pele e hloella ntlheng ea sefate sa kedare, e leng ’musi oa ’muso oa leloko la borena la Davida. Ntsu ena e kha ntlha ea letlobo le lenyenyane ka hore e tlose Morena Jojakine oa Juda litulong ebe e beha Tsedekia. Ho sa tsotellehe kano eo a e nkileng ea hore o tla tšepahala, Tsedekia o kōpa thuso ho ntsu e ’ngoe, morena oa Egepeta, empa sena ha se mo thuse ka letho. O tla isoa botlamuoeng ’me a shoelle Babylona. Jehova o boetse o kha “le bonolo,” e leng Morena oa Bomesia. Enoa o isoa “holim’a thaba e phahameng le e telele,” holim’a Thaba ea Sione ea leholimo, moo e tla ba “kedare e khōlō,” e tla fana ka litlhohonolofatso tsa sebele lefatšeng.—Tšenolo 14:1.
’Malo oa Bibele
(Ezekiele 16:28-42) “‘Ua tsoela pele ho etsa botekatse le bara ba Assyria hobane u ne u sa khotsofala, ua ’na ua etsa botekatse le bona ’me ua boela ua se ke ua khotsofala. 29 Kahoo ua ’na ua atisa botekatse ba hao naheng ea Kanana, ho Bakalde; esita le ho sena ha ua ka ua khotsofala. 30 Ke u halefetse hakaakang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ka ho etsa ha hao lintho tsena tsohle, mosebetsi oa mosali, letekatse le hatellang! 31 Ha u hahile tutulu ea hao qalong ea tsela e ’ngoe le e ’ngoe ’me u iketselitse sebaka se phahameng lepatlelong le leng le le leng, empa leha ho le joalo ha ua ka ua ba joaloka letekatse ka ho nyelisa moputso. 32 Tabeng ea mosali ea febang, o nka basele ho e-na le monna oa hae. 33 Ba tloaetse ho fana ka mpho ho matekatse ’ohle, empa uena—uena u fane ka limpho tsa hao ho bohle ba u ratang ka takatso e matla, u ba fa tjotjo hore ba tle ho uena liketsong tsa hao tsa botekatse ba tsoa hohle. 34 Tabeng ea hao ho etsahala ntho e fapaneng le ea basali ba bang liketsong tsa hao tsa botekatse, ’me ha ho botekatse bo entsoeng ka ho latela mokhoa oa hao, esita le ho faneng ha hao ka tefo le hoja u sa fuoa tefo, kahoo ho etsahala ka tsela e fapaneng.’ 35 “Ka hona, Uena letekatse, utloa lentsoe la Jehova.36 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore takatso ea hao e feteletseng e tšolotsoe ’me litho tsa hao tse sephiring li apotsoe liketsong tsa hao tsa botekatse ho ba u ratang ka takatso e matla le litšoantšong tsohle tsa hao tse rapeloang tse manyala, esita le ka mali a bara ba hao bao u nehelaneng ka bona ho tsona, 37 ka hona ke bokella bohle ba u ratang ka takatso e matla bao u ba khahlisitseng le bohle bao u ba ratileng hammoho le bohle bao u ba hloileng, ke tla ba bokella khahlanong le uena hohle ke ba senolele litho tsa hao tse sephiring, ’me ba tla bona litho tsohle tsa hao tse sephiring. 38 “‘Ke tla u ahlola ka likahlolo tsa basali ba bafebi le tsa basali ba tšollang mali, ’me ke tla u fa mali a khalefo le poulelo. 39 Ke tla nehelana ka uena matsohong a bona, ’me ka sebele ba tla qhaqha tutulu ea hao ’me ka sebele libaka tsa hao tse phahameng li tla heletsoa, ba tla u hlobolisa liaparo ba nke lintho tsa hao tse ntle ’me ba u siee u hlobotse u le feela. 40 Ba tla tlisa phutheho khahlanong le uena ba u tlepetse ka majoe ’me ba u bolaee ka lisabole tsa bona. 41 Ba tla chesa matlo a hao ka mollo ba phethise liketso tsa kahlolo ho uena ka pel’a mahlo a basali ba bangata; ke tla etsa hore u khaotse ho ba letekatse, ’me ha u sa tla hlola u fana ka tefo. 42 Ke tla kokobetsa khalefo ea ka ho uena, poulelo ea ka e tlohe ho uena; ke tla khutsa ’me ha ke sa tla hlola ke khopeha.’
17-23 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EZEKIELE 18-20
“Jehova o Tšoarela ka ho Feletseng”
(Ezekiele 18:19, 20) “‘Ka sebele le tla re: “Ke hobane’ng ha mora a sa lokela ho jara letho ka lebaka la phoso ea ntat’ae?” Joale ha e le mora, o phethisitse toka le ho loka, o bolokile litaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsoeng ’me o ntse a li phetha. Ka sebele o tla tsoela pele a phela.20 Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa. Mora a ke ke a jara letho ka lebaka la phoso ea ntat’ae, ’me ntate a ke ke a jara letho ka lebaka la phoso ea mora. Ho loka ha ea lokileng ho tla ba holim’a hae, ’me bokhopo ba ea khopo bo tla ba holim’a hae.
w12 7/1 18 ¶2
Ha Molimo a Tšoarela, na oa Lebala?
A sebelisa moprofeta Ezekiele joaloka ’muelli, Jehova o ile a phatlalatsa kahlolo khahlanong le baahi ba Juda le ba Jerusalema ba sa kang ba tšepahala. Sechaba ka kakaretso se ne se lahlile borapeli ba Jehova ’me naha eohle e ne e tletse pefo. Jehova o ile a bolela esale pele hore Bababylona ba tla timetsa Jerusalema. Empa le ha a ntse a bolela molaetsa oo oa kahlolo, Jehova o ile a fana tšepo. Motho e mong le e mong o ne a e-na le khetho; e mong le e mong o ne a tla ikarabella ka seo a se etsang.—Temana ea 19, 20.
(Ezekiele 18:21, 22) “‘Joale mabapi le ea khopo, haeba a ka furalla libe tsohle tsa hae tseo a li entseng ’me a boloka litaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsoeng ’me a phethisa toka le ho loka, ka sebele o tla tsoela pele a phela. A ke ke a shoa.22 Litlōlo tsohle tsa hae tseo a li entseng—li ke ke tsa hopoloa khahlanong le eena. O tla tsoela pele a phela ka lebaka la ho loka hoo a ho entseng.’
w12 7/1 18 ¶3-7
Ha Molimo a Tšoarela, na oa Lebala?
Ho thoe’ng haeba ba bang ba ne ba ka fetoha, ba tlohela ho etsa bobe? Jehova o ile a re: “Mabapi le ea khopo, haeba a ka furalla libe tsohle tsa hae tseo a li entseng ’me a boloka litaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsoeng ’me a phethisa toka le ho loka, ka sebele o tla tsoela pele a phela. A ke ke a shoa.” (Temana ea 21) Ka sebele Jehova o ne a “itokiselitse ho tšoarela” moetsalibe ea furallang liketso tsa hae tse mpe ebile a bontša hore o bakile e le kannete.—Pesaleme ea 86:5.
Joale Jehova o re’ng ka libe tseo moetsalibe a li entseng? O re: “Litlōlo tsohle tsa hae tseo a li entseng—li ke ke tsa hopoloa khahlanong le eena.” (Temana ea 22) Hlokomela hore libe tsa motho ea bakileng “li ke ke tsa hopoloa khahlanong le eena.” Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?
Ka Bibeleng lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “hopola” ha le bolele feela ho hopola lintho tse fetileng. Mabapi le lentsoe lena buka e ’ngoe e re: “Ha e le hantle, hangata [le] bolela ho etsa se itseng kapa moo le sebelisitsoeng le tsamaea le maetsi.” Ka hona “ho hopola” ho ka bolela ho “nka khato.” Kahoo ha Jehova a bolella moetsalibe ea bakileng hore libe tsa hae “li ke ke tsa hopoloa khahlanong le eena,” O bolela hore A ke ke a nka khato khahlanong le motho eo ka lebaka la libe tseo a li entseng, mohlomong ka ho mo qosa kapa ho mo fa kotlo.
Lipelo tsa rōna lia ameha ha re bala Ezekiele 18:21, 22 ’me re bona kamoo Molimo a tšoarelang batho ka ho feletseng kateng. Ha Jehova a re tšoarela ha ho mohla a tla re hopotsa libe tseo re ileng ra li etsa. Ho e-na le hoo, o lahlela libe tsa ba bakileng ka mor’a hae. (Esaia 38:17) Ho joalokaha eka o hlakola tlaleho ea libe tseo.—Liketso 3:19.
Kaha ha rea phethahala, re hloka mohau oa Molimo. Etsoe re etsa libe hangata. (Baroma 3:23) Empa Jehova o batla hore re tsebe hore haeba re baka e le kannete, o ikemiselitse ho re tšoarela. Ha a tšoarela, oa re leballa—e leng se bolelang hore ha ho mohla a tla nka khato khahlanong le rōna ka ho re qosa kapa ho re otla. Seo se tšelisa hakaakang! Na mohau oa Molimo o u susumelletsa hore u atamele haufi le eena?
(Ezekiele 18:23) “‘Na ka tsela leha e le efe ke khahloa ke lefu la ea khopo,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ho feta ha a furalla litsela tsa hae ’me a tsoela pele ho phela?’
(Ezekiele 18:32) “‘Etsoe ho hang ha ke khahloe ke lefu la ea shoang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova. ‘Kahoo khutlang ’me le tsoele pele le phela.’”
w08 4/1 8 ¶4
Armagedone—Ntoa ea Molimo e Tla Felisa Lintoa Tsohle
Kaha Molimo ke eena Moahloli, re ka kholiseha hore maemong ’ohle o tla ahlola batho ba khopo ka ho loka. Abrahama o ile a botsa potso ena: “Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?” Abrahama o ile a lemoha hore Jehova o etsa se nepahetseng ka linako tsohle! (Genese 18:25) Ho feta moo, Bibele e re tiisetsa hore Jehova ha a thabele ho timetsa batho ba khopo; o ba timetsa hobane a se na boikhethelo.—Ezekiele 18:32; 2 Petrose 3:9.
w06 12/1 27 ¶11
Se Boleloang ke ho Rata Baahelani ba Rōna
11 Tsela e molemo haholo ea ho rata ba sa sebeletseng Molimo, ke hore re etsise Jehova ka boeena. Le hoja a hloile bokhopo, o bontša mosa o lerato ho bohle ka ho ba bulela monyetla oa hore ba sokolohe litseleng tsa bona tse mpe ’me ba fumane bophelo bo sa feleng. (Ezekiele 18:23) Jehova “o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Thato ea hae ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a laela balateli ba hae hore ba bolele, ba rute ba be ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19, 20) Ha re kopanela mosebetsing ona, re bontša hore re rata Molimo le baahelani, ’me ntle ho pelaelo le tsona lira tsa rōna!
(Ezekiele 18:29) “‘Ka sebele ba ntlo ea Iseraele ba tla re: “Tsela ea Jehova ha ea loka.” Ha e le litsela tsa ka, na ha lia loka, Lōna ba ntlo ea Iseraele? Na litsela tsa lōna hase tsona tse sa lokang?’
w13 8/15 11 ¶9
Le ka Mohla U se ke Ua “Halefela Jehova”
9 Ha re tsebe lintlha kaofela. Kaha Baiseraele ba mehleng ea Ezekiele ba ne ba sa tsebe lintlha kaofela, ba ne ba bona eka tsela ea Jehova “ha ea loka.” (Ezek. 18:29) Ba ne ba etsa lintho joalokaha eka ba na le tokelo ea ho ahlola Molimo hore na o etsa lintho hantle kapa che, le hoja ba ne ba sa utloisise mabaka a hae kaofela. Haeba ka linako tse ling re sa utloisise tlaleho ea Bibele hantle kapa tsela eo lintho li etsahalang ka eona bophelong ba rōna, na mohlomong ka lipelong tsa rōna re ka bona eka tsela ea Jehova “ha ea loka”?—Jobo 35:2.
(Ezekiele 20:49) Ka re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Ba re mabapi le ’na, ‘Na ha a qape lipolelo tsa maele?’”
w07 7/1 14 ¶3
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
20:1, 49. Se etsoang ke banna ba hōlileng ba Iseraele se bontša hore ba ne ba e-na le khoao ka seo Ezekiele a neng a se buile. E se eka le ka mohla re ke ke ra ba le pelaelo ka litemoso tse tsoang ho Molimo.
’Malo oa Bibele
(Ezekiele 20:1-12) Joale eare ka selemo sa bosupa, ka khoeli ea bohlano, ka letsatsi la leshome la khoeli, banna ba tsoang ho ba hōlileng ba Iseraele ba tla hore ba tl’o botsa Jehova, ’me ba lula fatše ka pel’a ka. 2 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 3 “Mor’a motho, bua le banna ba hōlileng ba Iseraele, u re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Na le tlile ho tla mpotsa? ‘Ka ’na ea phelang, le ke ke la mpotsa,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”’ 4 “Na u tla ba ahlola? Na u tla ba ahlola, Uena mor’a motho? Ba tsebise lintho tse manyala tsa baholo-holo ba bona. 5 U tla re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Letsatsing la ha ke khetha Iseraele, ke ile ka boela ka phahamisa letsoho ka ho etsa kano ho peō ea ntlo ea Jakobo ’me ka itsebahatsa ho bona naheng ea Egepeta. E, ka phahamisa letsoho ka ho etsa kano ho bona, ka re, ‘Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’ 6 Letsatsing leo ka phahamisa letsoho ka ho etsa kano ho bona hore ke tla ba ntša naheng ea Egepeta ke ba ise naheng eo ke ileng ka e hloela bakeng sa bona, e phallang lebese le mahe a linotši. E ne e le mokhabiso oa linaha tsohle. 7 Ka tsoela pele ho re ho bona, ‘E mong le e mong oa lōna a lahle lintho tse nyonyehang tsa mahlo a hae, ’me le se ke la itšilafatsa ka litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa Egepeta. Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’ 8 “‘“Ba qala ho mphetohela, ’me ha baa ka ba lumela ho ’mamela. Ka bomong ha baa ka ba lahla lintho tse nyonyehang tsa mahlo a bona, ’me ha baa ka ba tlohela litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa Egepeta, hoo ke ileng ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim’a bona, e le hore ke phethe bohale ba ka holim’a bona har’a naha ea Egepeta. 9 Ka qala ho nka bohato ka lebaka la lebitso la ka e le hore le se ke la hlompholloa ka pel’a mahlo a lichaba tseo ba neng ba le har’a tsona, kahobane ke ne ke itsebahalitse ho bona ka pel’a mahlo a tsona ha ke ba ntša naheng ea Egepeta. 10 Kahoo ka ba ntša naheng ea Egepeta ’me ka ba tlisa lefeelleng. 11 “‘“Ka ba fa litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng; ka ba tsebisa liqeto tsa ka tsa boahloli, e le hore motho ea tsoelang pele ho li phetha a ka tsoela pele a phela ka tsona. 12 Ka boela ka ba fa lisabatha tsa ka, hore e be pontšo pakeng tsa ka le bona, e le hore ba tsebe hore ke ’na Jehova ea ba halaletsang.
24-30 JULY
EZEKIELE 21-23 | EZEKIELE 21-23
“Jesu o na le Tokelo ea Molao ea Borena”
(Ezekiele 21:25) “Ha e le uena, ea ntšitsoeng maqeba a bolaeang, morenana ea khopo oa Iseraele, eo letsatsi la hae le fihlileng ka nako ea phoso ea ho qetela.
w07 7/1 13 ¶11
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
Selemong sa bosupa ba le botlamuoeng, ka 611 B.C.E., ba hōlileng ba Iseraele ba tla ho Ezekiele hore “ba tl’o botsa Jehova.” Ba bolelloa ka histori ea nako e telele ea borabele ba Baiseraele ’me ba fuoa temoso ea hore ‘Jehova o tla ntša sabole ea hae’ khahlanong le bona. (Ezekiele 20:1; 21:3) Ha a bua le morena oa Iseraele (Tsedekia), Jehova o re: “Rōla tuku, u rōle moqhaka. Hona ho ke ke ha tšoana. Phahamisa se tlaase, se phahameng u se theolele tlaase. Ke tla o senya, ke o senye, ke o senye. Le oona, ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao [Jesu Kreste], ’me ke tla mo fa eona.”—Ezekiele 21:26, 27.
(Ezekiele 21:26) sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Rōla tuku, u rōle moqhaka. Hona ho ke ke ha tšoana. Phahamisa se tlaase, se phahameng u se theolele tlaase.
w11 8/15 9 ¶6
Ba ne ba Lebeletse Mesia
6 Mesia o ne a tla hlaha lelokong la Baiseraele la Juda. Ha mopatriareka Jakobo a ne a hlohonolofatsa bara ba hae a le liphateng tsa lefu, o ile a bolela sena esale pele: “Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda, leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla; ’me lichaba li tla mo mamela.” (Gen. 49:10) Litsebi tse ngata tsa Bajuda tsa nakong e fetileng li ile tsa amahanya mantsoe ao le Mesia. Ho qala ka puso ea Morena oa Juda, e leng Davida, lere la borena (bobusi) le lere la molaoli (matla a ho laela) li ne li le lelokong la Juda. “Shilo” e bolela “Eo e Leng ea Hae.” Leloko la borena la Juda le ne le tla qetella ka “Shilo” e le eena Mojalefa oa ka ho sa feleng oa borena, kaha Molimo o ile a bolella Tsedekia, e leng morena oa ho qetela oa Juda hore borena bo ne bo tla fuoa ea nang le tokelo ea molao ea ho bo fuoa. (Ezek. 21:26, 27) Ka mor’a Tsedekia, Jesu e ne e le eena feela setloholo sa Davida se neng se tšepisitsoe borena. Pele ho tsoalo ea Jesu, lengeloi Gabriele le ile la re ho Maria: “Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) E tlameha ebe Shilo ke Jesu Kreste, eo e neng e le setloholo sa Juda le sa Davida.—Mat. 1:1-3, 6; Luka 3:23, 31-34.
(Ezekiele 21:27) Ke tla o senya, ke o senye, ke o senye. Le oona, ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao, ’me ke tla mo fa eona.’
w14 10/15 10 ¶14
E-ba le Tumelo e sa Thekeseleng ’Musong
14 Nahana ka seo Jehova a ileng a se tšepisa Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo ha a etsa selekane sa Davida. (Bala 2 Samuele 7:12, 16.) Jehova o ile a etsa selekane sena le Davida ha e ntse e le morena Jerusalema, ’me a mo tšepisa hore Mesia o tla hlaha lesikeng la hae. (Luka 1:30-33) Jehova o ile a boela a totobatsa leloko leo peō e neng e tla hlaha ho lona le hore mojalefa oa Davida o ne a tla ba le “tokelo ea molao” ea ho busa ’Musong oa Bomesia. (Ezek. 21:25-27) Jesu o ne a tla tiisa borena ba Davida ka thata “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Ha e le hantle, peō ea Davida “e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang, le terone ea hae joaloka letsatsi.” (Pes. 89:34-37) Puso ea Bomesia e ke ke ea e-ba le bobolu, ’me litlhohonolofatso tsa eona e tla ba tsa ka ho sa feleng!
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Ezekiele 21:3) U tla re ho naha ea Iseraele, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke khahlanong le uena, ’me ke tla ntša sabole ea ka selateng sa eona ke felise ea lokileng le ea khopo ho uena.
w07 7/1 14 ¶1
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
21:3—“Sabole” eo Jehova a tla e ntša selateng sa eona ke eng? Morena Nebukadnezare oa Babylona le lebotho la hae ke bona “sabole” eo Jehova a e sebelisang ho phethahatsa kahlolo holim’a Jerusalema le Juda. E akarelletsa le karolo e leholimong ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o entsoeng ka libōpuoa tsa moea tse matla.
(Ezekiele 23:49) Ba tla tlisa boitšoaro ba lōna bo hlephileng holim’a lōna, ’me le tla jara libe tsa litšoantšo tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang; le tla lokela ho tseba hore ke ’na ’Musi Morena Jehova.’”
w07 7/1 14 ¶6
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
23:5-49. Ho etsa lilekane tsa lipolotiki ho ile ha etsa hore Iseraele le Juda li qetelle li oetse borapeling ba bohata ba lichaba tseo li neng li entse lilekane le tsona. A re itebeleng hore re se ke ra etsa setsoalle le batho ba lefatše ba ka senyang tumelo ea rōna.—Jakobo 4:4.
’Malo oa Bibele
(Ezekiele 21:1-13) Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao nģ’a Jerusalema u rothisetse mantsoe libakeng tse halalelang, ’me u profete khahlanong le naha ea Iseraele. 3 U tla re ho naha ea Iseraele, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke khahlanong le uena, ’me ke tla ntša sabole ea ka selateng sa eona ke felise ea lokileng le ea khopo ho uena. 4 E le hore ke felise ea lokileng le ea khopo ho uena, ka hona sabole ea ka e tla tsoa selateng sa eona khahlanong le nama eohle ho tloha boroa ho ea leboea. 5 Nama eohle e tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke ntšitse sabole ea ka selateng sa eona. Ha e sa tla hlola e khutlela teng.”’ 6 “Ha e le uena, mor’a motho, u feheloe ka letheka le thothomelang. U feheloe habohloko ka pel’a mahlo a bona. 7 Etlare ha ba re ho uena, ‘U feheloa ka lebaka lefe?’ u tla re, ‘Ka lebaka la tlaleho.’ Etsoe ka sebele e tla tla, ’me pelo e ’ngoe le e ’ngoe e tla nyahama le matsoho ’ohle a tepelle le moea o mong le o mong o nyahame ’me mangole ’ohle a tla rotha metsi. ‘Bona! Ka sebele e tla tla ’me e etsahale,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.” 8 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 9 “Mor’a motho, profeta, u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “E-re, ‘Sabole, sabole! E leolitsoe, ’me e bentšitsoe.10 E leolitsoe ka morero oa ho hlophisa polao; e bentšitsoe ka morero oa hore e phatsime.’”’” “Kapa na re tla thaba?” “‘Na e lahla lere la borena la mora oa ka, joalokaha e etsa ka sefate se seng le se seng?” 11 “‘Motho o nehelana ka eona hore e bentšoe, e le hore a e tšoare ka letsoho. Eona—sabole e leolitsoe, ’me eona—e bentšitsoe, e le hore ho nehelanoe ka eona letsohong la ’molai. 12 “‘Hoeletsa ’me u bokolle, Uena mor’a motho, etsoe e tlile khahlanong le sechaba sa ka; e khahlanong le marenana ’ohle a Iseraele. Ba lahletsoeng saboleng ba fetohile batho ba ka. Ka hona otla serope. 13 Etsoe tlhahlobo e entsoe, ’me ho thoe’ng ka eona haeba le lahla lere la borena? Le ke ke la tsoela pele le le teng,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
31 JULY–6 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Boprofeta Khahlanong le Tyre Bo Fana ka Kholiseho Lentsoeng la Jehova”
(Ezekiele 26:3, 4) ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke khahlanong le uena, Tyre, ’me ke tla tlisa lichaba tse ngata khahlanong le uena, feela joalokaha leoatle le nyolla maqhubu a lona. 4 Ka sebele li tla felisa marako a Tyre le ho qhaqha litora tsa eona, ’me ke tla fefa lerōle la eona ke e etse lefika le benyang, le se nang letho ka holimo.
si 133 ¶4
Buka ea Bibele ea 26—Ezekiele
4 Bopaki bo tsoelang pele ka bonnete ba eona bo fumanoa phethahatsong e matla ea boprofeta ba Ezekiele khahlanong le lichaba tsa boahisani, tse kang Tyre, Egepeta, le Edomo. Ka mohlala, Ezekiele o ile a profeta hore Tyre e tla senngoa, ’me karolo ea bona e ile ea phethahala ha Nebukadnezare a hapa motse ka mor’a ho o thibella ka lilemo tse 13. (Ezek. 26:2-21) Khohlano ena ha ea ka ea bolela ho felisoa ho felletseng ha Tyre. Leha ho le joalo, kahlolo ea Jehova e ne e le hore Tyre e lokela ho felisoa ka ho felletseng. Ka Ezekiele o ne a ile a profeta hore: “Ke tla fiela lerōle la hae, ke mo etse lefika le hlobotseng. . . . Ba lahlele majoe a hao le lifate tsa hao le lerōle la hao metsing.” (26:4, 12) Sena sohle se ile sa phethahatsoa lilemo tse ka holimo ho 250 hamorao ha Alexandere e Moholo a futuhela motse oa sehleke-hleke oa Tyre. Masole a Alexandere a ile a hohola masupi a setseng a motse o neng o le naheng e ommeng ’me a a lahlela leoatleng, ba etsa tselana e bolelele ba limithara tse 800 ho ea fihla motseng oa sehleke-hleke. Ka hona ka thibello ena e rarahaneng, ba heletsa marako a phahameng ka limithara tse 46 hore ba tsebe ho hapa motse ka 332 B.C.E. Batho ba likete-kete ba ile ba bolaoa, ’me ba bang ba bangata ba rekisoa e le makhoba. Joalokaha Ezekiele a profetile hape, Tyre e ile ea fetoha ‘lefika le hlobotseng le nqalo eo ho aloang matlooa ho eona.’ (26:14) Mose oane oa Naha e Tšepisitsoeng, Baedomo ba balotsana le bona ba ile ba timetsoa, ho phethahatsa boprofeta ba Ezekiele. (25:12, 13; 35:2-9) Hape, boprofeta ba Ezekiele bo mabapi le ho timetsoa ha Jerusalema le ho tsosolosoa ha Iseraele le bona bo ile ba ipaka bo nepile.—17:12-21; 36:7-14.
(Ezekiele 26:7-11) “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke etsa hore Nebukadrezare morena oa Babylona ea tsoang leboea, morena oa marena, a futuhele Tyre ka lipere le ka likoloi tsa ntoa le ka banna ba palameng lipere le ka phutheho, esita le ka sechaba se sengata haholo. 8 O tla bolaea ka sabole metse e itšetlehileng ka uena naheng, a etse lerako le thibellang khahlanong le uena ’me a qhobele ’mōtōmōtō o thibellang khahlanong le uena a hlahise thebe e khōlō khahlanong le uena; 9 o tla tobisa ho otla ha kofuto ea hae ea ho hlasela marakong a hao, ’me o tla heletsa litora tsa hao, ka lisabole tsa hae.10 Ka lebaka la mohlape o nyolohang oa lipere tsa eona lerōle la tsona le tla u koahela. Ka lebaka la molumo oa monna ea palameng pere le oa lebili le oa koloi ea ntoa marako a hao a tla reketla, ha a kena ka liheke tsa hao, joaloka tabeng ea ho kena motseng o butsoeng makhalo. 11 O tla hatakela literata tsohle tsa hao ka likhōla tsa lipere tsa hae. O tla bolaea sechaba sa hao ka sabole, ’me lifika tsa hao tsa matla li tla theohela fatše.
ce 216 ¶3
Na Bibele e Ngotsoe ke Molimo?
3 Tyre e ne e le koung ea likepe e tummeng haholo ea Foenisia. E ile ea sebetsa ka bolotsana le bahlanka ba Jehova e leng Baiseraele. Jehova o ile a sebelisa moprofeta Ezekiele ho bolela hore Tyre e tla timetsoa. O ile a etsa sena lilemo tse 250 pele motse ona o timetsoa. O ile a re: “Ke tla tlisa lichaba tse ngata khahlanong le uena . . . Ka sebele li tla felisa marako a Tyre le ho qhaqha litora tsa eona, ’me ke tla fefa lerōle la eona ke e etse lefika le benyang, le se nang letho ka holimo. E tla fetoha sebaka seo ho sona ho omisetsoang matlooa a huloang ka har’a leoatle.” Ezekiele o ile a ba a bolela hore na ke mang ea tla thibella Tyre pele a re: “Ke etsa hore Nebukadrezare morena oa Babylona ea tsoang leboea, morena oa marena, a futuhele Tyre.”—Ezekiele 26:3-5, 7.
(Ezekiele 26:4) Ka sebele li tla felisa marako a Tyre le ho qhaqha litora tsa eona, ’me ke tla fefa lerōle la eona ke e etse lefika le benyang, le se nang letho ka holimo.
(Ezekiele 26:12) Ka sebele ba tla hapa maruo a hao le ho tlatlapa thepa ea hao e rekisoang, ba qhaqhe marako a hao, ’me ba tla heletsa matlo a hao a lakatsehang. Majoe a hao le lintho tsa hao tse entsoeng ka lehong le lerōle la hao ba tla li beha ka har’a metsi.’
it-1 70
Alexandere
Alexandere ha aa ka a lelekisa Bapersia ka mor’a hore a hlole Asia Minor ka makhetlo a mabeli (lekhetlo la pele e ne e le Nokeng ea Granicus; ha lekhetlong la bobeli e ne e le Lehoatateng la Issus, moo a ileng a hlola lebotho la Bapersia ba ka bang 500 000), empa o ile a hlasela sehlekehleke sa Tyre. Lilemo tse makholo pele ho moo, ho ne ho ile ha boleloa hore marako, litora, matlo ’moho le lerole tsa Tyre li tla lahleloa ka leoatleng. (Ezek 26:4, 12) Ka lebaka lena, ke ho utloahalang ho lumela hore Alexandere o ile a nka thepa e ileng ea sala ka mor’a hore Nebukadnezare a felise Tyre eaba o etsa borokho ba limithara tse 800 bo eang sehlekehlekeng. Masole a hae a ile a lihela motse ona o neng o le leoatleng ka July 332 pele Jesu a tla lefatšeng.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Ezekiele 24:6) “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ho malimabe motse oa liketso tsa tšollo ea mali, pitsa e molomo o moholo, e mafome, le eo mafome a eona a sa tsoang ho eona! Ntša sekotoana ka seng sa oona; ho se ke ha e-ba le lotho e lahloang bakeng sa oona.
(Ezekiele 24:12) Likhathatso! E entse hore motho a khathale, empa boholo ba mafome a eona ha bo tlohe ho eona. E tla ea mollong le mafome a eona!’
w07 7/1 14 ¶2
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Ezekiele—I
24:6-14—Mafome a pitseng a emela’ng? Ha Jerusalema e thibelletsoe e tšoantšoa le pitsa e molomo o moholo. Mafome a eona a emela boitšoaro bo litšila bo motseng oo—ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng le tšollo ea mali tseo motse o ikarabellang ka tsona. Ho se hloeke ha eona ho hoholo hoo mafome a sa tloheng leha pitsa e sa tšelang letho e behoa holim’a mashala, ho etsa hore e chese haholo.
(Ezekiele 24:16, 17) “Mor’a motho, bona! ka kotlo ke u amoha ntho e lakatsehang mahlong a hao, u se ke ua ikotla sefuba, kapa ua lla kapa ua tsoa meokho. 17 U feheloe u khutsitse. U se ke ua siama ka lebaka la ba shoeleng. U itlame ka ntho ea hao e roaloang hloohong, u roale meqathatso. U se ke ua koahela litelu tse holim’a molomo, ’me u se ke ua ja bohobe ba batho.”
w88 9/15 21 ¶24
Jehova O Ntša Sabole ea Hae Selateng!
24 Ka mor’a moo, Ezekiele o ne a lokela ho itšoara ka tsela e sa tloaelehang. (Bala Ezekiele 24:15-18.) Ke hobane’ng ha moprofeta a ne a sa lokela ho bontša ho hlonama ha mosali oa hae a e-shoa? E ne e le ho bontša hore na Bajode ba ne ba tla makala hakaakang ha ho timetsoa Jerusalema, baahi ba eona, le tempele ea eona. Ezekiele o ne a se a buile ho hongata ho lekana ka litaba tse joalo ’me o ne a ke ke a bolela molaetsa oa Molimo hape ho fihlela Jerusalema e oa ’me a tlaleheloa hoo. Ka ho tšoanang, Bokreste-’mōtoana le balumeli ba bona ba baikaketsi ba tla makala ha ba timetsoa. Hape ka mor’a hore ‘mahlomola a maholo’ a qale, seo sehlopha se tlotsitsoeng sa seboholi se seng se se boletse ka bofelo ba bona se tla be se lekane. (Mattheu 24:21) Empa ha “sabole” ea Molimo e oela Bokreste-’mōtoana, balumeli ba joalo le ba bang ba maketseng ‘ba tla tseba hore ke eena Jehova.’—Ezekiele 24:19-27.
’Malo oa Bibele
(Ezekiele 25:1-11) Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao ho bara ba Ammone ’me u profete khahlanong le bona. 3 U tla re malebana le bara ba Ammone, ‘Utloang lentsoe la ’Musi Morena Jehova. Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ka lebaka la hore u itse Eke! khahlanong le sehalalelo sa ka, kahobane se silafalitsoe, le khahlanong le naha ea Iseraele, kahobane e entsoe lesupi, le khahlanong le ba ntlo ea Juda, kahobane ba isitsoe kholehong, 4 ka hona bonang! ke nehelana ka lōna ho baahi ba Bochabela hore le be ntho eo ba tla e rua, ba tla hloma liahelo tsa bona tse pota-potiloeng ke lerako ho lōna ’me ka sebele ba tla beha litabernakele tsa bona ho lōna. Ba tla ja litholoana tsa lōna, ’me ba tla noa lebese la lōna. 5 Ke tla etsa Raba lekhulo la likamele ’me bara ba Ammone ke ba etse sebaka sa phomolo sa mehlape; ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”’” 6 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore u ile ua opa liatla ua tila ka maoto ’me ua tsoela pele ho thaba ka nyeliso eohle moeeng oa hao khahlanong le naha ea Iseraele, 7 ka hona ke ’na enoa; ke otlolotse letsoho khahlanong le uena, ’me ke tla nehelana ka uena ho lichaba hore u be ntho e ka tlatlapuoang; ke tla u felisa lichabeng ’me ke u timetse linaheng. Ke tla u felisa, ’me u tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’ 8 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore Moabe le Seire li itse: “Bonang! Ba ntlo ea Juda ba joaloka lichaba tse ling kaofela,” 9 ka hona bona! ke bula letsoapo la Moabe metseng, metseng ea eona ho isa meeling ea eona, mokhabiso oa naha, Bethe-jeshimothe, Baale-meone, esita le ho isa Kiriathaime, 10 ho ea ho baahi ba Bochabela, haufi le bara ba Ammone; ke tla e etsa ntho eo ba tla e rua, e le hore e se ke ea hopoloa, ke hore, bara ba Ammone, har’a lichaba. 11 Ke tla phethisa liketso tsa kahlolo Moabe; ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’