PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ho ntlafatsa tsebo ya rona boboleding ka ho etsa leeto la ho boela
KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Batho ba bangata ba bontshang thahasello molaetseng wa mmuso ba batla ho tseba Modimo. (Esa 55:6) E le hore re ba rute ka tsela e atlehang re lokela ho kgutlela ho bona ka makgetlo. Mathata ao batho ba kopanang le ona ha a tshwane, kahoo tsela eo re ba rutang ka yona e ke ke ya tshwana. Le ha ho le jwalo, re lokela ho ba le sepheo ha re lokisetsa leeto le leng le le leng, e le hore qetellong re ka kgona ho ba le thuto ya Bibele e atlehang.
O KA ETSA SEO JWANG:
Etsa boiteko ba ho kgutlela kapele, mohlomong ka mora matsatsi a itseng.—Mat 13:19
Eba botswalle mme o bontshe tlhompho. Eba ka tsela ya tlhaho
Qala ka ho dumedisa ka mofuthu. Sebedisa lebitso la hae ha o bua le yena. Mo hopotse hore na ke hobaneng ha o kgutletse ho yena, mohlomong o tlo araba potso e itseng, kapa o tlisitse makasine wa moraorao, kapa o tlo mo bontsha websaete ya rona, kapa o tlo mo bapalla video kapa o tlo mo bontsha hore na thuto ya Bibele e kganwa jwang. Fetola seo o ntseng o bua ka sona haeba monga ntlo a bua ka taba e nngwe eo a e thahasellang.—Fil 2:4
Nosetsa nnete e jetsweng pelong ya hae ka ho mo balla Lengolo mohlomong le ho mo siela sengolwa. (1Ko 3:6) Leka ho ba motswalle wa hae
Bolela hore na le tla buisana kang nakong e tlang