Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
4-10 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | SOFONIA 1–HAGAI 2
“Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae”
(Sofonia 2:2, 3) Pele taelo e hlomamisitsweng e tswala ntho leha e le efe, pele letsatsi le feta feela jwalo ka mmoko, pele le welwa ke bohale bo tukang ba Jehova, pele le welwa ke letsatsi la bohale ba Jehova, 3 le batle Jehova, lona bohle ba bonolo ba lefatshe, ba sebedisitseng qeto ya Hae ya boahlodi. Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patwa letsatsing la bohale ba Jehova.
w01 2/15 18-19 ¶5-7
Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae
5 O ka nna wa re: ‘Ke mohlanka wa Modimo ya inehetseng, ya kolobeditsweng, ke e mong wa Dipaki tsa Jehova. Na ha ke a finyella se hlokahalang?’ Bonneteng, ho hlokahala ho fetang feela hore re inehele ho Jehova. Iseraele e ne e le setjhaba se inehetseng, empa mehleng ya Sofonia batho ba Juda ba ne ba sa phelele boinehelo boo. Ka lebaka leo, Jehova o ile a qetella a lahlile setjhaba seo. Kajeno ‘ho batla Jehova’ ho akarelletsa ho hlaolela kamano e mofuthu le yena le ho e boloka ka ho kopanela le mokgatlo wa hae wa lefatsheng. Ho bolela ho tseba hore na Modimo o tadima dintho jwang le ho ela hloko maikutlo a hae. Re batla Jehova ha re ithuta Lentswe la hae ka hloko, re nahanisisa ka lona re bile re sebedisa keletso ya lona bophelong. Kamano ya rona le Jehova e tla tiya hape re tla susumelletseha ho mo sebeletsa ‘ka dipelo tsa rona tsohle le ka moya wa rona oohle le ka mafolofolo a rona oohle’ ha re batla tataiso ya hae ka thapelo eo re e etsang ka tiyo le ha re latela tataiso ya moya wa hae o halalelang.—Deuteronoma 6:5; Bagalata 5:22-25; Bafilipi 4:6, 7; Tšenolo 4:11.
6 Sofonia 2:3 e re ntho e nngwe hape e hlokahalang ke ho ‘batla ho loka.’ Bongata ba rona re ile ra etsa diphetoho tse hlokahalang e le hore re ka tshwaneleha bakeng sa kolobetso ya Bokreste, empa re lokela ho tswela pele ho tshehetsa ditekanyetso tse lokileng tsa Modimo bophelong bohle ba rona. Ba bang ba ileng ba etsa sohle se neng se hlokahala ba ile ba qetella ba itumelletse ho silafatswa ke lefatshe. Ha ho bonolo ho batla ho loka hobane re pota potilwe ke batho ba nkang hore boitshwaro bo bobe ba ho kopanela diphate, ho bua leshano, le dibe tse ding ke dintho tse tlwaelehileng. Empa takatso e matla ya ho batla ho thabisa Jehova e ka hlola tshekamelo le ha e le efe ya ho batla ho amohelwa ke lefatshe. Juda e ile ya lahlehelwa ke kamohelo ya Modimo ka lebaka la ho etsisa baahelani ba yona ba sa tshabeng Modimo. Kahoo, ho e na le ho etsisa lefatshe, a re beng “baetsisi ba Modimo,” re hlaolele “botho bo botjha bo ileng ba boptjwa ho ya ka thato ya Modimo ho lokeng ha nnete le botshepehing.”—Baefese 4:24; 5:1.
7 Ntlha ya ho qetela e hlahiswang ke Sofonia 2:3 ke hore haeba re batla ho patwa letsatsing la bohale ba Jehova, re lokela ho ‘batla bonolo.’ Letsatsi ka leng, re kopana le banna, basadi, le batjha ba hlaha. Ho bona, ke ntho e sa utlwahaleng ho ba le maikutlo a bonolo. Ba nka boikokobetso e le bofokodi bo tebileng. Ba batla dintho tse ngata, ke baithati, mme ba tsitlallela maikutlong a bona, ba nka hore “ditokelo” tsa bona le seo ba se ratang se lokelwa ho etswa ka tsela eo ba e batlang. E ne e ka ba ho swabisang hakaakang haeba le rona re ne re ka ba le maikutlo ao! Ena ke nako ya ho ‘batla bonolo.’ Re ka etsa seo jwang? Ka ho ikokobelletsa Modimo le ka ho amohela tayo ya hae ka boikokobetso le ka ho phela tumellanong le thato ya hae.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Sofonia 1:8) “Ka letsatsi la sehlabelo sa Jehova ke tla lebisa tlhokomelo ho dikgosana, le ho bara ba morena, le ho bohle ba apereng diaparo disele.
w07 11/15 11 ¶3
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Nahume, Habakuke le Sofonia
1:8. Ho bonahala ba bang mehleng ya Sofonia ba ne ba batla ho amohelwa ke ditjhaba tse ba potolohileng ka hore ba ‘apare diaparo disele.’ E ka ba bowatla bo bokaakang hore kajeno barapedi ba Jehova ba leke ho tshwana le lefatshe ka tsela e tshwanang!
(Hagai 2:9) “ ‘Kganya ya ntlo ena ya morao e tla ba kgolo ho feta ya ya pele,’ ho boletse Jehova wa mabotho. “ ‘Sebakeng sena ke tla fana ka kgotso,’ ho bolela Jehova wa mabotho.”
w07 12/1 9 ¶3
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Hagai le Zakaria
2:9—‘Kganya ya ntlo ya morao e tla ba kgolo ho feta ya ya pele,’ ka tsela efe? Sena se etsahetse bonyane ka ditsela tse tharo: dilemo tseo tempele ya Zorobabele e neng e le teng ka tsona, hore na ke bomang ba neng ba ruta ho yona le hore na e ne e le bomang ba neng ba bokana moo ho rapela Jehova. Le hoja tempele ya Solomone e kganyang e ile ya e ba teng ka dilemo tse 420, ho tloha ka 1027 B.C.E. ho fihlela ka 607 B.C.E., tempele ya Zorobabele e leng “ntlo ena” e ile ya sebediswa ka dilemo tse fetang 580, ho tloha ha e ne e phethwa ka 515 B.C.E. ho fihlela ha e ne e timetswa ka 70 C.E. Ho feta moo, Mesia e leng Jesu Kreste, o ile a ruta ‘ntlong ena’ mme batho ba neng ba tla ho yona ho rapela Modimo ba ne ba le bangata ho feta ba neng ba ya ho “ya pele” e leng tempele ya Solomone.—Liketso 2:1-11.
Mmalo wa Bibele
(Hagai 2:1-14) Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi, lentswe la Jehova la hlaha ka moprofeta Hagai, le re: 2 “Ka kopo, bua le Zorobabele mora wa Shalatiele, mmusisi wa Juda, le moprista ya phahameng Joshua mora wa Jozadake, le ba setseng ba setjhaba, o re, 3 ‘Ke mang hara lona ya setseng ya boneng ntlo ena kganyeng ya yona ya pele? Le e bona jwang hona jwale? Ha e bapiswa le eo, na hase lefeella mahlong a lona?’ 4 “ ‘Empa jwale e ba matla, Wena Zorobabele,’ ho bolela Jehova, ‘mme o be matla, Wena moprista ya phahameng Joshua mora wa Jozadake.’ “ ‘Le be matla, lona batho bohle ba naha,’ ho bolela Jehova, ‘mme le sebetse.’ “ ‘Etswe ke na le lona,’ ho bolela Jehova wa mabotho. 5 ‘Hopolang ntho eo ke ileng ka dumellana le lona ka yona ha le ne le tswa Egepeta, le ha moya wa ka o ne o eme hara lona. Le se ke la tshoha.’ ” 6 “Etswe sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng, ‘Hang hape—ka mora nakwana e seng kae—mme ke sisinya mahodimo le lefatshe le lewatle le mobu o omileng.’ 7 “ ‘Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme dintho tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla kena; mme ke tla tlatsa ntlo ena ka kganya,’ ho boletse Jehova wa mabotho. 8 “ ‘Silevera ke ya ka, le kgauta ke ya ka,’ ho bolela Jehova wa mabotho. 9 “ ‘Kganya ya ntlo ena ya morao e tla ba kgolo ho feta ya ya pele,’ ho boletse Jehova wa mabotho. “ ‘Sebakeng sena ke tla fana ka kgotso,’ ho bolela Jehova wa mabotho.” 10 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, ka selemo sa bobedi sa Dariuse, lentswe la Jehova la hlaha ho moprofeta Hagai, le re: 11 “Sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng, ‘Ka kopo, botsa baprista mabapi le molao, o re: 12 “Haeba motho a beha nama e halalelang molekeng wa seaparo sa hae, mme ka moleka wa seaparo sa hae a ama bohobe kapa setjhu kapa veine kapa oli kapa dijo tsa mofuta le ha e le ofe, na di tla halalela? “ ’ ” Baprista ba araba mme ba re: “Tjhe!” 13 Hagai a tswela pele ho re: “Haeba e mong ya sa hlwekang ka lebaka la moya o shweleng a ama le ha e le efe ya dintho tsena, na e tla silafala?” Yaba baprista ba a araba mme ba re: “E tla silafala.” 14 Tumellanong le hoo Hagai a araba mme a re: “ ‘Ke kamoo batho bana ba leng kateng, mme ke kamoo setjhaba sena se leng kateng ka pela ka,’ ho bolela Jehova, ‘mme ke kamoo mosebetsi wohle wa matsoho a bona o leng kateng, le eng kapa eng eo ba e hlahisang moo. Ha ya hlweka.’
11-17 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ZAKARIA 1-8
“Tshwara Moleka wa Seaparo sa Monna wa Mojuda”
(Zakaria 8:20-22) “Sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng, ‘Ho sa ntse ho tla etsahala hore ditjhaba le baahi ba metse e mengata ba tle; 21 ka sebele baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba o mong, ba re: “A re yeng ka tiyo ho ya nolofatsa sefahleho sa Jehova le ho batla Jehova wa mabotho. Le nna ke tla ya.” 22 Ka sebele batho ba bangata le ditjhaba tse matla di tla tla ho batla Jehova wa mabotho Jerusalema le ho nolofatsa sefahleho sa Jehova.’
w14 11/15 27 ¶14
“Jwale le Setjhaba sa Modimo”
14 Baprofeta ba babedi ba ile ba bolela esale pele hore batho ba bangata ba tla rapela Jehova hammoho le batho ba hae. Esaia o ile a profeta a re: “Ditjhaba tse ngata di tla ya mme di re: ‘Tloong, mme re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ntlong ya Modimo wa Jakobo; o tla re rupela ka ditsela tsa hae, mme re tla tsamaya ditseleng tsa hae.’ Etswe molao o tla tswa Sione, mme lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.” (Esa. 2:2, 3) Ka ho tshwanang, moprofeta Zakaria o ile a bolela esale pele hore “batho ba bangata le ditjhaba tse matla di tla tla ho batla Jehova wa mabotho Jerusalema le ho nolofatsa sefahleho sa Jehova.” O ile a re ke “banna ba leshome ba tswang dipuong tsohle” bao ka tsela ya tshwantshetso ba itshwareletsang ka seaparo sa Iseraele ya tshwantshetso mme ba re: “Re tla tsamaya le lona, etswe re utlwile hore Modimo o na le lona.”—Zak. 8:20-23.
(Zakaria 8:23) “Sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng, ‘Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tswang dipuong tsohle tsa ditjhaba ba tla tshwara, e, ba tla tshwara moleka wa seaparo sa monna wa Mojuda, ba re: “Re tla tsamaya le lona, etswe re utlwile hore Modimo o na le lona.” ’ ”
w16.01 23 ¶4
“Re Tla Tsamaya le Lona”
4 Dinku tse ding di ka “tsamaya” le batlotsuwa jwang haeba ho sa kgonehe ho tseba mabitso a batlotsuwa bohle ba ntseng ba le lefatsheng kajeno? Bibele e re “banna ba leshome ba tla tshwara moleka wa seaparo sa monna wa Mojuda ba re: ‘Re tla tsamaya le lona, etswe re utlwile hore Modimo o na le lona. ’ ” Le hoja temana ena e bua ka monna wa Mojuda, ha e bolele motho a le mong. Ho e na le hoo, “monna wa Mojuda” o emela batlotsuwa bohle e le sehlopha. Ka ha dinku tse ding di utlwisisa sena, di ikopantse le sehlopha seo ho sebeletsa Jehova. Ha ho hlokahale hore di tsebe mabitso a batlotsuwa bohle kapa hona hore di latele e mong le e mong wa bona. Jesu ke yena Moetapele wa rona, mme Bibele e re re lokela ho latela yena feela.—Mat. 23:10.
w09 2/15 27 ¶14
“Ba Ntse ba Latela Konyana”
14 Jesu Kreste o nka hore ha re thusa bara babo ka botshepehi, ho tshwana le ha re thusa yena. (Bala Matheu 25:40.) Kahoo, ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba ka thusa bara babo Kreste ba tlotsitsweng ka moya jwang? Ntho e ka sehloohong eo ba thusang ka yona ke ho bolela ka Mmuso. (Mat. 24:14; Joh. 14:12) Le hoja palo ya batlotsuwa ba leng lefatsheng e fokotsehile ha dilemo di ntse di feta, palo ya dinku tse ding yona e eketsehile. Ha ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba kenya letsoho mosebetsing wa ho paka, mme ba sebetsa jwalo ka baevangedi ba nako yohle ha ho kgoneha, ba tla be ba thusa ba tlotsitsweng ka moya hore ba phethe mosebetsi oo ba o filweng wa ho etsa barutuwa. (Mat. 28:19, 20) Se seng seo re sa lokelang ho se hlokomoloha ke menyetla ya ho tshehetsa mosebetsi ona ka ho fana ka menehelo ya tjhelete ka ditsela tse sa tshwaneng.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Zakaria 5:6-11) Kahoo ka re: “Ke eng?” Yaba le re: “Ena ke tekanyo ya efa e tswang.” La tswela pele ho re: “Ena ke tjhebahalo ya bona lefatsheng lohle.” 7 Bona! Sekwahelo se tjhitja sa loto se ile sa phahamiswa; mme enwa ke mosadi ya itseng ya dutseng ka hara efa. 8 Kahoo la re: “Enwa ke Bokgopo.” La mo lahlela hape ka hara efa, ka mora moo la lahlela boima ba loto molomong wa yona. 9 Jwale ka phahamisa mahlo mme ka tadima, mme bona! ho ne ho e na le basadi ba babedi ba tswang, mme moya o ne o le mapheong a bona. Ba ne ba e na le mapheo a kang mapheo a mokotatsie. Butlebutle ba ile ba phahamisetsa efa hodimo pakeng tsa lefatshe le mahodimo. 10 Kahoo ka re ho lengeloi le neng le bua le nna: “Ba isa efa hokae?” 11 Yaba le re ho nna: “E le hore ba mo hahele ntlo naheng ya Shinare; mme e tla tiiswa ka thata, mme o tla behwa moo hodima sebaka sa hae se tshwanetseng.”
Kamoo Dipono Tsa Zakaria di o Amang Kateng
18 Le ha ho le jwalo, pono ena e ile ya hopotsa Baiseraele hore le bona ba ne ba na le boikarabelo ba ho boloka borapedi ba bona bo hlwekile. Bokgopo bo ke ke ba dumellwa ka tsela le ha e le efe hara batho ba Jehova. Jehova o re tlisitse ka hara mokgatlo wa hae o sireletsehileng le o hlwekileng. Kahoo re lokela ho ikemisetsa ho o boloka o hlwekile. Ha re a lokela ho dumella bobe ba mofuta ofe kapa ofe ho kena ka phuthehong.
(Zakaria 6:1) Jwale ka boela ka phahamisa mahlo mme ka tadima; mme, bonang! ho ne ho e na le dikoloi tse nne tse tswang pakeng tsa dithaba tse pedi, mme dithaba tseo e ne e le dithaba tsa koporo.
Dikoloi Tsa Ntwa le Moqhaka di Tla o Sireletsa
7 Ka dinako tse ding, Bibele e sebedisa dithaba ho tshwantshetsa mebuso. Dithaba tse pedi tse ponong ya Zakaria di tshwana le dithaba tse pedi tse hlahang boprofeteng ba Daniele. Thaba e nngwe e tshwantshetsa bobusi boo Jehova esale a na le bona, e leng ba ka ho sa feleng. Thaba ya bobedi e tshwantshetsa Mmuso wa Bomesia o ileng wa thehwa hamorao, oo morena wa ona e leng Jesu. (Dan. 2:35, 45) Ha esale ho tloha ha Jesu a etswa morena ka 1914, dithaba tsena tse pedi tsa tshwantshetso di nnile tsa phetha karolo ya bohlokwa mabapi le morero wa Modimo lefatsheng.
8 Ke hobaneng ha dithaba tseo di entswe ka koporo? Koporo ke ya bohlokwa haholo jwalo ka kgauta. Ka mohlala, Jehova o ile a re ho sebediswe koporo ha ho ne ho etswa tabernakele le ha ho ahwa tempele e Jerusalema.(Ex. 27:1-3; 1 Mar. 7:13-16) Ke ho utlwahalang hore ebe le dithaba tse ponong ya Zakaria di entswe ka koporo. E re hopotsa kamoo puso ya Jehova le Mmuso wa Bomesia di phahameng le ho halalela kateng le ho re di tla etsetsa batho dintho tse molemo lefatsheng.
Mmalo wa Bibele
(Zakaria 8:14-23) “Etswe sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng, ‘ “Feela jwalo ka ha ke ne ke hopotse ho etsa se bakang tlokotsi ho lona ka lebaka la ho nkgalefisa ha baholoholo ba lona,” ho boletse Jehova wa mabotho, “mme ha ke a ka ka ikutlwa ke swabile, 15 ka ho tshwanang ke tla boela ke hopola ho sebetsana hantle le Jerusalema le ba ntlo ya Juda matsatsing ana. Le se ke la tshoha.” ’ 16 “ ‘Tsena ke dintho tseo le lokelang ho di etsa: Bolellanang nnete. Le etse kahlolo ya lona dihekeng tsa lona ka nnete le ka kahlolo ya kgotso. 17 Le se ke la rerelana tlokotsi ka dipelong tsa lona, mme le se ke la rata kano le ha e le efe ya bohata; etswe tsena ke dintho tsohle tseo ke di hloileng,’ ho bolela Jehova.” 18 Lentswe la Jehova wa mabotho la boela la hlaha ho nna, la re: 19 “Sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng, ‘Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha kgwedi ya bohlano, le ho itima dijo ha kgwedi ya bosupa, le ho itima dijo ha kgwedi ya leshome e tla ba thabo e kgaphatsehang bakeng sa ba ntlo ya Juda le nyakallo le dinako tse monate tsa mokete. Kahoo o rate nnete le kgotso.’ 20 “Sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng, ‘Ho sa ntse ho tla etsahala hore ditjhaba le baahi ba metse e mengata ba tle; 21 ka sebele baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba o mong, ba re: “A re yeng ka tiyo ho ya nolofatsa sefahleho sa Jehova le ho batla Jehova wa mabotho. Le nna ke tla ya.” 22 Ka sebele batho ba bangata le ditjhaba tse matla di tla tla ho batla Jehova wa mabotho Jerusalema le ho nolofatsa sefahleho sa Jehova.’ 23 “Sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng, ‘Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tswang dipuong tsohle tsa ditjhaba ba tla tshwara, e, ba tla tshwara moleka wa seaparo sa monna wa Mojuda, ba re: “Re tla tsamaya le lona, etswe re utlwile hore Modimo o na le lona.” ’ ”
18-24 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ZAKARIA 9-14
“Dula ‘Phuleng ya Dithaba’ ”
(Zakaria 14:3, 4) “Ka sebele Jehova o tla tswa mme a lwane kgahlanong le ditjhaba tseo jwalo ka letsatsing la ho lwana ha hae, letsatsing la ntwa. 4 Letsatsing leo maoto a hae a tla ema hodima thaba ya difate tsa mohlwaare, e leng pela Jerusalema, ka botjhabela; mme thaba ya difate tsa mohlwaare e tla petsoha bohareng ba yona, ho tloha botjhaba tsatsi le ho isa bophirimela. Ho tla ba le phula e kgolo haholo; halofo ya thaba e tla iswa leboya, mme halofo ya yona e iswe borwa.
w13 2/15 19 ¶10
Dula Phuleng ya Jehova ya Tshireletso
10 Ha thaba ya tshwantshetso e petsoha, mme karolo e nngwe e e ba ka leboya e nngwe ka borwa, maoto a Jehova a dula a tsitsitse hodima dithaba tseo ka bobedi. “Phula e kgolo haholo” e hlaha pakeng tsa maoto a Jehova. Phula ena e tshwantshetsa tshireletso ya Modimo, eo ho yona bahlanka ba Jehova ba ikutlwang ba sireletsehile tlasa puso ya hae le Mmusong wa Mora wa hae wa Bomesia. Jehova o tla tiisa hore borapedi ba nnete ha bo fediswe le ka mohla. Ho petsoha hoo ha thaba ya difate tsa mohlwaare ho etsahetse neng? Seo se etsahetse ha Mmuso wa Bomesia o ne o thehwa qetellong ya Dinako Tsa Baditjhaba ka 1914. Barapedi ba nnete ba qadile ho balehela phuleng ya tshwantshetso neng?
(Zakaria 14:5) Ka sebele le tla balehela phuleng ya dithaba tsa ka; hobane phula ya dithaba e tla be e eyo fihla Azele. Le tla lokela ho baleha, feela jwalo ka ha le ile la baleha ka lebaka la tshisinyeho ya lefatshe matsatsing a Uzia morena wa Juda. Ka sebele Jehova Modimo wa ka o tla tla, bahalaledi bohle ba e na le yena.
w13 2/15 20 ¶13
Dula Phuleng ya Jehova ya Tshireletso
13 Haeba re kgomarela Jehova re bile re dula re tiile nneteng, Jehova le Mora wa hae Jesu Kreste, ba tla phetha karolo ya bona, mme Modimo a ke ke a dumella mang kapa mang kapa ntho le ha e le efe ho ‘re hlwibila letsohong la Hae.’ (Johanne 10:28, 29) Jehova o malala a laotswe ho re thusa ka tsela le ha e le efe hore re dule re mo hlompha ka ha ke Mmusi wa lehodimo le lefatshe, re be re dule re tshehetsa Mmuso wa Bomesia ka botshepehi. Ke ha bohlokwa haholo hore re dule phuleng ya tshireletso, ka ha phula eo e tla thusa barapedi ba nnete ha matshwenyeho a maholo a ntse a atamela.
(Zakaria 14:6, 7) “Letsatsing leo ho ke ke ha eba le lesedi la bohlokwa—dintho di tla hwama. 7 E tla ba letsatsi le leng le tsejwang e le la Jehova. E ke ke ya eba motshehare, kapa hona hore e be bosiu; mme ka nako ya shwalane ho tla kganya.
(Zakaria 14:12) “E tla ba lefu la sewa leo ka lona Jehova a tla otla ditjhaba tsohle tseo ka sebele di tlang ho etsa tshebeletso ya sesole kgahlanong le Jerusalema: Nama ya motho e tla bola, a ntse a eme ka maoto; mme mahlo a hae a tla bolla ka hara mekoti ya wona, mme leleme la hae le tla bolla ka hara molomo wa hae.
(Zakaria 14:15) “Ona ke mokgwa oo lefu la sewa la dipere, dimmoulo, dikamele, le diesele tse tona, le phoofolo e ruuwang ya mofuta o mong le o mong e diahelong tseo, le tla ba ka wona, jwalo ka lefu lena la sewa.
w13 2/15 20 ¶15
Dula Phuleng ya Jehova ya Tshireletso
15 Letsatsing la Modimo la ho lwana, ho tla etsahalang ka batho ba tla beng ba le ka ntle ho “phula e kgolo” ya tshireletso? “Lesedi la bohlokwa” la ho amohelwa ke Modimo le ke ke la ba kgantshetsa. Letsatsing leo la ntwa le tlang, “dipere, dimmoulo, dikamele, le diesele tse tona, le phoofolo e ruuwang ya mofuta o mong le o mong” tse tshwantshetsang dibetsa tsa ditjhaba di tla ameha. Dibetsa tseo di tla “hwama,” di sitwe ho sebetsa jwalo ka ha eka di kokobantswe ke serame. Jehova o tla boela a otle dira tsa hae ka “lefu la sewa.” Ho sa tsotellehe hore na lefu lena la sewa ke la sebele kapa tjhe, le tla kwala dira melomo. Letsatsing leo, ‘mahlo a bona le maleme a bona a tla bola’ ka ha dira tseo di tla hlasela di phopholetsa feela mme di tla kwalwa melomo hore di se ke tsa bua dipuo tsa tsona tse nyefolang. (Zak. 14:6, 7, 12, 15) Ha ho na karolo ya lefatshe e tla pholoha timetso ena. Ntweng ena, mabotho a tla ba ka lehlakoreng la Satane a tla ba mangata. (Tšen. 19:19-21) “Ba bolailweng ke Jehova ba tla ba teng ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho fihlela pheletsong e nngwe.”—Jer. 25:32, 33.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Zakaria 12:3) Letsatsing leo ke tla etsa Jerusalema lejwe le boima ho ditjhaba tsohle. Ruri bohle ba le phahamisang ba tla fumana mengwapo e tebileng; mme ka sebele ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bokellwa kgahlanong le yona.
w07 12/15 22-23 ¶9-10
Sebetsa se Entsweng Kgahlanong le Wena se ke ke sa Atleha
9 Boprofeta ba Zakaria bo bontsha hore na ke hobaneng ha ditjhaba di hanyetsa Bakreste ba nnete. Hlokomela se bolelwang ke Zakaria 12:3 ha e re: “Letsatsing leo ke tla etsa Jerusalema lejwe le boima ho ditjhaba tsohle.” Boprofeta boo bo bua ka Jerusalema efe? Boprofeta ba Zakaria bo mabapi le Jerusalema bo sebetsa ho “Jerusalema ya lehodimo,” e leng Mmuso wa lehodimo oo Bakreste ba tlotsitsweng ba bitseditsweng ho ona. (Baheberu 12:22) Masala a seng makae a majalefa ana a Mmuso wa Bomesia a sa ntsane a le lefatsheng. A sebetsa le bo mphato ba ona, e leng “dinku tse ding,” ho kgothalletsa batho hore e be bahlanka ba Mmuso wa Modimo nako e sa le teng. (Johanne 10:16; Tšenolo 11:15) Ditjhaba di ile tsa etsa jwang ha di utlwa memo ena? Hona Jehova o tshehetsa barapedi ba nnete jwang kajeno? Re tla fumana karabo ha re hlahloba seo Zakaria kgaolo ya 12 e se bolelang. Ha re etsa jwalo re tla kgodiseha hore ‘ha ho na sebetsa se tla atleha’ kgahlanong le batlotsuwa ba Modimo le bo mphato ba bona ba inehetseng.
10 Zakaria 12:3 e bontsha hore ditjhaba di ba le “mengwapo e tebileng.” See se etsahala jwang? Modimo o laetse hore ho bolelwe ditaba tse molemo tsa Mmuso. Dipaki Tsa Jehova di nka ka ho teba boikarabelo ba ho bolela. Le ha ho le jwalo, taba ya hore Mmuso wa Modimo ke wona feela tshepo ya moloko wa batho e fetohile “lejwe le boima” ho ditjhaba. Di leka ho le tlosa tseleng ka ho sitisa baboledi ba Mmuso mosebetsing wa bona. Ka ho etsa jwalo, ditjhaba tsena tse itshunyatshunyang di ba le “mengwapo e tebileng,” di sehilwe hohle. Botumo ba ditjhaba tsena bo senyehile ka lebaka la ho hlolwa. Di ke ke tsa kgutsisa barapedi ba nnete, ba ananelang tokelo ya ho bolela “ditaba tse molemo tse sa feleng” tsa Mmuso wa Modimo wa Bomesia pele tsamaiso ena ya dintho e fela. (Tšenolo 14:6) Molebedi e mong wa teronko naheng e nngwe ya Afrika ha a bona bahlanka ba Jehova ba hlekefetswa o ile a re: ‘Le itshenyetsa nako ka ho hlorisa batho bana. Ba ke ke ba kgaotsa ho tshepahala ho Modimo wa bona. Ho e na le hoo ba tswela pele ho eketseha ka palo.’
(Zakaria 12:7) “Ka sebele Jehova o tla pholosa ditente tsa Juda pele, e le hore botle ba ntlo ya Davida le botle ba baahi ba Jerusalema bo se ke ba eba boholo haholo ho ba Juda.
w07 12/15 25 ¶13
Sebetsa se Entsweng Kgahlanong le Wena se ke ke sa Atleha
13 Bala Zakaria 12:7, 8. Iseraeleng ya boholoholo, haeba sera se ne se ka hlasela motse wa Jerusalema, badisa le batho ba sebetsang masimong ke bona ba pele bao ho neng ho tla hlokahala hore ba sireletswe. Polelo e reng “ditente tsa Juda” e bontsha hore masala a batlotsuwa a sebakeng se sa sireletsehang, jwalo ka ha e ka ba motseng o se nang lerako. Ka sebete a sireletsa mesebetsi e amanang le Mmuso wa Bomesia hona moo sebakeng se sa sireletsehang. Jehova wa mabotho o tla pholosa “ditente tsa Juda pele” hobane di pepesehetse tlhaselo ya Satane.
Mmalo wa Bibele
(Zakaria 12:1-14) Phatlalatso: “Lentswe la Jehova malebana le Iseraele,” ho bolela Jehova, Ya otlollang mahodimo le ho beha motheo wa lefatshe le ho etsa moya wa motho ka hare ho yena. 2 “Bonang! ke etsa Jerusalema sekotlolo se bakang ho thekesela ho ditjhaba tsohle tse potapotileng; mme kgahlanong le Juda o tla ba thibellong, esita le kgahlanong le Jerusalema. 3 Letsatsing leo ke tla etsa Jerusalema lejwe le boima ho ditjhaba tsohle. Ruri bohle ba le phahamisang ba tla fumana mengwapo e tebileng; mme ka sebele ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bokellwa kgahlanong le yona. 4 Letsatsing leo,” ho bolela Jehova, “ke tla otla pere e nngwe le e nngwe ka pherekano mme mopalami wa yona ke mo otle ka bohlanya; ke tla bula mahlo a ka hodima ba ntlo ya Juda, mme pere e nngwe le e nngwe ya ditjhaba ke tla e otla ka ho se bone. 5 Baetapele ba Juda ba tla lokela ho re ka dipelong tsa bona, ‘Baahi ba Jerusalema ke matla ho nna ka Jehova wa mabotho Modimo wa bona.’ 6 Letsatsing leo ke tla etsa hore baetapele ba Juda ba be jwalo ka pitsa ya mollo hara difate le jwalo ka serumula sa mollo dijo thollong tse sa tswa kguwa tse entseng mokoloko, mme ba tla timetsa ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse ba potapotileng; mme Jerusalema e sa ntse e tla ba le baahi sebakeng sa yona, Jerusalema. 7 “Ka sebele Jehova o tla pholosa ditente tsa Juda pele, e le hore botle ba ntlo ya Davida le botle ba baahi ba Jerusalema bo se ke ba e ba boholo haholo ho ba Juda. 8 Letsatsing leo Jehova e tla ba tshireletso ho pota baahi ba Jerusalema; mme ya kgoptjwang hara bona letsatsing leo o tla ba jwalo ka Davida, mme ntlo ya Davida e be jwalo ka Modimo, jwalo ka lengeloi la Jehova ka pela bona. 9 Ka letsatsi leo ke tla batla ho fedisa ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema. 10 “Ke tla tshollela moya wa kamohelo le dikopo tse tiileng hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema, mme ka sebele ba tla tadima Eo ba mo hlabileng, mme ka sebele ba tla Mo bokollela jwalo ka ha ho bokollelwa mora ya mong; ho tla ba le sello se bohloko ka lebaka la hae jwalo ka ha ho e ba le sello se bohloko ka lebaka la mora wa letsibolo. 11 Letsatsing leo ho bokolla ho tla ba hoholo Jerusalema, jwalo ka ho bokolla ha Hadadrimone thoteng ya Megido. 12 Ka sebele naha e tla bokolla, lelapa le leng le le leng; lelapa la ntlo ya Davida, le basadi ba lona; lelapa la ntlo ya Nathane, le basadi ba lona; 13 lelapa la ntlo ya Levi, le basadi ba lona; lelapa la Bashimei, le basadi ba lona; 14 malapa ohle a siilweng, lelapa le leng le le leng, le basadi ba lona.
25-31 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MALAKIA 1-4
“Na Lenyalo la Hao le Thabisa Jehova?”
(Malakia 2:13, 14) “Ena ke ntho ya bobedi eo le e etsang, e fellang ka ho kwahela aletare ya Jehova ka meokgo, ka ho lla le ka ho fehelwa, e le hore ho se ke ha hlola ho retelehelwa nyehelong ya mpho kapa ho thabelwa ntho leha e le efe e tswang matsohong a lona. 14 Le itse, ‘Ka lebaka lefe?’ Ka lebaka lena, hore Jehova o fane ka bopaki pakeng tsa hao le mosadi wa botjha ba hao, eo o sebetsaneng le yena ka bolotsana, le hoja e le molekane wa hao le mosadi wa selekane sa hao.
jd 125-126 ¶4-5
Etsa Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabisang Modimo
4 Tlhalo e ne e atile hara Bajuda mehleng ya Malakia, dilemong tsa bo400 B.C.E. Malakia o ile a re ho bona: “Jehova o fane ka bopaki pakeng tsa hao le mosadi wa botjha ba hao, eo o sebetsaneng le yena ka bolotsana.” Ka hobane banna ba ne ba sebetsana ka bolotsana le basadi ba bona, aletare ya Jehova e ne e tletse meokgo ka lebaka la ‘ho lla le ho fehelwa’ ha basadi ba lahlilweng. Baprista ba neng ba sa tshepahale ba ne ba dumella sehloho se jwalo!—Malakia 2:13, 14.
5 Jehova o ne a ikutlwa jwang ka boikutlo bo swabisang bo neng bo le teng mehleng ya Malakia ka lenyalo? Malakia o ile a re ha a ngola: “ ‘O hloile tlhalo’ ho boletse Jehova Modimo wa Iseraele.” Hape o ile a tiisa hore Jehova ‘ha aa fetoha.’ (Malakia 2:16; 3:6) Na o elellwa se bolelwang ke mangolo aa? Nakong e fetileng, Modimo o ile a bontsha hore o hloile tlhalo. (Genese 2:18, 24) Le mehleng ya Malakia o ne a ntse a ikutlwa ka tsela e tshwanang. Mme o ntse a ikutlwa ka tsela e tshwang le kajeno. Batho ba bang ba ka nna ba etsa qeto ya ho hlala balekane ba bona hobane feela ba se ba sa thabele balekane ba bona. Le hoja dipelo tsa bona di ka ba bolotsana, Jehova o kgona ho bona se ka pelong. (Jeremia 17:9, 10) O lemoha bomenemene le ha e le bofe kapa morero o lonya wa hore motho a hlale molekane wa hae, ho sa tsotellehe hore na motho eo o leka ho lokafatsa tlhalo hakae. Ka sebele “dintho tsohle di hlobotse mme di pepesitswe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho yena.”—Baheberu 4:13.
(Malakia 2:15, 16) Ho na le e mong ya sa kang a ho etsa, ka ha moya o ne o setse ho yena. Eo o ne a batlang? Peo ya Modimo. Le itebele mabapi le meya ya lona, mme ho se ke ha e ba le ya mong ya sebetsanang ka bolotsana le mosadi wa botjha ba lona. 16 Etswe o hloile tlhalo,” ho boletse Jehova Modimo wa Iseraele; “le ya kwahetseng seaparo sa hae ka pefo,” ho boletse Jehova wa mabotho. “Le itebele mabapi le meya ya lona, mme le se ke la sebetsa ka bolotsana.
w02 5/1 18 ¶19
Jehova o Hloile Tsela ya Bolotsana
19 Ka lehlokoreng le leng, Malakia o bontsha hore banna ba bang ba mehleng ya hae ba ne ba sa sebetsane ka bolotsana le basadi ba bona. ‘Moya o halalelang wa Modimo o ne o setse ho bona.’ (Malakia 2:15) Ho thabisang ke hore mokgatlo o hlophisitsweng wa Modimo kajeno o tletse banna ba jwalo ba ‘abelang basadi ba bona tlhompho.’ (1 Petrose 3:7) Ha ba hlekefetse basadi ba bona, ha ba tsitlelle mekgweng e hlephileng ya ho etsa thobalano, mme ha ba hlompholle basadi ba bona ka ho bonya le basadi ba bang kapa ka ho shebella ditshwantsho tse ditshila tse tsosang takatso. Mokgatlo o hlophisitsweng wa Jehova o boetse o hlohonolofaditswe ka basadi ba bangata ba Bakreste ba tshepahallang Modimo le melao ya hae. Banna le basadi bana kaofela ba tseba seo Modimo a se hloileng, mme tsela eo ba nahanang le eo ba etsang dintho ka yona e kgahlisa Modimo. Tswelang pele le ba etsisa ka ho “mamela Modimo e le mmusi” mme le ntse le hlohonolofatswa ka moya wa hae o halalelang.—Liketso 5:29.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Malakia 1:10) “Ke mang hape hara lona ya tla kwala mamati? Lona le ke ke la kgantsha aletare ya ka—mahala. Ha ke le thabele,” ho boletse Jehova wa mabotho, “le nyehelo ya mpho e tswang matsohong a lona ha e nkgahlise.”
w07 12/15 27 ¶1
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Malakia
1:10. Jehova ha aa ka a thabiswa ke dinyehelo tsa baprista ba meharo, ba neng ba lefisa tjhelete esita le bakeng sa ditshebeletso tse kang ho kwala mamati kapa ho hotetsa mollo wa aletare. Ho bohlokwa hore diketso tsa rona tsa borapedi, ho akarelletsa le tshebeletso ya rona ya Bokreste di susumetswe ke ho rata Modimo le moahelani re se na boithati, le ka mohla di se ke tsa susumetswa ke ho rata tjhelete!—Matheu 22:37-39; 2 Bakorinthe 11:7.
(Malakia 3:1) “Bonang! Ke romela lenqosa la ka, mme le tla hleka tsela ka pela ka. Ka tshohanyetso ho tla tla Morena wa nnete tempeleng ya Hae, eo le mo batlang, le lenqosa la selekane leo le le thabelang. Bonang! Ka sebele o tla tla,” ho boletse Jehova wa mabotho.
w13 7/15 10-11 ¶5-6
“Bonang! Ke na le Lona ka Matsatsi Ohle”
5 Dilemo tse makgolo pele Jesu a etsa papiso ya koro le mofoka, Jehova o ile a budulela moprofeta wa hae Malakia hore a bolele esale pele ka diketsahalo tseo ho buuwang ka tsona papisong ya Jesu. (Bala Malakia 3:1-4.) Johanne Mokolobetsi e ne e le yena ‘lenqosa le ileng la hleka tsela.’ (Mat. 11:10, 11) Ha a ne a tla ka 29 C.E., nako ya hore setjhaba sa Iseraele se ahlolwe e ne e atametse. Jesu e ne e le lenqosa la bobedi. O ile a hlwekisa tempele e Jerusalema ka makgetlo a mabedi, lekgetlo la pele ke ha a ne a qala tshebeletso ya hae mme lekgetlo la bobedi ke ho elella qetellong ya yona. (Mat. 21:12, 13; Johanne. 2:14-17) Ka lebaka leo, mosebetsi wa Jesu wa ho hlwekisa tempele o ne o tla etsahala ka nako e itseng.
6 Boprofeta ba Malakia bo ile ba phethahala jwang ka tsela e kgolo? Dilemo tse mashome pele ho 1914, C. T. Russel le metswalle ya hae ba ile ba etsa mosebetsi o tshwanang le o ileng wa etswa ke Johanne Mokolobetsi. Mosebetsi oo wa bohlokwa o ne o akarelletsa ho tsosolosa dinnete tsa Bibele. Baithuti ba Bibele ba ile ba ruta hore na ha e le hantle sehlabelo sa thekollo sa Kreste se bolelang, ba pepesa thuto ya bohata ya dihele mme ba phatlalatsa hore Dinako Tsa Baditjhaba di ne di tla fela. Ho ntse ho le jwalo, ho ne ho e na le dihlopha tse ngata tsa bodumedi tse neng di ipolela hore ke balatedi ba Kreste. Kahoo, ho ne ho e na le potso ya bohlokwa e neng e lokela ho arajwa: Ke bomang hara dihlopha tseo bao e neng e le koro? E le hore potso eo e ka arajwa, Jesu o ile a qala ho hlahloba tempele ya tshwantshetso ka 1914. Tlhahlobo eo le mosebetsi wa ho hlwekisa tempele di ne di tla etswa ka nako e itseng e leng ho tloha ka 1914 ho fihlela qalong ya 1919.
Mmalo wa Bibele
(Malakia 1:1-10) Phatlalatso: Lentswe la Jehova malebana le Iseraele ka Malakia: 2 “Ke le ratile,” ho boletse Jehova. Le itse: “O re ratile ka tsela efe?” “Na Esau e ne e se morabo Jakobo?” ho bolela Jehova. “Empa ke ratile Jakobo, 3 ke hloile Esau; qetellong ka etsa dithaba tsa hae lesupi mme lefa la hae ka le etsetsa diphokojwe tsa lefeella.” 4 “Ka hobane Baedomo ba ntse ba re, ‘Re harasantswe, empa re tla kgutla mme re hahe dibaka tse ripitlilweng,’ sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng, ‘Ba tla haha; empa ke tla qhaqha. Ka sebele batho ba tla ba bitsa “naha ya bokgopo” le “batho bao Jehova a ba nyatsitseng ho isa nakong e sa lekanyetswang.” 5 Mahlo a lona a tla bona hoo, mme le tla re: “E se eka Jehova a ka tlotliswa naheng ya Iseraele.” ’ ” 6 “ ‘Mora o hlompha ntate; mme mohlanka, o hlompha monga hae e moholo. Kahoo haeba ke le ntate, ha le ntlhomphe keng? Haeba ke le Monghadi e Moholo, ha le ntshabe keng?’ Ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng ho lona, baprista ba nyedisang lebitso la ka. “ ‘Le itse: “Re nyedisitse lebitso la hao ka tsela efe?” ’ 7 “ ‘Ka ho hlahisa hodima aletare ya ka bohobe bo silafetseng. ’ “ ‘Le itse: “Re o hlompholotse ka tsela efe?” ’ “ ‘Ha le re: “Tafole ya Jehova ke ntho e nyediswang.” 8 Ha le hlahisa phoofolo e foufetseng bakeng sa ho etsa sehlabelo: “Hase ntho e mpe.” Ha le hlahisa phoofolo e holofetseng kapa e kulang: “Hase ntho e mpe.” ’ ” “Ka kopo, e atametseng ho mmusisi wa lona. Na o tla kgahliswa ke lona, kapa na o tla le amohela ka mosa?” ho boletse Jehova wa mabotho. 9 “Jwale, ka kopo, nolofatsang sefahleho sa Modimo, hore a re bontshe mohau. Sena ke se entsweng ke matsoho a lona. Na o tla amohela le ha e le ofe wa lona ka mosa?” ho boletse Jehova wa mabotho. 10 “Ke mang hape hara lona ya tla kwala mamati? Lona le ke ke la kgantsha aletare ya ka—mahala. Ha ke le thabele,” ho boletse Jehova wa mabotho, “le nyehelo ya mpho e tswang matsohong a lona ha e nkgahlise.”