Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
5-11 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 12-13
“Papiso ya Koro le Mofoka”
(Matheu 13:24-26) A beha papiso e nngwe ka pela bona, a re: “Mmuso wa mahodimo o jwalo ka motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae. 25 Ha batho ba ntse ba robetse, sera sa hae sa tla mme sa jalella mofoka hara koro, mme sa tloha. 26 Ha lekgasi le hlaha mme le hlahisa ditholwana, jwale le mofoka wa bonahala.
w13 7/15 9-10 ¶2-3
“Bonang! Ke na le Lona ka Matsatsi Ohle”
2 Dintho tse etsahalang tshimong ya sehwai di bontsha kamoo Jesu a tla bokella sehlopha sohle sa koro se tswang hara batho kateng, e leng Bakreste ba tlotsitsweng ba tla busa le yena Mmusong wa hae, le hore na o tla se bokella neng. Ho jala ho qadile ka Pentekonta ya 33. Ho bokella ho tla phethelwa ha batlotsuwa ba ntseng ba phela bofelong ba tsamaiso ena ya dintho ba fumana tiiso ya ho qetela mme ba nkelwa lehodimong. (Mat. 24:31; Tšen. 7:1-4) Feela jwalo ka ha motho ya emeng hodima thaba a bona sebaka se seholo se mo potolohileng, papiso ena le yona e re thusa ho bona ka ho hlaka dintho tse neng di tla etsahala nakong ya dilemo tse ka bang 2 000. Ke dintho di fe tse amanang le Mmuso tseo re di hlokomelang? Papiso ena e bua ka nako ya ho jala, ya kgolo le ya kotulo. Sehlooho sena se tla bua haholo ka nako ya kotulo.
JESU O A BA HLOKOMELA
3 Qalong ya dilemo tsa bo 200, “mofoka [o ile] wa bonahala” ha batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba hlahella lefatsheng. (Mat. 13:26) Dilemong tsa bo 400, Bakreste ba kang mofoka ba ne ba se ba le bangata ho feta Bakreste ba tlotsitsweng. Papisong eo, makgoba a ile a kopa monghadi hore a a dumelle ho fothola mofoka. (Mat. 13:28) Monghadi o ile a reng?
(Matheu 13:27-29) Kahoo makgoba a monga ntlo a tla mme a re ho yena, ‘Monghadi, na ha wa ka wa jala peo e ntle tshimong ya hao? Jwale, ho tla jwang hore ebe e na le mofoka?’ 28 A re ho wona, ‘Sera, motho, se ile sa etsa sena.’ A re ho yena, ‘Jwale, na o batla hore re ye mme re o bokelle?’ 29 A re, ‘Tjhe; esere ha le ntse le bokella mofoka, la tshoha le o fotholella le koro.
w13 7/15 10 ¶4
“Bonang! Ke na le Lona ka Matsatsi Ohle”
4 Ha Jesu a bua ka koro le mofoka, o ile a re: “Di tloheleng di hole hammoho ho fihlela ha ho kotulwa.” Taelo ena e bontsha hore ho tloha dilemong tsa bo 100 ho fihlela mehleng ena, haesale ho e na le Bakreste ba tlotsitsweng ba kang koro mona lefatsheng. Seo se tiiswa ke seo Jesu a ileng a se bolella barutuwa ba hae ha morao ha a ne a re: “Ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela qetellong ya tsamaiso ya dintho.” (Mat. 28:20) Kahoo, Jesu o tla sireletsa Bakreste ba tlotsitsweng ka matsatsi ohle ho fihlela nakong ya bofelo. Leha ho le jwalo, ka ha Bakreste ba kang mofoka ba ne ba le bangata ho ba feta, ha re tsebe hantle hore na ke bomang bao e neng e le ba sehlopha sa koro ka nako eo e telele. Empa dilemo tse mashome pele nako ya kotulo e qala, sehlopha sa koro se ile sa bonahala ka hlaka. Seo se ile sa etsahala jwang?
(Matheu 13:30) Di tloheleng di hole hammoho ho fihlela ha ho kotulwa; mme ka nako ya kotulo ke tla bolella bakotudi, Pele bokellang mofoka mme le o tlame mangata hore o tjheswe, jwale le lo bokellela koro ka tlung ya ka ya polokelo.’”
w13 7/15 12 ¶10-12
“Bonang! Ke na le Lona ka Matsatsi Ohle”
10 Ya pele, ho bokellwa ha mofoka. Jesu o re: “Ka nako ya kotulo ke tla bolella bakotudi, Pele bokellang mofoka mme le o tlame mangata.” Ka mora 1914, mangeloi a ile a qala ho ‘bokella’ Bakreste ba kang mofoka ka ho ba arola ho batlotsuwa, e leng “bara ba mmuso.”—Mat. 13:30, 38, 41.
11 Ha mosebetsi wa ho bokella o ntse o tswela pele, phapang pakeng tsa dihlopha tseo tse pedi e ile ya hlaka le ho feta. (Tšen. 18:1, 4) Ka 1919, ho ile ha hlaka hore Babylona e Moholo o wele. Keng ka ho kgetheha e ileng ya arola Bakreste ba nnete ho ba bohata? Ke mosebetsi wa boboledi. Ba neng ba etella pele hara Baithuti ba Bibele ba ile ba hatisa bohlokwa ba hore motho e mong le e mong o lokela ho etsa mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso. Ka mohlala, pampitshana e nang le sehlooho se reng, To Whom the Work Is Entrusted, e hatisitsweng ka 1919, e ile ya kgothalletsa Bakreste bohle ba tlotsitsweng hore ba bolele ka ntlo le ntlo. E ile ya re: “Mosebetsi ona o ka nna wa bonahala eka o moholo haholo empa ke wa Morena mme re tla o etsa ka matla a hae. Le na le monyetla wa hore le o etse.” Batho ba ile ba nka bohato bo fe? Tora ya ho Lebela ya 1922 e ile ya bolela hore ho tloha ka nako eo, Baithuti ba Bibele ba ile tsa etsa mosebetsi wa bona wa ho bolela ditaba tse molemo ka matla. Ho e so ye kae, ho bolela ka ntlo le ntlo e ile ya e ba letshwao le kgethollang Bakreste bao ba tshepahalang mme le kajeno e ntse e le lona.
12 Ya bobedi, ho bokellwa ha koro. Jesu o laela mangeloi a hae o re: “Le lo bokellela koro ka tlung ya ka ya polokelo.” (Mat. 13:30) Ho tloha ka 1919, batlotsuwa ba nnile ba bokellelwa ka phuthehong ya Bokreste e tsosolositsweng. Ho Bakreste ba tlotsitsweng ba tla beng ba ntse ba phela qetellong ya tsamaiso ena ya dintho, pokello ya ho qetela e tla etsahala ha ba fumana moputso wa bona wa ho ya phela lehodimong.—Dan. 7:18, 22, 27.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Matheu 12:20) Ha ho lehlaka le tletleraneng leo a tla le silakanya, mme ha ho kgwele ya lebone ya folakse e kunkelang eo a tla e tima, ho fihlela a tlisa toka ka katleho.
nwtsty study note se ho Mat 12:20
kgwele ya lebone: Mehleng ya kgale, ho ne ho tlwaelehile ho sebedisa lebone la ka tlung la letsopa le tletseng oli ya mohlware. Kgwele e ne e sebedisa oli e ka leboneng hore ho be le lelakabe. Polelo ya Segerike e leng “kgwele ya lebone” e ka bolela kgwele e fanang ka mosi ho bontsha hore lelakabe le tlo tima. Boprofeta bo hlahang lengolong la Esaia 42:3 bo ile ba bolela esale pele ka kutlwelo bohloko ya Jesu, le hore o ne a ke ke a tima tlhase e setseng ya tshepo ho batho ba ikokobeditseng le ba hatelletsweng.
(Matheu 13:25) Ha batho ba ntse ba robetse, sera sa hae sa tla mme sa jalella mofoka hara koro, mme sa tloha.
w16.10 32
Na o ne o Tseba?
Na re ka dumela hore mehleng ya kgale motho o ne a ka jala mofoka tshimong ya motho e mong?
HO MATHEU 13:24-26, Jesu o ile a re: “Mmuso wa mahodimo o jwalo ka motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae. Ha batho ba ntse ba robetse, sera sa hae sa tla mme sa jalella mofoka hara koro, mme sa tloha. Ha lekgasi le hlaha mme le hlahisa ditholwana, jwale le mofoka wa bonahala.” Bangodi ba fapaneng ha ba dumele hore papiso ena e hlile e etsahetse, empa dibuka tsa kgale tsa Baroma di paka hore e tlameha e be seo se ile sa etsahala.
“Dikishinari e nngwe ya Bibele e re: “Ho jala mofoka tshimong ya motho e mong ka sepheo sa ho iphetetsa . . . e ne e le tlolo ya molao pusong ya Roma. Taba ya hore ho ne ho behilwe molao ona e bontsha hore sena se ne se hlile se etsahala.” Setsebi sa molao se bitswang Alastair Kerr se hlalosa hore ka selemo sa 533, Moemphera wa Moroma ya bitswang Justinian o ile a hatisa buka ya hae ya molao e bitswang Digest, e neng e le kakaretso ya melao ya Baroma le dikarolo tse nkilweng dikahlolong tseo baahlodi ba ka nako eo ba ileng ba fana ka tsona (ho tloha selemong sa 100 ho ya ho sa 250). Bukeng eo (Digest, 9.2.27.14), setsebi sa molao se bitswang Ulpian se ile sa bua ka nyewe e ileng ya sebetswa ke mmusisi wa Moroma ya bitswang Celsus dilemong tsa bo 200. Ho na le motho ya neng a jetse mofoka tshimong ya e mong mme a bolaile dijalo tsa hae. Buka eo e ne e fana ka mekgwa e molaong ya ho lefa monga tshimo kapa motho ya e hirileng, e le hore a ka buseletswa bakeng sa tshenyo e bakilweng.
Hore ebe dinyewe tsena di ile tsa e ba teng Mmusong wa Roma, seo se paka hore papiso eo ya Jesu ke ntho ya sebele e neng e etsahala.
Mmalo wa Bibele
12-18 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 14-15
“Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae”
(Matheu 14:16, 17) Le ha ho le jwalo, Jesu a re ho bona: “Ha bo a lokela ho tloha: lona bo feng se jewang.” 17 Ba re ho yena: “Ha re na letho mona haese mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi.”
w13 7/15 15 ¶2
Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae
2 Ha Jesu a bona bongata, o susumetswa ke kgauho, kahoo, o phekola ba kulang hara bona mme o ba ruta dintho tse ngata ka Mmuso wa Modimo. Ha shwalane e tshwara, barutuwa ba kgothalletsa Jesu hore a re batho bao ba tsamaye ba ye metseng e haufi ba ilo ithekela dijo. Empa Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Lona [ba] feng se jewang.” E tlameha ebe ba ile ba makatswa ke seo a se buang ka ha dijo tse neng di le teng di ne di le nyenyane haholo, e ne e le mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi tse nyenyane.
(Matheu 14:18, 19) A re: “Di tliseng mona ho nna.” 19 Ka mora moo a laela bongata hore bo otle ka lehlakore hodima jwang mme a nka mahobe ao a mahlano le ditlhapi tseo tse pedi, ha a lelalla lehodimong, a kopa tlhohonolofatso mme, ka mora ho qhetsola mahobe, a a abela barutuwa, barutuwa bona ba a abela bongata.
w13 7/15 15 ¶3
Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae
3 Ka ha Jesu o ne a susumetswa ke kutlwelo bohloko, o ile a etsa mohlolo, e leng ona feela mohlolo o tlalehilweng ke bangodi ba Dikosepele ka bone ba bona. (Mareka 6:35-44; Luka 9:10-17; Johanne 6:1-13) Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae hore ba bolelle bongata boo hore bo otle ka lehlakore hodima jwang bo botala ka dihlopha tsa ba 50 le tsa ba 100. Ka mora ho kopa tlhohonolofatso, o qala ho qhetsola mahobe le ho arola ditlhapi. Jwale, ho e na le hore Jesu a fe batho dijo ka ho toba, o di abela “barutuwa, barutuwa bona ba [di] abela bongata.” Ka mohlolo ho ba le dijo tse ngata hoo batho ba ileng ba ja tsa ba tsa sala! A ko nahane feela: Jesu o fepile batho ba dikete ka matsoho a ba seng bakae, e leng barutuwa ba hae.
(Matheu 14:20, 21) Kahoo bohle ba ja ba kgora, mme ba nka dingwathwana tse setseng, dibaskete tse leshome le metso e mmedi tse tletseng. 21 Empa le ha ho le jwalo ba neng ba ja e ne e ka ba banna ba dikete tse hlano, ntle ho basadi le bana ba banyenyane.
nwtsty study note se ho Mat 14:21
basadi le bana ba banyenyane: Ke Matheu feela a buang ka basadi le bana ba banyenyane ha a tlaleha ka mohlolo ona. Ho ka etsahala hore palo ya batho ba neng ba le teng ba ileng ba fepuwa ka mohlolo e ne e feta 15 000.
w13 7/15 15 ¶1
Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae
NAHANA ka ketsahalao ena. (Bala Matheu 14:14-21.) Pele e ba Paseka ya 32 C.E. Banna ba bangata ba ka bang 5 000, ntle ho basadi le bana ba banyenyane, ba na le Jesu le barutuwa ba hae sebakeng se ka thoko se Bethsaida, motsana o ka leboya lebopong la Lewatle la Galilea.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Matheu 15:7-9) Lona baikaketsi, Esaia o ile a profeta ka ho loketseng ka lona, ha a re, 8 ‘Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo, empa le ha ho le jwalo dipelo tsa sona di suthetse hole le nna. 9 Ke ha lefeella hore ebe se ntse se nthapela, hobane se ruta ditaelo tsa batho e le dithuto.’”
nwtsty study note se ho Mat 15:7
baikaketsi: Lentswe la Segerike e leng hy·po·kri·tesʹ le hlalosa batshwantshisi ba kwahetseng difahleho tsa bona e le hore modumo wa mantswe a bona o be moholo. Lentswe lena le ka boela la sebediswa ka tsela ya tshwantshetso e le ho hlalosa motho ya patang seo a leng sona kapa ya patang botho ba hae. Jesu o bitsa baetapele ba bodumedi ba Bajuda “baikaketsi.”—Mat 6:5, 16.
(Matheu 15:26) Ha a araba a re: “Ha ho a nepahala ho nka bohobe ba bana le ho bo akgella dintjanyana.”
nwtsty study note se ho Mat 15:26
bana . . . dintjanyana: Mangolo a sebedisa lentswe dintja ka tsela e nyenyefatsang hobane ho latela molao o neng o filwe Moshe, dintja di ne di sa hlweka. (Le 11:27; Mat 7:6; Fil 3:2; Tše 22:15) Le ha ho le jwalo, tlaleho ya Mareka ho kgaolo ya 7 temana ya 27 le tlalehong ya Matheu e buang ka moqoqo wa Jesu, polelo e reng “dintjanyana” e sebediswa ka tsela eo papiso e tla utlwahala habonolo. Mohlomong sena se bontsha hore Jesu o ne a sebedisa lentswe lena ho bontsha hore batho bao e seng Bajuda ba ne ba rata dintjanyana tseo ba neng ba di ruile. Ha Jesu a bapisa Baiseraele le “bana” mme batho bao e seng Bajuda a ba bapisa le “dintjanyana,” ha e le hantle o ne a bontsha hore Baiseraele ba tla pele ho batho bao eseng Bajuda. Lelapeng leo e leng hore ho na le bana le dintjanyana, bana ba ne ba tla fepuwa pele ho tsona.
Mmalo wa Bibele
19-25 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG A BIBELENG | MATHEU 16-17
“O Nahana Menahano ya Mang?”
(Matheu 16:21, 22) Ho tloha ka nako eo ho ya pele Jesu Kreste a qala ho bontsha barutuwa ba hae hore o tla ya Jerusalema le ho utlwiswa bohloko dinthong tse ngata ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangodi, le ho bolawa, mme a tsoswe ka letsatsi la boraro. 22 Yaba Petrose o mo nkela ka thoko mme o qala ho mo kgalemela ka matla, o re: “Ikgauhele, Morena; ho hang o ke ke wa ba le qetello ena.”
w07 2/15 16 ¶17
Banna, Elang Hloko Bohlooho ba Kreste
17 Ka lekgetlo le leng, Jesu o ile a hlalosetsa baapostola ba hae hore o lokela ho ya Jerusalema, moo a neng a tla hloriswa ke “banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangodi, le ho bolawa, mme a tsoswe ka letsatsi la boraro.” Ha Petrose a utlwa sena, o ile a nkela Jesu ka thoko mme a qala ho mo kgalemela ka matla, a re: “Ikgauhele, Morena; ho hang o ke ke wa ba le qetello ena.” Ho hlakile hore pono ya Petrose e ne e foufaditswe ke ho nkwa ke maikutlo. Ho ne ho hlokahala hore pono ya hae e lokiswe. Kahoo Jesu o ile a re ho yena: “Suthela ka mora ka, Satane! O kgopiso ho nna, hobane o nahana menahano ya batho, eseng ya Modimo.”—Matheu 16:21-23.
(Matheu 16:23) Empa, ha a furalla, a re ho Petrose: “Suthela ka mora ka, Satane! O kgopiso ho nna, hobane o nahana menahano ya batho, eseng ya Modimo.”
w15 5/15 7-8¶16-17
Lebelang, Satane o Batla ho le Harola!
16 Satane a ka thetsa esita le bahlanka ba Jehova ba tjhesehang. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ha Jesu a bolella barutuwa ba hae hore o haufi le ho bolawa. Moapostola Petrose ya neng a rata Jesu o ile a re: “Ikgauhele, Morena; ho hang o ke ke wa ba le qetello ena.” Empa Jesu a re ho Petrose: “Suthela ka mora ka, Satane!” (Matheu 16:22, 23) Ke hobaneng ha Jesu a ile a bitsa Petrose “Satane”? Ke hobane Jesu o ne a tseba se tla tloha se etsahala. Jesu o ne a le haufi le ho tela bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo, mme o ne a tla paka hore Diabolose ke raleshano. Ena e ne e le nako ya bohlokwa ka ho fetisisa historing ya batho, eseng ya hore Jesu a “ikgauhele.” Satane o ne a tla thaba haholo ha Jesu a ne a ka kgaotsa ho lebela.
17 Bofelo ba tsamaiso ena ya dintho bo haufi, kahoo le rona re phela nakong ya makgaolakgang. Satane o batla hore re “ikgauhele” ka hore re batle ho atleha lefatsheng lena mme kahoo re kgaotse ho lebela. O se ke wa dumella seo! Ho e na le hoo, ‘dula o lebetse.’ (Matheu 24:42) O se ke wa kgolwa leshano la Satane la hore bofelo bo sa le hole kapa ha bo tle.
(Matheu 16:24) Jwale Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a ke a itatole mme a nke thupa ya hae ya tlhokofatso a ntatele a sa kgaotse.
w06 4/1 23 ¶9
‘E yang mme le Etse Barutuwa, le ba Kolobetse’
9 Ho latela mohlala wa Jesu wa ho etsa thato ya Modimo ho akarelletsang? Jesu o itse ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a ke a itatole mme a nke thupa ya hae ya tlhokofatso a ntatele a sa kgaotse.” (Matheu 16:24) Mona Jesu o ile a thathamisa dintho tse tharo tseo re tlamehang ho di etsa. Ya pele, re a ‘itatola.’ Ka mantswe a mang, re lahla ditshekamelo tsa rona tsa boithati le tsa ho se phethahale, ebe re dumela hore re tla mamela keletso le tataiso ya Modimo. Ya bobedi, ‘re nka thupa ya rona ya tlhokofatso.’ Mehleng ya Jesu thupa ya tlhokofatso e ne e tshwantshetsa dihlong le ho utlwa bohloko. Jwalo ka Bakreste, re a dumela hore ka dinako tse ding re ka nna ra utlwa bohloko ka lebaka la ditaba tse molemo. (2 Timothea 1:8) Le hoja lefatshe le ka nna la re soma kapa la re nyefola, re tshwana le Kreste, ka ho se ‘natse dihlong’ mme re thabela ho tseba hore re kgahlisa Modimo. (Baheberu 12:2) Qetellong, re latela Jesu ‘re sa kgaotse.’—Pesaleme ya 73:26; 119:44; 145:2.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Matheu 16:18) Hape, ke re ho wena, O Petrose, mme hodima lefika lena ke tla haha phutheho ya ka, mme diheke tsa Hadese di ke ke tsa e hlola ka matla.
nwtsty study note se ho Mat 16:18
O Petrose, mme hodima lefika lena: Lentswe la Segerike peʹtros le bolela “karolo ya lefika” ha ho buuwa ka monna. Mona lentswe lena (Petrose) le sebediswa e le lebitso, e leng lebitso la Segerike leo Jesu a le fileng Simone. (Joh 1:42) Lentswe peʹtra le hlaloswa e le “lefika,” mme le ka bolela lejwe le ka fatshe fatshe, selomo kapa lejwe le leholo ha ho buuwa ka mosadi. Lentswe lena la Segerike le boetse le hlaha ho Mat 7:24, 25; 27:60; Lu 6:48; 8:6; Bar 9:33; 1Ko 10:4; 1Pe 2:8. Ho hlakile hore Petrose o ne a sa ipone e le lefika leo Jesu a neng a tla haha phutheho hodima lona, ka ha ho 1Petrose 2:4-8 o ile a re Jesu ke yena “lejwe la sekgutlo la motheo” leo esale ho buuwa ka lona kgale, leo Modimo a le kgethileng ka boyena. Moapostola Pauluse le yena o ile a re Jesu ke “motheo” le ‘lefika la moya.’ (1Ko 3:11; 10:4) Kahoo Jesu o ne a sebedisa mokgabo puo ha a ne a re: ‘Wena, eo ke mo bitsang Petrose, Karolo ya Lefika, o kgonne ho lemoha eo ha e le hantle e leng Kreste, “lefika lena,” eo e tlang ho ba motheo wa phutheho ya Bokreste.’
phutheho: Ke lekgetlo la pele lentswe lena la Segerike e leng ek·kle·siʹa le hlaha. Le tswa mantsweng a mabedi a Segerike e leng ek, e bolelang “ka ntle,” le lentswe ka·leʹo, le bolelang “ho bitsa.” Le bolela sehlopha sa batho ba bitsetsweng hammoho bakeng sa morero o itseng kapa ketsahalo e itseng. Tabeng ena, Jesu o fana ka boitsebiso esale pele ka phutheho ya Bokreste, e entsweng ka Bakreste ba tlotsitsweng, bao jwalo ka “majwe a phelang” ba ntseng ba ‘hahwa e le ntlo ya moya.’ (1Pe 2:4, 5) Lentswe lena la Segerike le sebediswa hangata ho Septuagint ka tsela e tshwanang le lentswe la Seheberu le bolelang “phutheho,” leo hangata le buang ka batho bohle ba Modimo. (De 23:3; 31:30) Ho Liketso 7:38, Baiseraele ba ileng ba ntshwa Egepeta ba bitswa “phutheho.” Ka ho tshwanang, Bakreste ba ‘bitsitsweng ho tswa lefifing’ le ba ‘kgethilweng lefatsheng’ ba etsa “phutheho ya Modimo.”—1Pe 2:9; Joh 15:19; 1Ko 1:2.
(Matheu 16:19) Ke tla o fa dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo, mme eng kapa eng eo o ka e tlamang lefatsheng e tla ba ntho e tlamilweng mahodimong, mme eng kapa eng eo o ka e lokollang lefatsheng e tla ba ntho e lokolotsweng mahodimong.”
nwtsty study note se ho Mat 16:19
dinotlolo tsa Mmuso wa mahodimo: Ka Bibeleng, ba neng ba fuwa dinotlolo tse itseng, ebang ke ka tsela ya sebele kapa ya tshwantshetso, ba ne ba tshepelwa ho fuwa boikarabelo. (1Likr 9:26, 27; Esa 22:20-22) Kahoo lentswe “senotlolo” le tshwantshetsa bolaodi kapa boikarabelo. Petrose o ile a sebedisa “dinotlolo” tsena ho bulela Bajuda (Lik 2:22-41), Basamaria (Lik 8:14-17) le Baditjhaba (Lik 10:34-38) monyetla wa ho fumana moya wa Modimo e le hore ba tle ba kene Mmusong wa lehodimo.
Mmalo wa Bibele
26 FEBRUARY–MARCH 4
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 18-19
“Qoba ho Ikgopisa le ho Kgopisa ba Bang”
(Matheu 18:6, 7) Empa mang kapa mang ya kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba behang tumelo ho nna, ho molemo haholo ho yena hore lelwala le kang le sothwang ke esele le leketliswe molaleng wa hae mme a tebiswe lewatleng lee pharaletseng, le bulehileng. 7 “Ho madimabe lefatshe ka lebaka la dikgopiso! Ka ho hlakileng, ha ho ka tsela e nngwe dikgopiso di tla tla, empa ho madimabe motho eo kgopiso e tlang ka yena!
nwtsty study notes tse ho Mat 18:6, 7
lelwala le sothwang ke esele: Kapa “lelwala le leholo.” E leng “lelwala le sothwang ke esele.” Lelwala le jwalo le ne le ka ba boholo ba dimathara tse pakeng tsa 1.2 ho ya ho tse 1.5 ka bophara, e ne e le boima hoo e neng e lokela ho sothwa ke esele.
kgopiso: Lentswe la Segerike skanʹda·lon; le hloloswang e le “kgopiso” le ka nna la bolela leraba; ba bang ba bolela hore ke thupa e lerabeng e sebediswang ho tjheha. Ho feta moo, lentswe lena le ile la sebediswa ho eng kapa eng e ka kgopisang motho kapa e ka etsang hore a we. Ka tsela ya tswantshetso, ke ketso kapa boemo bo etsang hore motho a latele tsela e fosahetseng, a etse boitshwaro bo bobe kapa a wele sebeng. Ho Matheu 18:8, 9, leetsi skan·da·liʹzo, le fetoletsweng e le “ho kgopisa,” le ka nna la bolela “ho ba leraba; ho etsa hore motho a etse sebe.”
nwtsty media
Lelwala
Malwala a ne a sebedisetswa ho sila dijothollo le ho ntsha oli ka hara mohlware. A mang a ne a le manyane hore a ka sothwa ka letsoho empa a mang a ne a le maholo hoo a neng a sothwa ke phoofolo. Ho ka etsahala hore ebe lelwala leo Bafilista ba ileng ba qobella Samsone ho le sotha le ne le le leholo jwalo ka leo. (Bhl 16:21) Lelwala le neng le sothwa ke diphoofolo le ne le sa tlwaeleha Iseraele feela empa le ne le tlwaelehile le karolong e kgolo ya Mmuso wa Roma.
Lelwala le ka Hodimo le le ka Tlase
Lelwala le leholo le hlahileng mona le ne le ka sothwa ke phoofoolo e ruuwang jwalo ka tonki, le ne le le sebedisetswa ho sila dijothollo kapa mohlware. Lelwala le ka hodimo le ne le ka ba bophara ba dimithara tse 1.5 mme le ne le ka sothelwa ka hara lelwala le leholo ho feta moo.
(Matheu 18:8, 9) Jwale, haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le etsa hore o kgoptjwe, o le kgaole mme o le lahlele hole le wena; ho molemo hore o kene bophelong o qhwadile kapa o holofetse ho e na le ho lahlelwa mollong o sa feleng o e na le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi. 9 Hape, haeba leihlo la hao le etsa hore o kgoptjwe, o le honye mme o le lahlele hole le wena; ho molemo hore o kene bophelong o e na le leihlo le le leng ho e na le ho lahlelwa Gehena ya mollo o e na le mahlo a mabedi.
nwtsty study note se ho Mat 18:9
Gehena: Lentswe lena le tswa mantsweng a Seheberu geh hin·nomʹ, a bolelang “phula ya Hinome,” eo e leng Borwa Bophirima ho Jerusalema ya kgale. Mehleng ya Jesu, phula ena e ne e sebediswa e le sebaka sa ho tjhesa matlakala, jwale lentswe “Gehena” e ne e le tshwantshetso e loketseng bakeng sa timetso e felletseng.
nwtstg Glossary
Gehena
Lebitso la Segereki la Phula ya Hinome e leng borwa bophirima ho Jerusalema ya kgale. (Jer 7:31) Boprofeta bo buwa ka yona e le sebaka seo ho sona ditopo di neng di lahlelwa teng. (Jer 7:32; 19:6) Ha ho na bopaki ba hore diphoofolo kapa batho ba ne ba lahlelwa Gehena e le ho hlekefetswa kapa ho tjheswa ba ntse ba phela. Kahoo ho ke ke ha etsahala hore ebe Gehena e tshwantshetsa sebaka se sa bonahaleng moo meya ya batho e hlekefetswang ka ho sa feleng mollong wa sebele. Ho e na le hoo, Jesu le barutuwa ba hae ba ile ba sebedisa Gehena e le papiso ya kotlo ya “lefu la bodedi,” e leng timetso ya ka ho sa feleng.—Tše 20:14; Mat 5:22; 10:28.
(Matheu 18:10) Iponeleng hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana; etswe ke a le bolella hore mangeloi a bona lehodimong kamehla a bona sefahleho sa Ntate ya lehodimong.
nwtsty study note se ho Mat 18:10
bona sefahleho sa Ntate wa ka: Kapa “ho atamela ho Ntate.” Mangeloi ke ona fela a ka bonang sefahleho sa Modimo hobane a kgona ho atamela ho Modimo ka ho toba.—Ex 33:20.
w10 11/1 16
Kamoo Dibopuwa Tsa Moya di re Amang Kateng
Jesu o ile a senola hore mangeloi a fuwe boikarabelo ba ho hlokomela bahlanka ba Modimo moyeng. Kahoo, ha Jesu a ne a eletsa barutuwa ba hae ka ho kgopisa ba bang, o ile a re: “Iponeleng hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana; etswe ke a le bolella hore mangeloi a bona lehodimong kamehla a bona sefahleho sa Ntate ya lehodimong.” (Matheu 18:10) Ha Jesu a tjho jwalo, o ne a sa bolele hore molatedi e mong le e mong wa hae o na le lengeloi la hae le mo hlokometseng. Empa Jesu o ne a bolela hore mangeloi a sebetsang haufiufi le Modimo a amehile haholo ka ditho tsa phutheho ya Bokreste.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Matheu 18:21, 22) Jwale Petrose a tla mme a re ho yena: “Morena, ke ka makgetlo a makae moreso a lokelang ho ntshitelwa mme ke mo tshwarele? Ho fihlela makgetlong a supileng?” 22 Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena, eseng, ho fihlela makgetlong a supileng, empa, ho fihlela makgetlong a mashome a supileng a metso e supileng.
nwtsty study note se ho Mat 18:22
mashome a supileng a metso e supileng: E leng “mashome a supileng a metso e supileng.” Polelo ena ya Segerike e utlwisiswa e le “70 le 7” (makgetlo a mashome a supileng a metso e supileng) kapa “70 ka makgetlo a 7” (e leng makgetlo a 490). Mantswe a fumanwang ho Septuagint ho Genese 4:24 a fana ka tlhaloso e tshwanang le a polelo ya Seheberu e fetoletsweng e le “mashome a supileng le a supileng.” Ho sa tsotellehe hore na polelo ena e utlwisiswa jwang, sena se ne se bontsha ketso ya “ka ho sa feleng” kapa “e senang moedi.” Ho re e be Jesu o ile a fetola makgetlo a Petrose a 7 ho makgetlo a 77, ho bontsha hore o ne a ruta balatedi ba hae hore ha ba a lokela ho tshwarela motho e mong ho latela hore na ba ikutlwa jwang ka nako eo. Ho fapana le seo, Talmud ya Bababylona (Yoma 86b) yona e re: “Haeba motho a etsa phoso ka lekgetlo la pele, la bobedi le la boraro a tshwarelwe empa ka lekgetlo la bone a se ke a tshwarelwa.”
(Matheu 19:7) Ba re ho yena: “Jwale, ke hobaneng ha Moshe a ile a laela hore ho fanwe ka lengolo la bopaki la ho mo bolella hore a tsamaye le ho mo hlala?”
nwtsty study note se ho Mat 19:7
lengolo la bopaki la ho mo bolella hore a tsamaye: Kapa “lengolo la tlhalo.” Molao o ne o fa monna ya batlang ho hlala mosadi wa hae nako e lekaneng ya hore a nahanisise qeto ena e tebileng ka hore o mo batle lengolo la molao le hore a buisane le baholo. Sepheo sa molao e ne e le ho thibela tlhalo e etswang ka lepotlapotla le ho fa basadi tshireletso ya molao. (De 24:1) Empa mehleng ya Jesu, baetapele ba bodumedi ba ne ba entse tlhalo e be ntho e bonolo. Rahistori wa dilemong tsa bo 100 ya bitswang Josephus, Mofarisi a ileng a hlala, o ile a fana ka tlhahiso ya hore tlhalo e be ntho e dumellwang “ka mabaka le ha e le afe (mme hangata banna e ne e le bona ba hlalang).”
nwtsty media
Lengolo la Tlhalo
Lengolo lena la tlhalo le ngotswe ka Searame ka 71 kapa 72 C.E. Le fumanwe leboya ho Wadi Murabbaat, fatshe nokeng e omelletseng Lehwatateng la Judea. Le bontsa hore selemong sa botshelela sa ha Bajuda ba ne ba fetohela mmuso wa Baroma, Joseph ya neng a dula motseng wa Masada eo e neng e le mora wa Naqsan, o ile a hlala Miriam moradi wa Jonathan.
Mmalo wa Bibele