Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwbr18 May maq. 1-8
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
  • Dihloohwana
  • 7-13 MAY
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
mwbr18 May maq. 1-8

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

7-13 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MAREKA 7-8

‘Nka Thupa ya Hao ya Tlhokofatso o Ntatele o sa Kgaotse’

(Mareka 8:34) Jwale a bitsetsa bongata ho yena le barutuwa ba hae mme a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a ke a itatole mme a nke thupa ya hae ya tlhokofatso a ntatele a sa kgaotse.

nwtsty study note se ho Mar 8:34

a ke a itatole: Kapa “a tlohele ho iphelela.” Sena se bontsha hore motho o ikemiseditse ho itatola kapa ho tlohella dintho tsohle mme a phelele Modimo. Polelo ena ya Sekgerike e ka fetolelwa e le “motho ya itimang dintho,” mme tlhaloso ena ke e loketseng hobane sena se bolela hore motho o lokela ho itima dintho tseo a di ratang, tseo a di labalabelang le ho itima bophelo bo mabothobotho. (2Ko 5:14, 15) Polelo e tshwanang e sebeditswe ho Mareka moo e hlalosang ha Petrose a ne a latola Jesu.—Mar 14:30, 31, 72.

w92 8/1 17 ¶14

O Ntse o Matha Jwang Peisong ya Bophelo?

14 Ha Jesu Kreste a ne a dutse le balatedi ba hae le batho ba bang o ile a re “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a ke a itatole (kapa “o lokela ho re ‘tjhe’ ho dintho tse ding tseo a di labalabelang” Charles B. Williams) mme a nke thupa ya hae ya tlhokofatso a ntatele a sa kgaotse.” (Mareka 8:34) Ha re amohela memo ena, re tlameha ho ikemisetsa ho etsa jwalo “re sa kgaotse,” eseng hobane re lebelletse ho fumana ho itseng. Re etsa sena hobane re a tseba hore haeba re sa be hlokolosi mme ra hloka kahlolo e molemo seo se ka etsa hore re lahlehelwe ke kamano eo re nang le yona le Jehova, eo re nkileng nako ho e haha mme qetellong ra senya le monyetla wa ho fumana bophelo bo sa feleng. Hangata ho ka nka nako ho etsa kgatelopele moyeng, empa haeba re sa dule re lebetse, e ka re lahlehela ka ho panya ha leihlo!

(Mareka 8:35-37)

w08 10/15 25-26 ¶3-4

O Ikemiseditse ho Tela Eng e le Hore O Phele ka ho sa Feleng?

3 Lekgetlong leo, Jesu o ile a botsa dipotso tse pedi tse neng di fata maikutlo: “Ho na le molemo ofe ha motho a rua lefatshe lohle mme a lahlehelwa ke moya wa hae?” a ba a re, “Ka sebele, keng seo motho a neng a tla fana ka sona e le phapanyetsano bakeng sa moya wa hae?” (Mareka. 8:36, 37) Ho ya ka batho, karabo ya potso ya pele e totobetse. Ha ho thuse letho hore motho a rue lefatshe kaofela haeba a lahlehelwa ke moya wa hae, e leng bophelo ba hae. Dintho tseo motho a nang le tsona di molemo hafeela a ntse a phela e le hore a ka di thabela. Potso ya bobedi ya Jesu e reng: “Ka sebele, ke eng seo motho a neng a tla fana ka sona e le phapanyetsano bakeng sa moya wa hae?” e ka nna yaba e ile ya hopotsa bamamedi ba hae qoso eo Satane a ileng a e etsa mehleng ya Jobo ha a ne a re: “Motho o tla nehelana ka ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona bakeng sa moya wa hae.” (Jobo 2:4) Ho batho ba bang ba sa sebeletseng Jehova, mantswe ao a Satane e ka nna ya e ba nnete. Batho ba bangata ba ka etsa ntho le ha e le efe, ba tlola molaomotheo le ha e le ofe wa boitshwaro, e le hore feela ba dule ba phela. Le ha ho le jwalo, Bakreste bona ba tadima dintho ka tsela e fapaneng le eo.

4 Re a tseba hore Jesu ha a ka a tla lefatsheng e le hore a tlo re fa matlotlo, bophelo bo bolelele kapa ho fedisa ho kula lefatsheng lena. Empa o ile a tlela ho tla bula monyetla wa ho phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha, mme re nka tshepo eo ya ho phela ka ho sa feleng e le ya bohlokwa haholo. (Johanne 3:16) Mokreste o ne a ka utlwisisa hore potso ya Jesu ya pele e reng, “Ho na le molemo ofe ha motho a rua lefatshe lohle mme a lahlehelwa ke tshepo ya hae ya bophelo bo sa feleng?” e ka arabelwa ka hore: “Ha ho na molemo wa letho.” (1 Johanne. 2:15-17) Se ka re thusang ho araba potso ya bobedi ya Jesu, ke hore re ipotse, ‘Ke ikemiseditse ho tela dintho tse kae hona jwale e le hore jwang kapa jwang tshepo ya ka ya ho phela lefatsheng le letjha e phethahale?’ Tsela eo re phelang ka yona e re thusa ho arabela potso eo, ka ha e bontsha hore na tshepo eo e matla hakae dipelong tsa rona.—Bapisa le Johanne 12:25.

(Mar 8:38) Etswe mang kapa mang ya hlajwang ke dihlong ka lebaka la ka le mantswe a ka molokong ona o febang le o nang le sebe, Mora motho le yena o tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la hae ha a fihla ka kganya ya Ntatae a e na le mangeloi a halalelang.”

jy 143 ¶4

Mora Motho ke Mang?

Ka sebele balatedi ba Jesu ba lokela ho ba sebete mme ba itele e le hore a ka ba amohela. Jesu o itse: “Mang kapa mang ya hlajwang ke dihlong ka lebaka la ka le mantswe a ka molokong ona o febang le o nang le sebe, Mora motho le yena o tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la hae ha a fihla ka kganya ya Ntatae a e na le mangeloi a halalelang.” (Mareka 8:38) Ha Jesu a tla, “o tla buseletsa e mong le e mong ho ya ka boitshwaro ba hae.”—Matheu 16:27.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Mareka 7:5-8)

w16.08 30 ¶1-4

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha taba ya ho hlapa matsoho e ne e le bothata ho dira tsa Jesu?

▪ Ena ke e nngwe ya dintho tseo dira tsa Jesu di neng di mo qosa ka yona le barutuwa ba hae. Molao wa Moshe o ne o e na le ditaelo tse mmalwa tse tobileng tsa hore na motho o lokela ho itlhwekisa jwang haeba a e na le mohlapo, a tshwerwe ke lepera, kapa a amme setopo. O ne o boetse o bolela hore na motho o lokela ho etsang ho itlhwekisa. O ne a ka etsa sena ka hore a nyehele sehlabelo, a itlhatswe kapa a fafatswe.—Lev., kgao. 11-15; Num., kgao. 19.

Borabi ba Bajuda ba ile ba ikenyetsa melao e meng. Buka e nngwe e re ba ne ba batlisisa “hore na ho tlile jwang hore motho a be ditshila, a ka di fetisetsa ho ba bang jwang, hore na ke dijana dife tseo a ka di silafatsang le hore na ke meetlo efe eo a lokelang ho e latela e le hore a itlhwekise.”

Bahanyetsi ba Jesu ba ile ba mo botsa ba re: “Ke hobaneng ha barutuwa ba hao ba sa itshware ho latela neano ya banna ba dinakong tsa pele, empa ba ja dijo tsa bona ka matsoho a silafetseng?” (Mareka 7:5) Ba ne ba sa bue ka taba ya ho hlapa matsoho pele motho a ja. Ba ne ba e na le tlwaelo ya hore pele ba ja, ba lokela ho tshellwa metsi matsohong hore ba hlape. Buka e qotsitsweng ka hodimo e re: “Ba ne ba boetse ba phehisana kgang ka hore na ke dinkgo dife tse lokelang ho sebediswa, ke metsi a mofuta ofe a loketseng, ke mang ya lokelang ho a tshela le hore na matsoho a hlapuwe ho fihla hokae.”

Jesu o ile a bontsha ka ho hlaka hore na o ikutlwa jwang ka ditlwaelo tsena. O ile a re ho baetapele bao ba bodumedi ba Bajuda: “Esaia o ile a profeta ka ho loketseng ka lona baikaketsi, jwalo ka ha ho ngodilwe, ‘Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo, empa dipelo tsa sona di suthetse hole le [Jehova]. Ke ha lefeela hore e be se ntse se nthapela, hobane se ruta ditaelo tsa batho e le dithuto.’ Ha le tlohela taelo ya Modimo, le kgomarela neano ya batho.”—Mareka 7:6-8.

(Mareka 7:32-35)

w00 2/15 17-18 ¶9-11

Na o na le “Kelello ya Kreste”?

9 Monna enwa o ne a sa utlwe ditsebeng a bile a sa kgone ho bua hantle. Ho ka etsahala hore e be Jesu o ile a bona hore monna enwa o tshohile kapa o tshaba ho hlajwa ke dihlong. Yaba Jesu o etsa ho hong ho batlang ho sa tlwaeleha. O ile a nkela monna enwa ka thoko, hole le bongata, boinotshing. Yaba Jesu o sebedisa puo ya matsoho ho bolella monna enwa seo a neng a tla tloha a se etsa. O ile a “kenya menwana ka ditsebeng tsa monna eo mme, ka mora ho tshwela mathe, a ama leleme la hae.” (Mareka 7:33) Ka mora moo, Jesu o ile a lelalla lehodimong mme a rapela ka ho fehelwa. Dipontsho tsena, di ne di bolella monna enwa hore, ‘Seo ke tla tloha ke o etsetsa sona ke se etsa ka matla a tswang ho Modimo.’ Qetellong, Jesu o ile a re: “Buleha.” (Mareka 7:34) Ha seo se etsahala, monna eo o ile a utlwa, mme a kgona ho bua ka tsela e tlwaelehileng.

10 Jesu o ne a nahanela ba bang hakakang! O ne a ba utlwela bohloko ebile a amehile ka maikutlo a bona, mme o ile a susumelletseha ho bontsha ka diketso hore o nahanela maikutlo a bona. Jwalo ka Bakreste, ke hantle ha re hlaolela kelello ya Kreste le ho e bonahatsa tabeng ena. Bibele ya re eletsa: “Kaofela ha lona le be le kelello e jwalo, le bontsha ho utlwelana bohloko, le e na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e na le qenehelo e bonolo, le ikokobeditse kelellong.” (1 Petrose 3:8) Sena se bolela hore diketso tsa rona le dipuo tsa rona di lokela ho bontsha hore re nahanela ba bang.

11 Ka phuthehong, re ka bontsha hore re nahanela maikutlo a ba bang ka ho ba fa seriti, re ba tshware ka moo re neng re ka rata ho tshwarwa kateng. (Matheu 7:12) Seo se ne se tla akarelletsa ho ba hlokolosi ka seo re se buang le tsela eo re se buang ka yona. (Bakolose 4:6) Hopola hore ‘mantswe a buuwang ka ho se nahane a ka hlaba jwalo ka sabole.’ (Liproverbia 12:18, NW) Ho thweng ka lapeng? Monna le mosadi ba ratanang e le ka nnete, e mong o nahanela maikutlo a e mong. (Baefese 5:33) Ba qoba mantswe a bontshang ho hloka kutlwelo bohloko, ho tshwaya diphoso ho sa kgaotseng le ho phoqa ho halefisang e leng dintho tse ka utlwisang motho bohloko bo ke keng ba fola habonolo. Bana le bona ba na le maikutlo, mme batswadi ba lerato ba nahanela sena. Ha ho hlokahala kgalemelo, batswadi ba jwalo ba fana ka yona ka ditsela tse hlomphang seriti sa bana ba bona le tse sa ba hlabiseng dihlong ho sa hlokahale. (Bakolose 3:21) Ka tsela eo, ha re nahanela ba bang, re bontsha hore re na le kelello ya Kreste.

Mmalo wa Bibele

(Mareka 7:1-15)

14-20 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MAREKA 9-10

“Pono e Matlafatsang Tumelo”

(Mareka 9:1) Ho feta moo, a tswela pele ho re ho bona: “Kannete ke re ho lona, Ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latswa lefu pele ba bona mmuso wa Modimo o se o tlile ka matla.”

w05 1/15 12 ¶9-10

Kreste—Eo ho Builweng ka Yena Haholo Boprofeteng

9 Ho se ho fetile selemo ho tloha ha Jesu a fana ka bopaki bo boletsweng ka hodimo ba hore ke yena Mesia. Paseka ya selemo sa 32 e se e fetile. Ba bangata bao e neng e le badumedi ba kgaoditse ho mo latela, mohlomong ka lebaka la mahloriso, lerato la dintho tse bonahalang kapa matshwenyeho a bophelo. Mohlomong ba bang ba ne ba utlwa ba sa utlwisise kapa ba nyahamisitswe ke ha Jesu a hana ha batho ba leka ho mo etsa morena. Ha baetapele ba bodumedi ba Bajuda ba ne ba mo phephetsa, o ile a hana ho etsa pontsho ya ho itlotlisa e tswang lehodimong. (Matheu 12:38, 39) E ka nna yaba ho hana ha hae ho ile ha etsa hore ba bang ba sale ba ipotsa dipotso. Ho feta moo, Jesu o se a qadile ho senolela barutuwa ba hae ntho e itseng eo ba thatafallwang ke ho e utlwisisa ya hore “o tla ya Jerusalema le ho utlwiswa bohloko dinthong tse ngata ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangodi, le ho bolawa.”—Matheu 16:21-23.

10 Dikgweding tse ka bang robong ho isa ho tse leshome tse neng di tla latela, e ne e tla be e le nako “ya hore [Jesu] a tlohe lefatsheng lena ho ya ho Ntate.” (Johanne 13:1) A amehile ka botebo ka barutuwa ba hae ba tshepahalang, Jesu o tshepisa ba bang ba bona pontsho e tswang lehodimong, e leng yona ntho eo a hanneng ho e etsetsa Bajuda ba se nang tumelo. Jesu o re: “Kannete ke re ho lona ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latswa lefu pele ba bona Mora motho a tla ka mmuso wa hae.” (Matheu 16:28) Ho hlakile hore Jesu ha a bolele hore ba bang ba barutuwa ba hae ba tla phela ho fihlela ha Mmuso wa Bomesia o thehwa ka 1914. Jesu o nahanne ka ho bontsha barutuwa ba hae ba bararo ba haufi haholo le yena selelekela se hlollang sa kganya ya hae ha a se a busa Mmusong. Pono ena ya selelekela e bitswa ho fetoha sebopeho.

(Mareka 9:2-6)

w05 1/15 12 ¶11

Kreste—Eo ho Builweng ka Yena Haholo Boprofeteng

11 Matsatsi a tsheletseng hamorao, Jesu o nka Petrose, Jakobo le Johanne mme o nyolohela le bona thabeng e phahameng mohlomong tlhorong ya Thaba ya Hermone. Ha ba le moo, Jesu ‘o fetoha sebopeho ka pela bona, mme sefahleho sa hae se ne se kganya jwalo ka letsatsi, le diaparo tsa hae tsa ka ntle di phatsima jwalo ka lesedi.’ Jwale ho hlaha moprofeta Moshe le moprofeta Elia, mme ba buisana le Jesu. Mohlomong ketsahalo ena e sa tlwaelehang e etsahala bosiu, e leng se etsang hore e bonahale ka ho hlaka. Ha e le hantle, ke ya sebele hoo Petrose a ithaopelang ho hloma ditente tse tharo ya Jesu, ya Moshe le ya Elia. Ha Petrose a ntse a bua, leru le kganyang le a ba kwahela mme ho tswa lentswe lerung le re: “Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.”—Matheu 17:1-6.

(Mareka 9:7) Mme leru la bopeha, la ba kwahela, yaba lentswe le tswa lerung: “Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang; mo mameleng.”

nwtsty  study note se ho Mar 9:7

lentswe: Lena ke lekgetlo la bobedi ho a mararo ditlalehong tsa Dikospele moo Jehova a buang le batho ka ho toba.—Sheba study notes se ho Mar 1:11; Joh 12:28.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Mareka 10:6-9) Le ha ho le jwalo, tshimolohong ya popo ‘O ba entse e le e motona le e motshehadi. 7 Ka lebaka lena monna o tla siya ntatae le mmae, 8 mme bao ba babedi e tla ba nama e le nngwe’; e leng hore ha ba sa le babedi, empa e se e le nama e le nngwe. 9 Ka hona seo Modimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e ba le motho ya se arolang.”

w08 2/15 30 ¶8

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Mareka

10:6-9. Morero wa Modimo ke hore banyalani ba dule ba le hammoho. Ka hoo, ho e na le ho potlakela ho batla ho hlalana, banna le basadi ba lokela ho lwanela ho sebedisa melaomotheo ya Bibele hore ba hlole mathata leha e le afe a ka nnang a hlaha lenyalong.—Mat. 19:4-6.

nwtsty? study note se ho Mar 10:4

lengolo la bopaki la ho mo bolella hore a tsamaye: Kapa “lengolo la tlhalo.” Molao o ne o fa monna ya batlang ho hlala mosadi wa hae nako e lekaneng ya hore a nahanisise qeto ena e tebileng ka hore o mo batle lengolo la molao le hore a buisane le baholo. Sepheo sa molao e ne e le ho thibela tlhalo e etswang ka lepotlapotla le ho fa basadi tshireletso ya molao. (De 24:1) Empa mehleng ya Jesu, baetapele ba bodumedi ba ne ba entse tlhalo e be ntho e bonolo. Rahistori wa dilemong tsa bo 100 ya bitswang Josephus, Mofarisi a ileng a hlala, o ile a fana ka tlhahiso ya hore tlhalo e be ntho e dumellwang “ka mabaka le ha e le afe (mme hangata banna e ne e le bona ba hlalang).”

nwtsty? study note se ho Mar 10:11

ya hlalang mosadi wa hae: Kapa “ya reng mosadi wa hae a tsamaye.” Mantswe a Jesu a tlalehilweng ke Mareka a lokela ho utlwisiswa ka tsela e hlakileng jwalo ka ha a hlaha ho Mat 19:9, moo Jesu a reng “haese ka lebaka la bohlola.” (Sheba study note se ho Mat 5:32.) Seo Mareka a se ngotseng ha a ne a qotsa Jesu se bontsha hore motho o ne a ka hlala molekane wa hae haeba feela molekane eo a entse “bohlola” (Ka sekgerike e leng por·neiʼa).

o a feba, mme o a mo sitelwa: Jesu o hanyetsana le Borabi ba neng ba dumella batho ho hlala basadi ba bona ka “mabaka le ha e le afe.” (Mat 19:3, 9) Ho etsa bohlola e ne e le ntho e sa tlwaelehang ho Bajuda ba bangata. Borabi ba ne ba ruta hore ha ho mohla monna a ka etsetsang mosadi wa hae bohlola, empa ke mosadi feela ya ka etsang jwalo. Jesu o ne a bontsha hore o hlompha basadi ha a ne a fa banna melao ya boitshwaro e tshwanang le ya basadi.

(Mareka 10:17, 18) Yare ha a tsamaya, monna ya itseng a matha mme a wa ka mangole ka pela hae a mo botsa potso ena: “Mosuwe ya Molemo, ke etseng hore ke rue bophelo bo sa feleng?” 18 Jesu a re ho yena: “Ke hobaneng ha o mpitsa ya molemo? Ha ho ya molemo, ha e se a le mong, Modimo.

nwtsty  study notes se ho Mar 10:17, 18

Mosuwe ya Molemo: Ho hlakile hore monna enwa o ile a sebedisa mantswe “Mosuwe ya Molemo” hobane o ne a batla ho rorisa Jesu ho feta tekano. Tlotla e jwalo e ne e le tsela eo baetapele ba bodumedi ba neng ba batla ho bitswa ka yona. Jesu ha a ka a hana ho bitswa “Mosuwe” kapa “Morena” (Joh 13:13), empa lekgetlong lena o ile a lebisa tlotla yohle ho Ntate wa hae.

Ha ho ya molemo, haese a le mong, Modimo: Mona Jesu o ne a bontsha ka ho hlaka hore o nka Jehova e le yena ya lokileng ka ho fetisisa, ya nang le tokelo e felletseng ya ho bona se lokileng le se fosahetseng. Ka ha Adama le Eva e bile marabele ka hore ba je tholwana ya sefate sa tsebo ya botle le bobe, ho hlakile hore ba ne ba batla hore tokelo ena e be ya bona. Ho fapana le bona, ka boikokobetso Jesu o a tseba hore ke Jehova feela ya nang le tokelo ya ho beha melao. Modimo o ile a re hlalosetsa se lokileng a sebedisa ditaelo tse ka Lentsweng la hae.—Mar 10:19.

Mmalo wa Bibele

(Mark 9:1-13)

21-27 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MAREKA 11-12

‘O Akgetse ho Feta Batho Bohle’

(Mareka 12:41, 42) Yaba o dula fatshe moo a neng a ka bona matlole a polokelo ya matlotlo mme o qala ho hlokomela ka moo bongata bo neng bo akgela tjhelete ka matloleng a polokelo ya matlotlo; barui ba bangata ba ne ba akgela ditjhelete tse ngata tsa tshepe. 42 Jwale mohlolohadi e mong wa mofutsana a tla mme a akgela ditjheletana tse pedi tsa tshepe, tsa boleng bo bonyenyane haholo.

nwtsty  study notes tse ho Mar 12:41, 42

matlole a polokelo ya matlotlo: Ho ya ka tlaleho e nngwe ya Bajuda, mabokose a menehelo kapa dijana tsena, di ne di bopehile jwalo ka terompeta kapa lenaka, mme di ne di ena le lesoba le lenyenyane ka hodimo. Batho ba ne ba nehela ka ditsela tse sa tshwaneng. Ho Joh 8:20, lentswe lena la Sekgerike le fetoletswe e le ‘polokelo ya matlotlo.’ Polelo ena e ne e hlalosa sebaka se neng se le ka hara Lebala la Basadi tempeleng. (Sheba study note se ho Mat 27:6 le App. B11 [bukana ya Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo karolo ya 15.]) Ho latela dingolwa tsa borabi, ho bonahala matlole a 13 a polokelo a ne a behilwe ho potoloha lebota la lebala leo. Ho dumelwa hore tempele e ne e boetse e na le letlole la polokelo le ka sehloohong le neng le sebedisetswa ho tshela tjhelete yohle e nkilweng ka matloleng a mang a polokelo.

ditjheletana tse pedi tsa tshepe: Ha e le hantle sena se bolela “lepta tse pedi” e leng bongata ba lentswe la Sekgerike le·ptonʹ, le bolelang ntho e nyenyane le e sesane, (ela hloko hore lentswe lepton ke ha e le nngwe, empa ha di le ngata di bitswa lepta). Dinare e le nngwe e ne e lekana le lepta tse 128 sena ke bopaki ba hore e ne e le nyenyane ka ho fetisia hara ditjheletana tsa koporo le tsa boronse tse neng di sebediswa Iseraele.—Sheba Glossary, “Lepton,” le App. B14 (bukana ya Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo karolo ya 18.)

tsa boleng bo tlase haholo: Ho bolelang “quadrans.” Lentswe la Sekgerike ko·dranʹtes (le nkilwe lentsweng la Selatine e leng quadrans), le bolelang tjheletana ya boronse kapa ya koporo e sebediswang ke Baroma. Dinare e le nngwe e lekana le diquadrans tse 64. Mareka o sebedisitse tjhelete ya Baroma ho hlalosa boleng ba tjhelete e neng e sebediswa ke Bajuda.—Sheba App. B14 (bukana ya Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo karolo ya 18.)

(Mareka 12:43) Ka hoo a bitsetsa barutuwa ba hae ho yena mme a re ho bona: “Kannete ke re ho lona mohlolohadi enwa wa mofutsana o akgetse ho fetang ha bohle ba akgelang tjhelete ka matloleng a polokelo ya matlotlo.

w97 10/15 16-17 ¶16-17

Jehova o Ananela Tshebeletso ya Hao ya Moya Wohle

16 Matsatsi a seng makae hamorao, ka la 11 Nisane, Jesu o ile a qeta nako e telele a le tempeleng, moo matla a hae a ileng a belaellwa hoo a ileng a araba dipotso tse thata tse mabapi le lekgetho, tsoho le ditaba tse ding. Hara dintho tseo a neng a nyatsa bangodi le Bafarisi ka tsona e ne e le ‘ho harola matlo a bahlolohadi.’ (Mareka 12:40) Yaba Jesu o dula fatshe ka Lebaleng la Basadi, moo ho ya ka tlwaelo ya Sejuda, ho neng ho e na le matlole a polokelo ya matlotlo a 13. O ile a dula fatshe ka nakwana, a shebelletse ka hloko ha batho ba ntse ba akgela menehelo ya bona. Barui ba bangata ba ile ba tla, mohlomong ba bang ba iketsa ba lokileng, ba bile ba tla ka boikakaso. (Bapisa le Matheu 6:2.) Jesu o ile a tsepamisa mahlo ho mosadi e mong ya itseng. Motho e mong a ka be a sa ka a hlokomela letho le ikgethang ka yena kapa ka mpho ya hae. Empa Jesu, ka ha o ne a tseba dipelo, o tsebile hore ke ‘mohlolohadi wa mofutsana.’ Hape o ne a tseba hantle hore na mpho ya hae ke bokae e leng ‘ditjheletana tsa tshepe tse pedi, tse nang le boleng bo tlase haholo.’—Mareka 12:41, 42.

17 Jesu o ile a bitsa barutuwa ba hae, hobane o ne a batla hore ba bone ka mahlo thuto eo a neng a tla tloha a e ruta. Jesu o itse o “akgetse ho ho holwanyane ho feta bohle ba akgelang tjhelete ka matloleng a polokelo ya matlotlo.” Ho latela kutlwisiso ya hae, o ne a akgetse se fetang sa ba bang kaofela se kopane. O fane ka “sohle seo a neng a e na le sona” e leng tjhelete ya hae ya ho qetela. Ka ho etsa jwalo, o ile a bontsha hore o tshepa Jehova mme o kgodisehile hore o tla mo hlokomela. Motho ya hlahellang e le mohlala o motle wa ho fa Modimo, ke eo mpho ya hae e seng ya bohlokwa ha e bapiswa le dintho tse ding tse bonahalang. Le ha ho le jwalo, mahlong a Modimo e ne e le ya bohlokwahadi!—Mareka 12:43, 44; Jakobo 1:27.

(Mareka 12:44) Etswe kaofela ba akgetse ho tswa botlallong ba bona, empa yena, ho tswa bohloking ba hae, o akgetse sohle seo a neng a e na le sona, sohle seo a neng a phela ka sona.”

w97 10/15 17 ¶17

Jehova o Ananela Tshebeletso ya Hao ya Moya Wohle

17 Jesu o ile a bitsa barutuwa ba hae, hobane o ne a batla hore ba bone ka mahlo thuto eo a neng a tla tloha a e ruta. Jesu o itse o “akgetse haholwanyane ho feta bohle ba akgelang tjhelete ka matloleng a polokelo ya matlotlo.” Ho latela kutlwisiso ya hae, o ne a akgetse se fetang sa ba bang kaofela se kopane. O fane ka “sohle seo a neng a e na le sona,” e leng tjhelete ya hae ya ho qetela. Ka ho etsa jwalo, o ile a bontsha hore o tshepa Jehova mme o kgodisehile hore o tla mo hlokomela. Motho ya hlahellang e le mohlala o motle wa ho fa Modimo, ke eo mpho ya hae e seng ya bohlokwa ha e bapiswa le dintho tse ding tse bonahalang. Le ha ho le jwalo, mahlong a Modimo e ne e le ya bohlokwahadi!—Mareka 12:43, 44; Jakobo 1:27.

w87 12/1 30 ¶1

Na ho Fana ha Hao ke Sehlabelo?

Ho na le dintho tse ngata tsa bohlokwahadi tseo re ka ithutang tsona tlalehong ena. Mohlomong e nngwe ya tse hlahelletseng ka ho fetisisa ke hore, le hoja re filwe monyetla wa ho tshehetsa borapedi ba nnete ka dintho tsa rona tse bonahalang, hoo e leng habohlokwa mahlong a Modimo, hase ho fana ka seo re ka nnang ra phela kantle ho sona, empa ke ho fana ka seo e leng sa bohlokwa ho rona. Ka mantswe a mang, na re fana ka dintho tseo re hlileng re ke keng ra di hloka? Kapa na kannete ho fana ha rona ke sehlabelo?

cl 185 ¶15

Bohlale bo ka Hara “Lentswe la Modimo”

15 Na hase habohlokwa hore e be hara batho bao bohle ba neng ba tlile tempeleng letsatsing leo, mohlolohadi eo o ile a kgethollwa le ho bolelwa ka Bibeleng? Ka mohlala ona, Jehova o re ruta hore ke Modimo ya ananelang. O thabela ho amohela dimpho tsa rona tse fanwang ka moya wohle, ho sa tsotellehe hore na di jwang ha di bapiswa le tseo ba bang ba fanang ka tsona. Ka sebele Jehova o fumane tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho re ruta nnete ena e re amang dipelo!

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Mareka 11:17) Empa a nna a ruta mme a re: “Na ha ho a ngolwa, ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo bakeng sa ditjhaba tsohle’? Empa le e entse lehaha la mashodu.”

nwtsty study note se ho Mar 11:17

ntlo ya thapelo bakeng sa ditjhaba tsohle: Hara bangodi ba bararo ba Kospele ba qotsitseng mantswe a ho Esa 56:7, ke Mareka feela ya kentseng mantswe ana “bakeng sa ditjhaba [batho] tsohle” (Mat 21:13; Lu 19:46) Tempele e neng e le Jerusalema e ne e le sebaka se neng se etseditswe Baiseraele le batho ba bang ba tshabang Modimo e le hore ba ka rorisa le ho rapela Jehova. (1Ma 8:41-43) Jesu o ile a ahlola Bajuda ba neng ba sebedisa tempele bakeng sa kgwebo hobane ba ne ba e entse lehaha la mashodu. Diketso tsa bona di ile tsa nyahamisa batho ba ditjhaba tsohle ho atamela Jehova ntlong ya hae ya borapedi. Hape, seo se ile sa ba thibela ho ba le monyetla wa ho ithuta ka yena.

(Mareka 11:27, 28) Ba boela ba tla Jerusalema. Ha a ntse a tsamaya ka tempeleng, baprista ba ka sehloohong le bangodi le banna ba baholo ba tla ho yena 28 mme ba qala ho re ho yena: “O etsa dintho tse ka matla afe? kapa ke mang ya o fileng matla a a ho etsa dintho tse?”

jy 244 ¶7

Mar 11:27, 28?—Ke “dintho” dife tseo Jesu a neng a di etsa tseo bahanyetsi ba hae ba neng ba bua ka tsona?

Sefate sa Feiga se Sebedisitswe ho re Ruta ka Tumelo

Hamorao, Jesu le barutuwa ba hae ba kena Jerusalema. Jwalo ka tlwaelo, Jesu a ya ka tempeleng mme a qala ho ruta. Baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba setjhaba ba ne ba tseba hantle se neng se etsahetse letsatsi pele ho moo ha Jesu a ne a leleka ba neng ba rekisa ka tempeleng. Empa ba tswela pele ho mmotsa: “O etsa dintho tse ka matla afe? Kapa ke mang ya o fileng matla a a ho etsa dintho tse?”—Mareka 11:28.

Mmalo wa Bibele

(Mareka 12:13-27

28 MAY–3 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MAREKA 13-14

“Qoba Leraba la ho Tshaba Batho”

(Mareka 14:29) Empa Petrose a re ho yena: “Esita le haeba ba bang kaofela ba kgoptjwa, le ha ho le jwalo nna nke ke ka kgoptjwa.”

(Mareka 14:31) Empa a qala ho re ka tiyo: “Haeba ke lokela ho shwa le wena, ho hang nke ke ka o latola.” Ba bang kaofela le bona ba qala ho bua ntho e tshwanang.

(Mareka 14:50) Kaofela ba mo tlohela mme ba baleha.

(Mareka 14:47) Le ha ho le jwalo, e mong wa ba neng ba eme haufi a tsomula sabole ya hae mme a hlatha lekgoba la moprista ya phahameng a le tlosa tsebe.

(Mareka 14:54) Empa Petrose, a le hole, a mo latela ho ya fihla ka lebaleng la moprista ya phahameng; mme o ne a dutse hammoho le bahlanka ba ntlo mme a iphuthumatsa ka pela mollo o kganyang.

(Mareka 14:66-72)

ia 200 ¶14

O Ithutile ho Tshwarela ho Monga Hae

14 Petrose o ile a nna a tsamaya a latetse bongata a sa batle ho bonwa, a ba a fihla hekeng ya e nngwe ya matlo a maholohadi a Jerusalema. E ne e le ha moprista ya phahameng, Kaifase, ya neng a ruile a bile a e na le tshusumetso e matla. Hangata matlo a jwalo a ne a hahuwa ho potapota lebala, e be ho ba le heke ka pele. Petrose o ile a fihla hekeng empa a hanelwa ho kena. Yaba Johanne, ya neng a se a kene ka hare, o buisana le molebedi wa heke hore a dumelle Petrose ho kena. Ho bonahala Petrose a sa ka a ema haufi le moo Johanne a neng a le teng; ebile ha a ka a leka ho kena ka tlung e le hore a eme haufi le Monga hae. O ile a ema ka lebaleng, moo makgoba le bahlanka ba neng ba orile mollo bosiung boo bo batang, ba shebelletse ha dipaki tsa bohata tse qosang Jesu di ntse di tswa di kena ka moo nyewe e tshwaretsweng ka teng.—Mareka 14:54-57; Johanne 18:15, 16,18.

it-2 619 ¶6

Petrose

Petrose o ile a kena lebaleng la ntlo ya moprista ya phahameng a tsamaya le morutuwa e mong, ya neng a mo latela kapa a mo feleheditse. (Joh 18:15, 16) Ha a ka a ema a thotse feela a ipatile khoneng empa o ile a nyolohela hodimo a ilo iphuthumatsa mollong. Kganya ya mollo e ile ya etsa hore ba bang ba mmone hore ke e mong wa barutuwa ba Jesu. Ka ha e ne e le Mogalilea, tsela eo a neng a bua ka yona e ne e fapane mme seo se ile sa tlatsetsa dipelaelong tsa bona. Petrose o ile a latola Jesu ka makgetlo a mararo hoo qetellong a ileng a ba hlapanyetsa le ho ba tiisetsa ka matla hore ha a mo tsebe. Ho ile ha lla mokoko ka lekgetlo la bobedi motseng, yaba Jesu wa “reteleha o sheba Petrose.” Jwale Petrose tswela kantle a sitwa ho itshwara mme a qala ho lla habohloko. (Mat 26:69-75; Mar 14:66-72; Lu 22:54-62; Joh 18:17, 18; sheba COCKCROWING; OATH.) Le ha ho le jwalo, thapedi eo Jesu a ileng a e etsa bakeng sa Petrose e ile ya arabelwa mme tumelo ya hae ha e a ka ya shwa le hoja a ne a se a nyahame.—Lu 22:31, 32.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Mareka 14:51, 52) Empa mohlankana ya itseng ya apereng seaparo sa line ya boleng bo botle mmeleng o hlobotseng a qala ho mo latela haufi; yaba ba leka ho mo tshwara, 52 empa a siya seaparo sa hae sa line mme a baleha a hlobotse.

w08 2/15 30 ¶6

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Mareka

14:51, 52—E ka nna yaba ke mang ya ileng a ‘baleha a sa apara’? Ka ha ke Mareka feela ya buang ka ketsahalo ena, re ka etsa qeto ya hore e ne e hlile e le yena ya neng a baleha a sa apara.

(Mareka 14:60-62) Qetellong moprista ya phahameng a ema hara bona mme a botsa Jesu, a re: “Na ha o re letho ho araba? Ke eng seo baa ba se pakang kgahlanong le wena?” 61 Empa a kgutsa mme a se ke a araba ho hang. Moprista ya phahameng a boela a qala ho mo botsa a re ho yena: “Na ke wena Kreste Mora wa Ya Bokwang?” 62 Jwale Jesu a re: “Ke nna; mme lona le tla bona Mora motho a dutse ka letsohong le letona la matla mme a tla ka maru a lehodimo.”

jy 287 ¶4

Ba Isa Jesu ho Anase le ho Kaifase

Kaifase o ne a tseba hantle hore Bajuda ba ne ba nka taba ya motho ya ipitsang mora wa Modimo e le ya bohlokwa. Ha Jesu a ne a bitsa Jehova ntate wa hae, Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaya hobane ba ne ba re o ne “a iketsa ya lekanang le Modimo.” (Johanne 5:17, 18; 10:31-39) A etse hloko mantswe ao, Kaifase ka bolotsana a re ho Jesu: “Ke o hlapantsha ka Modimo ya phelang hore o re bolelle hore na o Kreste Mora Modimo!” (Matheu 26:63) Ka sebele Jesu a dumela hore ke mora wa Modimo. (Johanne 3:18; 5:25; 11:4) Hobane haaeba a ne a sa etse jwalo, batho ba ne ba ka nna ba nahana hore ha se Mora wa Modimo le hore ha se Kreste. Jwale Jesu a re: “Ke nna; mme lona le tla bona Mora motho a dutse ka letsohong le letona la matla mme a tla ka maru a lehodimo.”—Mareka 14:62.

Mmalo wa Bibele

(Mareka 14:43-59)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela