Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • sjj pina 105
  • “Modimo ke Lerato”

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • “Modimo ke Lerato”
  • Binelang Jehova le Thabile
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • “Molimo ke Lerato”
    Binelang Jehova
  • Lerato ke la Bohlokwa Haholo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Lerato la Lona le se ke la Fola!
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
Binelang Jehova le Thabile
sjj pina 105

PINA YA 105

“Modimo ke Lerato”

E Hatisitsweng

(1 Johanne 4:7, 8)

  1. 1. Jah Modimo ke lerato,

    O re re mo etsise.

    Re rate Mmopi le batho,

    Re etse se lokileng.

    Ha re dula re ratana,

    Re thabisa Jehova.

    Re tla ba jwalo ka Kreste

    Ha re na le lerato.

  2. 2. Re tla rata batho ba bang

    Ha re rata Jehova.

    Ha re wa, o tla re thusa,

    O tla re phahamisa.

    Lerato le tla re thusa

    Hore re mamellane.

    A re rataneng haholo

    Ka lerato la nnete.

  3. 3. Re tshwarele batho bohle

    Ha ba re kgopisitse.

    Re kope thuso ho Mmopi,

    O tla re tataisa.

    Ha re rata Jah le batho,

    Re tla thaba haholo.

    A re etsiseng Jehova,

    Re rate batho bohle.

(Sheba le Mar. 12:30, 31; 1 Bakor. 12:31–13:8; 1 Joh. 3:23.)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela