Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
2-8 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 6-7
“Eba Motho ya Fanang”
(Luka 6:37) “Ho feta moo, le kgaotse ho ahlola, mme ho hang le ke ke la ahlolwa; hape kgaotsang ho nyatsa, mme ho hang le ke ke la nyatsuwa. Le nne le lokolle, mme le tla lokollwa.
nwtsty study note se ho Lu 6:37
Le nne le tshwarele, mme le tla tshwarelwa: Kapa “Le nne le lokolle, mme le tla lokollwa.” Lentswe la Segerike e leng “ho tshwarela” ka ho toba le bolela “ho tlohela taba eo e fete kapa ho lokolla, (ka mohlala ho lokolla motshwaruwa).” Tabeng ena, ho e na le ho ahlola kapa ho qosa motho, ho mo tshwarela ho bolela ho etsa jwalo ka bolokolohi le hoja ho na le mabaka a utlwahalang a ho mo qosa.
w08 5/15 9-10 ¶13-14
Le Tswele Pele ho Etsa se Molemo
13 Kosepeleng ya Matheu ho qotswa mantswe a Jesu ha a re: “Kgaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahlolwa.” (Mat. 7:1) Ho ya ka Luka, Jesu o ile a re: “Le kgaotse ho ahlola, mme ho hang le ke ke la ahlolwa; hape kgaotsang ho nyatsa, mme ho hang le ke ke la nyatsuwa. Le nne le lokolle, mme le tla lokollwa.” (Luka 6:37) Bafarisi ba phetseng dilemo tse ka bang 2000 tse fetileng ba ne ba ahlola ba bang ka thata ba itshetlehile ka ditlwaelo tse sa thehwang Mangolong. Le ha e le bafe ba bamamedi ba Jesu ba neng ba etsa sena ba ne ba lokela hore ba “kgaotse ho ahlola.” Ho e na le hoo, ba ne ba lokela hore ba ‘nne ba lokolle,’ ka mantswe a mang, ba tshwarele ba bang mefokolo ya bona. Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso e tshwanang mabapi le ho tshwarela, jwalo ka ha ho boletswe ka hodimo.
14 Ha barutuwa ba Jesu ba tshwarela, ba ne ba tla susumelletsa batho ba bang hore le bona ba tshwarele. Jesu o ile a re: “Kahlolo eo le ahlolang ka yona, le tla ahlolwa ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ka yona, ba tla le lekanyetsa ka yona.” (Mat. 7:2) Mabapi le tsela eo re tshwarang ba bang ka yona, re kotula seo re se jalang.—Bagal. 6:7.
(Luka 6:38) Itlwaetseng ho fana, mme batho ba tla le fa. Ba tla tshela dikotleng tsa diaparo tsa lona tekanyo e ntle, e hlohlilweng, e hlokohlilweng le e tsholohang. Etswe tekanyo eo le lekanyang ka yona, ba tla le lekanyetsa ka yona ka ho tshwanang.”
nwtsty study note se ho Lu 6:38
Itlwaetseng ho fana: Kapa “Tswelang pele ho fana.” Leetsi la Segerike le sebedisitsweng mona e leng “ho fana” le bolela ketso e tswelang pele.
(Luka 6:38) Itlwaetseng ho fana, mme batho ba tla le fa. Ba tla tshela dikotleng tsa diaparo tsa lona tekanyo e ntle, e hlohlilweng, e hlokohlilweng le e tsholohang. Etswe tekanyo eo le lekanyang ka yona, ba tla le lekanyetsa ka yona ka ho tshwanang.”
nwtsty study note se ho Lu 6:38
dikotleng tsa diaparo tsa lona: Lentswe la Segerike mona ka ho toba le bolela “sefubeng sa hao,” empa ntlheng ena ho ka etsahala hore e be ho buuwa ka ho menela seaparo hodimo ho tloha thekeng haholoholo diaparo tse kgolo tse ka hodimo. ‘Ho tshela ka dikotleng’ ho ka bolela ketso eo batho ba rekisang ba neng ba tlwaetse ho e etsa ya ho tshela dintho tseo ba di rekileng ka hara diaparo tse menetsweng hodimo ho tloha thekeng.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Luka 6:12, 13) Ha matsatsi ana a ntse a tswela pele a tswela ntle thabeng ho ya rapela, mme a hlola bosiu bohle a rapela Modimo. 13 Empa ha e e ba motshehare a bitsetsa barutuwa ba hae ho yena mme a kgetha hara bona ba leshome le metso e mmedi, bao hape a ileng a ba bitsa “baapostola”:
w07 8/1 6 ¶1
O ka Etsang Hore o be le Kamano e Ntle le Modimo?
Hangata Jesu o ne a nka nako e telele a rapela. (Johanne 17:1-26) Ka mohlala, pele Jesu a kgetha banna ba 12 bao e neng e tla ba baapostola ba hae, o ile “a tswela ntle thabeng ho ya rapela, mme a hlola bosiu bohle a rapela Modimo.” (Luka 6:12) Le hoja batho ba nang le kamano e ntle le Modimo ba sa nke bosiu bohle ba rapela empa ba latela mohlala wa Jesu. Pele ba etsa diqeto tse kgolo bophelong, ba ipha nako e ngata ya ho rapela Modimo, ba batla tataiso ya moya o halalelang ha ba kgetha dintho tse tla ntlafatsa kamano ya bona le Modimo.
(Luka 7:35) Le ha ho le jwalo, bohlale bo pakwa ke bana bohle ba bona hore bo lokile.”
nwtsty study note se ho Lu 7:35
bana ba bona: Kapa “diphello tsa bona.” Mona bohlale bo mothofaditswe ba bapiswa le ho ba le bana. Tlalehong e nngwe e tshwanang le ena e hlahang ho Mat 11:19, bohlale bo bapiswa le ho ba le “mesebetsi.” Bana ba bohlale kapa mesebetsi, e leng bopaki boo Johanne Mokolobetsi le Jesu ba ileng ba bo bontsha ba hore diqoso tseo ba neng ba qoswa ka tsona e ne e se nnete. Ha e le hantle seo Jesu a neng a se bolela ke hore: ‘Sheba seo motho a se etsang mme o tla tseba hore na diqoso tseo a qoswang ka tsona ke nnete kapa tjhe.’
Mmalo wa Bibele
(Luka 7:36-50) Jwale e mong wa Bafarisi a nna a mo kopa hore a je le yena. Ka lebaka leo a kena ka tlung ya Mofarisi eo mme a otla ka lehlakore tafoleng. 37 Bonang! Mosadi e mong ya neng a tsebahala motseng oo e le moetsadibe o ile a tseba hore o ne a otlile ka lehlakore dijong ka tlung ya Mofarisi, yaba o tlisa pitsana ya alabastera ya oli e nkgang hamonate, 38 mme, ha a ema ka morao maotong a hae, a lla yaba o qala ho kolobisa maoto a hae ka meokgo mme o e hlakola ka moriri wa hlooho ya hae. Hape, a aka maoto a hae ka lerato yaba o a tlotsa ka oli e nkgang hamonate. 39 Ha Mofarisi ya mo memileng a bona seo a ipolella ho re: “Monna enwa, haeba e ne e le moprofeta, a ka be a tseba hore na mosadi ya mo amang ke mang le hore na ke wa mofuta ofe, hore ke moetsadibe.” 40 Empa ha Jesu a araba a re ho yena: “Simone, ho na le hoo ke lokelang ho o bolella hona.” A re: “Mosuwe, ho bolele!” 41 “Banna ba babedi ba ne ba e na le molato ho motho ya itseng ya adimanang; e mong o ne a e na le molato wa didenari tse makgolo a mahlano, empa e mong wa tse mashome a mahlano. 42 Ha ba se na letho leo ba ka lefang ka lona, a ba tshwarela ka bobedi ka bolokolohi. Ka hona, ke ofe wa bona ya tla mo rata haholo?” 43 Ha Simone a araba a re: “Ke nahana hore ke eo a ileng a mo tshwarela ka bolokolohi haholo.” A re ho yena: “O ahlotse ka nepo.” 44 Yaba o retelehela ho mosadi eo mme o re ho Simone: “Na o bona mosadi enwa? Ke kene ka tlung ya hao; ha wa ka wa mpha metsi bakeng sa maoto a ka. Empa mosadi enwa o kolobisitse maoto a ka ka meokgo ya hae mme a e hlakola ka moriri wa hae. 45 Ha wa ka wa nkaka; empa mosadi enwa, ho tloha horeng ya ha ke kena, ha aa ka a tlohela ho aka maoto a ka ka lerato. 46 Ha wa ka wa tlotsa hlooho ya ka ka oli; empa mosadi enwa o ile a tlotsa maoto a ka ka oli e nkgang hamonate. 47 Ka lebaka la sena, ke a o bolella, dibe tsa hae, le hoja di le ngata, di tshwaretswe, hobane o ile a rata haholo; empa ya tshwaretsweng hanyenyane, o rata hanyenyane.” 48 Jwale a re ho mosadi eo: “O tshwaretswe dibe.” 49 Yaba ba neng ba otlile ka lehlakore le yena tafoleng ba qala ho re ka ho bona: “Monna enwa ya bileng a tshwarelang dibe ke mang?” 50 Empa a re ho mosadi eo: “Tumelo ya hao e o pholositse; tsamaya ka kgotso.”
9-15 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 8-9
“Ho Hlokahalang Hore o be Molatedi wa Jesu?”
(Luke 9:57, 58) Jwale ha ba ntse ba tsamaya tseleng, e mong a re ho yena: “Ke tla o latela ho ya kae kapa kae moo o ka yang teng.” 58 Yaba Jesu o re ho yena: “Diphokojwe di na le maphao le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha, empa Mora motho ha a na moo a ka behang hlooho ya hae teng.”
it-2 494
Sehlaha
E mong wa bangodi o ile a re ho Jesu: “Mosuwe, ke tla o latela kae kapa kae moo o tla ya teng,” Jesu a araba a re: “Diphokojwe di na le maphao le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha, empa Mora motho ha a na moo a ka behang hlooho ya hae teng.” (Mat. 8:19, 20; Lu 9:57, 58) Mona Jesu o ne a bontsha ntlha ya bohlokwa ya hore e le hore motho e be molatedi wa hae o lokela ho tela bophelo boo a neng a ka thabela ho bo phela jwalo ka batho ba bang mme a tshepe Jehova ka ho felletseng. Molaomotheo o na o hlaha thapelong ya mohlala eo a ileng a e ruta barutuwa ba hae e reng: “Re fe kajeno bohobe ba rona ba letsatsi lena,” le mantsweng a hae a reng: “Kahoo, le ka kgodiseha hore ha ho le ya mong wa lona ya sa reng dintho tsohle tsa hae di sale hantle eo e ka bang morutuwa wa ka.”—Mat 6:11; Lu 14:33.
(Luka 9:59, 60) Jwale a re ho e mong: “Eba molatedi wa ka.” Monna eo a re: “Ntumelle pele hore ke tlohe ke lo pata Ntate.” 60 Empa a re ho yena: “Tlohela bafu ba pate bafu ba bona, empa wena o tlohe o lo bolela Mmuso oa Modimo hohle.”
nwtsty study note tse ho Lu 9:59, 60
ke lo pata Ntate: Mantswe ana ha a bontshe hore monna eo o ne a qeta ho hlokahallwa ke ntate wa hae mme o ne a kopa feela ho lokisa ditaba tsa lepato. Haeba ho ne ho le jwalo o ne a ke ke a ba moo ka nako eo a bua le Jesu. Mehleng ya kgale Botjhabela bo Hare, ha motho a hlokahala o ne patwa kapelenya hona letsatsing leo. Kahoo, ho ka etsahala hore ntate wa monna eo o ne a kula kapa a tsofetse empa o ne a sa hlokahala. Hape Jesu o ne a ke ke a re ho monna eo a siye motswadi ya kulang le hlokang thuso, kahoo e tlameha e be ho ne ho e na le batho ba bang ba lelapa ba neng ba ka mo hlokomela. (Mar 7:9-13) Ha e le hantle monna eo o ne a re, ‘Ke tla ba molatedi wa hao, empa eseng hona jwale ha ntate a ntse a phela. Emela hore ntate a hlokahale pele ke be ke mo pate.’ Le ha ho le jwalo, ho ya ka Jesu monna eo o ne a tlohela monyetla wa ho etsa hore Mmuso wa Modimo e be ona o tlang pele bophelong ba hae.—Lu 9:60, 62.
Tlohela bafu ba pate bafu ba bona: Jwalo ka ha re bone ho study note se ho Lu 9:59, ho ka etsahala hore ntate wa monna eo o ne a sa hlokahala empa o ne a kula kapa a tsofetse. Kahoo, ho bonahala eka Jesu o ne a re: ‘Tlohela ba sa sebeletseng Modimo ba pate bafu ba bona,’ e leng se bolelang hore monna eo o lokela ho dumella ba lelapa hore e be bona ba hlokomelang ntate wa hae mme ba mo tsebise haeba a ka hlokahala. Ha monna eo a ne a ka latela Jesu o ne a tla be a bontsha hore o tseleng e isang bophelong bo sa feleng mme ha a hara batho ba sa sebeletseng Modimo. Karabong ya hae, Jesu o ne a bolela hore motho o lokela ho etsa hore Mmuso wa Modimo o tle pele bophelong ba hae mme a bolele ka ona e le hore a dule a na le setswalle se setle le Modimo.
(Luka 9:61, 62) E mong hape a re: “Ke tla o latela, Morena; empa ntumelle pele hore ke re ba ntlo ya ka ba sale hantle.” 62 Jesu a re ho yena: “Ha ho motho ya behileng letsoho la hae mohomeng mme a tadima dintho tse ka morao ya loketseng Mmuso wa Modimo.”
nwtsty media
Ho Lema
Hangata batho ba ne ba lema ka hwetla ka mora hore pula e nolofatse mobu o ileng wa ba thata ka baka la letsatsi le tjhesang la lehlabula. (Sheba App. B15.) Mehoma e meng e ne e entswe ka thupa e nang le tshepe fatshe mme hangata e hulwa ke phoofolo e le nngwe kapa tse pedi tse pannweng jokong. Ka mora hore ho lengwe ho ne ho jalwa peo. Mangolong a Seheberu hangata ho ne ho sebediswa mosebetsi wa ho lema ha ho etswa dipapiso. (Bhl 14:18; Esa 2:4; Jer 4:3; Mik 4:3) Hangata Jesu o ne a etsa mehlala ka temo ho ruta dithuto tsa bohlokwa. Ka mohlala o ile a totobatsa bohlokwa ba ho ba morutuwa ya inehetseng ka pelo yohle ha a etsa mohlala ka mosebetsi wa ho lema. (Lu 9:62) Haeba ho ka ba le ntho e sitisang motho ya lemang, a ka etsa diphoso. Ka ho tshwanang morutuwa ya sitisehang kapa ya hlolelang ho phetha boikarabelo ba hae ha a tshwanelehe bakeng sa Mmuso wa Modimo.
w12 4/15 15-16 ¶11-13
Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
11 E le hore seo re ithutang sona papisong ena ya Jesu e kgutshwanyane se re hlakele hantle, a re ke re hlahlobeng dintlha tse ding tse amanang le yona. Molemi o phathahane o ntse a lema tshimong. Le ha ho le jwalo, ha a ntse a lema o dula a ntse a nahana ka lelapa la hae, metswalle ya hae, dijo, mmino, moo ho tshehwang le moo batho ba dutseng moriting. O kgalla ho ba moo. Ka mora hore molemi eo a leme sebaka se selelele, ho kgalla dintho tseo tse monate ho a eketseha hoo a hetlang ho sheba “dintho tse ka morao.” Le hoja ho ntse ho e na le mosebetsi o mongata oo a lokelang ho o etsa pele tshimo eo e jalwa, molemi eo o sitwa ho etsa mosebetsi wa hae hantle. Ho hlakile hore o phoqile monga hae hobane o hlolehile ho mamella mosebetsing wa hae.
12 Jwale a ko nahane ka ntho e tshwanang e ka etsahalang kajeno. Molemi a ka tshwantshetsa Mokreste e mong le mong eo ho bonahalang eka o etsa dintho hantle empa ha e le hantle kamano ya hae le Modimo e le kotsing. Ka mohlala, a re ke re nahaneng ka morabo rona ya phathahaneng tshebeletsong. Le ha ho le jwalo, le hoja a e ba teng dibokeng le tshebeletsong ya tshimo, o dula a nahana ka dintho tsa lefatshe tseo a di ratang. Botebong ba pelo ya hae, o kgalla ho ba le tsona. Ka mora hore a sebeletse Modimo ka dilemo tse ngata, ho kgalla ha hae dintho tsa lefatshe ho ba matla hoo a hetlang ho sheba “dintho tse ka morao.” Le hoja ho sa ntse ho e na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etswa tshebeletsong, ha a ‘tshware ka thata lentswe la bophelo,’ ka hona ha a sa sebeletsa Modimo jwalo ka ha a ne a mo sebeletsa pele. (Bafil. 2:16) Jehova, e leng “Monga kotulo,” ha a thabe ha motho a hloleha ho mamella mosebetsing wa hae ka tsela eo.—Luka 10:2.
13 Seo re ithutang sona mona se hlakile. Ke hantle ha re kenya letsoho kamehla mesebetsing e molemo le e kgotsofatsang e kang ho ba teng dibokeng tsa phutheho le tshebeletsong ya tshimo. Empa ho sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng ha ho felle moo feela. (2 Likron. 25:1, 2, 27) Haeba botebong ba pelo Mokreste a tswela pele ho rata “dintho tse ka morao” e leng dintho tsa lefatshe, o kotsing ya ho lahlehelwa ke setswalle sa hae se setle le Modimo. (Luka 17:32) Ke feela haeba re ‘nyonya se kgopo mme re kgomarela se molemo’ e le kannete re tla be re ‘loketse mmuso wa Modimo.’ (Bar. 12:9; Luka 9:62) Ka hona, kaofela ha rona re lokela ho tiisa hore ha ho ntho efe kapa efe e le lefatsheng la Satane e lokelang ho re sitisa ho sebeletsa Modimo ka dipelo tsa rona tsohle, ho sa tsotellehe hore na e bonahala e le molemo kapa e le monate hakae.—2 Bakor. 11:14; bala Bafilipi 3:13, 14.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Luka 8:3) Joanna mosadi wa Kuza, monna ya ikarabellang wa Heroda, le Susanna le basadi ba bang ba bangata, ba neng ba ba sebeletsa ka dintho tsa bona.
nwtsty study note se ho Lu 8:3
ba ba sebeletsa: Kapa “ba ba hlokomela.” Lentswe la Segerike di·a·ko·neʹo le ka bolela ho hlokomela ditlhoko tsa motho ka ho mo rekela dijo, ho mo phehela le mo tshella dijo. Lentswe lena le sebedisitswe ka tsela e tshwanang ho Lu 10:40 (“hlokomele dintho”), Lu 12:37 (“sebeletse”), Lu 17:8 (“ntshebeletse”) le Lik 6:2 (“aba dijo”), empa le ka boela la bolela mekgwa e meng kaofela ya ho thusa motho. Mona le hlalosa kamoo basadi bao ho builweng ka bona temaneng ya 2 le 3 ba ileng ba thusa Jesu le barutuwa ba hae ka teng ho phetha kabelo eo Modimo a neng a ba file yona. Ka ho etsa jwalo basadi bao ba ile ba tlotlisa Modimo mme o ile a bontsha hore o ananela diketso tsa bona tse mosa ka hore di tlalehwe ka Bibeleng e le hore meloko e latelang e di bale. (Lipr 19:17; Heb 6:10) Lentswe le tshwanang la Segerike le buang ka basadi le sebedisitswe ho Mat 27:55; Mar 15:41.
(Luka 9:49, 50) Ha Johanne a arabela a re: “Morupedi, re ile ra bona monna ya itseng a leleka bademona a sebedisa lebitso la hao mme ra leka ho mo thibela, hobane ha a o latele hammoho le rona.” 50 Empa Jesu a re ho yena: “Le se ke la leka ho mo thibela, ka ha ya seng kgahlanong le lona o eme le lona.”
w08 3/15 31 ¶2
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Luka
9:49, 50—Ke hobaneng ha Jesu a sa ka a thibela monna e mong ho leleka bademona, le hoja monna eo e ne e se molatedi wa hae? Jesu ha a ka a thibela monna eo hobane ka nako eo phutheho ya Bokreste e ne e so thehwe. Kahoo, ho ne ho sa hlokahale hore monna eo a latele Jesu e le hore a bontshe tumelo lebitsong la Jesu le ho leleka bademona.—Mar. 9:38-40.
Mmalo wa Bibele
(Luka 8:1-15) Kapele ka mora moo a qala ho tsamaya ho tloha motseng o mong ho ya ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ya ho o mong, a bolela mme a phatlalatsa ditaba tse molemo tsa mmuso wa Modimo. Ba leshome le metso e mmedi ba ne ba e na le yena, 2 le basadi ba itseng ba neng ba phekotswe meya e kgopo le malwetse, Maria eo ho thweng ke Magdalena, eo ho yena ho neng ho tsoile bademona ba supileng, 3 le Joanna mosadi wa Kuza, monna ya ikarabellang wa Heroda, le Susanna le basadi ba bang ba bangata, ba neng ba ba sebeletsa ka dintho tsa bona. 4 Jwale ha bongata bo boholo le ba ileng ba ya ho yena ho tloha motseng o mong ka mora o mong bo phuthehile, a bua a sebedisa papiso: 5 “Mojadi o ile a tswa ho ya jala peo ya hae. Jwale, ha a ntse a jala, e nngwe ya wela haufi le tsela mme ya hatakelwa, yaba dinonyana tsa lehodimo dia e ja. 6E nngwe ya wela lefikeng, mme, ka mora hore e mele, ya omella ka lebaka la ho se be le mongobo. 7 E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa e ileng ya hola le yona ya e bipetsa. 8 E nngwe ya wela mobung o motle, mme, ka mora hore e mele, ya hlahisa ditholwana tse lekgolo.” Ha a ntse a bolela dintho tsena, a qala ho hweletsa: “Ya nang le ditsebe ho mamela, a ke a mamele.” 9 Empa barutuwa ba hae ba qala ho mo botsa hore na ekaba papiso ena e bolela eng. 10 A re: “Le nehilwe ho utlwisisa diphiri tse halalelang tsa mmuso wa Modimo, empa bakeng sa ba bang kaofela ke ka dipapiso, e le hore, le hoja ba tadimile, ba ka tadimela lefeela mme, le hoja ba utlwa, ba se ke ba utlwisisa se bolelwang. 11 Jwale papiso eo e bolela sena: Peo ke lentswe la Modimo. 12 E haufi le tsela ke ba utlwileng, jwale Diabolose wa tla mme o tlosa lentswe leo dipelong tsa bona e le hore ba se ke ba dumela mme ba pholoha. 13 E lefikeng ke bao ereng ha ba utlwa lentswe, ba le amohelang ka thabo, empa ha e na metso; ba dumela ka nakwana, empa nakong ya teko ba a wa. 14 Ha e le e ileng ya wela hara meutlwa, ena ke ba utlwileng, empa, ka ho nkwa ke matshwenyeho le maruo le menyaka ya bophelo bona, ba bipetswa ka ho feletseng mme ha ba tlise letho phethehong. 15 Ha e le e mobung o motle, ena ke bao, ka mora ho utlwa lentswe ka pelo e ntle le e molemo, ba le bolokang mme ba beha ditholwana ka mamello.
16-22 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 10-11
“Papiso ya Mosamaria ya Molemo”
(Luka 10:29-32) Empa, a batla ho ipaka a lokile, monna eo a re ho Jesu: “Ha e le hantle moahelani wa ka ke mang?” 30 Ha Jesu a araba a re: “Motho ya itseng o ne a theoha Jerusalema a ya Jeriko yaba o wela hara mashodu, a ileng a mo nkela tsohle mme a mo otla, yaba aa tloha, a mo siya a le makgatheng a ho shwa. 31 Jwale, ha etsahala hore ebe moprista ya itseng o ne a theoha ka tsela eo, empa, ha a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng. 32 Ka ho tshwanang, Molevi le yena, ha a fihla sebakeng seo mme a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng le shebaneng le leo.
nwtsty media
Tsela e Tlohang Jerusalema e Yang Jeriko
Tsela ya (1) e hlahileng mona ho ka etsahala hore e tshwana le tsela ya kgale e neng e tloha Jerusalema e ya Jeriko. Tsela eo e ne e le bolelele ba dikhilomithara tse 20 mme e na le moepa, sebaka sa bolelele ba khilomithara e le nngwe ho tloha Jerusalema ho ya Jeriko se ne se tswedipane ebile se theosetsa. Tseleng eo e sa phetheseleng ho ne ho na le mashodu mme masole a ne a lokela ho dula a le teng bakeng sa ho kata batho. Jeriko ya Roma (2) e ne le tseleng e tswelang ka ntle ho lefella la Judea. Motse wa kgale wa Jeriko (3) o ne o le bohole ba dikhilomithara tse 2 ho tloha motseng wa Roma.
w02 9/1 16-17 ¶14-15
“O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
14 Wa bobedi, hopola papiso ya Mosamaria ya molemo. Jesu o ile a qala ka ho re: “Motho ya itseng o ne a theoha Jerusalema a ya Jeriko yaba o wela hara mashodu, a ileng a mo nkela tsohle mme a mo otla, yaba a a tloha, a mo siya a le makgatheng a ho shwa.” (Luka 10:30) Ke taba e utlwahalang hore ebe Jesu o ile a sebedisa tsela e ‘theohang Jerusalema e yang Jeriko’ ho hlakisa taba ena. Ha a pheta papiso ena o ne a le Judea, haufi le Jerusalema; mme ho ka etsahala hore ebe bamamedi ba hae ba ne ba tseba tsela eo ho buuwang ka yona. Tsela ena e ne e tumme ka hore e kotsi, haholo bakeng sa motho ya tsamayang a le mong. E ne e tswedipana moo ho se nang batho, moo ho nang le dibaka tse ngata tseo mashodu a ka ipatang ho tsona.
15 Ho na le lebaka la bohlokwa le etsang hore Jesu a bue ka tsela e ‘theohang Jerusalema e ya Jeriko.’ Pale ena e bontsha hore tseleng yona ena moprista o ile a feta pele, mme hamorao a latelwa ke Molevi, empa ha ho ya ileng a ema ho thusa motho ya lemetseng. (Luka 10:31, 32) Baprista ba ne ba sebeletsa tempeleng Jerusalema, mme ba ne ba thuswa ke Balevi. Baprista le Balevi ba bangata ba ne ba dula Jeriko ha ba ne ba sa sebetse tempeleng, hobane Jeriko e ne e ka ba dikhilomithara tse 23 feela ho tloha Jerusalema. Kahoo, ha ho pelaelo hore ba ne ba tlwaetse ho tsamaya ka tsela eo. Hape, hlokomela hore moprista le Molevi ba ne ba tsamaya ka tsela e ‘theohang Jerusalema,’ kahoo ba siya tempele morao. Kahoo ha ho motho neng a ka dumellana le ketso ya banna ka ho re, ‘Ba ile ba qoba motho ya lemetseng hobane ho ne ho bonahala eka o shwele, mme ho ama setopo ka nako eo ho ne ho tla ba silafatsa ka nakwana bakeng sa tshebeletso ya tempeleng.’ (Levitike 21:1; Numere 19:11, 16) Ho hlakile hore papiso ya Jesu e ne e bontsha dintho tseo bamamedi ba hae ba neng ba di tseba.
(Luka 10:33-35) Empa Mosamaria ya itseng ya neng a tsamaya ka tsela eo a fihla ho yena mme, ha a mo bona, a susumetswa ke kgauho. 34 Kahoo a mo atamela mme a tlamisa maqeba a hae, a a tshela ka oli le veine. Jwale a mo palamisa phoofolo ya hae mme a mo tlisa ntlong ya baeti mme a mo hlokomela. 35 Letsatsing le hlahlamang a ntsha didenari tse pedi, a di fa mohlokomedi wa ntlo eo ya baeti, yaba o re, ‘Mo hlokomele, mme eng kapa eng eo o e sebedisang ntle ho sena, ke tla o buseletsa yona ha ke kgutlela mona.’
nwtsty study notes tse ho Lu 10:33, 34
Mosamaria ya itseng: Bajuda ba ne ba kgella ba Samaria tlaase ebile ba sa batle ho sebetsa le bona. (Joh 4:9) Bajuda ba bang ba ne ba sebedisa lentswe “Mosamaria” bakeng sa ho soma kapa ho nyenyefatsa. (Joh 8:48) Ho ile hwa qotswa rabi e mong bukeng ya Mishna a re: “Ya jang bohobe ba Basamaria ho tshwana le ha a ja nama ya fariki.” (Shebith 8:10) Bajuda ba bangata ba ne ba sa amohele bopaki ba Basamaria kapa tshebeletso le ha e le efe ya bona. Ha Jesu a hlokomela boitshwaro boo bo bobe ba Bajuda, o ile a etsa papiso ena e matla ho ba kgalemela mme e ile ya bitswa papiso ya moahisane kapa Mosamaria ya molemo.
a tlamisa maqeba a hae, a a tshela ka oli le veine: Jwalo ka ngaka, mona Luka o tlaleha papiso ya Jesu, e bontshang kamoo maqeba a neng a phekolwa ka teng mehleng eo. Hangata ho ne ho sebediswa oli le veine bakeng sa ho hlatswa maqeba. Ka dinako tse ding oli e ne e sebediswa ho nolofatsa maqeba, (bapisa le Esa 1:6), mme veine e ne e sebediswa e le moriana o hlatswang maqeba le ho bolaya dikokwanahloko. Luka o boetse o hlalosa kamoo maqeba a neng a tlamiswa kateng hore a se ke a petla.
ntlo ya baeti: Ha e le hantle lentswe la Segerike le bolela “sebaka seo ho amohelwang batho bohle ho sona.” Baeti ha mmoho le diphoofolo tsa bona ba ne ba amohelwa dibakeng tse kang tsena. Mohlokomedi wa baeti o ne a ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang mme o ne a patalwa haeba a hlokomela mokudi kapa phoofolo.
(Luka 10:36, 37) Ke mang ho ba bararo baa eo ho wena a bonahalang eka o ikentse moahelani wa monna eo ya ileng a wela hara mashodu?” 37 A re: “Ya ileng a mo etsa ka mohau.” Jwale Jesu a re ho yena: “Tsamaya mme o nne o etse ho tshwanang.”
w98 7/1 31 ¶2
Mosamaria o Ipaka e le Moahelani ya Molemo
Papiso ya Jesu e bontsha hore motho ya lokileng ke motho ya sa mameleng melao ya Modimo feela empa ya etsisang makgabane a hae. (Baefese 5:1) Ka mohlala, Bibele e re bolella hore “Modimo ha a leeme.” (Liketso 10:34) Na re etsisa Modimo tabeng ee? Papiso ena ya Jesu e susumetsang e bontsha hore ho rata baahelani ho lokela ho se ye ka botjhaba, setso le bodumedi. Ka sebele, Bakreste ba laelwa ho ‘sebetsa se molemo ho bohle,’ eseng ho batho bao re leng boemong bo tshwanang le ba bona bophelong, ba morabe wa habo rona kapa botjhaba hape eseng feela ho badumedi mmoho le rona.—Bagalata 6:10.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Luka 10:18) Yaba o re ho bona: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a wele jwalo ka lehadima lehodimong.
nwtsty study note se ho Lu 10:18
Ke ile ka qala ho bona Satane a se a wele jwalo ka lehadima lehodimong: Ho bonahala Jesu a ne a bua ka boprofeta, a bona ho tebelwa ha Satane lehodimong ho se ho phethahetse. Tše 12:7-9 e hlalosa ntwa e ileng ya e ba teng lehodimong mme e amahanya ho dihelwa ha Satane lefatsheng le ho tswalwa ha Mmuso wa Mesia. Modimo o ne a sa tswa fa barutuwa ba 70 matla a ho leleka bademona le hoja ba ne ba sa phethahala, kahoo Jesu o ne a bua ka nako eo Satane le bademona ba hae ba tla hlolwa ntweng e tlang.—Lu 10:17.
w08 3/15 31 ¶11
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Luka
10:18—Ha Jesu a re ho barutuwa ba hae ba 70: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a wele jwalo ka lehadima lehodimong” o ne a bolelang? Jesu o ne a sa bolele hore Satane o ne a se a lelekilwe lehodimong. Seo se ile sa etsahala kapele ka mora hore Kreste a behwe e le Morena wa lehodimo ka 1914. (Tšen. 12:1-10) Le hoja re ke ke ra tiisa hore ho jwalo, ha Jesu a ne a bua ka ketsahalo ya nako e tlang jwalo ka ha eka e se e etsahetse, ho bonahala eka o ne a hatisa hore jwang kapa jwang e ne e tla etsahala.
(Luka 11:5-9) Ho ekelletsa moo, a re ho bona: “Ke mang ho lona ya nang le motswalle ya tla ya ho yena hara mpa bosiu mme a re ho yena, ‘Motswalle, nkadime mahobe a mararo, 6 hobane motswalle wa ka o sa tswa tla ho nna a le leetong mme ha ke na letho leo nka le behang ka pela hae’? 7 Eo ya ka hare ha a araba a re, ‘Kgaotsa ho nkgathatsa. Monyako o se o notletswe, mme bana ba ka ba banyenyane ba na le nna diphateng; nke ke ka tsoha mme ka o fa letho.’ 8 Ke a le bolella, Le hoja a ke ke a tsoha le ho mo fa letho kahobane e le motswalle wa hae, ka sebele ka lebaka la ho qophella ha hae ho sebete o tla tsoha mme a mo fe dintho tseo a di hlokang. 9 Ka lebaka leo ke re ho lona, Le nne le kope, mme le tla fuwa; le nne le batle, mme le tla fumana; le nne le kokote, mme le tla bulelwa.
nwtsty study notes tse ho Lu 11:5-9
Motswalle, nkadime mahobe a mararo: Jwalo ka ha re bone papisong ena, batho ba dulang Botjhabela bo Hare ba ipabola ka ho amohela baeti. Le hoja baeti ba ka fihla hara mpa bosiu ba sa lebellwa, motho ya ba amohelang o ne a ikutlwa a tlameha ho ba fa dijo hobane ho ka etsahala hore ba kopane le mathata tseleng. Motho ya ba amohelang o ne a bile a ikutlwa a tlameha ho tshwenya moahisane wa hae hara bosiu e le hore a kadime dijo.
Kgaotsa ho nkgathatsa: Moahelani eo ho buuwang ka yena papisong ena o ne a sa ikemisetsa ho thusa, eseng hobane a se na botswalle empa o ne a se a robetse. Mehleng eo hangata matlo a batho ba futsanehileng a ne a e na le kamore e le nngwe feela e kgolo. Haeba ntate a ne a ka tsoha, lelapa lohle le ne le tla tsoha ho akarelletsa le bana.
ho qophella ha hae ho sebete: Lentswe la Segerike le sebedisitsweng mona le bolela “ho se inyenyefatse” kapa “ho se hlajwe ke dihlong.” Le ha ho le jwalo, tabeng ena le bolela ho phehella ka sebete kapa ho se tele. Monna eo ho bua ka yena papisong ya Jesu ha a hlajwe ke dihlong kapa ho kgaotsa ho phehella ho kopa seo a se hlokang. Ka tsela e tshwanang Jesu o bolella barutuwa ba hae hore le bona ba lokela phehella ha ba rapela.—Lu 11:9, 10.
Mmalo wa Bibele
(Luka 10:1-16) Ka mora dintho tsena Morena a kgetha ba bang ba mashome a supileng mme a ba romela ka bobedi ka pele ho yena ho kena motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng seo a neng a tla tla ho sona. 2 Jwale a qala ho re ho bona: “Ka sebele, kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona kopang Monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae. 3 Eyang. Bonang! Ke le romela Jwalo ka dikonyana hara diphiri. 4 Le se ke la nka sepatjhe, kapa mokotla wa dijo, kapa meqathatso, mme ha le le tseleng le se ke la dumedisa Le ha e le mang ka ho mo kopa. 5 Kae kapa kae moo le kenang ka tlung le re pele, ‘E se eka ntlo ena e ka ba le kgotso.’ 6 Haeba motswalle wa kgotso a le teng, kgotso ya lona e tla dula ho yena. Empa haeba a le siyo, e tla kgutlela ho lona. 7 Kahoo dulang ntlong eo, le je mme le nwe dintho tseo ba fanang ka tsona, Ka ha mosebetsi o tshwanelwa ke moputso wa hae. Le se ke la nna la tloha ntlong e nngwe ho ya ho e nngwe. 8 “Hape, kae kapa kae moo le kenang motseng mme ba le amohela, le je dintho tse behwang ka pela lona, 9 mme le phekole ba kulang ho wona, mme le tswele pele ho ba bolella, ‘Mmuso wa Modimo o atametse ho lona.’ 10 Empa kae kapa kae moo le kenang motseng mme ba sa le amohele, le tswele ditseleng tsa wona tse sephara mme le re, 11 ‘Esita le lerole le kgomaretseng maoto a rona le tswang motseng wa lona re le hlohlorela ho lona. Le ha ho le jwalo, le dule le hopotse sena, hore mmuso wa Modimo o atametse.’ 12 Ke a le bolella hore ho tla mamelleha haholo bakeng sa Sodoma letsatsing leo ho feta bakeng sa motse oo. 13 “Ho madimabe wena, Korazine! Ho madimabe wena, Bethsaida! hobane haeba mesebetsi e matla e etsahetseng ho lona e ne e etsahetse Tyre le Sidone, e ka be e le kgale di bakile di dutse di apere lesela la mokotla mme di le moloreng. 14 Ka lebaka leo ho tla mamelleha haholo bakeng sa Tyre le Sidone kahlolong ho feta bakeng sa lona. 15 Le wena, Kapernauma, na mohlomong o tla phahamisetswa lehodimong? O tla theohela Hadese! 16 “Ya le mamelang le nna wa mmamela. Ya le hlokomolohang le nna wa ntlhokomoloha. Ho feta moo, ya ntlhokomolohang o hlokomoloha le ya nthomileng.”
23-29 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG| LUKA 12-13
“Le ba Bohlokwa ho Feta Dirobele Tse Ngata”
(Luka 12:6) Dirobele tse hlano di rekiswa ka ditjhelete tsa tshepe tse pedi tsa bohlokwa bo bonyenyane, na ha ho jwalo? Empa le ha ho le jwalo ha ho le se seng sa tsona se lebalwang ka pela Modimo.
nwtsty study note se ho Lu 12:6
dirobele: Lentswe la Segerike e leng strou·thiʹon ke nyenyefatso e bolelang nonyana e nyane, empa hangata le buwa ka dirobele, e leng dinonyana tse theko e tlaase tse rekwang bakeng sa dijo.
(Luka 12:7) Empa esita le moriri wa dihlooho tsa lona kaofela o badilwe. Le se ke la tshaba; le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.
nwtsty study note se ho Lu 12:7
moriri wa dihlooho tsa lona o badilwe kaofela: Moriri wa hlooho ya motho o ka feta 100 000. Ho tseba ha Jehova ka dintho tse nyane hakaalo, ho re bontsha hore o nka molatedi e mong le e mong wa Kreste e le wa bohlokwa.
(Luka 12:7) Empa esita le moriri wa dihlooho tsa lona kaofela o badilwe. Le se ke la tshaba; le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.
cl 241 ¶4-5
Ha ho Letho le ka ‘re Arohanyang le Lerato la Modimo’
4 Tsela ya pele ke hore Bibele e ruta ka ho toba hore Modimo o nka mohlanka e mong le e mong wa hae e le wa bohlokwa. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Na dirobele tse pedi ha di rekiswe ka tjhelete ya tshepe ya bohlokwa bo bonyenyane? Empa Le ha ho le jwalo ha ho le se seng sa tsona se tla wela fatshe kantle le hore Ntat’a lona a tsebe. Empa moriri wa dihlooho tsa lona o badilwe kaofela. Ka hona le se ke la tshaba: le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.” (Matheu 10:29-31) Nahana ka seo mantswe ao a neng a se bolela ho bamamedi ba mehleng ya Jesu.
5 Re ka nna ra ipotsa hore na ke hobaneng ha motho a ne a ka reka serobele. Mehleng ya Jesu serobele e ne e le nonyana e theko e tlase ka ho fetisisa e neng e rekiswa e le dijo. Hlokomela hore motho o ne a fumana dirobele tse pedi ka tjhelete e le nngwe ya tshepe ya bohlokwa bo bonyenyane. Empa hamorao Jesu o ile a re haeba motho a ikemiseditse ho ntsha ditjhelete tse pedi tsa tshepe, o ne a fumana dirobele tse hlano, eseng tse nne. Ho ne ho fanwa ka nonyana eo ya pasela jwalo ka ha eka e ne e se ya bohlokwa ho hang. Mohlomong dinonyana tseo e ne e se tsa bohlokwa ho batho, empa Mmopi yena o ne a di nka jwang? Jesu o ile a re: “Ha ho le se seng sa tsona [esita le sa pasela] se lebalwang ka pela Modimo.” (Luka 12:6, 7) Mohlomong jwale re kgona ho bona ntlha eo Jesu a neng a e hatisa. Haeba Jehova o nka serobele se le seng e le sa bohlokwa jwalo, e tlameha ebe o nka motho e le wa bohlokwa ho feta! Jwalo ka ha Jesu a hlalositse, Jehova o tseba sohle ka rona. Le moriri o dihloohong tsa rona o badilwe!
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Luka 13:24) “Ikitlaetseng ka matla ho kena ka monyako o moqotetsane, hobane kea le bolella, ba bangata, ba tla batla ho kena empa ba ke ke ba kgona.
nwtsty study note se ho Lu 13:24
Ikitlaetseng ka matla: Kapa “Tswelang pele ho sebetsa ka thata.” Keletso ena ya Jesu e hatisa bohlokwa ba hore re etse sohle se matleng a rona ho kena ka monyako o moqotetsane. Tabeng ena, ditshupiso tse fapaneng di fetoletse mantswe ana ka tsela e reng “Ho ikitlaetsa ka matla ohle kapa ho etsa matsapa ohle.” Leetsi la Segerike e leng a·go·niʹzo·mai le amahangwa le lereho la Segerike a·gonʹ, leo hangata le sebediswang ditlhodisanong tsa dimathi. Ho Baheberu 12:1, lereho lena le sebedisitswe ka tsela ya tshwantshetso ho Bakreste e le ‘peiso’ ya bophelo. Hangata le ka boela la bolela “ntwa” (Fil 1:30; Kol 2:1) kapa “ho lwana” (1Ti 6:12; 2Ti 4:7). Tsela eo leetsi la Segerike le sebedisitsweng ka yona ho Luka 13:24 le bolela “ya nkang karolo tlhodisanong” (1Ko 9:25), “[ho] ikitlaetsa” (Kol 1:29; 4:12; 1Ti 4:10) le ho “lwana” (1Ti 6:12). Ka ha moelelo wa polelo ena o amahantswe le ditlhodisano tsa dimathi, ba bang ba ile ba nahana hore seo Jesu a neng a se kgothalletsa se tshwana le ha semathi se itetse se sebetsa ka thata e le hore se tle se fumane kgau.
(Luka 13:33) Le ha ho le joalo, ke tla tsamaya kajeno le hosasane le letsatsing le latelang, hobane ha ho dumellehe hore moprofeta a timetswe ka ntle ho Jerusalema.
nwtsty study note se ho Lu 13:33
ha ho dumellehe: Kapa “ho ke ke ha etsahala.” Le hoja ho se na boprofeta ba Bibele bo hlalosang ka hlaka hore Mesia o ne a tla shwela Jerusalema, re ka fihlela qeto eo ho latela Daniele 9:24-26. Ho ekelletsa moo, haeba Bajuda ba ne ba ka bolaya moprofeta, haholoholo Mesia ho ne ho tla lebellwa hore a bolaelwe motseng oo. Ditho tse 71 tsa lekgotla le phahameng la Sanhedrine, di ile tsa kopana Jerusalema, kahoo ba neng ba qoswa ka ho ba baprofeta ba bohata ba ne ba lekwa moo. E ka nna yaba Jesu le yena o ne a nahanne ka Jerusalema moo Modimo a neng a etsetswa mahlabelo teng le moo konyana ya Paseka e neng e hlabetswe teng. Ho latela diketsahalo, mantswe a Jesu a ile feela a phethahala. O ile a iswa Sanhedrine Jerusalema mme a ahlolwa. O ile a shwa e le “konyana ya Paseka” ka hara motse wa Jerusalema.—1Ko 5:7.
Mmalo wa Bibele
(Luka 12:22-40) Jwale a re ho barutuwa ba hae: “Ka lebaka lena ke re ho lona, Le kgaotse ho tshwenyeha ka meya ya lona mabapi le hore na le tla jang kapa ka mmele ya lona mabapi le hore na le tla aparang. 23 Etswe moya ke wa bohlokwa ho feta dijo le mmele ke wa bohlokwa ho feta diaparo. 24 Lemohang hore makgwaba ha a jale peo Le ha e le ho kotula, mme ha a na modiko kapa ntlo ya polokelo, Le ha ho le jwalo Modimo wa a fepa. Le ba bohlokwa hakaakang ho feta dinonyana? 25 Ke mang ho lona eo ka ho tshwenyeha a ka eketsang nako ya hae ya bophelo ka setswe? 26 Ka hona, haeba le ke ke la etsa ntho e nyenyane, ke hobaneng ha le tshwenyeha ka dintho tse ding? 27 Lemohang kamoo dikgahla di holang kateng; ha di sehle Le ha e le ho ohla; empa ke a le bolella, Le Solomone kganyeng yohle ya hae ha a a ka a apara jwalo ka e nngwe ya tsona. 28 Jwale, haeba Modimo a apesa jwalo dimela tse naheng tseo kajeno di leng teng mme hosasane di lahlelwa ka ontong, ho e na le hoo o tla le apesa hakaakang, lona ba nang le tumelo e nyenyane! 29 Kahoo kgaotsang ho batla seo le ka se jang le seo le ka se nwang, mme le kgaotse ho tshwenngwa ke dipelaelo; 30 etswe tsena tsohle ke dintho tseo ditjhaba tsa lefatshe di di phehellang ka tabatabelo, empa Ntata lona wa tseba hore le hloka dintho tsena. 31 Le ha ho le jwalo, le batle mmuso wa hae le sa kgaotse, mme dintho tsena le tla di ekeletswa. 32 “Le se ke la tshaba, mohlatswana, hobane Ntata lona o amohetse ho le fa mmuso. 33 Rekisang dintho tsa lona mme le fane ka dimpho tsa mohau. Iketsetseng dipatjhe tse sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng le ka mohla mahodimong, moo leshodu le sa atameleng kapa hona hore tshwele e je. 34 Etswe moo letlotlo la lona le leng teng, dipelo tsa lona le tsona di tla ba moo. 35 “Matheka a lona a ke a tlangwe mme mabone a lona a ke a tuke, 36 mme le be jwalo ka batho ba letetseng monga bona ha a kgutla lenyalong, e le hore ha a fihla mme a kokota hanghang ba ka mo bulela. 37 Ho thaba makgoba ao monghadi ha a fihla a a fumanang a lebetse! Kannete ke re ho lona, O tla itlama mme a etse hore a otle ka lehlakore tafoleng mme o tla atamela a a sebeletse. 38 Haeba a fihla tebelong ya bobedi, esita le haeba e le ho ya boraro, mme a a fumana a le jwalo, ho thaba wona! 39 Empa tsebang sena, hore haeba monga ntlo a ne a tsebile hore na leshodu le ne le tla tla ka hora efe, a ka be a dutse a lebetse mme a sa tlohela ntlo ya hae hore e thuhuwe. 40 Le lona, le dule le lokile, hobane Mora motho o tla ka hora eo le sa nahaneng hore e ka ba yona.”
30 JULY–5 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 14-16
“Papiso ya Mora ya Lehlaswa”
(Luka 15:11-16) Jwale a re: “Motho ya itseng o ne a e na le bara ba babedi. 12 Yaba e monyenyane wa bona o re ho ntatae, ‘Ntate, mphe karolo ya thepa e welang ho seo ke se abetsweng.’ Jwale a ba arolela mokgwa wa hae wa ho iphedisa. 13 Hamorao, ka mora matsatsi a seng makae, mora e monyenyane a bokella dintho tsohle mme a etela naheng e hole, mme ha a le moo a hafa thepa ya hae ka ho phela bophelo ba ho inehella ditakatso tsa nama. 14 Ha a sebedisitse ntho e nngwe le e nngwe, tlala e kgolo ya e ba teng ho pholletsa le naha eo, mme a qala ho hloka. 15 A ba a ya mme a ikamahanya le e mong wa baahi ba naha eo, yaba o mo romela masimong a hae ho ya alosa dikolobe. 16 O ne a lakatsa ho ja makgapetla a karoba ao dikolobe di neng di a ja, mme ho ne ho se ya neng a mo fa letho.
nwtsty study notes tse ho Lu 15:11-16
Motho ya itseng o ne a e na le bara ba babedi: Dintlha tse ding tsa papiso ya mora ya lehlaswa (eo hape e tsebahalang e le “mora ya lahlehileng”) ke tse ikgethang. Ke e nngwe ya dipapiso tse telele ka ho fetisisa tseo Jesu a faneng ka tsona. Ntho e ikgethang ke tsela eo a hlalosang kamano ya lelapa yona. Hangata dipapisong tse ding Jesu o bua ka dintho tse sa pheleng tse kang mefuta ya peo le mobu kapa ditshebedisano tse bang teng pakeng tsa makgoba le beng ba ona. (Mat 13:18-30; 25:14-30; Lu 19:12-27) Le ha ho le jwalo, papisong ena Jesu o hatisa kamano e mofuthu e teng pakeng tsa ntate le bara ba hae. Ho ka etsahala hore batho ba bangata ba balang tlaleho ena, ha ba a ka ba e ba le ntate ya lerato le ya mosa jwalo ka enwa. Papiso ena e bontsha tsela eo Ntate wa rona ya lehodimong a nang le kutlwelo bohloko le lerato bakeng sa bana ba hae ba mo tshepahallang le ba kgutlelang ho yena ka mora ho baka.
e monyenyane wa bona: Ho ya ka Molao o ngotsweng ke Moshe, letsibolo le ne le fuwa dikarolo tse pedi. (De 21:17) Haeba mora wa letsibolo papisong ena o ne a tla fumana lefa le habedi, se na se bolela hore mora wa ho fela o ne a tla fumana halofo ya mafa.
ho hafa: Lentswe la Segerike le sebedisitsweng mona le bolela “ho hasanya (hohle).” (Lu 1:51; Lik 5:37) Ho Mat 25:24, 26, le fetoletswe e le “olosa.” Le hona mona le bolela ho senya fela o sa nahane.
bophelo ba ho inehella ditakatso tsa nama: Kapa “bo se nang thuso.” Lentswe le tshwanang la Segerike le sebedisitswe ho Ef 5:18; Tit 1:6; 1Pe 4:4. Jwalo ka ha lentswe lena le Segerike le akarelletsa bophelo bo se nang thuso, diphetolelo tse ding tsa Bibele di sebedisitse mantswe a reng “bophelo bo bohlaswa.”
ho alosa dikolobe: Ho ya ka Molao diphoofolo tsena di ne di sa hlweka, kahoo mosebetsi ona o ne o kgellwa fatshe ebile o nyatseha bakeng sa Mojuda.—Le 11:7, 8.
makgapetla a karoba: Tholwana ya karoba ke lekgapetla le benyang le kobehileng jwalo ka lenaka le mmala o bopherese bo batlileng bo ya bosothong mme sena se dumellana le tlhaloso ya lebitso la Segerike (ke·raʹti·on, “lenaka le lenyenyane”). Makgapetla a karoba a ntse a sebediswa le kajeno e le dijo tsa dipere, dikgomo le dikolobe. Mora enwa ya lehlaswa o ne a sotlehile hona hoo a ileng a ya le boholeng ba hore a je dijo tsa dikolobe.—Sheba study note se ho Lu 15:15.
(Luka 15:17-24) “Ha a hlaphohelwa kelellong, a re, ‘Ke banna ba bangata hakae ba hirilweng ba Ntate ba atetsweng ke bohobe, ha nna ke bolawa ke tlala moo! 18 Ke tla ema mme ke ye ho Ntate mme ke re ho yena: “Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena. 19 Ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao. Nketse ya jwalo ka e mong wa banna ba hao ba hirilweng.”’ 20 Kahoo a ema mme a ya ho ntatae. Ha a sa ntse a le hole, ntatae a re hedi! mme a mo bona mme a susumetswa ke kgauho, yaba wa matha o itihela molaleng wa hae mme o mo aka ka lerato. 21 Jwale mora a re ho yena, ‘Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena. Ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao. Nketse ya jwalo ka e mong wa banna ba hao ba hirilweng.’ 22 Empa ntate eo a re ho makgoba a hae, ‘Potlakang! tlisang seaparo se selelele sa ka hodimo, se setlehadi, mme le mo apese sona, le mo kenye lesale letsohong mme le mo rwese meqathatso. 23 Le tlise pohwana e nontshitsweng, le e hlabe mme re jeng re ithabise, 24 hobane mora enwa wa ka o ne a shwele mme a boela a phela; o ne a lahlehile mme a fumanwa.’ Yaba ba qala ho ithabisa.
nwtsty study notes tse ho Lu 15:17-24
le wena: Kapa “mahlong a hao.” Leemedi la Segerike e leng e·noʹpi·on, ha e le hantle le bolela “ka pela kapa mahlong a,” le sebedisitswe ka tsela e tshwanang ho Septuagint lengolong la 1Samuele 20:1. Temaneng eo Davida o botsa Jonathane o re: “Sebe seo ke se entseng ka pela ntatao ke sefe?”
banna ba hao ba hirilweng: Mora e monyane ha a kgutlela hae o ne a rerile ho kopa ntate wa hae hore a mo amohele jwalo ka e mong wa bahiruwa ba hae eseng jwalo ka mora. Ho fapana le makgoba, mohiruwa e ne e se karolo ya lelapa e ne empa e le motho eo hangata a neng a hirwa ka letsatsi feela.—Mat 20:1, 2, 8.
a mo aka ka lerato: Kapa “ka tsela e mofuthu.” Lentswe la Segerike e leng phi·leʹo le hlaloswang e le “ho aka ka lerato” le utlwisiswa e le ketso e bontshang boikutlo bo matla mme ka dinako tse ding le ka hlaloswa e le “ho aka” (Mat 26:48; Mar 14:44; Lu 22:47) empa hangata le bolela “ho bontsha lerato” (Joh 5:20; 11:3; 16:27). Tsela eo ka yona ntate a ileng a amohela mora wa hae papisong ena, e bontsha kamoo a neng a ikemiseditse ho amohela mora wa hae ya neng a bakile.
ho bitswa mora wa hao: Dibuka tse ding tse ngotsweng ka letsoho di kentse mantswe ana a reng: “Nketse ya jwalo ka e mong wa banna ba hao ba hirilweng,” empa Bibele e ntlafaditsweng ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Sekgowa ha e na ona mantswe ao hobane dibuka tse ding tse tshepahalang tse ngotsweng ka letsoho ha di na ona. Bangodi ba bang ba nahana hore mantswe ana a ile a kenyelletswa e le hore a tsamaisane le Luka 15:19.
seaparo se selelele sa ka hodimo . . . lesale . . . meqathatso: Seaparo sena se selelele sa ka hodimo e ne e se seaparo feela tjee empa e ne e le se se setlehadi mohlomong se ne se rokilwe ka lesela le turang mme se fuwa baeti ba bohlokwa. Ha ntate a ne a kenya lesale letsohong la mora wa hae o ne a bontsha hore o a mo rata, o a mo tlotla le hore o amohela mora enwa wa hae ya kgutlileng. Lesale le meqathatso di ne di sa rwalwe ke makgoba. Kahoo, ntate o ne a bontsha ka ho hlaka hore o amohetse mora wa hae hape e leng e mong wa setho sa lelapa.
(Luka 15:25-32) “Jwale mora wa hae e moholo o ne a le tshimong; yare ha a tla mme a atamela ntlo a utlwa konsarete ya mmino le motjeko. 26 Kahoo a bitsetsa e mong wa bahlanka ho yena mme a botsisisa hore na dintho tsena di bolelang. 27 A re ho yena, ‘Moreno o tlile, mme ntatao o hlabile pohwana e nontshitsweng, hobane o mo fumane a phela hantle.’ 28 Empa a halefa mme o ne a sa rate ho kena. Jwale ntatae a tswa mme a qala ho mo kopa. 29 Ha a araba a re ho ntatae, ‘Bona ke dilemo tse ngata haholo ke ntse ke le lekgoba la hao mme ha ho mohla nkileng ka tlola taelo ya hao, mme Le ha ho le jwalo nna ha ho mohla o kileng wa mpha potsanyane hore ke ithabise le metswalle ya ka. 30 Empa hang ha mora enwa wa hao ya ileng a ja mokgwa wa hao wa ho iphedisa le diotswa a fihla, o mo hlabetse pohwana e nontshitsweng.’ 31 Jwale a re ho yena, ‘Ngwana, o nnile wa ba le nna kamehla, mme dintho tsohle tsa ka ke tsa hao; 32 empa re ne re tlameha ho ithabisa le ho thaba, hobane moreno o ne a shwele yaba wa phela, o ne a lahlehile yaba wa fumanwa.’”
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Luka 14:26) “Haeba le ha e le mang a tla ho nna mme a sa hloye ntatae le mmae le mosadi le bana ba hae le barababo le baradibabo, e, esita le moya wa hae, e ke ke ya e ba morutuwa wa ka.
nwtsty study note se ho Lu 14:26
hloya: Ka Bibeleng lentswe “hloya” le ka hlaloswa ka ditsela tse fapaneng. Le ka fetisa boikutlo ba ho hloya motho hoo a ka batlang ho mo lematsa ka lebaka la leshano leo a le builweng ka yena. Kapa le ka bolela boikutlo bo matla ba ho hloya motho kapa ntho e itseng hoo o sa batleng ho e bona le moo e hatileng. Kapa lentswe lena le ka bolela ho rata hanyane. Ka mohlala, ha Jakobo a ne a re o ‘hloile’ Lea mme o rata Ragele, o ne a bolela hore o rata Ragele ho feta Lea (Ge 29:31; De 21:15.), mme lentswe lena le sebedisitswe ka tsela e tshwanang dibukeng tse ding tsa kgale tsa Bajuda. Kahoo, Jesu o ne a sa bolele hore balatedi ba hae ba lokela ho hloya ba malapa a habo bona ka ha seo se ne se tla hanyetsana le Mangolo. (Bapisa Mar 12:29-31; Ef 5:28, 29, 33.) Tabeng ena, lentswe “hloya” le ka bolela “ho rata hanyane.”
(Luka 16:10-13) Motho ya tshepahalang ho se senyenyane o tshepahala le ho se seholo, mme motho ya sa lokang ho se senyenyane ha aa loka le ho se seholo. 11 Ka hona, haeba le sa tshepahala maruong a sa lokang, ke mang ya tla beha sa nnete tlhokomelong ya lona? 12 Haeba le sa tshepahala ho sa e mong, ke mang ya tla le fa sa lona? 13 Ha ho mohlanka wa ntlo eo e ka bang lekgoba la benghadi ba babedi; Ka ha, o tla hloya e mong mme a rate e mong, kapa o tla kgomarela e mong mme a nyedise e mong. Le ke ke la ba makgoba a Modimo le a Maruo.”
Batla Maruo a Sebele!
7 Bala Luka 16:10-13. Motsamaisi ya papisong ya Jesu o ne a etsa metswalle hobane a shebile melemo e itseng. Empa Jesu o ile a re Bakreste ba iketsetse metswalle lehodimong, e seng ka mabaka a boithati. Ditemana tse latelang papisong ena di bontsha hore tshebediso ya rona ya “maruo a sa lokang” e ama botshepehi ba rona ho Jehova. Ntlha ya Jesu e ne e le hore botshepehi ba rona bo ne bo tla bonahala tseleng eo re sebedisang maruo ao ka yona. Ka tsela efe?
8 Re bontsha botshepehi ka maruo a rona ha re ntsha monehelo bakeng sa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo lefatsheng lohle, oo Jesu a ileng a bua ka ona. (Mat. 24:14) Ngwanana e mong e monyenyane ya dulang India o ile a ipehela tjhelete ka hara lebokose, a bile a itima dintho tse itseng. Ha le se le tletse, o ile a fana ka tjhelete eo bakeng sa mosebetsi wa boboledi. Morabo rona e mong ya dulang India, ya nang le polasi ya dikhokhonate, o ile a fana ka dikhokhonate ofising ya phetolelo ya Semalayalam kaha di a hlokahala ofising eo. Ke bohlale ho etsa jwalo hobane tjhelete e neng e lokela ho ya di reka e a bolokeha mme e sebedisetswe mesebetsi e meng. Ka ho tshwanang, le barababo rona ba dulang Greece ba tlwaetse ho fa lelapa la Bethele oli ya mehlware (olive oil), tjhisi le dijo tse ding.
Mmalo wa Bibele
(Luka 14:1-14) Ka lekgetlo le leng ha a kena ka tlung ya e mong wa babusi ba Bafarisi ka sabatha ho ja dijo, ba ne ba mo shebile ka hloko. 2 Bonang! Ka pela hae ho ne ho e na le monna ya itseng ya neng a kgotshe seema. 3 Kahoo ha Jesu a arabela a bua le ba rutehileng Molaong le Bafarisi, a re: “Na ho dumellwa ke molao ho phekola ka sabatha kapa tjhe?” 4 Empa ba kgutsa. Yaba o tshwara monna eo, wa mo fodisa mme o re a tsamaye. 5 Yaba o re ho bona: “Ke mang ho lona eo, haeba mora wa hae kapa poho e wela ka sedibeng, a ke keng a e nyollela ka ntle kapelepele ka letsatsi la sabatha?” 6 Ha ba a ka ba kgona ho araba dinthong tsena. 7 Jwale a tswela pele ho bolella batho ba memilweng papiso, ha a lemoha kamoo ba neng ba ikgethela dibaka tse hlaheletseng ka ho fetisisa, a re ho bona: 8 “Ha o memilwe ke e mong moketeng wa lenyalo, o se ke wa sekama sebakeng se hlaheletseng ka ho fetisisa. Mohlomong ka nako eo e mong ya hlaheletseng ho o feta e ka nna yaba o memilwe ke yena, 9 mme ya memileng wena le yena o tla tla mme a re ho wena, ‘E-re motho enwa a fumane sebaka sena.’ Jwale o tla qala ho tloha ka dihlong ho ya dula sebakeng se tlasetlase. 10 Empa ha o memilwe, o ye mme o otle ka lehlakore sebakeng se tlasetlase, e le hore ha motho ya o memileng a tla a tle a re ho wena, ‘Motswalle, nyolohela hodingwana.’ Jwale o tla hlompheha ka pela baetimmoho le wena kaofela. 11 Etswe e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.” 12 Ka mora moo a tswela pele ho re le ho motho ya mo memileng: “Ha o lokisetsa dijo tsa motshehare kapa dijo tsa shwalane, o se ke wa bitsa metswalle ya hao kapa barabeno kapa beng ka wena kapa baahelani ba ruileng. Mohlomong ka nako e nngwe le bona ka ho tshwanang ba ka nna ba o mema mme e ne e tla ba puseletso ho wena. 13 Empa ha o lokisetsa mokete, o meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng; 14 mme o tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka o buseletsang ka lona. Etswe o tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.”