Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb17 February leq. 4
  • Eba Masene ha o Fana ka Sengolwa sa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Eba Masene ha o Fana ka Sengolwa sa Bibele
  • Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
mwb17 February leq. 4
Mme e mong o mametse ka hloko ha Dipaki Tsa Jehova di buisana le yena ka bukana ya Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!

PHELA JWALOKA MOKRESTE

Eba Masene ha o Fana ka Sengolwa sa Bibele

Jesu o itse: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Mat 10:8) Re mamela tataiso eo ka hore re se ke ra patadisa batho ha re fana ka Bibele kapa sengolwa sa Bibele. (2Ko 2:17) Leha hole jwalo, dingolwa tsena di na le molaetsa wa bohlokwa e leng nnete ya Bibele. Ho sebetswa ka thata ebile ho sebediswa tjhelete e ngata ho printa dingolwa tsena le hore di romelwe diphuthehong lefatsheng lohle. Kahoo, re lokela ho nka feela tseo re tla di hloka.

Sebedisa temoho ha o fa batho dingolwa esita le ha o etsa bopaki ba phatlalatsa. (Mat 7:6) Etsa boiteko ba ho qoqa le motho ho bona hore na ehlile o thabela molaetsa, ho e na le ho fana feela ka dingolwa. Dipotso tse lebokoseng lena le ka thoko, di tla o thusa hore o bone hore na ke motho ofeng eo o ka mo fang sengolwa. Haeba ho sa hlaka ho re na motho o thabela molaetsa kapa tjhe, ho ka ba molemo ho mo fa pampitshana. Empa haeba motho a ikopela makasine kapa sengolwa leha ele sefe o ka mo fa.—Lipr 3:27, 28.

NA MOTHO EO O . . . 

  • mamela ka hloko ha re buisana le yena?

  • kenella moqoqong?

  • dumela hore o tla bala sengolwa?

  • fana ka monehelo?

  • thabela seo a se utlwang ka Lentsweng la Modimo?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela