MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 27-28
Pauluse o ya Roma ka Sekepe
27:23, 24; 28:1, 2, 16, 17
Le hoja Pauluse a ne a kwalletswe, ha a a ka a emisa ho bolela ditaba tse molemo. O ile a pakela batho bao a neng a e na le bona ka sekepeng. Ha ho pelaelo hore ka mora hore sekepe se swahlamane Malta, Pauluse o ile a sebedisa monyetla ona ho pakela batho bao a ileng a ba phekola. Ka mora matsatsi a mararo a le Roma, o ile a bokella banna ba ka sehloohong ba Bajuda e le hore a ba pakele. Dilemong tse pedi ha a ntse a kwalletswe, o ile a pakela batho ba neng ba mo etela.
O ka etsa eng e le hore o bolele ditaba tse molemo le hoja maemo a hao a le boima?