KGAOLO YA 24
“Eba Sebete”
Bajuda ba batla ho bolaya Pauluse mme Pauluse o kgona ho ipuella ka pela Felixe
E Thehilwe ho Diketso 23:11–24:27
1, 2. Ke hobaneng ha Pauluse a sa makatswa ke mahloriso a mo hlahelang Jerusalema?
KA MORA hore Pauluse a pholoswe matsohong a mokgopi o halefileng Jerusalema, o boetse o kena teronkong. Moapostola enwa ya tjhesehang ha a makatswa ke mahloriso a mo hlahelang Jerusalema. O ile a bolellwa hore a lebelle “teronko le mahloriso” motseng ona. (Dik. 20:22, 23) Le hoja a sa tsebe hantle hore na o tla hlahelwa ke eng, o a tseba hore o tla tswela pele ho utlwa bohloko ka lebaka la lebitso la Jesu.—Dik. 9:16.
2 Le baprofeta ba Bakreste ba ile ba lemosa Pauluse hore o tla tlangwa mme ho nehelanwe ka yena ho “batho ba ditjhaba.” (Dik. 21:4, 10, 11) Mokgopi wa Bajuda o sa tswa leka ho mo bolaya mme nakwana ka mora moo ho ne ho bonahala eka ditho tsa Lekgotla le Phahameng la Bajuda di ‘tla tloha di bolaya Pauluse’ ka ha di ne di phehile kgang ka seo Pauluse a neng a se buile. Jwale moapostola enwa ke motshwaruwa matsohong a masole a Roma mme o tadimane le diteko tse eketsehileng le diqoso. (Dik. 21:31; 23:10) Ka sebele moapostola Pauluse o hloka kgothatso.
3. Re fumana kgothatso hokae e le hore re tswele pele ho etsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate?
3 Nakong ena ya bofelo, re a tseba hore “barutuwa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Modimo ka botshepehi ba tla hloriswa.” (2 Tim. 3:12) Le rona re hloka kgothatso nako le nako e le hore re ka tswela pele mosebetsing wa ho bolela ditaba tse monate. Ka sebele re ananela dikgothatso tseo re di fumanang ka nako e loketseng ha re le dibokeng le ka hara dingolwa tse lokiseditsweng ke “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale.” (Mat. 24:45) Jehova o re tshepisitse hore bahanyetsi ba rona ba ke ke ba re fedisa re le sehlopha ebile ba ke ke ba atleha ho emisa mosebetsi wa rona wa ho bolela ditaba tse monate. (Esa. 54:17; Jer. 1:19) Le ha ho le jwalo, keng se ileng sa etsahalla moapostola Pauluse? Na o ile a fumana kgothatso e le hore a ka tswela pele ho fana ka bopaki bo hlakileng ho sa tsotellehe kganyetso? Haeba ho jwalo, o ile a kgothatswa jwang, hona o ile a etsang?
Ho Nyopisa “Mmommori wa ho Bolaya Pauluse” (Diketso 23:11-34)
4, 5. Pauluse o ile a fumana kgothatso efe mme ke hobaneng ha e tlile ka nako e loketseng?
4 Moapostola Pauluse o ile a fumana kgothatso eo a e hlokang bosiung ba ka mora hore a lokollwe Lekgotleng le Phahameng la Bajuda. Bibele e re: “Morena a tla ho Pauluse a re: ‘Eba sebete hobane jwalo ka ha o ile wa fana ka bopaki bo hlakileng ka nna Jerusalema, o tla boela o mpakele le Roma.’” (Dik. 23:11) Ka lebaka la mantswe ao a Jesu a kgothatsang, Pauluse o ile a tiisetswa hore o tla lopollwa. O ne a tseba hore o tla pholoha e le hore a fihle Roma mme a be le monyetla wa ho paka ka Jesu moo.
“Ho na le banna ba fetang 40 ba mo laletseng.”—Diketso 23:21
5 Kgothatso eo Pauluse a ileng a e fuwa moo e ile ya tla ka nako e loketseng. Letsatsing le latelang, banna ba Bajuda ba fetang 40 ba ile ba etsa ‘kano, ba re ba ke ke ba ja kapa ba nwa ho fihlela ba bolaile Pauluse.’ Bajuda bao ba ne ba ikemiseditse ho bolaya moapostola Pauluse hoo ba ileng ba etsa “mmommori wa ho [mo] bolaya.” Haeba morero wa bona o mobe o ne o ke ke wa atleha, ba ne ba dumela hore ba tla welwa ke bomadimabe. (Dik. 23:12-15) Baprista ba ka sehloohong le baholo ba ne ba ba dumeletse ho ntshetsa pele morero wa bona wa hore Pauluse a kgutlisetswe Lekgotleng le Phahameng la Bajuda hore a boele a hlongwe dipotso ho netefatsa ditaba tse mo amang. Empa ha a le tseleng, batho bao ba ne ba tla mo lalla e le hore ba mo bolaye.
6. Morero wa ho bolaya Pauluse o ile wa pepeswa jwang mme kajeno batjha ba ka latela mohlala wa motjhana wa Pauluse jwang?
6 Le ha ho le jwalo motjhana wa Pauluse o ile a utlwela ka morero ona yaba o bolella Pauluse. Yaba Pauluse o re mohlankana enwa a bolelle molaodi wa sesole wa Moroma Claudiase Lisiase. (Dik. 23:16-22) Ka sebele Jehova o rata batjha ba tshwanang le motjhana enwa wa Pauluse ya sa bolelwang ka lebitso, ka ha ba bontsha sebete mme ba etsa bonnete ba hore dintho di tsamaela batho ba Modimo hantle hape ka botshepehi ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho etsa mesebetsi e amanang le Mmuso.
7, 8. Claudiase Lisiase o ile a etsa ditokisetso dife ho sireletsa Pauluse?
7 Hanghang ha Claudiase Lisiase molaodi wa banna ba 1 000 a se a tsebile ka morero ona o mobe kgahlanong le Pauluse, o ile a laela hore ho lokiswe masole a 470, banna ba marumo le banna ba dipere, hore ba tlohe Jerusalema bosiung boo mme ba sireletse Pauluse ho ya fihla Sesarea. Ha a fihla moo, ba ne ba lokela hore ba nehelane ka yena ho Mmusisi Felixe.a Sesarea e ne e le setsi sa Roma sa tsamaiso ya puso se laolang Judea. Le hoja ho ne ho ena le Bajuda ba dulang moo empa boholo ba baahi ba moo e ne e le Baditjhaba. Ho ne ho ena le kgotso Sesarea ho fapana le Jerusalema, moo batho ba bangata ba neng ba kgetholla madumedi a mang mme ba kenelletse merusung. Sesarea e ne e boetse e le ntlokgolo ya mabotho a sesole sa Roma a Judea.
8 Lisiase o ile a boloka molao wa Roma mme a romela lengolo ho Felixe a hlalosa taba ena. Lisiase o ile a bolela hore ha a utlwa hore Pauluse ke moahi wa Roma, o ile a mo pholosa ho Bajuda ba neng ba le haufi le ho mo “bolaya.” O ile a bolela hore ha a ka a fumana Pauluse a le molato wa ntho le ha e le efe e “tshwanelwang ke lefu kapa teronko,” empa ka lebaka la morero o mobe o kgahlanong le Pauluse o ile a mo fetisetsa ho Felixe e le hore mmusisi enwa a mamele baqosi ba hae mme a ahlole tabeng ena.—Dik. 23:25-30.
9. (a) Ditokelo tsa Pauluse di ile tsa hatakelwa jwang le hoja e ne e le moahi wa Roma? (b) Re ka sebedisa ditokelo tseo re nang le tsona jwalo ka baahi jwang?
9 Na Lisiase o buile nnete lengolong lee? Eseng ka ho feletseng. Ho bonahala eka o ne a ipeha ka botleng. Ha e le hantle o ne a sa pholose Pauluse hobane a utlwile hore ke moahi wa Roma. Ho ekelletsa moo, Lisiase o ile a pata hore o laetse hore Pauluse a “faswe ka diketane tse pedi” mme ha morao a “hlongwe dipotso a ntse a shapuwa.” (Dik. 21:30-34; 22:24-29) Ka ho etsa jwalo, Lisiase o ne a hataketse ditokelo tsa Pauluse jwalo ka moahi wa Roma. Kajeno Satane o sebedisa bahanyetsi ba tjhesehelang bodumedi ka ho feteletseng hore ba hlohlelletse mahloriso mme ba ka nna ba re sitisa ho sebeletsa Modimo ka bolokolohi. Empa jwalo ka Pauluse, batho ba Modimo ba ka sebedisa ditokelo tseo ba nang le tsona e le baahi mme ba batla tshireletso ya molao.
“Ke Thabela ho Ipuella ka Pela Hao” (Diketso 23:35–24:21)
10. Pauluse o ile a qosetswa dintho dife tse tebileng?
10 Ha Pauluse a le Sesarea, o ne a ‘lebetswe ka phaleising ya Heroda’ a letetse hore baqosi ba hae ba tswang Jerusalema ba fihle. (Dik. 23:35) Moprista ya Phahameng Ananiase, mmuelli ya bitswang Tertulase le sehlopha sa banna ba baholo ba ile ba tla ka mora matsatsi a mahlano. Tertulase o ile a qala ka ho rorisa Felixe ka seo a neng a se etsetsa Bajuda mohlomong e le hore a iqekisetse ho yena.b Jwale ha Tertulase a kena tabeng o ile a re Pauluse ke ‘motho ya kotsi haholo e bile o hlohlelletsa Bajuda lefatsheng lohle hore ba fetohele mmuso. Ke moetapele wa lequlwana la Banazaretha. O ile a ba a leka ho silafatsa tempele yaba ba a mo tshwara.’ Bajuda ba bang ba ile ba “mo tlatsa, ba re dintho tsena ke nnete.” (Dik. 24:5, 6, 9) Ho hlohlelletsa bofetohedi, ho etella pele lequlwana le kotsi le ho silafatsa tempele e ne e le diqoso tse tebileng tse neng di ka etsa hore a ahlolelwe lefu.
11, 12. Pauluse o ile a hanyetsa diqoso tse kgahlanong le yena jwang?
11 Jwale ha Pauluse a dumellwa ho bua, o ile a re: “Ke thabela ho ipuella ka pela hao.” O ile a latola dintho tseo a neng a qoswa ka tsona. O ne a sa ka a silafatsa tempele, ebile o ne a sa ka a leka ho hlohlelletsa bofetohedi. O ile a bolela hore e ne e le “dilemo tse ngata” a tlohile Jerusalema mme o ne a tlisitse “dithuso,” e leng monehelo bakeng sa Bakreste bao e ka nnang yaba ba futsanehile ka lebaka la tlala le mahloriso. Pauluse o ile a tiisa hore pele a kena ka tempeleng o ne a “hlwekile ho ya ka Molao” le hore o ile a leka ka matla hore a be le “letswalo le kgutsitseng ka pela Modimo le batho.”—Dik. 24:10-13, 16-18.
12 Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a dumela hore ‘tsela ena eo ba e bitsang lequlwana, ke tsela eo a sebeletsang Modimo wa baholoholo ba hae ka yona.’ O ile a tiisa hore o dumela “dintho tsohle tse hlahang Molaong le dibukeng tsa Baprofeta” mme jwalo ka baqosi ba hae o ne a ena le tshepo ya hore “Modimo o tla tsosa batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.” Jwale Pauluse o ile a kopa hore baqosi ba hae ba hlahise bopaki, yaba o re: “[Banna] bana ba teng ba hle ba bolele hore na ba mphumane ke le molato wa eng ka Lekgotleng le Phahameng la Bajuda. Ba ka nqosa ka ntho ena e le nngwe eo ke ileng ka e bua ke eme ka pela bona ha ke re: ‘Kajeno ke qoswa hobane ke ena le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.’”—Dik. 24:14, 15, 20, 21.
13-15. Ke hobaneng ha re lokela ho nka Pauluse e le mohlala o motle wa ho paka ka sebete ka pela balaodi ba lefatshe?
13 Pauluse o re behetse mohlala oo re ka o latelang haeba ho ka etsahala hore re iswe ka pela balaodi ba lefatshe ka lebaka la bodumedi ba rona mme re qoswa ka bohata ka hore re hlohlelletsa morusu, re bafetohedi, kapa re ditho tsa “lequlwana le kotsi.” Ha a ka a iqekisetsa ho mmusisi jwalo ka ha Tertulase a ile a etsa. O ile a dula a kgobile matshwafo ebile a hlompha. O ile a kgetha mantswe a hae ka hloko mme a fana ka bopaki bo utlwahalang le ba nnete. Pauluse o ile a re “Bajuda ba tswang profinseng ya Asia,” ba neng ba mo qositse ka hore o silafatsa tempele ha ba yo le hore ka molao o lokela ho bua le bona mme a utlwe diqoso tsa bona.—Dik. 24:18, 19.
14 Ho tsotehang le ho feta ke hore Pauluse ha aa ka a tsilatsila ho fana ka bopaki bo mabapi le seo a se dumelang. O ile a bolela ka sebete hore o dumela tsoho, e leng taba e neng e bakile pherekano e kgolo ha a le ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda. (Dik. 23:6-10) Ha Pauluse a ipuella, o ile a hatisa tshepo ya tsoho. Hobaneng? Hobane Pauluse o ne a fana ka bopaki mabapi le Jesu le hore o tsohile bafung, e leng seo bahanyetsi bao ba neng ba sa se dumela. (Dik. 26:6-8, 22, 23) Ha e le hantle, Pauluse o ne a qosetswa hore o dumela tsohong ya bafu le hore Jesu o ile a tsoswa bafung.
15 Jwalo ka Pauluse, re ka paka ka sebete mme ra matlafatswa ke seo Jesu a se bolelletseng barutuwa ba hae ha a re: “Batho bohle ba tla le hloya ka lebaka la lebitso la ka empa ya mameletseng ho fihlela qetellong ke yena ya tla pholoha.” Na re lokela ho tshwenyeha ka seo re tla se bua? Tjhe, ka ha Jesu o ile a re tiisetsa a re: “Ha ba le isa ho ba boholong le se ke la tshwenyeha ka hore na le tla reng. Le bue eng kapa eng eo le tla susumetswa hore le e bue ka nako eo ka ha le ke ke la bua ka bolona empa moya o halalelang o tla le thusa ho bua.”—Mar. 13:9-13.
“Felixe a Tshoha” (Diketso 24:22-27)
16, 17. (a) Felixe o ile a sebetsa nyewe ya Pauluse jwang? (b) Ho ka etsahala hore ke hobaneng ha Felixe a ile a tshoha, empa ke hobaneng ha a ile a nna a kopana le Pauluse?
16 E ne e se lekgetlo la pele Mmusisi Felixe a utlwa seo Bakreste ba se dumelang. Bibele e re: “Ka ha Felixe o ne a tseba ditaba tse amanang le Tsela ya Morena hantle, o ile a tjhetjhisa nyewe ya banna bana a re: ‘Hang ha Lisiase mookamedi wa sesole a fihla, ke tla etsa qeto ka ditaba tsena tsa lona.’ A laela molaodi wa sesole hore a kwalle Pauluse empa a fuwe bolokolohi bo itseng le hore a dumelle metswalle ya hae ho mo thusa ka dintho tseo a di hlokang.”—Dik. 24:22-27.
17 Matsatsi a seng makae ha morao, Felixe hammoho le mosadi wa hae Drusila wa Mojuda, ba ile ba romeletsa hore ho bitswe Pauluse mme ba “mo mamela ha a ntse a hlalosa hore na ho dumela ho Jesu ho bolelang.” (Dik. 24:24) Le ha ho le jwalo, ha Pauluse a bua ka “dintho tse nepahetseng, boitshwaro le ka nako eo Modimo a tla ahlola batho, Felixe [o ile] a tshoha,” mohlomong kahobane dintho tse jwalo di ne di tshwenya letswalo la hae ka lebaka la bokgopo boo a neng a bo entse bophelong ba hae. Ka hoo o ile a re ho Pauluse: “Tsamaya, ha ke fumana monyetla ke tla o bitsa hape.” Felixe o ile a kopana le Pauluse ka makgetlo a mangata ka mora moo, eseng hobane a batla ho tseba nnete empa hobane a tshepile hore Pauluse o tla mo fa tjotjo.—Dik. 24:25, 26.
18. Ke hobaneng ha Pauluse a ile a bua le Felixe le mosadi wa hae ka “dintho tse nepahetseng, boitshwaro le ka nako eo Modimo a tla ahlola batho”?
18 Ke hobaneng ha Pauluse a ile a bua le Felixe le mosadi wa hae ka “dintho tse nepahetseng, boitshwaro le ka nako eo Modimo a tla ahlola batho”? Hopola hore ba ne ba batla ho tseba hore na motho ya ‘dumelang ho Kreste Jesu’ o lokela ho etsang. Ka ha Pauluse o ne a tseba hore ba phela bophelo ba boitshwaro bo bobe, ba kgopo ebile ha ba a loka, o ile a totobatsa se neng se lokela ho etswa ke bohle bao e neng e tla ba balatedi ba Jesu. Seo Pauluse a ileng a se bua se ne se bontsha phapang e kgolo pakeng tsa melao ya Modimo e lokileng le bophelo bo neng bo phelwa ke Felixe le mosadi wa hae. Sena se ne se lokela ho ba thusa hore ba bone hore batho bohle ba ikarabella ho Modimo bakeng sa seo ba se nahanang, seo ba se buang le seo ba se etsang le hore kahlolo eo ba tadimaneng le yona ka pela Modimo ke ya bohlokwa ho feta kahlolo ya Pauluse. Hase feela Felixe a ileng “a tshoha.”
19, 20. (a) Tshebeletsong ya rona, re lokela ho sebetsana jwang le batho ba bonahalang ba thahasella empa ha e le hantle ba sa batle hore nnete e fetole tsela eo ba phelang ka yona? (b) Re tseba jwang hore Felixe e ne e se motswalle wa Pauluse?
19 Tshebeletsong ya rona, re ka nna ra fumana batho ba tshwanang le Felixe. Qalong ba ka nna ba bonahala ba thahasella nnete empa ba sa batle hore nnete e fetole tsela eo ba phelang ka yona. Re lokela ho ba hlokolosi ha re leka ho thusa batho ba jwalo. Empa, jwalo ka Pauluse, ka bohlale re ka ba bolella hore na ba lokela ho etsang e le hore ba kgahlise Modimo. Mohlomong nnete e tla ama dipelo tsa bona. Le ha ho le jwalo, haeba ho totobala hore ha ba batle ho tlohela ho etsa dintho tseo Jehova a di hloileng, re a ba tlohela ebe re batla ba hlileng ba batlang nnete.
20 Boemo ba pelo ya Felixe bo ile ba senolwa ke mantswe a reng: “Ka mora dilemo tse pedi, Felixe a hlahlangwa ke Porkiase Festase. Ka ha Felixe o ne a batla ho kgahlisa Bajuda, a siya Pauluse a kwaletswe.” (Dik. 24:27) Ka sebele Felixe e ne e se motswalle wa Pauluse. Felixe o ne a tseba hore balatedi ba “Tsela ya Morena” ha ba hlohlelletse bofetohedi ebile ha ba tswe mmuso tlase. (Dik. 19:23) Hape o ne a tseba hore Pauluse ha a tlola molao ofe kapa ofe wa Roma empa ho ntse ho le jwalo o ile a mo tlohela ditlamong e le hore a ka “kgahlisa Bajuda.”
21. Ho ile ha etsahala eng ka Pauluse ka mora hore Porkiase Festase e be mmusisi, hona e tlameha ebe o ile a tswela pele ho matlafatswa ke eng?
21 Jwalo ka ha temana ya ho qetela ya Diketso kgaolo ya 24 e bontsha, Pauluse o ne a ntse a le teronkong ha Porkiase Festase a hlahlama Felixe e le mmusisi. Ka mora moo ho ile ha qala letoto la dinyewe mme Pauluse o ile a hlaha ka pela babusi ba fapaneng. Ka sebele moapostola enwa ya sebete o ile a “iswa ka pela marena le babusisi.” (Luka 21:12) Jwalo ka ha re tla bona, ha morao o ile a pakela mmusi ya matla ka ho fetisisa wa mehleng ya hae. Maemong ana kaofela, tumelo ya Pauluse ha ya ka ya sisinyeha. Ha ho pelaelo hore o ile a tswela pele ho matlafatswa ke mantswe a Jesu a reng: “Eba sebete!”
a Sheba lebokose la sehlooho se reng “Felixe, Mmusisi wa Judea.”
b Tertulase o ile a leboha Felixe ka hore e be setjhaba se ‘phela ka kgotso ka lebaka la hae.’ Le ha ho le jwalo, nnete ke hore nakong eo Felixe e neng e le mmusisi Judea, ho ne ho e na le dintwa tse ngata ho feta tse neng di le teng pusong ya babusisi ba tlileng pele ho yena ho fihlela nakong eo batho ba fetohelang mmuso wa Roma. Ntho e nngwe eo e neng e se nnete ke taba ya hore Bajuda ba ne ba “ananela dintho tsena kaofela” tseo Felixe a di entseng. Ha e le hantle, Bajuda ba bangata ba ne ba sa rate Felixe ka lebaka la ho ba sulafalletsa bophelo le ho ba tshwara ka tsela e kgopo ha ba ne ba fetohela mmuso.—Dik. 24:2, 3.