Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb19 March leq. 5
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Ngola Mangolo

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Ngola Mangolo
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Lengolo la Mohlala
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
mwb19 March leq. 5

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding—Ngola Mangolo

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Buka ya 1 Bakorinthe ke e nngwe ya mangolo a 14 ao moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Bakrestemmoho ho ba kgothatsa. Ha motho a ngola lengolo, o ba le nako e lekaneng ya ho nahana ka seo a tlang ho se ngola mme motho ya le fumanang a ka le bala kgafetsa. Ho ngola mangolo ke tsela e molemo ya ho pakela beng ka rona le batho bao re ba tlwaetseng. Hape ke tsela e atlehang ya ho pakela batho bao re sa kgoneng ho kopana le bona. Ka mohlala, motho a ka bontsha thahasello empa ho be thata ho mo fumana lapeng.

Ho ka ba thata ho fumana batho ba bang hobane ba dula matlong ao ho leng thata ho kena ho ona kapa a dibakeng tse ka thoko. Ke dintho dife tseo re lokelang ho nahana ka tsona, haholo ha re ngolla motho eo re sa mo tsebeng?

Moapostola Pauluse o ngola lengolo

O KA ETSA SEO JWANG:

  • Moradiwabo rona o ntse a nahana ka seo a ka se ngolang lengolong

    Ngola seo o neng o tla se bua ha o kopana le motho. Qalong ya lengolo itsebise mme o bolele hore na ke hobaneng ha o ngola lengolo leo. Mohlomong o ka ngola potso e tla etsa hore motho eo o mo ngollang lengolo a nahane ka yona e be o mo lebisa websaeteng ya rona. Ka mora moo, mo bolelle ka thuto ya lehae ya Bibele mme o bue ka tse ding tsa dihlooho tse hlahang dingolweng tsa rona. O ka kenya dingolwa tse kang pampitshana, memo kapa karete ya jw.org

  • Kgutsufatsa molaetsa. Etsa bonnete ba hore molaetsa wa hao o ba mokgutshwanyane e le hore motho a se ke a kgathala ke ho o bala.—Sheba mohlala wa lengolo

  • Le bale ho etsa bonnete ba hore ha le na diphoso, le makgethe, ho bonolo hore motho a le bale, le botswalle ebile le fana ka molaetsa o kgothatsang. Etsa bonnete ba hore enfelopo e na le ditempe tse lekaneng.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela