Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
1-7 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 BAKORINTHE 7-9
“Bosoha ke Mpho”
(1 Bakorinthe 7:32) Ka sebele, ke batla hore le se ke la ba le matshwenyeho. Monna ya sa nyalang o tshwenyeha ka dintho tsa Morena, ka moo a ka fumanang kamohelo ya Morena.
w11 1/15 17-18 ¶3
Sebedisa Nako ya Hao ya Bosoha ka Bohlale
3 Hangata motho wa lesoha o na le nako e ngata le bolokolohi bo bongata ho feta motho ya lenyalong. (1 Bakor. 7:32-35) Ena ke melemo e ikgethang e ka mo dumellang hore a eketse nako eo a e qetang tshebeletsong ya hae, a atolose lerato leo a ratang batho ba bang ka lona a be a be le kamano e haufi haholo le Jehova. Ka lebaka leo, Bakreste ba bangata ba ananela melemo ya bosoha, ka hoo ba entse qeto ya hore ba bo “etsetse sebaka,” mohlomong ka nako e itseng. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba ne ba sa ikemisetsa ho ba masoha, empa ha maemo a bona a fetoha ba ile ba rapella boemo ba bona mme ba hlokomela hore ka thuso ya Jehova le bona ba ne ba ka tsitsa dipelong tsa bona. Ka hoo, ba ile ba amohela maemo a bona a fetohileng yaba ba etsetsa bosoha sebaka.—1 Bakor. 7:37, 38.
(1 Bakorinthe 7:33, 34) Empa monna ya nyetseng o tshwenyeha ka dintho tsa lefatshe, ka moo a ka fumanang kamohelo ya mosadi wa hae, 34 mme o arohane. Ho ekelletsa moo, mosadi ya sa nyalwang, le morwetsana, o tshwenyeha ka dintho tsa Morena, e le hore e ka ba ya halalelang mmeleng wa hae le moyeng wa hae. Le ha ho le jwalo, mosadi ya nyetsweng o tshwenyeha ka dintho tsa lefatshe, ka moo a ka fumanang kamohelo ya monna wa hae.
w08 7/15 27 ¶1
Dintlhakgolo Tsa Mangolo a Yang ho Bakorinthe
7:33, 34—Ho bolelwang ka “dintho tsa lefatshe” tseo monna kapa mosadi ya lenyalong a tshwenyehang ka tsona? Pauluse o bua ka dintho tse tlwaelehileng tsa bophelo tseo Bakreste ba leng lenyalong ba lokelang ho ameha ka tsona. Di akarelletsa dijo, diaparo le bodulo empa ha di akarelletse dintho tse mpe tsa lefatshe lena, tseo Bakreste ba lokelang ho di qoba.—1 Johanne 2:15-17.
(1 Bakorinthe 7:37, 38) Empa haeba le ha e le mang a tsitsitse pelong ya hae, a sa qobellwe ke letho, empa a e na le matla thatong ya hae mme a entse qeto ena ka pelong ya hae, hore a boloke bosoha ba hae, o tla etsa hantle. 38 Ka lebaka leo le ya fanang ka bosoha ba hae lenyalong o etsa hantle, empa ya sa faneng ka bona lenyalong o tla etsa ha molemo haholo.
w96 10/15 12-13 ¶14
Masoha a Kgona ho Sebeletsa Jehova Ntle ho Tshitiso
14 Mokreste wa lesoha ya batlang ho ba lesoha ka mabaka a boithati ha a etse “ha molemo” ho feta Bakreste ba leng lenyalong. O dula e le lesoha, e seng “ka lebaka la mmuso,” empa ka mabaka a botho. (Matheu 19:12) Monna kapa mosadi wa lesoha o lokela ho “tshwenyeha ka dintho tsa Morena,” a tshwenyehe ka ho ‘fumana kamohelo ya Morena,’ mme a ‘sebeletse Morena ka mehla ntle ho tshitiso.’ Sena se bolela ho lebisa tlhokomelo e feletseng ho sebeletseng Jehova le Kreste Jesu. Ke ka ho etsa jwalo feela banna le basadi ba Bakreste ba masoha ba etsang “ha molemo” ho feta Bakreste ba leng lenyalong.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(1 Bakorinthe 7:11) empa haeba ka sebele a ka tloha, a dule a sa nyalwa kapa ho seng jwalo a boelane le monna wa hae; mme monna ha a a lokela ho tlohela mosadi wa hae.
lvs 251
Dintlha Tse Hlahang Qetellong ya Buka
Ka dinako tse ding Bakreste ba bang ba ile ba etsa qeto ya ho arohana le balekane ba bona le hoja ba sa etsa bofebe. (1 Bakorinthe 7:11) Ke maemong ana a latelang moo Mokreste a ka arohanang le molekane wa hae.
• Ho se hlokomele lelapa ka boomo: Monna ya hanang ho hlokomela lelapa ka dintho tseo ba di hlokang hoo ba qetellang ba se na tjhelete le dijo.—1 Timothea 5:8.
• Tlhekefetso: Motho ya otlang molekane wa hae ho ya boholeng ba hore molekane eo a utlwe e ka bophelo ba hae bo kotsing.—Bagalata 5:19-21.
• Ho senya kamano ya motho le Jehova: Monna kapa mosadi o thatafalletsa molekane wa hae ho sebeletsa Jehova.—Liketso 5:29.
(1 Bakorinthe 7:36) Empa haeba le ha e le mang a nahana hore o itshwara ka mokgwa o sa tshwanelang mabapi le bosoha ba hae, haeba a fetile palesa ya botjha, mme ena e le tsela eo ho lokelang hore ho etsahale ka yona, a ke a etse seo a se batlang; ha a etse sebe. Ba ke ba kene lenyalong.
w00 7/15 31 ¶2
O ka Dula o Hlwekile Lefatsheng le Nang le Boitshwaro bo Bobe
Ka hoo, batjha ha ba a lokela ho potlakela lenyalo hobane feela ba utlwa takatso ya ho etsa thobalano. Lenyalo le batla boitlamo mme ho phelela boikarabelo boo ho hloka hore motho a hole kelellong. (Genese 2:24) Ho molemo hore motho a eme ho fihlela “a fetile palesa ya botjha” e leng nako eo ka yona ditakatso tsa thobalano di leng matla mme di ka etsisang motho diqeto tse fosahetseng. (1 Bakorinthe 7:36) Ke sebe hore motho ya hodileng dilemong a etse bohlola hobane feela a sa fumane motho eo a ka nyalanang le yena.
Mmalo wa Bibele
(1 Bakorinthe 8:1-13) Jwale malebana le dijo tse nyehelwang ho ditshwantsho tse rapelwang: re a tseba hore bohle re na le tsebo. Tsebo e baka boikgohomoso, empa lerato le a haha. 2 Haeba le ha e le mang a nahana hore o fumane tsebo ya ho hong, ha a e so ho tsebe feela jwalo ka ha a tshwanela ho ho tseba. 3 Empa haeba le ha e le mang a rata Modimo, enwa o tsejwa ke yena. 4 Jwale malebana le ho ja dijo tse nyehelwang ho ditshwantsho tse rapelwang, re a tseba hore setshwantsho se rapelwang ha se letho lefatsheng, le hore ha ho na Modimo haese a le mong. 5 Etswe esita le hoja ho e na le ba bitswang “medimo,” ebang ke lehodimong kapa lefatsheng, feela jwalo ka ha ho e na le “medimo” e mengata le “marena” a mangata, 6 ka sebele ho rona ho na le Modimo a le mong Ntate, eo dintho tsohle di tswang ho yena, mme rona re ba hae; ho na le Morena a le mong, Jesu Kreste, eo ka yena dintho tsohle di leng teng, le rona re leng teng ka yena. 7 Le ha ho le jwalo, tsebo ena ha e ho batho bohle; empa ba bang, ka ha ho tla fihlela jwale ba tlwaetse setshwantsho se rapelwang, ba ja dijo e le ho hong ho hlabetsweng setshwantsho se rapelwang, mme matswalo a bona, ka ha a fokola, a a silafala. 8 Empa dijo di ke ke tsa re buella ho Modimo; haeba re sa je, ha re haellwe, mme, haeba re ja, ha ho seo re se ekeletswang. 9 Empa le dule le lebetse hore matla ana a lona, ka tsela e itseng a se ke a fetoha kgopiso ho ba fokolang. 10 Etswe haeba le ha e le mang a ka o bona, wena ya nang le tsebo, o otlile ka lehlakore dijong ka tempeleng ya setshwantsho se rapelwang, na letswalo la eo ya fokolang le ke ke la hahwa ho fihlela moo a jang dijo tse nyehelwang ho ditshwantsho tse rapelwang? 11 Ka sebele, ka tsebo ya hao, motho ya fokolang o ntse a senngwa, moreno eo ka lebaka la hae Kreste a ileng a shwa. 12 Empa ha le sitelwa barababo lona ka tsela ena mme le ntsha matswalo a bona a fokolang maqeba, le sitelwa Kreste. 13 Ka hona, haeba dijo di etsa hore moreso a kgoptjwe, le ka mohla nke ke ka boela ka ja nama ho hang, e le hore ke se ke ka etsa hore moreso a kgoptjwe.
8-14 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 BAKORINTHE 10-13
“Jehova o a Tshepahala”
(1 Bakorinthe 10:13) Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tlwaelehileng ho batho. Empa Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a le tlohela hore le lekwe ho feta seo le ka se jarang, empa ha mmoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ya ho tswa e le hore le kgone ho o mamella.
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Moapostola Pauluse o ile a ngola hore Jehova “a ke ke a le tlohela hore le lekwe ho feta seo le ka se jarang.” (1 Bakor. 10:13) Na see se bolela hore Jehova o hlahloba esale pele diteko tseo re ka kgonang ho di mamella e be o re kgethela tse ka re hlahelang?
▪ Ho nahana ka tsela eo ho ka tlisa mathata afe? Morabo rona e mong eo mora wa hae a ileng a ipolaya o ile a botsa a re: ‘Na Jehova o bone esale pele hore nna le mosadi wa ka re tla kgona ho mamella teko eo mme ka hoo a etsa hore e re hlahele?’ Na ke nnete hore Jehova ke yena ya re kgethelang diteko tseo re kopanang le tsona bophelong?
Mantswe a Pauluse a ngotsweng ho 1 Bakorinthe 10:13 a re thusa ho etsa qeto ya hore ha hona moo Bibele e fanang ka lebaka la ho dumela hore Jehova o hlahloba diteko tseo re ka kgonang ho di mamella e be ka mora moo o re kgethela tse tla re hlahela. A re hlahlobeng mabaka a mane a hore na ke hobaneng ha re ka etsa qeto eo.
La pele, Jehova o file batho mpho ya bolokolohi ba ho ikgethela. O batla hore re ikgethele tsela eo re batlang ho phela ka yona. (Deut. 30:19, 20; Josh. 24:15) Haeba re kgetha tsela e nepahetseng, Jehova o tla re thusa. (Liprov. 16:9) Empa haeba re kgetha tsela e fosahetseng, re ka lebella ditlamorao tse bohloko. (Bagal. 6:7) Haeba Jehova o re kgethela diteko tse re hlahelang, na ka nnete o tla be a re file bolokolohi bo feletseng ba hore re ikgethele?
La bobedi, Jehova ha a thibele hore re se ke ra hlahelwa ke “nako le ketsahalo e sa lebellwang.” (Moek. 9:11) Re ka hlahelwa ke ditsietsi tse bohloko haholo hobane feela re le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng. Jesu o ile a bua ka tsietsi e ileng ya hlahela batho ba 18 ba ileng ba welwa ke tora mme ba shwa, o ile a hlalosa hore e ne e se thato ya Modimo hore ba hlahelwe ke tsietsi eo. (Luka 13:1-5) Ke ho sa utlwahaleng ho dumela hore Modimo o hlahloba esale pele hore na ke mang ya tla phela kapa ke mang ya tla shwa ditsietsing tse re hlahelang.
La boraro, e mong le e mong wa rona o a ameha qosong e mabapi le ho tshepahala. Hopola hore Satane o ile a leka botshepehi ba bahlanka bohle ba Jehova mme a re ba ke ke ba dula ba mo tshepahalla leha ba hlahelwa ke diteko. (Jobo 1:9-11; 2:4; Tšen. 12:10) Haeba Jehova a ne a ka thibela hore re hlahelwe ke diteko hobane a hlokometse hore re ke ke ra kgona ho di mamella, na ketso eo e ne e sa tlo tshehetsa qoso ya Satane ya hore re sebeletsa Modimo hobane re shebile menyetla?
La bone, ha ho letho le tlamang Jehova hore a tsebe ntho e nngwe le e nngwe e re etsahallang. Taba ya hore Modimo o re kgethela diteko esale pele e bolela hore o tlameha ho tseba ntho e nngwe le e nngwe e tla re etsahalla bophelong. Empa Bibele ha e rute taba eo. Ke nnete hore Modimo a ka kgona ho tseba dintho tse tla re etsahalla. (Esa. 46:10) Bibele e bontsha hore Modimo ha a kgethe ho tseba dintho tsohle tse tla re etsahalla. (Gen. 18:20, 21; 22:12) Ha a sebedise matla a hae a ho tseba dintho esale pele ka tsela e tla etsa hore a se ke a hlompha bolokolohi ba rona ba ho ikgethela. Na seo hase sona seo re ka se lebellang ho Modimo eo ka dinako tsohle a nkang bolokolohi ba rona ba ho ikgethela e le ba bohlokwa ebile a sebedisa makgabane a hae ka tekatekano?—Deut. 32:4; 2 Bakor. 3:17.
Jwale re lokela ho utlwisisa mantswe a Pauluse jwang ha a re: “Modimo . . . a ke ke a le tlohela hore le lekwe ho feta seo le ka se jarang”? Mona Pauluse o hlalosa seo Jehova a se etsang nakong eo re leng tekong, eseng pele e re hlahela. Mantswe a moapostola Pauluse a re kgodisa hore ho sa tsotellehe diteko tseo re ka tobanang le tsona bophelong, Jehova o tla re thusa ha feela re mo tshepile. (Pes. 55:22) Mantswe a Pauluse a tshedisang a thehilwe dithutong tse pedi tsa motheo.
Ya pele, diteko tse re hlahelang ke tse “tlwaelehileng ho batho.” Diteko tsa rona ke tseo batho ba tlwaetseng ho kopana le tsona. Diteko tse jwalo hase tseo re ka hlolehang ho di mamella haeba feela re itshetlehile ka Modimo. (1 Pet. 5:8, 9) Lengolong la 1 Bakorinthe 10:13 Pauluse o ne a bua ka teko eo Baiseraele ba ileng ba kopana le yona lefelleng. (1 Bakor. 10:6-11) Ha hona teko leha e le efe eo Baiseraele ba tshepahalang ba neng ba ka hloleha ho e mamella hobane e ne e le diteko tse tlwaelehileng. Ka makgetlo a mane Pauluse o ile a re “ba bang ba bona” ba ne ba sa mamele. Ka maswabi Baiseraele ba bang ba ile ba etsa dintho tse fosahetseng ka lebaka la hore ba ne ba sa itshetleha ka Modimo.
Ya bobedi, “Modimo o a tshepahala.” Tlaleho ya Bibele e buwang ka tsela eo Modimo a ileng a sebedisana le batho ba hae ka yona e bontsha hore o fana ka mosa o lerato ho “ba mo ratang le ba bolokang ditaelo tsa hae.” (Deut. 7:9) Tlaleho eo e boetse e bontsha hore Modimo o a tshepahala. (Josh. 23:14) Ha re sheba ka moo a ileng a sebedisana le batho ba tshepahalang ka teng nakong e fetileng re a hlokomela hore batho ba mo ratang le ba mo mamelang ba ka ba le tshepo ya hore Modimo o tla phetha ditshepiso tsena tse pedi haeba ba hlahelwa ke diteko. Ya pele: A ke ke a dumella teko leha e le efe hore e fihle boemong boo re ke keng ra kgona ho e mamella. Ya bobedi: ‘O tla boela a re bulele tsela ya ho tswa.’
Jehova o thusa batho ba mo tshepang jwang ha ba hlahelwa ke diteko? Ha e le hantle, haeba e ne e le thato ya hae, o ne a ka etsa hore teko eo e se ke ya re hlahela. Empa hopola mantswe a Pauluse a reng: ‘[Jehova] O tla boela a le bulele tsela ya ho tswa e le hore le kgone ho e mamella.’ Ka hoo maemong a mangata o re ‘bulela tsela ya ho tswa’ ka ho re fa thuso ka nako e nepahetseng e le hore re kgone ho mamella diteko ka katleho. Nahana ka ditsela tse latelang tseo ka tsona Jehova a ka re thusang ho hlola diteko:
▪ O re ‘tshedisa matshwenyehong ohle a rona.’ (2 Bakor. 1:3, 4) Jehova a ka sebedisa Bibele, moya o halalelang le dingolwa tseo lekgoba le tshepahalang le re fang tsona ho re tshedisa le ho re kgatholla kelellong.—Mat. 24:45; Johanne 14:16, Bar. 15:4.
▪ A ka re tataisa ka moya o halalelang. (Johanne 14:26) Nakong eo diteko di re hlahelang, moya o halalelang o ka re thusa ho hopola melaomotheo le seo re ithutileng sona ka Bibeleng e le hore re ka kgona ho etsa diqeto ka bohlale.
▪ A ka sebedisa mangeloi ho re thusa.—Baheb. 1:14.
▪ A ka sebedisa barapedimmoho le rona hore ba re matlafatse ka dipuo le ka diketso tsa bona.—Bakol. 4:11.
Jwale, re ka etsa qeto efe ka se bolelwang ke mantswe a Pauluse a ngotsweng lengolong la 1 Bakorinthe 10:13? Ha se Jehova ya kgethang diteko tse re hlahelang. Le ha ho le jwalo, ha diteko di re hlahela bophelong, re ka kgodiseha hore haeba re tshepile Jehova ka ho feletseng, a ke ke a dumella hore re lekwe ho feta kamoo re ka kgonang ho mamella, o tla tswela pele a re bulela tsela ya ho tswa e le hore re kgone ho di mamella. Na aa ha se mantswe a tshedisang?
(1 Bakorinthe 10:13) Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tlwaelehileng ho batho. Empa Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a le tlohela hore le lekwe ho feta seo le ka se jarang, empa ha mmoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ya ho tswa e le hore le kgone ho o mamella.
(1 Bakorinthe 10:13) Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tlwaelehileng ho batho. Empa Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a le tlohela hore le lekwe ho feta seo le ka se jarang, empa ha mmoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ya ho tswa e le hore le kgone ho o mamella.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(1 Bakorinthe 10:8) Hape re se ke ra tlwaela ho etsa bohlola, jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba we, ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng.
w04 4/1 29
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Ke hobaneng ha lengolo lee le re Baiseraele ba 23 000 ba ile ba shwa ka tsatsi le le leng ka lebaka la bohlola empa Numere 25:9 e re ba shweleng ke ba 24 000?
Ho na le mabaka a mmalwa a ka nnang a etsa hore dipalo tse fanweng ditemaneng tseo tse pedi di fapane. Le bonolo e ka nna yaba la hore palo e tobileng e kae kae pakeng tsa 23 000 le 24 000, e leng ho etsang hore palo eo e be hodimo kapa tlase.
Nahana ka lebaka le leng leo e ka nnang yaba ke lona. Moapostola Pauluse o ne a qotsa tlaleho ya Baiseraele ha ba le Shitime e le mohlala wa temoso ho Bakreste ba Korinthe ya boholoholo, e leng motse o neng o tumme hampe ka ho phela bophelo ba boitshwaro bo hlephileng. O ile a ngola: “Hape re se ke ra tlwaela ho etsa bohlola, jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba we, ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng.” Pauluse o ile a qolla ba bolailweng ke Jehova ka lebaka la ho etsa bohlola, a re palo ya bona ke 23 000.—1 Bakorinthe 10:8.
Le ha ho le jwalo, Numere kgaolo ya 25 e re bolella hore “Iseraele [e ile] ya ikamahanya le Baale wa Peore; mme bohale ba Jehova ba qala ho tukela Iseraele.” Ka hoo, Jehova o ile a laela Moshe hore a bolaye “bohle ba ka sehloohong setjhabeng.” Yaba Moshe o laela baahlodi hore ba phethahatse taelo eo. Qetellong, ha Finease a nka kgato ka potlako ka ho bolaya Moiseraele ya neng a tlisitse mosadi wa Momidiane kampong, “lefu la sewa la emiswa.” Tlaleho eo e qetella ka mantswe a reng: “Ba bolailweng ke lefu la sewa ya e ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.”—Numere 25:1-9.
Ho hlakile hore palo e fanweng ho Numere e akarelletsa “ba ka sehloohong setjhabeng” ba bolailweng ke baahlodi le ba bolailweng ke Jehova ka ho toba. E ka nna yaba ho bile le ba sekete ba ka sehloohong ba bolailweng ke baahlodi, e leng ho etsang hore palo eo e be 24 000. Ebang bana ba ka sehloohong, kapa baetapele, ba ne ba entse bohlola kapa tjhe, ba kopanetse meketeng, kapa ba fane ka tumello ho ba etsang diketso tseo, ba ne ba le molato wa ho “ikamahanya le Baale wa Peore.”
Mabapi le lentswe “ikamahanya,” buka e nngwe ya ditshupiso tsa Bibele e hlalosa hore le ka bolela “ho itlama ka motho e mong.” Baiseraele e ne e le setjhaba se inehetseng ho Jehova, empa ka ho “ikamahanya le Baale wa Peore,” ba ile ba senya boinehelo ba bona ho Modimo. Dilemo tse ka bang 700 hamorao, a sebedisa moprofeta Hosea, Jehova o ile a re ka Baiseraele: “Ba ile ho Baale wa Peore, mme ba qadile ho inehela nthong e hlabisang dihlong, mme ba ile ba nyonyeha jwalo ka ntho eo ba e ratang.” (Hosea 9:10) Bohle ba ileng ba etsa seo ba ne ba lokelwa ke kotlo ya bomodimo. Ka hoo, Moshe o ile a hopotsa bara ba Iseraele a re: “Mahlo a lona a bone seo Jehova a se entseng tabeng ya Baale wa Peore, hore motho e mong le e mong ya neng a latela Baale wa Peore ke yena eo Jehova Modimo wa lona a ileng a mo fedisa hara lona.”—Deuteronoma 4:3.
(1 Bakorinthe 11:5, 6) empa mosadi e mong le e mong ya rapelang kapa ya profetang hlooho ya hae e sa kwahelwa o tlotlolla hlooho ya hae, ka ha ho tshwana le ha e le mosadi ya hlooho e beotsweng. 6 Etswe haeba mosadi a sa ikwahele, ka ho tshwanang a ke a kute; empa haeba ke tlotlollo bakeng sa mosadi hore a kute kapa a beole, a ke a ikwahele.
(1 Bakorinthe 11:10) Ke ka lebaka leo mosadi a tshwanelang ho ba le pontsho ya ho laelwa hloohong ya hae ka lebaka la mangeloi.
w15-E 2/15 30
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Na moradiwabo rona o lokela ho rwala hloohong ha a kganna thuto ya Bibele a tsamaya le morabo rona?
▪ ‘Dipotsong Tse Tswang ho Babadi’ tse hlahang ho Tora ya ho lebela ya July 15, 2002, ho ile ha bolelwa hore moradiwabo rona o lokela ho rwala hloohong ha a kganna thuto ya Bibele a tsamaya le morabo rona ho sa tsotellehe hore na morabo rona o kolobeditswe kapa tjhe. Empa dipatlisiso di bontsha hore tataiso eo e lokela ho ntlafatswa.
Moradiwabo rona o lokela ho rwala haeba a ilo kganna thuto ya Bibele a tsamaya le morabo rona ya kolobeditsweng. Ka ho etsa jwalo, o tla be a bontsha hore o hlompha tokisetso ya Jehova ya bohlooho ka hare ho phutheho ya Bokreste, hobane o tla be a etsa mosebetsi oo ka tlwaelo o etswang ke morabo rona. (1 Bakor. 11:5, 6, 10) Kapa a ka kopa morabo rona a kganne thuto eo haeba a ka kgona ho etsa seo ebile a tshwaneleha.
Ka lehlakoreng le leng, haeba moradiwabo rona a kganna thuto ya Bibele a tsamaya le morabo rona ya sa kolobetswang eo e seng monna wa hae, ha a tlanngwa ke Mangolo hore a rwale. Le ha ho le jwalo, tlasa maemo a jwalo ba bang matswalo a bona a ka ba susumelletsa hore ba rwale.
Mmalo wa Bibele
(1 Bakorinthe 10:1-17) Jwale, ha ke batle hore le hloke tsebo, barabeso, hore baholoholo ba rona kaofela ba ile ba ba ka tlasa leru mme kaofela ba feta hara lewatle 2 mme kaofela ba ile ba kolobetswa ho kena ho Moshe ka leru le ka lewatle; 3 kaofela ba ile ba ja dijo tse tshwanang tsa moya 4 mme kaofela ba ile ba nwa seno se tshwanang sa moya. Etswe ba ne ba nwa lefikeng la moya le neng le ba latela, mme lefika leo le ne le bolela Kreste. 5 Le ha ho le jwalo, boholo ba bona Modimo ha a a ka a ba bontsha kamohelo ya hae, ka ha ba ile ba rapalatswa lefelleng. 6 Jwale dintho tsena e bile mehlala ya rona, hore re se ke ra ba batho ba lakatsang dintho tse mpe, esita le jwalo ka ha ba ile ba di lakatsa. 7 Hape le se ke la ba barapedi ba ditshwantsho, jwalo ka ha ba bang ba bona e ile ya eba barapedi ba ditshwantsho; feela jwalo ka ha ho ngodilwe: “Setjhaba sa dula fatshe ho ja le ho nwa, mme sa ema hore se ithabise.” 8 Hape re se ke ra tlwaela ho etsa bohlola, jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba we, ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng. 9 Hape re se ke ra leka Jehova, jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba mo leka, hore feela ba timetswe ke dinoha. 10 Hape le se ke la ba bakorotli, feela jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba korotla, hore feela ba timetswe ke motimetsi. 11 Jwale dintho tsena di ile tsa tswela pele ho ba hlahela e le mehlala, mme di ile tsa ngolwa hore e be temoso ho rona bao bofelo ba ditsamaiso tsa dintho bo ba fihletseng. 12 Ka lebaka leo ya nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a wa. 13 Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tlwaelehileng ho batho. Empa Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a le tlohela hore le lekwe ho feta seo le ka se jarang, empa ha mmoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ya ho tswa e le hore le kgone ho o mamella. 14 Ka hona, baratuwa ba ka, le balehele borapedi ba ditshwantsho. 15 Ke bua jwalo ka ha ho buuwa le batho ba nang le temoho; ikahloleleng seo ke se buang. 16 Senwelo sa tlhohonolofatso seo re se hlohonolofatsang, na hase ho ba le karolo mading a Kreste? Bohobe boo re bo qhetsolang, na hase ho ba le karolo mmeleng wa Kreste? 17 Ka hobane ho na le bohobe bo le bong, rona, le hoja re le bangata, re mmele o le mong, ka ha kaofela re ja bohobe boo bo le bong.
22-28 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 BAKORINTHE 14-16
“Modimo e Tla ba ‘Dintho Tsohle ho e Mong le e Mong’”
(1 Bakorinthe 15:24, 25) Ka mora moo, e be bofelo, ha a nehelana ka mmuso ho Modimo le Ntatae, ha a entse puso yohle le bolaodi bohle le matla lefeela. 25 Ka ha o tla busa e le morena ho fihlela Modimo a behile dira tsohle tlasa maoto a hae.
w98 7/1 21 ¶10
“Lefu le Tla Etswa Lefeela”
10 “Bofelo” ke qetello ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete, ha Jesu ka boikokobetso le ka botshepehi a nehelana ka Mmuso ho Modimo le Ntate wa hae. (Tšenolo 20:4) Morero wa Modimo wa “ho bokella dintho tsohle ha mmoho hape ho Kreste” o tla be o phethahetse. (Baefese 1:9, 10) Empa pele ho moo, Kreste o tla be a timeditse “puso yohle le tokelo yohle ya ho laela le matla” tse kgahlanong le Bobusi ba Modimo. Sena se akarelletsa ho fetang timetso e tlang ka Armagedone. (Tšenolo 16:16; 19:11-21) Pauluse o re: “[Kreste] o lokela ho busa e le morena ho fihlela Modimo a behile dira tsohle tlasa maoto a hae. E le sera sa ho qetela, lefu le tla etswa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:25, 26) Mesaletsa yohle ya sebe sa Adama le lefu e tla be e tlositswe. Jwale, ha ho pelaelo hore Modimo o tla be a kgokgothile ‘mabitla a kgopotso’ ka ho kgutlisetsa bafu bophelong.—Johanne 5:28.
(1 Bakorinthe 15:26) E le sera sa ho qetela, lefu le tla etswa lefeela.
Mmuso o Etsa Thato ya Modimo Lefatsheng
21 Empa ho tla etsahalang ka phello e ke keng ya qojwa ya ho kula e leng lefu? Ke “sera sa [rona sa] ho qetela” mme ha re na matla a ho se hlola. (1 Bakor. 15:26) Empa na Jehova o tshoswa ke lefu? Hlokomela seo Esaia a ileng a se bolela esale pele: “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, mme ka sebele Mmusi Morena Jehova o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle.” (Esa. 25:8) A ko nahane o phela nakong eo. Ho se ho se na mapato, mabitla le meokgo. Ho e na le hoo, ho tla ba le meokgo ya thabo ha Jehova a phethahatsa tshepiso ya ho tsosa bafu. (Bala Esaia 26:19.) Qetellong maqeba ohle a bakilweng ke lefu a tla fola.
(1 Bakorinthe 15:27, 28) Etswe Modimo “o ile a beha dintho tsohle ka tlasa maoto a hae.” Empa ha a re ‘dintho tsohle di behilwe tlaase,’ ho totobetse hore ke kantle ho ya ileng a beha dintho tsohle tlasa hae. 28 Empa ha dintho tsohle di tla be di behilwe tlasa hae, jwale Mora le yena o tla ipeha tlasa Ya ileng a beha dintho tsohle tlasa hae, e le hore Modimo e ka ba dintho tsohle ho e mong le e mong.
w12 9/15 12 ¶17
Ho Tla ba le Kgotso Nakong ya Dilemo Tse Sekete le ka Mora Tsona.
17 Ha ho na mantswe a ka hlalosang hore na bophelo bo tla ba jwang qetellong ya dilemo tse sekete ho feta mantswe a na a reng, “e le hore Modimo e ka ba dintho tsohle ho e mong le e mong.” Seo se bolelang? Nahana ka nako eo Adama le Eva e neng e le karolo ya lelapa la Jehova le phelang ka kgotso serapeng sa Edene. Jehova, e leng Mmusi wa Bokahohle, o ne a busa ka ho toba dibopuwa tsohle tsa hae tsa mangeloi le batho. Di ne di kgona ho bua le yena di bile di mo rapela mme o ne a di hlohonolofatsa. E ne e le “dintho tsohle ho e mong le e mong.”
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(1 Bakorinthe 14:34, 35) basadi ba ke ba kgutse ka diphuthehong, ka ha ha ho a dumellwa hore ba bue, empa ba ke ba ipehe tlaase, esita le jwalo ka ha Molao o bolela. 35 Jwale, haeba ba batla ho ithuta ho hong, ba ke ba botse banna ba bona lapeng, ka ha ke tlotlollo hore mosadi a bue ka phuthehong.
w12 9/1 9, lebokose
Na Moapostola Pauluse o ile a Hanela Basadi ho Bua?
Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Basadi ba ke ba kgutse ka diphuthehong.” (1 Bakorinthe 14:34) O ne a bolelang? Na o ne a nka basadi ba sa tsebe letho? Tjhe. Ho e na le hoo, o ne a atisa ho bua ka dintho tse molemo tseo basadi ba neng ba di ruta. (2 Timothea 1:5; Tite 2:3-5) Lengolong la hae le yang ho Bakorinthe, Pauluse o ne a sa eletse basadi feela empa o ne a eletsa le batho ba bang ba neng ba e na le mpho ya maleme le ya ho profeta hore ba “kgutse” ha modumedi e mong a bua. (1 Bakorinthe 14:26-30, 33) Ho bonahala eka basadi ba bang ba Bakreste ba ne ba tjhesehela tumelo ya bona e ntjha hoo ba neng ba kena sebui hanong ka ho se botsa dipotso, jwalo ka ha ho ne ho tlwaelehile dibakeng tseo. E le hore ho se ke ha e ba le ho hloka taolo ho jwalo, Pauluse o ile a ba kgothalletsa hore “ba botse banna ba bona lapeng.”—1 Bakorinthe 14:35.
(1 Bakorinthe 15:53) Etswe sena se ka bolang se tla apara ho se bole, mme sena se shwang se tla apara ho se shwe.
it-1-E 1197-1198
Ho se bole
Feela jwalo ka ha Jesu a tsositswe, babusimmoho le yena ha ba tsosetswe lehodimong ho ya phela ka ho sa feleng feela empa ba ke ke ba shwa le ka mohla kapa mmele ya bona ya bola. Ba ile ba sebeletsa Jehova ka botshepehi ha ba phela mme ba shwa ka mmele e bolang empa ha ba tsoswa ba fumana mmele e sa boleng ya moya jwalo ka ha Pauluse a hlalositse ho 1 Bakorinthe 15:42-54. Ka hoo ho se shwe ho bolela bophelo bo phahameng, bo sa feleng le bo ke keng ba timetswa, mme ho se bole ho ka nna ha amahangwa le mmele oo Modimo a ba fang ona, o ke keng wa senyeha kapa wa fela. Ho bonahala Modimo a ba fa bokgoni ba hore bophelo ba bona bo se ke ba itshetleha ka mehlodi e meng ya matla jwalo ka ha bophelo ba dibopuwa tse ding tsa Modimo tse kang mangeloi le batho di itshetlehile ka yona. Bona ke bopaki bo totobetseng ba hore Modimo o a ba tshepa. Empa sena ha se bolele hore ha ba sa le tlasa taolo ya Modimo, hobane feela jwalo ka ha Kreste Jesu e leng Hlooho ya bona a tswela pele ho ikokobelletsa thato ya Ntate wa hae le tataiso ya hae, le bona ba etsa ka tsela e tshwanang.—1Ko 15:23-28; sheba immortality; soul.
Mmalo wa Bibele
(1 Bakorinthe 14:20-40) Barabeso, le se ke la ba bana matleng a kutlwisiso, empa le be bana mabapi le bobe; le ha ho le jwalo le be ba hodileng ka ho feletseng matleng a kutlwisiso. 21 Molaong ho ngodilwe: “‘Ke tla bua le batho bana ka maleme a melata le ka melomo ya basele, mme le ha ho le jwalo le ha e le ka nako eo ba ke ke ba nkela hloko,’ ho bolela Jehova.” 22 Ka lebaka leo maleme a teng bakeng sa pontsho, eseng ho badumedi, empa ho ba sa dumelang, athe ho profeta ho teng, eseng bakeng sa ba sa dumelang, empa bakeng sa badumedi. 23 Ka hona, haeba phutheho yohle e phuthehela sebakeng se le seng mme bohle ba bua maleme, empa batho ba tlwaelehileng kapa ba sa dumelang ba kena, na ba ke ke ba re le a hlanya? 24 Empa haeba kaofela le profeta mme le ha e le ofe ya sa dumelang kapa motho ya tlwaelehileng a kena, o kgalemelwa ke bona kaofela, o hlahlojwa ka hloko ke bona kaofela; 25 diphiri tsa pelo ya hae di a bonahala, hoo a tla wa ka sefahleho mme a rapele Modimo, a bolela: “Ka sebele Modimo o hara lona.” 26 Jwale ho lokela ho etswa jwang, barabeso? Ha le phutheha, e mong o na le pesaleme, e mong o na le thuto, e mong o na le tshenolo, e mong o na le leleme lesele, e mong o na le phetolelo le tlhaloso. Dintho tsohle di ke di etsahale bakeng sa ho haha. 27 Haeba e mong a bua leleme, ho ke ho lekanyetswe ho ba babedi kapa ba bararo, eseng ho feta, mme ba sielane sebaka; e mong a ke a fetolele. 28 Empa haeba ho se na mofetoledi, a ke a kgutse ka phuthehong mme a bue a le mong hape le Modimo. 29 Ho ekelletsa moo, baprofeta ba babedi kapa ba bararo ba ke ba bue, mme ba bang ba ke ba lemohe se bolelwang. 30 Empa haeba ho e na le tshenolo ho e mong ha a ntse a dutse moo, wa pele a ke a kgutse. 31 Ka ha bohle le ka profeta ka bomong, e le hore bohle ba ka ithuta mme bohle ba kgothatswa. 32 Dimpho tsa moya tsa baprofeta di lokela ho laolwa ke baprofeta. 33 Etswe Modimo hase Modimo wa ho hloka taolo, empa ke wa kgotso.
Jwalo ka diphuthehong tsohle tsa bahalaledi, 34 basadi ba ke ba kgutse ka diphuthehong, ka ha ha ho a dumellwa hore ba bue, empa ba ke ba ipehe tlase, esita le jwalo ka ha Molao o bolela. 35 Jwale, haeba ba batla ho ithuta ho hong, ba ke ba botse banna ba bona lapeng, ka ha ke tlotlollo hore mosadi a bue ka phuthehong. 36 Eng? Na ke ho lona moo lentswe la Modimo le ileng la tswa, kapa na ke feela ho fihlela ho lona moo le ileng la fihla? 37 Haeba le ha e le mang a nahana hore ke moprofeta kapa hore o na le mpho ya moya, a ke a bolele hore o ela hloko dintho tseo ke le ngollang tsona, hobane ke taelo ya Morena. 38 Empa haeba le ha e le mang a hloka tsebo, o tswela pele a hloka tsebo. 39 Ka lebaka leo, barabeso, le nne le batle ka tjheseho ho profeta, mme le ha ho le jwalo le se ke la hanela ho bua maleme. 40 Empa dintho tsohle di ke di etsahale ka mokgwa o hlomphehang le ka tlhophiso.
29 APRIL–5 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 BAKORINTHE 1-3
“Jehova ‘Modimo wa Matshediso Ohle’”
(2 Bakorinthe 1:3) Ho bokwe Modimo le Ntate wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate wa mehauhelo e bonolo le Modimo wa matshediso ohle,
“Llang le Batho ba Llang”
4 Ntate wa rona le yena o tseba bohloko ba ho shwelwa ke bao a ba ratang. O ka nahana ka bahlanka ba hae ba kang Abrahama, Isaka, Jakobo, Moshe le Morena Davida. (Num. 12:6-8; Mat. 22:31, 32; Liketso 13:22) Lentswe la Modimo le re tiisetsa hore Jehova o labalabela ho ba tsosa. (Jobo 14:14, 15) Ha ba se ba tsositswe, ba tla thaba mme ba phele hantle mmeleng. Jehova o ile a boela a shwelwa ke Mora wa hae, “eo a neng a mo rata ka ho kgethehileng.” (Liprov. 8:22, 30) E tlameha ebe Jehova o ile a utlwa bohloko haholo ha Jesu a bolawa ka sehloho.—Johanne 5:20; 10:17.
(2 Bakorinthe 1:4) ya re tshedisang matshwenyehong ohle a rona, e le hore re ka kgona ho tshedisa ba matshwenyehong a mofuta le ha e le ofe ka matshediso ao re ntseng re tshediswa ka ona ke Modimo.
“Llang le Batho ba Llang”
14 Ka dinako tse ding, ho ka ba thata ho tseba seo re lokelang ho se bua ho motho ya hlokahalletsweng. Le ha ho le jwalo, Bibele e re “maleme a ba bohlale ke phodiso.” (Liprov. 12:18) Ba bangata ba fumane mantswe ao ba ka kgothatsang ba bang ka ona bukaneng ya Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Le ha ho le jwalo, ho molemo le ho feta ke ho ‘lla le batho ba llang.’ (Bar. 12:15) Gaby, ya ileng a hlokahallwa ke monna, o re: “Ho lla e se le ntho eo ke e tlwaetseng. Ke ka hoo ke tshedisehang ha metswalle ya ka e lla le nna. Ka nako eo, ke utlwa e ka ha ke mong bohlokong ba ka.”
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(2 Bakorinthe 1:22) O boetse o behile tiiso ya hae hodima rona mme o re file pontsho ya se tlang ho tla, ke hore, moya, ka dipelong tsa rona.
w16-E 04 32
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
“Pontsho” le “tiiso” tseo Mokreste e mong le e mong ya tlotsitsweng a di fumanang ho Modimo ke eng?—2 Kor. 1:21, 22
▪ Pontsho: Ho latela buka enngwe, lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “pontsho” ho 2 Bakorinthe 1:22, e ne e le “lentswe la molao le la kgwebo” le bolelang “dipositi, ho ntsha tjhelete e itseng kapa kano ya ho patalla pele ntho eo o e rekileng, ho tiisa hore ka molao ntho eo ke ya hao kapa ho tiisa hore kontraka eo e molaong.” Tabeng ya batlotsuwa, moputso o felletseng o hlalositswe ho 2 Bakorinthe 5:1-5 e le o akarelletsang ho apara mmele wa lehodimo o sa boleng. Moputso oo o boetse o akarelletsa mpho ya ho se shwe.—1 Bakor. 15:48-54.
Ka puo ya kajeno ya Segerike, ho sebediswa lentswe le tshwanang ha ho buuwa ka lesale la monwana le tshepisang lenyalo. Papiso ena ke e loketseng bakeng sa bao e tlang ho ba mosadi wa Kreste wa tshwantshetso.—2 Bakor. 11:2; Tšen. 21:2, 9.
▪ Tiiso: Nakong e fetileng, ho ne ho sebediswa tiiso e le mosaeno bakeng sa ho tiisa tumellano kapa hore ntho e itseng ke ya hao. Tabeng ya batlotsuwa, ba “tiiswa” ka moya o halalelang e le letlotlo la Modimo. (Baef. 1:13, 14) Empa tiiso ena ha se ya moshwelella ho fihlela motlotsuwa a shwa a tshepahala kapa nakwana pele mahlomola a maholo a qala.—Baef. 4:30; Tšen. 7:2-4.
(2 Bakorinthe 2:14-16) Empa ho ke ho lebohuwe Modimo eo ka mehla a re etellang pele mokolokong wa tlholo ha mmoho le Kreste le ya etsang hore monko wa tsebo ya hae o utlwahale ka rona sebakeng se seng le se seng! 15 Etswe ho Modimo re monko o monate wa Kreste hara ba ntseng ba pholoswa le hara ba timelang; 16 ho ba timelang re monko o tswang lefung o e ya lefung, ho ba ntseng ba pholoswa re monko o tswang bophelong o e ya bophelong. Ke mang ya tshwanelehang ka ho lekaneng bakeng sa dintho tsee?
w10 8/1 23
Re o Lome Tsebe?
Moapostola Pauluse o ne a nahanne ka eng ha a ne a bua ka ‘mokoloko wa tlholo’?
▪ Pauluse o ile a ngola a re: ‘Modimo . . . o re etella pele mokolokong wa tlholo ha mmoho le Kreste mme o etsa hore monko wa tsebo ya hae o utlwahale ka rona sebakeng se seng le se seng! Etswe ho Modimo re monko o monate wa Kreste hara ba ntseng ba pholoswa le hara ba timelang; ho ba timelang re monko o tswang lefung o e ya lefung, ho ba ntseng ba pholoswa re monko o tswang bophelong o e ya bophelong.’—2 Bakorinthe 2:14-16.
Moapostola o ne a bua ka mokete wa mokoloko oo Baroma ba neng ba tlwaetse ho o etsa e le ho tlotla molaodi wa mabotho ha a ile a hlola dira tsa Mmuso. Diketsahalong tse jwalo, dintho tse hapilweng ntweng ha mmoho le batshwaruwa ba ne ba behwa pontsheng ebe ho nehelanwa ka dipoho tse tla etswa sehlabelo ha molaodi ya hlotseng le lebotho la hae ba ntse ba thoholetswa phatlalatsa. Qetellong ya mokoloko oo, ho ne ho etswa mahlabelo ka dipoho mme mohlomong ho ne ho bolawa batshwaruwa ba bangata.
Buka ya The International Standard Bible Encyclopedia, e re polelo ya tshwantshetso ya “monko o monate wa Kreste” oo ho ba bang o bolelang bophelo mme ho ba bang o bolelang lefu, “e ka nna yaba e bile teng ka lebaka la tlwaelo ya Baroma ya ho tjhesa dibano ha ba ntse ba le mokolokong wa tlholo. Monko o monate o neng o bolela tlholo ho bahlodi o ne o hopotsa batlamuwa ba ntwa hore e ka nna yaba ba tlo bolawa.”
Mmalo wa Bibele
(2 Bakorinthe 3:1-18) Na re boetse re qala ho ipuella? Kapa na, mohlomong, jwalo ka batho ba bang, re hloka mangolo a puello a yang ho lona kapa a tswang ho lona? 2 Ke lona lengolo la rona, le ngotsweng dipelong tsa rona le le tsejwang le le ntseng le balwa ke moloko wa batho kaofela. 3 Etswe le bonahatswa le le lengolo la Kreste le ngotsweng ke rona re le basebeletsi, le sa ngolwang ka enke empa le ngotsweng ka moya wa Modimo ya phelang, eseng matlapeng a lejwe, empa matlapeng a nama, dipelong. 4 Jwale ka Kreste re na le kgodiseho ya mofuta ona ho Modimo. 5 Eseng hore re tshwaneleha ka ho lekaneng ho lekanya hore ntho le ha e le efe e tswa ho rona, empa ho tshwaneleha ha rona ka ho lekaneng ho tswa ho Modimo, 6 eo ka sebele a re entseng hore re tshwanelehe ka ho lekaneng ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, eseng ba molao o ngotsweng, empa ba moya; etswe molao o ngotsweng o ahlolela lefu, empa moya wa phedisa. 7 Ho feta moo, haeba molao o fanang ka lefu le o neng o ngotswe ka ho fata ditlhaku majweng o ile wa ba teng ka kganya, hoo bara ba Iseraele ba neng ba ke ke ba tadimisisa ka hloko sefahleho sa Moshe ka lebaka la kganya ya sefahleho sa hae, kganya e neng e tla fediswa, 8 ke hobaneng ha ho fanwa ha moya ho ke ke ha e ba ka kganya haholo ka ho eketsehileng? 9 Etswe haeba molao o fanang ka kahlolo o ne o kganya, ho fanwa ha ho loka ho atetswe ke kganya haholo ka ho eketsehileng. 10 Ha e le hantle, esita le hoo ho kileng ha etswa ho kganyang ho hlobodisitswe kganya tabeng ena, ka lebaka la kganya e ho fetang. 11 Etswe haeba ho neng ho tla fediswa ho ile ha tliswa ka kganya, ho salang ho ne ho tla ba ka kganya haholo ka ho eketsehileng. 12 Ka hona, ka ha re na le tshepo e jwalo, re bua ka bolokolohi bo boholo, 13 hape ha re etse jwalo ka ha Moshe a ne a ikgurumetsa sefahleho ka lesira, e le hore bara ba Iseraele ba se ke ba tadimisisa ka hloko bofelong ba se neng se tla fediswa. 14 Empa matla a bona a kelello a ile a thotofala. Etswe ho fihlela letsatsing lena la kajeno lesira le tshwanang le sala le sa kwahollwa ha ho balwa selekane sa kgale, hobane le fediswa ka Kreste. 15 Ha e le hantle, ho fihlela kajeno neng kapa neng ha Moshe a balwa, lesira le dipelong tsa bona. 16 Empa ha ho retelehela ho Jehova ho le teng, lesira le a tloswa. 17 Jwale Jehova ke Moya; moo moya wa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho. 18 Rona kaofela, ha ka difahleho tse kwaholotsweng lesira re ntse re bonahatsa kganya ya Jehova jwalo ka diipone, re fetolelwa setshwantshong se tshwanang ho tloha kganyeng ho ya kganyeng, hantle feela jwalo ka ha ho etsa Jehova Moya.