Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • th thuto 8 leq. 11
  • Sebedisa Mehlala

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Sebedisa Mehlala
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Etsa Dipapiso ho Hlakisa Dintlha Tsa Bohlokwa
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 8 leq. 11

THUTO YA 8

Sebedisa Mehlala

Lengolo le bontshitsweng

Matheu 13:34, 35

KAKARETSO: Sebedisa mehlala e bonolo, e le hore bamamedi ba hao ba utlwisise dintlha tsa bohlokwa.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Kgetha mehlala e bonolo. Jwalo ka Jesu, sebedisa dintho tse nyane ho hlalosa dintho tse kgolo mme o sebedise dintho tse bonolo ho hlalosa dintho tse thata. O se ke wa bua dintho tse sa hlokahaleng tse ka etsang hore mohlala wa hao o be thata. Etsa bonnete ba hore mohlala wa hao o tsamaisana le seo o se rutang e le hore bamamedi ba hao ba se ke ba sala ba ipotsa dipotso.

    Keletso

    Ithute ho ba bang. Sheba dintho tse o potolohileng, bala dingolwa tsa rona mme o ithute ho batho ba nang le tsebo. Ha o ntse o etsa jwalo, ithute mehlala eo ba e sebedisang mme o e sebedise ho ntlafatsa tsela ya hao ya ho ruta. O ka ngola mehlala eo fatshe.

  • Nahanela bamamedi ba hao. Kgetha mehlala e buang ka dintho tseo bamamedi ba hao ba di ratang kapa ba di tlwaetseng. Ela hloko hore mehlala ya hao e se ke ya swabisa ba bang kapa ya ba utlwisa bohloko.

  • Hlakisa dintlha tsa bohlokwa. Etsa mohlala dintlheng tsa bohlokwa eseng dintlheng tse nyane. Etsa bonnete ba hore bamamedi ha ba hopole feela mehlala ya hao empa ho na le seo ba ithutang sona ho yona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela