Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwbr19 May maq. 1-9
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2019)
  • Dihloohwana
  • 6-12 MAY
  • 13-19 MAY
  • 20-26 MAY
  • 27 MAY–2 JUNE
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2019)
mwbr19 May maq. 1-9

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

6-12 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 BAKORINTHE 4-6

“Ha re Tele”

(2 Bakorinthe 4:16) Ka hona ha re tele, empa le haeba motho eo re leng yena ka ntle a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng yena ka hare o ntse a ntjhafatswa letsatsi le letsatsi.

w04 8/15 25 ¶16-17

Ho Kgathala Empa re sa Fellwe ke Matla

16 Ha e le hantle, ke ha bohlokwa haholo hore re hlokomele kamano ya rona le Jehova. Ha re e na le kamano e haufiufi le Jehova Modimo, re ka nna ra kgathala mmeleng, empa re ke ke ra kgathala ho mo rapela. Jehova “o fana ka matla ho ya kgathetseng; mme o etsa hore matla a feletseng a atele ya se nang matla.” (Esaia 40:28, 29) Moapostola Pauluse ya neng a tseba bonnete ba mantswe ana o ile a ngola a re: “Ha re tele, empa le haeba motho eo re leng yena ka ntle a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng yena ka hare o ntse a ntjhafatswa letsatsi le letsatsi.”—2 Bakorinthe 4:16.

17 Hlokomela polelwana ena e reng “letsatsi le letsatsi.” Sena se bolela hore letsatsi le letsatsi re lokela ho sebedisa seo Jehova a re fang sona. Moromuwa e mong ya ileng a sebetsa ka botshepehi ka dilemo tse 43, o ile a tobana le dinako tsa ho kgathala mmeleng le ho nyahama. Empa ha a a ka a fellwa ke matla. O re: “Ke itlwaeditse ho tsoha hoseng e le hore pele ke qala mosebetsi ofe kapa ofe nka ba le nako ya ho rapela Jehova le ho bala Lentswe la hae. Kemiso ena ya letsatsi le letsatsi e nthusitse hore ke mamelle ho fihlela hona jwale.” Ka sebele re ka itshetleha ka matla a Jehova haeba ka mehla kapa “letsatsi le letsatsi,” re mo rapela re bile re thuisa ka makgabane a hae le ditshepiso tsa hae.

(2 Bakorinthe 4:17) Ka ha le hoja matshwenyeho e le a motsotswana mme a le bobebe, a re hlahisetsa kganya ya boima bo fetisisang bo ntseng bo eketseha mme ke ya ka ho sa feleng;

it-1 724-725

Mamello

Ke ha bohlokwa hore le ka mohla re se ke ra lahlehelwa ke tshepo eo re nang le yona jwalo ka Bakreste ya bophelo bo sa feleng moo re tla beng re sena sebe. Le ha bahlorisi ba ka re bolaya, seo se ke ke sa fedisa tshepo eo re nang le yona. (Bar 5:4, 5; 1Th 1:3; Tše 2:10) Mathata ao re nang le ona hona jwale ha se letho ha a bapiswa le tshepo eo re nang le yona. (Bar 8:18-25) Ha re nahana ka bophelo bo sa feleng, mathata ao re nang le ona hona jwale ho sa tsotellehe hore na a boima hakae ke a “motsotswana mme a bobebe.” (2Ko 4:16-18) Haeba motho a hopola hore diteko tse mo hlahelang ke tsa nakwana ebile a nahana ka tshepo eo Bakreste ba nang le yona, seo se tla mo thusa hore a se ke a tela mme a iphumana a se a sa tshepahalle Jehova Modimo.

(2 Bakorinthe 4:18) ha re ntse re behile mahlo a rona dinthong tse sa bonweng, eseng dinthong tse bonwang. Etswe dintho tse bon wang ke tsa nakwana, empa dintho tse sa bonweng ke tsa ka ho sa feleng.

Batlisisa a Patilweng

(2 Bakorinthe 4:7) Le ha ho le jwalo, re na le letlotlo lena dijaneng tsa letsopa, e le hore matla a fetang se tlwaelehileng e ka ba a Modimo eseng a tswang ho rona.

w12 2/1 28-29

“Thabisang Pelo ya Jehova”

David Splane, e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a tshohla sehlooho sena se tswang Mangolong. (2 Bakorinthe 4:7) Letlotlo keng? Na ke tsebo kapa ke bohlale? O ile a araba a re: “Tjhe, letlotlo leo moapostola Pauluse a buang ka lona ke ‘bosebeletsi bona’ ba ‘ho bonahatsa nnete.’” (2 Bakorinthe 4:1, 2, 5) Morabo rona Splane, o ile a hopotsa baithuti hore dikgwedi tsena tse hlano tseo ba di qetileng ba ithuta e ne e le tsa ho ba lokisetsa mosebetsi o kgethehileng wa boboledi. Ba lokela ho nka mosebetsi oo e le wa bohlokwa ka ho fetisisa.

O ile a hlalosa hore “dijana tsa letsopa” ke mmele ya rona ya nama. O ile a bontsha phapang pakeng tsa sejana sa letsopa le sa kgauta. Dijana tsa kgauta di sebediswa ka sewelo. Athe dijana tsa letsopa tsona di etseditswe ho sebetsa. Haeba re boloka letlotlo ka sejaneng sa kgauta, re ka nka sejana seo e le sa bohlokwa jwalo ka letlotlo le tshetsweng ka hara sona. Morabo rona Splane o ile a re: “Ka hona, lona baithuti, sepheo sa lona hase hore ho shejwe lona. Jwalo ka ha le le baromuwa, le batla ho lebisa batho ho Jehova. Le dijana tsa letsopa tse ikokobeditseng.”

(2 Bakorinthe 6:13) Ka hoo, e le puseletso—ke bua jwalo ka ha ho buuwa le bana—le lona, le atolohe.

w09 11/15 21 ¶7

Le nne le Ratane ka Lerato la Bara ba Motho

7 Rona re ka ‘atoloha’ jwang tabeng ya ho bontsha lerato la bara ba motho? Ka tlhaho, batho bao e leng dithaka kapa ba morabe o le mong, ba ka nna ba ratana. Le batho ba thahasellang boikgathollo bo tshwanang, hangata ba qeta nako e ngata ha mmoho. Empa haeba dintho tseo rona le Bakreste ba bang re di thahasellang di re arohanya ho ba bang, re lokela ho ‘atoloha.’ Re lokela ho ipotsa: ‘Na ke ka sewelo ke kopanelang tshebeletsong kapa boithabisong le bara le baradi beso bao e seng metswalle ya ka e haufi? Ha ke le Holong ya Mmuso, na ke qeta nako e nyenyane le batho ba sa tswa kopanela hobane ke nahana hore ba tlameha ho sebetsa ka thata pele e ka ba metswalle ya ka? Na ke dumedisa batho ba baholo le ba banyenyane ka phuthehong?

Mmalo wa Bibele

(2 Bakorinthe 4:1-15) Ka ha re na le bosebeletsi bona ho ya ka mohau oo re ileng ra o bontshwa, ke ka lebaka leo, re sa teleng; 2 empa re hlobohile dintho tsa sekgukgu tseo re lokelang ho ba dihlong ka tsona, re sa tsamaye ka mano, le ha e le ho tswaka lentswe la Modimo, empa ka ho bonahatsa nnete re ipuella letswalong la motho e mong le e mong mahlong a Modimo. 3 Jwale, haeba ditaba tse molemo tseo re di bolelang ha e le hantle di kwahetswe ka lesira, di kwahetswe ka lesira hara ba timelang, 4 bao hara bona modimo wa tsamaiso ena ya dintho a foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, e le hore kganya ya ditaba tse molemo tse kganyang tse mabapi le Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, e se ke ya kganya. 5 Etswe ha re bolele rona, empa re bolela Kreste Jesu e le Morena, mme rona re le makgoba a lona ka lebaka la Jesu. 6 Etswe Modimo ke yena ya ileng a re: “Lesedi le ke le kganye lefifing,” mme o kgantsheditse dipelo tsa rona ho etsa hore di kganye ka tsebo e kganyang ya Modimo ka sefahleho sa Kreste. 7 Le ha ho le jwalo, re na le letlotlo lena dijaneng tsa letsopa, e le hore matla a fetang se tlwaelehileng e ka ba a Modimo eseng a tswang ho rona. 8 Re peteditswe ka tsela e nngwe le e nngwe, empa ha re a patiswa hoo re ke keng ra sisinyeha; re tsielehile, empa hase hore ho hang ha re na tsela ya ho tswa; 9 re a hloriswa, empa ha re a tlohelwa kgerehlwa; re akgelwa fatshe, empa ha re timetswe. 10 Ka mehla re mamella hohle mmeleng ya rona tshwaro e bolayang e ileng ya nehwa Jesu, e le hore bophelo ba Jesu bo ka boela ba bonahatswa mmeleng ya rona. 11 Etswe rona ba phelang ka mehla re ntse re etswa hore re tadimane le lefu ka lebaka la Jesu, e le hore bophelo ba Jesu bo ka boela ba bonahatswa nameng e shwang ya rona. 12 Ka lebaka leo lefu le a sebetsa ho rona, empa bophelo bo sebetsa ho lona. 13 Jwale ka hobane re na le moya o tshwanang wa tumelo o kang oo ho ngodilweng ka wona: “Ke ile ka bontsha tumelo, ka hona ke ile ka bua,” le rona re bontsha tumelo mme ka hona re a bua, 14 re tseba hore ya ileng a tsosa Jesu le rona o tla re tsosa ha mmoho le Jesu mme o tla re hlahisa ha mmoho le lona. 15 Etswe dintho tsohle di molemong wa lona, e le hore mosa o sa tshwanelang o ileng wa atiswa o ka ata ka lebaka la diteboho tsa ba bangata haholo thorisong ya Modimo.

13-19 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 BAKORINTHE 7-10

“Tshebeletso ya Rona e Akarelletsa ho Thusa ba Hlahetsweng ke Dikoduwa”

(2 Bakorinthe 8:1-3) Jwale re a le tsebisa, barabeso, ka mosa o sa tshwanelang wa Modimo o behilweng hodima diphutheho tsa Macedonia, 2 hore nakong ya teko e kgolo tlasa mahloreho thabo ya tsona e kgolo le bofutsana ba tsona bo tebileng di ile tsa atisa maruo a ho fana ha tsona ka seatla se bulehileng. 3 Etswe ho ya ka bokgoni ba tsona ba sebele, e, ke a paka, hona ho fetile bokgoni ba tsona ba sebele,

w98 11/1 25 ¶1

“Modimo o Rata ya Fanang a Nyakaletse”

Pele, Pauluse o ile a bolella Bakorinthe ka Bamacedonia, bao tsela eo ba ileng ba arabela ka yona mosebetsing wa diphallelo e bileng mohlala. Pauluse o ile a ngola: “Nakong ya teko e kgolo tlasa mahloreho thabo ya tsona e kgolo le bofutsana ba tsona bo tebileng di ile tsa atisa maruo a ho fana ha tsona ka seatla se bulehileng.” Ho ne ho sa hlokahale hore Bamacedonia ba qobellwe. Ho fapana le moo, Pauluse o ile a bolela hore “ka ho rata ha tsona di ntse di re kopa ka kopo e tiileng haholo tokelo ya ho fana ka mosa.” Ho fana ha Bamacedonia ka nyakallo ka seatla se bulehileng ke ho tsotehang haholo ha re nahana hore bona ka bobona ba ne ba le ka hara “bofutsana bo tebileng.”—2 Bakorinthe 8:2-4.

kr 209 ¶1

Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa

HOO e ka bang ka selemo sa 46, Judea e ile ya hlaselwa ke tlala ya bojadikata. Barutuwa ba Kreste ba Bajuda ba neng ba dula moo ba ne ba hloka dijo ka ha theko ya tsona e ne e phahame haholo hobane di ne di fokola. Ba ne ba lapile, ba tjametswe ke tlala ya bojadikata. Le ha ho le jwalo, ba ne ba le mothating wa ho bona ha Jehova a ba sireletsa ka tsela eo a e so ka a ba sireletsa ka yona pele. Ho ile ha etsahalang?

(2 Bakorinthe 8:4) ha ka ho rata ha tsona di ntse di re kopa ka kopo e tiileng haholo tokelo ya ho fana ka mosa le ho ba le karolo bosebeletsing bo reretsweng bahalaledi.

kr 209-210 ¶4-6

Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa

4 Lengolong la hae la bobedi le yang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hlalosa hore tshebeletso ya Bakreste e habedi. Le hoja lengolo la Pauluse le ne le lebisitswe ho Bakreste ba tlotsitsweng, kajeno mantswe a hae a sebetsa le ho “dinku tse ding” tsa Kreste. (Johanne 10:16) Karolo e nngwe ya tshebeletso ya rona ke “bosebeletsi ba [tshebeletso ya] poelano,” e leng mosebetsi wa rona wa ho bolela le wa ho ruta. (2 Bakor. 5:18-20; 1 Tim. 2:3-6) Karolo e nngwe e akarelletsa tshebeletso eo re e etsetsang badumedimmoho le rona. Ka ho toba, Pauluse o ne a bua ka tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa. (2 Bakor. 8:4) Dipolelo tse pedi tse reng, “bosebeletsi ba [tshebeletso ya] poelano” le tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa, di fetoletswe lentsweng la Segerike, e leng di·a·ko·niʹa. Ke hobaneng ha seo e le sa bohlokwa?

5 Ka ho sebedisa lentswe le tshwanang la Segerike ha a bua ka mesebetsi ena e mmedi, Pauluse o ne a bontsha hore tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa e tshwana le mefuta e meng ya tshebeletso e neng e etswa diphuthehong tsa Bokreste. Pejana o ile a re: “Ho na le bosebeletsi bo sa tshwaneng, le ha ho le jwalo ho na le Morena ya tshwanang; ho na le diketso tse sa tshwaneng, . . . Empa diketso tsena tsohle di etswa ke moya o tshwanang.” (1 Bakor. 12:4-6, 11) Ha e le hantle, Pauluse o ne a amahanya mefuta e fapaneng ya tshebeletso le “tshebeletso e halalelang.” (Bar. 12:1, 6-8) Ha ho makatse hore e be o ne a sebedisa nako e nngwe ya hae molemong wa ho “sebeletsa bahalaledi”!—Bar. 15:25, 26.

6 Pauluse o ile a thusa Bakorinthe hore ba utlwisise hore na ke hobaneng ha ho thusa nakong ya dikoduwa e le karolo ya tshebeletso ya bona le borapedi ba bona ho Jehova. Hlokomela lebaka la hae: Bakreste ba a thusana nakong ya dikoduwa hobane ba “ipeha tlasa ditaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” (2 Bakor. 9:13) Ka ha ba na le takatso e matla ya ho sebedisa seo ba ithutang sona dithutong tsa Kreste, Bakreste ba thusa badumedimmoho le bona. Pauluse o ile a re diketso tse mosa tseo ba di etsetsang barababo bona, ha e le hantle ke ho bontsha “mosa o sa tshwanelang o fetisisang wa Modimo.” (2 Bakor. 9:14; 1 Pet. 4:10) Ka hoo, ha makasine ya The Watchtower ya December 1, 1975, e bua ka ho thusa barababo rona, ho akarelletsa ho ba thusa nakong ya dikoduwa, e ile ya re: “Ha re a lokela ho belaela hore Jehova Modimo le Mora wa hae Jesu Kreste ba nka tshebeletso ena e le ya bohlokwa haholo.” Ruri, ho thusa nakong ya dikoduwa ke mofuta wa bohlokwa wa tshebeletso e halalelang.—Bar. 12:1, 7; 2 Bakor. 8:7; Baheb. 13:16.

(2 Bakorinthe 9:7) E mong le e mong a ke a etse feela jwalo ka ha a entse qeto e tiileng pelong ya hae, eseng ka lekgonono kapa ka ho qobellwa, ka ha Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.

kr 196 ¶10

Mesebetsi ya Mmuso e Tshehetswa Jwang ka Ditjhelete?

10 La pele, re ithaopela ho ntsha menehelo hobane re rata Jehova mme re batla ho “etsa dintho tse kgahlisang mahlong a hae.” (1 Johanne. 3:22) Ka sebele, Jehova o a thaba ha morapedi wa hae a fana ho tswa pelong ka bolokolohi. A re ke re hlahlobe mantswe a moapostola Pauluse a buang ka ho fana. (Bala 2 Bakorinthe 9:7.) Mokreste wa nnete ha a leqe ho fana ebile ha a fane ka lekgonono. Ho e na le hoo, o fana hobane a entse “qeto e tiileng pelong ya hae.” Seo se bolela hore o fana ka mora hore a nahane ka tlhoko e teng le hore na a ka thusa jwang. Jehova o rata motho ya jwalo, ka ha Bibele e re: “Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.” Phetolelo e nngwe e beha taba ena tjena: “Modimo o rata batho ba ratang ho fana.”

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(2 Bakorinthe 9:15) Ho ke ho lebohuwe Modimo bakeng sa mpho ya hae e ke keng ya hlaloswa e sa lefellweng.

w16.01 9 ¶2

Bontsha Hore o Ananela Mpho ya Modimo e Ikgethang

2 Pauluse o ne a tseba hore sehlabelo sa Jesu ke tiiso ya hore ditshepiso tsohle tsa Modimo di tla phethahala. (Bala 2 Bakorinthe 1:20.) Ka hoo, ‘mpho ya Modimo e ke keng ya hlaloswa le e sa lefellweng’ e akarelletsa dintho tsohle tse molemo tseo Jehova a tla re etsetsa tsona ho bontsha hore o a re rata a sebedisa Jesu. Ha re na mantswe a lekaneng ho hlalosa mpho ena ya bohlokwa ya Modimo. Re lokela ho ikutlwa jwang ka mpho ee? Ho nahanisisa ka mpho ena ho tla re thusa jwang ha re ntse re itokiselletsa Sehopotso sa lefu la Kreste se tla ba ka Laboraro la la 23 March 2016?

(2 Bakorinthe 10:17) “Empa ya ithorisang, a ke a ithorise ka Jehova.”

g99 7/8 20-21

Na ho Ikgantsha ho Phoso?

Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, leetsi kau·khaʹo·mai, le fetoletsweng e le “ho ba motlotlo, ho thaba ka ho fetisisa, ho ithorisa,” le sebedisitswe ho fana ka kutlwisiso ya se sebe le se setle. Ka mohlala, Pauluse o re e le hore re ka ‘thaba ka ho fetisisa, motheong wa tshepo ya kganya ya Modimo.’ O boetse wa eletsa: “Ya ithorisang, a ke a ithorise ka Jehova.” (Baroma 5:2; 2 Bakorinthe 10:17) Sena se bolela ho ba motlotlo ka Jehova jwalo ka Modimo wa rona, e leng boikutlo bo ka etsang hore re thabe ka ho fetisisa ka lebaka la lebitso la hae le letle le botumo ba hae bo botle.

Mmalo wa Bibele

(2 Bakorinthe 7:1-12) Ka hona, ka ha re na le ditshepiso tsena, baratuwa, a re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re phethahatse kgalalelo ka ho tshaba Modimo. 2 Re buleleng sebaka. Ha ho eo re mo foseditseng, ha ho eo re mo bodisitseng, ha ho eo re ithuisitseng molemo ka yena. 3 Ha ke bolele sena ho le ahlola. Etswe ke boletse pele hore le ka dipelong tsa rona ho shwa le ho phela le rona. 4 Ke bua ka bolokolohi bo boholo mabapi le lona. Ke na le boithoriso bo boholo mabapi le lona. Ke tletse matshediso, ke kgaphatseha thabo mahlorehong ohle a rona. 5 Ha e le hantle, ha re fihla Macedonia, nama ya rona ha ya ka ya fumana phomolo, empa re ile ra tswela pele ho hloriswa ka mokgwa o mong le o mong—ho ne ho e na le dintwa ka ntle, tshabo ka hare. 6 Le ha ho le jwalo Modimo, ya tshedisang ba behilweng tlase, a re tshedisa ka ho ba teng ha Tite; 7 Le ha ho le jwalo eseng feela ka ho ba teng ha hae, empa hape ka matshediso ao ka wona a neng a tshedisitswe ka lona, ha a re tlisetsa hape tlaleho ya tlholohelo ya lona, ho siama ha lona, tjheseho ya lona bakeng sa ka; hoo ke ileng ka thaba ka ho eketsehileng. 8 Ka hoo esita le haeba ke ile ka etsa hore le hlomohe ka lengolo la ka, ha ke ho swabele. Esita le haeba qalong ke ile ka fela ka ho swabela, (ke a bona hore lengolo leo le ile la le etsa hore le hlomohe, le hoja e bile ka nakwana feela,) 9 jwale ha ke thabe hobane le ile la hlomoha feela, empa ke thaba hobane le ile la hlomoha hore le bake; ka ha le ile la hlomoha ka tsela ya bomodimo, e le hore le se ke la senyehelwa nthong le ha e le efe ka lebaka la rona. 10 Etswe ho hlomoha ka tsela ya bomodimo ho tlisa pako e isang polokong e ke keng ya swabelwa; empa ho hlomoha ha lefatshe ho hlahisa lefu. 11 Etswe, bonang! ntho yona ena, ho etswa ha lona hore le hlomohe ka tsela ya bomodimo, ho hlahisitse ho tiya ho hoholo hakaakang ho lona, e, ho itlosa molato ha lona, e, kgalefo, e, tshabo, e, tlholohelo, e, tjheseho, e, ho lokiswa ha phoso! Ka tsela e nngwe le e nngwe le ile la iponahatsa le hlwekile tabeng ena. 12 Ka sebele, le hoja ke ile ka le ngolla, ha ke a ka ka ho etsa bakeng sa ya entseng phoso eo, kapa bakeng sa ya foseditsweng, empa e le hore ho tiya ha lona bakeng sa rona ho ka bonahatswa hara lona mahlong a Modimo.

20-26 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 BAKORINTHE 11-13

“Pauluse o ne a e na le ‘Moutlwa Nameng’”

(2 Bakorinthe 12:7) feela ka lebaka la bongata bo fetisisang ba ditshenolo.Ka hona, e le hore ke se ke ka ikutlwa ke phahame ka ho fetisisa, ke ile ka fuwa moutlwa nameng, lengeloi la Satane, hore le nne le ntjabele, e le hore ke se ke ka phahama ka ho fetisisa.

w08 6/15 3-4 ¶3

Ho ba Matla ho sa Tsotellehe Mefokolo

Mohlanka e mong wa Jehova ya tshepahalang o ile a kopa Jehova hore a tlose “moutlwa nameng,” e leng bothata bo sa yeng moriting boo a neng a e na le bona. Ka makgetlo a mararo moapostola Pauluse o ile a kopa Modimo ka tiyo hore a tlose teko ena. Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, jwalo ka moutlwa o bohloko, e ne e ka etsa hore Pauluse a fellwe ke thabo tshebeletsong ya hae ho Jehova. Pauluse o ile a e bapisa le ho dula a jabelwa. Jehova o ile a mo araba ka ho re: “Mosa wa ka o sa tshwanelang o o lekane; ka ha matla a ka a ntse a etswa a phethahetseng bofokoding.” Jehova ha a a ka a tlosa moutlwa oo nameng. Pauluse o ile a lokela ho lwana le wona, empa o ile a phaella ka ho re: “Ha ke fokola, jwale ke ha ke le matla.” (2 Bakor. 12:7-10) O ne a bolelang?

(2 Bakorinthe 12:8, 9) Ke ile ka kopa Morena ka tiyo ka makgetlo a mararo mabapi le sena e le hore o ka tloha ho nna; 9 le ha ho le jwalo ka sebele o ile a re ho nna: “Mosa wa ka o sa tshwanelang o o lekane; ka ha matla a ka a ntse a etswa a phethahetseng bofokoding.” Ka hona, ho e na le hoo ka nyakallo e kgolo ke tla ithorisa mabapi le mefokolo ya ka, e le hore matla a Kreste a ka dula hodima ka jwalo ka tente.

w06 12/15 24 ¶17-18

Jehova o Fana ka ‘Moya o Halalelang ho ba mo Kopang’

17 Ha Modimo a araba dithapelo tsa Pauluse, o ile a re ho yena: “Mosa wa ka o sa tshwanelang o o lekane; ka ha matla a ka a ntse a etswa a phethahetseng bofokoding.” Pauluse o ile a re: “Ka hona, ho e na le hoo ka nyakallo e kgolo ke tla ithorisa mabapi le mefokolo ya ka, e le hore matla a Kreste a ka dula hodima ka jwalo ka tente.” (2 Bakorinthe 12:9; Pesaleme ya 147:5) Ka hoo, ka Kreste, Pauluse o ile a fumana tshireletso e matla ya Modimo jwalo ka ha eka ho adilwe tente hodima hae. Kajeno, Jehova o araba dithapelo tsa rona ka tsela e tshwanang. Ho jwalo ka ha eka o ala tente ho sireletsa bahlanka ba hae.

18 Ke nnete hore tente ha e thibele pula ho na kapa difefo ho puputla, empa e sireletsa batho ka tsela e itseng dinthong tseo. Ka ho tshwanang, tshireletso eo re e fumanang ka “matla a Kreste” ha e thibele hore re se ke ra hlahelwa ke diteko kapa ra hlaselwa ke mathata. Empa e re sireletsa tumelong ha re hlaselwa ke dintho tse kotsi tsa lefatshe lena le ha re hlaselwa ke mmusi wa lona, Satane. (Tšenolo 7:9, 15, 16) Ka hoo, esita le haeba o lwana le teko e itseng ‘e sa tloheng ho wena,’ o ka kgodiseha hore Jehova o elellwa mathata a hao ebile o arabetse ha “mohoo wa hao o utlwahala.” (Esaia 30:19; 2 Bakorinthe 1:3, 4) Pauluse o ile a ngola tjena: “Modimo wa tshepahala, mme a ke ke a le tlohela hore le lekwe ho feta seo le ka se jarang, empa ha mmoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ya ho tswa e le hore le kgone ho o mamella.”—1 Bakorinthe 10:13; Bafilipi 4:6, 7.

(2 Bakorinthe 12:10) Ka hona ke kgahliswa ke mefokolo, dithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste. Etswe ha ke fokola, jwale ke ha ke le matla.

w18.01 9 ¶8-9

“O Fana ka Matla ho ya Kgathetseng”

8 Bala Esaia 40:30. Ho sa tsotellehe hore na re na le bokgoni bofe, matla a rona a lekanyeditswe. Bohle re lokela ho ela nnete ena hloko. Le hoja moapostola Pauluse e ne e le motho ya nang le bokgoni, ka dinako tse ding o ne a hloleha ho etsa dintho tseo a neng a lakatsa ho di etsa. Ka mora hore Pauluse a rapelle bothata ba hae, Modimo o ile a re ho yena: “Matla a ka a ntse a etswa a phethahetseng bofokoding.” Mantswe ao a ile a kgothatsa Pauluse. Ke ka hoo a ileng a re: “Ha ke fokola, jwale ke ha ke le matla.” (2 Bakor. 12:7-10) O ne a bolelang?

9 Pauluse o ile a hlokomela hore ho ne ho na le dintho tseo a neng a ke ke a kgona ho di etsa ka matla a hae. Empa ke Modimo ya neng a mo fa matla a sebedisa moya o halalelang. Ho feta moo, moya o halalelang o ne o fa Pauluse matla a ho etsa le dintho tseo a neng a ke ke a kgona ho di etsa ka matla a hae. Ho jwalo le ka rona. Modimo o re fa moya wa hae o halalelang ho re matlafatsa!

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(2 Bakorinthe 12:2-4) Ke tseba motho ya bonngweng le Kreste eo, dilemong tse leshome le metso e mene tse fetileng—ebang ke ka mmele ha ke tsebe, kapa kantle le mmele ha ke tsebe; Modimo o a tseba—a ileng a nkelwa a le jwalo lehodimong la boraro. 3 E, ke tseba motho ya jwalo—ebang e ne e le ka mmele kapa kantle le mmele, ha ke tsebe, Modimo o a tseba— 4 hore o ile a nkelwa paradeiseng mme a utlwa mantswe a ke keng a bolelwa ao ho sa dumellweng ke molao hore motho a a bue.

w18.12 8 ¶10-12

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

‘Lehodimo la boraro’ leo ho buuwang ka lona ho 2 Bakorinthe 12:2, leo hape ho thweng ke “mahodimo a matjha”, e ka nna yaba le emela Mmuso wa Bomesia oo Jesu Kreste a tlang ho busa ho ona le ba 144 000.—2 Pet. 3:13.

Mmuso wa Modimo o bitswa ‘lehodimo la boraro’, hobane o phahametse mebuso yohle ya batho.

“Paradeise” eo Pauluse a ileng a “nkelwa ho yona” ponong, e ka nna ya bolela (1) Paradeise ya sebele e tla ba teng lefatsheng, (2) paradeise ya tshwantshetso e tla ba teng tlasa Mmuso wa Kreste, e fetang eo re nang le yona hona jwale hara mokgatlo wa Jehova, le (3) “paradeise ya Modimo” e lehodimong, e tla ba ka nako e le nngwe le e tla ba teng lefatsheng le letjha.

(2 Bakorinthe 13:12) Dumedisanang ka kako e halalelang.

it-2-E 177

Kako

“Kako e Halalelang.” Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ba dumedisana ka “kako e halalelang” (Bar 16:16; 1Ko 16:20; 2Ko 13:12; 1Th 5:26) kapa ka “kako ya lerato” (1Pe 5:14) mme ho ka etsahala hore Bakreste ba bong bo tshwanang ba ne ba dumedisana jwalo. Tsela ena eo Bakreste ba mehleng ya pele ba neng ba dumedisana ka yona e leng ya kako, ho ka etsahala hore e ne e tshwana le ya Baheberu ba mehleng ya kgale. Le hoja Mangolo a sa fane ka dintlha mabapi le “kako e halalelang” kapa “kako ya lerato,” ho hlakile hore di ne di bontsha lerato le bonngwe tse neng di le teng phuthehong ya Bokreste ka nako eo.—Joh 13:34, 35.

Mmalo wa Bibele

(2 Bakorinthe 11:1-15) Ke lakatsa eka le ne le ka mmamella ho se beng le kahlolo e molemo ho honyenyane. Empa, ha e le hantle, le a mmamella! 2 Etswe ke le boulela ka poulelo ya bomodimo, ka ha ke ile ka etsa tshepiso ya ho le nyadisa monna a le mong e le hore nka le hlahisa jwalo ka morwetsana ya hlwekileng ho Kreste. 3 Empa ke tshaba hore ka tsela e itseng, jwalo ka ha noha e ile ya eka Eva ka mano a yona, dikelello tsa lona di ka bodiswa hore di tlohe botshepehing le tlhwekong e lokelang Kreste. 4 Etswe, jwale, haeba e mong a tla mme a bolela Jesu e mong ho fapana le eo re ileng ra mo bolela, kapa le amohela moya o mong ho fapana le seo le ileng la se amohela, kapa ditaba tse ding tse molemo ho fapana le seo le ileng la se amohela, le mo mamella habonolo. 5 Etswe ke nka hore le ha e le nthong e le nngwe ha ke a ka ka ba ya tlasana ho baapostola ba lona ba lokileng ho tlola. 6 Empa esita le haeba ke se kgeleke puong, ka sebele ha ke jwalo tsebong; empa ka tsela e nngwe le e nngwe re ile ra ho bonahatsa ho lona dinthong tsohle. 7 Kapa na ke ile ka etsa sebe ka ho ikokobetsa e le hore le ka phahamiswa, hobane ka thabo ke ile ka le bolella ditaba tse molemo tsa Modimo ntle ho tefo? 8 Ke ile ka tlatlapa diphutheho tse ding ka ho amohela tse lokiseditsweng e le hore ke le sebeletse; 9 mme le ha ho le jwalo ha ke ne ke le teng ho lona mme ke hloka, ha ke a ka ka ba morwalo ho le ya mong, ka ha barabeso ba ileng ba tla ba tswa Macedonia ba ile ba fana haholo ka seo ke haellwang ke sona. E, ka tsela e nngwe le e nngwe ke ile ka ipoloka ke se morwalo ho lona mme ka sebele ke tla ipoloka ke le jwalo. 10 Ke nnete ya Kreste tabeng ya ka hore ka sebele ha ho thibelo e tla behwa boithorisong bona ba ka dibakeng tsa Akaia. 11 Ka lebaka lefe? Hobane ke sa le rate? Modimo o a tseba hore ke a le rata. 12 Jwale seo ke se etsang ke sa ntse ke tla se etsa, e le hore nka fedisa lebaka la boikaketsi ho ba batlang lebaka la boikaketsi la hore ba fumanwe ba lekana le rona boemong boo ba ithorisang ka bona. 13 Etswe banna ba jwalo ke baapostola ba bohata, basebetsi ba thetsang, ba iphetolang baapostola ba Kreste. 14 Ha ho makatse, etswe Satane o ntse a iphetola lengeloi la lesedi. 15 Ka hona hase letho le leholo haeba basebeletsi ba hae le bona ba ntse ba iphetola basebeletsi ba ho loka. Empa bofelo ba bona bo tla ba ho ya ka mesebetsi ya bona.

27 MAY–2 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAGALATA 1-3

“Ke ile ka mo Hanyetsa Difahleho di Tadimane”

(Bagalata 2:11-13) Le ha ho le jwalo, ha Kefase a tlile Antioke, ke ile ka mo hanyetsa difahleho di tadimane, hobane o ne a le boemong ba ho nyatsuwa. 12 Etswe pele ho fihla banna ba itseng ba tswang ho Jakobo, o ne a ja le batho ba ditjhaba; empa ha ba fihla, a qala ho tloha le ho ikgetha, ka ho tshaba ba sehlopha se bolotseng. 13 Bajuda ba bang kaofela le bona ba kopanela le yena ho etseng boikaketsi bona, hoo le yena Barnabase a ileng a hulanngwa le bona boikaketsing ba bona.

w17.04 27 ¶16

Na o Etsisa Toka ya Jehova?

16 Bala Bagalata 2:11-14. Petrose o ile a tshaba batho. (Liprov. 29:25) Petrose o ne a tseba hore na Jehova o ikutlwa jwang ka sena. Le ha ho le jwalo, o ne a tshaba hore na Bakreste ba Bajuda ba bolotseng ba tla nahanang ka yena. Moapostola Pauluse le yena o ne a le teng sebokeng se neng se tshwaretswe Jerusalema ka selemo sa 49. Ke kahoo a ileng a buisana le Petrose ha ba le Antioke a ba a pepesa boikaketsi ba hae. (Lik. 15:12; Bagal. 2:13) Phoso ya Petrose e ile ya ama Bakreste ba Baditjhaba jwang? Na ba ne ba tla e dumella hore e ba kgopise? Hona na Petrose o ne a tla nkelwa ditokelo ka lebaka la phoso eo?

(Bagalata 2:14) Empa ha ke bona hore ba ne ba sa tsamaye ka ho loka ho ya ka nnete ya ditaba tse molemo, ka re ho Kefase ka pela bona kaofela: “Haeba wena, le hoja o le Mojuda, o phela ka moo ditjhaba di phelang ka teng, eseng ka moo Bajuda ba phelang ka teng, ho tla jwang hore ebe o susumelletsa batho ba ditjhaba ho phela ho ya ka tlwaelo ya Sejuda?”

w13 3/15 5 ¶12

‘Ha ho se ka Kgopang’ Batho ba Ratang Jehova

12 Petrose o ile a tshaba batho, mme ka dinako tse ding o ile a kgoptjwa ha bohloko; le ha ho le jwalo, o ile a dula a tshepahalla Jesu le Jehova. Ka mohlala, o ile a latola Monghadi wa hae phatlalatsa, eseng hanngwe empa ka makgetlo a mararo. (Luka 22:54-62) Hamorao, Petrose o ile a hloleha ho etsa dintho jwalo ka Mokreste, ha a ne a tshwara badumedimmoho le yena ba Baditjhaba jwalo ka ha eka hase ba bohlokwa jwalo ka Bakreste ba Bajuda. Le ha ho le jwalo, moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore seo Petrose a se etsang se fosahetse ka ha phutheho hase sebaka sa ho kgetholla batho ho ya ka maemo a bona. Boikutlo ba Petrose bo ne bo fosahetse. Pele boitshwaro ba Petrose bo senya kutlwano ya bara ba motho, Pauluse o ile nka kgato ka hore a eletse Petrose ka ho toba, difahleho di tadimane. (Bagal. 2:11-14) Na Petrose o ile a ikutlwa a theotswe seriti hoo a ileng a kgaotsa ho matha peisong ya bophelo? Tjhe. O ile a nahana ka ho teba ka keletso ya Pauluse, a e sebedisa, yaba o tswela pele peisong.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Bagalata 2:20) Ke kgokgothetswe thupeng ha mmoho le Kreste. Ha e sa le nna ya phelang, empa ke Kreste ya phelang bonngweng le nna. Ka sebele, bophelo boo ke bo phelang hona jwale nameng ke bo phela ka tumelo e mabapi le Mora wa Modimo, ya ileng a nthata mme a inehela bakeng sa ka.

w14 9/15 16 ¶20-21

Sebeletsa Modimo ka Botshepehi ho sa Tsotellehe “Matshwenyeho a Mangata”

20 Ho thweng ka ditlhaselo tse poteletseng? Ka mohlala, o ka lwantsha ho nyahama jwang? Tsela e ka sehloohong eo o ka etsang seo ka yona ke ka ho thuisa ka thekollo. Ke sona seo moapostola Pauluse a ileng a se etsa. O ne a tseba hore ka dinako tse ding o ikutlwa a nyahame. Empa o ne a boetse a tseba hore Kreste o shwetse baetsadibe, eseng batho ba phethahetseng. Pauluse e ne e le e mong wa baetsadibe bao. Ha e le hantle, o ile a ngola, a re: ‘Ke phela ka tumelo e mabapi le Mora wa Modimo, ya ileng a nthata mme a inehela bakeng sa ka.’ (Bagal. 2:20) Pauluse o ile a amohela thekollo. O ile a elellwa hore thekollo e fanwe molemong wa hae ka ho kgetheha.

21 Le wena o ka rua molemo haholo haeba o elellwa hore thekollo ke mpho eo Jehova a o fileng yona. Sena ha se bolele hore ho nyahama ho tla kgaotsa hanghang. Ba bang ba rona ba ka nna ba tlameha ho tobana le tlhaselo ena e poteletseng ho fihlela lefatsheng le letjha. Empa hopola hore ba tiisetsang ho fihlela qetellong ke bona ba tla fumana moputso. Re ntse re atamela haufi le ho feta le letsatsi leo Mmuso wa Modimo o tla tlisa kgotso le ho busetsa batho bohle ba tshepahalang phethehong. Ikemisetse ho kena Mmusong oo, esita le haeba ke ka matshwenyeho a mangata.

(Bagalata 3:1) Lona Bagalata ba se nang kelello, ke mang ya ileng a le kenya tshusumetsong e mpe, lona bao ka pela mahlo a lona Jesu Kreste a ileng a tshwantshwa ka ho hlakileng a kgokgothetswe thupeng?

it-1-E 880

Lengolo le Yang ho Bagalata

Mantswe a Pauluse a reng “Bagalata ba se nang kelello” ha se bopaki bo bontshang hore o ne a bua ka batho ba morabe o itseng feela ba tswang karolong e ka leboya ya Galatia. (Ga 3:1) Ho e na le hoo, Pauluse o ne a kgalemela batho ba itseng ka phuthehong ba neng ba susumetswa ke Batshehetsi ba Bodumedi ba Sejuda. Batshehetsi bao e ne e le Bajuda ba neng ba leka hore batho ba sebedise tokisetso ya Molao wa Moshe hore ba loke ho e na le hore ba loke ka lebaka la tumelo eo ba nang le yona, e bileng teng ka lebaka la selekane se setjha. (2:15–3:14; 4:9, 10) “Diphutheho tsa Bagalata” (Bagalata 1:2) tseo Pauluse a ileng a di ngolla di ne di e na le merabe e sa tshwaneng, e leng Bajuda le bao e seng Bajuda. Bao eseng Bajuda e ne e le basokolohi ba bollotseng le Baditjhaba ba sa bollang, ha ho pelaelo hore ba bang ba bona e ne e le batho ba ditso tse sa tshwaneng. (Lik 13:14, 43; 16:1; Gal 5:2) Kaofela ha bona ba ne ba bitswa Bakreste ba Bagalata hobane sebaka seo ba neng ba dula ho sona se ne se bitswa Galatia. Ha e le hantle, Pauluse o ne a ngolla batho bao a neng a ba tlwaetse ba neng ba dula ka borwa ho porofense ya Roma eseng bao a neng a sa ba tsebe ebile a e so ka a ba etela ba dulang ka leboya.

Mmalo wa Bibele

(Bagalata 2:11-21) Le ha ho le jwalo, ha Kefase a tlile Antioke, ke ile ka mo hanyetsa difahleho di tadimane, hobane o ne a le boemong ba ho nyatsuwa. 12 Etswe pele ho fihla banna ba itseng ba tswang ho Jakobo, o ne a ja le batho ba ditjhaba; empa ha ba fihla, a qala ho tloha le ho ikgetha, ka ho tshaba ba sehlopha se bolotseng. 13 Bajuda ba bang kaofela le bona ba kopanela le yena ho etseng boikaketsi bona, hoo le yena Barnabase a ileng a hulanngwa le bona boikaketsing ba bona. 14 Empa ha ke bona hore ba ne ba sa tsamaye ka ho loka ho ya ka nnete ya ditaba tse molemo, ka re ho Kefase ka pela bona kaofela: “Haeba wena, le hoja o le Mojuda, o phela ka moo ditjhaba di phelang ka teng, eseng ka moo Bajuda ba phelang ka teng, ho tla jwang hore ebe o susumelletsa batho ba ditjhaba ho phela ho ya ka tlwaelo ya Sejuda?” 15 Rona Bajuda ka tlhaho, eseng baetsadibe ba tswang ditjhabeng, 16 jwalo ka ha re hlile re tseba hore motho ho bolelwa hore o lokile, eseng ka lebaka la mesebetsi ya molao, empa feela ka tumelo ho Kreste Jesu, esita le rona re behile tumelo ya rona ho Kreste Jesu, e le hore ho ka bolelwa hore re lokile ka lebaka la tumelo ho Kreste, eseng ka lebaka la mesebetsi ya molao, hobane ha ho nama eo ho tla bolelwa hore e lokile ka lebaka la mesebetsi ya molao. 17 Jwale haeba le rona, ha re batla hore ho bolelwe hore re lokile ka Kreste, re fumanwe re le baetsadibe, na ha e le hantle Kreste ke mosebeletsi wa sebe? E se eka le ka mohla hoo ho ke ke ha etsahala! 18 Etswe haeba tsona dintho tseo nkileng ka di heletsa ke di haha hape, ke iponahatsa ke le motlodi. 19 Ha e le nna, ka molao ke ile ka shwa mabapi le molao, e le hore nka ba ya phelang mabapi le Modimo. 20 Ke kgokgothetswe thupeng hammoho le Kreste. Ha e sa le nna ya phelang, empa ke Kreste ya phelang bonngweng le nna. Ka sebele, bophelo boo ke bo phelang hona jwale nameng ke bo phela ka tumelo e mabapi le Mora wa Modimo, ya ileng a nthata mme a inehela bakeng sa ka. 21 Ha ke qhelele ka thoko mosa o sa tshwanelang wa Modimo; etswe haeba ho loka ho le teng ka molao, ha e le hantle Kreste o shwetse lefeela.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela