Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
1-7 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG BAKOLOSE 1-4
“Hlobolang ba Kgale Mme le Ikapese bo Botjha”
(Bakolose 3:5-9) Ka hona, le bolaye ditho tsa mmele ya lona tse lefatsheng mabapi le bohlola, ho se hlweke, takatso ya botona kapa ya botshehadi, takatso e kotsi, le ho tjhatjheha ka mohono, e leng borapedi ba ditshwantsho. 6 Ka lebaka la dintho tseo kgalefo ya Modimo ya tla. 7 Le lona, le kile la tsamaya dinthong tseo ha le ne le phela ho tsona. 8 Empa jwale ka sebele di tloseng kaofela ho lona, kgalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ya lona. 9 Le se ke la bolellana leshano. Hlobolang botho ba kgale le ditlwaelo tsa bona,
w11 3/15 10 ¶12-13
Amohela Moya wa Modimo, Eseng wa Lefatshe
12 Botho ba ka bo bontsha hore ke na le moya ofe? (Bala Bakolose 3: 8-10, 13.) Moya wa lefatshe o ntshetsa pele mesebetsi ya nama. (Bagal. 5:19-21) Ntho e hlileng e bontshang hantle hore na re na le moya ofe ke ha dintho di sa tsamaye hantle, jwalo ka ha mora kapa moradiwabo rona wa Mokreste a re hlokomoloha, a re utlwisa bohloko kapa a bile a re sitelwa. Ho phaella moo, ha re le malapeng moo re le bang, ho ka nna ha hlaka hore na re laolwa ke moya ofe. Ho ka nna ha hlokahala hore re itlhahlobe. Ipotse, ‘Dikgweding tse tsheletseng tse fetileng, na botho ba ka bo bile jwalo ka ba Kreste haholwanyane kapa ke kgutletse mekgweng ya ka e mebe dipuong le boitshwarong?’
13 Moya wa Modimo o ka re thusa hore re ‘hlobole botho ba kgale le ditlwaelo tsa bona’ le hore re ikapese “botho bo botjha.” Seo se tla re thusa hore re be le lerato le ho feta le hore re be mosa. Ho tla ba bonolo hore re tshwarelane ka bolokolohi, le haeba re e na le lebaka le utlwahalang la ho utlwa bohloko. Ha re sa tla hlola re bontsha “lehloyo le nang le lonya le bohale le kgalefo le ho tleroha le puo e nyefolang” haeba re nahana hore re sebeditswe ka ho hloka toka. Ho e na le hoo, re tla etsa boiteko ba hore re be le “qenehelo e bonolo.”—Baef. 4:31, 32.
(Bakolose 3:10-14) mme le ikapese botho bo botjha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo ntjhafatswa ho ya ka setshwantsho sa Ya bo bopileng, 11 boo ho bona ho seng Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, osele, Moskitha, lekgoba, motho ya lokolohileng, empa Kreste e le dintho tsohle mme a le ho tsohle. 12 Ka lebaka leo, jwalo ka bakgethwa ba Modimo, ba halalelang le ba ratwang, le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. 13 Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi haeba le ha e le mang a e na le sesosa sa pelaelo kgahlanong le e mong. Esita le jwalo ka ha Jehova a ile a le tshwarela ka bolokolohi, le etse jwalo le lona. 14 Empa, ntle ho dintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etswe ke tlamo e phethahetseng ya bonngwe.
w13 9/15 21 ¶18-19
Na o Fetohile?
18 Haeba re batla hore Lentswe la Modimo le re fetole, ha re a lokela ho le bala le ho le tseba feela. Batho ba bangata ba bala Bibele kgafetsa, ka lebaka leo ba a tseba hore na e reng. Mohlomong o kile wa kopana le batho ba mofuta oo tshebeletsong ya tshimo. Ba bang ba bile ba kgona ho pheta ditemana tsa Bibele ka hlooho. Le ha ho le jwalo, sena se ka nna sa se ke sa ama tsela eo ba nahanang le eo ba phelang ka yona. Ho hlokahala hore ba etseng? E le hore Lentswe la Modimo le susumetse motho le be le mo fetole, o lokela ho le dumella hore le “theohele” pelong. (Bagal. 6:6, NW, ftn.) Ka hoo, re lokela ho qeta nako re nahana ka seo re ithutang sona. E ka ba hantle hore re ipotse: ‘Na ke kgodisehile hore see hase thuto ya bodumedi feela tjee? Na ke hlokometse hore ke nnete? Ho feta moo, na ke hlokomela ditsela tseo nka sebedisang seo ke ithutang sona ka tsona, eseng feela e le seo nka se rutang ba bang? Na ke nka hore Jehova o bua le nna ka ho toba?’ Ho nahana le ho thuisa ka dipotso tse kang tseo ho ka re thusa hore re matlafatse kamano ya rona le Jehova. Lerato leo re mo ratang ka lona le tla eketseha. Ha seo re ithutang sona se ama dipelo tsa rona, re tla susumelletseha hore re etse diphetoho tse tla thabisa Modimo.—Liprov. 4:23; Luka 6:45.
19 Ho bala Lentswe la Modimo ka mehla le ho thuisa ka lona ho tla re susumelletsa hore re tswele pele re etsa seo re seng re qadile ho se etsa, e leng ho ‘hlobola botho ba kgale le ditlwaelo tsa bona, mme re ikapese botho bo botjha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo ntjhafatswa.’ (Bakol. 3:9, 10) Haeba re hlile re utlwisisa se rutwang ke Bibele re bile re sebedisa seo re ithutang sona, seo se tla re susumelletsa hore re apare botho bo botjha ba Bokreste bo tla re sireletsa marabeng a Satane.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Bakolose 1:13, 14) Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi haeba le ha e le mang a e na le sesosa sa pelaelo kgahlanong le e mong. Esita le jwalo ka ha Jehova a ile a le tshwarela ka bolokolohi, le etse jwalo le lona. 14 Empa, ntle ho dintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etswe ke tlamo e phethahetseng ya bonngwe.
it-2-E 169 ¶3-5
Mmuso wa Modimo
‘Mmuso wa Mora wa Hae ya Ratwang.’ Matsatsi a leshome ka mora hore Jesu a nyolohele lehodimong ka Pentekonta ya 33 C.E., barutuwa ba hae ba ile ba ba le bopaki ba hore o ‘phahamiseditswe ka letsohong le letona la Modimo’ ha Jesu a ne a ba tshollela moya o halalelang. (Lik 1:8, 9; 2:1-4, 29-33) “Selekane se setjha” se ile sa sebetsa ho bona mme ba ile ba ba mokokotlo wa “setjhaba se halalelang” se setjha e leng Iseraele ya Modimo.—Heb 12:22-24; 1Pe 2:9, 10; Gal 6:16.
Ka nako eo, Kreste o ne a se a dutse ka letsohong le letona la Ntate wa hae mme e ne e le Hlooho ya phutheho ena. (Ef 5:23; Heb 1:3; Fil 2:9-11) Mangolo a bontsha hore ho tloha ka Pentekonta ya 33 C.E. ho ya pele, Jesu o ile a theha mmuso bakeng sa barutuwa ba hae. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore Jesu Kreste o se a ntse a e na le mmuso, ha a ne a ngolla Bakreste ba Kolose ba lekgolong la pele la dilemo, a re: “[Modimo] o ile a re lopolla matleng a lefifi mme a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratwang.”—Kol 1:13, bapisa le Lik 17:6, 7.
Ho tloha ka Pentekonta ya 33 C.E. ho ya pele mmuso wa Kreste o ne o busa Israele ya Modimo, e leng Bakreste ba ileng ba tlotswa ka moya hore e be bara ba Modimo. (Joh 3:3, 5, 6) Ha Bakreste bana ba tlotsitsweng ka moya ba fumana moputso wa phela lehodimong, ha ba sa tla ba bafo ba buswang ke mmuso wa Kreste lefatsheng, empa e tla ba marena ha mmoho le Kreste lehodimong.—Tše 5:9, 10.
(Bakolose 2:8) Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ya tla le nka jwalo ka phofu ya hae ka filosofi le thetso ya lefeela ho ya ka neano ya batho, ho ya ka dintho tsa motheo tsa lefatshe eseng ho ya ka Kreste;
w08 8/15 28 ¶9
Dintlhakgolo Tsa Mangolo a Yang ho Bagalata, Baefese, Bafilipi le Bakolose
2:8—“Dintho tsa motheo tsa lefatshe” tseo Pauluse a lemositseng ka tsona ke dife? Ke dintho tsa lefatshe la Satane e leng dintho tsa motheo kapa melaomotheo e le bopang, e le tataisang kapa e le susumetsang. (1 Johanne 2:16) Hara tsona ke filosofi, ho rata leruo le madumedi a bohata a lefatshe lena.
Mmalo wa Bibele
(Bakolose 1:1-20) Pauluse, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea morabo rona 2 ho bahalaledi le barababo rona ba tshepahalang ba bonngweng le Kreste ba leng Kolose: E se eka le ka ba le mosa o sa tshwanelang le kgotso e tswang ho Modimo Ntata rona. 3 Re leboha Modimo Ntate wa Morena wa rona Jesu Kreste ka mehla ha re le rapella, 4 ka ha re ile ra utlwa ka tumelo ya lona mabapi le Kreste Jesu le lerato leo le nang le lona bakeng sa bahalaledi bohle 5 ka lebaka la tshepo eo le e boloketsweng mahodimong. Tshepo ena le ile la utlwa ka yona pele ka ho bolelwa ha nnete ya ditaba tseo tse molemo 6 tse itlhahisitseng ho lona, esita le jwalo ka ha di beha ditholwana le ho eketseha lefatsheng lohle feela jwalo ka ha di etsa le hara lona, ho tloha letsatsing leo ka lona le ileng la utlwa le ho tseba ka ho nepahetseng mosa o sa tshwanelang wa Modimo ka nnete. 7 Ke seo le ithutileng sona ho Epafrase lekgoba mmoho le rona le ratwang, eo e leng mosebeletsi ya tshepahalang wa Kreste bakeng sa rona, 8 eo hape a ileng a re senolela lerato la lona ka tsela ya moya. 9 Ke ka lebaka leo hape, ho tloha letsatsing leo ka lona re ileng ra utlwa ka hona, re sa kgaotsang ho le rapella le ho kopa hore le ka tlala tsebo e nepahetseng ya thato ya hae ka bohlale bohle le kutlwisiso ya moya, 10 e le hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Jehova e le hore le mo kgahlise ka botlalo ha le ntse le tswela pele ho beha ditholwana mosebetsing o mong le o mong o molemo le ho hola tsebong e nepahetseng ya Modimo, 11 le ntse le etswa ba matla ka matla ohle ho isa tekanyong ya bonatla ba hae bo kganyang e le hore le mamelle ka botlalo mme le tiisetse ka thabo, 12 le leboha Ntate ya ileng a le etsa ba loketseng hore le be le karolo lefeng la bahalaledi leseding. 13 O ile a re lopolla matleng a lefifi mme a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratwang, 14 eo ka yena re nang le tokollo ya rona ka thekollo, tshwarelo ya dibe tsa rona. 15 Ke setshwantsho sa Modimo ya sa bonahaleng, letsibolo la popo yohle; 16 hobane dintho tse ding tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng di ile tsa boptjwa ho sebediswa yena, dintho tse bonahalang le dintho tse sa bonahaleng, ho sa tsotellehe hore na ke diterone kapa borena kapa mebuso kapa balaodi. Dintho tse ding tsohle di bopilwe ka yena le bakeng sa hae. 17 Hape, o ka pele ho dintho tse ding tsohle mme ka yena dintho tse ding tsohle di ile tsa etswa hore di be teng, 18 mme ke hlooho ya mmele, phutheho. Ke tshimoloho, letsibolo ho tswa bafung, e le hore e ka ba yena wa pele dinthong tsohle; 19 hobane Modimo o ile a bona ho le molemo hore botlalo bohle bo dule ho yena, 20 le hore ka yena a boelanye hape dintho tse ding tsohle le yena ka ho etsa kgotso ka madi ao a ileng a a tsholla thupeng ya tlhokofatso, ho sa tsotellehe hore na ke dintho tse lefatsheng kapa dintho tse mahodimong.
8-14 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 BATHESALONIKA 1-5
“Le Nne le Tshedisane le ho Hahana”
(1 Bathesalonika 5:11-13) Ka hona le nne le tshedisane le ho hahana, feela jwalo ka ha le etsa. 12 Jwale re a le kopa, barabeso, hore le hlomphe ba sebetsang ka thata hara lona le ba le okametseng Moreneng le ba le eletsang; 13 le ba ele hloko haholo ka lerato ho feta ka moo ho tlwaelehileng ka lebaka la mosebetsi wa bona. E mong a be le kgotso le e mong.
w11 6/15 26 ¶12
“Le Hlomphe ba Sebetsang ka Thata Hara Lona”
12 “Ho ‘okamela’ phutheho ha ho bolele ho ruta feela. Ho sebedisitswe polelwana e tshwanang ho 1 Timothea 3:4. Pauluse o ile a re molebedi e lokela ho ba “motho ya okamelang ba ntlo ya hae ka mokgwa o motle, ya nang le bana ba ipehileng tlase ka ho nka dintho ka botebo bohle.” Ho hlakile hore mona polelwana e reng “ya okamelang” ha e akarelletse ho ruta bana ba hae feela, empa e boetse e akarelletsa ho etella pele ka lapeng le ho ba le “bana ba ipehileng tlase.” Ka sebele, baholo ba etella phutheho pele, ba thusa bohle hore ba ikokobeletse Jehova.—1 Tim. 3:5.
w11 6/15 28 ¶19
“Le Hlomphe ba Sebetsang ka Thata Hara Lona”
19 O ne o tla etsang haeba o ne o ka fumana mpho e etseditsweng wena ka ho kgetheha? Na o ne o tla bontsha hore o a e ananela ka hore o e sebedise? Jehova o o file “dimpho tseo e leng banna” a sebedisa Jesu Kreste. Tsela e nngwe eo o ka bontshang hore o ananela dimpho tsena ka yona, ke ka hore o mamele ka hloko ha baholo ba fana ka dipuo le ka hore o leke ho sebedisa dintlha tseo ba di hlahisang. O ka boela wa bontsha hore o a ba ananela ka hore o fane ka ditlhaloso tse utlwahalang ha o le dibokeng. Tshehetsa mesebetsi eo baholo ba etellang pele ho yona, e kang tshebeletso ya tshimo. Haeba keletso eo moholo a ileng a o fa yona e o tswetse molemo, e ka ba hantle hore o mo bolelle. Ho phaella moo, e ka ba hantle hore o bontshe hore o ananela malapa a baholo. Hopola hore lelapa la moholo le tela nako eo le ka beng le e qeta le yena e le hore a sebetse ka thata ka phuthehong.
(1 Bathesalonika 5:14) Ka lehlakoreng le leng, re a le eletsa, barabeso, le eletse ba sa laoleheng, le bue ka mokgwa o tshedisang le meya e tepeletseng maikutlo, le tshehetse ba fokolang, le be le tiisetso ho bohle.
Bontshang Lerato la Lona ka Diketso
13 Tshehetsa ba fokolang. Molaomotheo wa Bibele o reng re ‘tshehetse ba fokolang mme re be le tiisetso ho bohle,’ o ka paka hore na re na le lerato la nnete kapa tjhe. (1 Bathes. 5:14) Batho ba bangata ba fokolang, ba ka nna ba tiya tumelong ha nako e ntse e ya, empa ba bang ba hloka ho tshehetswa le ho bontshwa mamello e eketsehileng. Sena se akaralletsa ho bala le bona Mangolo a kgothatsang, ho sebetsa le bona tshimong kapa ho ipha nako ya ho ba mamela. Ho ekeletsa moo, ho e na le ho nahana hore bara le baradibabo rona ba “matla” kapa ba a “fokola” re lokela ho dula re hopola hore kaofela ha rona re na le mefokolo le makgabane. Esita le moapostola Pauluse o ile a dumela hore o na le mefokolo. (2 Bakor. 12:9, 10) Ka hoo kaofela ha rona re ka rua molemo ha barababo rona ba re tshehetsa.
w15 2/15 9 ¶16
Etsisang Boikokobetso le Qenehelo ya Jesu
16 Re bue le ba bang ka bonolo. Boikutlo bo mofuthu bo re susumelletsa ho ‘bua ka mokgwa o tshedisang le meya e tepeletseng maikutlo.’ (1 Bathes. 5:14) Re ka reng ho kgothatsa batho ba jwalo? Re ka ba bolella ka moo re ba tsotellang ka teng. Re ka ba babatsa mme ra ba thusa hore ba lemohe ditshobotsi tsa bona tse ntle le bokgoni ba bona. Hape re ka ba hopotsa hore ke Jehova ya ba thusitseng hore ba tsebe nnete, ka hoo ke ba bohlokwa ho yena. (Johanne 6:44) Re ka boetse ra ba tiisetsa hore Jehova o tsotella bahlanka ba hae “ba dipelo di robehileng” le “ba sithabetseng moyeng.” (Pes. 34:18) Ha re bua ka bonolo re ka kgatholla batho ba hlokang matshediso.—Liprov. 16:24.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(1 Bathesalonika 4:3-6) Etswe sena ke seo Modimo a se ratang, hore le halaletswe, hore le ile bohlola; 4 hore e mong le e mong wa lona a tsebe ho ruela sejana sa hae kgalaletsong le tlhomphong, 5 eseng takatsong ya botona kapa ya botshehadi e tjhatjhehisang ka mohono e kang eo le ditjhaba tseo tse sa tsebeng Modimo di nang le yona; 6 hore ho se ke ha eba le ya mong ya yang ntlheng ya ho ntsha kotsi le ho nyonyobela ditokelo tsa morabo tabeng ena, hobane Jehova ke yena ya batlang hore ho fanwe ka kotlo bakeng sa dintho tsena kaofela, feela jwalo ka ha re ile ra le bolella esale pele mme hape ra le fa bopaki bo phethahetseng.
it-1-E 863-864
Bohlola
Bohlola ke ketso e ka etsang hore motho a lelekwe (a kgaolwe) ka phuthehong ya Bokreste. (1Ko 5:9-13; Heb 12:15, 16) Moapostola o hlalosa hore Mokreste ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae ka ho sebedisa ditho tsa hae tsa botona kapa tsa botshehadi bakeng sa morero o ditshila. Kamano ya hae le Modimo e a senyeha, o silafatsa phutheho ya Modimo mme o ipeha kotsing ya ho ba le mafu a tshwaetsanwang ka thobalano. (1Ko 6:18, 19) O nyonyobela ditokelo tsa barababo ba Bakreste (1Th 4:3-7) (1) ka ho tlisa ho se hlweke, dihlong le nyediso ka phuthehong (Heb 12:15, 16), (2) ka hore motho eo a etsang bohlola le yena a se ke a ba le boitshwaro bo hlwekileng mme haeba motho eo ke lesoha, e tla ba ya sa hlwekang mohlang a nyalang kapa a nyalwang, (3) ka ho etsa hore lelapa la hae le se ke la ba le tlaleho ya boitshwaro bo botle ha mmoho le ho (4) sitelwa batswadi, monna, kapa motho ya tshepisaneng lenyalo le motho eo a etsang bohlola le yena. Ha a hlokomolohe motho, eo melao ya hae e ka nnang ya dumela bohlola kapa ya bo hanyetsa empa o hlokomoloha Modimo, ya tla fana ka kotlo bakeng sa sebe sa hae.—1Th 4:8.
(1 Bathesalonika 4:15-17) Etswe sena ke seo re le bolellang sona ka lentswe la Jehova, hore rona ba phelang ba ntseng ba setse ho fihlela ho beng teng ha Morena ka tsela le ha e le efe re ke ke ra raka ba robetseng lefung; 16 hobane Morena o tla theoha lehodimong ka mohoo o laelang, ka lentswe la lengeloi le ka sehloohong le ka terompeta ya Modimo, mme ba shweleng bonngweng le Kreste ba tla tsoha pele. 17 Ka mora moo rona ba phelang ba ntseng ba setse, ha mmoho le bona, re tla nkelwa marung ho ya kopana le Morena moyeng; ka tsela ena re tla ba le Morena ka mehla.
w15 7/15 14¶14-15
‘Topollo ya Lona e Atametse’!
14 Ho tla etsahalang ha Gogo wa Magogo a hlasela batho ba Modimo? Bibele e re Mora motho “o tla romela mangeloi mme o tla bokella bakgethwa ba hae ho tswa meyeng e mene, ho tloha pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.” (Mareka 13:27; Mat. 24:31) Ho bokellwa hona ha bakgethwa ha ho etsahale nakong eo Bakreste ba tlotsitsweng ba qalang ho kgethwa ka yona. Ebile ha ho etsahale nakong ya tiiso ya ho qetela ya batlotsuwa ba ntseng ba le lefatsheng. (Matheu 13:37, 38) Batlotsuwa ba fuwa tiiso ya ho qetela nakwana pele matshwenyeho a maholo a qala. (Tšen. 7:1-4) Jwale ho bokellwa hoo ho etsahala neng? Ho etsahala ha batlotsuwa ba ntseng ba le lefatsheng ba fumana moputso wa bona mme ba ya lehodimong. (1 Bathes. 4:15-17; Tšen. 14:1) Sena se tla etsahala ka mora hore Gogo wa Magogo a qale tlhaselo ya hae. (Ezek. 38:11) Jwale, “ba lokileng ba tla kganya ka ho phatsimang jwalo ka letsatsi Mmusong wa Ntata bona,” feela jwalo ka ha Jesu a boletse.—Mat. 13:43.
15 Na see se bolela hore batlotsuwa “ba tla nkelwa sebakeng”? Ba bangata ba Bokreste mmotwana ba dumela hore Bakreste ba tla nkelwa lehodimong ka mmele ya nama. Ba boetse ba nahana hore ba tla bona Jesu ka mahlo ha a kgutla ho tla busa lefatsheng. Empa Bibele e bontsha ka ho hlaka hore Jesu o tla kgutla ka mokgwa o sa bonahaleng, ha e re “pontsho ya Mora motho e tla bonahala lehodimong” mme Jesu o tla tla “ka maru a lehodimo.” (Mat. 24:30) Bibele e boetse e re “nama le madi di ke ke tsa rua Mmuso wa Modimo.” Ka hoo, batlotsuwa ba tla nkelwa lehodimong ba lokela ho “fetolwa, ka motsotswana, ka ho panya ha leihlo, nakong ya terompeta ya ho qetela.” (Bala 1 Bakorinthe 15:50-53.) Re ke ke ra re “ba tla nkelwa sebakeng,” ka ha eo ke thuto ya Bokreste mmotwana. Empa batlotsuwa ba tshepahalang ba tla beng ba ntse ba le lefatsheng ba tla bokellwa ha mmoho ka ho panya ha leihlo.
Mmalo wa Bibele
(1 Bathesalonika 3:1-13) Ka hoo, ha re se re sa kgone ho mamella, re ile ra bona ho le molemo hore re sale re le bang Athene; 2 yaba re roma Timothea, morabo rona le mosebeletsi wa Modimo ditabeng tse molemo tse mabapi le Kreste, e le ho le tiisa le ho le tshedisa bakeng sa tumelo ya lona, 3 e le hore ho se ke ha eba le ya ka sisinngwang ke matshwenyeho ana. Etswe le a tseba hore re behetswe ntho yona ena. 4 Hape, ha e le hantle, ha re ne re e na le lona, re ne re ye re le bolelle esale pele hore re ne re reretswe ho utlwiswa bohloko ke matshwenyeho, feela jwalo ka ha ho boetse ho etsahetse le jwalo ka ha le tseba. 5 Ke ka lebaka leo, ha ke se ke sa kgone ho mamella, ke ileng ka romeletsa hore ke tsebe ka botshepehi ba lona, ka ha mohlomong ka tsela e itseng e ka nna yaba Moleki o le lekile, mme e ka nna yaba mosebetsi wa rona o fetohile wa lefeela. 6 Empa Timothea o sa tswa fihla ho rona a tswa ho lona mme o re file ditaba tse molemo mabapi le botshepehi ba lona le lerato la lona, le hore le tswela pele ho re hopola ha molemo ka mehla, le hlolohetswe ho re bona ka tsela e tshwanang, jwalo ka ha le rona re hlolohetswe ho le bona. 7 Ke ka lebaka leo, barabeso, re tshedisehileng ka lona ho hlokeng hohle ha rona le matshwenyehong ohle a rona ka botshepehi boo le bo bontshang, 8 hobane jwale re a phela haeba le ema le tiile Moreneng. 9 Etswe ke diteboho dife tseo re ka fanang ka tsona ho Modimo malebana le lona e le puseletso bakeng sa thabo yohle eo re thabang ka yona ka lebaka la lona ka pela Modimo wa rona, 10 ha bosiu le motshehare re ntse re etsa dithapedi tse fetang tse tlwaelehileng hore re bone difahleho tsa lona le ho lokisa dintho tse haellang mabapi le tumelo ya lona? 11 Jwale e se eka Modimo le Ntate wa rona le Morena wa rona Jesu ba ka tsamaisa ka katleho tsela ya rona e tlang ho lona. 12 Ho feta moo, e se eka Morena a ka etsa hore le hole, e, a etsa hore le atelwe, ho bontshaneng lerato le ho bohle, esita le jwalo ka ha le rona re etsa jwalo ho lona; 13 e le hore a ka tiisa dipelo tsa lona, tse ke keng tsa tshwauwa phoso kgalalelong ka pela Modimo le Ntate wa rona ho beng teng ha Morena wa rona Jesu le bahalaledi bohle ba hae.
15-21 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 BATHESALONIKA 1-3
“Ya sa Yeng ka Molao o a Senolwa”
(2 Bathesalonika 2:6-8) Ka hoo jwale le tseba ntho e sebetsang e le thibelo, ka sepheo sa hore a senolwe ka nako ya hae e loketseng. 7 Ke nnete, sephiri sa tlolo ena ya molao se se se ntse se sebetsa; empa ke feela ho fihlela ha ya sebetsang e le thibelo hona jwale a tloha tseleng. 8 Jwale, ka sebele, ya sa yeng ka molao o tla senolwa, eo Morena Jesu a tla mo fedisa ka moya wa molomo wa hae mme a mo etse lefeela ka ponahalo ya ho ba teng ha hae.
it-1-E 972-973
Boinehelo ba Bomodimo
Ho na le sephiri se seng se kgahlanong le “sephiri se halalelang” sa Jehova. Ke “sephiri sa tlolo ena ya molao.” E ne e le sephiri ho Bakreste ba nnete hobane mehleng ya moapostola Pauluse ho ne ho sa tsebahale ka ho hlaka hore na “motho ya sa yeng ka molao” ke mang. Esita le ka mora hore “motho” eo a tsebahale, e ne e tla tswela pele e le sephiri ho batho ba bangata hobane o ne a tla etsa bokgopo a ipatile ka boinehelo ba bomodimo. Ha e le hantle, seo e ne e tla ba bokwenehi boinehelong ba bomodimo. Pauluse o ile a re “sephiri sa tlolo ena ya molao” se ne se ntse se sebetsa mehleng ya hae hobane ho ne ho e na le tshusumetso e sa yeng ka molao ka phuthehong ya Bokreste eo qetellong e neng e tla hlahisa bokwenehi bona. Qetellong, motho eo o ne a tla fediswa ke Jesu Kreste ka ponahalo ya ho ba teng ha hae. Mokwenehi enwa e leng “motho” ya susumetswang ke Satane, o ne a tla “iphahamisa hodima e mong le e mong ya bitswang “modimo” kapa ntho e fuwang tlhompho ya borapedi” (Ka Segerike, seʹba·sma). Ka hoo mohanyetsi enwa wa Modimo ya sebediswang ke Satane, o ne a tla thetsa batho ba etsisang diketso tsa hae mme a etse hore ba ye timetsong. “Motho ya sa yeng ka molao” o ne a tla ba le tshusumetso e matla hobane bokgopo ba hae bo ipatile ka boinehelo ba bomodimo ba boikaketsi.—2Th 2:3-12; bapisa le Mat 7:15, 21-23.
(2 Bathesalonika 2:9-12) Empa ho ba teng ha ya sa yeng ka molao ho teng ho ya ka tshebetso ya Satane ka mosebetsi o mong le o mong o matla le dipontsho le dimakatso tsa leshano 10 le ka thetso e nngwe le e nngwe e sa lokang bakeng sa ba timelang, e le tefetso hobane ha ba a ka ba amohela lerato la nnete e le hore ba ka pholoha. 11 Ka hoo ke ka lebaka leo Modimo a tlohelang tshebetso ya ho fosahetseng hore e ye ho bona, e le hore ba ka dumela leshano, 12 e le hore kaofela ba ka ahlolwa hobane ha ba a ka ba dumela nnete empa ba ile ba kgahliswa ke ho se loke.
it-2-E 245 ¶7
Leshano
Jehova Modimo o dumella hore “tshebetso ya ho fosahetseng” e ye ho batho ba thabelang leshano “e le hore ba ka dumela leshano,” ho e na le ho dumela ditaba tse molemo tse mabapi le Jesu Kreste. (2Th 2:9-12) Re bona molaomotheo ona ho se etsahalletseng Morena wa Israele e leng Akabe, dilemong tse makgolo tse fetileng. Baprofeta ba leshano ba ile ba kgodisa Akabe hore o tla hlola ntweng ya hae kgahlanong le Ramothe-gileade, ha moprofeta wa Jehova e leng Mikaia a ile a bolela esale pele hore ho tla ba le tlokotsi. Jwalo ka ha ho bontshitswe ponong ya Mikaia, Jehova o ile a dumella sebopuwa sa moya hore se be “moya o thetsang” melomong ya baprofeta ba Akabe. E leng se bolelang hore, sebopuwa sena sa moya se ile sa sebedisa matla a sona hodima bona e le hore ba se ke ba bua nnete empa ba bue seo bona ba neng ba batla ho se bua, le seo Akabe a neng a batla ho se utlwa ho tswa ho bona. Le hoja Akabe a ne a lemositswe esale pele, o ile a thabela ho thetswa ke mashano a bona mme seo se ile sa etsa hore a lahlehelwe ke bophelo ba hae.—1Ma 22:1-38; 2Likr 18.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(2 Bathesalonika 1:7, 8) empa, ho lona ba utlwiswang bohloko ke matshwenyeho, phomolo ha mmoho le rona tshenolong ya Morena Jesu ho tswa lehodimong le mangeloi a hae a matla 8 ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso hodima ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng ditaba tse molemo tse mabapi le Morena wa rona Jesu.
it-1-E 834 ¶5
Mollo
Petrose o ile a ngola a re “mahodimo le lefatshe tse teng hona jwale di boloketswe mollo.” Dintlha tse potolohileng mantswe ao le mangolo a mang di bontsha ka ho hlaka hore ona ha se mollo wa sebele empa o tshwantshetsa timetso ya ka ho sa feleng. Feela jwalo ka ha morwallo wa mehleng ya Noe o sa ka wa fedisa lefatshe le lehodimo tsa sebele empa o ile wa fedisa batho ba sa mameleng Modimo, ka ho tshwanang le tshenolo ya Jesu Kreste le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, e tla fella ka hore a fedise batho ba sa mameleng Modimo ka ho felletseng le tsamaiso e kgopo ya dintho eo ba leng karolo ya yona.—2Pe 3:5-7, 10-13; 2Th 1:6-10; bapisa le Esa 66:15, 16, 22, 24.
(2 Bathesalonika 2:2) hore le se ke la sisinngwa kapele monahanong wa lona le ha e le ho feha matshwafo ebang ke ka polelo e buduletsweng kapa ka molaetsa wa molomo kapa ka lengolo jwalo ka ha eka le tswa ho rona, le bolelang hore letsatsi la Jehova le fihlile.
it-1-E 1206 ¶4
Pudulelo
“Dipolelo Tse Buduletsweng” Tsa Nnete le Tsa Leshano. Lentswe la Segerike pneuʹma (moya) le sebedisetswe ka tsela e ikgethang mangolong a mang a baapostola. Ka mohlala, ho 2 Bathesalonika 2:2 moapostola Pauluse o kgothalletsa barababo ba Bathesalonika hore ba se ke ba sisinngwa kapele monahanong wa bona le ha e le ho feha matshwafo “ebang ke ka polelo e buduletsweng [ha e le hantle, “moya”] kapa ka molaetsa wa molomo kapa ka lengolo jwalo ka ha e ka le tswa ho rona, le bolelang hore letsatsi la Jehova le fihlile.” Ho a hlaka hore Pauluse o sebedisa lentswe pneuʹma (moya) ha a bua ka mokgwa wa puisano, jwalo ka “molaetsa wa molomo” kapa “lengolo.” Ka lebaka lena buka ya Lange’s Commentary on the Holy Scriptures (leq. 126) e re ka mantswe ana: “Ha Moapostola a ne a bua mantswe ana o ne a bolela tlhahiso ya moya, polelo e boletsweng esale pele eo e seng ya nnete, polelo ya moprofeta.” (E fetoletswe le ho hlophiswa ke P. Schaff ka 1976) Buka ya Vincent’s Word Studies in the New Testament e re: “Ka moya. Ka dipolelo tsa boprofeta tsa motho e mong le e mong dikopanong tsa Bokreste, ya bolelang matla a ditshenolo tse halalelang.” (1957, Vol. IV, leq. 63) Ka hoo, diphetolelo tse ding di re lentswe pneuʹma temaneng ena le ditemaneng tse ding tse tshwanang le yona ke “moya,” ha tse ding tsona di re ke “molaetsa wa Moya” (AT), “polelo e boletsweng esale pele” (JB), “pudulelo” (D’Ostervald; Segond [French]), “polelo e buduletsweng” (NW).
Mmalo wa Bibele
(2 Bathesalonika 1:1-12) Pauluse le Silvanase le Timothea ho phutheho ya Bathesalonika e bonngweng le Modimo Ntate le Morena Jesu Kreste: 2 E se eka le ka ba le mosa o sa tshwanelang le kgotso e tswang ho Modimo Ntate le Morena Jesu Kreste. 3 Re tlamehile ho leboha Modimo ka mehla bakeng sa lona, barababo rona, jwalo ka ha ho loketse, hobane tumelo ya lona e hola ka ho fetisisa mme lerato la e mong le e mong le la lona kaofela le a eketseha e mong ho e mong. 4 Ka lebaka leo re motlotlo ka lona hara diphutheho tsa Modimo ka lebaka la mamello ya lona le tumelo ya lona mahlorisong ohle a lona le matshwenyeho ao le a mameletseng. 5 Sena ke bopaki ba kahlolo e lokileng ya Modimo, e isang ho nkweng ha lona le le ba tshwanelwang ke mmuso wa Modimo, oo ka sebele le utlwang bohloko ka lebaka la ona. 6 Sena ke ho ela hloko hore ho lokile hore Modimo a busetse matshwenyeho ho ba le tshwenyang, 7 empa, ho lona ba utlwiswang bohloko ke matshwenyeho, phomolo ha mmoho le rona tshenolong ya Morena Jesu ho tswa lehodimong le mangeloi a hae a matla 8 ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso hodima ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng ditaba tse molemo tse mabapi le Morena wa rona Jesu. 9 Bana ba tla feta kotlong ya boahlodi ya timetso e sa feleng e tswang ka pela Morena le e tswang kganyeng ya matla a hae, 10 ka nako eo a tlang hore a tlotliswe mabapi le bahalaledi ba hae le hore ka letsatsi leo a tadingwe ka ho makala mabapi le bohle ba ileng ba bontsha tumelo, hobane bopaki boo re ileng ra fana ka bona bo ile ba kopana le tumelo hara lona. 11 Ho finyella seo, ka sebele re le rapella ka mehla, hore Modimo wa rona a ke a le nke le le ba tshwanelwang ke pitso ya hae mme a etse ka ho feletseng sohle se mo kgahlang mabapi le molemo le mosebetsi wa tumelo ka matla; 12 e le hore lebitso la Morena wa rona Jesu le ka tlotliswa ho lona, le lona bonngweng le yena, tumellanong le mosa o sa tshwanelang wa Modimo wa rona le wa Morena Jesu Kreste.
22-28 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 TIMOTHEA 1–3
“Hahamalla Mosebetsi o Motle”
(1 Timothea 3:1) Polelo eo ya tshepahala. Haeba motho le ha e le ofe a hahamalla boemo ba molebedi, o lakatsa mosebetsi o motle.
w16.08 21 ¶3
Na o Bona ho Hlokahala Hore o Hatele Pele ka Phuthehong?
3 Bala 1 Timothea 3:1. Leetsi la Segerike le fetoletsweng e le ho “hahamalla” le bolela ho otlolla letsoho o nanabela ntho e hole le wena. Moapostola Pauluse o ile a sebedisa lentswe leo ha a hatisa ntlha ya hore ho hatela pele ka phuthehong ho hloka boiteko. Nahana ka morabo rona ya thuisang ka dintho tseo a batlang ho di finyella ka phuthehong. E ka nna yaba hona jwale hase mohlanka ya sebeletsang, empa o a lemoha hore o lokela ho finyella ditshwaneleho tse hlokahalang. O qala ka ho hahamalla ho ba mohlanka ya sebeletsang. Ha nako e ntse e ya, o tshepa hore o tla tshwaneleha ho sebeletsa e le moholo. Maemong ana ka bobedi, o sebetsa ka thata ho finyella ditshwaneleho tse hlokahalang e le hore a ka fuwa boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong.
(1 Timothea 3:13) Etswe banna ba sebeletsang ka mokgwa o motle ba iphumanela boemo bo botle le ho bua ka bolokolohi bo boholo tumelong mabapi le Kreste Jesu.
km 9/78 4 ¶7
Ba ‘Iphumanelang Boemo bo Botle’
7 Ho bonolo ho hlokomela hore na ke hobaneng ha Pauluse a ile a re banna bana ba “iphumanela boemo bo botle.” Jwalo ka ha ba bang ba nahana, sena ha se bolele boemo boo sehlopha se phahameng se busang sa kereke se nang le bona. Ho e na le hoo, bahlanka ba sebeletsang, ba “sebeletsang ka mokgwa o motle” ba kgodisehile hore Jehova le Jesu ba tla ba hlohonolofatsa mme phutheho yohle e a ba hlompha le ho ba tshehetsa. Ho loketse hore ba be le “bolokolohi bo boholo tumelong mabapi le Kreste Jesu.” Ka ha ba tshepahalla kabelo ya bona, ba a ananelwa ka lebaka la tshebeletso ya bona e ntle; ba na le tumelo e tiileng mme ba kgona ho phatlalatsa tumelo ya bona e se makwala kapa ba sa tshabe nyediso.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(1 Timothea 1:4) le ha e le ho ela hloko dipale tsa bohata le maloko, tseo qetello ya tsona e leng lefeela, empa tse hlahisang dipotso bakeng sa phuputso ho e na le ho aba ntho le ha e le efe e tswang ho Modimo mabapi le tumelo.
it-1-E 914-915
Leloko
Ho ne ho se na thuso hore batho ba ithute le ho buisana ka ditaba tse amanang le leloko, haholoholo nakong eo Pauluse a neng a ngolla Timothea. Ho boloka ditlaleho tsa leloko bakeng sa ho paka hore na motho o tswa lelokong lefe e ne e se e se ntho ya bohlokwa, ka ha hona jwale Modimo o ne a sa nke ho na le phapang pakeng tsa Bajuda le Baditjhaba ka phuthehong ya Bokreste. (Gal 3:28) Hape ditlaleho tsa leloko di ne di se ntse di bontshitse hore Kreste o ne a tla tswa lelokong la Davida. Hape Jerusalema le ditlaleho tsa Sejuda di ne di tla fediswa ka mora nako e seng kae Pauluse a ngotse temoso ena. Modimo ha a a ka a di boloka. Ka hoo, Pauluse o ne a tshwenyehile ka hore Timothea le diphutheho di se ke tsa senya nako di etsa dipatlisiso le ho pheha kgang ka hore na motho o tswa lelokong lefe hobane seo e ne e se sa bohlokwa tumelong ya Bokreste. Leloko le hlahang ka Bibeleng le mabapi le Mesia le lekane ho tiisa hore Kreste ke Mesia, mme ke lona le bohlokwa ho Bakreste. Maloko a mang a hlahang ka Bibeleng a fana ka bopaki ba hore tlaleho ya Mangolo e a tshepahala mme a bontsha ka ho hlaka hore ke tlaleho e ka tsheptjwang historing.
(1 Timothea 1:17) Jwale ho Morena wa bosafeleng, ya ke keng a bola, ya sa bonahaleng, eo e leng yena feela Modimo, e be tlhompho le kganya ka ho sa feleng le ka mehla. Amen.
cl 12 ¶15
“Bonang! Enwa ke Modimo wa Rona”
15 Tlotla e nngwe e sebediswang ho Jehova feela ke “Morena wa bosafeleng.” (1 Timothea 1:17; Tšenolo 15:3) See se bolela eng? Ho thata hore dikelello tsa rona tse fokolang di ho utlwisise, empa lentswe la qalong la Segerike le sebedisitsweng bakeng sa bosafeleng le bontsha hore Jehova ha a na qalo le qetello. Pesaleme ya 90:2 e re: “Esita le ho tloha nakong e sa lekanyetswang ho isa nakong e sa lekanyetswang o Modimo.” Ka hoo Jehova ha a na qalo; haesale a le teng. Ka nepo o bitswa “Moholoholo wa Matsatsi,” o bile teng ka ho sa feleng le pele motho le ha e le ofe kapa ntho le ha e le efe e nngwe bokahohleng e eba teng! (Daniele 7:9, 13, 22) Ke mang eo ka nepo a ka belaellang tokelo ya hae ya ho ba Mmusi Morena?
Mmalo wa Bibele
(1 Timothea 2:1-15) Ka hona ke a eletsa, pele ho tsohle, hore dithapedi, dithapelo, dithapello, ho fanwa ha diteboho, di etswe malebana le batho ba mefuta yohle, 2 malebana le marena le bohle ba boemong bo phahameng; e le hore re ka tswela pele re phela bophelo bo kgutsitseng le bo thotseng ka boinehelo bo feletseng ba bomodimo le ho nka dintho ka botebo bo feletseng. 3 Sena se setle mme se a kgahlisa mahlong a Mopholosi wa rona, Modimo, 4 eo thato ya hae e leng hore batho ba mefuta yohle ba pholohe mme ba fihle tsebong e nepahetseng ya nnete. 5 Etswe ho na le Modimo a le mong, le mokenadipakeng a le mong pakeng tsa Modimo le batho, motho, Kreste Jesu, 6 ya ileng a inehela e le thekollo e lekanang bakeng sa bohle, sena se tla pakwa ka dinako tsa sona. 7 Ka morero wa bopaki bona ke ile ka behwa mmoledi le moapostola, ke bolela nnete, ha ke bue leshano, mosuwe wa ditjhaba tabeng ya tumelo le nnete. 8 Ka hona ke lakatsa hore sebakeng se seng le se seng banna ba tswele pele ho rapela, ba phahamisa matsoho a tshepahalang, kantle le kgalefo le ho pheha kgang. 9 Ka ho tshwanang ke lakatsa ha basadi ba ikgabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphohelwa kelellong, eseng ka mekgwa ya ho loha moriri le kgauta kapa diperela kapa diaparo tsa theko e boima haholo, 10 empa ka tsela e tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba fa Modimo tlhompho ya borapedi, e leng, ka mesebetsi e molemo. 11 Mosadi a ke a ithute a kgutsitse ka ho ipeha tlase ho feletseng. 12 Ha ke dumelle mosadi ho ruta, kapa ho sebedisa matla hodima monna, empa hore a kgutse. 13 Etswe Adama o ile a boptjwa pele, ha ntano boptjwa Eva. 14 Hape, Adama ha a a ka a thetswa, empa mosadi o ile a thetswa ka ho phethahetseng mme a ba tlolong. 15 Le ha ho le jwalo, o tla sireletswa ka ho tswala bana, ha feela ba tswela pele tumelong le leratong le kgalaletsong ha mmoho le ho hlaphohelwa kelellong.
29 JULY–4 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1TIMOTHEA 4-6
“Boinehelo ba Bomodimo ha bo Bapiswa le Maruo”
(1 Timothea 6:6-8) Ka sebele, ke mokgwa wa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomodimo ha mmoho le ho kgotsofala. 7 Etswe ha re a tlisa letho lefatsheng, le ha e le hore re ka tloha le letho. 8 Ka hoo, ha re e na le dintho tsa ho iphedisa le diaparo le tshireletso, re tla di kgotsofalla.
w03 6/1 9 ¶1-2
Ho Ithuta Sephiri sa ho Kgotsofala
Ntlha e kgolo e ileng ya tlatsetsa thabong le kgotsofalong ya Pauluse ke boikutlo ba hae ba ho kgotsofala. Le ha ho le jwalo, ho kgotsofala ho bolela eng? Ka mantswe a bonolo feela, ho bolela ho kgotsofalla dintho tsa motheo. Ntlheng ena, Pauluse o ile a re ho Timothea, motswalle wa hae tshebeletsong: “Ka sebele, ke mokgwa wa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomodimo ha mmoho le ho kgotsofala. Etswe ha re a tlisa letho lefatsheng, le ha e le hore re ka tloha le letho. Ka hoo, ha re e na le dintho tsa ho iphedisa le diaparo le tshireletso, re tla di kgotsofalla.”—1 Timothea 6:6-8.
Hlokomela hore Pauluse o ile a amahanya ho kgotsofala le boinehelo ba bomodimo. O ile a hlokomela hore thabo ya sebele e tliswa ke boinehelo ba bomodimo, ka mantswe a mang, e tliswa ke ho etelletsa pele tshebeletso ya rona ho Modimo, eseng dintho tse bonahalang kapa maruo. “Dintho tsa ho iphedisa le diaparo le tshireletso” di ne di mpa di mo thusa feela hore a tswele pele a hahamalla boinehelo ba bomodimo. Ka hoo sephiri sa Pauluse sa ho kgotsofala e ne e le ho itshetleha ka Jehova, ho sa tsotellehe hore na maemo e ka nna ya eba afe.
(1 Timothea 6:9) Le ha ho le jwalo, ba ikemiseditseng ho rua ba wela molekong le lerabeng le ditakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse dihelang batho timetsong le tshenyehong.
g 6/07 6 ¶2
Ka Moo ho Ikemisetsa ho Rua ho ka o Amang ka Teng
Ke nnete hore hase batho ba bangata ba shwang ka lebaka la ho hahamalla maruo. Empa ba ka nna ba se fumane kgotsofalo ya sebele bophelong ha ba ntse ba lelekisa leruo. Hape ba kudiswa ke haeba kgatello ya mosebetsi kapa maemo a sithabetsang a ditjhelete a etsa hore ba tlelwe ke tshabo, ba hlobaele, ba tshwarwe ke hlooho e sa yeng moriting, kapa ba tswe diso ka maleng, e leng mathata a ka kgutsufatsang bophelo ba motho. Esita le haeba motho a ka lemoha hore o lokela ho fetola dintho tse tlang pele bophelong ba hae, a ka nna a lemoha seo nako e se e ile haholo. Mohlomong molekane wa hae o tla be a se a sa mo tshepe, bana ba se ba amehile hampe maikutlong mme le yena a se a kula. Mohlomong dintho tse ding tse senyehileng di ka loka, empa di tla hloka hore motho a sebetse ka thata. Ruri ba jwalo ba “itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:10.
(1 Timothea 6:10) Etswe lerato la tjhelete ke motso wa mefuta yohle ya dintho tse mpe, mme ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba kgelositswe tumelong mme ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.
g 11/08 6 ¶4-6
Ditsela Tse Tsheletseng Tse ka Atlehisang Motho
Jwalo ka ha re bone sehloohong se qalang, batho ba dumelang hore ho lelekisa leruo ho tlisa katleho, ha e le hantle, ba lelekisa lefeela. Ba ipakela maswabi le mahlomola a mangata. Ka mohlala, batho ba kgothalletseng ho lelekisa leruo, ba atisa ho senya kamano ya bona le ba malapa le metswalle. Ba bang ha ba robale ka lebaka la mosebetsi, kapa hobane ba tshwenyehile kapa ba kgathatsehile. Moeklesia 5:12 e re: “Boroko ba ya sebeletsang bo monate, ho sa tsotellehe hore na ke ho honyenyane kapa ho hongata hoo a ho jang; empa dintho tse ngata tsa morui ha di mo dumelle ho robala.”
Tjhelete ke monghadi ya sehloho le ya bolotsana. Jesu Kreste o ile a bua ka “matla a thetsang a maruo.” (Mareka 4:19) Ka mantswe a mang, maruo a ka nna a bonahala eka a ka re tlisetsa thabo, empa ha ho jwalo. A etsa feela hore motho a lakatse ho ba le a eketsehileng. Moeklesia 5:10 e re: “Motho ya ratang tjhelete ha ho mohla a ka bang le e lekaneng.”—The New English Bible.
Ka mantswe a mang, motho ya ratang tjhelete wa itematsa, mme a ka qetella a swetsehile, a tsielehile kapa a tlotse molao. (Liproverbia 28:20) Ho ba motho ya thabileng le ya atlehileng ho tsamaisana le ho fana ka seatla se bulehileng, ho tshwarela, ho itshwara hantle, ho ba le lerato le ho ba motho ya nang le kamano e ntle le Jehova.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(1 Timothea 4:2) ka boikaketsi ba batho ba buang mashano, ba tshwailwe matswalong a bona jwalo ka ha eka ke ka tshepe e tjhesang e tshwayang;
Eba le Letswalo le Letle Mahlong a Modimo
17 Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “E bang le letswalo le molemo.” (1 Petrose 3:16) Ka maswabi, ha batho ba tswelapele ho se mamele melaomotheo ya Jehova, hanyane ka hanyane matswalo a bona ha a sa ba lemosa. Pauluse o re letswalo le jwalo le “tshwailwe . . . ka tshepe e tjhesang e tshwayang.” (1 Timothea 4:2) Na o kile wa tjha hampe? Ha motho a tjha, letlalo la hae le ba le leqeba mme ha a utlwe letho. Ka tsela e tshwanang, haeba motho a tswelapele ho etsa dintho tse fosahetseng, letswalo la hae le ka ba le lebadi mme la qetella le se le sa sebetse.
(1 Timothea 4:13) Ha ke ntse ke tla, o tswele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng.
it-2-E 714 ¶1-2
Ho Bala Phatlalatsa
Ka Phuthehong ya Bokreste. Ho ne ho e na le meqolo e mengata ya Bibele lekgolong la pele la dilemo mme ke batho ba seng ba kae feela ba neng ba e na le yona, e leng se neng se etsa hore ho be bohlokwa hore batho ba bale phatlalatsa. Moapostola Pauluse o ile a laela hore mangolo a hae a balwe dibokeng tsa Bokreste mme a balwe le diphuthehong tse ding. (Kol 4:16; 1Th 5:27) Pauluse o ile a kgothalletsa molebedi wa Mokreste ya motjha dilemong e leng Timothea hore a ikitlaetse “ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng.”—1Ti 4:13.
Motho o lokela ho bala ka mokgwa o phollatsi ha a bala phatlalatsa. (Hab 2:2) Ka ha sepheo sa ho bala phatlalatsa ke ho ruta batho ba bang, motho ya balang phatlalatsa o lokela ho utlwisisa seo a se balang hantle le hore na mongodi wa seo a se balang o batla ho finyella eng mme a be hlokolosi hore a se ke a bala ka tsela e tla fetisa mohopolo o fosahetseng ho bamamedi. Ho latela Tšenolo 1:3, ho thaba ba ballang hodimo le ba utlwang mantswe a boprofeta bona, le ba bolokang dintho tse ngotsweng ho bona.
Mmalo wa Bibele
(1 Timothea 4:1-16) Le ha ho le jwalo, polelo e buduletsweng e bolela ka tiyo hore dinakong tsa morao ba bang ba tla wa tumelong, ba ela hloko dipolelo tse buduletsweng tse kgelosang le dithuto tsa bademona, 2 ka boikaketsi ba batho ba buang mashano, ba tshwailwe matswalong a bona jwalo ka ha eka ke ka tshepe e tjhesang e tshwayang; 3 ba hanela ho nyala, ba laela hore ho ilwe dijo tseo Modimo a di bopileng hore di jewe ka diteboho ke ba nang le tumelo le ba tsebang nnete ka mokgwa o nepahetseng. 4 Lebaka la sena ke hore popo e nngwe le e nngwe ya Modimo e ntle, mme ha ho letho le lokelang ho lahlwa haeba le amohelwa ka diteboho, 5 etswe le halaletswa ka lentswe la Modimo le ka ho le rapella. 6 Ka ho fana ka dikeletso tsena ho barababo rona o tla ba mosebeletsi ya kgabane wa Kreste Jesu, ya fepilweng ka mantswe a tumelo le a thuto e ntle eo o e latetseng haufiufi. 7 Empa o hane dipale tsa bohata tse silafatsang se halalelang le tseo basadibaholo ba di bolelang. Ka lehlakoreng le leng, o ikwetlise boinehelo ba bomodimo e le sepheo sa hao. 8 Etswe kwetliso ya mmele e na le molemo o monyenyane; empa boinehelo ba bomodimo bo molemo bakeng sa dintho tsohle, ka ha bo e na le tshepiso ya bophelo ba hona jwale le ya bo tlang ho tla. 9 Polelo eo ya tshepahala hape e tshwanela ho amohelwa ka botlalo. 10 Etswe ho finyella sena re sebetsa ka thata mme re a ikitlaetsa, hobane re behile tshepo ya rona ho Modimo ya phelang, eo e leng Mopholosi wa batho ba mefuta yohle, haholoholo wa ba tshepahalang. 11 O nne o fane ka ditaelo tsena mme o di rute. 12 Ho se ke ha eba le motho eo le ka mohla a kgellang botjha ba hao tlase. Ho fapana le hoo, ho ba tshepahalang o be mohlala ho bueng, boitshwarong, leratong, tumelong, tlhwekong. 13 Ha ke ntse ke tla, o tswele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng. 14 O se ke wa hlokomoloha mpho e ho wena eo o ileng wa e fuwa ka polelo e boletsweng esale pele le ha sehlopha sa banna ba baholo se o beha matsoho. 15 Nahanisisa ka dintho tsena; o ikakgele ka setotswana ho tsona, e le hore tswelopele ya hao e ka bonahala ho batho bohle. 16 Ikele hloko ka mehla mme o ele hloko le ho ruta ha hao. Dula dinthong tsena, ka ha ka ho etsa sena o tla ipholosa mme o pholose le ba o mamelang.