Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
5-11 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 TIMOTHEA 1-4
“Modimo ha a a re fa Moya wa Bokwala”
(2 Timothea 1:7) Etswe Modimo ha a a re fa moya wa bokwala, empa o re file moya wa matla le wa lerato le wa ho hlaphohelwa kelellong.
w09 5/15 15 ¶9
Batjha, Etsang Hore Tswelopele ya Lona e Bonahale
9 E le hore a thuse Timothea, hamorao Pauluse o ile a mo hopotsa a re: “Modimo ha a a re fa moya wa bokwala, empa o re file moya wa matla le wa lerato le wa ho hlaphohelwa kelellong.” (2 Tim. 1:7) “Ho hlaphohelwa kelellong” ho akarelletsa ho tseba ho nahana le ho beha mabaka ka tsela e utlwahalang. Ho akarelletsa bokgoni ba ho tobana le maemo ka moo a leng ka teng, eseng ka moo o neng o ka lakatsa hore a be ka teng. Batjha ba bang ba se nang boiphihlelo ba bontsha moya wa bokwala mme ba leka ho iphapanyetsa ho tshwenyeha kelellong ka ho robala kapa ho shebella TV ho tlola, ho sebedisa jwala kapa dithethefatsi hampe, ho dula ba le meketjaneng ya boithabiso kapa ho kopanela boitshwarong bo bobe ba ho etsa thobalano. Bakreste ba eletswa hore ba ‘hane ho hloka bomodimo le ditakatso tsa lefatshe le ho phela ka ho hlaphohelwa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomodimo hara tsamaiso ena ya hona jwale ya dintho.’—Tite 2:12.
(2 Timothea 1:8) Ka hona o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki bo mabapi le Morena wa rona, le ha e le ka nna motshwaruwa ka lebaka la hae, empa o be le karolo ho utlwisweng bohloko ke bobe bakeng sa ditaba tse molemo ho ya ka matla a Modimo.
w03 3/1 9 ¶7
‘E ba Sebete Mme o be Matla’
7 Pauluse o ile a ngolla Timothea, a re: “Modimo ha a a re fa moya wa bokwala, empa o re file moya wa matla . . . Ka hona o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki bo mabapi le Morena wa rona.” (2 Timothea 1:7, 8; Mareka 8:38) Ka mora ho bala mantswe ana, re ka ipotsa: ‘Na tumelo ya ka e ntlhabisa dihlong, kapa ke sebete? Mosebetsing (kapa sekolong), na ke tsebisa ba bang hore ke e mong wa Dipaki Tsa Jehova, kapa ke a ho tshabisa? Na ke hlajwa ke dihlong ha ke sa tshwane le ba bang, kapa ke thabela ho se tshwane le ba bang ka lebaka la kamano ya ka le Jehova?’ Haeba motho a tshaba ho bolela ditaba tse molemo kapa ho emela ntho e sa rateheng, a ke a hopole keletso ya Jehova ho Joshua: “Eba sebete mme o be matla.” O se ke wa lebala hore ha se pono ya basebetsimmoho le rona kapa bao re kenang sekolo le bona eo e leng ya bohlokwa empa pono ya Jehova le Jesu Kreste ke yona ya bohlokwa.—Bagalata 1:10.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(2 Timothea 2:3, 4) Jwalo ka lesole le kgabane la Kreste Jesu o be le karolo ho utlwisweng bohloko ke bobe. 4 Ha ho monna ya sebeletsang e le lesole ya ikenyang dikgwebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ya ya mo ngodisitseng e le lesole.
Batla Maruo a Sebele
13 Timothea o ne a e na le tumelo. Ka mora hore Pauluse a re Timothea ke “lesole le kgabane la Kreste Jesu,” o ile a re ho yena: “Ha ho monna ya sebeletsang e le lesole ya ikenyang dikgwebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ya ya mo ngodisitseng e le lesole.” (2 Tim. 2:3, 4) Balatedi ba Jesu kajeno, ho akarelletsa le ba ka hodimo ho milione ba tshebeletsong ya nako e tletseng, ba sebedisa keletso ya Pauluse ka hohle ka moo ba ka kgonang ka teng. Ba hana ho hohelwa ke dipapatso tsa lefatshe lena mme ba dula ba hopola molaomotheo ona o reng: “Ya adingwang ke mohlanka wa motho ya mo adimang.” (Liprov. 22:7) Satane o batla hore re qete matla le nako ya rona e ngata re le makgoba a lefatshe lena. Re ka qeta dilemo re le dikolotong ka lebaka la diqeto tse ding tseo re di etsang. Tse ding tsa dikoloto tseo e ka ba tsa matlo, tsa ho ya kholeje kapa yunivesithi, tsa ho reka dikoloi tse turang esita le tsa ho etsa matjhato a maholo. Re bontsha hore re bohlale ha re nolofatsa bophelo ba rona ka ho fokotsa dikoloto le ditshenyehelo e le hore re ka ba makgoba a Modimo ho e na le ho ba makgoba a dikgwebo tsa lefatshe lena.—1 Tim. 6:10.
(2 Timothea 2:23) Ho ekelletsa moo, o hane ditsekisano tsa bowatla le tse hlokang tsebo, o tseba hore di hlahisa dintwa.
w14 7/15 14 ¶10
Batho ba Jehova ba Lahla ho se Loke
10 Kajeno, ha se hangata ho bang le bakwenehi ka phuthehong. Empa haeba re utlwa motho a bua dithuto tse sa thehwang mangolong ho sa tsotellehe hore na ke ka tsela efe, ho hang ha re a lokela ho mo mamela. E ka ba bowatla ho phehisana kgang le bakwenehi ebang ke ka ho bua le bona ka ho toba, ka ho araba melaetsa ya bona ya Inthanete kapa ka tsela le ha e le efe e nngwe. Esita le haeba o buisana le motho ya jwalo ka sepheo sa hore o batla ho mo thusa, ho etsa jwalo ho tla be ho le kgahlanong le keletso ya Mangolo eo re sa tswa e tshohla. Ho e na le hoo, jwalo ka bahlanka ba Jehova, re lahla bokwenehi le ho bo qoba ka ho feletseng.
Mmalo wa Bibele
(2 Timothea 1:1-18) Pauluse, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo ho ya ka tshepiso ya bophelo bo leng bonngweng le Kreste Jesu, 2 ho Timothea, ngwana ya ratwang: E se eka ho ka ba le mosa o sa tshwanelang, mohau, kgotso e tswang ho Modimo Ntate le Kreste Jesu Morena wa rona. 3 Ke leboha Modimo, eo ke mo etsetsang tshebeletso e halalelang jwalo ka ha baholoholo ba ka ba ile ba etsa mme e le ka letswalo le hlwekileng, hore ebe ha ho mohla ke phetsang ho o hopola dithapeding tsa ka, bosiu le motshehare 4 ke hlolohetswe ho o bona, ha ke hopola meokgo ya hao, e le hore nka tlala thabo. 5 Etswe ke hopola tumelo e ho wena e se nang boikaketsi le ha e le bofe, le e ileng ya dula pele ho nkgonao Loise le mmao Eunise, empa eo ke kgodisehileng hore le ho wena e teng. 6 Ka lebaka lena ke o hopotsa hore o fehle jwalo ka mollo mpho ya Modimo e ho wena ka peho ya matsoho a ka hodima hao. 7 Etswe Modimo ha a a re fa moya wa bokwala, empa o re file moya wa matla le wa lerato le wa ho hlaphohelwa kelellong. 8 Ka hona o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki bo mabapi le Morena wa rona, le ha e le ka nna motshwaruwa ka lebaka la hae, empa o be le karolo ho utlwisweng bohloko ke bobe bakeng sa ditaba tse molemo ho ya ka matla a Modimo. 9 O ile a re pholosa mme a re bitsa ka pitso e halalelang, eseng ka lebaka la mesebetsi ya rona, empa ka lebaka la morero le mosa wa hae o sa tshwanelang. Re ile ra fuwa sena mabapi le Kreste Jesu pele ho dinako tse tshwarellang halelele, 10 empa jwale se totobaditswe ka ho hlakileng ka ponahalo ya Mopholosi wa rona, Kreste Jesu, ya fedisitseng lefu ka ho feletseng empa a kgantshitse lesedi hodima bophelo le ho se bole ka ditaba tse molemo, 11 tseo ke ileng ka behwa mmoledi le moapostola le mosuwe bakeng sa tsona. 12 Ka lebaka lena ke boetse ke utlwiswa bohloko ke dintho tsena, empa ha ke dihlong. Etswe ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgodisehile hore o kgona ho lebela seo ke se behileng tlhokomelong ya hae ho fihlela ka letsatsi leo. 13 O nne o tshware mohlala wa mantswe a phedisang hantle ao o a utlwileng ho nna ka tumelo le lerato le mabapi le Kreste Jesu. 14 O lebele letlotlo lena le letle ka moya o halalelang o dulang ho rona. 15 O tseba sena, hore batho bohle seterekeng sa Asia ba mphuraletse. Figelase le Hermogenese ke ba palo eo. 16 E se eka Morena a ka neha ba ntlo ya Onesiforase mohau, hobane o ile a nkgatholla hangata, mme ha a a ka a hlajwa ke dihlong ka lebaka la diketane tsa ka. 17 Ho fapana le hoo, ha a le Roma, o ile a mpatla ka kgothalo a ba a mphumana. 18 E se eka Morena a ka mo neha hore a fumane mohau o tswang ho Jehova ka letsatsi leo. Ditshebeletso tsohle tseo a ileng a di etsa Efese o di tseba hantle haholo.
12-18 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | TITE 1–FILEMONE
“Baholo ba Kgethwa ka Tsela Efe?”
(Tite 1:5-9) Ke ka lebaka lena ke ileng ka o siya Kreta, e le hore o ka lokisa dintho tse neng di e na le moo di haellwang le hore o ka beha banna ba baholo motseng o mong ka mora o mong, jwalo ka ha ke ile ka o fa ditaelo; 6 haeba ho e na le monna le ha e le ofe eo ho seng seo a qoswang ka sona, monna wa mosadi a le mong, ya nang le bana ba dumelang ba sa qosweng ka ho inehella ditakatso tsa nama kapa ho se laolehe. 7 Etswe molebedi o lokela hore a se ke a ba le seo a qoswang ka sona jwalo ka motsamaisi wa tsa Modimo, e se ke ya e ba ya ngangellang thato ya hae, e se ke ya e ba ya ratang ho halefa, e se ke ya e ba ya dikomang tsa botahwa, e se ke ya e ba ya otlang, e se ke ya e ba ya meharo ya leruo la ho se tshepahale, 8 empa e be ya amohelang baeti, ya ratang molemo, ya hlaphohetsweng kelellong, ya lokileng, ya tshepahalang, ya itshwarang, 9 ya tshwarellang ka tiyo lentsweng le tshepahalang mabapi le tsebo ya hae ya ho ruta, e le hore a ka kgona ho eletsa ka thuto e phedisang hantle ha mmoho le ho kgalemela ba hanyetsang.
w14 11/15 28-29
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Le hoja Mangolo a sa qaqise hore na ba ne ba ba kgetha jwang mehleng eo, a re fa lesedi la se neng se etsahala. A re bolella hore ha Pauluse le Barnabase ba kgutla leetong la bona la pele la boromuwa, ba ile “ba beha banna ba baholo bakeng sa bona phuthehong e nngwe le e nngwe mme, ha ba etsa thapelo ka ho itima dijo, ba ba beha ho Jehova eo ba neng ba dumetse ho yena.” (Liketso 14:23) Dilemo hamorao, Pauluse o ile a ngolla Tite ya neng a tsamaya le yena mosebetsing wa boromuwa a re: ‘Ke o siile Kreta, e le hore o ka lokisa dintho tse neng di e na le moo di haellwang le hore o ka beha banna ba baholo motseng o mong ka mora o mong, jwalo ka ha ke ile ka o fa ditaelo.’ (Tite 1:5) Ho bonahala eka Timothea ya neng a atisa ho tsamaya le moapostola Pauluse le yena o ne a filwe boikarabelo bo tshwanang. (1 Tim. 5:22) Ka hona ho hlakile hore banna bana ba ne ba kgethwa ke balebedi ba tsamayang, eseng ke baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema.
Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova se ile sa nahana ka mohlala ona o ka Bibeleng mme sa etsa diphetoho tseleng eo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba kgethwang ka yona. Ho tloha ka la 1 September 2014, ba se ba kgethwa ka tsela e latelang: Molebedi wa potoloho o hlahloba ka hloko dipuello tse entsweng potolohong ya hae. Ha a etetse phutheho, o tla leka ho tseba barababo rona ba buellwang, a sebetse le bona tshimong haeba ho kgoneha. Ka mora hore a buisane le sehlopha sa baholo ka dipuello tseo ba di entseng, ke boikarabelo ba molebedi wa potoloho hore a kgethe baholo le bahlanka ba sebeletsang potolohong ya hae. Ka tsela ena, dintho di tla etswa ka tsela e batlang e tshwana le ya mehleng ya baapostola.
Boikarabelo bo mahetleng a mang? “Lekgoba le tshepahalang le le masene” ke lona le nang le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho fepa bahlanka ba ntlo. (Mat. 24:45-47) E le hore le ka fana ka tataiso e thehilweng melaomotheong ya Bibele e amanang le ka moo phutheho ya lefatshe lohle e lokelang ho tsamaiswa ka teng, le batlisisa Mangolo ebile le thuswa ke moya o halalelang. Lekgoba le tshepahalang le boetse le kgetha balebedi ba tsamayang le ditho tsa Komiti ya Lekala. Ofisi ya lekala yona e thusa hore ho latelwe tataiso e fanweng. Sehlopha sa baholo se lokela ho hlahlobisisa ditshwaneleho tsa Mangolo tsa barababo rona bao se ba buellang ho sebeletsa ka phuthehong ya Modimo. Molebedi wa potoloho o na le boikarabelo bo tebileng ba ho nahanisisa ka thapelo dipuello tse entsweng ke baholo ebe o kgetha barababo rona ba tshwanelehang.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Tite 1:12) E mong wa bona, moprofeta wa bona, o ile a re: “Bakreta ka mehla ba leshano, ke dibata tse kotsi, menyollo e hlokang mosebetsi.”
w89 5/15 31 ¶5
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Ho hang o ne a sa dumellane le polelo efe kapa efe e mpe ya morabe e kgahlanong le Bakreta. Re ka kgodiseha ka seo, hobane Pauluse o ne a tseba hore Kreta ho na le Bakreste ba molemo bao Modimo a ba amohetseng le ho ba tlotsa ka moya wa Hae o halalelang. (Liketso 2:5, 11, 33) Ho ne ho e na le Bakreste ba inehetseng ba lekaneng ho etsa diphutheho “motseng o mong ka mora o mong.” Le hoja Bakreste ba jwalo e ne e se batho ba phethahetseng, re ka kgodiseha hore e ne e se batho ba leshano, ba menyollo ebile ba le botswa; ho seng jwalo ba ne ba ke ke ba tswela pele ba amohelwa ke Jehova. (Bafilipi 3:18, 19; Tšenolo 21:8) Mme jwalo ka ha re fumana ditjhabeng tsohle kajeno, e ka nna yaba ho ne ho e na le batho ba dipelo di tshepahalang Kreta ba neng ba utlwisitswe bohloko ke taba ya hore melao ya boitshwaro e ne e fokola mme ba ne ba itokiseditse ho arabela molaetsa wa Bokreste.—Ezekiele 9:4; Bapisa Liketso 13:48.
(Filemone 15, 16) Mohlomong ka lebaka lena o ile a tloha ka hora e le nngwe, e le hore o ka boela wa ba le yena ka ho sa feleng, 16 e se e se lekgoba empa e le ya fetang lekgoba, e le morabo rona ya ratwang, ho le jwalo haholoholo ho nna, empa le ha ho le jwalo ho le jwalo hakaakang ho wena kamanong ya nama ha mmoho le Moreneng.
w08 10/15 31 ¶4
Dintlhakgolo Tsa Mangolo a Yang ho Tite, ho Filemone le ho Baheberu
15, 16—Ke hobaneng ha Pauluse a sa ka a kopa Filemone hore a lokolle Onesimase? Pauluse o ne a batla ho shebana feela le mosebetsi wa hae wa ho ‘bolela ka mmuso wa Modimo le ho ruta dintho tse malebana le Morena Jesu Kreste.’ Ka hoo, ha a a ka a rata ho itshunyatshunya ditabeng tsa setjhaba tse kang tse mabapi le bokgoba.—Liketso 28:31.
Mmalo wa Bibele
(Tite 3:1-15) Tswela pele ho ba hopotsa ho ipeha tlase le ho mamela mebuso le balaodi jwalo ka babusi, ho lokela mosebetsi o mong le o mong o molemo, 2 ho se eo ba mo buang hampe, ho se rate ntwa, ho ba le kahlolo e molemo, ho bontsha bonolo bohle ho batho bohle. 3 Etswe le rona re kile ra ba ba se nang kelello, ba sa mameleng, re kgeloswa, re le makgoba a ditakatso tse sa tshwaneng le menyaka e sa tshwaneng, re tswela pele ka bobe le mohono, re nyonyeha, re hloyane. 4 Le ha ho le jwalo, ha Mopholosi wa rona Modimo a bonahatsa mosa le lerato bakeng sa motho, 5 e se ka lebaka la mesebetsi ya ho loka eo re neng re e entse, empa ho ya ka mohau wa hae, o ile a re pholosa ka ho hlatswa ho ileng ha re tlisa bophelong le ka ho re etsa ba batjha ka moya o halalelang. 6 O ile a tshollela moya ona hodima rona ka ho enneng ka Jesu Kreste Mopholosi wa rona, 7 e le hore, ka mora hore ho bolelwe hore re lokile ka lebaka la mosa o sa tshwanelang wa hae, re ka ba majalefa ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng. 8 Polelo ena ya tshepahala, mme malebana le dintho tsena ke lakatsa hore ka mehla o bue dipolelo tse tiiswang ka matla, e le hore ba dumetseng Modimo ba ka boloka dikelello tsa bona ho ntshetseng pele mesebetsi e metle. Dintho tsena di ntle mme di molemo ho batho. 9 Empa o sesefe ditsekisano tsa bowatla le maloko le ho qabana le dintwa mabapi le Molao, ka ha ha di ruise molemo mme ke tsa lefeela. 10 Ha e le motho ya ntshetsang pele lequlwana, o mo lahle ka mora keletso ya pele le ya bobedi; 11 o tsebe hore motho ya jwalo o se a ntshitswe tseleng hape o etsa sebe, ka hona wa ikahlola. 12 Ha ke romela Artemase kapa Tykikase ho wena, o etse sohle se matleng a hao hore o tle ho nna Nikopodise, ka ha ke moo ke entseng qeto ya ho hlola mariha teng. 13 Ka hloko o fe Zenase, ya rutehileng Molaong, le Apolose dintho tse hlokahalang bakeng sa leeto la bona, e le hore ba se ke ba haellwa ke letho. 14 Empa batho ba habo rona le bona ba ke ba ithute ho tswela pele ka mesebetsi e metle e le hore ba hlokomele ditlhoko tsa bona tse batlang tlhokomelo e potlakileng, e le hore e se ke ya eba ba sa beheng. 15 Bohle ba nang le nna ba o romela ditumediso. Ntumedisetse ba re ratang tumelong. E se eka mosa o sa tshwanelang o ka ba le lona kaofela.
19-25 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAHEBERU 1–3
“Rata ho Loka Mme o Hloye Tlolo ya Molao”
(Baheberu 1:8) Empa mabapi le Mora o re: “Modimo ke terone ya hao ka ho sa feleng le ka mehla, mme lere la borena la mmuso wa hao ke lere la borena la ho loka.
w14 2/15 5 ¶8
Tlotlisang Kreste, Morena ya Kganyang
8 Jehova o ile a hlomamisa Mora wa hae e le Morena wa Bomesia lehodimong ka 1914. ‘Lere la borena ba hae ke lere la borena la ho loka,’ ka hoo jwang kapa jwang o tla busa ka ho loka le ka toka. O na le matla a loketseng a ho laola, ka ha ‘Modimo ke terone ya hae.’ Seo se bolela hore Jehova ke mohlodi wa matla a hae a borena. Ho feta moo, terone ya Jesu e tla ba teng “ho isa nakong e sa lekanyetswang.” Na ha o motlotlo ho sebeletsa Jehova tlasa Morena ya matla jwalo ya kgethilweng ke Modimo?
(Baheberu 1:9) O ratile ho loka, mme o hloile tlolo ya molao. Ke ka lebaka leo Modimo, Modimo wa hao, a o tlotsitseng ka oli ya thabo e kgaphatsehang ho feta balekane ba hao.”
w14 2/15 4-5 ¶7
Tlotlisang Kreste, Morena ya Kganyang
7 Bala Pesaleme ya 45:6, 7. Ka ha Jesu o rata ho loka ka tiyo ebile o hloile ntho le ha e le efe e ka nnang ya hlompholla Ntate wa hae, Jehova o ile a mo tlotsa hore e be Morena wa Mmuso wa Bomesia. Jesu o ile a tlotswa ka “oli ya thabo” ho feta “balekane” ba hae, ke hore marena a Juda a lesika la Davida. Ka tsela efe? Hara tse ding, Jesu o ile a tlotswa ke Jehova ka seqo. Ho feta moo, Jehova o ile a mo tlotsa hore e be Morena le Moprista ya Phahameng. (Pes. 2:2; Baheb. 5:5, 6) Ho phaella moo, Jesu o ile a tlotswa ka moya o halalelang eseng ka oli, mme borena ba hae ke ba lehodimong ha se ba lefatsheng.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Baheberu 1:3) Ke ponahatso ya kganya ya hae le setshwantsho se nepahetseng hantle sa boleng ba hae, mme o boloka dintho tsohle ka lentswe la matla a hae; ka mora hore a etse tlhwekiso bakeng sa dibe tsa rona o ile a dula ka letsohong le letona la Ya Boholo bo Hlomphehang dibakeng tse phahameng.
it-1-E 1185 ¶1
Setshwantsho
Na Jesu ka mehla o ne a bonahatsa botho ba Ntate wa hae ka ho feletseng?
Jesu e leng Mora wa Modimo wa letsibolo eo hamorao e ileng ya eba motho ke setshwantsho sa Ntate wa hae. (2Ko 4:4) Ho hlakile hore Modimo o ne a bua le Mora ha a re, “A re etse motho ka setshwantsho sa rona,” Mora o ile a tshwana le Ntate wa hae, e leng Mmopi ho tloha feela ha Mora a boptjwa. (Ge 1:26; Joh 1:1-3; Kol 1:15, 16) Ha a le lefatsheng e le motho ya phethahetseng, o ile a bonahatsa makgabane le botho ba Ntate wa hae ka ho feletseng, ho feta ka moo batho ba neng ba ka kgona ka teng, ke ka hoo a ileng a re “ya mponeng o bone le Ntate.” (Joh 14:9; 5:17, 19, 30, 36; 8:28, 38, 42) Le ha ho le jwalo, ho ile ha totobala le ho feta hore Jesu o tshwana le Ntate wa hae ha a ne a tsoswa ho ya phela lehodimong le ha a ne a fuwa “matla wohle lehodimong le lefatsheng” ke Ntate wa hae e leng Jehova Modimo. (1Pe 3:18; Mat 28:18) Ho tloha ha Modimo a phahamisetsa Jesu “boemong bo phahameng,” hona jwale Mora wa Modimo o bonahatsa kganya ya Ntate wa hae ka ho feletseng ho feta ha a ne a tloha lehodimong a tla lefatsheng. (Fil 2:9; Heb 2:9) Hona jwale ke “setshwantsho se nepahetseng hantle sa boleng ba [Modimo].”—Heb 1:2-4.
(Baheberu 1:10-12) Hape o re: “Morena, tshimolohong o ile wa rala metheo ya lefatshe, mme mahodimo ke mesebetsi ya matsoho a hao. 11 Di tla timela, empa o tla nne o be teng ka ho tswelang pele; feela jwalo ka seaparo sa ka ntle di tla tsofala kaofela, 12 mme o tla di phutha feela jwalo ka seaparo sa ka hodimo, jwalo ka seaparo sa ka ntle; di tla fetoha, empa wena o ya tshwanang, mme dilemo tsa hao di ke ke tsa fela le ka mohla.”
it-1-E 1063 ¶7
Lehodimo
Mantswe a ho Pesaleme ya 102:25, 26 a bua ka Jehova Modimo empa moapostola Pauluse o ile a a qotsa ha a bua ka Jesu Kreste. Lebaka ke hobane Mora wa Modimo ya tswetsweng a nnotshi e ne e le Moemedi wa Modimo ha ho boptjwa popo yohle. Pauluse o bapisa ho ba teng ha Mora ka ho sa feleng le popo, eo Modimo a neng a ka e “phutha feela jwalo ka seaparo sa ka hodimo” mme a e behella ka thoko.—Heb 1:1, 2, 8, 10-12; bapisa le 1Pe 2:3.
Mmalo wa Bibele
(Baheberu 1:1-14) Modimo, eo kgale a ileng a bua ka makgetlo a mangata le ka ditsela tse ngata le baholoholo ba rona ka baprofeta, 2 bofelong ba matsatsi ana o buile le rona ka Mora, eo a ileng a mo beha hore e be mojalefa wa dintho tsohle, le eo ka yena a ileng a etsa ditsamaiso tsa dintho. 3 Ke ponahatso ya kganya ya hae le setshwantsho se nepahetseng hantle sa boleng ba hae, mme o boloka dintho tsohle ka lentswe la matla a hae; ka mora hore a etse tlhwekiso bakeng sa dibe tsa rona o ile a dula ka letsohong le letona la Ya Boholo bo Hlomphehang dibakeng tse phahameng. 4 Ka hoo o fetohile ya molemo ho feta mangeloi, ho isa tekanyong eo ho yona a ruileng lebitso le kgabane ho feta a wona. 5 Ka mohlala, ke ho lefe la mangeloi a kileng a re: “O mora wa ka; nna, kajeno, ke bile ntatao”? Hape: “Ke tla ba ntatae, mme e tla ba mora wa ka”? 6 Empa ha a boetse a tlisa Letsibolo la hae lefatsheng leo ho ahilweng ho lona, o re: “Mangeloi ohle a Modimo a ke a le inamele.” 7 Hape, mabapi le mangeloi o re: “O etsa mangeloi a hae meya, le bahlanka ba hae ba setjhaba o ba etsa lelakabe la mollo.” 8 Empa mabapi le Mora o re: “Modimo ke terone ya hao ka ho sa feleng le ka mehla, mme lere la borena la mmuso wa hao ke lere la borena la ho loka. 9 O ratile ho loka, mme o hloile tlolo ya molao. Ke ka lebaka leo Modimo, Modimo wa hao, a o tlotsitseng ka oli ya thabo e kgaphatsehang ho feta balekane ba hao.” 10 Hape o re: “Morena, tshimolohong o ile wa rala metheo ya lefatshe, mme mahodimo ke mesebetsi ya matsoho a hao. 11 Di tla timela, empa o tla nne o be teng ka ho tswelang pele; feela jwalo ka seaparo sa ka ntle di tla tsofala kaofela, 12 mme o tla di phutha feela jwalo ka seaparo sa ka hodimo, jwalo ka seaparo sa ka ntle; di tla fetoha, empa wena o ya tshwanang, mme dilemo tsa hao di ke ke tsa fela le ka mohla.” 13 Empa ke mabapi le lefe la mangeloi a kileng a re: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke beha dira tsa hao jwalo ka setulwana sa maoto a hao”? 14 Na kaofela ha se meya bakeng sa tshebeletso ya setjhaba, e rometsweng ho sebeletsa ba tla rua poloko?
26 AUGUST–1SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAHEBERU 4-6
“Etsa Sohle se Matleng a Hao ho Kena Phomolong ya Modimo”
(Baheberu 4:1) Ka hona, ka ha ho siilwe tshepiso ya ho kena phomolong ya hae, a re tshabeng hore ka nako e nngwe e mong wa lona a ka bonahala a haeletswe ke yona.
(Baheberu 4:4) Etswe sebakeng se seng o buile ka letsatsi la bosupa ka tsela e latelang: “Modimo o ile a phomola ka letsatsi la bosupa mesebetsing yohle ya hae,”
w11 7/15 24-25 ¶3-5
Phomolo ya Modimo ke Eng?
3 Ho na le mabaka a mabedi a etsang hore re fihlele qeto ya hore letsatsi la bosupa le ne le ntse le tswela pele lekgolong la pele la dilemo C.E. La pele, hlokomela mantswe ao Jesu a ileng a a bua ho bahanyetsi ba neng ba mo nyatsa ha a phekola ka Sabatha, ka ha ba ne ba nka hore wa sebetsa ka ho etsa jwalo. Morena o ile a re ho bona: “Ntate o nnile a tswela pele ho sebetsa ho fihlela jwale, le nna ke tswela pele ho sebetsa.” (Joh. 5:16, 17) O ne a bolelang? Jesu o ne a qoswa ka hore o sebetsa ka Sabatha. O ile a araba qoso ya bona ka ho re: “Ntate o nnile a tswela pele ho sebetsa.” Ha e le hantle Jesu o ne a re ho batho bana ba mo nyatsang: ‘Nna le Ntate re etsa mosebetsi o tshwanang. Ka ha Ntate o nnile a tswela pele ho sebetsa nakong ena yohle ya Sabatha ya hae ya dilemo tse dikete, ke ho loketseng ka ho feletseng hore le nna ke nne ke tswele pele ho sebetsa, esita le ka Sabatha.’ Ka hoo, Jesu o ne a bolela hore mabapi le lefatshe, letsatsi la Modimo le leholo la Sabatha, e leng letsatsi la bosupa, le ne le eso fele ha a sa le lefatsheng.
4 Lebaka la bobedi le etsang hore re fihlele qeto eo ke seo moapostola Pauluse a se buang. Ha a ne a qotsa Genese 2:2 mabapi le phomolo ya Modimo, Pauluse o ile a budulelwa hore a ngole mantswe a latelang: “Rona ba bontshitseng tumelo re hlile re kena phomolong eo.” (Baheb. 4:3, 4, 6, 9) Ka hoo letsatsi la bosupa le ne le ntse le tswela pele mehleng ya Pauluse. Letsatsi leo la phomolo le ne le lokela ho tswela pele halelele hakae?
5 E le hore re arabe potso eo, re lokela ho hopola morero wa letsatsi la bosupa. Genese 2:3 e re hlalosetsa hore na morero oo ke ofe ha e re: “Modimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa mme a le halaletsa.” Jehova o ile a “halaletsa” letsatsi leo, a le kgetha e le hore a phethe morero wa hae. Morero oo ke hore lefatshe le ahwe ke banna le basadi ba ikokobeditseng ba tla le hlokomela ba be ba hlokomele le dintho tsohle tse phelang ho lona. (Gen. 1:28) Jehova Modimo le Jesu Kreste, “Morena wa sabatha,” ba nnile ba “tswela pele ho sebetsa ho fihlela jwale,” e le hore ba phethe morero oo. (Mat. 12:8) Letsatsi la Modimo la phomolo le tla tswela pele ho fihlela morero wa hae mabapi le lona o phethahetse ka botlalo qetellong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete.
(Baheberu 4:6) Ka hona, ka ha ho setse hore ba bang ba kene ho yona, mme bao ditaba tse molemo di ileng tsa bolelwa ho bona pele ha ba a a ka ba kena ka lebaka la ho se mamele,
w11 7/15 25 ¶6
Phomolo ya Modimo ke Eng?
6 Adama le Eva ba ile ba hlalosetswa morero wa Modimo ka ho hlaka, empa ha ba a a ka ba iphaphatha le ona. Ha e le hantle, Adama le Eva ke bona batho ba pele ba sa kang ba mamela. Ka mora moo ba bang ba dimilione ba ile ba latela. Esita le batho bao Modimo a neng a ba kgethile, e leng setjhaba sa Iseraele, ba ile ba tlwaela ho se mamele. Ka hoo, ke habohlokwa hore ebe Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo hore esita le ba bang ho bona ba ne ba ka wela lerabeng lona leo Baiseraele ba boholoholo ba wetseng ho lona. O ile a re: “A re etseng sohle se matleng a rona ho kena phomolong eo, esere le ha e le mang a wela mohlaleng o tshwanang wa ho se mamele.” (Baheb. 4:11) Hlokomela hore Pauluse o amahanya ho se mamele le ho hloleha ho kena phomolong ya Modimo. Seo se bolelang ho rona? Haeba re ne re ka ba kgahlanong le morero wa Modimo ka tsela e itseng, na re ne re ka ipeha kotsing ya hore re se ke ra kena phomolong ya Modimo? Ho hlakile hore karabo ya potso eo ke ya bohlokwa haholo ho rona, mme re tla tswela pele ho e tshohla. Le ha ho le jwalo, mothating ona a re boneng hore na ke eng hape eo re ka ithutang yona mabapi le ho kena phomolong ya Modimo ka hore re hlahlobe mohlala o mobe wa Baiseraele.
(Baheberu 4:9-11) Ka hoo ho setse phomolo ya sabatha bakeng sa batho ba Modimo. 10 Etswe motho ya keneng phomolong ya Modimo le yena o phomotse mesebetsing ya hae, feela jwalo ka ha Modimo a ile a phomola ho ya hae. 11 Ka hona a re etseng sohle se matleng a rona ho kena phomolong eo, esere le ha e le mang a wela mohlaleng o tshwanang wa ho se mamele.
w11 7/15 28 ¶16-17
Phomolo ya Modimo ke Eng?
16 Kajeno ha ho le ya mong hara rona ya ka tsitlellang hore Bakreste ba lokela ho boloka Molao wa Moshe e le hore ba pholohe. Mantswe a Pauluse a buduletsweng a yang ho Baefese a hlakile ka ho feletseng. O itse: “Ka mosa ona o sa tshwanelang, le pholositswe ka tumelo; mme sena ha se ka lebaka la lona, ke mpho ya Modimo. Tjhe, ha se ka lebaka la mesebetsi, e le hore ho se ke ha eba le motho ya ka bang le lebaka la ho ithorisa.” (Baef. 2:8, 9) Jwale ho bolelang hore Bakreste ba kene phomolong ya Modimo? Jehova o ile a behella letsatsi la bosupa ka thoko e leng letsatsi la hae la phomolo, e le hore a phethahatse morero wa hae o mabapi le lefatshe ka tsela e ikgethang. Re ka kena phomolong ya Jehova kapa ra kena le yena phomolong ya hae ka hore ka boikokobetso re iphaphathe le morero wa hae o tswelang pele jwalo ka ha mokgatlo wa hae o ntse o re senolela wona.
17 Ka lehlakoreng le leng, haeba re nyenyefatsa keletso e thehilweng Bibeleng eo re e fuwang ke sehlopha sa lekgoba le tshepahalang le le masene, mme re ikgethela ho mamela feela seo re nahanang hore ke sa bohlokwa, re tla be re etsa dintho tse kgahlanong le morero wa Modimo o ntseng o senolwa. Sena se ka senya kamano ya rona e ntle le Jehova. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba maemo a seng makae a tlwaelehileng a ka amang batho ba Modimo re be re tshohle ka moo diqeto tseo re di etsang, ebang ke tsa hore re mamele kapa re itaole, di ka bontshang hore na re fela re kene phomolong ya Modimo kapa tjhe.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Baheberu 4:12) Etswe lentswe la Modimo le a phela mme le fana ka matla mme le bohale ho feta sabole le ha e le efe e sehang ka nqa tse pedi mme le phunyeletsa esita le ho ya fihla moo ho arohanang moya le boikutlo, le manonyello le moko wa wona, mme le kgona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.
w16.09 13
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
“Lentswe la Modimo” leo Baheberu 4:12 e reng “le a phela mme le fana ka matla” ke eng?
▪ Ditemana tse potolohileng temana ena di bontsha hore moapostola Pauluse o ne a bua ka molaetsa kapa dipolelo tse hlalosang morero wa Modimo.
Baheberu 4:12 e atisa ho qotswa dingolwa tsa rona ho bontsha hore Bibele e na le matla a ho fetola bophelo ba batho, mme ho loketse ho e sebedisa ka tsela eo. Empa ho ka ba molemo hore re hlahlobe moelelo wa taba o potolohileng Baheberu 4:12. Pauluse o ne a kgothalletsa Bakreste ba Baheberu hore ba tsamaisane le morero wa Modimo. O ne o boletswe ka mangolong a halalelang. Pauluse o ile a etsa mohlala ka ho lopollwa ha Baiseraele Egepeta. Ba ne ba e na le monyetla wa ho kena naheng e tshepisitsweng “e phallang lebese le mahe a dinotshi,” moo ba neng ba ka fumana phomolo ya sebele teng.—Ex. 3:8; Deut. 12:9, 10.
Oo e ne e le morero wa Modimo. Le ha ho le jwalo, Baiseraele ba ile ba ithatafatsa dipelo mme ba bontsha ho hloka tumelo, ka hoo ba bangata ba hloleha ho kena phomolong eo. (Num. 14:30; Josh. 14:6-10) Empa Pauluse o ile a phaella ka hore ho ntse ho e na le “tshepiso ya ho kena phomolong” ya Modimo. (Baheb. 3:16-19; 4:1) Ho hlakile hore “tshepiso” eo ke karolo ya morero wa Modimo. Le rona ho tshwana le Bakreste bao ba Baheberu re ka bala ka morero oo le ho tsamaisana le wona. Ho bontsha hore tshepiso ena e thehilwe ka Mangolong, Pauluse o ile a qotsa Genese 2:2 le Pesaleme ya 95:11.
Taba ya hore Modimo o ntse a re ‘tshepisa ho kena phomolong ya hae,’ ka sebele e lokela ho re ama. Re lebelletse ho kena phomolong ya Modimo jwalo ka ha Bibele e tshepisa, mme re se re nkile mehato ya ho kena. Ha re leke ho kgahla Jehova ka ho mamela Molao wa Moshe kapa ka ho etsa mesebetsi e itseng. Ho e na le hoo, ka tumelo re tsamaisana le morero wa Modimo o senotsweng. Ho ekelletsa moo, jwalo ka ha ho boletswe ka hodimo, batho ba dikete lefatsheng ka bophara ba se ba qadile ho ithuta Bibele le morero wa Modimo. Sena se susumelleditse ba bangata hore ba etse diphetoho bophelong, ba bontshe tumelo, mme ba kolobetswe. Bona ke bopaki bo hlakileng ba hore “lentswe la Modimo le a phela mme le fana ka matla.” Morero wa Modimo o hlalositsweng ka Bibeleng o ama tsela eo re phelang ka yona, mme o tla tswela pele ho re matlafatsa.
(Baheberu 6:17, 18) Ka mokgwa ona, ha Modimo a rera ho bontsha majalefa a tshepiso ka ho eketsehileng haholo ho se fetohe ha morero wa hae, o ile a kenella ka kano, 18 e le hore, ka dintho tse pedi tse sa fetoheng tseo ho tsona e leng ho ke keng ha kgoneha hore Modimo a bue leshano, rona ba balehetseng setshabelong re ka ba le kgothatso e matla ya ho tshwarella tshepong e behilweng ka pela rona.
it-1-E 1139 ¶2
Tshepo
Tshepo ena ya bophelo bo sa feleng le ya ho se bole bakeng sa “ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo” (Heb 3:1) ke ya sebele ebile re ka e tshepa. E tiiswa ke ntho tse pedi tseo Modimo a ke keng a bua leshano ho tsona, e leng tshepiso ya hae le kano ya hae, mme tshepo e ho Kreste, eo hona jwale a nang le ho shwe mahodimong. Ka hoo tshepo ena ho bua ka yona “e le ankora bakeng sa moya, e le ya nnete mme e le e tiileng, mme e kena ka lesireng, [jwalo ka moprista ya phahameng ya kenang Sehalaledisisong ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe] moo Jesu, pulamadiboho a keneng molemong wa rona, eo e bileng moprista ya phahameng ho ya ka mokgwa wa Melkizedeke ka ho sa feleng.”—Heb 6:17-20.
Mmalo wa Bibele
(Baheberu 5:1-14) Etswe moprista e mong le e mong ya phahameng ya nkwang hara batho o behwa molemong wa batho hore a okamele dintho tse amanang le Modimo, e le hore a ka nyehela dimpho le mahlabelo bakeng sa dibe. 2 O kgona ho sebetsana ka mokgwa o itekanetseng le ba hlokang tsebo le ba fosang ka ha le yena o potapotilwe ke bofokodi ba hae, 3 mme ka lebaka la bona o tlameha ho etsa dinyehelo bakeng sa dibe tsa hae jwalo ka ha a etsa bakeng sa dibe tsa setjhaba. 4 Hape, motho o nka tlhompho ena, eseng ka ho rata ha hae, empa feela ha a bitswa ke Modimo, feela jwalo ka ha Arone le yena a ile a bitswa. 5 Ka ho tshwanang Kreste ha a a ka a itlotlisa ka ho fetoha moprista ya phahameng, empa o ile a tlotliswa ke ya ileng a bua mabapi le yena: “O mora wa ka; nna, kajeno, ke bile ntatao.” 6 Feela jwalo ka ha a boetse a re sebakeng se seng: “O moprista ka ho sa feleng ho ya ka mokgwa wa Melkizedeke.” 7 Matsatsing a nama ya hae [Kreste] o ile a nyehela dithapedi le dikopo tse matla ho Ya neng a kgona ho mo pholosa hore a tswe lefung, ka mehoo e matla le meokgo, mme a utluwa ka mokgwa o amohelehang ka lebaka la tshabo ya hae ya bomodimo. 8 Le hoja e ne e le Mora, o ile a ithuta ho mamela dinthong tseo a ileng a utlwiswa bohloko ke tsona; 9 mme ka mora hore a etswe ya phethahetseng a fetoha ya ikarabellang bakeng sa poloko e sa feleng ho bohle ba mo mamelang, 10 hobane o bitsitswe ke Modimo ka ho kgetheha hore ke moprista ya phahameng ho ya ka mokgwa wa Melkizedeke. 11 Malebana le yena re na le ho hongata hoo re ka ho buang le ho leng thata ho hlaloswa, ka ha le fetohile ba thotofetseng ho utlweng ha lona. 12 Etswe, ka sebele, le hoja le tshwanetse hore ebe le mesuwe ka lebaka la nako, le boetse le hloka e mong hore a le rute ho tloha tshimolohong dintho tsa motheo tsa diphatlalatso tse halalelang tsa Modimo; le fetohile ba tshwanang le ba hlokang lebese, eseng dijo tse tiileng. 13 Etswe e mong le e mong ya nwang lebese ha a a tlwaelana le lentswe la ho loka, ka ha ke ngwana. 14 Empa dijo tse tiileng ke tsa batho ba hodileng ka ho feletseng, tsa bao ka tshebediso, matla a bona a ho lemoha a kwetliseditsweng ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.