PHELA JWALO KA MOKRESTE
Boitshwaro bo Hlwekileng le Tlhompho e Tebileng di ka Etsa Hore Motho a Amohele Nnete
Hangata boitshwaro bo botle ba basadi ba Bakreste bo etsa hore banna ba bona ba amohele nnete. Le ha ho le jwalo, sena se ka hloka hore motho a mamelle mathata ka dilemo tse ngata. (1 Pet. 2:21-23; 3:1, 2) Haeba o sa tshwarwe ka toka, o nne o hlole bobe ka botle. (Bar. 12:21) Mohlomong monna wa hao a ke ke a mamela seo o se buang ka Jehova empa ha a hlokomela mohlala wa hao o motle, a ka nna a fetola tsela eo a ikutlwang ka yona ka nnete.
Leka ho sheba dintho ka tsela eo monna wa hao a di shebang ka yona. (Bafil. 2:3, 4) Mo bontshe kutlwelo bohloko le qenehelo, mme o leke ka hohle ho phetha boikarabelo ba hao ka tlhompho. Mo mamele ka hloko. (Jak. 1:19) E ba le mamello mme o tiisetse molekane wa hao hore o a mo rata. Le haeba molekane wa hao a sa o bontshe mosa le tlhompho ka tsela tshwanang, o ka kgodiseha hore Jehova o ananela botshepehi ba hao.—1 Pet. 2:19, 20.
SHEBELLA VIDEO E RENG JEHOVA O RE THUSA HO MAMELLA MATHATA A RONA, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Bophelo ba Grace bo ne bo le jwang ha a qeta ho nyalwa?
Ke eng e ileng ya etsa hore a batle ho ithuta Bibele?
Moradiwabo rona Li o ile a mamella mathata jwang ka mora hore a kolobetswe?
Moradiwabo rona Li o ile a rapella eng mabapi le monna wa hae?
Moradiwabo rona Li o ile a fumana ditlhohonolofatso dife ka lebaka la boitshwaro ba hae bo hlwekileng le tlhompho e tebileng?
Boitshwaro bo hlwekileng le tlhompho e tebileng di na le matla.