LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr19 October maq. 1-9
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2019)
  • Dihloohwana
  • 7-13 OCTOBER
  • 14-20 OCTOBER
  • 21-27 OCTOBER
  • 28 OCTOBER–3 NOVEMBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2019)
mwbr19 October maq. 1-9

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

7-13 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JAKOBO 3-5

“Bontsha Bohlale bo Tswang ho Modimo”

(Jakobo 3:​17) Empa bohlale bo tswang hodimo pele ho tsohle bo hlwekile, hape bo na le kgotso, kahlolo e molemo, bo itokiseditse ho mamela, bo tletse mohau le ditholwana tse molemo, ha bo kgetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.

cl 221-222 ¶9-10

Na “Bohlale bo Tswang Hodimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?

9 “Pele ho tsohle bo hlwekile.” Ho hlweka ho bolela ho se be le sekodi le ho se silafale eseng feela ponahalong ya ka ntle empa le ka hare. Bibele e amahanya bohlale le pelo, empa bohlale ba lehodimo bo ke ke ba kena pelong e silafaditsweng ke mehopolo, ditakatso le ditshusumetso tse kgopo. (Liproverbia 2:10; Matheu 15:19, 20) Le ha ho le jwalo, haeba dipelo tsa rona di hlwekile ke hore, ho isa boholeng boo ho bona batho ba sa phethahalang ba ka kgonang, re tla “furalla se sebe mme [re] etse se molemo.” (Pesaleme ya 37:27; Liproverbia 3:7) Na ha se ho loketseng hore ebe bohlweki ke e nngwe ya makgabane a pele a bohlale a thathamisitsweng? Etswe haeba re sa hlweka boitshwarong le moyeng, re ka bonahatsa makgabane a mang a bohlale bo tswang hodimo ka tiyo jwang?

10 “Hape bo na le kgotso.” Bohlale ba lehodimo bo re susumelletsa ho phehella kgotso, e leng tholwana ya moya wa Modimo. (Bagalata 5:22) Re leka ka matla ho qoba ho senya ‘tlamo ya kgotso’ e kopanyang batho ba Jehova. (Baefese 4:3) Re boetse re etsa sohle se matleng a rona ho tsosolosa kgotso ha e dukehile. Ke hobaneng ha see e le sa bohlokwa? Bibele e re: “Le tswele pele . . . ho phela ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona.” (2 Bakorinthe 13:11) Ka hoo ha feela re ntse re phela ka kgotso, Modimo wa kgotso o tla ba le rona. Tsela eo re tshwarang barapedimmoho le rona ka yona e ama kamano ya rona le Jehova ka ho toba. Re ka iponahatsa re le batho ba nang le kgotso jwang? Nahana ka mohlala ona.

(Jakobo 3:17) Empa bohlale bo tswang hodimo pele ho tsohle bo hlwekile, hape bo na le kgotso, kahlolo e molemo, bo itokiseditse ho mamela, bo tletse mohau le ditholwana tse molemo, ha bo kgetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.

cl 223-224 ¶12

Na “Bohlale bo Tswang Hodimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?

12 ‘Bo na le kahlolo e molemo.’ Ho ba le kahlolo e molemo ho bolelang? Ho latela ditsebi, ho thata ho fetolela lentswe la qalong la Segerike le fetoletsweng e le ‘ho ba le kahlolo e molemo’ ho Jakobo 3:​17. Bafetoledi ba bang ba nnile ba sebedisa mantswe a kang “bonolo,” “mamello” le “ho nahanela.” Ha e le hantle lentswe leo la Segerike le bolela “ho tenyetseha.” Re ka bontsha jwang hore re tataiswa ke bokgabane bo ba bohlale bo tswang hodimo?

cl 224-225 ¶14-⁠15

Na “Bohlale bo Tswang Hodimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?

14 “Bo itokiseditse ho mamela.” Ha ho kae kapa kae hape ka Mangolong a Segerike a Bakreste moo lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “bo itokiseditse ho mamela” le fumanwang teng. Ho latela setsebi se seng, lentswe lena “le atisa ho sebediswa thupelong ya sesole.” Le fana ka maikutlo a ho “susumetseha habonolo” le a “ho ba ya ikokobeditseng.” Motho ya tataiswang ke bohlale bo tswang hodimo o itokiseditse ho ikokobelletsa seo Mangolo a se bolelang. Ha se motho ya tsebahalang ka hore ha a ile a etsa qeto a ke ke a fetoha le ha ho ka hlaha dinnete tse sa dumellaneng le yena. Ho e na le hoo, o potlakela ho fetoha ha a bontshwa bopaki bo hlakileng ba Mangolo ba hore o hatile ka leoto lesele kapa hore o entse diqeto tse fosahetseng. Na ke ka moo ba bang ba o tsebang ka teng?

“Bo Tletse Mohau le Ditholwana Tse Molemo”

15 “Bo tletse mohau le ditholwana tse molemo.” Mohau ke bokgabane ba bohlokwa ba bohlale bo tswang hodimo, ka ha ho bolelwa hore bohlale bo jwalo “bo tletse mohau.” Hlokomela hore “mohau” o matahanngwa le “ditholwana tse molemo.” Hona ho loketse, hobane hangata ka Bibeleng mohau o bolela ho ameha ka ba bang ka ho nka kgato e itseng, ho ba le qenehelo e lebisang diketsong tse ngata tse mosa. Buka e nngwe ya ditshupiso e hlalosa mohau e le “ho sarelwa ka lebaka la bothata ba motho e mong le ho leka ho etsa ho hong ka bona.” Ka hona, bohlale ba bomodimo hase bo hlokang maikutlo, bo sehloho, kapa bo bontshang tsebo ya ka hloohong feela. Ho e na le hoo, bo tletse mofuthu le kutlwelo bohloko ebile bo a nahanela. Re ka bontsha jwang hore re tletse mohau?

(Jakobo 3:17) Empa bohlale bo tswang hodimo pele ho tsohle bo hlwekile, hape bo na le kgotso, kahlolo e molemo, bo itokiseditse ho mamela, bo tletse mohau le ditholwana tse molemo, ha bo kgetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.

cl 226-227 ¶18-⁠19

Na “Bohlale bo Tswang Hodimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?

18 “Ha bo kgetholle ka leeme.” Bohlale bo tswang ho Modimo bo phahametse lehloyo la morabe le boikgohomoso ba botjhaba. Ka ha re tataiswa ke bohlale bo jwalo, re leka ka matla ho ntsha ka metso tshekamelo le ha e le efe e bontshang leeme dipelong tsa rona. (Jakobo 2:9) Ha re tshware ba bang ka tsela e kgethehileng ka lebaka la boemo ba bona ba thuto, ba ditjhelete, kapa hobane ba e na le boikarabelo bo itseng ka phuthehong; ebile ha re kgelle barapedimmoho le rona le ha e le bafe fatshe, ho sa tsotellehe hore na ba ka nna ba bonahala e le ba tlase hakae. Haeba Jehova o entse hore batho bao ba amohele lerato la hae, ka sebele re lokela ho ba nka e le ba tshwanelwang ke lerato la rona.

19 “Ha bo na boikaketsi.” Lentswe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le ka bolela “motshwantshisi ya bapalang karolo e itseng.” Mehleng ya boholoholo, batshwantshisi ba Bagerike le ba Baroma ba ne ba rwala difahleho tse kgolo tsa maiketsetso ha ba tshwantshisa. Ka hoo, lentswe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le ile la bolela motho ya ikgakanyang, kapa ya iketsang seo a seng sona. Bokgabane bona ba bohlale bo tswang ho Modimo ha ba lokela ho susumetsa tsela eo re tshwarang barapedimmoho le rona ka yona feela empa esita le tsela eo re ikutlwang ka yona ka bona.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Jakobo 4:5) Kapa na ho lona ho bonahala eka lengolo le re ntle ho morero: “Moya o dutseng ho rona o ntse o hlolohelwa ka tshekamelo ya ho ba mohono”?

w08 11/15 20 ¶6

Dintlhakgolo Tsa Lengolo la Jakobo le Mangolo a Petrose

4:5​—Jakobo o qotsa lengolo lefe moo? Jakobo ha a qotse temana e itseng ka ho kgetheha. Le ha ho le jwalo, ho ka etsahala hore ebe mantswe ana a buduletsweng ke Modimo, a thehilwe mohopolong wa mangolo a kang Genese 6:5; 8:21; Liproverbia 21:10; le Bagalata 5:17.

(Jakobo 4:11, 12) Barabeso, kgaotsang ho buana hampe. Ya buang morabo hampe kapa ya ahlolang morabo o bua molao hampe mme o ahlola molao. Jwale haeba o ahlola molao, ha o mophethi wa molao, empa o moahlodi. 12 O Mong eo e leng mofani wa molao le moahlodi, ya kgonang ho pholosa le ho timetsa. Empa wena, o mang hore o ahlole moahelani wa hao?

w97 11/15 20-21 ¶8

Tumelo e Etsa Hore re se Fele Pelo Mme re be ba Rapelang ka Mehla

8 Ho bua kgahlanong le modumedimmoho ke sebe. (Jakobo 4:11, 12) Empa ba bang ba tshwaya Bakrestemmoho le bona diphoso, mohlomong ka lebaka la boikutlo ba bona ba ho itokafatsa kapa hobane ba batla ho iphahamisa ka ho nyenyefatsa ba bang. (Pesaleme ya 50:20; Liproverbia 3:29) Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le ‘ho bua kgahlanong le’ le bolela bora mme le fana ka maikutlo a ho etsa qoso e feteletseng kapa ya bohata. Sena se tshwana le ho ahlola morabo rona hampe. Ke jwang hona e leng ho ‘bua kgahlanong le molao wa Modimo le ho o ahlola’? Ha e le hantle, bangodi le Bafarisi ‘ka masene ba ne ba behella taelo ya Modimo ka thoko’ mme ba ne ba ahlola ho latela ditekanyetso tsa bona. (Mareka 7:1-13) Ka ho tshwanang, haeba re ka nyatsa morabo rona eo Jehova a neng a ke ke a mo nyatsa, na re tla be re sa ‘ahlole molao wa Modimo’ mme ka boetsadibe re fane ka maikutlo a hore wa haellwa? Mme ka hore ka leeme re tshwaye morabo rona phoso, re tla be re sa phethe molao wa lerato.​—Baroma 13:8-10.

Mmalo wa Bibele

(Jakobo 3:1-18) Ha se ba bangata ba lona bao e lokelang ho ba mesuwe, barabeso, ka ho tseba hore re tla amohela kahlolo e boima haholo. 2 Etswe kaofela re kgoptjwa hangata. Haeba le ha e le mang a sa kgoptjwe lentsweng, enwa ke monna ya phethahetseng, ya kgonang ho laola le mmele oohle wa hae jwalo ka ha eka ke ka tomo. 3 Haeba re kenya ditomo melomong ya dipere e le hore di re mamele, re kgona ho tsamaisa le mmele yohle ya tsona. 4 Bonang! Esita le dikepe, le hoja di le kgolo hakana mme di kgannwa ke meya e matla, di tsamaiswa ka lesokwana le lenyenyane haholo ho ya moo motsamaisi wa sona a lakatsang hore se ye teng. 5 Ka hoo, hape, leleme ke setho se senyenyane le ha ho le jwalo le ithorisa haholo. Bonang! Ho hlokahala mollo o monyenyane hakaakang ho tjhesa moru o moholo haholo! 6 Ha e le hantle, leleme ke mollo. Leleme ke lefatshe le sa lokang hara ditho tsa rona, ka ha le silafatsa mmele wohle mme le hotetsa lebidi la bophelo ba tlhaho mme le hotetswa ke Gehena. 7 Etswe sebata sa mofuta o mong le o mong ha mmoho le nonyana le sehahabi le Sebopuwa sa lewatle se tla thapiswa mme se nnile sa thapiswa ke moloko wa batho. 8 Empa leleme, ha ho le ya mong wa moloko wa batho ya ka le thapisang. Ke ntho e sa laoleheng e kotsi, le tletse tjhefo e bolayang. 9 Ka lona re boka Jehova, Ntate, le ha ho le jwalo ka lona re rohaka batho ba bileng teng ka “setshwantsho sa Modimo.” 10 Molomong o tshwanang ho tswa poko le thohako. Barabeso, ha ho a tshwanela hore dintho tsena di tswele pele ho etsahala ka tsela ena. 11 Sediba ha se etse hore se monate le se babang se tshikgunye sekoting se tshwanang, na ha ho jwalo? 12 Barabeso, sefate sa feiga se ke ke sa hlahisa mehlwaare kapa sefate sa morara sa hlahisa difeiga, na ha ho jwalo? Le metsi a letswai a ke ke a hlahisa metsi a monate. 13 Ke mang ya bohlale le ya utlwisisang hara lona? A ke a bontshe mesebetsi ya hae ka boitshwaro ba hae bo botle ka bonolo bo tsamaisanang le bohlale. 14 Empa haeba le e na le poulelo e feteletseng le ho rata dikgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa le ho bua leshano kgahlanong le nnete. 15 Bona ha se bohlale bo theohang hodimo, empa ke ba lefatshe, ba bophoofolo, ba bodemona. 16 Etswe moo poulelo le ho rata dikgang di leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e nngwe le e nngwe e mpe di leng teng. 17 Empa bohlale bo tswang hodimo pele ho tsohle bo hlwekile, hape bo na le kgotso, kahlolo e molemo, bo itokiseditse ho mamela, bo tletse mohau le ditholwana tse molemo, ha bo kgetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi. 18 Ho feta moo, ditholwana tsa ho loka peo ya tsona e jalwa tlasa maemo a kgotso bakeng sa ba etsang kgotso.

14-20 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 PETROSE 1-2

“Le Halalele”

(1 Petrose 1:14, 15) Jwalo ka bana ba mamelang, le kgaotse ho ba ka sebopeho sa ditakatso tseo le neng le e na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lona, 15 empa, tumellanong le Mohalaledi ya le bitsitseng, le lona le fele le halalele boitshwarong bohle ba lona,

w17.02 9 ¶5

Thekollo ke Mpho e Molemo e Tswang ho Ntate

5 Re ka bontsha jwang hore re rata lebitso la Jehova? Ka tsela eo re itshwarang ka yona. Jehova o batla hore re halalele. (Bala 1 Petrose 1:15, 16.) Sena se bolela hore re rapele yena feela le hore re mo mamele ka dipelo tsohle tsa rona. Esita le ha re hloriswa re etsa sohle seo re ka se kgonang ho phela ka melaomotheo ya hae e lokileng. Ha re etsa dintho tse ntle, re etsa hore lesedi le kganye mme seo se tlisetsa lebitso la Jehova thoriso. (Mat. 5:14-16) Re bontsha hore re a halalela ka ho phela ka tsela e bontshang hore melao ya Jehova e molemo le hore diqoso tsa Satane ke mashano. Jwalo ka batho ba sa phethahalang, ha re etsa diphoso rea baka mme re kgaotsa ho etsa dintho tse sa kgahliseng Jehova.​—Pes. 79:9.

(1 Petrose 1:16) hobane ho ngodilwe: “Le halalele, hobane ke a halalela.”

lvs 77 ¶6

Re Lokela ho Kgetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?

6 Jehova o re ho rona: “Le halalele, hobane ke a halalela.” (1 Petrose 1:14-16; 2 Petrose 3:11) Jehova o tla amohela borapedi ba rona haeba feela bo halalela kapa bo hlwekile. (Deuteronoma 15:21) Borapedi ba rona e ke ke ya ba bo hlwekileng haeba re etsa dintho tseo Jehova a di hloileng, jwalo ka boitshwaro bo bobe, ntwa le dintho tse tsamaisanang le bodemona. (Baroma 6:12-14; 8:13) Ebile hape Jehova a ke ke a thaba haeba boithabiso ba rona bo akarelletsa dintho tse kang tsena. Sena se ka etsa hore borapedi ba rona bo se ke ba hlweka hape bo se ke ba amoheleha ho Jehova, ebile le kamano ya rona le yena e ka senyeha.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(1 Petrose 1:10-12) Malebana le poloko ena baprofeta ba ileng ba profeta ka mosa o sa tshwanelang o neng o reretswe lona ba ile ba botsisisa ka ho kgothala mme ba batlisisa. 11 Ba nna ba tswela pele ho batlisisa hore na ke nako efe kapa ke nako ya mofuta ofe eo moya o ho bona o neng o e supa malebana le Kreste ha o ne o paka esale pele ka ditlhokofatso tsa Kreste le ka kganya e tla latela tsena. 12 Ba ile ba senolelwa hore, e ne e se bona, empa e ne e le lona, bao ba neng ba ba sebeletsa dintho tseo jwale le di tsebisitsweng ka ba le boleletseng ditaba tse molemo ka moya o halalelang o rometsweng o tswa lehodimong. Mangeloi a lakatsa ho nyarela ka hare ho dintho tsona tsena.

w08 11/15 21 ¶10

Dintlhakgolo Tsa Lengolo la Jakobo le Mangolo a Petrose

1:10-12. Mangeloi a ile a lakatsa ho nyarela le ho utlwisisa dinnete tse tebileng tse tswang ho Modimo tseo baprofeta ba Modimo ba boholoholo ba ileng ba di ngola mabapi le phutheho ya Bakreste ba tlotsitsweng. Le ha ho le jwalo, ha Jehova a ne a qala ho sebetsa ka phutheho, ke hona feela moo dintho tsena di ileng tsa hlaka. (Baef. 3:10) Na ha re a lokela ho latela mohlala wa mangeloi ebe re lwanela ho batla ka hare ho “dintho tse tebileng tsa Modimo”?​—1 Bakor. 2:10.

(1 Petrose 2:25) Etswe le ne le le jwalo ka dinku, tse hlahlathelang; empa jwale le kgutletse ho modisa le molebedi wa meya ya lona.

it-2-E 565 ¶3

Molebedi

Molebedi ya Phahameng. Ho bonahala e ka Petrose wa pele 2:25 e bua mantswe a hlahang ho Esaia 53:6 a buang ka ba “jwalo ka dinku, tse hlahlathelang,” mme Petrose o boetse o re: “Empa jwale le kgutletse ho modisa le molebedi wa meya ya lona.” E tlameha ebe Petrose o bua ka Jehova Modimo, ka ha batho bao Petrose a ba ngolletseng ba ne ba e so ka ba hlahlathela ho Kreste Jesu empa, ka yena ba ile ba kgutlela ho Jehova Modimo eo e leng Modisa e Moholo wa batho ba hae. (Pes 23:1; 80:1; Jer 23:3; Eze 34:12) Hape Jehova ke molebedi, ya etsang tlhahlobo. (Pes 17:3) Tlhahlobo eo (ka Sekgerike e leng e·pi·sko·peʹ) e ka amahangwa le kahlolo ya Jehova, jwalo ka ha a ile a fana ka yona mehleng ya Jesu ho Jerusalema, nakong eo Jerusalema e sa kang ya lemoha nako ya ho hlahlojwa ha yona. [Ka sekgerike e leng, e·pi·sko·pesʹ].” (Lu 19:44) Kapa e ka tlisa melemo jwalo ka ha e e tlisa ho ba rorisang Modimo “letsatsing la ho hlahloba ha hae [Ka Sekgerike e leng e·pi·sko·pesʹ].”​—1Pe 2:12.

Mmalo wa Bibele

(1 Peter 1:1-16) Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ho baahi ba nakwana ba hasahasaneng Pontase, Galatia, Kapadosia, Asia, le Bithynia, ho ba kgethilweng 2 ho ya ka ho tseba esale pele ha Modimo Ntate, ka ho halaletswa ka moya, ka morero wa hore e be ba mamelang le ba fafaditsweng ka madi a Jesu Kreste: E se eka le ka ekeletswa mosa o sa tshwanelang le kgotso. 3 Ho bokwe Modimo le Ntate wa Morena wa rona Jesu Kreste, ka ha ho ya ka mohau wa hae o moholo o ile a re fa tswalo e ntjha ho tla tshepong e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, 4 ho tla lefeng le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng. Le bolokilwe mahodimong bakeng sa lona, 5 ba ntseng ba sireletswa ke matla a Modimo ka tumelo bakeng sa poloko e loketseng ho senolwa nakong ya ho qetela. 6 Le thabiswa haholo ke nnete ena, le hoja ka nakwana hona jwale, haeba ho lokela ho ba jwalo, le baketswe mesarelo ke diteko tse sa tshwaneng, 7 e le hore tshobotsi e lekilweng ya tumelo ya lona, ya bohlokwa bo boholo ho feta kgauta e timelang ho sa tsotellehe ho pakwa ha yona ka mollo, e ka fumanwa e le lebaka la thoriso le kganya le tlhompho tshenolong ya Jesu Kreste. 8 Le hoja ho se mohla le kileng la mo bona, le a mo rata. Le hoja le sa mo tadima hona jwale, empa le ha ho le jwalo le bontsha tumelo ho yena mme le thaba haholo ka thabo e ke keng ya hlaloswa le e tlotlisitsweng, 9 ha le ntse le amohela pheletso ya tumelo ya lona, e leng poloko ya meya ya lona. 10 Malebana le poloko ena baprofeta ba ileng ba profeta ka mosa o sa tshwanelang o neng o reretswe lona ba ile ba botsisisa ka ho kgothala mme ba batlisisa. 11 Ba nna ba tswela pele ho batlisisa hore na ke nako efe kapa ke nako ya mofuta ofe eo moya o ho bona o neng o e supa malebana le Kreste ha o ne o paka esale pele ka ditlhokofatso tsa Kreste le ka kganya e tla latela tsena. 12 Ba ile ba senolelwa hore, e ne e se bona, empa e ne e le lona, bao ba neng ba ba sebeletsa dintho tseo jwale le di tsebisitsweng ka ba le boleletseng ditaba tse molemo ka moya o halalelang o rometsweng o tswa lehodimong. Mangeloi a lakatsa ho nyarela ka hare ho dintho tsona tsena. 13 Ka hoo hlomellang dikelello tsa lona bakeng sa tshebetso, le dule le hlaphohetswe dikelellong ka ho feletseng; behang tshepo ya lona moseng o sa tshwanelang o tla tliswa ho lona tshenolong ya Jesu Kreste. 14 Jwalo ka bana ba mamelang, le kgaotse ho ba ka sebopeho sa ditakatso tseo le neng le e na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lona, 15 empa, tumellanong le Mohalaledi ya le bitsitseng, le lona le fele le halalele boitshwarong bohle ba lona, 16 hobane ho ngodilwe: “Le halalele, hobane ke a halalela.”

21-27 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 PETROSE 3-5

“Bofelo ba Dintho Tsohle bo Atametse”

(1 Petrose 4:7) Empa bofelo ba dintho tsohle bo atametse. Ka hona, le hlaphohelwe dikelellong, mme le fadimehe mabapi le dithapelo.

w13 11/15 3 ¶1

“Le Fadimehe Mabapi le Dithapelo”

MOTHO e mong ya neng a sebetsa bosiu o re: “Nako e boima ka ho fetisisa ya hore motho a dule a fadimehile ke pelenyana ho meso.” Mohlomong ba bang bao le bona ba lokelang ho fadimeha bosiu kaofela ba ka dumellana le yena. Kajeno Bakreste ba boemong bo tshwanang, ka ha bosiu bo bolelele ba tsamaiso ena e kgopo ya Satane bo ntse bo rwalellana. (Bar. 13:12) Ruri re ka ba kotsing haeba re ka robala dihoreng tsena tsa ho qetela. Ho hlokahala hore re “hlaphohelwe dikelellong” mme re mamele keletso ya Mangolo ya hore re “fadimehe mabapi le dithapelo.”​—1 Pet. 4:7.

(1 Petrose 4:8) Ka hodima dintho tsohle, le bontshane lerato le matla haholo, hobane lerato le kwahela dibe tse ngata haholo.

w99 4/15 22 ¶3

O ka Lemoha Jwang ha Kamano ya Hao le Modimo e Fokola Hona o ka e Matlafatsa Jwang?

Ntho ya ho qetela, dula o hopola keletso e lerato ya moapostola Petrose e reng, “Bofelo ba dintho tsohle bo atametse. Ka hona, le hlaphohelwe dikelellong, mme le fadimehe mabapi le dithapelo. Ka hodimo ho dintho tsohle, le be le lerato le matla haholo e mong ho e mong, hobane lerato le kwahela dibe tse ngata haholo.” (1 Petrose 4:7, 8) Ho bonolo haholo ho dumella ho se phethahale ha rona le ha batho ba bang hore ho ame dipelo le dikelello tsa rona mme ho fetohe tshitiso le kgopiso. Satane o tseba bofokodi bona ba motho hantle. Le leng la maqiti a hae a mano ke ho etsa hore ho se ke ha e ba le kutlwano e le hore a ka hlola. Ka lebaka leo, re lokela ho potlakela ho kwahela diphoso tse jwalo ka lerato le tebileng bakeng sa ba bang mme re se ke ra “dumella Diabolose sebaka.”​—Baefese 4:25-27.

(1 Petrose 4:9) Bontshanang kamohelo ya baeti le sa honothe.

w18.03 14-15 ¶2-3

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Amohela Baeti?

2 Moapostola Petrose o ile a re ho Bakrestemmoho le yena: “Bontshanang kamohelo ya baeti.” (1 Pet. 4:9) Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “ho amohela baeti,” le bolela “ho ba mosa ho batho bao o sa ba tsebeng.” Le hoja Bakreste ba mehleng eo ba ne ba tsebana ba bile ba tlwaetse ho etsa dintho ha mmoho, ela hloko hore Petrose o ile a ba kgothalletsa hore ba ‘bontshane kamohelo ya baeti.’ Ho etsa jwalo ho ne ho tla ba thusa jwang?

3 Ho ne ho tla etsa hore ba momahane. Mohlomong o kile wa natefelwa ke ho mengwa ke modumedimmoho le wena. Ka ho tshwanang, ha o mema motho ha hao, setswalle sa lona se a tiya. Ha re mema bara le baradibabo rona moo re dulang teng, ho ba bonolo hore re ba tsebe. Bakreste ba mehleng ya Petrose, ba ne ba lokela ho momahana ka ha dintho di ne di ntse di mpefala. Ka ho tshwanang, le Bakreste ba “matsatsing a ho qetela” ba lokela ho momahana.​—2 Tim. 3:1.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(1 Petrose 3:19, 20) A le boemong bona hape o ile a tsamaya mme a bolela ho meya e tjhankaneng, 20 eo ka nako e nngwe e neng e bile e sa mameleng ha ho se fele pelo ha Modimo ho ne ho letile matsatsing a Noe, ha areka e ne e ntse e hahwa, eo ka ho yona batho ba seng bakae, ke hore, meya e robedi, ba ileng ba pholoswa ba sireletsehile metsing.

w13 6/15 23

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Bibele e re Jesu o ile a “bolela ho meya e tjhankaneng.” (1 Pet. 3:19) See se bolelang?

▪ Moapostola Petrose o hlalosa meya eo e le “eo ka nako e nngwe e neng e bile e sa mameleng ha ho se fele pelo ha Modimo ho ne ho letile matsatsing a Noe.” (1 Pet. 3:20) Ho hlakile hore Petrose o ne a bua ka dibopuwa tsa moya tse ileng tsa kgetha ho fetohela Modimo jwalo ka Satane. Juda o bua ka mangeloi a “sa kang a boloka sebaka sa wona sa pele empa a furalla sebaka sa wona sa bodulo se loketseng,” mme o re Modimo “o a bolokile ka ditlamo tsa ka ho sa feleng tlasa lefifi le letsholetsho bakeng sa kahlolo ya letsatsi le leholo.”​—Juda 6.

Dibopuwa tsa moya di ile tsa bontsha ho se mamele ka tsela efe matsatsing a Noe? Pele ho Morwallo, meya eo e kgopo e ile ya iphetola batho, e leng seo Modimo a neng a sa e rerela sona. (Gen. 6:2, 4) Ho feta moo, mangeloi ao a ileng a etsa thobalano le basadi a ne a etsa boitshwaro bo ditshila. Modimo ha a a bopela dibopuwa tsa moya hore di etse thobalano le basadi. (Gen. 5:2) Mangeloi ana a kgopo a sa mameleng a tla fediswa ka nako eo Modimo a e behileng. Jwalo ka ha Juda e bontsha, hona jwale, a boemong ba “lefifi le letsholetsho,” e leng seo re ka reng ke tjhankana ya tshwantshetso.

Jesu o ile a bolela ho “meya e tjhankaneng” neng mme o ile a etsa seo jwang? Petrose o ile a ngola hore seo se etsahetse ka mora hore Jesu ‘a phediswe moyeng.’ (1 Pet. 3:18, 19) Hape, hlokomela hore Petrose o re Jesu o ile a “bolela.” Taba ya hore ebe Petrose o buile ka tsela e bontshang hore Jesu o ne a se a entse mosebetsi wa ho bolela, e bontsha hore Jesu o entse mosebetsi oo pele Petrose a ngola lengolo la hae la pele. Ka hoo, ho bonahala eka nakwana ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a bolela ho meya e kgopo mabapi le kahlolo e loketseng eo e tla e fumana. O ne a sa e bolelle molaetsa o neng o e fa tshepo. E ne e le molaetsa wa kahlolo. (Jonase 1:1, 2) Ha Jesu a se a bontshitse hore o na le tumelo, a tshepahetse ho fihlela lefung a bile a tsositswe bafung e leng se ileng sa bontsha hore ka sebele ha ho moo Diabolose a ka mo tshwarang teng o ne a e na le lebaka la hore a etse phatlalatso eo ya kahlolo.​—Johanne 14:30; 16:8-11.

Nakong e tlang, Jesu o tla tlama Satane le mangeloi ao ebe o ba akgela ka mohohlong. (Luka 8:30, 31; Tšen. 20:1-3) Ho fihlela ka nako eo, mangeloi ana a sa kang a mamela a boemong ba lefifi la moya le letsholetsho, mme a tla fediswa ka ho feletseng.​—Tšen. 20:7-10.

(1 Petrose 4:6) Ha e le hantle, ditaba tse molemo di ile tsa bolellwa le bafu ka morero ona, e le hore ba ka ahlolwa mabapi le nama ponong ya batho empa ba ka phela mabapi le moya ponong ya Modimo.

w08 11/15 21 ¶8

Dintlhakgolo Tsa Lengolo la Jakobo le Mangolo a Petrose

4:6​—Ke “bafu” bafe ba ileng ba bolellwa “ditaba tse molemo”? Bana ke batho ba neng ba “shwele ditshitong le dibeng tsa [bona],” kapa ba neng ba se na kamano le Jehova pele ba utlwa ditaba tse molemo. (Baef. 2:1) Le ha ho le jwalo, ha ba se ba dumetse ditaba tse molemo, ba ile ba qala ho ‘phela,’ ka kutlwisiso ya hore ba ne ba se ba na le kamano le Jehova.

Mmalo wa Bibele

(1 Peter 3:8-22) Qetellong, kaofela ha lona le be le kelello e jwalo, le bontsha ho utlwelana bohloko, le e na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e na le qenehelo e bonolo, le ikokobeditse kelellong, 9 le sa phetetse bobe ka bobe kapa ho hlapaola ka ho hlapaola, empa, ho fapana le hoo, le hlohonolofatsa, hobane le bitseditswe tsela ena, e le hore le ka rua tlhohonolofatso. 10 Etswe, “ya ratang bophelo le ho bona matsatsi a molemo, a ke a thibe leleme la hae ho se sebe le molomo wa hae ho bueng thetso, 11 empa a furalle se sebe mme a etse se molemo; a batle kgotso mme a e phehelle. 12 Etswe mahlo a Jehova a tadimile ba lokileng, mme o sekehela thapedi ya bona tsebe; empa sefahleho sa Jehova se kgahlanong le ba etsang dintho tse mpe.” 13 Ka sebele, ke ofe motho ya tla le ntsha kotsi haeba le tjhesehela se molemo? 14 Empa esita le haeba le ka utlwa bohloko ka lebaka la ho loka, le a thaba. Le ha ho le jwalo, le se ke la tshaba ntho eo ba e tshabang, kapa la ferekana. 15 Empa halaletsang Kreste e le Morena ka dipelong tsa lona, ka mehla le loketse ho ikarabella ka pela e mong le e mong ya le batlang lebaka bakeng sa tshepo e ho lona, empa le etsa jwalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng. 16 Ebang le letswalo le molemo, e le hore tabeng eo ho yona ho buuwang hampe ka lona, ba nyedisang boitshwaro ba lona bo molemo mabapi le Kreste ba ka hlajwa ke dihlong. 17 Etswe ho molemo ho utlwa bohloko hobane le etsa se molemo, haeba thato ya Modimo e ho lakatsa, ho e na le hobane le etsa bobe. 18 Ka sebele, esita le Kreste o ile a shwa hang le ka ho ke keng ha phetwa malebana le dibe, motho ya lokileng bakeng sa ba sa lokang, e le hore a ka le isa ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa moyeng. 19 A le boemong bona hape o ile a tsamaya mme a bolela ho meya e tjhankaneng, 20 eo ka nako e nngwe e neng e bile e sa mameleng ha ho se fele pelo ha Modimo ho ne ho letile matsatsing a Noe, ha areka e ne e ntse e hahwa, eo ka ho yona batho ba seng bakae, ke hore, meya e robedi, ba ileng ba pholoswa ba sireletsehile metsing. 21 Se lekanang le sena le sona jwale se a le pholosa, e leng, kolobetso, (eseng ho tloswa ha ditshila tsa nama, empa kopo e etswang ho Modimo bakeng sa letswalo le letle,) ka tsoho ya Jesu Kreste. 22 O ka letsohong le letona la Modimo, ka ha o ile a ya lehodimong; mme mangeloi le balaodi le ba matla ba ile ba behwa tlasa hae.

28 OCTOBER–3 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 PETROSE 1-3

“Dula o Hopola ho ba Teng ha Letsatsi la Jehova”

(2 Peter 3:9, 10) Jehova ha a diehe mabapi le tshepiso ya hae, jwalo ka ha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore le ha e le mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong. 10 Empa le ha ho le jwalo letsatsi la Jehova le tla tla jwalo ka leshodu, leo ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le sheshang le hlabang, empa thepa ya motheo e le e tjhesang ka matla haholo e tla qhibidiha, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona di tla pepeswa.

w06 12/15 27 ¶11

Jehova o Tla ‘Etsa Hore Toka e Etswe’

11 Le ha ho le jwalo, re lokela ho utlwisisa tshepiso e tiileng ya Jesu jwang ya hore Jehova o tla etsa hore toka e etswe “ka potlako”? Lentswe la Modimo le bontsha hore “esita le hoja [Jehova] a e na le tiisetso,” ka potlako o tla phethahatsa toka ha ho fihla nako e loketseng. (Luka 18:7, 8; 2 Petrose 3:9, 10) Ha Morwallo o fihla mehleng ya Noe, batho ba kgopo ba ile ba timetswa ntle ho tshenyo ya nako. Ka ho tshwanang, le mehleng ya Lota, ha mollo o theoha lehodimong, batho ba kgopo ba ile ba timetswa. Jesu o itse: “Ho tla ba ka tsela e tshwanang letsatsing leo ha Mora motho a tla senolwa.” (Luka 17:27-30) Ba kgopo ba tla boela ba ‘timetswe ka tshohanyetso.’ (1 Bathesalonika 5:2, 3) Ka sebele, re ka kgodiseha ka botlalo hore Jehova a ke ke a dumella hore lefatshe lena la Satane le be teng esita le ka letsatsi le le leng feela ho feta seo toka e se hlokang.

(2 Petrose 3:11, 12) Ka ha dintho tsena tsohle di tla qhibiliha ka tsela eo, le tshwanela ho ba batho ba mofuta ofe diketsong tse halalelang tsa boitshwaro le diketsong tsa boinehelo ba bomodimo, 12 le letile mme le dutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova, leo ka lona mahodimo ha a tjha a tlang ho qhibidiha le thepa ya motheo ha e tjhesa ka matla haholo e tlang ho qhibidiha!

w06 12/15 19 ¶18

“Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi”

18 Ha ho makatse hore ebe moapostola Petrose o re kgothalletsa ho dula re hopotse “ho ba teng ha letsatsi la Jehova.” See re ka se etsa jwang? Tsela e nngwe ke ka ho ikakgela ka setotswana “diketsong tse halalelang tsa boitshwaro le diketsong tsa boinehelo ba bomodimo.” (2 Petrose 3:11, 12) Ho tshwareha ka matla mesebetsing ya mofuta oo ho tla re thusa ho lebella ka tjheseho hore “letsatsi la Jehova” le fihle. Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le ho “hopola” ka ho toba le bolela “ho potlakisa.” Bonneteng, re ke ke ra potlakisa nako e setseng ya hore letsatsi la Jehova le fihle. Empa, ha re ntse re letetse letsatsi leo, nako e tla bonahala e feta ka lebelo le leholo haeba re le maphathaphathe tshebeletsong ya Modimo.​—1 Bakorinthe 15:58.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(2 Petrose 1:19) Ka lebaka leo re na le lentswe la boprofeta le tiisitsweng haholwanyane; mme le etsa hantle ha le le ela hloko jwalo ka lebone le kganyang sebakeng se lefifi, ho fihlela letsatsi le tjhaba le naledi ya meso e hlaha, ka dipelong tsa lona.

w08 11/15 22 ¶2

Dintlhakgolo Tsa Lengolo la Jakobo le Mangolo a Petrose

1:19​—“Naledi ya meso” ke mang, e hlaha neng, hona re tseba jwang hore e se e hlahile? “Naledi ya meso” ke Jesu Kreste ka mora hore e be Morena wa Mmuso wa Modimo. (Tšen. 22:16) Ka 1914, Jesu o ile a hlaha ka pela popo yohle e le Morena eo e leng Mesia, mme o ne a phatlalatsa meso ya letsatsi le letjha. Ho fetoha sebopeho ha Jesu ho ile ha bontsha kganya ya hae le matla a hae a Puso esale pele, e leng ho ileng ha tiisa hore lentswe la Modimo la boprofeta le ka tsheptjwa. Ho ela hloko lentswe leo ho etsa hore dipelo tsa rona di kganye, mme seo se etsa hore re hlokomele hore Naledi ya meso e se e hlahile.

(2 Petrose 2:4) Ka sebele haeba Modimo a sa ka a tlohela ho fana ka kotlo ho mangeloi a ileng a etsa sebe, empa, ka ho a akgela Tartarase, a nehelana ka wona dikoting tsa lefifi le letsholetsho hore a bolokelwe kahlolo.

w08 11/15 22 ¶3

Dintlhakgolo Tsa Lengolo la Jakobo le Mangolo a Petrose

2:4​—“Tartarase” ke eng, hona mangeloi a marabele a akgetswe ho yona neng? Tartarase ke boemo bo kang ba ho ba tjhankaneng boo ho behwang dibopuwa tsa moya feela ho bona, eseng batho. Ke boemo ba ho ba lefifing le letsho kelellong mabapi le merero e kganyang ya Modimo. Ba Tartarase ha ba na tshepo le ha e le efe ka bokamoso. Mehleng ya Noe Modimo o ile a akgela mangeloi a sa mameleng Tartarase, mme a tla dula boemong boo bo tlotlollang ho fihlela a timetswa.

Mmalo wa Bibele

(2 Petrose 1:1-15) Simone Petrose, lekgoba le moapostola wa Jesu Kreste, ho ba fumaneng tumelo, eo e leng tokelo e lekanang le ya rona, ka ho loka ha Modimo wa rona le Mopholosi Jesu Kreste: 2 E se eka le ka ekeletswa mosa o sa tshwanelang le kgotso ka tsebo e nepahetseng ya Modimo le ya Jesu Morena wa rona, 3 jwalo ka ha matla a hae a bomodimo a re file ka bolokolohi dintho tsohle tse malebana le bophelo le boinehelo ba bomodimo, ka tsebo e nepahetseng ya ya re bitsitseng ka kganya le bokgabane. 4 Ka dintho tsena o re file ka bolokolohi ditshepiso tsa bohlokwa le tse kgolo haholo, e le hore ka tsona le ka ba le karolo sebopehong sa bomodimo, le phonyohile ho boleng ho leng lefatsheng ka takatso e feteletseng. 5 E, ka lebaka lona lena, ka ho tlatsetsa ha lona ha le arabela ka boiteko bohle bo tiileng, tumelong ya lona le eketse bokgabane, bokgabaneng ba lona le eketse tsebo, 6 tsebong ya lona le eketse boitshwaro, boitshwarong ba lona le eketse mamello, mamellong ya lona le eketse boinehelo ba bomodimo, 7 boinehelong ba lona ba bomodimo le eketse boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, boikutlong ba lona bo mofuthu ba bara ba motho le eketse lerato. 8 Etswe haeba dintho tsena di le teng ho lona mme di kgaphatseha, di tla le thibela ho ba ba sa sebetseng kapa ba sa beheng mabapi le tsebo e nepahetseng ya Morena wa rona Jesu Kreste. 9 Etswe haeba dintho tsena di le siyo ho mang kapa mang, o foufetse, o kwalla mahlo a hae lesedi, mme o fetohile ya lebalang ho hlwekiswa ha hae dibeng tsa hae tsa kgale. 10 Ka lebaka lena, barabeso, le etse haholwanyane sohle se matleng a lona ho itiisetsa ho bitswa le ho kgethwa ha lona; etswe haeba le tswela pele ho etsa dintho tsena ho hang le ke ke la hloleha le ka mohla. 11 Ha e le hantle, ka tsela ena le tla ekeletswa ka ho enneng ho kena mmusong o sa feleng wa Morena le Mopholosi wa rona Jesu Kreste. 12 Ka lebaka lena ka mehla ke tla le hopotsa dintho tsena, le hoja le di tseba mme le tsepame nneteng e teng ho lona. 13 Empa ke ho nka ho nepahetse, hafeela ke le tabernakeleng ena, ho le tsosa ka ho le hopotsa, 14 jwalo ka ha ke hlile ke tseba hore ho tloswa ha tabernakele ya ka ho tla tloha ho etsahala, feela jwalo ka ha le Morena wa rona Jesu Kreste a ile a mpontsha. 15 Ka hoo ke tla etsa sohle se matleng a ka le ka dinako tsohle e le hore, ka mora hore ke tlohe, le ka kgona ho bolela dintho tsena bakeng sa lona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share