Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
2-8 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | TŠENOLO 7-9
“Jehova o Hlohonolofatsa Bongata bo Boholo bo se Nang Palo”
(Tšenolo 7:9) Ka mora dintho tsena ka tadima, mme, bonang! bongata bo boholo, boo ho seng motho ya neng a kgona ho bo bala, bo tswa ditjhabeng tsohle le melokong yohle le bathong bohle le malemeng ohle, bo eme ka pela terone le ka pela Konyana, bo apere diaparo tse telele tsa ka hodimo tse tshweu; mme ho ne ho e na le makala a palema matsohong a bona.
it-1-E 997 ¶1
Bongata bo Boholo
Sena se etsa hore re ipotse: Haeba “bongata bo boholo” ke batho ba tla pholoha mme ba sale lefatsheng, ke jwang ho ka thweng bo ‘eme ka pela terone ya Modimo le ka pela Konyana?’ (Tše 7:9) Ka dinako tse ding lentswe ho ‘ema’ ka Bibeleng le sebedisitswe ho bontsha hore motho o a amoheleha ka pela motho ya itseng kapa sehlopha se itseng. (Pes 1:5; 5:5; Lipr 22:29, Lu 1:19) Ha e le hantle, kgaolong e fetileng ya Tšenolo, “marena a lefatshe le ba boemong bo ka sehloohong le balaodi ba sesole le ba ruileng le ba matla le lekgoba le leng le le leng le motho e mong le e mong ya lokolohileng” ba hlaloswa ba ipata “sefahlehong sa Ya dutseng teroneng le kgalefong ya Konyana, hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya bona le tlile, mme ke mang ya ka kgonang ho ema?” (Tše 6:15-17; bapisa le Lu 21:36.) Ka hoo ho bonahala “bongata bo boholo” e le batho ba tla pholoha nakong eo ya kgalefo le ba tla “ema” e le ba amohelwang ke Modimo le Konyana.
(Tšenolo 7:14) Ka hoo hanghang ka re ho yena: “Morena ka, ke wena ya tsebang.” A re ho nna: “Bana ke ba tswang matshwenyehong a maholo, mme ba hlatsoitse diaparo tsa bona tse telele tsa ka hodimo mme ba di sweufaditse mading a Konyana.
it-2-E 1127 ¶4
Mahlomola
Dilemo tse ka bang 30 ka mora hore Jerusalema e timetswe, ha moapostola Johanne a bolellwa ka bongata bo boholo ba batho ba tswang ditjhabeng tsohle le melokong yohle le bathong bohle, ho ile ha thwe: “Bana ke ba tswang matshwenyehong a maholo.” (Tše 7:13, 14) Ntlha ya hore bongata bo boholo ‘bo tswa mahlomoleng a maholo’ e bontsha hore bo pholoha mahlomola ao. Sena se tiiswa ke mantswe a tshwanang a hlahang ho Liketso 7:9, 10 a reng: “Modimo o ne a e na le [Josefa], mme a mo lopolla matshwenyehong wohle a hae.” Ho lopollwa ha Josefa matshwenyehong a hae, ha ho bolele feela hore o ne a kgona ho a mamella empa ho bolela hore o ile a kgona le ho tswa mathateng ao a neng a na le ona.
(Tšenolo 7:15-17) Ke ka lebaka leo ba leng ka pela terone ya Modimo; mme ba mo etsetsa tshebeletso e halalelang bosiu le motshehare ka tempeleng ya hae; mme Ya dutseng teroneng o tla ala tente ya hae hodima bona. 16 Ba ke ke ba hlola ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba bataolwa ke letsatsi kapa motjheso le ha e le ofe o tlabolang, 17 hobane Konyana, e leng hara terone, e tla ba disa, mme e tla ba tataisetsa didibeng tsa metsi a bophelo. Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.”
it-1-E 996-997
Bongata bo Boholo
Bongata bo Boholo ke Bomang? Tsela eo “bongata bo boholo” bo hlalositsweng ka teng ho Tšenolo kgaolo 7 e re thusa ho tseba hore na ke bomang. Tšenolo 7:15-17 e re Modimo o “ala tente ya hae hodima bona,” ba tataisetswa “didibeng tsa metsi a bophelo,” mme Modimo o hlakola “meokgo yohle mahlong a bona.” Ho Tšenolo 21:2-4 re fumana mantswe a tshwanang a reng “tente ya Modimo e ho moloko wa batho, o hlakola meokgo yohle mahlong a bona [mme] lefu ha le sa tla hlola le e ba teng.” Pono ena e bua ka batho ba lefatsheng eseng ba lehodimong moo ‘Jerusalema e Motjha e theohang’.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Tšenolo 7:1) Ka mora sena ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere ka tiyo meya e mene ya lefatshe, e le hore ho se ke ha e ba le moya o ka fokang lefatsheng kapa lewatleng kapa sefateng le ha e le sefe.
re 115 ¶3-4
Ho Tiisa Iseraele ya Modimo
3 Pele Jehova a ntsha kgalefo ena, mangeloi a lehodimo a etsa tshebeletso e kgethehileng. Jwale Johanne o bona sena ponong: “Ka mora sena ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere ka tiyo meya e mene ya lefatshe, e le hore ho se ke ha e ba le moya o ka fokang lefatsheng kapa lewatleng kapa sefateng le ha e le sefe.” (Tšenolo 7:1) See se bolela eng ho rona kajeno? ‘Meya ena e mene’ ke tshwantshetso e hlakileng ya kahlolo e senyang e tla tloha e lokollelwa hodima mokgatlo o kgopo wa lefatshe, hodima ‘lewatle’ le bilohang la batho ba tlolang molao, le hodima babusi ba phahameng jwalo ka difate ba tshehetswang ke batho ba lefatshe lena le ba phediswang ke bona.—Esaia 57:20; Pesaleme ya 37:35, 36.
4 Ha ho pelaelo hore mangeloi ana a mane a emela dihlopha tse nne tsa mangeloi, ao Jehova a a sebedisang ho thibela ho phethahatswa ha kahlolo ho fihlela nakong e behilweng. Ha mangeloi a lokolla meya eo ya kgalefo ya Modimo hore e foke jwalo ka setsokotsane ka nako e le nngwe ho tloha leboya, borwa, botjhabela le bophirimela, thipitlo e tla ba e kgolo ka mokgwa o tshabehang. E tla tshwana le ha Jehova a ne a sebedisa meya e mene ho qhalakanya Baelame ba boholoholo, a ba pshatlakanya le ho ba fedisa, empa yona e tla etsahala ka tekanyo e kgolo haholo. (Jeremia 49:36-38) E tla ba sefefo se seholohadi ho feta “sefefo se matla” seo Jehova a ileng a fedisa setjhaba sa Baammone ka sona. (Amose 1:13-15) Ha ho karolo ya mokgatlo wa Satane lefatsheng e tla kgona ho ema ka letsatsi la kgalefo ya Jehova, ha a tlosa qoso yohle bobusing ba hae ka ho sa feleng.—Pesaleme ya 83:15, 18; Esaia 29:5, 6.
(Tšenolo 9:11) Di na le morena ya di okametseng, lengeloi la mohohlo. Ka Seheberu lebitso la lona ke Abadone, empa ka Segerike lebitso la lona ke Apolione.
it-1-E 12
Abadone
Abadone, e leng lengeloi la mohohlo ke mang?
Ho Tšenolo 9:11, lentswe “Abadone” le sebedisitswe e le lebitso la “lengeloi la mohohlo.” Lentswe le tshwanang la Segerike e leng Apolione le bolela “Ya Timetsang.” Dilemong tsa bo 1800 ho ile ha bontshwa hore temana ena e bua ka Moemphera Vespasian, Muhammad, le Napoleon, mme lengeloi le hlahang temaneng eo le ne le nkwa e le la “satane.” Le ha ho le jwalo, re lokela ho hlokomela hore ho Tšenolo 20:1-3 ho bontshitswe hore lengeloi le tshwereng “senotlolo sa mohohlo” ke moemedi wa Modimo ya tswang lehodimong, mme ha se lengeloi “la satane,” ka ha o tlama Satane mme o mo lahlela mohohlong. Ha buka ya The Interpreter’s Bible e bua ka Tšenolo 9:11, e re: “Abadone, ha se lengeloi la Satane empa ke lengeloi la Modimo, le mamelang Modimo mme le etsa mosebetsi wa lona wa ho timetsa.”
Mangolong a Seheberu ao re sa tswa a tshohla, a tiisa hore lentswe ʼavad·dohnʹ le tshwana le Sheole le lefu. Ho Tšenolo 1:18 Kreste Jesu o re: “Ke phela ka ho sa feleng le ka mehla, mme ke na le dinotlolo tsa lefu le tsa Hadese.” Luka 8:31 e bontsha hore o na le matla mabapi le mohohlo. Lengolo la Baheberu 2:14 le bontsha hore Jesu o na le matla a ho timetsa, ho akarelletsa le ho timetsa Satane ha le re, Jesu o ile a ba le kabelo mading le nameng “e le hore ka lefu la hae a ka etsa lefeela ya nang le mokgwa wa ho baka lefu, ke hore, Diabolose.” Tšenolo 19:11-16 e bontsha ka ho hlaka hore ke Ya Timetsang kapa Mophethahatsi wa kahlolo ya kgethilweng ke Modimo.—Sheba APOLLYON
Mmalo wa Bibele
(Tšenolo 7:1-12) Ka mora sena ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere ka tiyo meya e mene ya lefatshe, e le hore ho se ke ha eba le moya o ka fokang lefatsheng kapa lewatleng kapa sefateng le ha e le sefe. 2 Ka bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabatsatsi, le e na le tiiso ya Modimo ya phelang; la hweletsa ka lentswe le phahameng mangeloi a mane a neng a nehilwe hore a senye lefatshe le lewatle, 3 la re: “Le se ke la senya lefatshe kapa lewatle kapa difate, ho fihlela ka mora hore re tiise makgoba a Modimo wa rona diphatleng tsa wona.” 4 Ka utlwa palo ya ba neng ba tiisitswe, dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, ba tiisitsweng molokong o mong le o mong wa bara ba Iseraele: 5 Molokong wa Juda ho tiisitswe ba dikete tse leshome le metso e mmedi; molokong wa Rubene ba dikete tse leshome le metso e mmedi; molokong wa Gade ba dikete tse leshome le metso e mmedi; 6 molokong wa Ashere ba dikete tse leshome le metso e mmedi; molokong wa Nefthali ba dikete tse leshome le metso e mmedi; molokong wa Manase ba dikete tse leshome le metso e mmedi; 7 molokong wa Simeone ba dikete tse leshome le metso e mmedi; molokong wa Levi ba dikete tse leshome le metso e mmedi; molokong wa Isakare ba dikete tse leshome le metso e mmedi; 8 molokong wa Zabulone ba dikete tse leshome le metso e mmedi; molokong wa Josefa ba dikete tse leshome le metso e mmedi; molokong wa Benjamine ho tiisitswe ba dikete tse leshome le metso e mmedi. 9 Ka mora dintho tsena ka tadima, mme, bonang! bongata bo boholo, boo ho seng motho ya neng a kgona ho bo bala, bo tswa ditjhabeng tsohle le melokong yohle le bathong bohle le malemeng ohle, bo eme ka pela terone le ka pela Konyana, bo apere diaparo tse telele tsa ka hodimo tse tshweu; mme ho ne ho e na le makala a palema matsohong a bona. 10 Bo ntse bo hweletsa ka lentswe le phahameng, bo re: “Poloko ya rona e tswa ho Modimo wa rona, ya dutseng teroneng, le Konyana.” 11 Mangeloi kaofela a ne a eme a potile terone le baholo le dibopuwa tse phelang tse nne, yaba a itihela fatshe ka difahleho ka pela terone mme a rapela Modimo, 12 a re: “Amen! Poko le kganya le bohlale le diteboho le tlhompho le bonatla le matla di be ho Modimo wa rona ka ho sa feleng le ka mehla. Amen.”
9-15 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | TŠENOLO 10-12
“‘Dipaki Tse Pedi’ di a Bolawa Ebe di a Tsoswa”
(Tšenolo 11:3) Ke tla etsa hore dipaki tsa ka tse pedi di profete ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng di apere lesela la mokotla.”
w14 11/15 30
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Dipaki tse pedi tseo ho buuwang ka tsona ho Tšenolo kgaolo ya 11 ke bomang?
Tšenolo 11:3 e bua ka dipaki tse pedi tse neng di tla profeta ka matsatsi a 1 260. Tlaleho eo e tswela pele ka ho re sebata ‘se tla di hlola le ho di bolaya.’ Empa ka mora “matsatsi a mararo le halofo,” dipaki tsena tse pedi di ne di tla boela di phele, e leng se neng se tla makatsa bashebelli.—Tšen. 11:7, 11.
Dipaki tsee tse pedi ke bomang? Dintlha tse tlalehong ena di re thusa ho di kgetholla. Ntlha ya pele, re bolellwa hore “di tshwantshetswa ke difate tse pedi tsa mohlwaare le didulwana tse pedi tsa mabone.” (Tšen. 11:4) Sena se re hopotsa sedulwana sa lebone le difate tse pedi tsa mohlwaare tse hlalositsweng boprofeteng ba Zakaria. Ho ile ha bolelwa hore difate tseo tsa mohlwaare di tshwantshetsa “batlotsuwa ba babedi,” e leng Mmusisi Zorobabele le Moprista ya Phahameng Joshua, ‘ba eme haufi le Morena wa lefatshe lohle.’ (Zak. 4:1-3, 14) Ntlha ya bobedi, dipaki tseo tse pedi di hlaloswa di etsa dipontsho tse tshwanang le tse neng di etswa ke Moshe le Elia.—Bapisa Tšenolo 11:5, 6 le Numere 16:1-7, 28-35, 28-35 le 1 Marena 17:1; 18:41-45.
Ditlaleho tsee tse pedi di tshwana ka eng? Tlaleho ka nngwe e bua ka batlotsuwa ba Modimo ba ileng ba etella mosebetsi pele nakong ya ha ba ne ba lekwa. Ka hoo, ha Tšenolo kgaolo ya 11 e phethahala, barababo rona ba tlotsitsweng ba neng ba etella mosebetsi pele nakong ya ha ho thehwa Mmuso wa Modimo lehodimong ka 1914 ba ile ba bolela ba apere “lesela la mokotla” ka dilemo tse tharo le halofo.
Ha mosebetsi wa ho bolela ba apere lesela la mokotla o fihla qetellong, batlotsuwa bana ba ile ba bolawa ka tsela ya tshwantshetso ha ba ne ba kenngwa teronkong ka nako e kgutshwanyane, e tshwantshetsang matsatsi a mararo le halofo. Dira tsa batho ba Modimo di ne di bona eka mosebetsi wa ho bolela o kgaoditse, e leng se ileng sa di thabisa haholo.—Tšen. 11:8-10.
Empa jwalo ka ha boprofeta bo ne bo boletse, qetellong ya matsatsi a mararo le halofo, dipaki tse pedi di ile tsa boela tsa etsa mosebetsi wa tsona. Batlotsuwa bana ba ile ba lokollwa teronkong, mme Modimo a sebedisa Morena wa bona, e leng Jesu Kreste, ho kgetha ba tshepahalang. Ka 1919, ba ile ba ba hara ba ileng ba kgethwa hore e be “lekgoba le tshepahalang le le masene,” mme ba hlokomele tumelo ya batho ba Modimo matsatsing a ho qetela.—Mat. 24:45-47; Tšen. 11:11, 12.
Ho thahasellisang ke hore, Tšenolo 11:1, 2 e amahanya diketsahalo tsena le nako eo ka yona tempele ya tshwantshetso e neng e tla lekanngwa kapa e hlahlojwe. Malakia kgaolo ya 3 le yona e bua ka ho lekanngwa ha tempele ya tshwantshetso ho tla latelwa ke nako ya hore e hlwekiswe. (Mal. 3:1-4) Ho hlahlojwa le ho lekanngwa ha tempele ho ne ho tla nka nako e kae? Ho ile ha qala ka 1914 ho fihlela mathwasong a 1919. Nako ena e akaretsa matsatsi a 1 260 (dikgwedi tse 42) esita le matsatsi a mararo le halofo a tshwantshetso ao ho buuwang ka wona ho Tšenolo kgaolo ya 11.
Ruri re a thaba hore ebe Jehova o lokiseditse tlhwekiso ena ya tshwantshetso, ho hlwekisa setjhaba se kgethehileng bakeng sa mesebetsi e metle. (Tite 2:14) Ho phaella moo, re ananela mohlala wa batlotsuwa bana ba tshepahalang ba ileng ba etella mosebetsi pele nakong ya teko mme ya e ba dipaki tse pedi tsa tshwantshetso.
(Tšenolo 11:7) Ha di qetile ho paka, sebata se nyolohang ka mohohlong se tla lwana le tsona mme se di hlole le ho di bolaya.
(Tšenolo 11:11) Ka mora matsatsi a mararo le halofo moya wa bophelo o tswang ho Modimo wa kena ho tsona, mme tsa ema ka maoto, yaba tshabo e kgolo e wela ba di bonang.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Tšenolo 10:9, 10) Ka tloha ka ya ho lengeloi mme ka le bolella hore le mphe moqolo o monyenyane. La re ho nna: “O nke mme o o je, mme o tla etsa hore mpa ya hao e babe, empa ka hanong la hao o tla ba monate jwalo ka mahe a dinotshi.” 10 Ka nka moqolo o monyenyane letsohong la lengeloi ka o ja, mme ka hanong la ka o ne o le monate jwalo ka mahe a dinotshi; empa ha ke o jele, mpa ya ka ya baba.
it-2-E 880-881
Moqolo
O Sebediswa ka Tsela ya Tshwantshetso. Lentswe “moqolo” le sebedisitswe ka makgetlo a mmalwa ka Bibeleng. Ezekiele o ile a bona moqolo o ngotsweng ka hare le ka ntle mme le Zakaria o ile a bona se tshwanang. Ka ha ho ne ho tlwaelehile hore ho sebediswe lehlakore le le leng la moqolo, mongolo o mahlakoreng a mabedi o ne o ka bontsha botebo le bohlokwa ba dikahlolo tse ngotsweng meqolong ena. (Eze 2:9–3:3; Zak 5:1-4) Ponong e hlahang lengolong la Tšenolo, ya dutseng teroneng o ne a tshwere moqolo o nang le ditiiso tse supileng letsohong la hae le letona, a hanela hore ho tsejwe se ngotsweng ho fihlela Konyana ya Modimo e di bula. (Tše 5:1, 12; 6:1, 12-14) Ha morao Johanne o ile a fuwa moqolo ponong eo mme a laelwa hore a o je. Moqolo oo o ne o natefela Johanne empa o ne o etsa hore mpa ya hae e babe. Ka ha moqolo oo o ne o bulehile mme o sa kwalwa, batho ba ne ba lokela ho o utlwisisa. Johanne o ile a utlwa “monate” ha a fumana molaetsa o neng o le moqolong empa ho bonahala molaetsa oo o ne o na le dintho tse babang tseo a neng a lokela ho profeta ka tsona feela jwalo ka ha a ne a laetswe. (Tše 10:1-11) Ezekiele o ile a etsahallwa ke ntho e tshwanang ha a fuwa moqolo o nang le “dipina tsa kodi ya malla le sello le seboko.”—Eze 2:10.
(Tšenolo 12:1-5) Ha bonwa pontsho e kgolo lehodimong, mosadi ya apereng letsatsi, mme kgwedi e ne e le ka tlasa maoto a hae, mme a rwetse moqhaka wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi hloohong, 2 mme e ne e le moimana. O hweletsa a le mahlabeng a hae le bohlokong ba hae bo otlang pelo ba ho beleha. 3 Ha bonwa pontsho e nngwe lehodimong, mme, bonang! drakone e kgolo e mmala wa mollo, e nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome le mefapahlooho e supileng dihloohong tsa yona; 4 mohatla wa yona o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme wa di dihela tlase lefatsheng. Drakone ya tswela pele e eme ka pela mosadi ya neng a le haufi le ho beleha, e le hore, ha a beleha, e ka harola ngwana wa hae. 5 A tswala mora, e motona, ya tla disa ditjhaba kaofela ka molamu wa tshepe. Ngwana wa hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya hae.
it-2-E 187 ¶7-9
Bohloko ba ho Beleha
Lengolong la Tšenolo moapostola Johanne o ile a bona mosadi ya lehodimong a hweletsa “a le mahlabeng a hae le bohlokong ba hae bo otlang pelo ba ho beleha.” Ngwana ya ileng a hlaha e ne e le “mora, e motona, ya tla disa ditjhaba kaofela ka molamu wa tshepe.” Le hoja drakone e ile ya leka ho harola ngwana, ‘ngwana wa hae o ile a nkelwa ho Modimo le teroneng ya hae.’ (Tše 12:1, 2, 4-6) Taba ya hore mora o ile a nkwa ke Modimo e ne e tla bontsha hore Modimo o mo amohela jwalo ka ngwana wa hae, feela jwalo ka ha e ne e le tlwaelo dinakong tsa kgale hore ngwana ya qetang ho hlaha a iswe ho ntate wa hae e le hore a mo amohele. (Sheba BIRTH.) “Mosadi” ke “mosadi” wa Modimo, e leng “Jerusalema wa hodimo,” ‘mme’ wa Kreste le barababo ba tlotsitsweng.—Gal 4:26; Heb 2:11, 12, 17.
Ho hlakile hore “mosadi” wa Modimo ya lehodimong e ne e tla ba ya phethahetseng mme o ne a ke ke a utlwa bohloko ka tsela ya sebele ha a beleha. Ka hoo ka tsela ya tshwantshetso bohloko ba ho beleha bo bontsha hore “mosadi” o ne a tla hlokomela hore o tla beleha haufinyane.—Tše 12:2.
“Mora, [enwa] e motona,” e ne e tla ba mang? O ne a “tla disa ditjhaba kaofela ka molamu wa tshepe.” Taba ena e mabapi le Morena eo Modimo a mo Tlotsitseng e ile ya bolelwa esale pele ho Pesaleme ya 2:6-9. Empa Johanne o ile a bona pono ena ho se ho fetile nako e telele ka mora hore Kreste a hlahe lefatsheng, a shwe a be a tsoswe. Pono ena e ne e tla bonahala e bua ka ho tswalwa ha Mmuso wa Mesia oo Morena wa wona e neng e tla ba Mora wa Modimo e leng Jesu Kreste eo ha a tsoswa bafung, a ileng a “dula ka letsohong le letona la Modimo, ho tloha nakong eo ho ya pele a letile ho fihlela dira tsa hae di ka behwa jwalo ka setulwana sa maoto a hae.”—Heb 10:12, 13; Pes 110:1; Tše 12:10.
Mmalo wa Bibele
(Tšenolo 10:1-11) Ka bona lengeloi le leng le matla le theoha lehodimong, le apere leru, mme mookodi o ne o le hodima hlooho ya lona, sefahleho sa lona se le jwalo ka letsatsi, mme maoto a lona a le jwalo ka ditshiya tsa mollo, 2 letsohong la lona le ne le tshwere moqolo o monyenyane o butsweng. La beha leoto la lona le letona hodima lewatle, empa le letshehadi la le beha hodima lefatshe, 3 yaba le hweletsa ka lentswe le phahameng feela jwalo ka tau ha e puruma. Ha le hweletsa, diaduma tse supileng tsa ntsha mantswe a tsona. 4 Jwale ha diaduma tse supileng di bua, ke ne ke le lekgatheng la ho ngola; empa ka utlwa lentswe le tswang lehodimong le re: “Tiisa dintho tseo diaduma tse supileng di di buileng, mme o se ke wa di ngola fatshe.” 5 Lengeloi leo ke ileng ka le bona le eme hodima lewatle le hodima lefatshe la phahamisetsa letsoho la lona le letona lehodimong, 6 mme la hlapanya ka Ya phelang ka ho sa feleng le ka mehla, ya bopileng lehodimo le dintho tse ho lona le lefatshe le dintho tse ho lona le lewatle le dintho tse ho lona, la re: “Ha ho sa tla hlola ho e ba le tieho; 7 empa matsatsing a ha ho utlwahala modumo wa lengeloi la bosupa, ha le le haufi le ho letsa terompeta ya lona, sephiri se halalelang sa Modimo ho ya ka ditaba tse molemo tseo a ileng a di bolella makgoba a hae baprofeta ka sebele se fihliswa qetellong.” 8 Lentswe leo ke ileng ka le utlwa le tswa lehodimong le boetse le bua le nna le re: “E ya, o nke moqolo o butsweng o letsohong la lengeloi le emeng hodima lewatle le hodima lefatshe.” 9 Ka tloha ka ya ho lengeloi mme ka le bolella hore le mphe moqolo o monyenyane. La re ho nna: “O nke mme o o je, mme o tla etsa hore mpa ya hao e babe, empa ka hanong la hao o tla ba monate jwalo ka mahe a dinotshi.” 10 Ka nka moqolo o monyenyane letsohong la lengeloi ka o ja, mme ka hanong la ka o ne o le monate jwalo ka mahe a dinotshi; empa ha ke o jele, mpa ya ka ya baba. 11 Ba re ho nna: “O boele o profete mabapi le batho le ditjhaba le maleme le marena a mangata.”
16-22 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | TŠENOLO 13-16
“O se ke wa Tshaba Dibata Tse Tshosang”
(Tšenolo 13:1, 2) Ya ema hodima lehlabathe la lewatle. Ka bona sebata se nyolohang ka lewatleng, se e na le dinaka tse leshome le dihlooho tse supileng, le mefapahlooho e leshome dinakeng tsa sona, empa dihloohong tsa sona se e na le mabitso a nyefolang. 2 Jwale sebata seo ke se boneng se ne se le jwalo ka lengau, empa maoto a sona a ne a le jwalo ka a bere, mme molomo wa sona o le jwalo ka molomo wa tau. Drakone ya fa sebata matla a sona le terone ya sona le bolaodi bo boholo.
w12 6/15 8 ¶6
Jehova ke “Mosenodi wa Diphiri”
6 Qetellong ya lekgolo la pele la dilemo C.E., Jesu ya tsositsweng bafung o ile a fa moapostola Johanne letoto la dipono tse hlollang. (Tšen. 1:1) Ho e nngwe ya tsona, Johanne o ile a bona Diabolose, a tshwantshetswa ke drakone, e eme lebopong la lewatle le leholo. (Bala Tšenolo 13:1, 2.) Johanne o ile a boela a bona sebata se makatsang se etswa lewatleng mme Diabolose a se fa matla a maholo. Ha morao, lengeloi le ile la bolella Johanne hore sebata se mmala o sekareleta, e leng setshwantsho sa sebata seo ho buuwang ka sona ho Tšenolo 13:1, se emela “marena a supileng” kapa mebuso. (Tšen. 13:14, 15; 17:3, 9, 10) Nakong eo Johanne a neng a ngola boprofeta bona ka yona, marena a mahlano a ne a se a wele, a le mong a ntse a busa mme e mong “a e so fihle.” Mebuso eo kapa mebuso e matla ya lefatshe ke efe? A re ke re tshohleng hlooho ka nngwe ya sebata seo ho builweng ka sona ho Tšenolo. Re tla boela re bone ka moo boprofeta ba Daniele bo ileng ba fana ka dintlha tse qaqileng ka teng mabapi le e meng ya mebuso ena, wa dinako tse ding esita le dilemo tse makgolo pele e e ba teng.
(Tšenolo 13:11) Ka bona sebata se seng se nyoloha lefatsheng, mme se ne se e na le dinaka tse pedi jwalo ka konyana, empa sa qala ho bua jwalo ka drakone.
(Tšenolo 13:15) Sa nehwa ho fa setshwantsho sa sebata phefumoloho, e le hore setshwantsho sa sebata se ka bua le ho etsa hore ho bolawe bohle bao ka tsela le ha e le efe ba neng ba ke ke ba rapela setshwantsho sa sebata.
re 194 ¶26
Ho Lwana le Dibata Tse Pedi Tse Bohale ka ho Fetisisa
26 Ebe ke ofe? Ke Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika, o tshwanang le hlooho ya bosupa ya sebata sa pele empa o phetha karolo e nngwe e kgethehileng. Ho se kgetholla ponong e le sebata se arohileng ho re thusa hore re bone ka ho hlaka ka moo se sebetsang se le seng ka teng lefatsheng. Sebata sena sa tshwantshetso se dinaka di pedi se entswe ka mebuso e mmedi ya dipolotiki e ntseng e le teng, e sa ikemelang, empa e sebedisana. Dinaka tsa sona tse pedi tse ‘jwalo ka tsa konyana’ di bontsha hore se iketsa se bonolo le se sa hlaseleng, se nang le sebopeho sa puso e bohlale eo lefatshe lohle le lokelang ho retelehela ho yona. Empa se bua jwalo ka “drakone” ka hore se sebedisa kgatello le ditshoso esita le pefo e totobetseng hohle moo mokgwa wa sona wa puso o sa amohelweng. Ha se a kgothalletsa ho ikokobelletsa Mmuso wa Modimo tlasa puso ya Konyana ya Modimo empa, ho e na le hoo, se kgothalleditse ho ikokobelletsa se batlwang ke Satane, e leng drakone e kgolo. Se kgothalleditse dikarohano tsa botjhaba le lehloyo le tlatsetsang ho rapeleng sebata sa pele.
re 195 ¶30-31
Ho Lwana le Dibata Tse Pedi Tse Bohale ka ho Fetisisa
30 Ho phethahala ha histori ho bontsha hore setshwantsho sena ke mokgatlo o ileng wa buellwa, wa kgothalletswa wa ba wa tshehetswa ke Brithane le United States, oo qalong o neng o tsejwa e le Selekane sa Ditjhaba. Ha morao, ho Tšenolo kgaolo ya 17, o tla hlaha o tshwantshetswa ke ntho e fapaneng, e le sebata se phelang, se phefumolohang se mmala o sekareleta se ikemetseng. Sehlopha sena sa matjhaba ‘se a bua,’ ka ha ka boithoriso se bolela hore ke sona feela se ka tlisetsang batho kgotso le tshireletseho. Empa bonneteng se fetohile sebaka seo ditjhaba tseo e leng ditho tsa sona di seollanang ho sona ka dipuo tse telele le mahlapa. Se nnile sa sokela setjhaba le ha e le sefe kapa batho le ha e le bafe ba sa ikokobeletseng matla a sona ka hore se tla ba qhelela thoko kapa se tla ba hlorisetsa ruri. Ha e le hantle, Selekane sa Ditjhaba se lelekile ditjhaba tse sa kang tsa amohela dikgopolo tsa sona. Qalong ya matshwenyeho a maholo, “dinaka” tsa sesole tsa setshwantsho sa sebata di tla phetha mosebetsi wa ho ripitla.—Tšenolo 7:14; 17:8, 16.
31 Ho tloha ka Ntwa ya II ya Lefatshe, setshwantsho sa sebata, seo jwale se hlahileng e se e le mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng, se nnile sa hla sa bolaya. Ka mohlala, ka 1950 lebotho la Matjhaba a Kopaneng le ile la kenella ntweng pakeng tsa Korea Leboya le Korea Borwa. Lebotho la Matjhaba a Kopaneng, ha mmoho le la Makorea a ka Borwa, le ile la bolaya Makorea a ka Leboya le Matjhaena a hakanyetswang ho batho ba 1 420 000. Ka ho tshwanang, ho tloha ka 1960 ho fihlela ka 1964, mabotho a Matjhaba a Kopaneng a ne a lwana Congo (Kinshasa). Ho feta moo, baetapele ba lefatshe, ba akarelletsang mopapa Paul VI le mopapa John Paul II, ba nnile ba tswela pele ho tiisa hore setshwantsho sena ke tshepo ya ho qetela ya batho e molemohadi ya ho tlisa kgotso. Ba tsitlella hore haeba batho ba sa se sebeletse, moloko wa batho o tla itimetsa. Ka hoo ka tsela ya tshwantshetso ba etsa hore ho bolawe batho bohle ba hanang ho kgema le setshwantsho seo le ho se rapela.—Deuteronoma 5:8, 9.
(Tšenolo 13:16, 17) Se qobella batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, le ba ruileng le ba futsanehileng, le ba lokolohileng le makgoba, hore ba fuwe letshwao matsohong a bona a matona kapa diphatleng tsa bona, 17 le hore ho se ke ha e ba le ya ka kgonang ho reka kapa ho rekisa haese motho ya nang le letshwao, lebitso la sebata kapa palo ya lebitso la sona.
w09 2/15 4 ¶2
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Tšenolo—II
13:16, 17. Ho sa tsotellehe mathata ao re ka nnang ra thulana le wona ha re etsa mesebetsi ya rona ya letsatsi le letsatsi, e kang “ho reka kapa ho rekisa,” ha re a lokela ho dumella sebata ho re hatella hore se laole bophelo ba rona. Ho amohela ‘letshwao la sebata matsohong a rona kapa diphatleng tsa rona’ ho tla tshwana le ho dumella sebata hore se laole diketso tsa rona kapa hore se ame menahano ya rona.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Tšenolo 16:13, 14) Ka bona dipolelo tse buduletsweng tse tharo tse sa hlwekang tse neng di shebahala jwalo ka dihoho di tswa molomong wa drakone le molomong wa sebata le molomong wa moprofeta wa bohata. 14 Ha e le hantle, ke dipolelo tse buduletsweng ke bademona mme di etsa dipontsho, mme di ya ho marena a lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona, ho a bokellela ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla ohle.
w09 2/15 4 ¶5
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Tšenolo—II
16:13-16. ‘Dipolelo tse buduletsweng tse sa hlwekang’ di emela mashano a bademona ao morero wa ona e leng ho tiisa hore marena a lefatshe ha a susumetswe ke ho tshollwa ha dikotlolo tse supileng tsa bohale ba Modimo empa ho e na le hoo, a laolwa hore a hanyetse Jehova.—Mat. 24:42, 44.
(Tšenolo 16:21) Sefako se seholo seo lejwe le leng le le leng la sona le ka bang boima ba talenta sa theohela hodima batho se tswa lehodimong, yaba batho ba nyefola Modimo ka lebaka la kotlo ya sefako, hobane kotlo ya sona e ne e le kgolo ka ho sa tlwaelehang.
w15 7/15 12 ¶9
‘Topollo ya Lona e Atametse’!
9 Ha matshwenyeho a maholo a se a qadile, eo e tla be e se nako ya ho bolela ‘ditaba tse molemo tsa Mmuso.’ Nako ya teng e tla be e fetile. E tla be e le nako ya “bofelo.” (Mat. 24:14) Ka sebete bahlanka ba Modimo ba tla phatlalatsa molaetsa o matla wa kahlolo ho batho bohle. Molaetsa oo e ka nna ya e ba wa hore lefatshe le kgopo la Satane le haufi le ho fediswa. Bibele e bapisa molaetsa oo le sefako ha e re: “Sefako se seholo seo lejwe le leng le le leng la sona le ka bang boima ba talenta sa theohela hodima batho se tswa lehodimong, yaba batho ba nyefola Modimo ka lebaka la kotlo ya sefako, hobane kotlo ya sona e ne e le kgolo ka ho sa tlwaelehang.”—Tše. 16:21.
Mmalo wa Bibele
(Tšenolo 16:1-16) Ka utlwa lentswe le phahameng le tswang sehalalelong le re ho mangeloi a supileng: “Eyang mme le tshollele dikotlolo tse supileng tsa bohale ba Modimo lefatsheng.” 2 La pele la tloha yaba le tshollela sekotlolo sa lona lefatsheng. Batho ba neng ba e na le letshwao la sebata le ba neng ba rapela setshwantsho sa sona, ba tswa seso se kotsi le se bolayang. 3 La bobedi la tshollela sekotlolo sa lona lewatleng. La fetoha madi a jwalo ka a motho ya shweleng, mme moya o mong le o mong o phelang wa shwa, e, dintho tse ka lewatleng. 4 La boraro la tshollela sekotlolo sa lona dinokeng le didibeng tsa metsi. Tsa fetoha madi. 5 Ka utlwa lengeloi le hodima metsi le re: “Wena, Ya teng le ya neng a le teng, Ya tshepahalang, o lokile, hobane o entse diqeto tsena, 6 hobane ba ile ba tsholla madi a bahalaledi le a baprofeta, mme o ba file madi hore ba a nwe. Ba tshwanelwa ke seo.” 7 Ka utlwa aletare e re: “E, Jehova Modimo, ya Matla ohle, diqeto tsa hao tsa boahlodi ke tsa nnete mme di lokile.” 8 La bone la tshollela sekotlolo sa lona letsatsing; mme letsatsi la nehwa hore le tlabole batho ka mollo. 9 Batho ba tlabolwa ke motjheso o moholo, empa ba nyefola lebitso la Modimo, ya nang le matla hodima dikotlo tsena, mme ha ba a a ka ba baka e le hore ba mo tlotlise. 10 La bohlano la tshollela sekotlolo sa lona hodima terone ya sebata. Mmuso wa sona wa fifala, yaba ba qala ho itoma maleme ka lebaka la bohloko ba bona, 11 empa ba nyefola Modimo wa lehodimo ka lebaka la bohloko ba bona le ka lebaka la diso tsa bona, mme ha ba a a ka ba baka mesebetsing ya bona. 12 La botshelela la tshollela sekotlolo sa lona hodima noka e kgolo ya Eufrate, mme metsi a yona a psha, e le hore tsela e ka lokiswa bakeng sa marena a tswang botjhabatsatsi. 13 Ka bona dipolelo tse buduletsweng tse tharo tse sa hlwekang tse neng di shebahala jwalo ka dihoho di tswa molomong wa drakone le molomong wa sebata le molomong wa moprofeta wa bohata. 14 Ha e le hantle, ke dipolelo tse buduletsweng ke bademona mme di etsa dipontsho, mme di ya ho marena a lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona, ho a bokellela ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla ohle. 15 “Bonang! Ke tla jwalo ka leshodu. Ho thaba ya dulang a fadimehile mme a boloka diaparo tsa hae tsa ka ntle, e le hore a se ke a tsamaya a hlobotse mme batho ba tadima dihlong tsa hae.” 16 Tsa a bokellela sebakeng seo ka Seheberu se bitswang Har–Magedone.
23-29 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | TŠENOLO 17-19
“Ntwa ya Modimo e Tla Fedisa Dintwa Tsohle”
(Tšenolo 19:11) Ka bona lehodimo le buleha, mme, bonang! pere e tshweu. Ya e palameng o bitswa ya Tshepahalang le wa nnete, mme o ahlola le ho lwana ka ho loka.
(Tšenolo 19:14-16) Hape, mabotho a neng a le lehodimong a ne a mo latela ka dipere tse tshweu, mme a ne a apere line ya boleng bo botle, e tshweu, e hlwekileng. 15 Molomong wa hae ho tswa sabole e telele e bohale, e le hore a ka hlatha ditjhaba ka yona, mme o tla di disa ka molamu wa tshepe. Hape o hatakela sehatelo sa veine sa bohale ba kgalefo ya Modimo ya Matla ohle. 16 Seaparong sa hae sa ka ntle, esita le seropeng sa hae, o na le lebitso le ngotsweng, Morena wa marena le Kgosi ya dikgosi.
w08 4/1 8 ¶3-4
Armagedone—Ntwa ya Modimo e Tla Fedisa Dintwa Tsohle
Ha feela batho ba kgopo ba ntse ba busa, batho ba lokileng ba ke ke ba ba le kgotso le tshireletseho. (Liproverbia 29:2; Moeklesia 8:9) Ho hlakile hore re ke ke ra fedisa ho se tshepahale le bokgopo ha feela batho ba bo etsang ba ntse ba le teng. Ke ka hoo ho hlokahalang hore ho fediswe batho ba kgopo e le hore ho ka ba le kgotso le toka ka ho sa feleng. Solomone o itse: “Ya kgopo ke thekollo bakeng sa ya lokileng.”—Liproverbia 21:18.
Ka ha Modimo ke yena Moahlodi, re ka kgodiseha hore maemong ohle o tla ahlola batho ba kgopo ka ho loka. Abrahama o ile a botsa potso ena: “Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?” Abrahama o ile a lemoha hore Jehova o etsa se nepahetseng ka dinako tsohle. (Genese 18:25) Ho feta moo, Bibele e re tiisetsa hore Jehova ha a thabele ho timetsa batho ba kgopo; o ba timetsa hobane a se na boikgethelo.—Ezekiele 18:32; 2 Petrose 3:9.
it-1-E 1146 ¶1
Pere
Ponong ya moapostola Johanne ya tshwantshetso, Jesu Kreste ya tlotlisitsweng o tshwantshetswa ke mopalami wa pere e tshweu ya latelwang ke lebotho le palameng dipere tse tshweu. Pono ena e ile ya bontshwa Johanne mme e ne e emela ntwa e lokileng le ya toka eo Kreste a tla e lwana kgahlanong le dira tsohle, a emela Modimo wa hae le Ntate wa hae, e leng Jehova. (Tše 19:11, 14) Bapalami ba fapaneng ba dipere ba tshwantshetsa kgato eo Kreste a ileng a e nka jwalo ka Morena le dintho tse bohloko tse ileng tsa latela.—Tše 6:2-8.
(Tšenolo 19:19, 20) Ka bona sebata le marena a lefatshe le mabotho a wona a bokane ho lwantsha ya palameng pere le lebotho la hae. 20 Sebata sa tshwarwa, mme ha mmoho le sona ha tshwarwa moprofeta wa bohata ya ileng a etsa ka pela sona dipontsho tseo ka tsona a ileng a kgelosa ba ileng ba amohela letshwao la sebata le ba fanang ka borapedi ho setshwantsho sa sona. Ba sa ntse ba phela, ba dihelwa ka letsheng la mollo le tukang sebabole.
re 286 ¶24
Morena wa Mohlabani wa Hlola ka Armagedone
24 Sebata se dihlooho di supileng, se dinaka di leshome se tswang lewatleng, se emelang mokgatlo wa dipolotiki wa Satane, se dihelwa moo se tla lebalwa, ha mmoho le moprofeta wa bohata, e leng mmuso wa lefatshe wa bosupa. (Tšenolo 13:1, 11-13; 16:13) Ha “ba sa ntse ba phela,” kapa ba sa ntse ba hanyetsa batho ba Modimo lefatsheng ba kopane, ba dihelwa ka “letsheng la mollo.” Na ebe lee ke letsha la sebele la mollo? Tjhe, hobane le sebata le moprofeta wa bohata ha se diphoofolo tsa sebele. Ho e na le hoo, le tshwantshetsa timetso e feletseng, ya ho qetela, ya ka ho sa feleng. Mona ke hona moo ha morao lefu le Hadese ha mmoho le Diabolose ka boyena ba tla dihelwa teng. (Tšenolo 20:10, 14) Ka sebele ha se sebaka se tjhesang seo ho sona ho hlokofatswang ba kgopo ka ho sa feleng, ka ha kgopolo ya sebaka se jwalo ka boyona e manyala ho Jehova.—Jeremia 19:5; 32:35; 1 Johanne 4:8, 16.
(Tšenolo 19:21) Empa ba bang kaofela ba bolawa ka sabole e telele ya ya palameng pere, e leng sabole e neng e tswa molomong wa hae. Dinonyana kaofela tsa kgora dinama tsa bona.
re 286 ¶25
Morena wa Mohlabani wa Hlola ka Armagedone
25 Ba bang bohle bao e neng e se karolo ya puso ka ho toba empa le ha ho le jwalo e le karolo e ka lokiswang ya lefatshe lena le bodileng la batho, ka ho tshwanang “ba bolawa ka sabole e telele ya ya palameng pere.” Jesu o tla bolela hore ba loketswe ke lefu. Ka ha tabeng ya bona ha ho bolelwe letho ka letsha la mollo, na re ka lebella hore ba tla tsoha? Ha ho moo re bolellwang hore ba bolailweng ke Moahlodi ya behilweng ke Jehova ka nako eo ba tla tsoswa. Jwalo ka ha Jesu ka boyena a boletse, bohle bao e seng “dinku” ba ya “mollong o sa feleng o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae,” ke hore, “phedisong e sa feleng.” (Matheu 25:33, 41, 46) Ena ke yona tlhoro ya ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ya batho ba se nang bomodimo.’—2 Petrose 3:7; Nahume 1:2, 7-9; Malakia 4:1.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Tšenolo 17:8) Sebata seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se yo, le ha ho le jwalo se haufi le ho nyoloha ka mohohlong, mme se tla ya timetsong. Ha ba bona ka moo sebata se neng se le teng, empa se se se le siyo, le ha ho le jwalo se tla ba teng, ba dulang lefatsheng ba tla makala ka ho hlollwa, empa mabitso a bona ha a a ngolwa moqolong wa bophelo ho tloha ho thehweng ha lefatshe.
re 247-248 ¶5-6
Sephiri se Hlollang se a Rarollwa
5“Sebata . . . se ne se le teng.” E, se bile teng e le Selekane sa Ditjhaba ho tloha ka la 10 January 1920, ho ya pele, mme ho ne ho e na le ditjhaba tse 63 tse kentseng letsoho ho sona ka dinako tse fapaneng. Empa, ha morao, Japane, Jeremane le Italy di ile tsa ikgula, mme dinaha tseo pele e neng e le Soviet Union tsa ntshwa Selekaneng seo. Ka September 1939 mohatelli wa Bonazi wa Jeremane o ile a qala Ntwa ya II ya Lefatshe. Ka ha se ne se hlolehile ho boloka kgotso lefatsheng, ho bonahala hore Selekane sa Ditjhaba se ile sa wela mohohlong wa ho se sebetse. Ka 1942 selekane seo e ne e se e le sa maobane. Hantle feela ka yona nako eo ya makgaolakgang, eseng pele ho yona kapa ka mora yona, Jehova o ile a hlalosetsa batho ba hae sohle se bolelwang ke pono ena. Kopanong eo ya Puso ya Modimo ya Lefatshe le Letjha, N. H. Knorr o ne a ka bolela hore “sebata. . . ha se yo” tumellanong le boprofeta. Yaba o botsa potso e reng, “Na Selekane se tla dula se ntse se le ka sekoting?” Ha a qotsa Tšenolo 17:8, a arabela ka hore: “Mokgatlo wa ditjhaba tsa lefatshe o tla hlaha hape.” Mme ke sona se hlileng sa etsahala, e leng ho ileng ha paka hore Lentswe la Jehova la boprofeta le nepile.
Ho Nyoloha ka Mohohlong
6 Sebata se mmala o sekareleta se ile sa fela sa nyoloha ka mohohlong. Ka la 26 June 1945, ho ile ha hlajwa mokgosi o moholo San Francisco, U.S.A., ha ditjhaba tse 50 di voutela ho amohela Molaomotheo wa mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng. Morero wa mokgatlo ona e ne e le “ho boloka kgotso le tshireletseho ya matjhaba.” Selekane se ne se tshwana le Matjhaba a Kopaneng ka dintho tse ngata. The World Book Encyclopedia e re: “Ka ditsela tse ding, Matjhaba a Kopaneng a tshwana le Selekane sa Ditjhaba, se ileng sa hlophiswa ka mora Ntwa ya I ya Lefatshe . . . Ditjhaba tse ngata tse ileng tsa theha Matjhaba a Kopaneng e ne e le tsona hape tse ileng tsa theha Selekane. Jwalo ka Selekane, Matjhaba a Kopaneng a ile a thehelwa hore a thuse ho boloka kgotso pakeng tsa ditjhaba. Dikarolo tse ka sehloohong tsa Matjhaba a Kopaneng di tshwana haholo le tsa Selekane seo.” Jwale, ha e le hantle Matjhaba a Kopaneng ke ho tsosoloswa ha sebata se mmala o sekareleta. Ditjhaba tse ka bang 190 tseo e leng ditho tsa wona di feta hole tse 63 tseo e neng e le ditho tsa Selekane; a boetse a na le boikarabelo bo eketsehileng ho feta ba Selekane.
(Tšenolo 17:16, 17) Dinaka tse leshome tseo o di boneng, le sebata, di tla hloya seotswa mme di tla se ripitla le ho se hlobodisa, di tla ja dinama tsa sona mme di tla se tjhesa ka ho feletseng ka mollo. 17 Etswe Modimo o ho kentse ka dipelong tsa tsona ho phetha monahano wa hae, ho phetha monahano wa tsona o le mong ka ho fa sebata mmuso wa tsona, ho fihlela ha mantswe a Modimo a tla be a phethehile.
w12 6/15 18 ¶17
Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”
17 Le ha ho le jwalo, bodumedi ba bohata bo ke ke ba iphella feela. Seotswa se tla dula se e na le matla, se tla leka ho susumetsa marena hore a etse thato ya sona ho fihlela ha Modimo a susumetsa dipelo tsa ba boholong pusong. (Bala Tšenolo 17:16, 17.) Haufinyane Jehova o tla etsa hore mekgatlo ya tsamaiso ya dipolotiki ya Satane, e emelwang ke Matjhaba a Kopaneng, e hlasele bodumedi. E tla fedisa tshusumetso ya bona ha mmoho le maruo a bona. Mohlomong dilemong tse mashome a seng makae tse fetileng, batho ba bangata ba ne ba nahana hore bodumedi bo tla dula bo le matla bo bile bo hlomphuwa. Kajeno, seotswa ha se a tsitsa mokokotlong wa sebata se mmala o sekareleta. Le ha ho le jwalo, se ke ke sa wa butle. Se tla wa ka potlako mme se tla wa habohloko.—Tše. 18:7, 8, 15-19.
Mmalo wa Bibele
(Tšenolo 17:1-11) Le leng la mangeloi a supileng a neng a e na le dikotlolo tse supileng la tla mme la bua le nna, la re: “Tloo, ke tla o bontsha kahlolo ya seotswa se seholo se dulang hodima metsi a mangata, 2 seo marena a lefatshe a ileng a etsa bohlola le sona, athe ba ahileng lefatsheng ba ile ba tahwa ke veine ya bohlola ba sona.” 3 La nkuka ka matla a moya la nkisa lefeelleng. Ka re hedi! mme ka bona mosadi ya palameng sebata se mmala o sekareleta se neng se tletse mabitso a nyefolang le se neng se e na le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome. 4 Mosadi eo o ne a apere bopherese le sekareleta, mme o ne a kgabile ka kgauta le lejwe la bohlokwa le diperela mme letsohong la hae o ne a tshwere senwelo sa kgauta se neng se tletse dintho tse nyonyehang le dintho tse sa hlwekang tsa bohlola ba hae. 5 Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso, sephiri: “Babylona e Moholo, mme wa diotswa le wa dintho tse nyonyehang tsa lefatshe.” 6 Ka bona hore mosadi eo o ne a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Jwale, ha ke re hedi! mme ke mo bona ka makala ka makalo e kgolo. 7 Ka hoo lengeloi la re ho nna: “O makaletseng? Ke tla o bolella sephiri sa mosadi eo le sa sebata se mo jereng le se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome: 8 Sebata seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se yo, le ha ho le jwalo se haufi le ho nyoloha ka mohohlong, mme se tla ya timetsong. Ha ba bona ka moo sebata se neng se le teng, empa se se se le siyo, le ha ho le jwalo se tla ba teng, ba dulang lefatsheng ba tla makala ka ho hlollwa, empa mabitso a bona ha a a ngolwa moqolong wa bophelo ho tloha ho thehweng ha lefatshe. 9 “Mona ke moo kelello e nang le bohlale e kenellang: Dihlooho tse supileng di bolela dithaba tse supileng, tseo mosadi eo a dulang hodima tsona. 10 Ho na le marena a supileng: a mahlano a wele, e mong o teng, e mong ha a e so fihle, empa ha a fihla o tla dula nakwana e kgutshwanyane. 11 Sebata se neng se le teng empa se se se le siyo, e boetse ke morena wa borobedi, empa se hlaha ho tse supileng, mme se tloha ho ya timetsong.
30 JANUARY–5 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | TŠENOLO 20-22
“Bona! Ke Etsa Hore Dintho Tsohle di be Ntjha”
(Tšenolo 21:1) Ka bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha; etswe lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile, mme lewatle ha le sa le yo.
re 301 ¶2
Lehodimo le Letjha le Lefatshe le Letjha
2 Makgolo a dilemo pele ho mehla ya Johanne, Jehova o ne a ile a re ho Esaia: “Etswe bonang! ke bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha; mme dintho tsa pele di ke ke tsa hopolwa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17; 66:22) Boprofeta bona bo ile ba phethahala ka lekgetlo la pele ha Bajuda ba tshepahalang ba kgutlela Jerusalema ka 537 B.C.E. ka mora hore ba be kgolehong Babylona ka dilemo tse 70. Tsosolosong eo, ba ile ba theha mokgatlo o hlwekisitsweng, e leng “lefatshe le letjha,” tlasa tsamaiso ya puso e ntjha, e leng “mahodimo a matjha.” Le ha ho le jwalo, moapostola Petrose o ile a bua ka ho phethahala ho hong ha boprofeta bona, a re: “Empa ho na le mahodimo a matjha le lefatshe le letjha tseo re di letetseng ho ya ka tshepiso ya hae, mme ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) Jwale Johanne o bontsha hore tshepiso ena e phethahala letsatsing la Morena. “Lehodimo la pele le lefatshe la pele,” e leng tsamaiso ya dintho ya Satane e nang le sebopeho sa puso se susumeditsweng ke Satane le bademona ba hae, di tla feta. “Lewatle” le befileng la batho ba kgopo, ba tletseng bofetohedi le tla kgaotsa ho ba teng. Sebakeng sa lona e tla ba “lehodimo le letjha le lefatshe le letjha,” mokgatlo o motjha wa lefatsheng o tlasa puso e ntjha, e leng Mmuso wa Modimo.—Bapisa le Tšenolo 20:11.
(Tšenolo 21:3, 4) Yaba ke utlwa lentswe le phahameng le tswang teroneng le re: “Bonang! Tente ya Modimo e ho moloko wa batho, o tla dula le bona, mme e tla ba batho ba hae. Modimo o tla ba le bona. 4 O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e ba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di e ba teng. Dintho tsa pele di fetile.”
w13 12/1 11 ¶2-4
“Bona! Ke Etsa Dintho Tsohle di be Ntjha”
“[Modimo] o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.” (Tšenolo 21:4) O tla hlakola meokgo ya mofuta ofe? A ke ke a hlakola meokgo ya thabo kapa e sireleditseng mahlo a rona. Tshepiso ya Modimo e bua ka meokgo e bakwang ke mahlomola le ho sarelwa. Modimo a ke ke a hlakola meokgo eo feela; o tla e fedisa ka ho feletseng ka hore a fedise dintho tse bakang meokgo eo, e leng mahlomola le ho sarelwa.
“Lefu ha le sa tla hlola le e ba teng.” (Tšenolo 21:4) Ha ho na ntho e llisang batho ho feta lefu, e leng sera sa rona. Jehova o tla lokolla batho ba mo mamelang ditleneng tsa lefu. Jwang? Ka hore a fedise ntho eo e leng yona e bakang lefu: sebe seo re se futsitseng ho Adama. (Baroma 5:12) Jehova o tla sebedisa sehlabelo sa thekollo sa Jesu ho etsa hore batho ba mo mamelang ba phethahale. Ka hoo, sera sa ho qetela, e leng lefu, se tla “etswa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:26) Batho ba tshepahalang ba tla phela ka moo Modimo a neng a rerile ka teng, ba phele ka ho sa feleng ba phethahetse mmeleng.
‘Bohloko ha bo sa tla hlola bo e ba teng.’ (Tšenolo 21:4) Ke bohloko ba mofuta ofe bo ke keng ba hlola bo e ba teng? Bohloko bohle ba kelello, ba maikutlo le ba mmele bo bakilweng ke sebe le ho se phethahale le bo sulafalleditseng batho ba dimilione bophelo, bo ke ke ba hlola bo e ba teng.
(Tšenolo 21:5) Ya dutseng teroneng a re: “Bona! Ke etsa hore dintho tsohle di be ntjha.” Hape, o re: “Ngola, hobane mantswe ana a a tshepahala mme ke a nnete.”
w03 8/1 12 ¶14
Jehova, Modimo wa Nnete
14 Re lokela ho nka ka ho teba seo Jehova a re bolellang sona ka Lentsweng la hae. Ke seo a reng ke sona, mme o tla etsa seo a reng o tla se etsa. Re na le mabaka a utlwahalang a ho tshepa Modimo. Re lokela ho dumela ha Jehova a re o tla tlisa “phetetso hodima ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng ditaba tse molemo tse mabapi le Morena wa rona Jesu.” (2 Bathesalonika 1:8) Re boetse re lokela ho dumela ha Jehova a re o rata ba phehellang ho loka, ha a re o tla fa ba bontshang tumelo bophelo bo sa feleng le ha a re o tla fedisa bohloko, ho bokolla, esita le lefu. Jehova o ile a tiisa ho tshepahala ha tshepiso ena ya ho qetela ka ho fa moapostola Johanne taelo e reng: “Ngola, hobane mantswe ana a a tshepahala mme ke a nnete.”—Tšenolo 21:4, 5; Liproverbia 15:9; Johanne 3:36.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Tšenolo 20:5) (Bafu ba bang kaofela ha ba a a ka ba phela ho fihlela dilemo tseo tse sekete di fedile.) Ena ke tsoho ya pele.
it-2-E 249 ¶2
Bophelo
Taelo eo Modimo a ileng a e fa Adama e ne e bontsha hore haeba Adama a ne a ka mo mamela o ne a ke ke a shwa. (Ge 2:17) Ka hoo ha lefu e leng sera sa ho qetela le etswa lefeela, batho ba mamelang Modimo ba ke ke ba hlola ba e ba le sebe mmeleng ya bona se etsang hore ba shwe. Ba tla phela ka ho sa feleng. (1Ko 15:26) Lefu le tla etswa lefeela qetellong ya puso ya Kreste, eo lengolo la Tšenolo le reng e tla ba teng ka dilemo tse sekete. Mona ho thwe bao e ileng ya eba marena le baprista mmoho le Kreste ba ile “ba phela yaba ba busa e le marena le Kreste ka dilemo tse sekete.” “Bafu ba bang kaofela” ba sa kang ba phela “ho fihlela dilemo tseo tse sekete di fedile” e tlameha e be ke ba tla beng ba phela qetellong ya dilemo tse sekete empa pele Satane a lokollwa mohohlong mme a leka batho ka lekgetlo la ho qetela. Qetellong ya dilemo tse sekete, batho ba tla be ba phethahetse lefatsheng mme ba le boemong boo Adama le Eva ba neng ba le ho bona pele ba etsa sebe. Jwale ba tla ba le bophelo bo phethahetseng e le ka nnete. Batho ba tla hlola teko ya Satane ka mora hore a lokollwe ka nakwana ka mohohlong, ba tla thabela bophelo bo phethahetseng ka ho sa feleng.—Tše 20:4-10.
(Tšenolo 20:14, 15) Lefu le Hadese tsa dihelwa ka letsheng la mollo. Sena se bolela lefu la bobedi, letsha la mollo. 15 Ho feta moo, mang kapa mang ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo a dihelwa ka letsheng la mollo.
it-2-E 189-190
Letsha la Mollo
Mantswe ana a hlaha lengolong la Tšenolo feela mme ho hlakile hore ke a tshwantshetso. Bibele ha e hlalosa mantswe ana a tshwantshetso e re: “Sena se bolela lefu la bobedi, letsha la mollo.”—Tše 20:14; 21:8.
Ditemana tse potolohileng ena lengolong la Tšenolo di hlalosa ka ho eketsehileng le ka ho hlaka hore na letsha la mollo le tshwantshetsa eng. Ho thwe lefu le tla dihelwa ka letsheng la mollo. (Tše 19:20; 20:14) Ho hlakile hore lefu le ke ke la tjheswa ka tsela ya sebele. Ho feta moo, Diabolose e leng lengeloi le sa bonahaleng le tla lahlelwa ka letsheng. Ka ha ke lengeloi, a ke ke a kgona ho tjheswa ke mollo wa sebele.—Tše 20:10; bapisa le Ex 3:2 le Bhl 13:20.
Ka ha letsha la mollo le emela “lefu la bobedi” hape Tšenolo 20:14 e re “Lefu le Hadese” di tla lahlelwa ka letsheng la mollo, ho hlakile hore letsha lena le ke ke la emela lefu leo batho ba le futsitseng ho Adama (Bar 5:12), hape le ke ke la emela Hadese (Sheole). E tlameha e be le tshwantshetsa mofuta o mong wa lefu, le ke keng la etsollwa, ho feta moo ha ho na tlaleho e reng “letsha” le ile la nehelana ka bafu ba ho lona, empa ho na le tlaleho e reng lefu le bakilweng ke Adama le Hadese (Sheole) di nehelana ka bafu ba ho tsona. (Tše 20:13) Ka hona, ba sa kang ba fumanwa ba ngotswe “bukeng ya bophelo,” bahanyetsi ba bobusi ba Modimo ba sa bakeng ba tla lahlelwa ka letsheng la mollo, ho bolelang timetso ya ka ho sa feleng kapa lefu la bobedi.—Tše 20:15.
Mmalo wa Bibele
(Tšenolo 20:1-15) Ka bona lengeloi le theoha lehodimong le e na le senotlolo sa mohohlo le ketane e kgolo letsohong la lona. 2 La tshwara drakone, noha ya pele, eo e leng Diabolose le Satane, mme la e tlama ka dilemo tse sekete. 3 La e dihela ka mohohlong mme la o kwala le ho o tiisa hodima yona, e le hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba ho fihlela dilemo tseo tse sekete di fedile. Ka mora dintho tsena e tla lokollwa ka nakwana. 4 Ka bona diterone, mme ho ne ho e na le ba ileng ba dula hodima tsona, yaba ba fuwa matla a ho ahlola. E, ka bona meya ya ba bolailweng ka selepe ka lebaka la bopaki boo ba ileng ba pakela Jesu ka bona le ka lebaka la ho bua ka Modimo, le ba neng ba sa rapela sebata kapa setshwantsho sa sona le ba neng ba sa amohela letshwao diphatleng tsa bona le matsohong a bona. Ba phela yaba ba busa e le marena le Kreste ka dilemo tse sekete.5 (Bafu ba bang kaofela ha ba a a ka ba phela ho fihlela dilemo tseo tse sekete di fedile.) Ena ke tsoho ya pele. 6 Ho thaba mme ho halalela mang kapa mang ya nang le kabelo tsohong ya pele; lefu la bobedi ha le na matla hodima bona, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena e le marena ka dilemo tseo tse sekete. 7 Jwale hang ha dilemo tseo tse sekete di fedile, Satane o tla lokollwa hore a tswe tjhankaneng ya hae, 8 mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tseo dikgutlong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, ho di bokella bakeng sa ntwa. Palo ya tsona e kaalo ka lehlabathe la lewatle. 9 Tsa tswela lefatsheng ka bophara le ho potapota diahelo tsa bahalaledi le motse o ratwang. Empa mollo wa theoha lehodimong mme wa di tjhesa. 10 Diabolose ya neng a di kgelosa a dihelwa ka letsheng la mollo le sebabole, moo sebata le moprofeta wa bohata ba neng ba se ba le hona teng; mme ba tla hlokofatswa bosiu le motshehare ka ho sa feleng le ka mehla. 11 Ka bona terone e kgolo e tshweu le ya neng a dutse ho yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha ka pela hae, mme ha di a ka tsa fumanelwa sebaka. 12 Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme ka pela terone, mme meqolo ya bulwa. Empa moqolo o mong wa bulwa; ke moqolo wa bophelo. Bafu ba ile ba ahlolwa ka dintho tse ngotsweng meqolong eo ho ya ka diketso tsa bona. 13 Lewatle la nehelana ka bafu ba ho lona, mme lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona, yaba ba ahlolwa ka bomong ho ya ka diketso tsa bona. 14 Lefu le Hadese tsa dihelwa ka letsheng la mollo. Sena se bolela lefu la bobedi, letsha la mollo. 15 Ho feta moo, mang kapa mang ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo a dihelwa ka letsheng la mollo.