MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 12-14
Selekane se o Amang
Jehova o entse selekane le Abrahama, e leng se ileng sa etsa hore Jesu le ba tla busa le yena lehodimong ba buse ka molao
Selekane se ile sa qala ho sebetsa ka selemo sa 1943 B.C.E. ha Abrahama a tshela Noka ya Eufrate a ya Kanana
Selekane se tla dula se sebetsa ho fihlela Mmuso wa Mesia o fedisa dira tsa Modimo mme o tlisetsa batho ditlhohonolofatso lefatsheng
Jehova o ile a hlohonolofatsa Abrahama ka lebaka la tumelo ya hae e matla. Haeba re ba le tumelo ditshepisong tsa Jehova, ke ditlhohonolofatso dife tseo re tla di fumana ka lebaka la selekane seo Modimo a se entseng le Abrahama?