Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwbr20 February leq. 1
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
  • Dihloohwana
  • 3-9 FEBRUARY
  • 10-16 FEBRUARY
  • 17-23 FEBRUARY
  • 24 FEBRUARY–1 MARCH
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
mwbr20 February leq. 1

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

3-9 FEBRUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 12-14

“Selekane se o Amang”

(Genese 12:1, 2) Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ya heno le ho beng ka wena le ntlong ya ntatao o ye naheng eo ke tla o bontsha yona; 2 ke tla o etsa setjhaba se seholo mme ke tla o hlohonolofatsa ke hodise lebitso la hao; o be tlhohonolofatso.

it-1-E 522 ¶4

Selekane

Selekane Seo Modimo a se Entseng le Abrahama. Ho bonahala selekane sena se qadile ho sebetsa ha Abrame (Abrahama) a tshela Eufrate a ya Kanana. Selekane sa Molao se ile sa etswa dilemo tse 430 ka mora moo. (Gal 3:17) Jehova o ile a bua le Abrahama ha a ntse a dula Mesopotamia, naheng ya Ure ya Bakalde, a mo bolella hore a ye naheng eo a tla mo bontsha yona. (Lik 7:2, 3; Ge 11:31; 12:1-3) Exoda 12:40, 41 (LXX) e re bolella hore ka mora dilemo tse 430 Baiseraele ba dula Egepeta le naheng ya Kanana, “ka lona letsatsi lena” Baiseraele ba ile ba tswa bokgobeng Egepeta. Ba ile ba lopollwa Egepeta ka di 14 tsa Nisane, ka selemo sa 1513 B.C.E., e leng letsatsi la Paseka. (Ex 12:2, 6, 7) Sena se bontsha hore Abrahama o ile a tshela Noka ya Eufrate ka di 14 tsa Nisane , ka selemo sa 1943 B.C.E., mme selekane seo Modimo a se entseng le Abrahama se ile sa qala ho sebetsa ka yona nako eo. Modimo o ile a boela a hlaha ho Abrahama ka mora hore a tlohe Kanana a ye Shikeme mme o ile a eketsa tshepiso ya hae ka ho re, “Ke tla fa peo ya hao naha ena.” Sena se ne se bontsha hore selekane sena se amana le tshepiso eo Modimo a e entseng Edene, mme se boetse se bontsha hore “peo” eo e ne e tla ba motho, ya tla tswa lelokong le itseng. (Ge 12:4-7) Ha morao Jehova o ile a eketsa ditshepiso tsa hae ho Abrahama, jwalo ka ha ho tlalehilwe ho Genese 13:14-17; 15:18; 17:2-8, 19; 22:15-18.

(Genese 12:3) Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, mme ke tla rohaka ya o rohakang, mme ka sebele malapa ohle a lefatshe a tla itlhohonolofatsa ka wena.”

w89 7/1 3 ¶4

Lebaka Leo ka Lona o Lokelang ho Tseba Nnete ka Abrahama

Eo ke tshepiso e hlollang, mme Abrahama o ile a utlwa ha e phetwa bonyane ka makgetlo a mang a mabedi. (Genese 18:18; 22:18) Hore e phethahatswe, Modimo o tla tsosa bafung baemedi ba malapa ohle ba hlokahetseng. Bophelo ba batho ba jwalo ba tsositsweng e tla ba tlhohonolofatso ya sebele, ka ha ba bangata ho bona ba tla kgutlela boemong ba lefatshe bo tshwanang le Paradeise eo motho a ileng a e lahla qalong. Ka mora moo, ba tla rutwa hore na ke jwang ba ka fumanang tlhohonolofatso ya bophelo bo sa feleng.​—Genese 2:8, 9, 15-17; 3:17-23.

(Genese 13:14-17) Yaba Jehova o re ho Abrame ka mora hore Lota a arohane le yena: “Ka kopo, phahamisa mahlo, mme ho tloha sebakeng seo o leng ho sona, o tadime nqa leboya le nqa borwa le nqa botjhabela le nqa bophirimela, 15 hobane naha yohle eo o e tadimileng, ke tla e fa wena le peo ya hao ho fihlela nakong e sa lekanyetswang. 16 Ke tla etsa hore peo ya hao e be jwalo ka lerole la lefatshe, hoo haeba motho a ka kgona ho bala lerole la lefatshe, le peo ya hao a ka kgonang ho e bala. 17 Ema, pholletsa le naha ho ya ka bolelele ba yona le bophara ba yona, hobane ke tla o fa yona.”

it-2-E 213 ¶3

Molao

Jwalo ka ha bopaki bo thehilweng historing bo bontsha, bangodi ba bang ba dumela hore ha motho a ne a rekisa naha o ne a lokela ho e bontsha motho ya e rekang kaofela ha yona. Ha motho ya e rekang a ne a ka re, “ke a e bona,” o ne a bontsha hore o e reka ka molao. Ha Jehova a ne a tshepisa ho fa Abrahama naha ya Kanana, o ile a re a e shebe mahlakoreng a mane. Mohlomong Abrahama ha a a ka a re “ke a e bona,” hobane Modimo o ile a re o tla fa peo ya hae Naha e Tshepisitsweng nakong e tlang. (Ge 13:14, 15) Jwalo ka ha Moshe e ne e le moemedi ya molaong wa Iseraele Modimo o ile a mo laela hore a “shebe” naha. Haeba seo bangodi bao ba se dumelang ke nnete, sena se ne se tla bolela hore Baiseraele ba ne ba tla fumana naha eo ka molao, ba tataiswa ke Joshua. (De 3:27, 28; 34:4; sheba le seo Satane a ileng a batla ho se fa Jesu ho Mat 4:8.) Ka tsela e tshwanang, motho o ne a lokela ho tsamaya naheng eo a e batlang e le hore a e fumane ka molao. (Ge 13:17; 28:13) Ditokomaneng tse itseng tsa kgale, ho ne ho ngolwa palo ya difate tse naheng e nngwe le e nngwe e rekiswang.​—Bapisa le Ge 23:17, 18.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Genese 13:8, 9) Ka hoo Abrame a re ho Lota: “Ka kopo, ho se ke ha tswela pele ho e na le qabang le ha e le efe pakeng tsa ka le wena le pakeng tsa badisa ba ka le badisa ba hao, etswe re bara ba motho. 9 Na naha yohle ha ya o bulehela? Ke kopa hore re arohane. Haeba o e ya ka ho le letshehadi, ke tla ya ka ho le letona; empa haeba o e ya ka ho le letona, jwale ke tla ya ka ho le letshehadi.”

w16.05 7 ¶12

Ho Rarolla Diqabang ka Kgotso

12 Bibele e bontsha hore na bahlanka ba Modimo ba ka rarolla diqabang jwang. Ka mohlala, Abrahama le Lota ba ne ba e na le diphoofolo tse ngata, mme badisa ba bona ba ngangisana, ba tseka makgulo. Ka ha Abrahama o ne a batla ho bopa kgotso, o ile a dumella Lota hore a kgethe sebaka pele. (Gen. 13:1, 2, 5-9) O re behetse mohlala o motle hakaakang. Na Abrahama o ile a lahlehelwa ka lebaka la ho ba seatla se bulehileng? Tjhe. Nakwana ka mora moo, Jehova o ile a tshepisa Abrahama hore o tla mo hlohonolofatsa ka dintho tse ngata ho feta tseo a lahlehetsweng ke tsona. (Gen. 13:14-17) Re ithutang ho see? Esita le ha re ka lahlehelwa ke dintho tse itseng, Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re rarolla diqabang ka kgotso.

(Genese 14:18-20) Melkizedeke morena wa Saleme a tlisa bohobe le veine, mme e ne e le moprista wa Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa. 19 Jwale a mo hlohonolofatsa yaba o re: “Abrame a hlohonolofatswe ke Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi wa lehodimo le lefatshe; 20 Mme ho bokwe Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa, Ya nehelaneng ka bahatelli ba hao matsohong a hao!”Yaba Abrame o mo fa karolo ya leshome ya ntho e nngwe le e nngwe.

(Baheberu 7:4-10) Jwale, bonang hore na monna enwa o ne a le moholo hakaakang eo Abrahama, hlooho ya lelapa, a ileng a mo fa karolo ya leshome dinthong tsa bohlokwa tse hapuweng. 5 Ke nnete, banna ba tswang ho bara ba Levi ba amohelang boemo ba bona ba boprista ba na le taelo ya ho bokella dikarolo tsa leshome ho batho ho ya ka Molao, ke hore, ho barababo bona, esita le haeba ba tswile lethekeng la Abrahama; 6 empa monna ya sa kang a lokodisa leloko la hae ho tloha ho bona o ile a nka dikarolo tsa leshome ho Abrahama mme a hlohonolofatsa ya neng a e na le ditshepiso. 7 Jwale kantle ho phehisano le ha e le efe, ya tlase o hlohonolofatswa ke e moholo. 8 Tabeng e nngwe ke batho ba shwang ba amohelang dikarolo tsa leshome, empa tabeng e nngwe ke e mong eo ho pakwang ka yena hore wa phela. 9 Haeba nka sebedisa polelo ena, ka Abrahama esita le Levi ya amohelang dikarolo tsa leshome o lefile dikarolo tsa leshome, 10 ka ha o ne a sa ntse a le lethekeng la Moholoholo wa hae ha Melkizedeke a mo kgahlanyetsa.

it-2-E 683 ¶1

Moprista

Melkizedeke e leng morena wa Saleme e ne e le moprista (ko·henʹ) ya ikgethang. Ha ho na moo Bibele e buwang ka leloko la hae le hore na o hlahile neng kapa o hlokahetse neng. Ha a a ka a ba moprista hobane a tswa lelapeng la boprista, mme ha ho a ka ha eba le baprista ba tlileng pele ho yena kapa ka mora hae. Melkizedeke e ne e le morena le moprista. Boprista ba hae bo ne bo phahametse ba Levi. Ha e le hantle, o ile a ntsha karolo ya leshome ho Melkizedeke, ka ha Levi o ne a ntse a le lethekeng la Abrahama ha Abrahama a fa Melkizedeke karolo ya leshome mme a hlohonolofatswa ke yena. (Ge 14:18-20; Heb 7:4-10) Ho sena sohle Melkizedeke o ne a tshwantshetsa Jesu Kreste e leng “moprista ka ho sa feleng ho ya ka mokgwa wa Melkizedeke.”​—Heb 7:17.

Mmalo wa Bibele

(Genese 12:1-20) Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ya heno le ho beng ka wena le ntlong ya ntatao o ye naheng eo ke tla o bontsha yona; 2 ke tla o etsa setjhaba se seholo mme ke tla o hlohonolofatsa ke hodise lebitso la hao; o be tlhohonolofatso. 3 Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, mme ke tla rohaka ya o rohakang, mme ka sebele malapa ohle a lefatshe a tla itlhohonolofatsa ka wena.” 4 Abrame a tsamaya feela jwalo ka ha Jehova a buile le yena, mme Lota a tsamaya le yena. Abrame o ne a le dilemo di mashome a supileng a metso e mehlano ha a tloha Harane. 5 Ka hoo Abrame a nka mosadi wa hae Sarai le Lota mora wa morabo le thepa yohle eo ba e bokeletseng le meya eo ba e fumaneng Harane, yaba ba a tsamaya ba ya naheng ya Kanana. Qetellong ba fihla naheng ya Kanana. 6 Yaba Abrame o haola naha eo ho ya fihla sebakeng sa Shikeme, haufi le difate tse kgolo tsa More; mme ka nako eo Bakanana ba ne ba le naheng eo. 7 Jwale Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa peo ya hao naha ena.” Ka mora moo a haha aletare moo bakeng sa Jehova, ya ileng a hlaha ho yena. 8 Ha morao a tloha moo a ya sebakeng se dithaba ka nqa botjhabela ho Bethele yaba o hloma tente ya hae Bethele e le bophirimela mme Ai e le botjhabela. Jwale a hahela Jehova aletare moo yaba o qala ho ipiletsa lebitsong la Jehova. 9 Ka mora moo Abrame a hlomolla diahelo, a tloha diahelong tse ding ho ya ho tse ding nqa Negebe. 10 Jwale tlala ya eba teng naheng eo mme Abrame a theohela nqa Egepeta ho ya dula teng e le mojaki, hobane tlala e ne e le kgolo naheng eo. 11 Eitse hang ha a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona hle! ke tseba hantle hore o mosadi ya nang le ponahalo e ntle. 12 Etlare ha Baegepeta ba o bona ba tla re, ‘Enwa ke mosadi wa hae.’ Mme ka sebele ba tla mpolaya, empa wena ba tla o boloka o phela. 13 Ka kopo e re o kgaitsedi ya ka, e le hore dintho di ntsamaele hantle ka lebaka la hao, mme ka sebele moya wa ka o tla phela ka lebaka la hao.” 14 Eitse hang ha Abrame a kena Egepeta, Baegepeta ba bona mosadi eo, hore o motle haholo. 15 Le dikgosana tsa Faro tsa mo bona yaba di qala ho mo rorisa ho Faro, hoo mosadi enwa a ileng a iswa ka tlung ya Faro. 16 Yaba o tshwara Abrame hantle ka lebaka la hae, mme a ba le dinku le dikgomo le diesele le bahlanka le makgabunyane le diesele tse tshehadi le dikamele. 17 Jwale Jehova a tlisetsa Faro le ba ntlo ya hae dikotlo tse kgolo ka lebaka la Sarai, mosadi wa Abrame. 18 Yaba Faro o bitsa Abrame o re: “Ke eng sena seo o nkentseng sona? Ke hobaneng ha o sa ka wa mpolella hore ke mosadi wa hao? 19 Ke hobaneng ha o itse, ‘Ke kgaitsedi ya ka,’ hoo ke neng ke le makgatheng a ho mo nka hore e be mosadi wa ka? Jwale mosadi wa hao ke enwa. Mo nke mme o tsamaye!” 20 Yaba Faro o laela banna malebana le yena, mme ba mo felehetsa le mosadi wa hae le tsohle tseo a nang le tsona.

10-16 FEBRUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 15-17

“Ke Hobaneng ha Jehova a ile a Reha Abrame le Sarai Hape?”

(Genese 17:1) Ha Abrame a eba dilemo di mashome a robong a metso e robong, Jehova a hlaha ho Abrame mme a re ho yena: “Ke nna Modimo ya Matla Ohle. Tsamaya ka pela ka mme o be ya se nang molato.

it-1-E 817

Molato le ho Fumana Molato

Ka lehlakoreng le leng, hangata batho ba etsa diphoso. Batho bohle ba futsitse sebe sa Adama. (Bar 5:12; Pes 51:5) Empa Jehova ha a na molato, “o tseba sebopeho sa rona hantle, o a hopola hore re lerole,” mme o mohau. (Pes 103:13, 14) O ne a nka Noe ya tshepahalang le ya mamelang e le ya se nang “molato hara batho ba mehleng ya hae.” (Ge 6:9) O ile a laela Abrahama a re, “Tsamaya ka pela ka mme o be ya se nang molato.” (Ge 17:1) Le hoja banna bana ba ne ba sa phethahala mme ba ile ba hlokahala, Jehova ya ‘bonang seo pelo e leng sona’ o ile a ba tadima e le ba se nang molato. (1Sa 16:7; bapisa le 2Ma 20:3; 2Likr 16:9.) O ile a re ho Baiseraele: “Le lokela ho hloka molato ho Jehova Modimo wa lona.” (De 18:13; 2Sa 22:24) O ile a fana ka Mora wa hae ya se nang molato (Heb 7:26) e le sehlabelo sa thekollo e le hore a ka tadima ba bontshang tumelo ho Yena le ba mo mamelang e le ba lokileng kapa ba se nang molato ka lebaka la sehlabelo sena. Ka hoo Modimo o tla dula e le Moahlodi ya lokileng le ya se nang molato.​—Bar 3:25, 26; sheba INTEGRITY; PERFECTION.

(Genese 17:3-5) Yaba Abrame o itihela fatshe ka sefahleho, mme Modimo a tswela pele ho bua le yena, a re: 4 “Ha e le nna, bona! ke entse selekane le wena, mme ka sebele o tla ba ntata ditjhaba tse ngata. 5 Ha o sa tla hlola o bitswa Abrame, lebitso la hao e tla ba Abrahama, hobane ke tla o etsa ntata ditjhaba tse ngata.

it-1-E 31 ¶1

Abrahama

Ho ne ho se ho fetile dilemo tse ka bang leshome Abrahama le Sara ba dula Kanana empa Sara o ne a ntse a sa kgone ho ba le bana. Ka hoo, o ile a kopa hore lekgabunyane la hae la Moegepeta e leng Hagare le be le ngwana le Abrahama. Abrahama o ile a dumela. Ka selemo sa 1932 B.C.E., ha Abrahama a le dilemo di 86, Ishmaele o ile a tswalwa. (Ge 16:3, 15, 16) Ka selemo sa 1919 B.C.E., ha Abrahama a le dilemo di 99, Jehova o ile a laela hore monna e mong le e mong ya tswalletsweng ka tlung ya Abrahama a bolotswe e le pontsho kapa tiiso ya selekane se kgethileng seo Jehova a ileng a se etsa le Abrahama. Ka nako e tshwanang, Jehova o ile a fetola lebitso la Abrame hore e be Abrahama, mme o ile a re ho yena, “hobane ke tla o etsa ntata ditjhaba tse ngata.” (Ge 17:5, 9-27; Bar 4:11) Nakwana ka mora moo, Abrahama o ile a amohela ka mofuthu mangeloi a mararo a emelang Jehova, a ileng a tla e le batho mme mangeloi ao a ile a tshepisa Sara hore o tla tswala mora selemong se tlang.​—Ge 18:1-15.

(Genese 17:15, 16) Modimo a tswela pele ho re ho Abrahama: “Ha e le mosadi wa hao Sarai, o se ke wa mo bitsa Sarai, hobane lebitso la hae ke Sara. 16 Ke tla mo hlohonolofatsa mme ke o fe mora ka yena; ke tla mo hlohonolofatsa mme o tla fetoha ditjhaba; marena a ditjhaba a tla tswa ho yena.”

w09 2/1 13

Mabitso a Mang a na le Seo a se Bolelang

Modimo ka boyena o ile a fetola mabitso a batho ba bang ba baholo ka morero wa ho profeta taba e itseng. Ka mohlala, o ile a fetola lebitso la Abrame, e bolelang “Ntate o Phahamisitswe,” hore e be Abrahama, e bolelang “Ntate wa Matshwele.” Tumellanong le lebitso leo, Abrahama e ile ya eba ntate wa ditjhaba tse ngata. (Genese 17:5, 6) Hape, nahana ka lebitso la mosadi wa Abrahama, e leng Sarai, leo mohlomong le neng le bolela “Ya Dikgathatso.” E tlameha ebe o ile a thaba hakaakang ha Modimo a ne a mo reha Sara, e bolelang “Kgosatsana,” e neng e amana le hore e tla ba Moholoholo wa marena.​—Genese 17:15, 16.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Genese 15:13, 14) Yaba o qala ho re ho Abrame: “Tseba hore ruri peo ya hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya yona, e tla lokela ho ba sebeletsa, mme ka sebele ba tla e hlorisa ka dilemo tse makgolo a mane. 14 Empa ke tla ahlola setjhaba seo e tla se sebeletsa, mme ka mora moo e tla tloha ka thepa e ngata.

it-1-E 460-461

Tatellano ya Diketsahalo

Jehova o ile a re ho Abrame (Abrahama): “Tseba hore ruri peo ya hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya yona, e tla lokela ho ba sebeletsa, mme ka sebele ba tla e hlorisa ka dilemo tse makgolo a mane.” (Ge 15:13; sheba le Lik 7:6, 7) O ile a bua sena pele mojalefa ya tshepisitsweng kapa “peo,” e leng Isaka a tswalwa. Ka selemo sa 1932 B.C.E. lekgabunyane la Moegepeta e leng Hagare le ile la tswalla Abrame mora e leng Ishmaele mme ka selemo sa 1918 B.C.E. Isaka o ile a tswalwa. (Ge 16:16; 21:5) Ho bala dilemo tse 400 ka mora hore Baiseraele ba tswe Egepeta, e leng nako eo mahloriso a neng a tla fela ka yona (Ge 15:14) ho re thusa ho hlokomela selemo sa 1913 B.C.E., e leng nako eo Isaka a neng a ka ba dilemo di hlano. Ho bonahala Isaka a ne a se a kgwesitswe ka nako eo, hape e le ‘mojaki’ naheng eo e seng ya hae mme mahloriso a ileng a bolelwa esale pele, a ile a qala ka yena ha Ishmaele ya ka bang dilemo di 19 a mo hlorisa. (Ge 21:8, 9) Le hoja mehleng ena taba ya hore Ishmaele o ile a soma mojalefa wa Abrahama e ka nkuwa ha bobebe, mehleng ya bapatriareka e ne e sa nkuwe ha bobebe. Sena se tiiswa ke taba ya hore ebe Sara o ile a re Hagare le mora wa hae Ishmaele ba lelekwe mme Modimo o ile a dumellana le seo. (Ge 21:10-13) Taba ya hore ketsahalo ena e ile ya ngolwa ka ho hlaka ka Bibeleng, e boetse e bontsha qalo ya dilemo tse 400 tsa mahloriso tse boletsweng esale pele tse neng di tla fela ha Baiseraele ba tswa Egepeta.​—Gal 4:29.

(Genese 15:16) Empa e tla kgutlela mona molokong wa bone, hobane phoso ya Baamore ha e eso phethehe.”

it-1-E 778 ¶4

Baiseraele ba Tloha Egepeta

“Molokong wa bone.” Re lokela ho hopola hore Jehova o ile bolella Abrahama hore ditloholo tsa hae di tla kgutlela Kanana molokong wa bone. (Ge 15:16) Dilemong tse 430 ho tloha ka nako eo selekane seo Modimo a ileng a se etsa le Abrahama se qala ho sebetsa, ho fihlela ha Baiseraele ba tswa Egepeta, ho ne ho e na le meloko e fetang e mene jwalo ka ha Bibele e bontsha. Empa Baiseraele ba ile ba dula Egepeta dilemo tse 215 feela. Re ka fumana ‘moloko wa bone’ o neng o dula Egepeta mme wa kgutlela Kanana ka ho nahana ka mohlala wa leloko le le leng la Israele, e leng leloko la Levi: (1) Levi, (2) Kohathe, (3) Amrame, le (4) Moshe.​—Ex 6:16, 18, 20.

Mmalo wa Bibele

(Genese 15:1-21) Ka mora dintho tsena lentswe la Jehova la tlela Abrame ponong, la re: “Abrame, o se ke wa tshaba. Ke nna thebe ya hao. Moputso wa hao o tla ba moholo haholo.” 2 Yaba Abrame o re: “Mmusi Morena Jehova, o tla mpha eng, ha e le moo ke se na ngwana mme ya tla rua ntlo ya ka e le monna wa Damaseka, Eliezere?” 3 Abrame a eketsa: “Bona! Ha wa mpha peo, mme, bona! mora wa ba ntlo ya ka o tla ntlhahlama e le mojalefa.” 4 Empa, bonang! lentswe la Jehova la re ho yena: “Monna enwa a ke ke a o hlahlama e le mojalefa, empa ya tlang ho tswa dithong tsa hao tse ka hare o tla o hlahlama e le mojalefa.” 5 Jwale a mo ntshetsa ka ntle mme a re: “Ka kopo, tadima mahodimong mme o bale dinaledi, haeba o ka kgona ho di bala.” Yaba o tswela pele ho re ho yena: “Peo ya hao e tla ba jwalo.” 6 Mme a beha tumelo ho Jehova; yaba o mo balla hoo e le ho loka. 7 Jwale a eketsa a re ho yena: “Ke nna Jehova, ya o ntshitseng Ure ya Bakalde ho o fa naha ena hore o e rue.” 8 Yaba o re: “Mmusi Morena Jehova, ke tla tseba kang hore ke tla e rua?” 9 Yaba o re ho yena: “Nkukele kgomo ya sethole e dilemo di tharo le podi e tshehadi e dilemo di tharo le pheleu e dilemo di tharo le leebanakgorwana le leebana.” 10 Ka hoo a nka dintho tsena tsohle yaba wa di kgekgetha mme o matahanya mokgekgetho ka mong hore o matahane le o mong, empa ha a a ka a arola dinonyana dikoto. 11 Yaba dinonyana tse jang nama di qala ho theohela ditopong tseo, empa Abrame a nna a di leleka. 12 Ka mora nako letsatsi le ne le le haufi le ho dikela, yaba Abrame o tshwarwa ke boroko bo tebileng, mme, bonang! a welwa ke lefifi le leholo ka mokgwa o tshosang. 13 Yaba o qala ho re ho Abrame: “Tseba hore ruri peo ya hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya yona, e tla lokela ho ba sebeletsa, mme ka sebele ba tla e hlorisa ka dilemo tse makgolo a mane. 14 Empa ke tla ahlola setjhaba seo e tla se sebeletsa, mme ka mora moo e tla tloha ka thepa e ngata. 15 Ha e le wena, o tla ya ho baholoholo ba hao ka kgotso; o tla patwa o tsofetse haholo. 16 Empa e tla kgutlela mona molokong wa bone, hobane phoso ya Baamore ha e eso phethehe.” 17 Jwale letsatsi la dikela mme ha tla lefifi le letsholetsho mme bonang! pakeng tsa mekgekgetho ena ha feta sebopi se kubellang mosi le serumula sa mollo. 18 Letsatsing leo Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: “Ke tla fa peo ya hao naha ena, ho tloha nokeng ya Egepeta ho ya nokeng e kgolo, noka ya Eufrate: 19 Bakene le Bakenize le Bakadmone 20 le Bahethe le Bapereze le Barefaime 21 le Baamore le Bakanana le Bagirgashe le Bajebuse.”

17-23 FEBRUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 18-19

“‘Moahlodi wa Lefatshe Lohle’ O Fedisa Sodoma le Gomora”

(Genese 18:23-25) Jwale Abrahama a atamela mme a qala ho re: “Na ka sebele o tla fedisa ya lokileng le ya kgopo? 24 A re re ho na le batho ba lokileng ba mashome a mahlano ka hara motse. Jwale, na o tla ba fedisa mme o se ke wa tshwarela sebaka seo ka lebaka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ka hara sona? 25 Ha ho utlwahale hore o etse ka mokgwa ona, o bolaye motho ya lokileng le ya kgopo hoo ho tlang ho etsahala ho motho ya lokileng jwalo ka ha ho etsahala ho ya kgopo! Ha ho utlwahale bakeng sa hao. Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?”

w17.04 18 ¶1

“Moahlodi wa Lefatshe Lohle” ka Mehla O Etsa se Nepahetseng

“NA Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?” (Gen. 18:25) Ha Abrahama a botsa potso eo, o ne a bontsha kgodiseho ya hore Jehova o tla sebetsana le Sodoma le Gomora ka toka. O ne a kgodisehile hore Jehova a ke ke a sebetsa ka ho hloka toka ka hore a “bolaye motho ya lokileng le ya kgopo.” Seo se ne se sa “utlwahale” ho Abrahama. Dilemo tse 400 ha morao, Jehova o ile a re ha a itlhalosa: “Ke Lefika, mosebetsi wa hae o phethahetse, etswe ditsela tsohle tsa hae ke toka. Modimo wa botshepehi, eo ho yena ho se nang ho hloka toka; o lokile mme o kgabane.”​—Deut. 31:19; 32:4.

(Genese 18:32) Qetellong a re: “Ka kopo, e se eka Jehova a ke ke a tuka ke bohale, empa e re ke bue hanngwe lekgetlong lena feela: A re re ho fumanwa ba leshome teng.” Yaba o re: “Nke ke ka o fedisa ka lebaka la ba leshome.”

w18.08 30 ¶4

Tiisetsa Mme o Mamelle o na le Tshepo

Ha ho tluuwa tabeng ya ho tiisetsa, Jehova o a ipabola. (2 Pet. 3:15) Ho na le ditlaleho tse ngata ka Bibeleng moo Jehova a bontshang tiisetso ka tsela e ikgethang. (Neh. 9:30; Esa. 30:18) Ka mohlala, Jehova o ile a sebetsa ditaba jwang ha Abrahama a ne a mo botsa hore na o ikemiseditse ho etsang ka Sodoma? Bibele e tlaleha hore ha Abrahama a bua, Jehova ha a a ka a mo kena hanong. Ho e na le hoo, Jehova o ile a theha tsebe dipotsong le maikutlong ohle a Abrahama. Yaba Jehova o mo kgodisa hore o ne a ntse a mo mametse ka hore a phete lentswe le leng le le leng leo a le buileng. A ba a mo kgodisa hore a ke ke a fedisa Sodoma le haeba ho ka ba le batho ba leshome feela ba lokileng. (Gen. 18:22-33) Ruri ona ke mohlala o motle wa ho mamela ka tiisetso le ho se nkehe maikutlo.

(Genese 19:24, 25) Jwale Jehova a nesa sebabole le mollo o tswang ho Jehova, mahodimong, hodima Sodoma le hodima Gomora. 25 Ka hoo a heletsa metse ena, esita le Setereke sohle le baahi bohle ba metse ena le dimela tsa naha.

w10 11/15 26 ¶12

Jehova ke Mmusi le Morena wa Rona

12 Re ka kgodiseha hore haufinyane Jehova o tla tiisa bobusi ba hae. A ke ke a mamella bokgopo ka ho sa feleng, mme re a tseba hore re phela matsatsing a ho qetela. Jehova o ile a nkela batho ba kgopo kgato nakong ya Morwallo. O ile a timetsa Sodoma le Gomora ha mmoho le Faro le mabotho a hae. Sisera le lebotho la hae ha mmoho le Sankeribe le mabotho a hae a Assyria, ba ne ba ke ke ba o besa wa tuka kgahlanong le Ya Phahameng ka ho Fetisisa. (Gen. 7:1, 23; 19:24, 25; Ex. 14:30, 31; Baahl. 4:15, 16; 2 Mar. 19:35, 36) Ka hoo, re ka kgodiseha hore Jehova Modimo a ke ke a mamella ka ho sa feleng ha lebitso la hae le ntse le hlomphollwa mme Dipaki tsa hae di tshwarwa hampe. Ho feta moo, hona jwale re bona bopaki ba pontsho ya ho ba teng ha Jesu le ya qetello ya tsamaiso ena e kgopo ya dintho.​—Mat. 24:3.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Genese 18:1) Ka mora moo Jehova a hlaha ho yena hara difate tse kgolo tsa, Mamre ha a ntse a dutse monyako wa tente hoo e ka bang nakong ya ha ho tjhesa motshehare.

(Genese 18:22) Ntlheng ena banna bao ba reteleha mme ba ya Sodoma; empa ha e le Jehova, o ne a ntse a eme ka pela Abrahama.

w88 5/15 23 ¶4-5

Na ho na le ya Kileng a Bona Modimo?

Jwale re kgona ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha Abrahama a ile a bitsa lengeloi la Modimo la lenqosa le neng le nkile sebopeho se bonahalang jwalo ka ha e ka o ne a bua le Jehova Modimo ka boyena. Ka ha lengeloi lena le ile la bua ka ho toba seo Modimo a neng a batla ho se bolella Abrahama mme le ne le emela Modimo, tlaleho ya Bibele e ne e ka re “Jehova a iponahatsa ho Abrahama.”​—Genese 18:1.

Hopola hore lengeloi la Modimo la lenqosa le ne le ka fetisa melaetsa ya Modimo ka bokgutshwanyane feela jwalo ka ha founu kapa seyalemoya di ka fetisetsa mantswe a rona ho motho e mong. Ka hoo, ho ka utlwisiswa ka moo Abrahama, Moshe, Manowa, le ba bang ba neng ba ka bua le lengeloi le nkileng sebopeho se bonahalang jwalo ka ha e ka ba ne ba bua le Modimo. Le hoja batho ba jwalo ba ile ba kgona ho bona mangeloi ana le kganya ya Jehova e neng e bonahatswa ke wona, ha ba a a ka ba kgona ho bona Modimo. Ka hona, ho hang hona ha ho hanyetse polelo ya moapostola Johanne: “Ha ho motho ya boneng Modimo ka nako le ha e le efe.” (Johanne 1:​18) Seo batho bana ba se boneng e ne e le mangeloi a baemedi e seng Modimo ka boyena.

(Genese 19:26) Mosadi wa hae a qala ho qamaka a le ka mora hae, mme a fetoha sefika sa letswai.

w19.06 20 ¶3

Tshehetsa ba Bang ha ba Tobane le Mathata

3 Lota o ile a etsa qeto e bowatla ka ho kgetha ho dula Sodoma, moo batho ba neng ba itshwere hampe ka ho fetisisa. (Bala 2 Petrose 2:7, 8.) Ke nnete hore sebaka seo se ne se le setle, empa Lota o ile a kopana le diphephetso tse ngata ka lebaka la ho dula moo. (Gen. 13:8-13; 14:12) Ho ka etsahala hore ebe mosadi wa hae o ne a rata sebaka seo haholo kapa batho ba dulang ho sona, hoo a ileng a hloleha ho mamela Jehova. Ka lebaka leo, o ile a lahlehelwa ke bophelo ba hae ha Modimo a ne a nesa mollo le sebabole ho timetsa sebaka seo. Lota o ile a lahlehelwa ke lehae la hae, dintho tseo neng a ena le tsona mme ntho e bohloko ka ho fetisisa, a lahlehelwa ke mosadi wa hae. Nahana ka baradi ba hae babedi, bao banna ba neng ba tlo ba nyala, ba ileng ba shwa ha ho ne ho timetswa Sodoma. (Gen. 19:12-14, 17, 26) Na Jehova o ile a fella Lota pelo ha dintho tsee di ntse di etsahala? Ha ho bonahale jwalo.

Mmalo wa Bibele

(Genese 18:1-19) Ka mora moo Jehova a hlaha ho yena hara difate tse kgolo tsa Mamre, ha a ntse a dutse monyako wa tente hoo e ka bang nakong ya ha ho tjhesa motshehare. 2 Ha a phahamisa mahlo, a tadima mme banna ba bararo ba ne ba eme hojana le yena. Ha a re hedi! mme a ba bona a qala ho matha ho ba kgahlanyetsa monyako wa tente mme a inamela fatshe. 3 Jwale a re: “Jwale, Jehova, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ka kopo o se ke wa feta mohlanka wa hao. 4 Ka kopo, ho ke ho nkwe metsinyana, mme maoto a lona a hlatsuwe. Jwale le otle ka lehlakore tlasa sefate. 5 E re ke nke sengwathwana sa bohobe, ke kgatholle dipelo tsa lona. Ka mora moo, le ka fetela pele, ke ka lebaka leo le fetileng ka tsela ena la tla ho mohlanka wa lona.” Yaba ba re: “Ke hantle. O ka etsa feela jwalo ka ha o boletse.” 6 Ka hoo Abrahama a potlakela tenteng ho Sara yaba o re: “Potlaka! Nka ditekanyo tse tharo tsa seah tsa phofo e thumisehileng, o dube hlama mme o etse dipolokwe.” 7 Ka mora moo Abrahama a mathela mohlapeng a nka pohwana e ntle e nyenyane a e fa mohlanka, mme a potlakela ho e lokisa. 8 Jwale a nka sereledi le lebese le pohwana tseo a di lokisitseng mme a di beha ka pela bona. Ka hoo a nna a ema pela bona tlasa sefate ha ba ntse ba ja. 9 Jwale ba re ho yena: “Mosadi wa hao Sara o hokae?” Yaba o re: “O ka mona ka tenteng!” 10 Ka hoo a tswela pele: “Ruri ke tla kgutlela ho wena selemong se tlang ka nako ena, mme, bona! mosadi wa hao Sara o tla ba le mora.” Jwale Sara o ne a mametse a le monyako wa tente, mme o ne o le ka mora monna eo. 11 Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba ile dilemong. Sara o ne a kgaoditse ho ilela kgwedi. 12 Ka hoo Sara a qala ho tshehela ka pelong, a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, na ka sebele nka nyakalla, ebile morena wa ka a tsofetse?” 13 Jwale Jehova a re ho Abrahama: “Sara o ne a tshehang, ha a re, ‘Na ka kannete nnete ke tla beleha le hoja ke tsofetse?’ 14 Na ho na le ntho e sa tlwaelehang bakeng sa Jehova? Ke tla kgutlela ho wena ka nako e behilweng, selemong se tlang ka nako ena, mme Sara o tla ba le mora.” 15 Empa Sara a qala ho latola, a re: “Ha ke a tsheha!” Etswe o ne a tshohile. Yaba o re: “Tjhe! empa o tshehile.” 16 Ha morao banna bao ba ema yaba ba tadima tlase nqa Sodoma, mme Abrahama a tsamaya le bona a ba felehetsa. 17 Yaba Jehova o re: “Na ke patela Abrahama seo ke se etsang? 18 Ruri Abrahama e tla ba setjhaba se seholo le se matla, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa ka yena. 19 Etswe ke mo tsebile e le hore a ka laela bara ba hae le ba ntlo ya hae ba tlang ka mora hae hore ba boloke tsela ya Jehova ba etse ho loka le kahlolo; e le hore ka sebele Jehova a ka tlisetsa Abrahama seo a se buileng ka yena.”

24 FEBRUARY–1 MARCH

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 20-21

“Ka Mehla Jehova o Phetha Seo a se Tshepisitseng”

(Genese 21:1-3) Yaba Jehova o lebisa tlhokomelo ya hae ho Sara feela jwalo ka ha a boletse, mme jwale Jehova a etsa Sara feela jwalo ka ha a boletse. 2 Sara a ima a ntano tswalla Abrahama mora botsofading ba hae ka nako e behilweng eo Modimo a mo boleletseng yona. 3 Tumellanong le hoo Abrahama a reha mora wa hae eo a mo tswaletsweng, eo Sara a mo tswaletseng yena, lebitso la Isaka.

wp17.5 14-15

Modimo o ne a mo Bitsa “Kgosatsana”

Na ha Sara a ne a tsheha, see se ne se bolela hore o ne a se na tumelo? Tjhe ha ho jwalo. Bibele e re: “Ka tumelo le yena Sara o ile a amohela matla a ho emola peo, esita le ha a ne a fetile tekanyo ya dilemo, ka ha o ile a nka hore ya neng a tshepisitse o a tshepahala.” (Baheberu 11:11) Sara o ne a tseba Jehova, a bile a kgodisehile hore Jehova a ka phethahatsa ditshepiso tsohle tseo a di etsang. Na le rona ha re hloke tumelo e tshwanang le ya Sara? Ka hoo, ke ha bohlokwa hore re ithute haholwanyane ka Mongodi wa Bibele e leng Jehova. Ha re etsa sena, re tla hlokomela hore Sara o ne a entse hantle ka hore a be le tumelo ho Jehova. Le hore ka nnete Jehova o feela a phethahatsa ditshepiso tsa hae, le hoja a ka etsa sena ka ditsela tse makatsang kapa tseo re sa di lebellang.

“MAMELA LENTSWE LA HAE”

Ha Sara a le dilemo tse 90, o ile a qetella a fumane ntho eo e leng kgale a e labalabela bophelo bohle ba hae. O tswaletse monna wa hae mora. Mme lebitso la hae ke Isaka kapa “Ditsheho”, e leng lebitso leo Modimo a neng a laetse Abrahama hore a mo rehe lona. Ekare re a mo bona Sara ya tsofetseng ka sefahleho se nyakaletseng a re: “Modimo o ntokiseditse ditsheho; e mong le e mong ya utlwang ka hona o tla ntsheha.” (Genese 21:⁠6) Ka nnete e ne e le mpho e tswang ho Jehova, e ileng ya mo thabisa ho fihlela a hlokahala. Le ha ho le jwalo, mpho ena e ne e tla le boikarabelo bo bongata.

Ha Isaka a le dilemo tse hlano, batswadi ba hae ba ile ba mo etsetsa mokete wa ho mo kgwesa. Empa ho ne ho e na le bothata. Bibele e re: “Sara a nna a hlokomela” boitshwaro bo sa lokang ba Ishmaele. Mora enwa wa Hagare ya neng a le dilemo tse 19, o ne a dula a hlorisa Isaka. Ha se hore o ne a ipapalla le yena feela. Esita le moapostola Pauluse o ile a hlalosa boitshwaro bona ba Ishmaele e le ho hlorisa. Sara ha a ka a nka sena hanyane. Ka ha o ne a tseba hore mora enwa wa hae o ne a tla phetha karolo ya bohlokwa morerong wa Jehova. Ka hoo o ile a iteta sebete mme a bua ka ho tobileng le Abrahama. A mo kopa hore a tsamaise Hagare le mora wa hae Ishmaele.​—Genese 21:8-10; Bagalata 4:22, 23, 29.

Abrahama o ile a ikutlwa jwang? Bibele e re: “Ntho ena ha ya ka ya kgahlisa Abrahama mabapi le mora wa hae.” O ne a rata Ishmaele haholo, ka hoo sena seo a neng a tlameha ho se etsa se ne se mo thatafalla. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a bona sena sohle mme a kenella. Bibele e re: “Jwale Modimo a re ho Abrahama: ‘O se ke wa dumella hore ntho le ha e le efe eo Sara a ntseng a o bolella yona e be e sa kgahliseng ho wena ka moshanyana le ka lekgabunyane la hao. Mamela lentswe la hae, hobane se tla bitswa peo ya hao se tla ba teng ka Isaka.’” Yaba Jehova o tiisetsa Abrahama hore a se ke a tshwenyeha hobane Hagare le moshanyana ba tla hlokomeleha. Abrahama o ile dumellana le seo.​—Genese 21:11-14.

(Genese 21:5-7) Abrahama o ne a le dilemo di lekgolo ha a tswallwa mora wa hae Isaka. 6 Jwale Sara a re: “Modimo o ntokiseditse ditsheho: e mong le e mong ya utlwang ka hona o tla ntsheha.” 7 Yaba wa eketsa: “Ke mang ya neng a ka bolella Abrahama a re, ‘Ka sebele Sara o tla anyesa bana,’ athe ke tswetse mora botsofading ba hae?”

(Genese 21:10-12) Ka hoo a qala ho re ho Abrahama: “Leleka lekgabunyane lena le mora wa lona, etswe mora wa lekgabunyane lena e ke ke ya eba mojalefa le mora wa ka, le Isaka!” 11 Empa ntho ena ha ya ka ya kgahlisa Abrahama mabapi le mora wa hae. 12 Jwale Modimo a re ho Abrahama: “O se ke wa dumella hore ntho le ha e le efe eo Sara a ntseng a o bolella yona e be e sa kgahliseng ho wena ka moshanyana le ka lekgabunyane la hao. Mamela lentswe la hae, hobane se tla bitswa peo ya hao se tla ba teng ka Isaka.

(Genese 21:14) Ka hoo Abrahama a tsoha hoseng haholo mme a nka bohobe le lekuka la metsi a di fa Hagare, a di beha lehetleng la hae, le ngwana, a ntano re a tsamaye. Yaba wa tsamaya mme o lelera lefeelleng la Beerseba.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Genese 20:12) Ntle ho moo, ka nnete ke kgaitsedi ya ka, moradi wa Ntate, feela eseng moradi wa Mme; mme ke mosadi wa ka.

wp17.3 12, ftn.

“O Mosadi ya Nang le Ponahalo e Ntle”

Sara e ne e le kgaitsedi ya Abrahama, ka ha ba ne ba kopanetse Ntate, e leng Tera. (Genese 20:12) Ke nnete hore kajeno motho a ke ke a nyala kgaitsedi ya hae, empa re lokela ho utlwisisa hore dintho di ne di fapane mehleng eo. Batho ba ne ba sa le haufi le phetheho, eo Adama le Eva ba ileng ba e lahla. Ka nako eo, ho nyala kgaitsedi ya hao, ho ne ho se na bothata boo hona jwale bo ka bang teng ka lebaka la diphatsa tsa lefutso. Le ha ho le jwalo, dilemo tse ka bang 400 ka mora moo, dintho di ile tsa fetoha. Ke ka hona Modimo a ileng a fa setjhaba sa hae molao o neng o bontsha hore batho ba amanang haufiufi, ha ba a lokela ho nyalana.​—Levitike 18:6

(Genese 21:33) Ka mora moo a lema sefate sa tamariske Beerseba mme moo a ipiletsa lebitsong la Jehova Modimo ya hlolang ka nako e sa lekanyetswang.

w89 7/1 20 ¶9

Abrahama​—Mohlala wa Bohle ba Batlang ho ba Metswalle ya Modimo

9 Abrame o ile a arabela ka ketso e nngwe ya tumelo. Jwalo ka ha tlaleho e bolela: O ile “a haha aletare moo bakeng sa Jehova.” (Genese 12:7) Mohlomong sena se ne se akarelletsa ho nyehela sehlabelo sa phoofolo, hobane lentswe la Seheberu bakeng sa “aletare” le bolela “sebaka sa sehlabelo.” Ha morao, Abrame o ile a pheta diketso tsena tsa tumelo dikarolong tse ding tsa lefatshe. Ho phaella moo, o ile a “ipiletsa lebitsong la Jehova.” (Genese 12:8; 13:18; 21:33) Polelwana ya Seheberu e leng “ho ipiletsa lebitsong” e boetse e bolela “ho phatlalatsa (ho bolela) lebitso.” Ba ntlo ya Abrame ha esita le Bakanana ba tlameha ba nnile ba mo utlwa ha a phatlalatsa ka sebete lebitso la Modimo wa hae, Jehova. (Genese 14:22-24) Ka ho tshwanang, bohle ba batlang ho ba metswalle ya Modimo kajeno ba tlameha ho ipiletsa lebitsong la hae ka tumelo. Hona ho tla akarelletsa ho kopanela boboleding ba phatlalatsa, ho hlahisa “ka mehla ho Modimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, ditholwana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.”​—Baheberu 13:15; Baroma 10:10.

Mmalo wa Bibele

(Genese 20:1-18) Jwale Abrahama a tlosa diahelo moo a di isa naheng ya Negebe yaba o dula pakeng tsa Kadeshe le Shure mme a dula e le mojaki Gerare. 2 Abrahama a boela a re malebana le mosadi wa hae Sara: “Ke kgaitsedi ya ka.” Yaba Abimeleke morena wa Gerare wa romeletsa mme o nka Sara. 3 Ka mora moo Modimo a tla ho Abimeleke torong bosiu yaba o re ho yena: “Bona! ho tshwana le ha o shwele ka lebaka la mosadi eo o mo nkileng, ka ha o ruilwe ke monghadi e mong jwalo ka mosadi wa hae.” 4 Le ha ho le jwalo, Abimeleke o ne a eso mo atamele. Ka hoo a re: “Jehova, na o tla bolaya setjhaba seo ka sebele e leng se lokileng? 5 Na Abrahama ha a a ka a re ho nna, ‘Ke kgaitsedi ya ka’? mme Sara na le yena ha a a ka a re, ‘Ke kgaitsedi ya ka’? Ke entse sena ka pelo e tshepahalang le ka matsoho a hlokang molato.” 6 Yaba Modimo wa nnete o re ho yena torong: “Le nna ke tsebile hore o entse sena ka pelo e tshepahalang, mme ke ne ke o thibela hore o se ke wa ntshitelwa. Ke ka lebaka leo ke sa kang ka o dumella hore o mo ame. 7 Empa jwale kgutlisa mosadi wa monna eo, etswe ke moprofeta, mme o tla o etsetsa thapedi. Ka hoo o nne o phele. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ka sebele o tla shwa, wena le bohle bao e leng ba hao.” 8 Ka hoo Abimeleke a tsoha hoseng haholo yaba o bitsa bahlanka bohle ba hae mme o bua ka dintho tsena tsohle moo ba ntseng ba utlwa. Banna bao ba tshoha haholo. 9 Jwale Abimeleke a bitsa Abrahama yaba o re ho yena: “O re entseng, mme ke o sitetswe ka eng hore ebe o tliseditse nna le mmuso wa ka sebe se seholo hakaale? O nkentse diketso tse sa lokelang ho etswa.” 10 Yaba Abimeleke o tswela pele ho re ho Abrahama: “Sepheo sa hao e ne e le sefe ka hore ebe o entse ntho ee?” 11 Yaba Abrahama o re: “Ke ka hobane ke ipoleletse ho re, ‘Ntle ho pelaelo ha ho tshajwe Modimo sebakeng sena, mme ka sebele ba tla mpolaya ka lebaka la mosadi wa ka.’ 12 Ntle ho moo, ka nnete ke kgaitsedi ya ka, moradi wa Ntate, feela eseng moradi wa mme; mme ke mosadi wa ka. 13 Eitse ha Modimo a etsa hore ke hlahlathele ke tlohe ntlong ya Ntate, jwale ka re ho yena, ‘Ona ke mosa o lerato oo o tla mpontsha wona: Sebakeng se seng le se seng seo re fihlang ho sona o re ka nna: “Ke kgaitsedi ya ka.”’” 14 Ka mora moo Abimeleke a nka dinku le dikgomo le bahlanka le makgabunyane yaba o a fa Abrahama mme o mo kgutlisetsa mosadi wa hae Sara. 15 Ho ekelletsa moo Abimeleke a re: “Bona! ke tla o fa naha ya ka. Dula moo ho leng hotle mahlong a hao.” 16 Ho Sara a re: “Bona! ke fa kgaitsedi ya hao tjhelete ya dikotwana tse sekete tsa silevera. Bona! ke lesira la mahlo bakeng sa bohle ba nang le wena, le ka pela e mong le e mong, mme o hlakotswe nyediso.” 17 Abrahama a qala ho etsa thapedi ho Modimo wa nnete; mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae le makgabunyane a hae, yaba ba qala ho tswala bana. 18 Etswe Jehova o ne a thibile ka thata popelo e nngwe le e nngwe ya ntlo ya Abimeleke ka lebaka la Sara, mosadi wa Abrahama.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela