MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 40-41
Jehova o Lopolla Josefa
Josefa o ile a ba lekgoba le motshwaruwa ka dilemo tse ka bang 13 pele Jehova a mo lokolla. Ho e na le hore a halefe, Josefa o ile a ithuta dintho tse ngata tse molemo ho se ileng sa mo hlahela. (Pes 105:17-19) O ne a tseba hore Jehova a ke ke a mo tlohela. Josefa o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang jwang boemong boo a neng a le ho bona?
O ile a sebetsa ka thata mme a tshepahala e le hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba hae.—Ge 39:21, 22
Ho e na le ho iphetetsa ho ba ileng ba mo tshwara hampe, o ile a ba mosa ho bona.—Ge 40:5-7
Mohlala wa Josefa o ka nthusa jwang ho mamella mathata a ka?
Nka sebetsana le maemo a ntlhahelang jwang ho fihlela Jehova a ntopolla ka Armagedone?