LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr20 June maq. 1-12
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
  • Dihloohwana
  • 1-7 JUNE
  • 8-14 JUNE
  • 15-21 JUNE
  • 22-28 JUNE
  • 29 JUNE–5 JULY
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
mwbr20 June maq. 1-12

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

1-7 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 44-45

“Josefa o Tshwarela Barababo”

(Genese 44:1, 2) Ha morao a laela monna ya neng a okametse ntlo ya hae, a re: “Tlatsa mekotla ya banna bao ka dijo ho fihlela tekanyong eo ba tla kgona ho e jara mme o kenye tjhelete ya e mong le e mong molomong wa mokotla wa hae. 2 Empa o kenye senwelo sa ka, senwelo sa silevera, molomong wa mokotla wa e monyenyane le tjhelete bakeng sa dijothollo tsa hae.” Yaba o etsa ho ya ka lentswe la Josefa leo a le buileng.

w15 5/1 14-15

“Na ke Sebakeng sa Modimo?”

Josefa o ile a sebedisa leqheka la hae. O ile a laela hore baholwane ba hae ba lelekiswe, ba tshwarwe mme ba qoswe ka hore ba utswitse senwelo. Se ile sa fumanwa ka mokotlaneng wa Benjamine, mme kaofela ba kgutlisetswa ho Josefa. Jwale Josefa a fumana monyetla o motle wa ho bona hore na baholwane ba hae ba fela ba bakile. Juda o ile a ba buella. O ile a kopa Josefa hore a ba hauhele, mme a ithaopela hore yena ha mmoho le ba bang ba 10 e be makgoba Egepeta. Josefa o ile a hana yaba o re ho sale Benjamine feela, mme ba bang ba kgutlele hae.​—Genese 44:2-17.

Juda o ile a bua ka boikokobetso le ho feta. O ile a re: “Ke yena feela ya setseng wa mmae, mme ntatae o a mo rata.” E tlameha ebe mantswe ao a ile a ama Josefa, ka ha e ne e le yena mora wa matsibolo wa Ragele, e leng mosadi ya ratwang wa Jakobo ya ileng a shwa ha a beleha Benjamine. Ntle ho pelaelo feela jwalo ka ntate wa hae, Josefa o ne a dula a nahana ka Ragele. Mohlomong seo se ne se etsa hore a rate Benjamine le ho feta.​—Genese 35:18-20; 44:20.

Juda o ile a kopa Josefa ka tiyo hore a se ke a etsa Benjamine lekgoba. O ile a ba a ithaopela ho ba lekgoba molemong wa Benjamine. Yaba o etsa kopo e otlang pelo o re: “Nka ya jwang ho Ntate moshanyana a le siyo ho nna, esere ka bona tlokotsi e tla hlahela Ntate?” (Genese 44:18-34) Ruri Juda o ne a bakile. Ha a a ka a bontsha pako feela, empa o ile a boela a bontsha hore o na le kutlwelo bohloko, o ikokobeditse ebile o na le qenehelo.

Josefa o ile a hloleha ho ithiba lekgetlong lena. O ile a bonahatsa boikutlo bo neng bo tlalellane ka ho yena. A leleka bahlanka ba hae, mme a lla ha bohloko hoo seboko sa hae se ileng sa utlwahala ntlong ya borena ya Faro. O ile a itsebisa bona mme a re: “Ke nna morabo lona Josefa.” Yaba o aka bara bao babo ba neng ba maketse mme ka mosa a ba tshwarela. (Genese 45:1-15) O ile a etsisa Jehova ya tshwarelang ka bolokolohi. (Pesaleme ya 86:5) Na le rona re tshwarela ka bolokolohi?

(Genese 44:33, 34) Ka hoo jwale, ka kopo, ho ke ho sale lekgoba la hao ho e na le moshanyana e le lekgoba ho monga ka, e le hore moshanyana a nyolohe le barababo. 34 Etswe nka ya jwang ho Ntate moshanyana a le siyo ho nna, esere ka bona tlokotsi e tla hlahela Ntate?”

(Genese 45:4, 5) Ka hoo Josefa a re ho barababo: “Ka kopo, atamelang ho nna.” Yaba ba atamela ho yena. Jwale a re: “Ke nna morabo lona Josefa, eo le mo rekisitseng Egepeta. 5 Empa jwale le se ke la utlwa bohloko mme le se ke la ikgalefela ka hobane le nthekisitse mona; hobane Modimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa ho boloka bophelo.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Genese 44:13) Jwale ba hahola diaparo tsa bona tsa ka hodimo mme e mong le e mong a boela a belesa esele ya hae mojaro wa hae yaba ba kgutlela motseng.

it-2-E 813

Ho Tabola Diaparo

Ho ne ho tlwaelehile hore bajuda le batho ba bang ba dinaha tsa botjhabela ba tabole diaparo tsa bona ho bontsha hore ba utlwile bohloko, haholoholo ha ba utlwa ka lefu la e mong wa lelapa. Maemong a mangata ba ne ba tabola seaparo ka ho lekaneng hore sefuba se bulehe, empa ba ne ba sa se tabole ka ho feletseng hoo se ke keng sa kgona ho aparwa hape.

Bibele e bua ka mokgwa ona ka lekgetlo la pele ha e bua ka Rubene, e leng mora wa Jakobo e moholo, eo ha a kgutla a sa kang a fumana Josefa ka sekoting sa metsi, yaba o tabola diaparo tsa hae mme o re: “Ngwana o ile! Mme nna ruri ke tla ya hokae?” Jwalo ka letsibolo, Rubene o ne a ikarabella ka ngwanabo. Ka ho tshwanang, ha Jakobo a bolellwa hore mora wa hae o hlokahetse o ile a tabola diaparo tsa hae yaba o apara lesela la mokotla ho bontsha hore o utlwile bohloko (Ge 37:29, 30, 34), le barababo Josefa Egepeta ba ile ba bontsha hore ba utlwile bohloko ka ho hahola diaparo tsa bona ha Benjamine a ne a qoswa ka hore ke leshodu.​—Ge 44:13.

(Genese 45:5-8) Empa jwale le se ke la utlwa bohloko mme le se ke la ikgalefela ka hobane le nthekisitse mona; hobane Modimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa ho boloka bophelo. 6 Etswe sena ke selemo sa bobedi sa tlala lefatsheng, mme ho sa ntse ho e na le dilemo tse ding tse hlano tseo ka tsona ho ke keng ha eba le nako ya ho lema kapa kotulo. 7 Ka lebaka leo Modimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa hore le be le masala lefatsheng le hore le bolokwe le phela ka ho pholoswa ho hoholo. 8 Ka hoo ha se lona ba nthometseng mona, empa ke Modimo wa nnete, e le hore a mpehe hore ke be ntata Faro le morena wa bohle ba ntlo ya hae le ya laolang naheng yohle ya Egepeta.

w04 8/15 15 ¶15

Ho Hlouwa Ntle ho Lebaka

15 Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra hlonamela ba re hloileng ntle ho lebaka? Hopola hore dira tsa rona tse ka sehloohong ke Satane le bademona. (Baefese 6:12) Ke nnete hore batho ba bang ba a hlokomela hore ba a re hlorisa ebile ba ho etsa ka boomo, empa ba bangata ba hanyetsang batho ba Modimo ba ho etsa ka lebaka la ho hloka tsebo kapa ka lebaka la ho hlohlelletswa ke batho ba bang. (Daniele 6:4-16; 1 Timothea 1:12, 13) Jehova o lakatsa hore “batho ba mefuta yohle” ba be le monyetla wa hore “ba pholohe mme ba fihle tsebong e nepahetseng ya nnete.” (1 Timothea 2:4) Ka sebele, batho ba bang bao e neng e le bahanyetsi e se e le barababo rona ba Bakreste hona jwale ka lebaka la ho bona boitshwaro ba rona bo sa tshwauweng phoso. (1 Petrose 2:12) Ho phaella moo, re ka ithuta mohlaleng wa Josefa, mora wa Jakobo. Le hoja Josefa a ile a ba mahlomoleng a maholo ka lebaka la barababo ka ntata bona, ha a a ka a ba jara ka pelo. Hobaneng? Hobane o ile a bona hore Jehova o ne a laola dintho ho phethahatsa morero wa Hae. (Genese 45:4-8) Ka tsela e tshwanang, Jehova a ka tlotlisa lebitso la hae ka ho sebedisa mahlomola le ha e le afe a ka re hlahelang.​—1 Petrose 4:16.

Mmalo wa Bibele

(Genese 45:1-15). Yaba Josefa ha a sa hlola a kgona ho itshwara ka pela bohle ba emeng le yena. Ka hoo a hweletsa: “Ereng e mong le e mong a tlohe ho nna!” Mme ha ho le ya mong ya neng a eme le Josefa ha a itsebisa barababo. 2 A qala ho phahamisa lentswe a lla, hoo Baegepeta ba ileng ba utlwa le ntlo ya Faro e ileng ya utlwa. 3 Qetellong Josefa a re ho barababo: “Ke nna Josefa. Na Ntate o sa ntse a phela?” Empa barababo ba ne ba sa kgone ho mo araba ho hang, hobane o ne a ba ferekantse. 4 Ka hoo Josefa a re ho barababo: “Ka kopo, atamelang ho nna.” Yaba ba atamela ho yena. Jwale a re: “Ke nna morabo lona Josefa, eo le mo rekisitseng Egepeta. 5 Empa jwale le se ke la utlwa bohloko mme le se ke la ikgalefela ka hobane le nthekisitse mona; hobane Modimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa ho boloka bophelo. 6 Etswe sena ke selemo sa bobedi sa tlala lefatsheng, mme ho sa ntse ho e na le dilemo tse ding tse hlano tseo ka tsona ho ke keng ha eba le nako ya ho lema kapa kotulo. 7 Ka lebaka leo Modimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa hore le be le masala lefatsheng le hore le bolokwe le phela ka ho pholoswa ho hoholo. 8 Ka hoo ha se lona ba nthometseng mona, empa ke Modimo wa nnete, e le hore a mpehe hore ke be ntata Faro le morena wa bohle ba ntlo ya hae le ya laolang naheng yohle ya Egepeta. 9 “Eyang ho Ntate kapele, le re ho yena, ‘Mora wa hao Josefa o itse: “Modimo o mpehile hore ke be morena wa Egepeta yohle. Theohela ho nna. O se ke wa dieha. 10 O dule naheng ya Goshene, mme o nne o be haufi le nna, wena le bara ba hao le bara ba bara ba hao le mehlape ya hao ya dikgutshwane le mehlape ya hao ya diphoofolo tse kgolo le ntho e nngwe le e nngwe eo o nang le yona. 11 Ke tla o fa dijo hona teng, etswe ho sa ntse ho e na le dilemo tse ding tse hlano tsa tlala; esere wena le ba ntlo ya hao le ntho e nngwe le e nngwe eo o nang le yona la futsaneha.” ’ 12 Bonang! mahlo a lona le mahlo a moreso Benjamine a a bona hore ke molomo wa ka o buang le lona. 13 Ka hoo le bolelle Ntate ka kganya yohle ya ka Egepeta le ntho e nngwe le e nngwe eo le e boneng; le potlake le theolele Ntate mona.” 14 Yaba o itihela molaleng wa Benjamine morabo mme wa lla, le Benjamine a llela molaleng wa hae. 15 A aka barababo kaofela mme a ba llela, ka mora moo barababo ba bua le yena.

8-14 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 46-⁠47

“Ba Fumana Dijo Nakong ya Tlala”

(Genese 47:13) Jwale ho ne ho se bohobe naheng yohle, hobane tlala e ne e le kgolo haholo; mme naha ya Egepeta le naha ya Kanana tsa phophotheha ka lebaka la tlala.

w87 5/1 15 ¶2

Ho Boloka Bophelo Nakong ya Tlala

2 Dilemo tse supileng tsa nala tsa fela, mme tlala ya qala hantle jwalo ka ha Jehova a ne a profetile tlala ya sekoboto e seng Egepeta feela empa “lefatsheng lohle.” Ha batho ba lapileng ba Egepeta ba qala ho kopa bohobe ho Faro, Faro a re ho bona: “Eyang ho Josefa, le etseng seo a tlang ho le bolella sona.” Josefa a rekisetsa Baegepeta dijothollo ho fihlela ba fellwa ke tjhelete. Yaba jwale o ba rekisetsa tsona ka mehlape ya bona. Qetellong, batho ba tla ho Josefa, ba re: “A ko re reke jwale, rona le masimo a rona, ka bohobe, mme rona le masimo a rona re tla ba bahlanka ba Faro.” Yaba Josefa o rekela Faro naha yohle ya Egepeta.​—Genese 41:53-57; 47:13-20.

(Genese 47:16) Jwale Josefa a re: “Nehelanang ka diphoofolo tsa lona tse ruilweng mme ke tla le fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa diphoofolo tsa lona tse ruilweng, haeba tjhelete e fedile.”

(Genese 47:19, 20) Ke hobaneng ha re lokela ho shwela ka pela mahlo a hao, rona le naha ya rona? Re rekelle le naha ya rona bakeng sa bohobe, mme rona ha mmoho le naha ya rona re tla ba makgoba a Faro; o re fe peo e le hore re phele re se ke ra shwa yaba naha ya rona e fetoha lesupi.” 20 Ka hoo Josefa a rekela Faro naha yohle ya Baegepeta, hobane Moegepeta e mong le e mong a rekisitse tshimo ya hae, etswe tlala e ne e ba totetse; mme naha ya eba ya Faro.

(Genese 47:23-25) Jwale Josefa a re ho setjhaba: “Bonang, kajeno ke rekile lona le masimo a lona bakeng sa Faro. Peo ya lona ke ena, mme le e jale masimong. 24 Ha a hlahisitse dihlahiswa, jwale le fe Faro karolo ya bohlano, empa dikarolo tse nne e tla ba tsa lona e le peo bakeng sa masimo le dijo tsa lona le tsa ba ka matlung a lona le tse tla jewa ke bana ba lona ba banyenyane.” 25 Ka lebaka leo ba re: “O bolokile bophelo ba rona. Ere re fumane kamohelo mahlong a morena ka, mme re tla ba makgoba a Faro.”

kr 234-235 ¶11-12

Mmuso o Etsa Thato ya Modimo Lefatsheng

11 Kgora. Lefatshe le bolawa ke tlala ya moya. Bibele e ile ya lemosa ya re: “‘Bonang! Matsatsi a a tla,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova, ‘mme ke tla romela tlala naheng, tlala, eseng bakeng sa bohobe, le lenyora, eseng bakeng sa metsi, empa bakeng sa ho utlwa mantswe a Jehova.’” (Amose 8:11) Na baahi ba Mmuso wa Modimo le bona ba bolawa ke tlala? Jehova o ile a bolela esale pele ka phapang e neng e tla ba teng pakeng tsa batho ba hae le dira tsa hae, o ile a re: “Bahlanka ba ka ba tla ja, empa lona le tla lapa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla hlajwa ke dihlong.” (Esa. 65:13) Na o bone ho phethahala ha mantswe ao?

12 Dijo tsa moya tseo re di fumanang di jwalo ka noka e phallang e tletse metsi a mangata haholo. Dingolwa tsa rona tse thehilweng Bibeleng ha mmoho le dikgatiso tsa rona tse rekotilweng le divideo, diboka le dikopano le dintho tse fumanehang Websaeteng ya rona, kaofela ha tsona di tshwana le nala ya dijo tsa moya lefatsheng lena le bolawang ke tlala ya moya. (Ezek. 47:1-12; Joele 3:18) Na ha o thabe ha o bona ho phethahala ha ditshepiso tsa Jehova bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi? Na o etsa bonnete ba hore o ja ka mehla tafoleng ya Jehova?

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Genese 46:4) Ke tla theohela le wena Egepeta mme ruri ke tla boela ke o nyolle teng; mme Josefa o tla beha letsoho mahlong a hao.”

it-1-E 220 ¶1

Se Bolelwang ke Diketso Tse Latelang

Ho beha letsoho mahlong a motho ya hlokahetseng. Ha Jehova a re ho Jakobo, “Josefa o tla beha letsoho mahlong a hao” (Ge 46:4), o ne a bolela hore Josefa o ne a tla kwala Jakobo mahlo ka mora hore a hlokahale, e leng mosebetsi o neng o tlwaetswe ho etswa ke mora wa letsibolo. Ho bonahala Jehova a ne a bolella Jakobo hore Josefa ke yena ya nang le tokelo ya ho ba letsibolo.​—1Likr 5:2.

(Genese 46:26, 27) Meya yohle e tlileng le Jakobo Egepeta ke e tswileng nokeng ya hae, ntle ho basadi ba bara ba Jakobo. Meya yohle e ne e le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. 27 Bara ba Josefa bao a ba tswaletsweng Egepeta e ne e le meya e mmedi. Meya yohle ya ntlo ya Jakobo e tlileng Egepeta e ne e le mashome a supileng.

nwtsty study note se ho Lik 7:14

Batho ba 75: E ka nna yaba Setefane o ne a sa qotse temana e itseng ya Mangolo a Seheberu ha a ne a re ke batho ba 75 ba lelapa la Jakobo ba ileng Egepeta. Mangolo a Seheberu a ngotsweng ka mongolo wa Bamasorete ha a na palo ena. Ge 46:26 e re: “Meya yohle e tlileng le Jakobo Egepeta, ntle ho basadi ba bara ba Jakobo. Meya yohle e ne e le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.” Temana ya 27 e re: “Meya yohle ya ntlo ya Jakobo e tlileng Egepeta e ne e le mashome a supileng.” Ditemaneng tsena palo ya batho e badilwe ka ditsela tse pedi tse sa tshwaneng, ho bonahala temana ya 26 e akarelletsa palo ya ditloholo tsa Jakobo feela mme temana ya 27 yona e akarelletsa palo e felletseng ya batho ba ileng ba ya Egepeta. Ex 1:5 le De 10:22 le tsona di bua ka palo ya ditloholo tsa Jakobo e leng “70.” Ho bonahala Setefane yena a bua ka palo e akarelletsang ditho tse ding tsa lelapa la Jakobo. Batho ba bang ba re palo eo e akarelletsa bara le ditloholo tsa bara ba Jakobo, e leng Manase le Efraime bao ho buuwang ka bona ho Ge 46:20 phetolelong ya Septuagint. Ba bang bona ba re palo eo e akarelletsa basadi ba bara ba Jakobo ba sa akarelletswang palong e ho Ge 46:​26. Ka hoo, ho ka etsahala hore “75” ke palo e felletseng ya batho ba ileng Egepeta. Le ha ho le jwalo, ho ka etsahala hore palo ena e fumaneha Mangolong a Seheberu a neng a le teng mehleng ya Setefane. Ka dilemo tse ngata bangodi ba ne ba tseba hore palo ena ya “75” e hlaha ho Ge 46:27 le Ex 1:5 phetolelong ya Segerike ya Septuagint. Ho ekelletsa moo, dilemong tsa bo1950, ho ile ha fumanwa dikarolo tse pedi tsa Moqolo wa Lewatle le Shweleng tsa lengolo la Ex 1:⁠5 ka Seheberu mme le tsona di ne di na le palo eo ya “75.” Ho ka etsahala hore Setefane o ne a itshetlehile ka e nngwe ya dikarolo tseo ha a bua ka palo eo. Ho sa tsotellehe hore na palo ena e akarelletsa bomang, palo eo Setefane a buileng ka yona e mpa e le mokgwa feela o fapaneng wa ho fumana palo e felletseng ya ditloholo tsa Jakobo.

Mmalo wa Bibele

(Genese 47:1-17) Tumellanong le hoo Josefa a tla mme a tlalehela Faro a re: “Ntate le barabeso ba tlile le mehlape ya bona ya dikgutshwane le mehlape ya bona ya diphoofolo tse kgolo le sohle seo ba nang le sona ho tswa naheng ya Kanana, mme bona! ba naheng ya Goshene.” 2 Palong yohle ya barababo a nka banna ba bahlano, hore a ba hlahise ho Faro. 3 Jwale Faro a re ho barababo: “Le etsa mosebetsi ofe?” Ka hoo ba re ho Faro: “Bahlanka ba hao ke badisa ba dinku, rona ha mmoho le baholoholo ba rona.” 4 Ka mora moo ba re ho Faro: “Re tlilo dula re le bajaki naheng ena, hobane ha ho lekgulo bakeng sa mohlape oo bahlanka ba hao ba nang le ona, etswe tlala e kgolo naheng ya Kanana. Jwale, ka kopo, ere bahlanka ba hao ba dule naheng ya Goshene.” 5 Yaba Faro o re ho Josefa: “Ntatao le barabeno ba tlile ho wena mona. 6 Naha ya Egepeta e taolong ya hao. Ere ntatao le barabeno ba dule karolong e ntlehadi ya naha. Ere ba dule naheng ya Goshene, mme haeba o tseba hore hara bona ho na le banna ba sebete, o ba behe hore e be baokamedi ba mehlape ya ka.” 7 Jwale Josefa a tlisa ntatae Jakobo a mo tsebisa Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro. 8 Jwale Faro a re ho Jakobo: “Matsatsi a dilemo tsa bophelo ba hao a makae?” 9 Ka hoo Jakobo a re ho Faro: “Matsatsi a dilemo tsa ho dula ha ka ka bojaki ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo. Matsatsi a dilemo tsa bophelo ba ka e bile a seng makae le a bakang mahlomola, mme ha a a fihla matsatsing a dilemo tsa bophelo ba bontate matsatsing a ho dula ha bona ka bojaki.” 10 Ka mora moo Jakobo a hlohonolofatsa Faro mme a tswa ka pela Faro. 11 Ka hoo Josefa a lokisetsa hore ntatae le barababo ba dule mme a ba fa sebaka naheng ya Egepeta, karolong e ntlehadi ya naha, naheng ya Ramsese, feela jwalo ka ha Faro a laetse. 12 Josefa a nna a fa ntatae le barababo le bohle ba ntlo ya ntatae bohobe, ho ya ka palo ya bana ba banyenyane. 13 Jwale ho ne ho se bohobe naheng yohle, hobane tlala e ne e le kgolo haholo; mme naha ya Egepeta le naha ya Kanana tsa phophotheha ka lebaka la tlala. 14 Yaba Josefa o tswela pele ho nka tjhelete yohle e neng e fumaneha naheng ya Egepeta le naheng ya Kanana bakeng sa dijothollo tseo batho ba neng ba di reka; Josefa a nna a tlisa tjhelete ntlong ya Faro. 15 Ka mora nako tjhelete ya naha ya Egepeta le ya naha ya Kanana ya fela, mme Baegepeta bohle ba qala ho tla ho Josefa, ba re: “Re fe bohobe! Ke hobaneng ha re lokela ho shwa ka pela hao ka hobane tjhelete e fedile?” 16 Jwale Josefa a re: “Nehelanang ka diphoofolo tsa lona tse ruilweng mme ke tla le fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa diphoofolo tsa lona tse ruilweng, haeba tjhelete e fedile.” 17 Yaba ba qala ho tlisa diphoofolo tsa bona tse ruilweng ho Josefa; mme Josefa a nna a ba fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa dipere tsa bona le mohlape wa dikgutshwane le mohlape wa diphoofolo tse kgolo le diesele, mme a nna a ba fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa diphoofolo tsohle tsa bona tse ruilweng selemong seo.

15-21 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 48-50

“Batho ba Hodileng ba ka re Ruta Dintho Tse Ngata”

(Genese 48:21, 22) Ka mora moo Iseraele a re ho Josefa: “Bona, ke a shwa, empa ka sebele Modimo o tla ba le lona a le kgutlisetse naheng ya baholoholo ba lona. 22 Ha e le nna, ke o fa karolo ya naha ho feta seo ke se fang barabeno, naha eo ke e nkileng letsohong la Baamore ka sabole ya ka le ka seqha sa ka.”

it-1-E 1246 ¶8

Jakobo

Jakobo o ile a hlohonolofatsa ditloholo tsa hae, e leng bara ba Josefa nakwana pele a hlokahala mme Modimo o ile a mo tataisa hore a hlohonolofatse Efraime pele ho abuti wa hae e leng Manase. Ka mora moo Jakobo o ile a re Josefa ya neng a tla fumana dikarolo tse pedi tsa lefa la letsibolo: “Ke o fa karolo ya naha ho feta seo ke se fang barabeno, naha eo ke e nkileng letsohong la Baamore ka sabole ya ka le ka seqha sa ka.” (Ge 48:1-22; 1Likr 5:1) Ka ha Jakobo ha a ka a lwana le bara ba Hamore ha a ne a reka tshimo ho bona e neng e le haufi le Shikeme (Ge 33:19, 20), ho bonahala tshepiso ena eo a ileng a e etsa ho Josefa e bontsha hore o ne a e na le tumelo hobane o ile a profeta hore nakong e tlang, ditloholo tsa hae di ne di tla hapa naha ya Kanana ka sabole ya hae le seqha sa hae mme a bua seo jwalo ka ha eka se se se phethahetse. (Sheba AMORITE.) Dikarolo tse pedi tsa naha e hapilweng tseo Josefa a neng a tla di fumana e ne e le tseo Jakobo a di fileng leloko la Efraime le la Manase.

(Genese 49:1) Ha morao Jakobo a bitsa bara ba hae mme a re: “Bokanang e le hore ke le bolelle se tla le etsahalla karolong e qetellang ya matsatsi.

it-2-E 206 ¶1

Matsatsi a ho Qetela

Boprofeta Boo Jakobo a ileng a bo Etsa Pele a Hlokahala. Ha Jakobo a ne a re ho bara ba hae, “Bokanang e le hore ke le bolelle se tla le etsahalla karolong e qetellang ya matsatsi,” o ne a bolela nako eo mantswe a hae a neng a tla phethahala ka yona. (Ge 49:1) Dilemo tse fetang 200 pele ho moo, Jehova o ile a bolella ntatemoholo wa Jakobo e leng Abrame (Abrahama) hore ditloholo tsa hae di ne di tla hloriswa ka dilemo tse 400. (Ge 15:13) Ka hoo, nako eo Jakobo a reng ke ‘karolo e qetellang ya matsatsi’ e ne e tla qala ka mora dilemo tseo tse 400. (E le hore o fumane dintlha ka Genese 49, sheba dihlooho tse buang ka bara ba Jakobo tlasa mabitso a bona.) Boprofeta bona bo akarelletsang “Iseraele ya Modimo” bo ne bo tla phethahala ha morao.​—Gal 6:16; Bar 9:6.

(Genese 50:24, 25) Qetellong Josefa a re ho barababo: “Ke a shwa; empa ruri Modimo o tla lebisa tlhokomelo ya hae ho lona, mme ka sebele o tla le ntsha naheng ena a le ise naheng eo a e hlapanyeditseng Abrahama, Isaka le Jakobo.” 25 Ka hoo Josefa a hlapantsha bara ba Iseraele, a re: “Ruri Modimo o tla lebisa tlhokomelo ya hae ho lona. Tumellanong le hoo le tlose masapo a ka mona.”

w07 6/1 28 ¶10

Batho ba Hodileng ke Kgothatso ho ba Batjha

10 Batho ba hodileng ba ka boetse ba ba le tshusumetso e molemo ho badumedimmoho le bona. Botsofading ba hae, Josefa, e leng mora wa Jakobo, o ile a etsa ketso e bonolo ya tumelo mme e ile ya ama ka matla barapedi ba nnete ba dimilione ba phetseng ka mora hae. O ne a e na le dilemo tse 110 ha “a fana ka taelo malebana le masapo a hae,” hore mohlang Baiseraele ba tlohang Egepeta, ba lokela ho nka masapo a hae, ba tsamaye le ona. (Baheberu 11:22; Genese 50:25) Dilemong tse telele tsa bokgoba bo sehloho bo ileng ba latela ka mora lefu la Josefa, taelo ena e ile ya fana ka tshepo e tiileng ya hore Baiseraele ba ne ba tla lokollwa.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Genese 49:19) “Ha e le Gade, o tla futuhelwa ke sehlopha sa bafutuhi, empa o tla futuhela karolo e ka moraorao.

w04 6/1 15 ¶4-5

Ho Lehlohonolo ba Tlotlisang Modimo

4 Pele ditho tsa setjhaba sa Iseraele tsa moloko wa Gade di kena Naheng e Tshepisitsweng, di ile tsa kopa ho dula naheng e nang le makgulo a matle ka botjhabela ho Jordane. (Numere 32:1-5) Ho dula moo ho ne ho tla bolela hore di ne di tla lokela ho hlola mathata a tebileng. Meloko e ka bophirimela e ne e tla sireletswa ke Phula ya Jordane ha e hlaselwa ke lebotho la sesole. (Joshua 3:13-17) Le ha ho le jwalo, ha e bua ka dibaka tse ka botjhabela ho Jordane, buka ya The Historical Geography of the Holy Land, ya George Adam Smith, e re: “Kaofela ha tsona [di] namme jwalo ka ha eka ha ho thibelo ya letho, sehlabeng se seholo sa Arabia. Ka lebaka leo, haesale di pepeseditswe tlhaselo ya bohloma o hlomolle ba lapileng, bao ba bang ba bona ba neng ba di futuhela selemo le selemo ba batla lekgulo.”

5 Moloko wa Gade o ne o tla hlola kgatello eo e sa yeng moriting jwang? Makgolo a dilemo pejana, ha moholoholo wa moloko wa Gade e leng Jakobo a ne a profeta a le makgatheng a lefu o ile a re: “Ha e le Gade, o tla futuhelwa ke sehlopha sa bafutuhi, empa o tla futuhela karolo e ka moraorao.” (Genese 49:​19) Ha o qala ho utlwa mantswe ao o ka utlwa a tepeletsa. Empa, ha e le hantle e ne e le taelo ya hore Bagade ba itwanele. Jakobo o ile a ba tiisetsa hore ha ba ka etsa jwalo, bafutuhi ba ne ba tla kgutlela morao ba hlabilwe ke dihlong, Bagade ba ba behile me.

(Genese 49:27) “Benjamine o tla nne a rusolle jwalo ka phiri. Hoseng o tla ja phoofolo e nkilweng mme mantsiboya o tla arola thepa e hapuweng.”

it-1-E 289 ¶2

Benjamine

Pele Jakobo a hlokahala, o ile a profeta ka bokgoni ba ditloholo tsa Benjamine ba ho lwana ha a ne a re: “Benjamine o tla nne a rusolle jwalo ka phiri. Hoseng o tla ja phoofolo e nkilweng mme mantsiboya o tla arola thepa e hapuweng.” (Ge 49:27) Banna ba kgethetsweng ntwa ba Babenjamine ba ne ba tsebahala ka bokgoni ba bona ba ho sebedisa letjeketjane ka letsoho le letona kapa le letshehadi mme ba ne ba nepa ‘ntho e botenya ba moriri.’ (Bhl 20:16; 1Likr 12:2) Moahlodi Ehude ya neng a sebedisa letsoho le letshehadi, ya ileng a bolaya Morena Eglone ya neng a hatella o ne a tswa lelokong la Benjamine. (Bhl 3:15-21) Hape re a hlokomela hore e ne e le “hoseng” kapa qalong ya mmuso wa Iseraele ha Saule mora wa Kishe a ba morena wa pele wa Iseraele ya tswang lelokong la Benjamine, e leng “moloko o monyenyane ka ho fetisisa melokong,” ya Iseraele mme o ile a hlola Bafilista. (1Sa 9:15-17, 21) Ka ho tshwanang, ha e le “mantsiboya” kapa qetellong ya puso ya Iseraele, Mofumahadi Esthere le Tonakgolo Mordekai ba neng ba tswa lelokong la Benjamine, ba ile ba pholosa Baiseraele tlasa puso ya Persia.​—Es 2:5-7.

Mmalo wa Bibele

(Genese 49:8-26) “Ha e le wena, Juda, barabeno ba tla o roka. Letsoho la hao le tla ba sekotlong sa dira tsa hao. Bara ba ntatao ba tla itihela fatshe ka difahleho ho wena. 9 Juda ke ledinyane la tau. Mora wa ka, ka sebele o tla nyoloha phofung. O iname, o ikotlolotse jwalo ka tau, ke mang ya ka itetang sefuba ho mo tsosa? 10 Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda, le ha e le lere la molaodi pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla; mme ditjhaba di tla mo mamela. 11 A tlameletse esele ya hae e hodileng sefateng sa morara le petsana ya esele ya hae e tshehadi sefateng se setle ka ho fetisisa sa morara, ka sebele o tla hlatswa diphahlo tsa hae veineng mme seaparo sa hae a se hlatswe mading a morara. 12 Mahlo a hae a bofubedu bo lefifi ka lebaka la veine, mme meno a hae a masweu ka lebaka la lebese. 13 “Zabulone o tla dula lebopong la lewatle, mme o tla ba haufi le lebopo moo dikepe di emisitsweng teng ka ankora; lehlakore la hae le ka thoko le tla ba nqa Sidone. 14 “Isakare ke esele e nang le masapo a matla, e bothileng pakeng tsa disatlelebeke tse pedi. 15 O tla bona hore sebaka sa phomolo se setle le hore naha ya kgahleha; o tla koba lehetla la hae ho jara merwalo mme o tla etsa mosebetsi o qobellwang wa bokgoba. 16  “Dane o tla ahlola batho ba hae jwalo ka o mong wa meloko ya Iseraele. 17 Dane e ke e be noha e ka thoko ho tsela, noha e dinaka ka thoko ho tsela, e lomang direthe tsa pere hoo mopalami wa yona a wang ka seetse. 18 Jehova, ruri ke tla letela poloko e tswang ho wena. 19 “Ha e le Gade, o tla futuhelwa ke sehlopha sa bafutuhi, empa o tla futuhela karolo e ka moraorao. 20 “Bohobe bo tswang ho Ashere bo tla ba mafura, mme o tla fana ka dintho tse monate tsa morena. 21 “Nefthali ke kgama e tshehadi e tshesane. O fana ka mantswe a kgahlisang. 22 “Letlobo la sefate se behang ditholwana, Josefa ke letlobo la sefate se behang ditholwana pela sediba, se lebisang makala a sona ka hodima lerako. 23 Empa ba fulang metsu ba nnile ba mo tshwenya mme ba mo fula mme ba nna ba mo kwetlela lehloyo. 24 Le ha ho le jwalo seqha sa hae se ne se dula sebakeng se sa feleng, mme matla a matsoho a hae a ne a tenyetseha. Matsohong a Ya Matla wa Jakobo, ho na le Modisa, Lejwe la Iseraele. 25 O tswa ho Modimo wa ntatao, mme o tla o thusa; o na le Ya Matla Ohle, mme o tla o hlohonolofatsa ka ditlhohonolofatso tsa mahodimo a hodimo, ka ditlhohonolofatso tsa bodiba bo tlase, ka ditlhohonolofatso tsa matswele le popelo. 26 Ruri ditlhohonolofatso tsa ntatao di tla phahamela ditlhohonolofatso tsa dithaba tsa ka ho sa feleng, di phahamele mokgabiso wa maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetswang. Di tla nne di be hodima hlooho ya Josefa, esita le hara hlooho ya ya qolotsweng ho barababo.

22-28 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 1-⁠3

“Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona”

(Exoda 3:13) Le ha ho le jwalo, Moshe a re ho Modimo wa nnete: “A re re jwale ke fihlile ho bara ba Iseraele mme ke re ho bona, ‘Modimo wa baholoholo ba lona o nthomile ho lona,’ ebe ba re ho nna, ‘Lebitso la hae ke mang?’ Ke tla reng ho bona?”

w13 3/15 25 ¶4

Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo

4 Bala Exoda 3:10-15. Ha Moshe a ne a le dilemo di 80, Modimo o ile a mo fa taelo e boima, a re: “O ntshe setjhaba sa ka sa bara ba Iseraele Egepeta.” Moshe o ile a botsa Jehova potso ya bohlokwahadi. A re: ‘Lebitso la hao o mang?’ Ka ha e ne e le kgale lebitso la Modimo le tsejwa, Moshe o ne a batla ho tseba eng? Ka moo ho bonahalang ka teng, o ne a batla ho fumana tsebo e batsi ka motho ya emelwang ke lebitso leo e leng dintlha tse neng di tla kgodisa setjhaba sa Modimo hore O tla fela a ba lopolle. Moshe o ne a e na le mabaka a utlwahalang a hore a amehe, ka ha Baiseraele e ne e bile makgoba ka nako e telele. Mohlomong ba ne ba ntse ba ipotsa hore na Modimo wa baholoholo ba bona a ka kgona ho ba lopolla. Ba bang ba ne ba se ba bile ba rapela medimo ya Egepeta!​—Ezek. 20:7, 8.

(Exoda 3:14) Yaba Modimo o re ho Moshe: “KE TLA BA SEO KE TLA BA SONA.” Yaba o a eketsa: “Sena ke seo o tla se bolella bara ba Iseraele, ‘KE TLA BA o nthomile ho lona.’”

kr 43, lebokose

SE BOLELWANG KE LEBITSO LA MODIMO

LEBITSO Jehova le tswa leetsing la Seheberu le bolelang “ho ba.” Ditsebi tse ding di nka hore tabeng ena leetsi le na le sebopeho se bontshang ho etsa hore ntho e itseng e etsahale. Ka hoo batho ba bangata ba utlwisisa hore lebitso la Modimo le bolela “O Etsa Hore ho be.” Tlhaloso ena e tshwanela karolo eo Jehova a e phethang jwalo ka Mmopi. O entse hore bokahohle le dibopuwa tse bohlale di be teng mme o tswela pele ho etsa hore thato ya hae le seo a ikemiseditseng ho se etsa se phethahale.

Le ha ho le jwalo, re lokela ho utlwisisa karabo eo Jehova a ileng a e fa Moshe ho Exoda 3:13, 14, jwang? Moshe o ile a botsa a re: “A re re jwale ke fihlile ho bara ba Iseraele mme ke re ho bona, ‘Modimo wa baholoholo ba lona o nthomile ho lona,’ ebe ba re ho nna, ‘Lebitso la hae ke mang?’ Ke tla reng ho bona?” Yaba Jehova o re ho Moshe: “Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona.”

Hlokomela hore Moshe o ne a sa batle ho tseba lebitso la Modimo. Moshe le Baiseraele ba ne ba se ba ntse ba tseba lebitso la Modimo. O ne a batla hore Jehova a matlafatse tumelo ya bona ka hore a ba bolelle hore na ke Modimo wa mofuta ofe, e leng se neng se tla ba thusa ho tseba se bolelwang ke lebitso la hae. Ha a araba ka ho re, “Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona,” Jehova o ne a senola seo a leng sona: Boemong bofe kapa bofe, Jehova e ka ba eng kapa eng eo a hlokang ho ba yona e le hore a phethahatse morero wa hae. Ka mohlala, ho Moshe le ho Baiseraele, Jehova e ile ya e ba Mopholosi, Monehimolao, Mohlokomedi le dintho tse ding tse ngata. Ka hoo, Jehova o kgetha ho ba eng kapa eng eo ho hlokahalang hore a be yona e le hore a phethahatse seo a se tshepisitseng batho ba hae. Le ha ho le jwalo, le hoja lebitso Jehova le bolela seo, ha le bolele feela hore Jehova o ba seo yena a kgethang ho ba sona. Le boetse le akarelletsa hore o etsa popo ya hae seo a batlang hore e be sona e le hore a phethahatse morero wa hae.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 2:10) Ngwana a hola. Joale a mo tlisa ho moradi wa Faro, hore e be mora wa hae; yaba o mo reha lebitso la Moshe mme o re: “Ke ka hobane ke mo ntshitse metsing.”

g04 4/8 6 ¶5

Moshe​—Na ke Motho wa Sebele Kapa wa Tshomong?

Empa na ha se ntho eo ho leng thata ho e kgolwa hore kgosatsana ya Egepeta e ne e ka nka ngwana ya jwalo? Tjhe, ka ha bodumedi ba Baegepeta bo ne bo ruta hore diketso tse mosa ke tekete ya ho kena lehodimong. Ha e le tabeng ya ho ikgodisetsa ngwana teng, setsebi sa dintho tsa kgale tse epollotsweng, Joyce Tyldesley o re: “Basadi ba Baegepeta ba ne ba behwa boemong bo lekanang le ba banna ba Baegepeta. Ba ne ba e na le ditokelo tsa molao le tsa ditjhelete tse tshwanang, bonyane ha ho buuwa, mme . . . basadi ba ne ba ka ikgodisetsa bana bao e seng ba bona.” Tlaleho ya boholoholo ya ho ikgodisetsa bana e ngotsweng loding ha e le hantle e na le tlaleho ya mosadi e mong ya ileng a amohela makgoba a hae, a a nka jwalo ka bana ba hae. Ha e le tabeng ya ho hira mme wa Moshe hore e be moanyesi, The Anchor Bible Dictionary e re: “Ho lefshwa ha mme wa tlhaho wa Moshe hore e be mohodisi . . . ho tshwana le ditokisetso tsa Mesopotamia tsa dikonteraka tsa ho hodisetswa bana.”

(Exoda 3:1) Moshe ya eba modisa wa mohlape wa Jethro, moprista wa Midiane, eo Moshe e neng e le mokgwenyana wa hae. Ha a ntse a kgannela mohlape ka bophirimela ho lefeella, qetellong a fihla thabeng ya Modimo wa nnete, Horebe.

w04 3/15 24 ¶4

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Exoda

3:1​—Jethro e ne e le moprista wa mofuta ofe? Dinakong tsa bapatriareka hlooho ya lelapa e ne e eba moprista wa lelapa la hae. Ho hlakile hore Jethro e ne e le hlooho ya mopatriareka ya moloko wa Bamidiane. Ka ha Bamidiane e ne e le ditloholo tsa Abrahama ka Ketura, mohlomong ba ne ba tseba ka borapedi ba Jehova.​—Genese 25:1, 2.

Mmalo wa Bibele

(Exoda 2:11-25) Jwale matsatsing ao, ha Moshe a ntse a eba matla, a tswela ho barababo hore a tadime morwalo oo ba o jereng; mme ha a re hedi! a bona Moegepeta ya itseng a otla Moheberu ya itseng wa barababo. 12 Ka hoo a qamaka yaba o bona ho se na motho. Jwale a bolaya Moegepeta mme a mo pata lehlabatheng. 13 Le ha ho le jwalo, ka letsatsi le hlahlamang a tswa mme bonang! ho ne ho e na le banna ba babedi ba Baheberu ba lwanang. Ka hoo a re ho ya fositseng: “Ke hobaneng ha o otla motswalle wa hao?” 14 Yaba o re: “Ke mang ya o behileng hore o be kgosana le moahlodi wa rona? Na o rerile ho mpolaya feela jwalo ka ha o bolaile Moegepeta?” Jwale Moshe a tshoha mme a re: “Ka sebele ntho ena ya tsebahala!” 15 Ka mora moo Faro a utlwa ka ntho ena, yaba o leka ho bolaya Moshe; empa Moshe a balehela Faro e le hore a yo dula naheng ya Midiane; yaba o dula pela sediba. 16 Jwale moprista wa Midiane o ne a e na le baradi ba supileng, mme jwalo ka ha e le tlwaelo ba ile ba tla yaba ba kga metsi mme ba tlatsa dinwelo hore ba nwese mohlape wa ntata bona. 17 Jwalo ka ha e le tlwaelo badisa ba tla mme ba ba leleka. Yaba Moshe wa ema o thusa basadi bao mme o nwesa mohlape wa bona. 18 Ka hoo ha ba fihla hae ho ntata bona Reuele a howa: “Ho tla jwang hore ebe kajeno le tlile hae kapele hakaale?” 19 Yaba ba re: “Moegepeta ya itseng o ile a re lopolla matsohong a badisa mme, ntle ho moo, a re kgella metsi e le hore a nwese mohlape.” 20 Jwale a re ho baradi ba hae: “Empa o kae? Le sietseng monna eo? Mo bitseng, hore a tlo ja bohobe.” 21 Ka mora moo Moshe a bontsha hore o rata ho dula le monna eo, yaba o fa Moshe moradi wa hae Zipora. 22 Ha morao a tswala mora yaba o mo reha lebitso la Gershome, hobane, a itse: “Ke fetohile mojaki naheng esele.” 23 Eitse matsatsing ao a mangata qetellong morena wa Egepeta a shwa, empa bara ba Iseraele ba tswela pele ho fehelwa ka lebaka la bokgoba le ho etsa mohoo wa pelaelo, mme mohoo wa bona o kopang thuso wa nna wa nyolohela ho Modimo wa nnete ka lebaka la bokgoba. 24 Ka mora nako Modimo a utlwa ho bobola ha bona mme Modimo a hopola selekane sa hae le Abrahama, Isaka le Jakobo. 25 Ka hoo Modimo a tadima bara ba Iseraele mme Modimo a ela hloko.

29 JUNE–5 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 4-5

“Ke Tla ba le Wena ha o Ntse o Bua”

(Exoda 4:10) Jwale Moshe a re ho Jehova: “Ntshwarele, Jehova, empa ha ke motho ya buang ka mokgwa o phollatsi, le ha e le ho tloha maobane kapa ho tloha pele ho moo kapa ho tloha ha o bua le mohlanka wa hao, etswe ke molomo o boima mme ke leleme le boima.”

(Exoda 4:13) Empa a re: “Ntshwarele, Jehova, empa ka kopo romela ka letsoho la eo o tla mo romela.”

w10 10/15 13-14

Mabaka ao re Ipehelang Ona​—Jehova o a Tadima Jwang?

“Ha ke tshwanelehe.” O ka nna wa ikutlwa eka ha o tshwanelehe ho ba mmoledi wa ditaba tse molemo. Bahlanka ba bang ba tshepahalang ba Jehova ba mehleng ya Bibele ba ne ba ikutlwa ba sa tshwanelehe ho etsa mesebetsi eo Jehova a neng a ba file yona. Nahana ka mohlala wa Moshe. Ha Jehova a ne a mo fa taelo e tobileng, Moshe o ile a re: “Ntshwarele, Jehova, empa ha ke motho ya buang ka mokgwa o phollatsi, le ha e le ho tloha maobane kapa ho tloha pele ho moo kapa ho tloha ha o bua le mohlanka wa hao, etswe ke molomo o boima mme ke leleme le boima.” Le hoja Jehova a ile a mo kgothatsa, Moshe o ile a araba a re: “Ntshwarele, Jehova, empa ka kopo romela ka letsoho la eo o tla mo romela.” (Ex. 4:10-13) Jehova o ile a etsang?

(Exoda 4:11, 12) Yaba Jehova o re ho yena: “Ke mang ya etseditseng motho molomo kapa ya etsang ya sa kgoneng ho bua kapa ya sa utlweng ditsebeng kapa ya bonang ka mokgwa o hlakileng kapa ya foufetseng? Na ha se nna, Jehova? 12 Ka hoo jwale tsamaya, mme ke tla ba le molomo wa hao mme ke tla o ruta seo o tshwanetseng ho se bua.”

w14 4/15 9 ¶5-6

Na o Bona “Ya sa Bonahaleng”?

5 Pele Moshe a kgutlela Egepeta, Modimo o ile a mo ruta molaomotheo wa bohlokwa, oo ha morao Moshe a ileng a o ngola bukeng ya Jobo: “Ho tshaba Jehova ke bohlale.” (Jobo 28:28) Jehova o ile a thusa Moshe hore a mo tshabe le hore a etse dintho ka bohlale, ka hore a mo bontshe phapang pakeng tsa batho le Modimo ya Matla Ohle. O ile a mo botsa a re: “Ke mang ya etseditseng motho molomo kapa ya etsang ya sa kgoneng ho bua kapa ya sa utlweng ditsebeng kapa ya bonang ka mokgwa o hlakileng kapa ya foufetseng? Na ha se nna, Jehova?”​—Ex. 4:11.

6 Re ithutang mantsweng a a? Moshe o ne a sa lokela ho tshaba. O ne a ronngwe ke Jehova, ya neng a ka mo fa ntho le ha e le efe eo a e hlokang e le hore a fetisetse molaetsa wa Modimo ho Faro. Etswe Faro e ne e se letho ha a bapiswa le Jehova. Ebile e ne e se lekgetlo la pele bahlanka ba Modimo ba ba kotsing ka lebaka la Baegepeta. Mohlomong Moshe o ile a nahana ka moo Jehova a nnileng a sireletsa Abrahama, Josefa, esita le yena Moshe ka boyena nakong ya puso ya marena a fetileng a Egepeta. (Gen. 12:17-19; 41:14, 39-41; Ex. 1:22–2:10) Ka ha Moshe o ne a e na le tumelo ho Jehova “Ya sa bonahaleng,” o ile a iteta sebete a ya ho Faro mme a mo bolella mantswe ohle ao Jehova a mo laetseng ona.

(Exoda 4:14, 15) Jwale bohale ba Jehova ba tukela Moshe yaba o re: “Na Arone Molevi hase moholwane wa hao? Ke a tseba hore ruri a ka bua. Mme, ntle ho moo, bona! o tseleng ho tla o kgahlanyetsa. Ha a o bona, ka sebele o tla thaba pelong ya hae. 15 O bue le yena mme o mo kenye mantswe molomong; ke tla ba le molomo wa hao le molomo wa hae, mme ke tla le ruta seo le tla se etsa.

w10 10/15 14

Mabaka ao re Ipehelang Ona​—Jehova o a Tadima Jwang?

Jehova ha a a ka a re Moshe a tlohele ho etsa mosebetsi oo. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a kgetha Arone hore a thuse Moshe ho o etsa. (Ex. 4:14-17) Ho feta moo, dilemong tse ileng tsa latela Jehova o ile a tshehetsa Moshe a ba a mo fa ntho e nngwe le e nngwe eo a neng a e hloka e le hore a atlehe ho phetha mesebetsi eo Modimo a neng a mo file yona. Kajeno, le wena o ka kgodiseha hore Jehova o tla susumetsa badumedimmoho le wena ba nang le boiphihlelo hore ba o thuse ho phetha tshebeletso ya hao. Ka hodimo ho tsohle, Lentswe la Modimo le re tiisetsa hore Jehova o tla etsa hore re tshwanelehe ho etsa mosebetsi oo a re laetseng hore re o etse.​—2 Bakor. 3:5; sheba lebokose le nang sehlooho se reng, “Dilemo Tse Thabisang ka ho Fetisisa Bophelong ba ka.”

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 4:24-26) Jwale yare ha ba le tseleng sebakeng sa bodulo Jehova a kopana le yena mme a nna a batla tsela ya ho mo bolaya. 25 Qetellong Zipora a nka lejwe le thata mme a poma ntlha ya letlalo la setho sa botona sa mora wa hae mme a etsa hore e ame maoto a hae yaba o re: “Ke hobane o monyadi wa madi ho nna.” 26 Ka lebaka leo a mo tlohela. Ka nako eo Zipora a re: “Monyadi wa madi,” ka lebaka la lebollo.

w04 3/15 28 ¶4

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Mantswe a Zipora a reng “o monyadi wa madi ho nna” ke mantswe a sa tlwaelehang. Mantswe a a a bontsha eng ka yena? Ka ho iphaphatha le melao ya selekane sa lebollo, Zipora o ile a bontsha hore o ne a hlompha kamano ya selekane le Jehova. Ha morao selekane sa Molao se ileng sa etswa le Baiseraele se ile sa bontsha hore ho latela kamano ya selekane, Jehova a ka nkwa e le monna mme motho ya selekaneng le yena e le mosadi. (Jeremia 31:32) Ka hoo, ha Zipora a ne a re Jehova (ka moemedi wa Hae wa lengeloi) ke “monyadi wa madi,” ho bonahala a ne a bontsha hore o a elellwa hore o lokela ho ikokobelletsa ditumellano tsa selekane seo. Ho ne ho le jwalo ka ha eka o amohetse boemo ba ho ba mosadi selekaneng sa lebollo, Jehova Modimo e le monna wa hae. Ho sa tsotellehe hore na boemo e bile bofe, ka lebaka la boikemisetso ba hae bo tiileng ba ho mamela molao wa Modimo, mora wa hae ha a a ka a hlola a eba kotsing ya ho bolawa.

(Exoda 5:2) Empa Faro a re: “Jehova ke mang, hore ke mamele lentswe la hae mme ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaye? Ho hang ha ke tsebe Jehova mme, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaye.”

it-2-E 12 ¶5

Jehova

Ho “tseba,” ha ho bolele feela ho tlwaelana le ntho e itseng kapa le motho ya itseng. Nabale ya se nang kelello o ne a tseba lebitso la Davida empa o ile a nna a botsa hore na “Davida ke mang, “ ha e le hantle o ne a botsa hore na “Davida o tumme ka eng.” (1Sa 25:9-11; bapisa le 2Sa 8:13.) Ka ho tshwanang, Faro o ile a re ho Moshe: “Jehova ke mang, hore ke mamele lentswe la hae mme ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaye? Ho hang ha ke tsebe Jehova mme, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaye.” (Ex 5:1, 2) Ka ho tjho jwalo, Faro o ne a bolela hore ha a tsebe Jehova e le Modimo wa nnete kapa a na le matla ho yena jwalo ka morena wa Egepeta le ho dintho tseo a di etsang. O ne a boetse a bolela hore Jehova ha a na matla a ho etsa seo a se batlang jwalo ka ha Moshe le Arone ba boletse. Le ha ho le jwalo, Faro, Baegepeta bohle le Baiseraele ba ne ba tla tseba monga lebitso leo le hore na ha e le hantle le bolelang. Jwalo ka ha Jehova a bolelletse Moshe, sena se ne se tla etsahala ka hore a phethahatse morero wa Hae ka Baiseraele, wa ho ba ntsha Egepeta le ho ba fa Naha e Tshepisitsweng, e leng se neng se tla phethahatsa selekane seo A se entseng le baholoholo ba bona. Ke seo Modimo a neng a se bolela ha a re, “Ka sebele le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona.”​—Ex 6:4-8; sheba ALMIGHTY.

Mmalo wa Bibele

(Exoda 4:1-17) Le ha ho le jwalo, ha Moshe a araba a re: “Empa a re re ha ba ntumele mme ha ba mamele lentswe la ka, ka hobane ba tla re, ‘Jehova ha a a ka a hlaha ho wena.’” 2 Jwale Jehova a re ho yena: “Ke eng seo se letsohong la hao?” yaba o re: “Ke molamu.” 3 Ka mora moo a re: “O lahlele fatshe.” Ka hoo a o lahlela fatshe, mme wa fetoha noha; yaba Moshe o qala ho e baleha. 4 Jwale Jehova a re ho Moshe: “Otlolla letsoho la hao mme o e tshware ka mohatla.” Ka hoo a otlolla letsoho la hae a e tshwara, yaba e fetoha molamu seatleng sa hae. 5 “E le hore,” ho qotsa mantswe a hae, “ba ka dumela hore Jehova Modimo wa baholoholo ba bona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaka le Modimo wa Jakobo, o hlahile ho wena.” 6 Jwale Jehova a boela a re ho yena: “Ka kopo, kenya letsoho lemenong le ka hodimo la seaparo sa hao.” Ka hoo a kenya letsoho lemenong le ka hodimo la seaparo sa hae. Ha a le ntsha, bonang! letsoho la hae le ne le otlilwe ka lepera jwalo ka ha eka ke lehlwa! 7 Ka mora moo a re: “Kgutlisetsa letsoho lemenong le ka hodimo la seaparo sa hao.” Ka hoo a kgutlisetsa letsoho lemenong le ka hodimo la seaparo sa hae. Ha a le ntsha lemenong le ka hodimo la seaparo sa hae, bonang! le ne le boetse boemong ba lona ba pele le tshwana le nama e nngwe ya hae kaofela! 8 “Mme etlare,” ho qotsa mantswe a hae, “haeba ba sa o dumele mme ba sa mamele lentswe la pontsho ya pele, jwale ka sebele ba tla dumela lentswe la pontsho ya morao. 9 Hape, etlare haeba ba sa dumele esita le dipontsho tsena tse pedi mme ba sa mamele lentswe la hao, jwale o tla lokela ho nka metsi a Noka ya Nile mme o a tshollele naheng e omileng; metsi ao o a nkileng Nokeng ya Nile ka sebele a tla fetoha, e, ruri a tla fetoha madi naheng e omileng.” 10 Jwale Moshe a re ho Jehova: “Ntshwarele, Jehova, empa ha ke motho ya buang ka mokgwa o phollatsi, le ha e le ho tloha maobane kapa ho tloha pele ho moo kapa ho tloha ha o bua le mohlanka wa hao, etswe ke molomo o boima mme ke leleme le boima.” 11 Yaba Jehova o re ho yena: “Ke mang ya etseditseng motho molomo kapa ya etsang ya sa kgoneng ho bua kapa ya sa utlweng ditsebeng kapa ya bonang ka mokgwa o hlakileng kapa ya foufetseng? Na ha se nna, Jehova? 12 Ka hoo jwale tsamaya, mme ke tla ba le molomo wa hao mme ke tla o ruta seo o tshwanetseng ho se bua.” 13 Empa a re: “Ntshwarele, Jehova, empa ka kopo romela ka letsoho la eo o tla mo romela.” 14 Jwale bohale ba Jehova ba tukela Moshe yaba o re: “Na Arone Molevi ha se moholwane wa hao? Ke a tseba hore ruri a ka bua. Mme, ntle ho moo, bona! o tseleng ho tla o kgahlanyetsa. Ha a o bona, ka sebele o tla thaba pelong ya hae. 15 O bue le yena mme o mo kenye mantswe molomong; ke tla ba le molomo wa hao le molomo wa hae, mme ke tla le ruta seo le tla se etsa. 16 O tla o buella ho batho; o tla ba jwalo ka molomo ho wena, mme o tla ba jwalo ka Modimo ho yena. 17 O tla nka molamu ona letsohong la hao hore o etse dipontsho ka wona.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share