Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
6-12 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 6-7
“Jwale o Tla Bona Seo ke Tla se Etsa ho Faro”
(Exoda 6:1) Ka hoo Jehova a re ho Moshe: “Jwale o tla bona seo ke tla se etsa ho Faro, hobane ka lebaka la letsoho le matla o tla ba tlohela hore ba tsamaye mme ka lebaka la letsoho le matla o tla ba leleka naheng ya hae.”
(Exoda 6:6, 7) “Ka hona e re ho bara ba Iseraele, ‘Ke nna Jehova, ka sebele ke tla le ntsha tlasa merwalo ya Baegepeta ke le lopolle bokgobeng ba bona, mme ruri ke tla le pholosa ka letsoho le otlolohileng le ka dikahlolo tse kgolo. 7 Ka sebele ke tla le nkela ho nna jwalo ka setjhaba, mme ruri ke tla ba Modimo ho lona; ka sebele le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona ya le ntshang tlasa merwalo ya Egepeta.
it-2-E 436 ¶3
Moshe
Ho ne ho bonahala ho fetoha ho itseng ho banna ba Iseraele. Qalong ba ile ba amohela Moshe e le moemedi wa Jehova empa ka mora hore ba sebediswe ka thata ka lebaka la taelo ya Faro, ba ile ba tletleba kgahlanong le Moshe hoo a ileng a nyahama mme a ipiletsa ho Jehova. (Ex 4:29-31; 5:19-23) Ya Phahameng ka ho fetisisa o ile a matlafatsa Moshe ka ho senola seo a neng a tla se etsa e leng seo Abrahama, Isaka le Jakobo ba neng ba se lebelletse. Ba ne ba lebelletse hore Jehova a senole seo lebitso la hae le se bolelang ka ho pholosa Baiseraele le ho etsa hore e be setjhaba se seholo naheng e tshepisitsweng. (Ex 6:1-8). Ho ntse ho le jwalo, banna ba Iseraele ha ba a ka ba mamela Moshe. Empa ka mora kotlo ya borobong, ba ile ba mo tshehetsa mme ba sebedisana le yena, e le hore ka mora kotlo ya leshome a ka ba etella pele ho ba ntsha Egepeta ka tsela e laolehileng “ka tlhophiso ya ntwa.”—Ex 13:18.
(Exoda 7:4, 5) Faro a ke ke a le mamela; mme ke tla lokela ho isa Egepeta letsoho ke ntshe mabotho a ka, setjhaba sa ka, bara ba Iseraele, naheng ya Egepeta ka dikahlolo tse kgolo. 5 Ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke otlolla letsoho la ka kgahlanong le Egepeta, mme ruri ke tla ntsha bara ba Iseraele hara bona.”
it-2-E 436 ¶1-2
Moshe
Ba Eme ka Pela Faro wa Egepeta. Moshe le Arone e ne e le baemedi ba ka sehloohong ba Jehova ntweng ya medimo. Faro o ile a bitsa medimo yohle ya Egepeta kgahlanong le bona a e na le baprista ba Egepeta ba sebedisang boselamose mme ho bonahala ba neng ba di hula pele e ne e le Janese le Jambrese. (2Ti 3:8) Le hoja Faro a ile a thatafatsa pelo ya hae, mohlolo wa pele oo Arone a ileng a o etsa ka taelo ya Moshe o ile wa bontsha hore Jehova o phahametse medimo ya Egepeta. (Ex 7:8-13) Ha morao ha baprista ba Egepeta ba otlwa ka kotlo ya boraro, ba ile ba tlameha ho dumela hore “ke monwana wa Modimo” o entseng sena. Ba ile ba otlwa ka mathopa a bohloko hoo ba sa kang ba kgona ho tla ka pela Faro e le hore ba hanyetse Moshe.—Ex 8:16-19; 9:10-12.
Dikotlo di ile tsa etsa hore ba bang ba rate Jehova le hore ba bang ba mo hanyetse le ho feta. Moshe le Arone e ile yaba bona ba phatlalatsang dikotlo tse leshome. Dikotlo di ile tsa ba teng feela jwalo ka ha di ile tsa phatlalatswa, e leng se neng se fana ka bopaki ba hore Moshe o emela Jehova. Sena se ile sa etsa hore ho buuwe ka lebitso la Jehova Egepeta yohle. Baiseraele le Baegepeta ba bang ba ile ba rata Jehova empa Faro, baeletsi ba hae le batshehetsi ba hae bona ba ile ba hanyetsa Jehova le ho feta. (Ex 9:16; 11:10; 12:29-39) Ho e na le hore Baegepeta ba dumele hore dikotlo tse ba hlahelang di tswa ho medimo ya bona hobane ba e halefisitse, ba ne ba tseba hore ke Jehova ya ahlolang medimo ya bona. Ka mora dikotlo tse robong Moshe le yena o ile a ba “moholo haholo naheng ya Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro le mahlong a setjhaba.”—Ex 11:3.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Exoda 6:3) Ke ne ke ye ke hlahe ho Abrahama, Isaka le Jakobo ke le Modimo, empa ke ne ke sa itsebahatse ho bona ka lebitso la ka la Jehova.
it-1-E 78 ¶3-4
Ya Matla Ohle
Jehova o ile a sebedisa tlotla ya hae e leng “Modimo ya Matla Ohle” (ʼEl Shad·daiʹ) ha a ne a tshepisa Abrahama hore o tla ba le ngwana ya bitswang Isaka, e leng tshepiso e neng e hloka hore Abrahama a bontshe tumelo matleng a Jehova a ho e phethahatsa. Ha morao Bibele e ile ya sebedisa tlotla ena ha e bontsha hore Modimo o ne a tla hlohonolofatsa Isaka le Jakobo e leng majalefa a selekane sa Abrahama.—Ge 17:1; 28:3; 35:11; 48:3.
Tumellanong le sena, Jehova o ile a re ho Moshe: “Ke ne ke ye ke hlahe ho Abrahama, Isaka le Jakobo ke le Modimo ya Matla Ohle [beʼElʹ Shad·daiʹ], empa ke ne ke sa itsebahatse ho bona ka lebitso la ka la Jehova.” (Ex 6:3) Sena se ne se sa bolele hore bapatriareka bana ba ne ba sa tsebe lebitso la Jehova hobane bona le ba bang ba phetseng pele ho bona ba ne ba tlwaetse ho le sebedisa. (Ge 4:1, 26; 14:22; 27:27; 28:16) Ha e le hantle, lengolong la Genese le buang ka bapatriareka, mantswe “Ya Matla Ohle” a hlaha ka makgetlo a tsheletseng feela, ha lebitso la Jehova lona le hlaha ka makgetlo a 172 mangolong a pele a Seheberu. Le hoja bapatriareka bana ba ne ba tseba hore Jehova o tshwanelwa ke ho bitswa “Ya Matla Ohle,” ba ne ba sa utlwisise ka ho felletseng hore lebitso la hae e leng Jehova le bolelang. Ha buka ya The Illustrated Bible Dictionary (Vol. 1, p. 572) e bua ka taba ena e re: “Modimo o ile a itshenola ho bapatriareka e le “Ya Matla Ohle” ha a ne a ba tshepisa dintho tse neng di tla etsahala nakong e tlang. Sena se ne se lokela ho ba kgodisa hore Yena e leng Yahweh, ke Modimo (ʼel) ya kgonang (e ka bolelang sadday) ho phethahatsa ditshepiso tsa hae. Modimo o ile a boela a itshenola ho Moshe ka tsela e ikgethang sehlahleng se tukang hobane lebitso leo ba neng ba le tlwaetse e leng Yahweh le ne le bontsha hore o na le matla le hore o tla ba le bona ka mehla.”—E hlophisitswe ke J. D. Douglas, 1980.
(Exoda 7:1) Ka lebaka leo Jehova a re ho Moshe: “Bona, ke o entse Modimo ho Faro, mme moholwane wa hao Arone e tla ba moprofeta wa hao.
it-2-E 435 ¶5
Moshe
Moshe o ile a tshwaneleha le hoja a ne a sa itshepe. Moshe o ile a bontsha hore wa ikgalala ha a ne a re ha a tsebe ho bua hantle. O ne a se a fetohile, ka ha dilemo tse 40 pele ho moo o ne a ikutlwa hore a ka pholosa Baiseraele. O ile a tswela pele ho behelana mabaka le Jehova mme qetellong a mo kopa hore a se ke a mo fa kabelo eo. Le hoja sena se ile sa halefisa Modimo ha a a ka a lahla Moshe empa o ile a fana ka Arone hore e be mmuelli wa hae. Ka hoo, jwalo ka ha Moshe e ne e le moemedi wa Modimo, o ile a eba jwalo ka “Modimo” ho Arone ya neng a mo buella. Ho bonahala Modimo a ile a fa Moshe ditaelo mme yena a di fetisetsa ho Arone e le hore e ka ba yena ya di buang ha a kopana le banna ba baholo ba Iseraele le ha a kopana le Faro (e leng mohlahlami wa Faro eo Moshe a ileng a mo baleha dilemo tse 40 pele ho moo). (Ex 2:23; 4:10-17) Ha morao Jehova o ile a re Arone ke “moprofeta” wa Moshe, e leng se bolelang hore jwalo ka ha Moshe e ne e le moprofeta wa Modimo mme a tataiswa ke yena, ka ho tshwanang Arone le yena o ne a lokela ho tataiswa ke Moshe. Hape Moshe o ile a bolellwa hore e ne e tla ba “Modimo ho Faro,” e leng se bolelang hore o ne a tla fuwa matla a kang a Modimo le bolaodi hodima Faro e le hore a se ke a hlola a tshaba morena eo wa Egepeta.—Ex 7:1, 2.
Mmalo wa Bibele
(Exoda 6:1-15) Ka hoo Jehova a re ho Moshe: “Jwale o tla bona seo ke tla se etsa ho Faro, hobane ka lebaka la letsoho le matla o tla ba tlohela hore ba tsamaye mme ka lebaka la letsoho le matla o tla ba leleka naheng ya hae.” 2 Modimo a tswela pele ho bua le Moshe a re ho yena: “Ke nna Jehova. 3 Ke ne ke ye ke hlahe ho Abrahama, Isaka le Jakobo ke le Modimo ya Matla ohle, empa ke ne ke sa itsebahatse ho bona ka lebitso la ka la Jehova. 4 Hape ke ile ka tiisa selekane sa ka le bona hore ke ba fe naha ya Kanana, naha ya bojaki ba bona eo ba ileng ba dula ho yona e le bajaki. 5 Ke utlwile ho bobola ha bara ba Iseraele, bao Baegepeta ba ba entseng makgoba, mme ke hopola selekane sa ka. 6 “Ka hona e re ho bara ba Iseraele, ‘Ke nna Jehova, ka sebele ke tla le ntsha tlasa merwalo ya Baegepeta ke le lopolle bokgobeng ba bona, mme ruri ke tla le pholosa ka letsoho le otlolohileng le ka dikahlolo tse kgolo. 7 Ka sebele ke tla le nkela ho nna jwalo ka setjhaba, mme ruri ke tla ba Modimo ho lona; ka sebele le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona ya le ntshang tlasa merwalo ya Egepeta. 8 Ka sebele ke tla le tlisa naheng eo ke phahamisitseng letsoho la ka ka kano hore ke tla e fa Abrahama, Isaka le Jakobo; mme ruri ke tla le fa yona e le ntho eo le tla e rua. Ke nna Jehova.’ ” 9 Ka mora moo Moshe a bolella bara ba Iseraele sena, empa ha ba a ka ba mamela Moshe ka lebaka la ho nyahama le bokgoba bo boima. 10 Jwale Jehova a bua le Moshe, a re: 11 “Kena, o buwe le Faro, morena wa Egepeta, hore a tlohele bara ba Iseraele hore ba tsamaye ba tlohe naheng ya hae.” 12 Le ha ho le jwalo, Moshe a bua ka pela Jehova, a re: “Bona! Bara ba Iseraele ha ba a mmamela; mme Faro o tla mmamela jwang, ka ha molomo wa ka ha wa bolla?” 13 Empa Jehova a tswela pele ho bua le Moshe le Arone mme a ntsha taelo ka bona e yang ho bara ba Iseraele le ho Faro, morena wa Egepeta, e le hore a ntshe bara ba Iseraele naheng ya Egepeta. 14 Tsena ke dihlooho tsa matlo a bontata bona: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, e ne e le Hanoke le Padu, Hezrone le Karmi. Ana ke malapa a Rubene. 15 Bara ba Simeone e ne e le Jemuele le Jamine le Ohade le Jakine le Zohare le Shaule mora wa mosadi wa Mokanana. Ana ke malapa a Simeone.
13-19 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 8-9
“Faro ya Ikgohomosang o Etsa Hore Morero wa Modimo o Phethahale a sa Elellwe”
(Exoda 8:15) Ha Faro a bona hore phomolo e teng, a etsa hore pelo ya hae e se ke ya arabela; mme ha a a ka a ba mamela, feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile.
it-2-E 1040-1041
Manganga
Haesale Jehova a mamelletse batho le ditjhaba tse sa mo mameleng. Le hoja ba bang ba ne ba tshwanelwa ke lefu o ile a ba tlohela hore ba nne ba phele. (Ge 15:16; 2Pe 3:9) Ba bang ba ile ba ananela sena mme ba fumana mohau wa Jehova (Jos 2:8-14; 6:22, 23; 9:3-15), empa ba bang ba ile ba ba manganga le ho feta kgahlanong le Jehova le batho ba hae. (De 2:30-33; Jos 11:19, 20) Le hoja Jehova a sa thibele batho hore ba be manganga, Bibele e re o ba tlohela hore ba thatafatse dipelo tsa bona le ho ba manganga. Qetellong ha a tlisa kahlolo kgahlanong le ba manganga, seo se tla bonahatsa matla a hae mme se tsebahatse lebitso la hae.—Bapisa le Ex 4:21; Joh 12:40; Bar 9:14-18.
(Exoda 8:18, 19) Baprista ba sebedisang boselamose ba leka ho etsa se tshwanang ka tsebo ya bona ya sephiri, e le hore ba hlahise menwang, empa ha ba a ka ba kgona. Menwang ya eba hodima motho le phoofolo. 19 Ka hoo baprista ba sebedisang boselamose ba re ho Faro: “Ke monwana wa Modimo!” Empa pelo ya Faro ya tswela pele ho ba manganga, mme ha a a ka a ba mamela, feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile.
(Exoda 9:15-17) Etswe ka nako ena nka be ke otlile wena le batho ba hao ka lefu la sewa mme o ka be o fedisitswe lefatsheng. 16 Empa, ha e le hantle, ke o bolokile o phela ka lebaka lena, ka morero wa hore ke o bontshe matla a ka le hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle. 17 Na o sa ntse o ikgohomosetsa setjhaba sa ka ka hore o se ke wa se tlohela hore se tsamaye?
it-2-E 1181 ¶3-5
Bokgopo
Jehova o sebedisa maemo a sa tshwaneng ho etsa hore ba kgopo ba phethe morero wa hae ba sa lemohe. Le hoja ba mo hanyetsa, a ka ba thibela hore ba se ke ba leka botshepehi ba bahlanka ba hae ho isa boholeng bo itseng mme a ka sebedisa diketso tsa ba kgopo ho bonahatsa ho loka ha hae. (Bar 3:3-5, 23-26; 8:35-39; Pes 76:10) Lengolo la Liproverbia 16:4 le bontsha seo ha le re, “Jehova o entse ntho e nngwe le e nngwe bakeng sa morero wa hae, e, esita le ya kgopo bakeng sa letsatsi le lebe.”
Ka mohlala, Jehova o ile a sebedisa Moshe le Arone ho bolella Faro hore a lokolle Baiserale bokgobeng. Modimo ha a a ka a etsa hore morena enwa wa Egepeta a be kgopo, empa o ile a mo dumella hore a nne a phele mme o ile a baka maemo a ileng a etsa hore Faro a iponahatse hore o kgopo le hore o tshwanelwa ke lefu. Lebaka la Jehova la ho etsa sena le fumaneha ho Exoda 9:16 e reng, “Ha e le hantle, ke o bolokile o phela ka lebaka lena, ka morero wa hore ke o bontshe matla a ka le hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle.”
Jehova o ile a bonahatsa matla a hae a hlollang ka ho tlisetsa Egepeta Dikotlo Tse Leshome tse ileng tsa latelwa ke ho fediswa ha Faro le mabotho a hae a sesole Lewatleng le Lefubedu. (Ex 7:14–12:30; Pes 78:43-51; 136:15) Dilemo tse ngata ka mora moo, ditjhaba tse ba potolohileng di ne di ntse di bua ka diketsahalo tseo mme sena se ile sa etsa hore lebitso la Jehova le tsebahale lefatsheng lohle. (Jos 2:10, 11; 1Sa 4:8) Haeba Jehova a ne a fedisitse Faro hanghang o ne a ke ke a kgona ho bonahatsa matla a Hae ka tsela ena le ho pholosa batho ba Hae.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Exoda 8:21) Empa haeba o sa tlohele batho ba ka hore ba tsamaye, bona! ke romela diboba ho wena le ho bahlanka ba hao le ho setjhaba sa hao le ka matlung a lona; mme matlo a Egepeta a tla tlala diboba, le ona mobu oo a leng ho ona.
it-1-E 878
Seboba
Ho na le ho se kgodisehe ho itseng mabapi le lentswe la Seheberu le hlahang ka Mangolong le sebedisitsweng bakeng sa ditshintshi tseo e neng e le kotlo ya bone Egepeta mme Jehova o ile a etsa hore di se ke tsa ama Baiseraele naheng ya Goshene. (Ex 8:21, 22, 24, 29, 31; Ps 78:45; 105:31) Lentswe la Seheberu ʽA·rovʹ le fetoletswe ka ditsela tse sa tshwaneng e le “seboba” (JB, NW, Ro), “kgolabolokwe” (Yg), “ditshintshi” (AS, KJ, RS), le “menwang” (AT).
Lentswe la Senyesemane le emelang “seboba” le akaralletsa mefuta e sa tshwaneng ya ditshintshi. Ditshintsing tsena ho na le tse tshehadi tse phunyang letlalo la motho kapa la phoofolo e le hore di nwe madi a tsona. Dibakeng tse ding tseo ho tjhesang haholo ho tsona mofuta o mong wa ditshintshi tsena o kena e le kokwanahloko mmeleng ya batho le ya diphoofolo. Ka hoo kotlo ena ya diboba e ile ya bakela Baegepeta le diphoofolo tsa bona mathata mme maemong a mang le lefu.
(Exoda 8:25-27) Qetellong Faro a bitsa Moshe le Arone mme a re: “Tsamayang, le ilo etsetsa Modimo wa lona sehlabelo naheng ena.” 26 Empa Moshe a re: “Ha ho dumellehe ho etsa jwalo, hobane re tla etsetsa Jehova Modimo wa rona sehlabelo ka ntho e manyala ho Baegepeta. A re re re ne re ka etsa sehlabelo ka ntho e manyala ka pela mahlo a Baegepeta; na ba ne ba ke ke ba re tlepetsa ka majwe? 27 Re tla tsamaya leeto la matsatsi a mararo re ye lefeelleng mme ka sebele re tla etsetsa Jehova Modimo wa rona sehlabelo feela jwalo ka ha a re boleletse.”
w04 3/15 25 ¶9
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Exoda
8:26, 27—Ke hobaneng ha Moshe a ile a re mahlabelo a Baiseraele a ne a tla ba “manyala ho Baegepeta”? Diphoofolo tse ngata tse fapafapaneng di ne di rapelwa Egepeta. Ka hoo, hore ebe o ile a bua ka mahlabelo, ho ile ha etsa hore ntlha eo Moshe a neng a e hatella ya hore Baiseraele ba lokollwe hore ba ilo etsetsa Jehova sehlabelo e be matla e be e susumetse haholwanyane.
Mmalo wa Bibele
(Exoda 8:1-19) Jwale Jehova a re ho Moshe: “Kena ho Faro, mme o re ho yena, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Tlohela setjhaba sa ka hore se tsamaye e le hore se tle se ntshebeletse. 2 Haeba o ntse o hana ho se tlohela hore se tsamaye, bona! ke otla naha yohle ya hao ka dihoho. 3 Noka ya Nile e tla nyeunya dihoho, ka sebele di tla nyoloha mme di kene ka tlung ya hao le kamoreng ya hao ya ho robala e ka hare le hodima setulo sa hao se kang bethe le ka matlung a bahlanka ba hao le ho setjhaba sa hao le ka diontong tsa hao le ka dikotlolong tsa hao tseo ho dubelwang ho tsona. 4 Dihoho di tla nyolohela ho wena le ho setjhaba sa hao le ho bahlanka bohle ba hao.”’” 5 Ha morao Jehova a re ho Moshe: “E re ho Arone, ‘Otlolla letsoho leo o tshwereng molamu wa hao ka lona hodima dinoka, melatswana ya Nile le matamo a nang le lehlaka mme o etse hore dihoho di nyolohele naheng ya Egepeta.’” 6 Yaba Arone o otlolla letsoho hodima metsi a Egepeta, mme dihoho tsa qala ho nyoloha le ho kwahela naha ya Egepeta. 7 Le ha ho le jwalo, baprista ba sebedisang boselamose ba etsa ntho e tshwanang ka tsebo ya bona ya sephiri mme ba etsa hore dihoho di nyolohele naheng ya Egepeta. 8 Ka mora nako Faro a bitsa Moshe le Arone mme a re: “Kopang Jehova ka tiyo hore a tlose dihoho ho nna le ho setjhaba sa ka, ka ha ke batla ho tlohela setjhaba hore se tsamaye e le hore se etsetse Jehova sehlabelo.” 9 Jwale Moshe a re ho Faro: “Kganya e ho nna e ke e be ho wena mme o bolele hore na ke etse kopo e tiileng neng bakeng sa hao le bahlanka ba hao le setjhaba sa hao e le hore ho tloswe dihoho ho lona le ka matlung a lona. Di tla siuwa feela Nokeng ya Nile.” 10 Yaba o re: “Hosasane.” Ka hoo a re: “Ho tla etswa ho ya ka lentswe la hao, e le hore o ka tseba hore ha ho ya tshwanang le Jehova Modimo wa rona, 11 ka ha ka sebele dihoho di tla tloha ho wena le ka matlung a hao le ho bahlanka ba hao le ho batho ba hao. Di tla siuwa feela Nokeng ya Nile.” 12 Ka lebaka leo Moshe le Arone ba tswa ho Faro, mme Moshe a hweletsa ho Jehova ka lebaka la dihoho tseo A neng a di tliseditse Faro. 13 Jwale Jehova a etsa tumellanong le lentswe la Moshe, mme dihoho tsa qala ho shwa ka matlung, mabaleng le naheng. 14 Yaba ba qala ho di bokella, e le diqubuqubu, mme naha ya qala ho nkga hampe. 15 Ha Faro a bona hore phomolo e teng, a etsa hore pelo ya hae e se ke ya arabela; mme ha a a ka a ba mamela, feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile. 16 Jwale Jehova a re ho Moshe: “E re ho Arone, ‘Otlolla molamu wa hao o otle lerole la lefatshe, mme le tla fetoha menwang naheng yohle ya Egepeta.’” 17 Yaba ba etsa sena. Ka hoo Arone a otlolla letsoho leo a tshwereng molamu wa hae ka lona yaba o otla lerole la lefatshe, mme menwang ya eba hodima motho le phoofolo. Lerole lohle la lefatshe la fetoha menwang naheng yohle ya Egepeta. 18 Baprista ba sebedisang boselamose ba leka ho etsa se tshwanang ka tsebo ya bona ya sephiri, e le hore ba hlahise menwang, empa ha ba a ka ba kgona. Menwang ya eba hodima motho le phoofolo. 19 Ka hoo baprista ba sebedisang boselamose ba re ho Faro: “Ke monwana wa Modimo!” Empa pelo ya Faro ya tswela pele ho ba manganga, mme ha a a ka a ba mamela, feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile.
20-26 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 10-11
“Moshe le Arone ba Bontsha Sebete”
(Exoda 10:3-6) Ka hoo Moshe le Arone ba kena ho Faro mme ba re ho yena: “Sena ke seo Jehova Modimo wa Baheberu a se boletseng, ‘O tla hana ho ipeha tlasa ka halelele hakae? Tlohela batho ba ka hore ba tsamaye e le hore ba tle ba ntshebeletse. 4 Etswe haeba o tswela pele ho hana ho tlohela batho ba ka hore ba tsamaye, bona! ke tlisa ditsie meeding ya hao hosasane. 5 Ka sebele di tla kwahela bokahodimo bo bonahalang ba lefatshe mme lefatshe le ke ke la bonahala; di tla ja sohle se phonyohileng, seo le se sietsweng ke sefako, mme ka sebele di tla ja sefate se seng le se seng sa lona se melang naheng. 6 Matlo a hao le matlo a bahlanka bohle ba hao le matlo a Baegepeta bohle a tla tlatswa ho isa tekanyong eo bontatao le bontata bontatao ba e so ka ba e bona ho tloha letsatsing leo ka lona ba phetseng lefatsheng ho fihlela letsatsing lena.’ ” Yaba wa reteleha mme o tloha ho Faro.
w09 7/15 20 ¶6
Etsisa Jesu—Bolela ka Sebete
6 Hape, nahana ka sebete seo Moshe a ileng a se bontsha ha a ne a bua le Faro, mmusi ya neng a nkwa e se moemedi feela wa medimo, empa e le modimo ka boyena, mora wa modimo wa letsatsi, Ra. Ho ka etsahala hore jwalo ka bo Faro ba bang, o ne a rapela setshwantsho sa hae. Ha Faro a ne a buile, lentswe la hae le ne le hahelwa lesaka. Ka ha Faro o ne a le matla, a ikgohomosa, a bile a le manganga, o ne a sa tlwaela hore batho ba bang ba mo bolelle hore na a etseng. Moshe e leng modisa ya bonolo, o ne a lokela ho hlaha kgafetsa ka pela yena monna enwa a sa bitswa ebile boteng ba hae bo sa thabelwe. Moshe o ile a bua ka eng esale pele? Ka dikotlo tse tshabehang. Hona o ile a batla hore ho etswe eng? O ile a batla hore makgoba a Faro a dimilione a lokollwe hore a tswe naheng eo. Na ho ne ho hlokahala hore Moshe a be sebete? Hantle haholo.—Num. 12:3; Heb. 11:27.
(Exoda 10:24-26) Ka mora moo Faro a bitsa Moshe mme a re: “Tsamayang, le ilo sebeletsa Jehova. Ke dinku tsa lona le dikgomo tsa lona feela tse tla thibelwa ho tsamaya. Le ka tsamaya le bana ba lona ba banyenyane.” 25 Empa Moshe a re: “O tla re fa matsohong mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso, ka ha re tla fana ka tsona ho Jehova Modimo wa rona. 26 Le diphoofolo tsa rona tse ruilweng di tla tsamaya le rona. Ha ho kgola e tla dumellwa ho sala, hobane re tla nka tse ding ho tsona hore re rapele Jehova Modimo wa rona, mme ha re tsebe seo re tla fana ka sona borapeding ho Jehova ho fihlela re fihla moo.”
(Exoda 10:28) Ka hoo Faro a re ho yena: “Tloha ho nna! O itebele! O se ke wa leka ho bona sefahleho sa ka hape, hobane letsatsing leo o tla bona sefahleho sa ka ka lona o tla shwa.”
(Exoda 11:4-8) Moshe a tswela pele ho re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Hoo e ka bang hara mpa bosiu ke tla tswela bohareng ba Egepeta, 5 mme letsibolo le leng le le leng naheng ya Egepeta le tla shwa, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le lelwaleng la letsoho le letsibolo le leng le le leng la phoofolo. 6 Ka sebele ho tla hlaha mohoo o moholo naheng yohle ya Egepeta, oo o kang ona ho seng mohla o kileng wa e ba teng, le oo o kang ona ho seng mohla o tla ba teng hape. 7 Empa ha ho ntja e tla bohola bara ba Iseraele, ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo; e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le bara ba Iseraele.’ 8 Ka sebele bahlanka bana bohle ba hao ba tla theohela ho nna mme ba itihele fatshe ka difahleho ho nna, ba re, ‘Tsamaya, wena le setjhaba sohle se latelang mehato ya hao.’ mme ka mora moo ke tla tswa.” Yaba o tloha ho Faro a tuka ke bohale.
it-2-E 436 ¶4
Moshe
Ho hlokahala sebete le tumelo ho ema ka pela Faro. Moshe le Arone ba ile ba kgona ho phetha mosebetsi oo ba neng ba o filwe ka lebaka la matla a tswang ho Jehova le moya wa hae. Nahana ka lekgotla la Faro e leng morena ya neng a phahame ka ho fetisisa lefatsheng ka nako eo. Faro ya ikgohomosang ya neng a inka e le modimo o ne a potolohilwe ke baeletsi ba hae, balaodi ba sesole, balebedi, le makgoba. Ho feta moo, ho ne ho boetse ho na le baetapele ba bodumedi le baprista ba sebedisang boselamose bao e neng e le bona ba ka sehloohong ba neng ba hanyetsa Moshe. Ntle ho Faro, banna bana le bona ba ne ba na le matla naheng eo. Sehlopha sa banna bana se ne se tshehetsa Faro le medimo ya Egepeta. Moshe le Arone ba ne ba ya ho Faro ka makgetlo empa pelo ya hae e ne e ntse e thatafala le ho feta hobane o ne a sa batle ho lokolla makgoba a hae a Baheberu Egepeta. Ha e le hantle, ka mora ho phatlalatsa kotlo ya bo robedi Moshe le Arone ba ile ba lelekwa ka pela Faro mme ka mora kotlo ya borobong ba ile ba laelwa hore ba se ke ba leka ho ya ho Faro hape ho seng jwalo ba tla bolawa.—Ex 10:11, 28.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Exoda 10:1, 2) Jwale Jehova a re ho Moshe: “Kena ho Faro, hobane nna ke tlohetse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae hore di se ke tsa arabela, e le hore nka beha dipontsho tsena tsa ka pela hae, 2 le hore o ka bolela moo mora wa hao le mora wa mora wa hao a ntseng a utlwa ka moo ke sebetsaneng ka thata ka teng le Baegepeta le dipontsho tsa ka tseo ke di tiisitseng hara bona; mme ka sebele le tla tseba hore ke nna Jehova.”
w95 9/1 11 ¶11
Dipaki Kgahlanong le Medimo ya Bohata
11 Ha Baiseraele ba ntse ba le Egepeta, Jehova o ile a romela Moshe ho Faro mme a re: “Kena ho Faro, hobane nna ke tlohetse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae hore di se ke tsa arabela, e le hore nka beha dipontsho tsena tsa ka pela hae, le hore o ka bolela moo mora wa hao le mora wa mora wa hao a ntseng a utlwa ka moo ke sebetsaneng ka thata ka teng le Baegepeta le dipontsho tsa ka tseo ke di tiisitseng hara bona; mme ka sebele le tla tseba hore ke nna Jehova.” (Exoda 10:1, 2) Baiseraele ba mamelang ba ne ba tla bolella bana ba bona ka diketso tsa Jehova tse matla. Bana ba bona, le bona, ba ne ba tla di bolella bana ba bona, ka hona sena se ne se tla etswa ho tloha molokong o mong ho isa ho o mong. Ka hoo, diketso tsa Jehova tse matla di ne di tla hopolwa. Ka ho tshwanang, kajeno batswadi ba na le boikarabelo ba ho ruta bana ba bona.—Deuteronoma 6:4-7; Liproverbia 22:6.
(Exoda 11:7) Empa ha ho ntja e tla bohola bara ba Iseraele, ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo; e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le bara ba Iseraele.’
it-1-E 783 ¶5
Ho Tloha Egepeta
Ha Jehova a lopolla Baiseraele Egepeta o ile a bonahatsa matla a hae a hlollang le ho halaletsa lebitso la hae. Ha Baiseraele ba fihla ba sirelletsehile lebopong le ka Botjhabela la Lewatle le Lefubedu, Moshe o ile a qala ho bina pina yaba bara ba Iseraele ba mo latela mme Miriame kgaitsedi ya hae ya moprofeta a nka moropa o monyenyane letsohong la hae mme basadi bohle ba qala ho tswa le yena ka meropa e menyenyane le bona ba ntse ba bina le ho tjeka. (Ex 15:1, 20, 21) Baiseraele ba ile ba lopollwa ho dira tsa bona. Ha ba tswa Egepeta ho ne ho se na motho kapa phoofolo e neng e ka ba ntsha kotsi esita le ntja e neng e tla batla ho ba loma. (Ex 11:7) Le hoja lengolo la Exoda le sa bontshe hore Faro ka boyena o ile a kena ka lewatleng le mabotho a hae a sesole mme a bolawa, Pesaleme ya 136:15 yona e bontsha hore Jehova o ile “a dihela Faro le lebotho la hae la sesole ka Lewatleng le Lefubedu.”
Mmalo wa Bibele
(Exoda 10:1-15) Jwale Jehova a re ho Moshe: “Kena ho Faro, hobane nna ke tlohetse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae hore di se ke tsa arabela, e le hore nka beha dipontsho tsena tsa ka pela hae, 2 le hore o ka bolela moo mora wa hao le mora wa mora wa hao a ntseng a utlwa ka moo ke sebetsaneng ka thata ka teng le Baegepeta le dipontsho tsa ka tseo ke di tiisitseng hara bona; mme ka sebele le tla tseba hore ke nna Jehova.” 3 Ka hoo Moshe le Arone ba kena ho Faro mme ba re ho yena: “Sena ke seo Jehova Modimo wa Baheberu a se boletseng, ‘O tla hana ho ipeha tlasa ka halelele hakae? Tlohela batho ba ka hore ba tsamaye e le hore ba tle ba ntshebeletse. 4 Etswe haeba o tswela pele ho hana ho tlohela batho ba ka hore ba tsamaye, bona! ke tlisa ditsie meeding ya hao hosasane. 5 Ka sebele di tla kwahela bokahodimo bo bonahalang ba lefatshe mme lefatshe le ke ke la bonahala; di tla ja sohle se phonyohileng, seo le se sietsweng ke sefako, mme ka sebele di tla ja sefate se seng le se seng sa lona se melang naheng. 6 Matlo a hao le matlo a bahlanka bohle ba hao le matlo a Baegepeta bohle a tla tlatswa ho isa tekanyong eo bontatao le bontata bontatao ba eso ka ba e bona ho tloha letsatsing leo ka lona ba phetseng lefatsheng ho fihlela letsatsing lena.’” Yaba o a reteleha mme o tloha ho Faro. 7 Ka mora moo bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Monna enwa e tla ba leraba ho rona halelele hakae? Tlohela setjhaba sena hore se tsamaye hore se tle se sebeletse Jehova Modimo wa sona. Na ha o e so tsebe hore Egepeta e senyehile?” 8 Ka hoo Moshe le Arone ba kgutlisetswa ho Faro, mme a re ho bona: “Tsamayang, le ilo sebeletsa Jehova Modimo wa lona. Ke bomang ka ho kgetheha ba tsamayang?” 9 Jwale Moshe a re: “Re tla tsamaya le batjha ba rona le maqheku a rona. Re tla tsamaya le bara ba rona le baradi ba rona, le dinku tsa rona le dikgomo tsa rona, etswe re na le mokete oo re lokelang ho o etsetsa Jehova.” 10 Yaba o re ho bona: “Ho ke ho be jwalo, hore Jehova o na le lona ha ke le tlohela hore le tsamaye le bana ba lona ba banyenyane! Bonang, ho fapana le hoo, sepheo sa lona se sebe. 11 Eseng jwalo! Ka kopo, tsamayang lona banna ba shahlileng, mme le sebeletse Jehova, hobane ke seo le batlang ho se fumana.” Yaba ba lelekwa ka pela Faro. 12 Jwale Jehova a re ho Moshe: “Otlolla letsoho hodima naha ya Egepeta bakeng sa ditsie, hore di nyolohele naheng ya Egepeta mme di je dimela tsohle tsa naha, ntho e nngwe le e nngwe e siilweng ke sefako.” 13 Hanghang Moshe a otlolla molamu wa hae hodima naha ya Egepeta, yaba Jehova o etsa hore moya wa botjhabela o fokele naheng eo motshehare oo ohle le bosiu bohle. Ya eba hoseng mme moya wa botjhabela wa tlisa ditsie. 14 Ditsie tsa qala ho nyolohela naheng yohle ya Egepeta le ho dula hodima sebaka sohle sa Egepeta. E ne e le morwalo o boima haholo. Pele ho tsona ha ho mohla ho kileng ha eba le ditsie tse kang tsona ka tsela ena, mme le ka mohla ho ke ke ha etsahala hore di be teng ka tsela ena ka mora tsona. 15 Tsa qala ho kwahela bokahodimo bo bonahalang ba naha yohle, mme naha ya fifala; tsa tswela pele ho ja dimela tsohle tsa naha le difate tsohle tsa ditholwana tseo sefako se di siileng; mme ha ho a ka ha sala letho le letala difateng kapa dimeleng tsa naha naheng yohle ya Egepeta.
27 JULY–2 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 12
“Seo Paseka e se Bolelang ho Bakreste”
(Exoda 12:5-7) Nku e lokela ho ba e phetseng hantle, e tona, e nang le selemo, bakeng sa lona. Le ka nna la kgetha dipheleung tse nyenyane kapa dipoding. 6 E tla tswela pele tlasa tshireletso ya lona ho fihlela ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, mme phutheho yohle ya seboka sa Iseraele e tla e hlaba pakeng tsa dishwalane tse pedi. 7 Ba nke madi a mang mme ba a qaphaletse dikoseneng tse pedi tsa monyako le karolong e ka hodimo ya monyako matlong ao ba tla e jela ho ona.
w07 1/1 20 ¶4
“O Thabe Feela”
4 Jesu o ile a shwa ka la 14 Nisane, 33 C.E. La 14 Nisane e ne e le letsatsi la thabo la mokete wa Paseka, Iseraele. Selemo le selemo ka letsatsi leo, malapa a ne a ja ha mmoho dijo tse neng di akarelletsa konyana e se nang sekodi. Ka ho etsa jwalo, a ne a hopola karolo eo madi a konyana a ileng a e phetha ha ho lopollwa matsibolo a Baiseraele nakong eo lengeloi le bolayang le neng le bolaya matsibolo a Baegepeta ka la 14 Nisane, 1513 B.C.E. (Exoda 12:1-14) Konyana ya Paseka e ne e tshwantshetsa Jesu, eo moapostola Pauluse a ileng a re ka yena: “Kreste paseka ya rona o entswe sehlabelo.” (1 Bakorinthe 5:7) Jwalo ka madi a konyana ya Paseka, madi a tsholotsweng a Jesu a lopolla batho ba bangata.—Johanne 3:16, 36.
(Exoda 12:12, 13) Ke tla feta naheng ya Egepeta bosiung bona mme ke bolaye letsibolo le leng le le leng naheng ya Egepeta, ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo; ke tla phethisa dikahlolo ho medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Jehova. 13 Madi e tla ba pontsho ya lona ka matlung ao le leng ho ona; ke tla bona madi mme ke le fete, mme le ke ke la welwa ke kotlo e senyang ha ke otla naha ya Egepeta.
it-2-E 583 ¶6
Paseka
Jesu o ile a phethahatsa dintho tse ding tse neng di etswa ha ho ketekwa Paseka. Baiseraele ba ile ba qaphalletsa madi dikoseneng tsa matlo a bona Egepeta e le hore lengeloi le se ke la timetsa matsibolo a bona mme Jesu o ile a phethahatsa se neng se bolelwa ke ketsahalo eo. Pauluse o ile a re Bakreste ba tlotsitsweng ke phutheho ya matsibolo (Heb 12:23) le hore Kreste o ile a ba lopolla ka madi a hae. (1Th 1:10; Ef 1:7) Feela jwalo ka ha masapo a konyana ya Paseka a ne a sa lokela ho rojwa, ho ile ha profetwa hore ho ne ho se na masapo a Jesu a lokelang ho rojwa mme sena se ile sa phethahala ha a ne a bolawa. (Pes 34:20; Joh 19:36) Ka hoo Paseka e neng e ketekwa ke Bajuda ka dilemo tse ngata e ne e le e nngwe ya dintho tseo Molao o neng o fana ka seriti sa dintho tse tlang ho tla mme e ne e tshwantshetsa Jesu Kreste e leng “Konyana ya Modimo.”—Heb 10:1; Joh 1:29.
(Exoda 12:24-27) “Le tla boloka ntho ena e le molao wa tsamaiso bakeng sa lona le bara ba lona ho isa nakong e sa lekanyetswang. 25 Etlare ha le kena naheng eo Jehova a tla le fa yona, feela jwalo ka ha a boletse, jwale le tla boloka tshebeletso ena. 26 Etlare ha bara ba lona ba re ho lona, ‘Tshebeletso ee e bolelang ho lona?’ 27 jwale le tla re, ‘Ke sehlabelo sa paseka ya Jehova, ya fetileng matlo a bara ba Iseraele Egepeta ha a otla Baegepeta, empa a lopolla matlo a rona.’” Jwale setjhaba sa inama mme sa itihela fatshe ka difahleho
w13 12/15 20 ¶13-14
‘Sena e Tla ba Sehopotso ho Lona’
13 Ha bana ba ntse ba hola, bontate ba ne ba ba ruta dithuto tsa bohlokwa. Hara tse ding ba ne ba ba ruta hore Jehova a ka sireletsa barapedi ba hae. Bana ba ne ba ithuta hore ha se Modimo eo ho leng thata ho mo utlwisisa. Jehova ke Modimo wa sebele le ya phelang ya thahasellang batho ba hae ya bileng a ba sireletsang. O ile a bontsha sena ka ho sireletsa matsibolo a Baiseraele “ha a otla Baegepeta.” O ile a a boloka a phela.
14 Batswadi ba Bakreste ha ba phetele bara le baradi ba bona se bolelwang ke Paseka eo selemo le selemo. Le ha ho le jwalo, na le wena o ruta bana ba hao hore Modimo o sireletsa batho ba mo rapelang? Na o ba bontsha hore o dumela ka tiyo hore Jehova e ntse e le Mosireletsi wa batho ba hae le kajeno? (Pes. 27:11; Esa. 12:2) Na o etsa seo hore e be moqoqo o monate ho e na le ho ba komela? Leka ho kenyelletsa taba eo ha o ba ruta e le hore o thuse ba lelapa la hao hore ba be metswalle ya Jehova.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Exoda 12:12) Ke tla feta naheng ya Egepeta bosiung bona mme ke bolaye letsibolo le leng le le leng naheng ya Egepeta, ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo; ke tla phethisa dikahlolo ho medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Jehova.
it-2-E 582 ¶2
Paseka
Dikotlo Tse Leshome tse ileng tsa etswa Egepeta di ile tsa eba kahlolo ho medimo ya teng haholoholo kotlo ya leshome moo ho ileng ha bolawa matsibolo a Egepeta. (Ex 12:12) Ka ha pheleu e ne e halalela ho modimo ya bitswang Ra, ho qaphalletsa ha madi a konyana ya Paseka dikoseneng tsa matlo a Baiseraele e ne e le thohako ho Baegepeta. Hape, ho fediswa ha matsibolo a dipoho ho ne ho tla halefisa modimo ya bitswang Osiris. Faro o ne a nkuwa jwalo ka mora wa Ra. Ka hoo ho fediswa ha letsibolo la Faro ho ne ho tla bonahatsa hore Ra le Faro ha ba na matla.
(Exoda 12:14-16) “‘Letsatsi lena e tla ba sehopotso ho lona, mme le le keteke e le mokete wa Jehova melokong yohle ya lona. Le lokela ho le keteka e le taelo e hlomamisitsweng ho isa nakong e sa lekanyetswang. 15 Le tla ja mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng. E, ka letsatsi la pele le tla tlosa hlama e bodila ka matlung a lona, hobane mang kapa mang ya jang se lomositsweng, ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ho la bosupa, moya oo o tla fediswa Iseraele. 16 Ka letsatsi la pele le tla ba le kopano e halalelang, mme ka letsatsi la bosupa le be le kopano e halalelang. Ha ho mosebetsi o tla etswa ka matsatsi ao. Ke feela seo moya o mong le o mong o hlokang ho se ja, seo ke sona feela seo le ka se etsetswang.
it-1-E 504 ¶1
Kopano
Ntho e ikgethang ka “dikopano [tsena] tse halalelang” ke hore ka nako eo batho ba ne ba sa lokela ho etsa mosebetsi o boima. Ka mohlala, letsatsi la pele le letsatsi la bosupa la Mokete wa Mahobe a sa Lomoswang ho ne ho eba le “dikopano tse halalelang,” mme Jehova o ile a re: “Ha ho mosebetsi o tla etswa ka matsatsi ao. Ke feela seo moya o mong le o mong o hlokang ho se ja, seo ke sona feela seo le ka se etsetswang.” (Ex 12:15, 16) Le ha ho le jwalo, ka nako ya “dikopano tse halalelang” baprista ba ne ba nyehela mahlabelo ho Jehova (Le 23:37, 38), mme ka ho etsa seo ba ne ba sa tlole molao le ha o le ofe wa hore ba se ke ba sebetsa ka letsatsi leo. Ena e ne e se nako ya hore batho ba dule feela ba sa etse letho empa e ne e le nako ya hore ba matlafatse kamano ya bona le Jehova. Ka letsatsi la Sabatha beke le beke batho ba ne ba kopana ho tlo rapela Modimo le ho ithuta ka yena. Lentswe la Modimo le ne le balwa phatlalatsa le ho hlaloswa jwalo ka ha ho ile ha etswa ha morao disynagogeng. (Lik 15:21) Ka ha batho ba ne ba sa etse mosebetsi o boima ka letsatsi la Sabatha kapa ka “dikopano tse ding tse halalelang,” ba ne ba rapela le ho thuisa ka Mmopi wa bona le merero ya hae.—Sheba ASSEMBLY.
Mmalo wa Bibele
(Exoda 12:1-20) Jwale Jehova a re ho Moshe le Arone naheng ya Egepeta: 2 “Kgwedi ena e tla ba mathwaso a dikgwedi tsa lona. E tla ba ya pele ho dikgwedi tsa selemo bakeng sa lona. 3 Buang le phutheho yohle ya Iseraele, le re, ‘Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena e mong le e mong o lokela ho inkela nku bakeng sa ntlo ya baholoholo, nku bakeng sa ntlo ka nngwe. 4 Empa haeba lelapa le le lenyenyane haholo bakeng sa nku, jwale yena le moahelani wa hae ya haufi ba e ise ka tlung ya hae ho ya ka palo ya meya; mabapi le nku le lokela ho lekanyetsa e mong le e mong ho ya ka ho ja ha hae. 5 Nku e lokela ho ba e phetseng hantle, e tona, e nang le selemo, bakeng sa lona. Le ka nna la kgetha dipheleung tse nyenyane kapa dipoding. 6 E tla tswela pele tlasa tshireletso ya lona ho fihlela ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, mme phutheho yohle ya seboka sa Iseraele e tla e hlaba pakeng tsa dishwalane tse pedi. 7 Ba nke madi a mang mme ba a qaphaletse dikoseneng tse pedi tsa monyako le karolong e ka hodimo ya monyako matlong ao ba tla e jela ho ona. 8 “‘Ba tla ja nama bosiung bona. Ba lokela ho e ja e besitswe mollong le mahobe a sa lomoswang ha mmoho le meroho e babang. 9 Le se ke la ja le ha e le efe ya yona e le tala kapa e bedisitswe, e phehilwe ka metsi, empa e beswe mollong, hlooho ya yona ha mmoho le ditlhakwana tsa yona le dikahare tsa yona. 10 Le se ke la siya karolo le ha e le efe ya yona ho fihlela hoseng, empa se salang ho yona ho fihlela hoseng le se tjhese mollong. 11 Le lokela ho e ja ka tsela ena, le itlamile matheka, le rwetse meqathatso maotong mme le tshwere mare a lona matsohong; le e je ka potlako. Ke paseka ya Jehova. 12 Ke tla feta naheng ya Egepeta bosiung bona mme ke bolaye letsibolo le leng le le leng naheng ya Egepeta, ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo; ke tla phethisa dikahlolo ho medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Jehova. 13 Madi e tla ba pontsho ya lona ka matlung ao le leng ho ona; ke tla bona madi mme ke le fete, mme le ke ke la welwa ke kotlo e senyang ha ke otla naha ya Egepeta. 14 “‘Letsatsi lena e tla ba sehopotso ho lona, mme le le keteke e le mokete wa Jehova melokong yohle ya lona. Le lokela ho le keteka e le taelo e hlomamisitsweng ho isa nakong e sa lekanyetswang. 15 Le tla ja mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng. E, ka letsatsi la pele le tla tlosa hlama e bodila ka matlung a lona, hobane mang kapa mang ya jang se lomositsweng, ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ho la bosupa, moya oo o tla fediswa Iseraele. 16 Ka letsatsi la pele le tla ba le kopano e halalelang, mme ka letsatsi la bosupa le be le kopano e halalelang. Ha ho mosebetsi o tla etswa ka matsatsi ao. Ke feela seo moya o mong le o mong o hlokang ho se ja, seo ke sona feela seo le ka se etsetswang. 17 “‘Le tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang, hobane ka lona letsatsi lena ke tla ntsha mabotho a lona naheng ya Egepeta. Le tla boloka letsatsi lena melokong ya lona e le taelo e hlomamisitsweng ho isa nakong e sa lekanyetswang. 18 Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka shwalane le tla ja mahobe a sa lomoswang ho fihlela ka letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi ka shwalane. 19 Ka matsatsi a supileng ho se ke ha fumanwa hlama e bodila ka matlung a lona, hobane mang kapa mang ya latswang se lomositsweng, ebang ke mojaki kapa letswallwa la naha, moya oo o tla fediswa phuthehong ya Iseraele. 20 Le se ke la ja letho le lomositsweng. Dibakeng tsohle tsa lona tsa bodulo le tla ja mahobe a sa lomoswang.’”