Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb20 July leq. 7
  • Jehova o Sireletsa Batho ba Hae

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Sireletsa Batho ba Hae
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Dintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Museum wa Bibele wa Lekala la Belgium le Boiteko ba ho Sireletsa Bibele
    Dihlooho Tse Ding
  • Dula o Mamela Tataiso ya Jehova
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 July leq. 7

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Jehova o Sireletsa Batho ba Hae

Ntate wa Moiseraele o qaphalletsa madi koseneng ya monyako wa ntlo ya bona.

Paseka ya pele e ne e le ketsahalo ya bohlokwa ka ho fetisisa. Bosiung bona boo, ka mora hore Faro a lemohe hore mora wa hae wa letsibolo o shwele o ile a re ho Moshe: “Tsohang, le tswe hara setjhaba sa ka, lona le bara ba bang ba Iseraele, mme le tsamaye, le sebeletse Jehova, feela jwalo ka ha le boletse.” (Ex 12:31) Jehova o ile a bontsha hore o sireletsa batho ba hae.

Le mehleng ena ha re sheba histori ya batho ba Jehova re kgona ho bona hore Jehova o ntse a tswela pele ho tataisa le ho hlokomela bahlanka ba hae. Sena re se bona musiamong o ntlokgolo o bitswang “A People for Jehovah’s Name.”

SHEBELLA VIDEO E RENG LEETO LA MISIAMO O WARWICK NTLOKGOLO O BITSWANG “A PEOPLE FOR JEHOVAH’S NAME” EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Phoustara le ditshwantsho tsa ‘Photo-Drama of Creation.’

    Ke thulusi efe e ntjha eo Baithuti ba Bibele ba ileng ba e sebedisa qalong ya selemo sa 1914 ho matlafatsa tumelo ya bona Bibeleng, mme e ile ya atleha jwang?

  • Ditshwantsho tsa barababo rona ba neng ba tshwerwe mme ba kentswe teronkong ka 1918.

    Ke mathata afe a ileng a hlaha ka selemo sa 1916 le 1918, mme ke bopaki bofe bo ileng ba bontsha hore Jehova o ne a tataisa mokgatlo wa hae?

  • Misiamo o bontshang ditshwantsho tsa barababo rona ba bangata ba neng ba tshwaretswe tumelo ya bona. Mamati a buleha mme ho hlaha setshwantsho sa Paradeise.

    Bahlanka ba Jehova ba ile ba dula ba tshepahala jwang le hoja ba ne ba hanyetswa?

  • Misiamo o bontshang ditshwantsho tsa mekgwa e meng eo ho neng ho pakwa ka yona dilemong tsa bo1930 le 1940.

    Bahlanka ba Modimo ba ile ba fumana kutlwisiso efe e ntjha ka 1935, mme seo se ile sa ba ama jwang?

  • Haeba o ile wa ya misiamong ona, ke eng eo o ileng wa e bona mme ya etsa hore o bone hore Jehova o tataisa le ho hlokomela batho ba hae?

Ho fumana hore na o ka ya jwang misiamong ona, kena ho jw.org® mme o tobetse Mabapi le Rona

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela