PHELA JWALO KA MOKRESTE
Rorisa Jehova ka ho ba Pulamadiboho
Baiseraele ba ne ba e na le mabaka a ho rorisa Jehova. O ile a ba ntsha Egepeta mme a ba pholosa ho lebotho la Faro. (Ex 15:1, 2) Jehova o ntse a etsetsa batho ba hae dintho tse molemo. Re ka bontsha jwang hore re ananela seo?—Pes 116:12.
Tsela e nngwe ke ka ho ba pulamadiboho ya ka mehla kapa e thusang. O ka rapela Jehova hore a o thuse hore o batle ho ba pulamadiboho mme a o fe matla a hore o be yona. (Bafil. 2:13) Batho ba bangata ba qala ka ho ba bopulamadiboho ba thusang. Ha o le pulamadiboho e thusang o ka kgetha ho sebetsa dihora tse 30 kapa tse 50 kgweding ya March le April le ha mopotolohi a etetse phutheho ya lona. Ka mora ho bona ka moo ho ba pulamadiboho e thusang ho o tliseditseng thabo ka teng, o ka nna wa batla ho ba pulamadiboho ya ka mehla. Batho ba bang ba sebetsang le ba kulang ba kgonne ho ba bopulamadiboho ba ka mehla. (mwb16.07 8) Ka nnete Jehova o tshwanelwa ke boiteko le ha e le bofe boo re bo etsang ho mo rorisa.—1Likr 16:25.
SHEBELLA VIDEO E RENG BARADIBABO RONA BA BARARO BA MONGOLIA, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Baradibabo rona ba bararo ba ile ba tobana le mathata afe mme keng seo ba ileng ba se etsa ho a rarolla e le hore e be bopulamadiboho?
Ba fumane ditlhohonolofatso dife?
Ka ha ke bopulamadiboho ba ka mehla, ba fumane menyetla efe emeng ya ho sebeletsa Jehova?
Mohlala wa bona o thusitse batho ba bang jwang?