Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwbr20 August maq. 1-15
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
  • Dihloohwana
  • 3-9 AUGUST
  • 10-16 AUGUST
  • 17-23 AUGUST
  • 24-30 AUGUST
  • 31 AUGUST–6 SEPTEMBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
mwbr20 August maq. 1-15

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

3-9 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 13-⁠14

“Emang le Tiile Mme le Bone Poloko ya Jehova”

(Exoda 14:13, 14) Jwale Moshe a re ho setjhaba: “Le se ke la tshoha. Emang le tiile mme le bone poloko ya Jehova, eo a tla le etsetsa yona kajeno. Etswe Baegepeta bao le ba bonang kajeno le ke ke la ba bona hape, tjhe, le ka mohla. 14 Jehova o tla le lwanela, mme le tla kgutsa.”

w13 2/1 4

Moshe o ne a e na le Tumelo

E ka nna yaba Moshe o ne a sa tsebe hore Modimo o ne a le mothating wa ho arola Lewatle le Lefubedu mme a pholose Baiseraele. Le ha ho le jwalo, Moshe o ne a kgodisehile hore Modimo o tla etsa ho hong ho sireletsa batho ba Hae. Moshe o ne a batla hore Baiseraele ba habo ba be le tumelo e tshwanang. Bibele e re: “Moshe a re ho setjhaba: ‘Le se ke la tshoha. Emang le tiile mme le bone poloko ya Jehova, eo a tla le etsetsa yona kajeno.’” (Exoda 14:13) Na Moshe o ile a kgona ho thusa Baiseraele ba habo hore ba be le tumelo e matla? Ho jwalo, ka ha Bibele ha e bue ka Moshe feela empa e bua le ka Baiseraele bohle, ha e re: “Ka tumelo ba ile ba feta hara Lewatle le Lefubedu jwalo ka ha eka ke moo ho omileng.” (Baheberu 11:29) Tumelo ya Moshe ha ya ka ya tswela yena feela molemo empa e ile ya thusa le bohle ba ileng ba bontsha tumelo jwalo ka yena.

(Exoda 14:21, 22) Jwale Moshe a otlolla letsoho la hae hodima lewatle; yaba Jehova o qala ho kgutlisetsa lewatle morao ka moya o matla wa botjhabela bosiu bohle le ho fetola bodiba ba lewatle mobu o omileng, mme metsi a arolwa. 22 Qetellong bara ba Iseraele ba tshela bohareng ba lewatle moo ho omileng, ha metsi e le lebota ho bona ka letsohong la bona le letona le le letshehadi.

w18.09 26 ¶13

Le Hoja Jehova a le Matla Ohle, o Nahanela Batho

13 Bala Exoda 14:19-22. Ako ipone o le moo, o qabelletswe pakeng tsa Faro le Lewatle le Lefubedu. Ebe jwale Modimo o a kenella. Topallo ya leru e neng e le ka pela lona, e ya ka mora tente ya lona mme e se e ba pakeng tsa lona le Baegepeta. Jwale ba ba lefifing ha lona le ba le kganya e hlollang ya mohlolo. Ha o re mahlo tloha, o bona Moshe a otlollela letsoho lewatleng mme moya o matla o hlahang ka botjhabela o bula tsela e kgolo. Ka tsela eo e hlophisehileng, wena le lelapa la hao ha mmoho le mohlape wa hao le tsamaya botebong ba lewatle le batho ba bang. Hanghang o bona ntho e nngwe e makatsang. Botebong ba lewatle moo le tsamayang teng, ha ho na tebetebe ya seretse kapa lona leqhwa. Empa ho omme ngo! Ebile ho tiile mme le kgona ho itsamaela ha bonolo feela. Sena se etsa hore esita le batho ba tsamayang butle, ba fihle ka nqane ba sireletsehile.

(Exoda 14:26-28) Qetellong Jehova a re ho Moshe: “Otlolla letsoho hodima lewatle, hore metsi a kgutlele hodima Baegepeta, dikoloing tsa bona tsa ntwa le ho banna ba bona ba palameng dipere.” 27 Hang hang Moshe a otlolla letsoho hodima lewatle, mme lewatle la qala ho kgutlela boemong ba lona bo tlwaelehileng ha e se e tla ba hoseng. Nakong ena yohle Baegepeta ba ne ba baleha hore ba se ke ba teana le lona, empa Jehova a dihela Baegepeta ka hara lewatle. 28 Metsi a nna a kgutla. Qetellong a kwahela dikoloi tsa ntwa le banna ba palameng dipere ba mabotho ohle a sesole a Faro le ba ileng ba kena lewatleng ka mora bona. Ha ho le ya mong wa bona ya ileng a sala.

w09 3/15 7 ¶2-3

O se ke wa Lebala Jehova

Ha Baegepeta ba ntse ba sokodiswa ke dikoloi tsa bona tsa ntwa tse robehileng, Baiseraele bohle ba ile ba fihla lebopong le ka botjhabela la lewatle. Jwale, Moshe o ile a otlollela letsoho la hae hodima Lewatle le Lefubedu. Ka nako eo, Jehova o ile a etsa hore metsi a neng a entse lekgalo a boele a kopane. Ka modumo o moholo metsi a mangata a ile a kwahela Faro le bahlabani ba hae, mme a ba kgama. Ha ho le ya mong wa dira tseo ya ileng a pholoha. Baiseraele ba ne ba lokolohile.​—Ex. 14:26-28; Pes. 136:13-15.

Ketsahalo ena e ile ya tshosa ditjhaba tsa tikoloho eo ka nako e telele. (Ex. 15:14-16) Dilemo tse 40 ha morao, Rahaba wa Jeriko o ile a re ho banna ba babedi ba Baiseraele: “Ho le tshaba ho re wetse hodimo, . . . etswe re utlwile ka moo Jehova a ileng a pshesa metsi a Lewatle le Lefubedu ka pela lona ha le tswa Egepeta.” (Josh. 2:9, 10) Esita le ditjhaba tseo tsa bahetene di ne di sa lebala ka moo Jehova a ileng a pholosa batho ba hae ka teng. Ho hlakile hore Baiseraele ba ne ba bile ba e na le mabaka a mangata le ho feta a ho mo hopola.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 13:17) Eitse ha Faro a tlohela setjhaba hore se tsamaye Modimo ha a a ka a se tsamaisa ka tsela ya naha ya Bafilista le ha e ne e le haufi, etswe Modimo o ile a re: “Mohlomong setjhaba se tla ikutlwa se swabile ha se bona ntwa mme ka sebele se tla kgutlela Egepeta.”

it-1-E 1117

Tsela e Kgolo

Ho tloha mehleng ya kgale Palestina ho ne ho e na le ditsela tse kgolo le tse nyane mme di ne di akarelletsa ditsela tse bohlokwa tsa kgwebo tse neng di kopanya mebuso le ditoropo. (Nu 20:17-19; 21:21, 22; 22:5, 21-23; Jos 2:22; Bhl 21:19; 1Sa 6:9, 12; 13:17, 18; sheba KING’S ROAD.) Tsela e neng e nkuwa e le e ka sehloohong e tswang Egepeta e ne e feta metseng ya Bafilista e leng Gaza le Ashkelone mme e fapohela ka leboya botjhabela e ya Megido. E ne e feta Hazore ka leboya la Lewatle la Galilea mme e ya Damaseka. Tsela ena e fetang Filistia ho tswa Egepeta e ne e le yona e kgutshwane ka ho fetisisa e yang Naheng e Tshepisitsweng. Le ha ho le jwalo, ka mosa Jehova o ile a tsamaisa Baiseraele ka tsela e nngwe e le hore ba se ke ba nyahamiswa ke ho hlaselwa ke Bafilista.​—Ex 13:17.

(Exoda 14:2) “Bua le bara ba Iseraele, hore ba kgutle mme ba hlome diahelo ka pela Pihahirothe pakeng tsa Migdole le lewatle ka pela Baale-zefone. Le tla hloma ditente ka pela yona pela lewatle.

it-1-E 782 ¶2-3

Baiseraele ba Tloha Egepeta

Lewatle le Lefubedu le ile la Arolwa Hokae e le Hore Baiseraele ba Tshele?

Ha Baiseraele ba le “moeding wa lefeella” Ethame, Modimo o ile a laela Moshe hore “ba kgutle mme ba hlome diahelo ka pela Pihahirothe . . . pela lewatle.” Sena se ne se tla etsa hore Faro a nahane hore Baiseraele ba hlahlathela ba ferekane. (Ex 13:20; 14:1-3) Ditsebi di re ha e le hantle leetsi lena la Seheberu e leng ho “kgutla” ha le bolele feela ho “kgeloha” empa le bolela ho kgutlela morao ka tsela e nngwe. Di bontsha hore ha Baiseraele ba fihla ka leboya la Lewatle le Lefubedu ba ile ba kgutla mme ba tsamaya ka botjhabela ba thaba ya Jebel ʽAtaqah e ka bophirimela ba Lewatle le Lefubedu. Haeba sehlopha se seholo se kang sena sa Baiseraele se ne se lelekiswa ho tloha ka leboya, se ne se ke ke sa kgona ho baleha ka potlako se le sebakeng seo hobane se ne se tlabe se thibetswe ke Lewatle le Lefubedu.

Bajuda ba mehleng eo le bona ba ne dumela seo ditsebi tsena di se buang. (Sheba PIHAHIROTH.) Le ha ho le jwalo, le hoja ditsebi tse ngata di sa dumellane le tlhaloso ena, ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore e dumellana le seo re se fumanang ha re bala Bibele. (Ex 14:​9-16) Ho bonahala Baiseraele ba ile ba tshela Lewatle le Lefubedu ba le ka bophirimela ba lona mme sebaka seo ba tshetseng ho sona se ne se le hole le leboya la Lewatle le Lefubedu hoo mabotho a Faro a neng a ke ke a kgona ho potoloha Lewatle ebe a fihlela Baiseraele ka lehlakoreng le leng.​—Ex 14:22, 23.

Mmalo wa Bibele

(Exoda 13:1-20) Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 2 “Halaletsang bakeng sa ka letsibolo le leng le le leng le letona le bulang popelo e nngwe le e nngwe hara bara ba Iseraele, hara batho le diphoofolo. Ke la ka.” 3 Moshe a tswela pele ho re ho setjhaba: “Ho ke ho hopolwe letsatsi lena leo ka lona le tswileng Egepeta, ntlong ya makgoba, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla. Ka hoo ho se ke ha jewa letho le lomositsweng. 4 Kajeno le tswa ka kgwedi ya Abibe. 5 Etlare ha Jehova a le tlisitse naheng ya Bakanana le Bahethe le Baamore le Baheve le Bajebuse, eo a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla le fa yona, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwale le tla etsa tshebeletso ena ka kgwedi ena. 6 Le tla ja mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la bosupa ke mokete wa Jehova. 7 Mahobe a sa lomoswang a tla jewa ka matsatsi a supileng; ho se ke ha bonwa letho le lomositsweng ho lona, mme ho se ke ha bonwa ho lona hlama e bodila meeding yohle ya lona. 8 Ka letsatsi leo o tla bolella mora wa hao, o re, ‘Ke ka lebaka la seo Jehova a nkentseng sona ha ke tswa Egepeta.’ 9 E tla ba pontsho letsohong la hao mme e be sehopotso pakeng tsa mahlo a hao, e le hore molao wa Jehova o ka ba molomong wa hao; hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla. 10 O tla boloka taelo ena e hlomamisitsweng ka nako ya yona e behilweng selemo le selemo. 11 “Etlare ha Jehova a o tlisa naheng ya Bakanana, feela jwalo ka ha a hlapanyeditse wena le baholoholo ba hao, mme ha a o fa yona, 12 jwale o tla nehela ho Jehova e mong le e mong ya bulang popelo, le letsibolo le leng le le leng, la namane ya phoofolo, leo e tla ba la hao. Tse tona ke tsa Jehova. 13 O tla lopolla letsibolo le leng le le leng la esele ka nku, mme haeba o sa le lopolle, jwale o tla le roba molala. O tla lopolla letsibolo le leng le le leng la motho hara bara ba hao. 14 “Etlare haeba mora wa hao a o botsa ha morao, a re, ‘See se bolelang?’ jwale o tla re ho yena, ‘Jehova o re ntshitse Egepeta, ntlong ya makgoba, ka letsoho le matla. 15 Faro a bontsha manganga mabapi le hore a re tlohele hore re tsamaye, yaba Jehova o bolaya letsibolo le leng le le leng naheng ya Egepeta, ho tloha ho letsibolo la motho ho ya ho letsibolo la phoofolo. Ke ka lebaka leo ke etsetsang Jehova sehlabelo ka bohle ba batona ba bulang popelo, mme ke lopolla letsibolo le leng le le leng la bara ba ka.’ 16 E tla ba pontsho letsohong la hao le lebanta le rwalwang phatleng pakeng tsa mahlo a hao, hobane Jehova o re ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.” 17 Eitse ha Faro a tlohela setjhaba hore se tsamaye Modimo ha a a ka a se tsamaisa ka tsela ya naha ya Bafilista le ha e ne e le haufi, etswe Modimo o ile a re: “Mohlomong setjhaba se tla ikutlwa se swabile ha se bona ntwa mme ka sebele se tla kgutlela Egepeta.” 18 Ka hoo Modimo a etsa hore setjhaba se potolohe ka tsela ya lefeella la Lewatle le Lefubedu. Empa bara ba Iseraele ba ile ba nyoloha naheng ya Egepeta ka tlhophiso ya ntwa. 19 Moshe o ne a nkile masapo a Josefa, hobane o ne a hlapantshitse bara ba Iseraele ka tiyo, a re: “Ruri Modimo o tla lebisa tlhokomelo ya hae ho lona, mme le tla nka masapo a ka ha le tloha mona.” 20 Ba tloha Sukothe mme ba hloma diahelo Ethame moeding wa lefeella.

10-16 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 15-⁠16

“Rorisa Jehova ka Pina”

(Exoda 15:1, 2) Ka nako eo Moshe le bara ba Iseraele ba qala ho binela Jehova pina ena mme ba bua se latelang: “E re ke binele Jehova, ka ha o phahame haholo. O lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng. 2 Matla a ka le bonatla ba ka ke Jah, etswe ke poloko ya ka. Enwa ke Modimo wa ka, mme ke tla mo roka; ke Modimo wa Ntate, mme ke tla mo phahamisetsa hodimo.

w95 10/15 11 ¶11

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tshaba Modimo wa Nnete Hona Jwale?

11 Ho timetsa ha Jehova mabotho a sesole a Egepeta ho ile ha mo phahamisa mahlong a barapedi ba hae mme ha etsa hore lebitso la hae le tsebahale ka ho pharaletseng. (Joshua 2:9, 10; 4:23, 24) E, lebitso la hae le ile la phahamisetswa ka hodimo ho medimo ya Egepeta e se nang matla, ya bohata, e ileng ya ipaka e sa kgone ho lopolla barapedi ba yona. Taba ya hore ba ne ba tshepa medimo ya bona, motho ya ka shwang le matla a sesole e ile ya etsa hore ba swetsehe ha bohloko. (Pesaleme ya 146:3) Ha ho makatse hore ebe Baiseraele ba ile ba susumelletseha ho bina dithoriso tse bontshang tshabo e hlwekileng ya Modimo ya phelang, eo ka bonatla a lopollang batho ba hae.

(Exoda 15:11) Ke mang hara medimo ya jwalo ka wena, Jehova?Ke mang ya jwalo ka wena, ya matla kgalalelong? Ya lokelang ho tshajwa ka dipina tsa thoriso, Ya etsang dimakatso.

(Exoda 15:18) Jehova o tla busa e le morena ho isa nakong e sa lekanyetswang, esita le ka ho sa feleng.

w95 10/15 11-12 ¶15-16

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tshaba Modimo wa Nnete Hona Jwale?

15 Hoja ebe re ne re eme le Moshe re sireletsehile, ka sebele re ka be re ile ra susumelletseha ho bina: “Ke mang hara medimo ya tshwanang le wena, Wena Jehova? Ke mang ya tshwanang le wena, o ipakang o le matla kgalalelong? Ya lokelang ho tshajwa ka dipina tsa thoriso, Ya etsang mehlolo.” (Exoda 15:​11, NW) Maikutlo a jwalo a nnile a phetwa ho pholletsa le makgolo a dilemo ho tloha ka nako eo. Bukeng ya ho qetela ya Bibele, moapostola Johanne o hlalosa sehlopha sa bahlanka ba tshepahalang ba tlotsitsweng ba Modimo: “Ba bina pina ya Moshe lekgoba la Modimo le pina ya Konyana.” Pina ye e kgolo ke efe? “Jehova Modimo, ya Matla Ohle, mesebetsi ya hao e meholo mme ya hlolla. Morena wa bosafeleng, ditsela tsa hao di lokile mme ke tsa nnete. Jehova, ka sebele ke mang ya ke keng a o tshaba, mme a tlotlisa lebitso la hao, hobane ke wena feela ya tshepahalang?”​—Tšenolo 15:2-4.

16 Ka hoo le kajeno ho na le barapedi ba lokolotsweng ba ananelang, e seng feela mesebetsi ya Modimo ya popo, empa le melaotaelo ya hae. Batho ba tswang ditjhabeng tsohle ba lokolotswe, ba arotswe lefatsheng lena le silafetseng hobane ba hlokomela mme ba sebedisa melaotaelo e lokileng ya Modimo. Selemo le selemo, ba makgolo a dikete ba baleha lefatsheng lena le senyehileng hore ba tlo dula le mokgatlo o hlophisitsweng o hlwekileng, o lokileng wa barapedi ba Jehova. Ka pele ka mora hore ho dihuwe dikahlolo tsa Modimo tse bohale kgahlanong le bodumedi ba bohata le karolo e nngwe kaofela ya tsamaiso ena e kgopo, ba tla phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha le lokileng.

(Exoda 15:20, 21) Yaba Miriame moprofeta wa mosadi, kgaitsedi ya Arone, o nka moropa o monyenyane letsohong la hae; mme basadi bohle ba qala ho tswa le yena ka meropa e menyenyane mme ba etsa metjeko. 21 Miriame a nna a arabela banna: “Binelang Jehova, ka ha o phahame haholo. O lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”

it-2-E 454 ¶1

Mmino

Ho bonahala Iseraele batho ba ne ba bina pina e le nngwe e le dihlopha tse pedi tse neheletsanang kapa motho o ne a qala pina a le mong ebe ba bang ba mo latela. Ho bonahala sena se hlaloswa e le ho “arabela” ka Bibeleng. (Ex 15:21; 1Sa 18:6, 7) Mokgwa ona wa ho bina o sebedisitswe ha ho ngolwa dipesaleme tse ding tse kang Pesaleme ya 136. Tsela eo Bibele e hlalosang dihlopha tse pedi tse kgolo tsa dibini tsa diteboho mehleng ya Nehemia le ka moo di ileng tsa bina ka teng ha ho ne ho kgakolwa lerako la Jerusalema, e bontsha hore di ne di bina di sebedisa mokgwa ona.​—Ne 12:31, 38, 40-42; sheba SONG.

it-2-E 698

Moprofeta wa Mosadi

Miriame ke mosadi wa pele ya ileng a bitswa moprofeta ka Bibeleng. Ho bonahala Modimo a ne a mo fa melaetsa mme yena o ne a e fetisa ka pina. (Ex 15:20, 21) Ke ka hoo yena le Arone ba ileng ba re ho Moshe: “Na [Jehova] ha a bua le ka rona?” (Nu 12:2) Jehova o ile a sebedisa moprofeta Mikea hore a bolelle Baiseraele hore o ile a romela “Moshe, Arone le Miriame” ho bona ha a ba ntsha Egepeta. (Mik 6:4) Le hoja Miriame a ne a filwe tlotla ya hore a bolelle batho molaetsa wa Modimo, mosebetsi oo a neng a o etsa o ne o sa lekane le oo Moshe e leng ngwanabo a neng a o etsa. Modimo o ile a mo otla ha bohloko hobane ha a a ka a ikokobetsa.​—Nu 12:1-15.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 16:13) Tumellanong le hoo ka shwalane dikwekwe tsa qala ho hlaha mme tsa kwahela diahelo, mme hoseng phoka e ne e letse ho potoloha diahelo.

w11 9/1 14

Re o Lome Tsebe?

Ke hobaneng ha Modimo a ile a kgetha ho fepa Baiseraele dikwekwe ha ba le lefeelleng?

Ka mora hore Baiseraele ba tswe Egepeta, Modimo o ile a ba fepa dikwekwe tse ngata ka makgetlo a mabedi.​—Exoda 16:13; Numere 11:31.

Dikwekwe ke dinonyana tse nyenyane, tse ka bang bolelele ba disenthimithara tse 18 mme boima ba tsona e ka ba digrama tse 100. Di qhotsa mahe dibakeng tse ngata tsa Asia bophirimela ha mmoho le Europe. Ka ha ke dinonyana tse fallang, di qeta mariha Afrika Leboya le Arabia. Nakong eo dinonyana tsena di fallang, di haola le mabopo a ka botjhabela a Lewatle la Mediterranean ebe di feta Hlwahlweng ya Sinai.

Ho latela The New Westminster Dictionary of the Bible, dikwekwe “di fofa ka lebelo ebile e le ka bokgabane, mme di nka monyetla ha moya o fokela moo di yang teng; empa ha o se o fokela hosele, kapa ha dinonyana tsena di kgathala ka lebaka la ho fofa nako e telele, kaofela ha tsona di ka wela fatshe, moo di dulang di tsielehile.” Pele di tswela pele ka leeto la tsona, di lokela ho dula moo letsatsi le le leng kapa a mabedi, ka hoo ho bonolo hore ditsomi di di tshwase. Mathwasong a lekgolo la bo 20 la dilemo, Egepeta e ne e romela nama ya dikwekwe tse dimilione tse tharo dinaheng tse ding selemo le selemo.

Makgetlong a mabedi ao ka wona Baiseraele ba ileng ba feptjwa dikwekwe, e ne e le nakong ya selemo. Le hoja dikwekwe di ne di atisa ho feta tikolohong ya Sinai ka tsona dinako tseo, ke Jehova ya entseng hore ‘moya o foke ka matla’ hore o kgannele dinonyana tsena kampong ya Baiseraele.​—Numere 11:31.

(Exoda 16:32-34) Jwale Moshe a re: “Lena ke lentswe leo Jehova a le laetseng, ‘Bo tlatseng ka tekanyo ya omere e le ho hong ho lokelang ho bolokwa melokong yohle ya lona, e le hore ba bone bohobe boo ke entseng hore le bo je lefeelleng ha ke ne ke le ntsha naheng ya Egepeta.’” 33 Ka hoo Moshe a re ho Arone: “Nka nkgo mme ka hara yona o tshele manna a tletseng omere o a behe ka pela Jehova e le ho hong ho lokelang ho bolokwa melokong yohle ya lona.” 34 Feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe, Arone a a beha pela Bopaki e le ho hong ho lokelang ho bolokwa.

w06 1/15 31

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Nakwana ka mora hore ba lopollwe Egepeta, Baiseraele ba ile ba qala ho korotla ka dijo. Ka hoo Jehova o ile a ba fa manna. (Exoda 12:17, 18; 16:1-5) Nakong eo, Moshe o ile a laela Arone a re: “Nka nkgo mme ka hara yona o tshele manna a tletseng omere o a behe ka pela Jehova e le ho hong ho lokelang ho bolokwa melokong yohle ya lona.” Tlaleho eo e re: “Feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe, Arone a a beha pela Bopaki [e leng ka moo ho bolokwang ditokomane tsa bohlokwa] e le ho hong ho lokelang ho bolokwa.” (Exoda 16:33, 34) Le hoja ho se na pelaelo ya hore Arone o ile a bokella manna mme a a tshela ka nkgong nakong eo, nkgo eo e ile ya behwa ka pela Bopaki ka mora hore Moshe a etse Areka mme a behe matlapa ka hara yona.

Mmalo wa Bibele

(Exoda 16:1-18) Ha morao ba tloha Elime, mme qetellong phutheho yohle ya bara ba Iseraele ya fihla lefeelleng la Sine, le pakeng tsa Elime le Sinai, ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bobedi ka mora hore ba tswe naheng ya Egepeta. 2 Phutheho yohle ya bara ba Iseraele ya qala ho korotlela Moshe le Arone lefeelleng. 3 Bara ba Iseraele ba nna ba re ho bona: “Hoja ra bolawa ke letsoho la Jehova naheng ya Egepeta ha re ne re dutse pela dipitsa tsa nama, ha re ne re ja bohobe ho fihlela re kgotshe, hobane le re tlisitse lefeelleng lena hore phutheho ena yohle e bolawe ke tlala.” 4 Jwale Jehova a re ho Moshe: “Bonang! ke le nesetsa bohobe bo tswang mahodimong; setjhaba se tla tswa mme e mong le e mong a nke ho mo lekaneng letsatsi le letsatsi, e le hore nka se leka hore na ebe se tla tsamaya molaong wa ka kapa tjhe. 5 Ka letsatsi la botshelela se tla lokisa hoo se tla ho tlisa, mme e tla ba habedi ho hoo se ntseng se ho nka letsatsi le letsatsi.” 6 Ka hoo Moshe le Arone ba re ho bara bohle ba Iseraele: “Ka sebele ka shwalane le tla tseba hore ke Jehova ya le ntshitseng naheng ya Egepeta. 7 Hoseng le tla bona kganya ya Jehova, hobane o utlwile ho korotlela ha lona Jehova. Mme rona re eng hore le re korotlele?” 8 Moshe a tswela pele: “Ho tla ba jwalo ka shwalane ha Jehova a le fa nama hore le e je mme hoseng a le fa bohobe ho fihlela le kgotshe, hobane Jehova o utlwile ho mo korotlela ha lona. Mme re eng? Ha le korotlele rona, empa le korotlela Jehova.” 9 Moshe a tswela pele ho re ho Arone: “Ere ho phutheho yohle ya bara ba Iseraele, ‘Atamelang ka pela Jehova, hobane o utlwile ho korotla ha lona.’” 10 Jwale yare hang ha Arone a buile le phutheho yohle ya bara ba Iseraele, ba reteleha mme ba sheba nqa lefeelleng, mme bonang! kganya ya Jehova ya bonahala lerung. 11 Yaba Jehova o bua ka ho eketsehileng le Moshe, o re: 12 “Ke utlwile ho korotla ha bara ba Iseraele. Bua le bona, o re, ‘Pakeng tsa dishwalane tse pedi le tla ja nama mme hoseng le tla kgora bohobe; mme ka sebele le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona.’” 13 Tumellanong le hoo ka shwalane dikwekwe tsa qala ho hlaha mme tsa kwahela diahelo, mme hoseng phoka e ne e letse ho potoloha diahelo. 14 Ka mora nako phoka e letseng ya fetoha mouwane mme bonang! hodima lefeella ho ne ho e na le ntho e makgekgebu, e tshesaane jwalo ka serame hodima lefatshe. 15 Ha bara ba Iseraele ba e bona, ba qala ho buisana ba re: “Ke eng?” Etswe ba ne ba sa tsebe hore na ke eng. Ka hoo Moshe a re ho bona: “Ke bohobe boo Jehova a le fileng bona hore le bo je. 16 Lena ke lentswe leo Jehova a le laetseng, ‘Nkang bo bong ba bona, e mong le e mong ka ho lekana ho ja ha hae. Le tla nka tekanyo ya omere bakeng sa motho ka mong ho ya ka palo ya meya eo e mong le e mong wa lona a nang le yona ka tenteng ya hae.’” 17 Yaba bara ba Iseraele ba qala ho etsa jwalo; ba qala ho bo thonaka, ba bang ba bokella bo bongata mme ba bang ba bokella bo bonyenyane. 18 Ha ba bo lekanya ka omere, ya neng a bokeletse bo bongata ha a a ka a ba le bo setseng mme ya neng a bokeletse bo bonyenyane ha a a ka a ba le kgaello. E mong le e mong a bo thonaka ka ho lekana ho ja ha hae.

17-23 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 17-18

“Banna ba Ikokobeditseng ba Kwetlisa ba Bang le ho ba fa Boikarabelo”

(Exoda 18:17, 18) Mohwe wa Moshe a re ho yena: “Tsela eo o etsang ka yona ha e ntle. 18 Ruri o tla kgathala, wena le setjhaba sena se nang le wena, hobane mosebetsi ona ke mojaro o moholo haholo bakeng sa hao. O ke ke wa kgona ho o etsa o le mong.

w13 2/1 6

Moshe o ne a le Lerato

Moshe o ne a rata Baiseraele ba habo. Ba ne ba tseba hore Jehova o ne a sebedisa Moshe ho tataisa batho ba hae, ka hoo ba ne ba tlisa mathata a bona a fapafapaneng ho Moshe. Bibele e re: “Setjhaba sa nna sa ema ka pela Moshe ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya.” (Exoda 18:13-16) Nahana feela hore na e tlameha ebe Moshe o ne a kgathala hakaakang, ka ha o ne a qeta dihora tse ngata a mametse Baiseraele ha ba ntse ba rolela mathata a bona ho yena. Empa ka ha Moshe o ne a rata batho, o ne a thabela ho ba thusa.

(Exoda 18:21, 22) Empa o lokela ho kgetha hara setjhaba sohle banna ba nang le bokgoni, ba tshabang Modimo, banna ba tshepahalang, ba hloileng phaello e sa lokang; mme o ba behe hore ba se okamele e le balaodi ba ba dikete, balaodi ba ba mashome a mahlano le balaodi ba ba mashome. 22 Ba ahlole setjhaba ketsahalong e nngwe le e nngwe e loketseng; mme nyewe e nngwe le e nngwe e kgolo ba e tlise ho wena, empa nyewe e nngwe le e nngwe e nyenyane ba e sebetse e le baahlodi. Ka hoo ipebofaletse, mme ba jare mojaro le wena.

w03 11/1 6 ¶1

Ho Tshepa ba Bang ke ha Bohlokwa Hore Motho a Thabele Bophelo

Bao e ne e le banna ba ileng ba bonahatsa makgabane a itseng a tshwanang le a Modimo pele ba kgethelwa maemo ao a bontshang hore ba a tsheptjwa. Ba ne ba se ba ipakile hore ba tshaba Modimo; ba ne ba hlompha Mmopi ka ho loketseng mme ba tshaba ho mo kgopisa. Ho e mong le e mong ho ne ho hlakile hore banna bana ba ne ba etsa sohle se matleng a bona ho boloka melao ya Modimo. Ba ne ba hloile phaello e sa lokang, e leng se neng se bontsha hore ba na le boitshwaro mme seo se ne se tla ba thusa hore ba se ke ba sebedisa matla a bona hampe. Ba ne ba ke ke ba tswa batho tlase e le hore ba ntshetse pele dithahasello tsa bona kapa tsa beng ka bona kapa metswalle.

(Exoda 18:24, 25) Kapelepele Moshe a mamela lentswe la mohwe wa hae mme a etsa sohle seo a se buileng. 25 Moshe a qala ho kgetha banna ba nang le bokgoni hara Baiseraele bohle mme a ba fa maemo hore e be dihlooho tsa setjhaba, e be balaodi ba ba dikete, balaodi ba ba makgolo, balaodi ba ba mashome a mahlano le balaodi ba ba mashome.

w02 5/15 25 ¶6

Botshepehi bo Tataisa ba Lokileng

Moshe le yena o ne a inyenyefatsa a bile a ikokobetsa. Ha a ne a kgathetse ka lebaka la ho rarolla mathata a ba bang, mohwe wa hae, Jethro, o ile a etsa tlhahiso ya tharollo e sebetsang: Hore a arolelane boikarabelo le banna ba bang ba tshwanelehang. A lemoha mefokolo ya hae, Moshe ka bohlale o ile a amohela tlhahiso ena. (Exoda 18:17-26; Numere 12:3) Monna ya inyenyefatsang ha a leqe ho abela ba bang matla, ebile ha a tshabe hore ka tsela e itseng o lahlehelwa ke matla ka ho abela banna ba bang ba tshwanelehang boikarabelo bo loketseng. (Numere 11:16, 17, 26-29) Ho e na le hoo, o labalabela ho ba thusa hore ba hatele pele ka phuthehong. (1 Timothea 4:15) Na le rona ha re a lokela ho ba jwalo?

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 17:11-13) Eitse hang ha Moshe a phahamisa letsoho, Baiseraele ba ba phahamela; empa hang ha a theola letsoho, Baamaleke ba ba phahamela. 12 Ha matsoho a Moshe a se a kgathetse, jwale ba nka lejwe mme ba le beha ka tlasa hae, yaba o dula hodima lona; Arone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena mme e mong ka lehlakoreng lane, hoo matsoho a hae a ileng a ema nqa e le nngwe ho fihlela letsatsi le dikela. 13 Ka hoo Joshua a hlola Amaleke le setjhaba sa hae ka bohale ba sabole.

w16.09 6 ¶14

“Matsoho a Hao a se ke a Tepella”

14 Arone le Hure ba ile ba tshehetsa matsoho a Moshe nakong ya ntwa. Le rona re ka batla ditsela tsa ho tshehetsa le ho thusa ba bang ka phuthehong. Re ka thusa bomang? Re ka thusa ba seng ba hodile, ba kulang, ba hanyetswang ke ba malapa, ba jewang ke bodutu, kapa ba shwetsweng ke baratuwa ba bona. Re ka boetse ra matlafatsa batjha bao lefatshe le ba susumelletsang hore ba etse dintho tse fosahetseng kapa ba hahamalle thuto e phahameng haesita le maruo. (1 Bathes. 3:1-3; 5:11, 14) Batla ditsela tseo o ka bontshang ba bang hore o ba thahasella e le ka nnete ha le le Holong ya Mmuso, tshebeletsong ya tshimo, ha le le dijong kapa ha le ntse le buisana ka fono.

(Exoda 17:14) Jwale Jehova a re ho Moshe: “Ngola sena e le sehopotso bukeng mme o bue ka sona moo Joshua a ntseng a utlwa, ‘Ke tla hlakola ho hopolwa ha Amaleke ka ho feletseng tlasa mahodimo.’”

it-1-E 406

Mangolo a Bibele

Ha ho pelaelo hore ho latela bopaki bo tswang ka Bibeleng, mangolo ao Moshe a a ngotseng a ne a buduletswe ke Modimo mme a ne a tataisa Baiseraele borapeding ba nnete. Moshe ha a a ka a ikgethela ho ba moetapele wa Baiseraele, ha e le hantle qalong o ile a hana boikarabelo boo. (Ex 3:10, 11; 4:10-14) Ho e na le hoo, Modimo o ile a kgetha Moshe hore e be moetapele mme o ile a mo fa matla a ho etsa mehlolo, hoo baprista ba Faro ba sebedisang boselamose ba ileng ba qobelleha ho dumela hore Moshe o etsa mehlolo eo ka thuso e tswang ho Jehova. (Ex 4:1-9; 8:16-19) Moshe ha a a ka a hahamalla ho ba sebui le mongodi. Ho e na le hoo o ile a susumelletseha hore e be sebui mme a ngole mangolo a itseng a Bibele hobane a ne a mamela Modimo ebile a thuswa ke moya o halalelang.

Mmalo wa Bibele

(Exodus 17:1-16) Phutheho yohle ya bara ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine ka mekgahlelo, eo ba ileng ba e etsa ho ya ka taelo ya Jehova, mme ba qala ho hloma diahelo Refidime. Empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang. 2 Setjhaba sa qala ho qabana le Moshe mme sa re: “Re fe metsi re nwe.” Empa Moshe a re ho sona: “Ke hobaneng ha le qabana le nna? Ke hobaneng ha le ntse le leka Jehova?” 3 Setjhaba sa tswela pele ho nyorelwa metsi moo, mme setjhaba sa nna sa korotlela Moshe sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta hore o bolaye rona le bara ba rona le diphoofolo tsa rona tse ruilweng ka lenyora?” 4 Qetellong Moshe a hweletsa ho Jehova, a re: “Ke tla etsang ka setjhaba see? Ho se ho se hokae mme se tla ntlepetsa ka majwe!” 5 Jwale Jehova a re ho Moshe: “Fetela ka pela setjhaba mme o nke banna ba bang ba baholo ba Iseraele le molamu wa hao oo o ileng wa otla Noka ya Nile ka wona. O tshware ka letsoho mme o tsamaye. 6 Bona! Ke eme ka pela hao moo lefikeng la Horebe. O otle lefika, mme metsi a tla tswa ho lona, mme setjhaba se a nwe.” Ka mora moo Moshe a etsa jwalo mahlong a banna ba baholo ba Iseraele. 7 Ka hoo a reha sebaka seo lebitso la Masa le Meriba, ka lebaka la ho qabana ha bara ba Iseraele le ka lebaka la ho leka ha bona Jehova, ba re: “Na Jehova o hara rona kapa tjhe?” 8 Baamaleke ba tla mme ba lwantsha Baiseraele Refidime. 9 Yaba Moshe o re ho Joshua: “Re kgethele banna mme o tswe, o lwantshe Baamaleke. Hosasane ke tla ema hodima leralla, ke tshwere molamu wa Modimo wa nnete letsohong.” 10 Jwale Joshua a etsa feela jwalo ka ha Moshe a ne a mo boleletse, e le hore a lwantshe Baamaleke; mme Moshe, Arone le Hure ba nyolohela hodima leralla. 11 Eitse hang ha Moshe a phahamisa letsoho, Baiseraele ba ba phahamela; empa hang ha a theola letsoho, Baamaleke ba ba phahamela. 12 Ha matsoho a Moshe a se a kgathetse, jwale ba nka lejwe mme ba le beha ka tlasa hae, yaba o dula hodima lona; Arone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena mme e mong ka lehlakoreng lane, hoo matsoho a hae a ileng a ema nqa e le nngwe ho fihlela letsatsi le dikela. 13 Ka hoo Joshua a hlola Amaleke le setjhaba sa hae ka bohale ba sabole. 14 Jwale Jehova a re ho Moshe: “Ngola sena e le sehopotso bukeng mme o bue ka sona moo Joshua a ntseng a utlwa, ‘Ke tla hlakola ho hopolwa ha Amaleke ka ho feletseng tlasa mahodimo.’ ” 15 Moshe a haha aletare mme a e reha lebitso la Jehova-nisi, 16 a re: “Ka hobane letsoho le kgahlanong le terone ya Jah, Jehova o tla lwantsha Amaleke ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong.”

24-30 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 19-20

“Ka Moo Melao e Leshome e o Amang ka Teng”

(Exoda 20:3-7) O se ke wa ba le medimo e meng kgahlanong le sefahleho sa ka. 4 “O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng kapa sebopeho se tshwanang le ntho le ha e le efe e hodimo mahodimong kapa e tlase lefatsheng kapa e metsing ka tlasa lefatshe. 5 O se ke wa di inamela kapa wa hlohlelletswa hore o di sebeletse, hobane nna Jehova Modimo wa hao ke Modimo ya batlang boinehelo bo kgethehileng, ya tlisang kotlo bakeng sa diphoso tsa bontate ho bara, ho moloko wa boraro le ho moloko wa bone, wa ba ntlhoileng; 6 empa ke bontsha mosa o lerato ho isa molokong wa sekete wa ba nthatang mme ba boloka ditaelo tsa ka. 7 “O se ke wa sebedisa lebitso la Jehova Modimo wa hao ka tsela eo e seng ya bohlokwa, etswe Jehova a ke ke a tlohela ya sebedisang lebitso la hae ka tsela eo e seng ya bohlokwa a sa fuwe kotlo.

w89 11/15 5 ¶6

Melao e Leshome e Bolelang ho Wena?

Melao ya pele e mene e totobatsa boikarabelo ba rona ho Jehova. (Wa Pele) Ke Modimo ya ntseng a batla boinehelo bo ikgethang. (Matheu 4:10) (Wa Bobedi) Ha ho le ya mong ho barapedi ba hae ya lokelang ho sebedisa ditshwantsho. (1 Johanne 5:21) (Wa Boraro) Ho sebedisa ha rona lebitso la Modimo e lokela ho ba ho loketseng le ho fanang ka seriti, le ka mohla e se be ho hlomphollang. (Johanne 17:26; Baroma 10:13) (Wa Bone) Bophelo bohle ba rona bo lokela ho dikoloha dinthong tse halalelang. Sena se re nolofaletsa ho phomola, kapa ‘ho ba le sabatha,’ ka lebaka la ho loka.​—Baheberu 4:9, 10.

(Exoda 20:8-11) “Ka ho hopola letsatsi la sabatha hore o le nke le halalela, 9 o tla etsa tshebeletso mme o etse mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng. 10 Empa letsatsi la bosupa ke sabatha ya Jehova Modimo wa hao. O se ke wa etsa mosebetsi le ha e le ofe, wena le ha e le mora wa hao kapa moradi wa hao, lekgoba la hao kapa lekgabunyane la hao kapa phoofolo ya hao e ruilweng kapa mojaki wa hao ya ka hara diheke tsa hao. 11 Etswe ka matsatsi a tsheletseng Jehova o ile a etsa mahodimo le lefatshe, lewatle le ntho e nngwe le e nngwe e ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa. Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a hlohonolofatsa letsatsi la sabatha mme a le halaletsa.

(Exoda 20:12-17) “Hlompha ntatao le mmao e le hore matsatsi a hao a ka ba malelele hodima lefatshe leo Jehova Modimo wa hao a o fang lona. 13 “O se ke wa bolaya. 14 “O se ke wa feba. 15 “O se ke wa utswa. 16 “O se ke wa paka ka bohata ha o le paki kgahlanong le wa heno. 17 O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno. O se ke wa lakatsa mosadi wa wa heno, le ha e le lekgoba la hae kapa lekgabunyane la hae kapa poho ya hae kapa esele ya hae kapa ntho le ha e le efe ya wa heno.”

w89 11/15 6 ¶1-2

Melao e Leshome e Bolelang ho Wena?

(Wa Bohlano) Ha bana ba mamela batswadi ba bona seo se etsa hore lelapa le momahane mme Jehova o tla le hlohonolofatsa. Ke tshepo e tsotehang hakaakang eo “taelo ya pele e nang le tshepiso” e fanang ka yona. Ha se feela hore “o ka tswella hantle” empa hape “o ka phela ka nako e telele lefatsheng.” (Baefese 6:1-3) Ka ha jwale re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena e kgopo, ha batho ba batjha ba mamela Modimo ba ba le tshepo ya hore ba ke ke ba shwa.​—2 Timothea 3:1; Johanne 11:26.

Lerato ho moahisani wa rona le tla re thibela ho ba ntsha kotsi ka diketso tsa bokgopo tse kang (Wa Botshelela) ho bolaya, (Wa Bosupa) ho feba, (Wa Borobedi) ho utswa, le (Wa Borobong) ho etsa dipolelo tsa bohata. (1 Johanne 3:10-12; Baheberu 13:4; Baefese 4:28; Matheu 5:37; Liproverbia 6:16-19) Empa ho thweng ka merero ya rona? Molao (Wa Leshome), o kgahlanong le ho lakatsa dintho tsa ba bang, o re hopotsa hore Jehova o hloka hore boikemisetso ba rona e be bo lokileng mahlong a hae ka mehla.​—Liproverbia 21:2.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 19:5, 6) Jwale haeba le tla mamela lentswe la ka ka tiyo mme ruri le boloke selekane sa ka, jwale ka sebele le tla fetoha thepa ya ka e kgethehileng hara ditjhaba tse ding tsohle, hobane lefatshe lohle ke la ka. 6 Le tla fetoha mmuso wa baprista le setjhaba se halalelang ho nna.’ Ana ke mantswe ao o tla a bolella bara ba Iseraele.”

it-2-E 687 ¶1-2

Moprista

Boprista. Jehova o ile a tshepisa Baiseraele hore haeba ba ne ba ka boloka selekane sa hae e ne e tla ba “mmuso wa baprista le setjhaba se halalelang.” (Ex 19:6) Le ha ho le jwalo boprista ba Arone bo ne bo tla kgaotsa ho sebetsa ha boprista bo bo phahametseng bo neng bo tla tla bo qala ho sebetsa. (Heb 8:4, 5) Boprista ba Arone bo ne bo tla fela ha selekane sa molao se fediswa mme ho thehwa selekane se setjha. (Heb 7:11-14; 8:6, 7, 13) Jehova o ile a fa Baiseraele feela monyetla wa hore e be baprista Mmusong wa hae o tshepisitsweng; mme ha nako e ntse e ya o ile a fa le baditjhaba monyetla ona.​—Lik 10:34, 35; 15:14; Bar 10:21.

Ke Bajuda ba seng ba kae feela ba ileng ba amohela Kreste, mme setjhaba seo ha se a a ka sa ba le ditho tsa baprista le ho ba setjhaba se halaleng. (Bar 11:​7, 20) Ka ha Baiseraele ba ne ba sa tshepahale, Jehova o ile a ba lemosa dilemo esale pele a sebedisa moprofeta wa hae Hosea mme a re: “Kahobane o lahlile tsebo, le nna ke tla o lahla hore o se ke wa sebeletsa o le moprista ho nna; mme kahobane o ntse o lebala molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.” (Ho 4:6) Ka ho tshwanang, Jesu o ile a re ho baetapele ba Bajuda: “Mmuso wa Modimo o tla nkuwa ho lona mme o fuwe setjhaba se hlahisang ditholwana tsa wona.” (Mat 21:43) Le ha ho le jwalo, ha Jesu Kreste a le lefatsheng o ne a le tlasa molao mme a tseba hore boprista ba Arone bo ntse bo sebetsa, ka hoo o ile a laela batho bao a neng a ba fodisetse lepera hore ba ye ho moprista mme ba fane ka mahlabelo a hlokahalang.​—⁠Mat 8:4; Mar 1:​44; Lu 17:⁠14.

(Exoda 20:​4, 5) “O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng kapa sebopeho se tshwanang le ntho le ha e le efe e hodimo mahodimong kapa e tlase lefatsheng kapa e metsing ka tlasa lefatshe. 5 O se ke wa di inamela kapa wa hlohlelletswa hore o di sebeletse, hobane nna Jehova Modimo wa hao ke Modimo ya batlang boinehelo bo kgethehileng, ya tlisang kotlo bakeng sa diphoso tsa bontate ho bara, ho moloko wa boraro le ho moloko wa bone, wa ba ntlhoileng,

w04 3/15 27 ¶1

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Exoda

20:5​—Ho tla jwang hore e be Jehova o tlisa “kotlo bakeng sa diphoso tsa bontate” ho meloko e tlang? Ha motho a se a hodile, o ahlolwa ho latela boitshwaro le boikutlo ba hae. Empa ha setjhaba sa Iseraele se ne se fetohela borapeding ba ditshwantsho, meloko e neng e tla latela ya setjhaba sena e ile ya latswa ditlamorao tse babang tsa bofetohedi boo. Esita le Baiseraele ba tshepahalang ba ile ba utlwa ditlamorao tsa bona, ka ha ho se mamele ha setjhaba sena ho ile ha ba thatafaletsa ho dula ba tshepahala.

Mmalo wa Bibele

(Exoda 19:1-19) Ka kgwedi ya boraro ka mora hore bara ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta, ka letsatsi lona leo, ba fihla lefeelleng la Sinai. 2 Ba tloha Refidime mme ba ya lefeelleng la Sinai ba hloma diahelo lefeelleng; mme Baiseraele ba hloma diahelo moo ka pela thaba. 3 Moshe a nyolohela ho Modimo wa nnete, mme Jehova a qala ho mo bitsa a le thabeng, a re: “Sena ke seo o tla se bolella ntlo ya Jakobo le ho se bolella bara ba Iseraele, 4 ‘Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta, e le hore nka le jara ka mapheo a dintsu ka le tlisa ho nna. 5 Jwale haeba le tla mamela lentswe la ka ka tiyo mme ruri le boloke selekane sa ka, jwale ka sebele le tla fetoha thepa ya ka e kgethehileng hara ditjhaba tse ding tsohle, hobane lefatshe lohle ke la ka. 6 Le tla fetoha mmuso wa baprista le setjhaba se halalelang ho nna.’ Ana ke mantswe ao o tla a bolella bara ba Iseraele.” 7 Ka hoo Moshe a tla yaba o bitsa banna ba baholo ba setjhaba mme o beha ka pela bona mantswe ohle ao Jehova a neng a mo laetse wona. 8 Ka mora moo setjhaba sohle sa araba ka tumellano sa re: “Sohle seo Jehova a se buileng re ikemiseditse ho se etsa.” Kapelepele Moshe a kgutlisetsa mantswe a setjhaba ho Jehova. 9 Yaba Jehova o re ho Moshe: “Bona! Ke tla ho wena ka leru le letsho, e le hore setjhaba se utlwe ha ke bua le wena, le hore se behe tumelo le ho wena ho isa nakong e sa lekanyetswang.” Jwale Moshe a tlalehela Jehova mantswe a setjhaba. 10 Jehova a tswela pele ho re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, mme o se halaletse kajeno le hosasane, mme se hlatswe diaparo tsa sona. 11 Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima Thaba ya Sinai ka pela mahlo a setjhaba sohle. 12 O sehele setjhaba meedi ka hohle, o re, ‘Itebeleng hore le se ke la nyolohela thabeng, mme le se ke la ama moedi wa yona. Ka sebele mang kapa mang ya amang thaba o tla bolawa. 13 Ha ho letsoho le tla mo ama, hobane ka sebele o tla tlepetswa ka majwe kapa ka sebele o tla fulwa ka metsu. Ebang ke phoofolo kapa motho, a ke ke a phela.’ Ha ho letswa lenaka la pheleu ba nyolohele thabeng.” 14 Jwale Moshe a theoha thabeng a ya ho setjhaba, mme a qala ho halaletsa setjhaba; yaba se hlatswa diaparo tsa sona tsa ka hodimo. 15 Tumellanong le hoo a re ho setjhaba: “Itokiseng ka matsatsi a mararo. Le se ke la atamela mosadi.” 16 Ka letsatsi la boraro ha e eba hoseng diaduma le mahadima tsa qala ho ba teng, le leru le leholo hodima thaba le modumo o moholo haholo wa lenaka, hoo setjhaba sohle se diahelong se ileng sa qala ho thothomela. 17 Jwale Moshe a ntsha setjhaba diahelong ho ya kopana le Modimo wa nnete, mme sa qala ho ema botlaseng ba thaba. 18 Thaba ya Sinai ya kubella mosi ka hohle, ka lebaka la hore Jehova o ne a theohetse ho yona ka mollo; mosi wa yona wa nna wa nyoloha jwalo ka mosi wa sebopi, mme thaba yohle e ne e thothomela haholo. 19 Ha modumo wa lenaka o ntse o eba matla haholo, Moshe a qala ho bua, mme Modimo wa nnete a qala ho mo araba ka lentswe.

31 AUGUST–6 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 21-22

“Nka Bophelo e le ba Bohlokwa Jwalo ka Jehova”

(Exoda 21:20) “Haeba motho a otla lekgoba la hae kapa lekgabunyane la hae ka molamu mme le shwela letsohong la hae, ruri le tla pheteletswa.

it-1-E 271

Ho Shapa

Moheberu ya nang le lekgoba o ne a dumelletswe hore a ka le shapa ka thupa haeba le sa mamele kapa e le lerabele. Haeba lekgoba leo le ne le ka shwa le ntse le shapuwa monga lona o ne a tla fumana kotlo. Le ha ho le jwalo haeba ho ne ho ka feta letsatsi kapa a mabedi le sa shwe ka mora ho shapuwa, seo se ne se tla bontsha hore monga lona o ne a sa ikemisetsa ho le bolaya. O ne a na le tokelo ya ho kgalemela lekgoba leo hobane “e ne e le tjhelete ya hae.” Ka hoo o ne a ke ke a bolaya lekgoba la hae hobane o ne a tla lahlehelwa. Hape haeba lekgoba le ne le ka shwa ka mora letsatsi le le leng kapa matsatsi a mabedi, ho ne ho ke ke ha tsejwa hantle hore na le shwele hobane le shapilwe kapa ka lebaka la ntho e nngwe e itseng. Ka hoo haeba le ne le ka phela letsatsi le le leng kapa a mabedi ka mora ho shapuwa, monga lona o ne a ke ke a fumana kotlo.​—⁠Ex 21:​20, 21.

(Exoda 21:​22, 23) “Haeba banna ba lwana mme ba ntsha mosadi wa moimana kotsi mme bana ba hae ba fela ba tswa empa ho sa hlahe kotsi e bolayang, ruri o tla lefiswa ditshenyehelo ho ya ka seo monga mosadi eo a tla mo batla sona; a fane ka sona ka baahlodi. 23 Empa haeba ho ka hlaha kotsi e bolayang, jwale o tla fana ka moya bakeng sa moya,

lvs 95 ¶16

Na Jwalo ka Modimo o Nka Bophelo e le ba Bohlokwa?

16 Bophelo ba motho e mong le e mong esita le ba ngwana ya so hlahe, ke ba bohlokwa ho Jehova. Ho latela Molao oo Jehova a neng a o file Moshe, haeba ka phoso motho a ne a ka lematsa mosadi ya immeng mme mosadi eo kapa ngwana wa hae ya so hlahe a shwa, Jehova o ne a tla nka motho eo a le molato wa polao. Le hoja a ne a sa ikemisetsa ho etsa seo, ho salang ke hore ho na le motho ya bolailweng mme bophelo ba motho eo bo ne bo tla lokela ho lefuwa. (Bala Exoda 21:22, 23.) Ho Modimo, ngwana ya ka popelong e se ntse e le motho ya phelang. Jwale, ebe o nahana hore Modimo o ikutlwa jwang ka ho ntsha mpa? Hona o reng ha a bona bana ba dimilione ba bolawa selemo le selemo ka lebaka la seo?

(Exoda 21:28, 29) “Haeba poho e hlaba monna kapa mosadi mme a shwa, ruri poho eo e lokela ho tlepetswa ka majwe, empa nama ya yona e se ke ya jewa; monga poho o lokolohile kotlong. 29 Empa haeba pele ho moo poho eo e ne e tlwaetse ho hlaba mme monga yona a filwe temoso empa a sa ka a e lebela, mme e bolaile monna kapa mosadi, poho e lokela ho tlepetswa ka majwe mme le monga yona o lokela ho bolawa.

w10 4/15 29 ¶4

Jehova o Batla Hore ‘o Sireletsehe’

Dikotlo tsa Molao ona di ne di boetse di sebetsa tabeng ya dikotsi tse bakwang ke diphoofolo tse ruuwang. Haeba poho e ne e ka hlaba motho ya ba ya mo bolaya, monga yona o ne a lokela ho bolaya poho eo e le hore ho sireletswe batho ba bang. Ka ha o ne a ke ke a ja nama ya yona kapa a e rekisetsa batho ba bang hore ba e je, ho bolaya phoofolo eo e ne e le tahlehelo e kgolo. Empa ho ne ho etswa jwang haeba monga poho a ne a sa e behe leihlo ka mora hore e lematse motho? Haeba poho yona eo e ne e ka bolaya motho ha morao, poho le monga yona ba ne ba bolawa. Molao oo o ne o etsa hore mang kapa mang ya neng a sa hlokomele diphoofolo tsa hae a nahane ka thata.​—Ex. 21:28, 29.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 21:5, 6) Empa haeba ka ho tsitlella lekgoba le re, ‘Ruri ke rata monga ka, mosadi wa ka le bara ba ka; ha ke batle ho tsamaya jwalo ka ya lokolotsweng,’ 6 jwale monga lona a le atametse ho Modimo wa nnete mme a le emise pela lemati kapa kosene ya monyako; monga lona a le phunye tsebe ka elese, mme le fetohe lekgoba la hae ho isa nakong e sa lekanyetswang.

w10 1/15 4 ¶4-5

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Inehela ho Jehova?

4 Boinehelo ba Bokreste ha se taba e nyenyane. Ha se boitlamo feela tjee. Jwale, ebe ho inehela ho re tswela molemo jwang? Ka mohlala, a re ke re tshohleng hore na boitlamo bo tlisa melemo jwang dikamanong tsa batho. Mohlala o mong ke setswalle. E le hore o rue molemo wa ho ba le motswalle, o tlameha ho amohela hore setswalle se tsamaya le boikarabelo. Boitlamo bo a ameha tabeng ena, o ikutlwa o tlameha ho tsotella motswalle wa hao. Setswalle se seng se ikgethang ka ho fetisisa se hlalositsweng ka Bibeleng, ke sa Davida le Jonathane. Ba ile ba ba ba hlaba selekane sa setswalle. (Bala 1 Samuele 17:57; 18:1, 3.) Le hoja setswalle sa mofuta oo se sa ata, hangata setswalle se a tiya ha metswalle e itlamme e mong ka e mong.​—Liprov. 17:17; 18:24.

5 Molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele o hlalosa kamano e nngwe eo ho yona batho ba ileng ba rua molemo ka hore ebe ba ile ba etsa boitlamo. Haeba lekgoba le ne le batla tshireletso ya hore le se ke la tloha ha monga lona ya lokileng, lona le monga lona ba ne ba lokela ho etsa tumellano ya motjhaotjhele le e ba tlamang. Molao o re: “Haeba ka ho tsitlella lekgoba le re, ‘Ruri ke rata monga ka, mosadi wa ka le bara ba ka; ha ke batle ho tsamaya jwalo ka ya lokolotsweng,’ jwale monga lona a le atametse ho Modimo wa nnete mme a le emise pela lemati kapa kosene ya monyako; monga lona a le phunye tsebe ka elese, mme le fetohe lekgoba la hae ho isa nakong e sa lekanyetswang.”​—Ex. 21:5, 6.

(Exoda 21:14) Haeba motho a halefela wa habo ho isa ntlheng ya hore a mo bolaye ka bolotsana, o tla mo tlosa aletareng ya ka hore a shwe.

it-1-E 1143

Lenaka

Mantswe a ho Exoda 21:14 a ka bolela hore esita le haeba moprista a ne a ka bolaya motho, le yena o ne a tla bolawa. A ka boela a bolela hore esita le haeba motho a ne a ka tshwara manaka a aletare ho itshirelletsa, o ne a tla bolawa haeba a bolaile motho e mong ka boomo.​—Bapisa le 1Mar 2:28-34.

Mmalo wa Bibele

(Exoda 21:1-21) “Tsena ke diqeto tsa boahlodi tseo o tla di beha ka pela bona: 2 “Haeba o reka lekgoba la Moheberu, e tla ba lekgoba ka dilemo tse tsheletseng, empa ka sa bosupa le tla tswa jwalo ka le lokolotsweng ntle ho tefiso. 3 Haeba le kene le le leng, le tla tswa le le leng. Haeba le e na le mosadi, jwale mosadi wa lona o tla tswa le lona. 4 Haeba monga lona a le file mosadi mme a le tswaletse bara kapa baradi, mosadi le bana ba lona e tla ba ba monga lona mme le tla tswa le le leng. 5 Empa haeba ka ho tsitlella lekgoba le re, ‘Ruri ke rata monga ka, mosadi wa ka le bara ba ka; ha ke batle ho tsamaya jwalo ka ya lokolotsweng,’ 6 jwale monga lona a le atametse ho Modimo wa nnete mme a le emise pela lemati kapa kosene ya monyako; monga lona a le phunye tsebe ka elese, mme le fetohe lekgoba la hae ho isa nakong e sa lekanyetswang. 7 “Haeba monna a rekisa moradi wa hae hore e be lekgabunyane, a ke ke a tswa ka tsela eo makgoba a tswang ka yona. 8 Haeba a sa kgahlise mahlong a monga hae hoo a sa mo kgetheng hore a fetohe serethe empa a etsa hore a lopollwe, a ke ke a ba le tokelo ya ho mo rekisetsa basele ha a sebetsana le yena ka bolotsana. 9 Haeba a mo kgethela mora wa hae, o tla mo etsa ho ya ka tokelo e loketseng ya baradi. 10 Haeba a ka inkela mosadi e mong, dintho tsa hae tsa ho iphedisa, diaparo tsa hae le tokelo ya hae ya lenyalo di se ke tsa fokotswa. 11 Haeba a ke ke a mo fa dintho tsena tse tharo, jwale a tswe mahala, ntle ho tjhelete. 12 “Ya otlang motho hoo a bileng a shwang ruri o tla bolawa. 13 Empa haeba motho a sa lalla mme Modimo wa nnete a dumella hore ho etsahale letsohong la hae, jwale ke o lokisetsa sebaka seo a tla balehela ho sona. 14 Haeba motho a halefela wa habo ho isa ntlheng ya hore a mo bolaye ka bolotsana, o tla mo tlosa aletareng ya ka hore a shwe. 15 Ya otlang ntatae le mmae ruri o tla bolawa. 16 “Ya kwetelang motho mme a mo rekisa kapa a fumanwa letsohong la hae ruri o tla bolawa. 17 “Ya rohakang ntatae le mmae ruri o tla bolawa. 18 “Haeba batho ba tsekisana mme e mong a otla wa habo ka lejwe kapa ka mohoma mme a sa shwe empa a robala betheng ya hae; 19 haeba a ka ema mme a ya ka ntle ka setshehetso sa hae, jwale ya mo otlileng o tla lokoloha kotlong; o tla etsa puseletso feela bakeng sa nako e lahlehileng mosebetsing wa eo ho fihlela a etsa hore a fole ka ho feletseng. 20 “Haeba motho a otla lekgoba la hae kapa lekgabunyane la hae ka molamu mme le shwela letsohong la hae, ruri le tla pheteletswa. 21 Le ha ho le jwalo, haeba le dieha ka letsatsi kapa ka matsatsi a mabedi, le se ke la pheteletswa, hobane ke tjhelete ya hae.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela