PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ho Ntlafatsa Tsebo Ya Rona Boboleding—Ka ho Paka ka Founo
KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA? Ho paka ka founo ke tsela e nngwe ya bohlokwa eo re ka bolelang ditaba tse molemo ka ho phethahetseng ka yona. (Lik 20:24)a Founo e re thusa ho pakela batho bao re sa ba fumaneng malapeng kapa bao re sa kgoneng ho fihla malapeng a bona.
O KA ETSA SEO JWANG?
Lokisetsa. Kgetha ho bua ka taba eo batho ba bangata ba e thabelang, ebe o ngola seo o batlang ho se bua. O ka boela wa ngola molaetsa o mo kgutshwanyane o hlalosang hore na ke hobaneng ha o founile haeba ho ka etsahala hore founo e se ke ya arajwa. Ho ka ba molemo hore o dule tafoleng mme o behe le dintho tseo o tla di hloka tse kang molaetsa oo o o ngotseng fatshe le sesebediswa sa hao sa elektronike seo o tla bula JW Library® kapa jw.org® ho sona.
Iketle. Bua ka tsela ya tlhaho. Bososela eka motho eo o a o bona. Ha o bua le motho eo o mo founetseng qoba ho thola nako e telele ho sa hlokahale. Ho ka ba molemo hore o sebetse le batho ba bang. Ha motho eo o mo founetseng a o botsa potso, ho ka ba molemo hore o phete potso eo e le hore motho eo o sebetsang le yena a ka o thusa ho fumana karabo
Etsa leeto la ho boela. Haeba motho eo o mo founetseng a thabela molaetsa o ka mo botsa potso eo o tla e araba nakong e tlang ha o mo founetse. O ka boela wa mo romella sengolwa ka imeile, wa mo isetsa sona moo a dulang teng kapa wa mo romella sona ka poso. O ka romela e nngwe ya divideo tsa rona kapa dingolwa ka imeile kapa ka sms.
a Haeba ho paka ka founo ke ntho e dumelletsweng sebakeng seo o dulang ho sona, etsa bonnete ba hore o mamela melao ya naha e mabapi le ho sebedisa boitsebiso ba motho