Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • fg thuto 11 dipotso 1-4
  • Melao ya Bibele e ka re Thusa Jwang?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Melao ya Bibele e ka re Thusa Jwang?
  • Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Dumella Melao le Melaomotheo ya Modimo Hore e Kwetlise Letswalo la Hao
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Tswela Pele o Kwetlisa Letswalo la Hao
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
fg thuto 11 dipotso 1-4

THUTO 11

Melao ya Bibele e ka re Thusa Jwang?

1. Ke hobaneng ha re hloka tataiso ya Modimo?

[Ditshwantsho tse leqepheng la 22]

Ditaelo tsa Bibele di ka re thusa jwang hore re se ke ra etsa dintho tse tla re ntsha kotsi?—PESALEME YA 36:9.

Mmopi wa rona o bohlale ho re feta. Jwaloka Ntate ya lerato, wa re kgathalla. Hape, o ne a sa batle hore batho ba ipuse. (Jeremia 10:23) Kahoo, feela jwalokaha ngwana e monyenyane a hloka tataiso ya batswadi, kaofela ha rona re hloka tataiso ya Modimo. (Esaia 48:17, 18) Melao ya Bibele e re fa tataiso e le mpho e tswang ho Modimo.—Bala 2 Timothea 3:16.

Melao ya Jehova e re ruta tsela e molemo ya ho phela hona jwale mme e re bontsha kamoo re ka fumanang bophelo bo sa feleng kateng nakong e tlang. Kaha re bopilwe ke Modimo , re tla be re etsa hantle ha re dumela ho tataiswa ke yena.—Bala Pesaleme ya 19:7, 11; Tšenolo 4:11.

2. Lentswe la Modimo le re tataisa jwang?

Dinnete tse ding tsa motheo tse ka Bibeleng di re bontsha seo Modimo a batlang hore re se etse maemong a sa tshwaneng. Melao e meng e sebetsa maemong a kgethehileng. (Deuteronoma 22:8) Re tlameha ho sebedisa bokgoni ba rona ba ho nahana e le hore re utlwisise seo nnete ya Bibele e se bolelang. (Liproverbia 2:10-12) Ka mohlala, Bibele e ruta hore bophelo ke mpho e tswang ho Modimo. Nnete ena ya motheo e ka re tataisa. Haeba re dula re hopola nnete ena ya motheo ya hore bophelo ke mpho, re tla etsa bonnete ba hore ha re behe bophelo ba rona kapa ba batho ba bang kotsing.—Bala Liketso 17:28.

3. Ke ditaelo dife tse pedi tsa bohlokwa ka ho fetisisa?

Jesu o buile ka ditaelo tse pedi tsa bohlokwa ka ho fetisisa. Ya pele e bontsha seo batho ba neng ba lokela ho se etsa, e leng ho tseba Modimo, ho mo rata le ho mo sebeletsa ka botshepehi. Re lokela ho hopola taelo ena ya pele diqetong tsohle tseo re di etsang. (Liproverbia 3:6) Batho ba sebedisang taelo ena e ba metswalle ya Modimo, ba thaba e le kannete mme ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Bala Matheu 22:36-38.

Taelo ya bobedi e ka re thusa hore re be le kgotso le batho ba bang. (1 Bakorinthe 13:4-7) Ho sebedisa taelo ena ya bobedi ho akarelletsa ho etsisa tsela eo Modimo a tshwarang batho ka yona.—Bala Matheu 7:12; 22:39, 40.

4. Melao ya Bibele e ka re thusa jwang?

Melao ya Modimo e ruta malapa hore a ratane. (Bakolose 3:12-14) Lentswe la Modimo le boetse le sireletsa malapa ka ho a ruta nnete ya motheo e ba tataisang, ya hore lenyalo e tlameha ho ba tlamahano ya ka ho sa feleng.—Bala Genese 2:24.

Ha re latela ditaelo tsa Bibele re tla kgona ho sireletsa dintho tsa rona tsa bohlokwa, tse kang mesebetsi ya boiphediso mme re tla thaba. Ka mohlala, hangata bahiri ba kgetha ho sebeletswa ke batho ba phelang ka melao ya Bibele, ba tshepahalang le ba sebetsang ka thata. (Liproverbia 10:4, 26; Baheberu 13:18) Lentswe la Modimo le boetse le re ruta ho kgotsofalla ho ba le dintho tseo re di hlokang feela, le ho nka setswalle sa rona le Modimo e le sa bohlokwa ho feta maruo.—Bala Matheu 6:24, 25, 33; 1 Timothea 6:8-10.

Ho phela ka ditaelo tsa Bibele ho ka etsa hore re se ke ra etsa dintho tse ka etsang hore re kule. (Liproverbia 14:30; 22:24, 25) Ka mohlala, ho mamela molao wa Modimo wa hore re qobe botawa, ho re sireletsa malwetseng le dikotsing tse bolaeang. (Liproverbia 23:20) Jehova ha a re hanele ho nwa, empa o batla hore re nwe ka ho lekaneng. (Pesaleme ya 104:15; 1 Bakorinthe 6:10) Melao ya Modimo ha e re thuse ho laola boitshwaro ba rona feela empa e re thusa le ho laola menahano ya rona. (Pesaleme ya 119:97-100) Leha ho le jwalo, Bakreste ha ba mamele melao ya Modimo hobane feela ba batla hore e ba tswele molemo. Ba e mamela hore ba tlotlise Jehova.—Bala Matheu 5:14-16.

E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng, sheba kgaolo ya 12 le 13 bukeng ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela