-
Bibele e Fana ka Bohlale bo SebetsangTora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela)—2018 | No. 1
-
-
le dinthong tse kotsi; etswe a lokela ho feta kapele, mme re a fofa.”—Pesaleme ya 90:10.
Bibele e ile ya thusa Delphine hore a mamelle mathata a hae. E ile ya mo thusa ka tsela e hlollang. Jwalo ka ha dihlooho tse tharo tse latelang di tla bontsha, batho ba bangata ba kgonne ho hlola mathata bophelong ba bona ka ho sebedisa tataiso ya Bibele. Ba a hlokomela hore Bibele e tshwana le seemahale sa ne seo re buileng ka sona qalong. E fapane hole le dibuka tse ngata tse fellwang ke nako. Na ebe ke hobane Bibele e entswe ka ntho e itseng e sa tshwaneng le eo dibuka tse ding di entsweng ka yona? Na ehlile ke nnete hore e fupere dikgopolo tsa Modimo, e seng tsa batho feela tjee?—1 Bathesalonika 2:13.
Ho ka etsahala hore ebe le wena o hlokometse hore bophelo bo bokgutshwanyane ebile bo tletse mathata. Jwale, o ye o thuswe keng ha ho bonahala e ka mathata a o bipeditse?
A re ke re hlahlobeng dintlha tse tharo tse ka sehloohong tseo Bibele e ka o thusang ho tsona bophelong. E ka o thusa ho
qoba mathata.
rarolla mathata.
mamella mathata kapa maemo ao o ke keng wa a fetola.
Dihloohong tse tharo tse latelang, re tla tshohla ditsela tsena tse tharo.
-
-
E siilwe ke nako kapa e ntse e le nakong?Tora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela)—2018 | No. 1
-
-
DITABA TSA BONGAKA
LE HOJA BIBELE E SE BUKA YA TSA BONGAKA, EMPA E NA LE MELAOMOTHEO E MENG E SEBETSANG HO TSA BOPHELO BO BOTLE.
Batho ba kulang ha ba a lokela ho kopanngwa le ba bang.
Molaong oo Modimo a neng a o file Moshe, ho ne ho thwe batho ba nang le lepera ba arolwe ho ba bang. Dingaka di ile tsa lemoha sena dilemo tse ngata ka mora moo ha mafu a ntse a ata. Ka lebaka leo, tsa kenya tshebetsong molaomotheo oo mme wa feela wa atleha.—Levitike, kgaolo 13 le 14.
Ho hlapa matsoho ka mora ho tshwara setopo.
Pele ho dilemo tsa bo 1700, hangata e ne e re ha dingaka di sebetsana le ditopo, di be di sa hlape matsoho ha di se di ilo sebetsana le bakudi. Sena se ne se etsa hore batho ba bangata ba shwe. Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, o ne o boletse esale pele hore motho ya tshwarang setopo, o ne a nkwa a sa hlweka ho ya ka moetlo wa ka nako eo. O ne o bile o hlakisitse hore motho o lokela hore a hlatswe diaparo a be a itlhatswe ka ho feletseng ka metsi, ho tlosa ditshila tseo. Ho etsa sena, ho ne ho na le molemo o moholo bakeng sa ho boloka bophelo.—Numere 19:11, 19.
Ho qhala dikgwerekgwere.
Selemo le selemo, bana ba bangata ba bolawa ke letshollo, haholoholo ka lebaka la ho hahlamelwa ka tsela e itseng ke mantle kapa dikgwerekgwere tse sa qhalwang moo di tshwanetseng. Athe Molao oo Modimo a neng a o file Moshe ona, o ne o re ha motho a ilo ithusa, a tjhekele mantle fatshe hole le moo batho ba ka fetang le teng.—Deuteronoma 23:13.
Nako e loketseng ya ho bolla.
Molao wa Modimo o ne o re ngwana wa moshanyana o lokela ho bolotswa ha a na le matsatsi a 8 a hlahile. (Levitike 12:3) Beke e le nngwe ka mora hore ngwana ya sa tswa hlaha a bolotswe, madi a hae a phalla hantle jwalo ka kamehla. Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, le pele ho ka ba le ditsela tse tswetseng pele tsa bongaka, ho bolotsa ngwana ka mora beke, e ne e le tsela e bohlale ya ho mo sireletsa.
Ho tshwana ho teng pakeng tsa ho phela hantle maikutlong le mmeleng.
Bafuputsi le borasaense ba tsa bongaka ba re dintho tse jwalo ka ho thaba, ho ba le tshepo, kananelo le ho ikemisetsa ho tshwarela, di na le melemo e itseng eo di e etsang mmeleng. Bibele e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moya o hlomohileng o omeletsa masapo.”—Liproverbia 17:22.
-