Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • th thuto 13 leq. 16
  • Hlakisa Dintlha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Hlakisa Dintlha
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Mantswe a Susumetsang
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Leka ho Ama Dipelo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Mafolofolo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Puo e Rutang
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ding
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 13 leq. 16

THUTO YA 13

Hlakisa Dintlha

Lengolo le bontshitsweng

Liproverbia 3:21

KAKARETSO: Thusa bamamedi ba hao ho utlwisisa hore na sehlooho sa puo ya hao se ba ama jwang le hore na ba ka sebedisa seo ba ithutileng sona jwang.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Nahana ka bamamedi ba hao. Ipotse hore na ke hobaneng ha ba hloka ho utlwa molaetsa wa hao mme o shebe hore na ke dintlha dife tse hlahang puong ya hao tse tla ba thusa.

  • Ha o ntse o tswelapele ka puo, bontsha bamamedi ba hao hore na ba lokela ho etsang. Di sa tloha feela, motho e mong le e mong ya mametseng o lokela hore: ‘Ena e bua le nna.’ Ha o ntse o hlalosa ntlha ka nngwe, bontsha hore na e ka sebediswa jwang. O se ke wa bua o akaretsa.

    Keletso

    Hlalosa melaomotheo ya Bibele ka tsela e lerato le e bontshang hore o utlwisisa ka moo ba ikutlwang ka teng. Ho ena le hore o etse hore bamamedi ba hao ba ikutlwe ba le molato, matlafatsa lerato le tumelo ya bona, o kgodisehile hore ba tla etsa se nepahetseng.

TSHIMONG

Ha o ntse o itokisetsa ho ya tshimong, nahana hore na keng e hlahileng ditabeng le hore na ke dihlooho dife tseo batho ba sebakeng sa heno ba ka di thabelang. Bua ka dintho tseo batho ba amehileng ka tsona. Botsa dipotso tse tla etsa hore o bone hore na motho o amehile ka eng le hore ke eng eo a e ratang. Mamela karabo ya hae mme o fetole moqoqo hore o dumellane le seo a se buang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela