Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
5-11 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 11-12
“Jehova o Batla Hore re mo Rapele Jwang?”
it-2-E 1007 ¶4
Moya
Ho Sebetsa ka Moya Wohle. Jwalo ka ha re bone, ha ho buuwa ka “moya” ho buuwa ka motho. Le ha ho le jwalo, ditemana tse ding di re kgothalletsa ho batla lerato le ho sebeletsa Modimo ka ‘pelo yohle le ka moya wohle’ (De 4:29; 11:13, 18) ha Deuteronoma 6:5 yona e re: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle le ka mafolofolo a hao ohle.” Jesu o ile a re ke ha bohlokwa hore motho a sebetse ka moya wa hae wohle le ka matla a hae ohle, a ba a ekelletsa ka hore motho a sebetse le ka “kelello ya hae yohle.” (Mar 12:30; Lu 10:27) Potso eo batho ba ka e botsang ke hore na ke hobaneng ha ho qollwa dintho tsena, le hoja di kenelletse ha ho buuwa ka moya. E re re etse mohlala wa hore na e ka nna yaba ho bolelwang. Ha re re motho o a ithekisa (o rekisa moya wa hae) hore e be lekgoba la motho e mong ebe ka ho etsa jwalo e ba thepa ya monga hae. Empa ebe ha a sebeletse monga hae ka pelo yohle kapa ho sebedisa bokgoni bohle boo a nang le bona e le hore a etse mesebetsi eo monga hae a mo fileng yona kapa a bontshe hore o lakatsa ho thabisa monga hae. (Bapisa le Ef 6:5; Kol 3:22.) Ke ka lebaka lena dintho tseo di boletsweng e le hore re hopole hore re lokela ho sebeletsa Jehova ka sohle seo re nang le sona hobane re ikarabella ho yena le ho Mora wa hae ya faneng ka bophelo ba hae e le thekollo. Ho sebeletsa Modimo “ka moya wohle” ho bolela hore o mo sebeletsa ka sohle seo o nang le sona o sa siye letho.—Bapisa le Mat 5:28-30; Lu 21:34-36; Ef 6:6-9; Fil 3:19; Kol 3:23, 24.
it-1-E 84 ¶3
Aletare
Baiseraele ba ile ba laelwa hore ba senye dialetare tsohle tsa bohetene ha mmoho le ditshiya le dipalo tsa yona tse halalelang tseo hangata di neng di ba pela dialetare. (Ex 34:13; De 7:5, 6; 12:1-3) Ba ne ba sa lokela ho etsisa madumedi ana a bohetene kapa hore ba nyehele bana ba bona mollong jwalo ka ha Bakanana ba ne ba etsa. (De 12:30, 31; 16:21) Baiseraele ba ne ba sa lokela ho ba le dialetare tse ngata empa ba ne ba lokela ho ba le e le nngwe eo ba neng ba lokela ho rapela Modimo wa nnete ho yona. E ne tla ba sebakeng seo Jehova a neng a tla se kgetha. (De 12:2-6, 13, 14, 27; Bapisa le Babylona moo ho neng ho e na le dialetare tse 180 bakeng sa modimotsana Ishtar.) Ka lekgetlo la pele ka mora hore ba tshele noka ya Jordane, ba ile ba laelwa hore ba etse aletare ka majwe a sa betlwang (De 27:4-8) mme aletare eo e ile ya hahwa ke Joshua ha ba le Thabeng ya Ebale. (Jos 8:30-32) Ka mora hore ho arolwe naha e tshepisitsweng, moloko wa Rubene, moloko wa Gade le halofo ya moloko wa Manase e ile ya haha aletare pela Jordane mme taba eo e ile ya etsa hore meloko e meng e belaele ya ba ya batla e baka kotsi empa ho ile ha hlaka hore meloko eo e ileng ya haha aletare e ne e sa etse borabele, e ile ya haha aletare eo ho ikgopotsa hore e ile ya tshepahalla Modimo wa nnete Jehova.—Jos 22:10-34.
it-1-E 925-926
Thaba ya Gerizime
Nakwana ka mora hore setjhaba sa Iseraele se hlole Ai, Joshua o ile a se tataisa hore se eme ka pela Thaba ya Gerizime le ya Ebale, a latela ditaelo tseo a neng a di fuwe ke Moshe. Setjhaba se ile sa ballwa hore na se tla fumana ditlhohonolofatso dife haeba se ka mamela Jehova le hore na se ne se tla welwa ke bomadimabe bofe haeba se sa mamele. Meloko ya Simeone, Levi, Juda, Isakare, Josefa le Benjamine e ile ya ema ka pela Thaba ya Gerizime. Balevi ba ne ba e na le Areka ya selekane mme ba eme phuleng, ha meloko e meng e tsheletseng e ne e eme ka pela Thaba ya Ebale. (De 11:29, 30; 27:11-13; Jos 8:28-35) Ho bonahala eka meloko e neng e eme ka pela Thaba ya Gerizime e ile ya arabela ditlhohonolofatsong tseo e neng e di ballwa athe meloko e neng e eme ka pela Thaba ya Ebale e ile ya arabela dithohakong tseo e neng e di ballwa. Batho ba bang ba nahana hore ditlhohonolofatso di ile tsa ballwa ba neng ba le ka lehlakoreng la Thaba ya Gerizime hobane e le ntle ebile mobu wa teng o le manoni athe dithohako di ile tsa ballwa ba neng ba le ka lehlakoreng la Thaba ya Ebale hobane e ne e le majwe ebile e omelletse empa Bibele yona ha e re letho ka taba ena. Molao o ile wa ballwa “hodimo ka pela phutheho yohle ya Iseraele, ha mmoho le basadi le bana ba banyenyane le bajaki ba neng ba tsamaya hara bona.” (Jos 8:35) Setjhaba sena se seholohadi se ile sa utlwa mantswe ao se neng se a ballwa se le ka pela dithaba tseo tse pedi. E ka nna yaba setjhaba se ile sa kgona ho utlwa hantle ka lebaka la sebaka seo se neng se le ho sona.—Sheba THABA YA EBALE.
12-18 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 13-15
“Molao o ne o Bontsha Hore Jehova o Tsotella Batho ba Futsanehileng”
it-2-E 1110 ¶3
Karolo ya Leshome
Ho bonahala eka ho ne ho na le karolo e nngwe ya bobedi ya karolo ya leshome e neng e behellwa ka thoko selemo le selemo. Morero wa yona e ne e se ho thusa Balevi ka ho toba empa ba ne ba kenella ha e sebediswa. Hangata e ne e sebediswa ke lelapa la Moiseraele ha le ne keteka mekete eo Baiseraele ba neng ba e keteka. Ha lelapa le ne le dula hole haholo le Jerusalema, le ne le rekisa karolo ya lona ya leshome ebe le sebedisa tjhelete eo bakeng sa hore le natefelwe ke kopano e halalelang ha le le Jerusalema. (De 12:4-7, 11, 17, 18; 14:22-27) Qetellong ya selemo se seng le se seng sa boraro le sa botshelela sa dilemo tse supileng tsa nako ya sabatha, ho e na le hore karolo eo ya leshome e behellwe ka thoko bakeng sa ho patalla ditshenyehelo tsa dikopano tsa Baiseraele, e ne e behellwa ka thoko bakeng sa Balevi, baditjhaba, basadi ba bahlolohadi le dikgutsana.—De 14:28, 29; 26:12
it-2-E 833
Selemo sa Sabatha
Selemo sa Sabatha se ne se bitswa “selemo sa tokollo [hash·shemit·tahʹ].” (De 15:9; 31:10) Ka selemo seo, naha e ne e phomotswa e tlohellwa e sa lengwa. (Ex 23:11) Hape haeba motho a ne a e na le sekoloto, se ne se hlakolwa. E ne e le “tokollo ho Jehova” e le ho mo bontsha tlhompho. Bahlalosi ba bang ba Bibele ba re sekoloto se ne se sa hlakolwe ka ho feletseng empa motho ya kadimaneng o ne a sa lokela ho qobella Moheberu e mong hore a mo patale hobane ho ne ho tla be ho sa kotulwa letho masimong selemong seo. Le ha ho le jwalo, o ne a ka qobella moditjhaba hore a mo patale. (De 15:1-3) Borabi ba bang ba re dikoloto tse neng di entswe bakeng sa ho thusa Moheberu e mong ya futsanehileng, di ne di hlakolwa. Empa dikoloto tse neng di entswe bakeng sa kgwebo di ne di sa wele mokgahlelong wa dikoloto tse neng di hlakolwa. Borabi bao ba re dilemong tsa bo 100, Hillel o ile a qapa mokgwa o motjha wa hore motho ya adimaneng a ka ya lekgotleng a thibela hore sekoloto se hlakolwe ka hore a etse boipiletso bo itseng.—The Pentateuch and Haftorahs, ya J. Hertz, London, 1972, leq. 811, 812.
it-2-E 978 ¶6
Lekgoba
Melao e mabapi le lekgoba le monga lona. Hara Baiseraele, lekgoba la Moheberu le ne le tshwarwa ka tsela e fapaneng le eo lekgoba la moditjhaba kapa la mojaki le neng le tshwarwa ka yona. Lekgoba la mojaki kapa la moditjhaba le ne le fetoha thepa ya monga lona mme o ne a ka le fetisetsa ho mora wa hae e le lefa (Le 25:44-46) empa lekgoba la Moheberu lona le ne le lokela ho lokollwa selemong sa bosupa le sebeletsa monga lona kapa ka selemo sa Jubile, ho itshetlehile ka hore na ke sefe se tlang pele. Nakong eo Moheberu e ntseng e le lekgoba, o ne a lokela ho tshwarwa jwalo ka motho ya hirilweng. (Ex 21:2; Le 25:10; De 15:12) Haeba Moheberu a ne a ithekisitse hore ebe lekgoba ho moditjhaba, setho se seng sa lelapa la moditjhaba kapa ho mojaki, o ne a e na le monyetla wa hore nako yohle a ka itokolla ka hore a ipatalle kapa a patallwe ke motho e mong ya neng a e na le tokelo ya ho etsa jwalo. Tjhelete e neng e patalwa, e ne e itshetlehile ka hore na ho setse dilemo tse kae pele ho selemo sa Jubile kapa selemo sa bosupa sa bokgoba ba hae. (Le 25:47-52; De 15:12) Ha lekgoba la Moheberu le ne le lokollwa, monga lona o ne a le fa mpho e le ho le thusa hore le ka qala bophelo. (De 15:13-15) Haeba lekgoba le ne le tlile le mosadi wa lona, le ne le lokollwa le yena. Empa haeba lekgoba le ne le filwe mosadi ke monga lona (eo ho hlakileng hore e ne e le mosadi wa moditjhaba ya neng a se na tokelo ya ho lokollwa ka selemo sa bosupa sa bokgoba) mosadi le bana ba ne ba sala mme ba fetoha thepa ya monga lekgoba. Boemong boo, lekgoba la Moheberu le ne le ka la ikgethela hore le dule ha monga lona. Haeba le ne le kgetha hore le etse jwalo, tsebe ya lona e ne e phunngwa ka elese e le ho bontsha hore la tla sebeletsa monga lona ho ya ho ile.—Ex 21:2-6; De 15:16, 17.
Matlotlo a Patilweng
w06 4/1 31
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Re ka ithuta eng thibelong e ho Exoda 23:19 e reng: “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona”?
Taelo ena ya Molao wa Moshe, e hlahang ka makgetlo a mararo ka Bibeleng, e ka re thusa hore re utlwisise se lokileng mahlong a Jehova, qenehelo ya hae le mosa wa hae. E boetse e hatisa ka moo a nyonyang borapedi ba bohata ka teng.—Exoda 34:26; Deuteronoma 14:21.
Ho pheha potsanyane ka lebese la mma yona ho ne ho sa tlo dumellana le tlhophiso ya dintho eo Jehova a e entseng. Jehova o lokiseditse lebese la podi hore le matlafatse potsanyane mme le e hodise. Ka moo setsebi se seng se bolelang ka teng, ho pheha potsanyane ka lebese la mma yona, ho ne ho tla bontsha “ho eisa kapa ho senya kamano eo Modimo a e thehileng le ho e hlohonolofatsa pakeng tsa podi le potsanyane.”
Ho feta moo, ba bang ba nahana hore ho bedisa potsanyane ka lebese la mma yona e ne e le mokgwa wa bohetene wa ho bitsa pula. Haeba boemo e ne e le bona boo, thibelo ena e ne e tla sireletsa Baiseraele mekgweng ya bodumedi e se nang kelello le e sehloho ya ditjhaba tse neng di ba potolohile. Molao wa Moshe o ne o hlile o thibela Baiseraele ho tsamaya ka melao ya ditjhaba tseo.—Levitike 20:23.
Ntho ya ho qetela eo re e bonang molaong ona ke qenehelo e mofuthu eo Jehova a nang le yona. Ha e le hantle, Molao o ne o e na le ditaelo tse tshwanang le ena tse hanelang ho tshwara diphoofolo ka sehloho mme di ne di sireletsa dinthong tse sa dumellaneng le tlhaho. Ka mohlala, Molao o ne o akarelletsa taelo ya hore ho se ke ha etswa sehlabelo ka phoofolo ntle le ha e bile le mma yona ka matsatsi ao e ka bang a supileng, ho se ke ha bolawa phoofolo le ledinyane la yona ka letsatsi le le leng le hore ho se ke ha nkwa nonyana le mahe a yona kapa madinyane a yona ka sehlaheng.—Levitike 22:27, 28; Deuteronoma 22:6, 7.
Ho hlakile hore Molao e ne e se feela letoto la ditaelo tse rarahaneng le dithibelo. Molemo o mong wa molao ke hore melaomotheo ya wona e re thusa ho itshwara ka tsela e phahameng e bonahatsang e le ka nnete makgabane a babatsehang a Jehova.—Pesaleme ya 19:7-11.
19-25 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 16-18
“Melaomotheo ya ho Ahlola ka Toka”
it-1-E 343 ¶5
Bofofu
Ho sebetsa nyewe ka ho hloka toka ho ne ho tshwantshwa le bofofu. Hape dikarolo tse ngata tsa Molao, di ne di thibela tjotjo, ho fana ka dimpho le ho hloka toka hobane dintho tse jwalo di ne di ka foufatsa moahlodi ebe o sebetsa ditaba ka ho hloka toka. “Tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokgwa o hlakileng.” (Ex 23:8) “Tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale.” (De 16:19) Haeba moahlodi a ne a ka fuwa mpho ke moqosi kapa moqosuwa, ho sa tsotellehe hore na moahlodi ke motho ya hlokolosi kapa ya ratang toka hakae, o ne a ka nna a se ke a sebetsa ditaba ka toka a hlokomela kapa a sa hlokomele. Molao wa Modimo o ile wa hlakisa hantle hore motho a ke ke a foufatswa ke tjotjo feela, empa a ka susumetswa le ke maikutlo a hae hobane molao oo o re: “Le se ke la tshwara ya tlase ka leeme, mme le se ke la emela e moholo.” (Le 19:15) Ka lebaka leo, moahlodi o ne a sa lokela ho susumetswa ke maikutlo a hae, hore na bongata bo reng kapa hore na motho ke morui kapa mofutsana.—Ex 23:2, 3.
it-2-E 511 ¶7
Palo
Pedi. Hangata palo pedi e sebediswa ditabeng tsa molao. Bopaki bo ne bo eba matla haholo haeba ho ne ho e na le dipaki tse pedi tse buang dintho tse dumellang. E le hore taba e be le motheo ka pela baahlodi, ho ne ho hlakahala hore ho be le dipaki tse pedi kapa tse tharo. Ho ntse ho sebediswa molaomotheo o tshwanang le ka phuthehong ya Bokreste. (De 17:6; 19:15; Mat 18:16; 2Ko 13:1; 1Ti 5:19; Heb 10:28) Modimo o ile a sebedisa molaomotheo ona ha a ne a tlisa Mora wa hae hore a tlo lokolla batho. Jesu o ile a re: “Molaong wa lona ho ngodilwe, ‘Bopaki ba batho ba babedi ke nnete.’ Ke nna ya ipakang, mme Ntate ya nthomileng o a mpaka.”—Joh 8:17, 18.
it-2-E 685 ¶6
Moprista
Baprista e ne e le bona ba ka sehloohong ba ikarabellang tabeng ya ho hlalosa molao wa Modimo. Ba ne ba boetsa ba phetha karolo e kgolo diqetong tsa boahlodi tse neng di etswa Iseraele. Metseng eo baprista ba neng ba e abetswe, ba ne ba ne ba thusa baahlodi hape ba ne ba sebetsa le baahlodi dinyeweng tseo ho leng thata hore baahlodi ba ka di ahlola. (De 17:8, 9) Ba ne ba boetse ba sebetsa le banna ba baholo ba motse dinyeweng tseo ho tsona ho nang le motho ya bolailweng empa ho sa tsebahale hore na o bolailwe ke mang. Ba ne ba lokela ho netefatsa hore ho latelwa melao e nepahetseng e le hore ho se ke ha eba le molato wa madi motseng. (De 21:1, 2, 5) Haeba monna ya boulelang a ne a qosa mosadi wa hae ka hore o entse bohlola, mosadi eo o ne a lokela ho tliswa sehalalelong moo baprista ba lokelang hore ba latele ditaelo e le hore Jehova e ka ba yena ya etsang qeto ya hore na mosadi eo o molato ka qoso eo a qoswang ka yona kapa tjhe. (Nu 5:11-31) Maemong ana kaofela, batho ba ne ba lokela ho hlompha diqeto tse entsweng ke baprista kapa baahlodi mme motho ya neng a sa mamele kapa a sa hlomphe diqeto tseo ka boomo, o ne a lokela ho bolawa.—Nu 15:30; De 17:10-13.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 787
Ho Leleka
Molao o ne o re pele motho a ka ahlolelwa lefu, ho ne ho lokela hore ho be le bopaki bo entsweng ke bonyane dipaki tse pedi. (De 19:15) Dipaki tsena e ne e le tsona tsa pele tsa hore di tlepetse motho ya neng a entse phoso ka majwe. (De 17:7) Ho etsa jwalo ho ne ho bontsha hore ba tjhesehela molao wa Modimo le bohlweki ba phutheho ya Iseraele. Hape e ne e boetse e le temoso ya hore batho ba se ke ba fana ka bopaki ba bohata, ka ho se tsotelle kapa ka lepotlapotla.
Eba Mafolofolo Mosebetsing wa Boboledi
it-1-E 519 ¶4
Phutheho ya Bokreste. Le hoja phuthehong ya Bokreste ho se na baahlodi jwalo ka lekgotleng, ho ka etswa qeto ka batho ba sa laoleheng ba hlokang ho kgalemelwa mme ka dinako tse ding ba ka ba ba lelekwa ka phuthehong. Ka hoo moapostola Pauluse o re phutheho, kapa baemedi ba phutheho, ba lokela ho ahlola ba ka hara phutheho. (1Ko 5:12, 13) Pauluse le Petrose ba ile ba ngolla phutheho le ba etellang pele hore baholo ba lokela ho hlokomela phutheho hape ba lokela ho thusa kapa ho eletsa le ha e le mang ya etsang ntho e fosahetseng. (2Ti 4:2; 1Pe 5:1, 2; bapisa le Gal 6:1) Batho ba bakang dikarohano kapa maqulwana ba lokela ho eletswa ka lekgetlo la pele le la bobedi pele ho ka nkwa mehato e amang phutheho. (Tit 3:10, 11) Empa batho ba dulang ba etsa sebe, ba lokela ho tloswa kapa ba tebelwe ka phuthehong. Ho etsa jwalo ho tla thusa mofosi ho elellwa hore phutheho e ke ke ya mamella dintho tse mpe. (1Ti 1:20) Pauluse o ile a laela banna ba nang le boikarabelo ka phuthehong hore ebe baahlodi ba kopanang ho tla mamela ditaba tsa boahlodi. (1Ko 5:1-5; 6:1-5) Ha ba a lokela ho ba leeme kapa ho ahlola motho esale pele, empa ba lokela ho ahlola ha feela ho e na le bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo.—1Ti 5:19, 21.
Jesu o ile a laela balatedi ba hae hore haeba motho a ba fosetsa, ba lokela hore ba qale pele ka ho rarolla bothata e le bona feela. Haeba ba hloleha ho rarolla bothata bona, kapa e le bothata bo tebileng, bo lokela ho rarollwa ke phutheho (kapa banna ba ikarabellang ba tataisang phutheho). Hamorao Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste hore ba rarolle mathata ka tsela ena, ba se ke ba isana makgotleng a lefatshe.—Mat 18:15-17; 1Ko 6:1-8; sheba LEGAL CASE.
26 JULY–1 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 19-21
“Bophelo ba Motho ke ba Bohlokwa ho Jehova”
Etsisa Toka le Mohau wa Jehova
Ho ne ho le bonolo ho fihla metseng e 6 ya setshabelo. Jehova o ile a re Baiseraele ba etse hore ho be le metse e meraro lehlakoreng ka leng la Noka ya Jordane. Hobaneng? E le hore ho be bonolo ho Moiseraele ya balehang ho fihla metseng eo kapele. (Num. 35:11-14) Ditsela tse yang metseng ya setshabelo di ne di dula di lokisitswe. (Deut. 19:3) Bajuda ba ne ba beha matshwao a tsela a neng a tataisa motho ya balehelang metseng ya setshabelo. Ka ha ho ne ho na le metse eo, ho ne ho sa hlokahale hore motho ya balehang, a balehele naheng e nngwe, moo a neng a ka nna a kenella borapeding ba bohata.
Etsisa Toka le Mohau wa Jehova
Morero o ka sehloohong wa metse ya setshabelo e ne e le ho sireletsa Baiseraele molatong wa madi. (Deut. 19:10) Jehova o rata bophelo mme o hloile batho ba “tshollang madi a hlokang molato.” (Liprov. 6:16, 17) Ka ha Modimo o a halalela ha a kgone ho iphapanyetsa tshollo ya madi le haeba e entswe ka phoso. Ke nnete hore Moiseraele ya neng a bolaile e mong ka phoso o ne a hauhelwa. Le ha ho jwalo, o ne a lokela ho hlaha ka pela baholo mme haeba ba re o entse seo ka phoso o ne a tla dula motseng wa setshabelo ho fihlela moprista ya phahameng a shwa. Sena se ne se bolela hore o ne a ka nna a qeta bophelo bohle ba hae motseng wa setshabelo. Ditlamorao tsena tse bohloko di ile tsa etsa hore Baiseraele ba nke bophelo ba motho e le ba bohlokwa. E le hore ba hlomphe Mofani wa Bophelo, ba ne ba lokela ho qoba diketso tse neng di ka beha bophelo ba motho e mong kotsing.
it-1-E 344
Madi
Modimo o bopile motho e mong le e mong e le hore a thabele bophelo. Motho ya neng a tla sitisa e mong hore a thabele bophelo, o ne a tla ikarabella ka pela Modimo. Modimo o ile a bontsha hore na o ikutlwa jwang ka taba ena ha a ne a re ho Kaine: “Madi a moenao a hweletsa ho nna a le mobung.” (Ge 4:10) Motho o ne a tla ikarabella ka madi a morabo haeba a beha bophelo ba morabo kotsing ka hore a mo hloye, a mo lakaletse lefu, a mo bue hampe kapa a fane ka bopaki ba bohata kgahlanong le yena.—Le 19:16; De 19:18-21; 1Jo 3:15.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 518 ¶1
Lekgotla
Lekgotla le ne le le hekeng ya motse. (De 16:18; 21:19; 22:15, 24; 25:7; Ru 4:1) Ha ho buuwa ka “heke,” ho bolelwa sebaka se bulehileng se neng se le hekeng ya motse. Hekeng ya motse e ne e le moo ho ballwang setjhaba Melao le ditaelo. (Ne 8:1-3) Hekeng ya motse ho ne ho e na le batho ba ka bitswang hore e tlo ba dipaki ditabeng tse amang setjhaba, tse kang ho rekisetsana thepa le tse ding. Batho ba bangata ba ne ba tswa le ho kena hekeng. Ka ha nyewe e tshwarelwang hekeng e ne e tla mamelwa ke batho ba bangata, taba eo e ne e tla susumetsa baahlodi hore ba ahlole ka toka. Ho bonahala eka ho na le sebaka seo baahlodi ba neng ba dula ho sona pela heke moo ba neng ba nolofallwa ho ahlola. (Job 29:7) Samuele o ile a tsamaya ho potoloha Bethele, Gilgale le Mizpa “mme a ahlola Baiseraele dibakeng tsena tsohle.” O ne a boetse a ahlola le Rama moo ntlo ya hae e neng e le hona teng.—1Sa 7:16, 17.
2-8 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 22-23
“Molao o ne o Bontsha Jwang Hore Jehova o Tsotella Diphoofolo?”
it-1-E 375-376
Morwalo
Nakong e fetileng diphoofolo di ne di sebedisetswa ho jara morwalo mme Moiseraele o ne a sa lokela ho siya esele ya motho ya mo hloileng e imetswe ke mojaro wa yona empa o ne ‘a lokela ho e imolla.’ (Ex 23:5) Boima ba dintho tseo diphoofolo di neng di kgona ho bo jara bo bitswa mojaro, jwalo ka “mojaro wa dimmoulo tse pedi.”—2Ma 5:17.
it-1-E 621 ¶1
Deuteronoma
Lengolong la Deuteronoma re bona ka moo diphoofolo di neng di nahanelwa ka teng. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho nka nonyana e dutseng hodima sehlaha sa yona ka ha e ne e ka hlaseleha ha bonolo hobane e batla ho sireletsa madinyane a yona. Ba ne ba lokela ho tlohella nonyana eo empa ba ne ba ka nka madinyana a yona hobane nonyana eo e ne e ka ba le madinyane a mang. (De 22:6, 7) Motho o ne a sa lokela ho pana poho le esele ha a lema e le ho sireletsa phoofolo e fokolang ka matla. (22:10) Poho e ne e sa lokela ho tlangwa molomo ha e ntse e pola dijo thollo e le hore e se ke ya bolawa ke tlala le hoja dijo di le haufinyane ebile e ntse e sebetsa ka thata ho pola.—25:4.
w03 10/15 32 ¶1-2
“Le se ke la Kena Jokong e sa Lekaneng”
JWALO KA HA o ka bona setshwantshong sena, kamele le poho tse lemang ha mmoho di bonahala di hula ka thata. Joko e di kopantseng e etseditsweng diphoofolo tse pedi tse lekanang ka boholo le ka matla, e utlwisa diphoofolo tsena bohloko. Modimo o ne a amehile ka dipelesa tsa mofuta ona, ha a ne a re ho Baiseraele: “O se ke wa lema ka poho le esele ha mmoho.” (Deuteronoma 22:10) Ho sebetsa molaomotheo o tshwanang tabeng ya poho le kamele.
Ka tlwaelo, sehwai se ke ke sa imetsa diphoofolo tsa sona jwalo. Empa haeba se ne se se na dipoho tse pedi, se ne se ka nna sa pana diphoofolo tse ding tse pedi tseo se neng se e na le tsona ka joko e le nngwe. Ka moo ho bonahalang ka teng, sehwai sa lekgolong la bo19 la dilemo se setshwantshong sena se ile sa etsa qeto ya ho etsa jwalo. Ka lebaka la ho se tshwane ha tsona ka boholo le ka boima, phoofolo e fokolang e ne e tla tlameha ho hula ka thata hore e tsamaisane le e nngwe mme phoofolo e matla yona e ne e tla imelwa haholo.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 600
Sekoloto, Motho ya Kolotang
Sekoloto ke ha motho a kolota motho e mong, ke boitlamo ba ho patala kapa ho fana ka ntho e itseng. Lebaka le ka sehloohong leo motho a neng a ba le sekoloto ka lona mehleng ya Baiseraele ke hobane a ne a sena tjhelete. E ne e le bomadimabe hore Moiseraele a be le sekoloto, hobane ha e le hantle e ne e tla ba lekgoba la motho ya mo adimileng tjhelete. (Lipr 22:7) Ke ka hoo batho ba Modimo ba neng ba kgothalletswa hore e be batho ba fanang, ba nahanelang ha ba adima Baiseraele ba bang ba hlokang, eseng hore ba nke monyetla mme ba batle phaello. (Ex 22:25; De 15:7, 8; Pes 37:26; 112:5) Empa motho eo eseng Moiseraele o ne a ka patala phaello. (De 23:20) Bahlalosi ba Bajuda ba ne ba utlwisisa hore tokisetso ena e ne e sebetsa sekolotong se amanang le kgwebo, eseng ho thusa batho ba hlokang. Ho ne ho tlwaelehile hore batho ba tswang dinaheng tse ding hangata e le barekisi, ba be Iseraele ka nakwana fela mme ho ne ho utlwahala hore ho lebellwe hore ba patale phaello ka ha le bona ba ne ba batla phaello ha ba adima ba bang.
9-15 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 24-26
“Molao o ne o Bontsha Jwang Hore Jehova o Tsotella Basadi?”
it-2-E 1196 ¶4
Mosadi
Meloa ya sesole e ne e sa dumelle monna ho ya lebothong la sesole selemong sa pele sa lenyalo. Ho etsa jwalo ho ne ho tla fa banyalani bana monyetla wa ho sebedisa tokela ya bona ya ho ba le ngwana. E leng se neng se tla tshedisa Mme ha monna wa hae a ile ntweng, haholoholo haeba monna wa hae a ka shwella moo.—De 20:7; 24:5.
it-1-E 963 ¶2
Ho Kgwahlapisa
Ho hlakile hore tokisetso ena e neng e etseditswe batho ba futsanehileng e ne e sa bolele hore ba botswa kapa ha ba batle ho sebetsa empa ho e na le hoo, e ne e bontsha hore ba tshepile Jehova ebile e ne e kgothalletsa ba bang hore ba fane mme ba se ke ba itjheba bo bona feela. Tokisetso ena e etsa hore re hlokomele mantswe a Davida a reng: “Ha ke eso bone mang kapa mang ya lokileng a tlohelwa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.” (Pes 37:25) Haeba batho ba futsanehileng ba ne ba ka sebedisa tokisetso ena ya Molao ebile ba sebetsa ka thata, ba ne ba ke ke ba lapa mme bona le bana ba bona ba ne ba ke ke ba kopa bohobe.
w11 3/1 23
Re o Lome Tsebe?
Iseraele ya boholoholo, haeba monna a ne a ka shwa a se na mora, ho ne ho lebeletswe hore morabo a nyale mohlolohadi eo e le hore a mo etsetse ngwana ya tla ntshetsa pele leloko la monna ya hlokahetseng. (Genese 38:8) Tokisetso eo e neng e bitswa ho kenela, ha morao e ile ya kenyelletswa Molaong wa Moshe. (Deuteronoma 25:5, 6) Se ileng sa etswa ke Boaze jwalo ka ha ho hlalositswe bukeng ya Ruthe, se bontsha hore tokisetso ena e ne e ka fetela ho banna ba bang ba leloko la monna ya hlokahetseng haeba a se na baholwane kapa baena.—Ruthe 1:3, 4; 2:19, 20; 4:1-6.
Taba ya hore batho ba ne ba kenelwa mehleng ya Jesu e bontshwa ke se tlalehilweng ho Mareka 12:20-22, moo Basaduse ba buang ka hona. Rahistori wa lekgolong la pele la dilemo wa Mojuda, Flavius Josephus, o ile a re mokgwa oo o ne o boloka lebitso la lelapa, o etsa hore lefa le dule ka lapeng o bile o etsa hore mohlolohadi a hlokomelwe. Mehleng eo ya kgale, mosadi o ne a ke ke a ja lefa la monna wa hae. Le ha ho le jwalo, ngwana ya hlahileng ha a kenelwa o ne a ka ja lefa la monna ya shweleng.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 640 ¶5
Tlhalo
Lengolo la Tlhalo. Molao wa Moshe wa tlhalo o ne o sa etse hore ho be bonolo hore monna wa Moiseraele a hlale mosadi wa hae. E le hore a hlale, ho ne ho na le dintho tseo a neng a lokela ho di etsa. Ya pele, o ne a lokela ho “mo ngolla lengolo la tlhalo” ebe o mo fa lona. Ya bobedi, monna ya batlang ho hlala o ne a lokela ho “beha lengolo la tlhalo letsohong la hae mme a mo bolelle hore a tlohe ha hae.” (De 24:1) Le hoja Mangolo a sa fane ka dintlha tse eketsehilng ka taba ena, ntho e nngwe eo monna ya batlang ho hlala a ne a lokela ho e etsa ke hore a buisane le banna ba baholo ba neng ba ka mo thusa hore a leke ho lokise ditaba. Nako eo monna ya batlang ho hlala a neng a tla e qeta a ngola lengolo la tlhalo le mehato eo a neng a lokela ho e etsa e le hore a hlale, e ne e ka mo fa monyetla kapa nako ya hore a nahanisise ka qeto ya hae hantle. O ne a lokela ho ba le lebaka le utlwahalang la hore na ke hobaneng ha a batla ho hlala mme mehato eo a neng a lokela ho e etsa e le hore a hlale, e ne e tla mo bontsha hore ha a lokela ho etsa qeto ka lepotlapotla. Qeto ena e ne e boetse e sireletsa mosadi le ditokelo tsa hae. Mangolo ha a re bolelle hore na ho ne ho ngolwa eng ka hare “lengolo la tlhalo.”
16-22 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 27-28
“O Tla Fumana Ditlhohonolofatso Tsena Tsohle”
w10 12/15 19 ¶18
Fumana Ditlhohonolofatso ka Morena ya Tataiswang ke Moya wa Modimo!
Ho hlakile hore ho mamela ho akarelletsa ho nka ka ho teba se bolelwang Lentsweng la Modimo le dintho tseo a di sebedisang ho re ruta tse kang dingolwa le divideo. (Mat. 24:45) Ho boetse ho bolela ho mamela Modimo le Mora wa hae. Jesu o ile a re: “Ha se e mong le e mong ya reng ho nna, ‘Morena, Morena,’ ya tla kena mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.” (Mat. 7:21) Ho feta moo, ho mamela Modimo ho bolela hore ka pelo e tshweu, motho a ikokobelletse tokisetso eo a e entseng e leng phutheho ya Bokreste ha mmoho le baholo, e leng “dimpho tseo e leng banna.”—Baef. 4:8.
w01 9/15 10 ¶2
Na Ditlhohonolofatso Tsa Jehova di Tla O Fihlela?
2 Leetsi la Seheberu le fetoletsweng e le “o ntse o mamela” ho Deuteronoma 28:2 le bolela ketso e sa kgaotseng. Batho ba Jehova ha ba a lokela ho mo mamela ka dinako tse itseng feela; ba lokela ho nna ba mo mamela ka dinako tsohle. Ke ka ho etsa jwalo feela ditlhohonolofatso tsa Modimo di tlang ho ba fihlela. Leetsi la Seheberu le fetoletsweng e le “fihlela” le nnile la hlaloswa e le lentswe le sebediswang ha ho tsongwa leo hangata le bolelang “ho fumana” kapa “ho tshwara.”
w10 9/15 8 ¶4
Batla Tlhohonolofatso ya Jehova ka Tiyo
4 Baiseraele ba ne ba lokela ho ikutlwa jwang ka ho mamela? Molao wa Modimo o ne o boletse hore o ne a ke ke a thaba haeba batho ba hae ba ne ba ke ke ba mo sebeletsa “ka thabo le ka pelo e nyakaletseng.” (Bala Deuteronoma 28:45-47.) Jehova ha a hloke hore batho ba mo mamele feela ho phetha molao, e leng se ka etswang ke diphoofolo kapa bademona. (Mar. 1:27; Jak. 3:3) Motho o mamela Modimo ka pelo yohle hobane a mo rata. Seo se bonahala ka thabo eo a bang le yona hobane a dumela hore ditaelo tsa Jehova ha di boima le hore “e ba moputsi wa ba mo batlang ka tiyo.”—Baheb. 11:6; 1 Joh. 5:3.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 360
Letshwao la Moedi
Molao wa Jehova o ne o thibela hore ho tjhetjhiswe letshwao la moedi. (De 19:14; sheba le Lipr 22:28.) Ha e le hantle, motho “ya tjhetjhisang letshwao la moedi la wa habo” o ne a rohakilwe. (De 27:17) Hangata beng ba setsha ba ne ba itshetlehile ka dintho tse neng di hlaha tshimong ya bona. Ka hoo, ho tjhetjhisa letswao la moedi ho ne ho bolela hore o amoha kapa o nka ntho eo motho a neng a e sebedisa ho iphedisa. Mehleng ya pele ho etsa jwalo ho ne ho tshwana le ho utswa. (Job 24:2) Empa ho ne ho e na le batho ba neng ba sa tshepahale ba neng ba etsa bokgopo boo mme dikgosana tsa Juda tsa mehlang ya Hosea di ne di tshwantshwa le motho ya neng a tjhetjhisa letshwao la moedi.—Hos 5:10.
23-29 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 29-30
“Ha ho Thata ho Sebeletsa Jehova”
w09 11/1 31 ¶2
Jehova o re fa Monyetla wa ho Ikgethela
Na ho thata ho tseba hore na Modimo o hlokang ho rona le hore re ho phethe? Moshe o re: “Taelo ena eo ke o laelang yona kajeno ha e thata haholo ho wena, le ha e le hore e hole haholo.” (Temana ya 11) Jehova ha a hloke hore re etse seo re ke keng ra kgona ho se etsa. Dintho tseo a di hlokang di a utlwahala ebile re ka kgona ho di phetha. Ebile ho bonolo ho di tseba. Ha ho hlokahale hore re nyolohele “mahodimong” kapa re nke leeto le yang “lehlakoreng le leng la lewatle” e le hore re tsebe hore na Modimo o lebelletseng ho rona. (Temana ya 12, 13) Bibele e re bolella ka ho hlakileng hore na re lokela ho phela jwang.—Mikea 6:8.
w09 11/1 31 ¶1
Jehova o re fa Monyetla wa ho Ikgethela
“HANGATA ke ne ke eba le letswalonyana la hore nke ke ka dula ke tshepahala ho Jehova.” Ana ke mantswe a builweng ke mosadi e mong wa Mokreste ya neng a nahana hore dintho tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela ha e sa le ngwana di tla etsa hore ho hang a se ke a atleha bophelong. Na ho hlile ho jwalo? Na ka nnete dintho tse bohloko tse ileng tsa re hlahela di tla etsa hore re se ke ra atleha bophelong? Tjhe. Jehova Modimo o re file monyetla wa ho ikgethela, ka hoo re ka ikgethela hore na re batla ho phela jwang. Jehova o batla hore re etse kgetho e nepahetseng mme Lentswe la hae Bibele, le re bolella hore na re lokela ho etsa seo jwang. Nahana ka mantswe a Moshe a tlalehilweng ho Deuteronoma kgaolo ya 30.
w09 11/1 31 ¶4
Jehova o re fa Monyetla wa ho Ikgethela
Na Jehova o a tsotella hore na re kgetha ho etsang bophelong? Ka sebele o a tsotella! Moshe o ile a susumetswa ke Modimo hore a re: “Le kgethe bophelo.” (Temana ya 19) Empa re ka kgetha bophelo jwang? Moshe o ile a hlalosa: “Ka hore le rate Jehova Modimo wa lona, le mamele lentswe la hae mme le mo kgomarele.” (Temana ya 20) Haeba re rata Jehova, re tla mo mamela re be re mo kgomarele ka botshepehi ho sa tsotellehe hore na ke eng e ka re etsahallang. Haeba re etsa jwalo re tla be re kgetha bophelo, e leng bophelo bo molemo ka ho fetisisa hona jwale, le bo sa feleng boo re lebeletseng ho bo fumana lefatsheng le letjha la Modimo le tlang.—2 Petrose 3:11-13; 1 Johanne 5:3.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 665 ¶3
Tsebe
Jehova a sebedisa bahlanka ba hae, ha a ne a bua ka Baiseraele ba sa mameleng, o ile a re ha ba a ‘bolla ditsebe.’ (Jer 6:10; Lik 7:51) Ho ne ho le jwalo ka ha eka ho na le ntho e kwetseng kapa e thibileng ditsebe tsa bona. Jehova o thusa batho ba batlang ho tseba nnete le ba ikemiseditseng ho mo mamela, empa le ha ho le jwalo ha a qobelle batho hore ba mamele melao ya hae. (De 29:4; Bar 11:8) Moapostola Pauluse o ile a re ho ne ho tla ba le nako eo ka yona batho ba ipitsang Bakreste ba neng ba tla kgeloha nnete mme ba se ke ba batla ho utlwa nnete ya Lentswe la Modimo. Ho e na le hoo, ba ne ba thabela hore ditsebe tsa bona di “tsikinyetswe” ka dintho tseo ba batlang ho di utlwa, ka hoo ba ne ba tla mamela mesuwe ya bohata. (2Ti 4:3, 4; 1Ti 4:1) Hape ditsebe di ka “hlohlona” ka lebaka la ho ultwa ditaba tse tshosang, haholoholo ditaba tse bohloko.—1Sa 3:11; 2Ma 21:12; Jer 19:3.
30 AUGUST–5 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 31-32
“Re Ithutang Dipapisong Tse Pineng eo Modimo a e Buduletseng?”
“Momahanya Pelo ya ka Hore e Tshabe Lebitso la Hao”
8 Pele Baiseraele ba kena Naheng e Tshepisitsweng, Jehova o ile a ruta Moshe pina. (Deut. 31:19) Moshe o ile a lokela ho ruta Baiseraele pina eo. (Bala Deuteronoma 32:2, 3.) Ha re ntse re nahanisisa ka temana ya bobedi le ya boraro, re a hlokomela hore Jehova ha a batle hore re pate lebitso la hae le hore ha re a lokela ho tshaba ho le bitsa. O batla hore motho e mong le e mong a tsebe lebitso la hae. E tlameha ebe Baiseraele ba ile ba thaba ha Moshe a ne a ba ruta ka Modimo le ka lebitso la hae le babatsehang. Seo Moshe a ileng a ba ruta sona se ile sa ba matlafatsa tumelo le ho ba kgothatsa, jwalo ka ha pula e etsa hore dimela di hole. Re ka etsa jwang hore tsela eo re rutang ka yona e tshwane le ya Moshe?
9 Ha re le tshimong re ka sebedisa Bibele ho ruta batho lebitso la Modimo e leng Jehova. Re ka ba fa dingolwa, divideo le ho ba bontsha dintho tse hlahang websaeteng tse tlisang thoriso ho Jehova. Ha re le mosebetsing, sekolong le ha re tsamaya, re ka fumana monyetla wa hore re bue ka Modimo wa rona ya lerato le hore na o jwang. Re ka ba bolella ka dintho tse hlollang tseo Jehova a tla re etsetsa tsona lefatsheng. Ha ba utlwa ka dintho tsena, mohlomong e tla be e le ka lekgetlo la pele ba hlokomela hore Jehova o a ba rata. Ha re bolella batho ba bang nnete ka Ntate wa rona ya lerato, re tla be re thusa ho halaletsa lebitso la hae. Hape re thusa batho ho utlwisisa hore ba ne ba rutilwe mashano ka Modimo. Ka hoo, dintho tseo re ba rutang tsona ka Bibeleng di a ba kgatholla.—Esa. 65:13, 14.
w09 5/1 14 ¶4
Na o Utlwisisa Mokgabopuo ka Bibeleng?
Bibele e boetse e bapisa Jehova le dintho tse sa pheleng. E mo hlalosa e le “Lefika la Iseraele,” ebile e re ke ‘lefika le qhobosheane.’ (2 Samuele 23:3; Pesaleme ya 18:2; Deuteronoma 32:4) Ntlha eo sehlooho le setshwantsho di tshwanang ka yona ke efe? Jwalo ka ha lefika le leholo le tsitsitse le bile le sa tlohe moo le leng teng, ka ho tshwanang, ho wena Jehova Modimo e ka ba Mohlodi o tsitsitseng wa tshireletso.
w01 10/1 9 ¶7
Etsisang Jehova ha le Kwetlisa Bana ba Lona
7 Nahana ka lerato leo Jehova a ileng a le bontsha ha a sebedisana le Baiseraele. Moshe o ile a sebedisa papiso e amang pelo ho hlalosa lerato la Jehova bakeng sa setjhaba se sa tswa thehwa sa Iseraele. Re a bala: “Feela jwalo ka ha ntsu e sisinya sehlaha sa yona, e okaokela madinyane a yona, e phukalatsa mapheo a yona, e a nka, e a jara ka masiba a yona, Jehova a le mong o nnile a tsamaisa [Jakobo].” (Deuteronoma 32:9, 11, 12) E le hore ntsu ya mmamadinyane e a rute ho fofa, “e sisinya sehlaha sa yona,” e opa le ho phukalatsa mapheo a yona ho a susumetsa hore a fofe. Ka mora nako ha ledinyane le ipetsa ka sehlaheng, seo hangata se leng tsullung ya dilomo, ntsu ya mmamadinyane e a le “okaokela.” Ha ho bonahala eka ledinyane le ka nna la tabana fatshe, mmamadinyane e a tsubella, e le pepa ka ‘mapheo.’ Ka lerato, Jehova o ile a hlokomela setjhaba se sa tswa tswalwa sa Iseraele ka tsela e tshwanang. O ile a fa setjhaba Molao wa Moshe. (Pesaleme ya 78:5-7) Ka mora moo, Modimo o ile a alosa setjhaba sa hae ka hloko, a loketse ho phallela batho ba hae ha ba kena kgathatsong.
Matlotlo a Patilweng
w04 9/15 27 ¶12
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Deuteronoma
31:12. Bana ba lokela ho dula le batho ba baholo dibokeng tsa phutheho mme ba leke ho mamela le ho ithuta.