Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • th thuto 14 leq. 17
  • Hatisa Dintlha Tsa Bohlokwa

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Hatisa Dintlha Tsa Bohlokwa
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ikgopotse Dintlha Tsa Sehlooho
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Qetella ka se Tla Ama Maikutlo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 14 leq. 17

THUTO YA 14

Hatisa Dintlha Tsa Bohlokwa

Lengolo le bontshitsweng

Baheberu 8:1

KAKARETSO: Thusa bamamedi ba hao hore ba tsamaisane le wena ha o ntse o fana ka puo, ba hlakisetse hore na ntlha ka nngwe e amana jwang le sehlooho sa hao.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Morero wa puo. Sheba hore na puo ya hao e reretswe ho bolella batho taba e itseng, ho ba kgodisa kapa ho ba kgothalletsa ho etsa ntho e itseng, ebe o e lokisetsa o nahanne ka seo. Etsa bonnete ba hore o hlalosa dintlha tsa bohlokwa kaofela.

    Keletso

    Ipotse: ‘Ke dipotso dife tseo bamamedi ba ka nnang ba di botsa ka sehlooho sena kapa ke eng eo ba ka se dumellaneng le yona? Ebe ba ka botsa potso efe pele kapa ba se dumellane le ntlha efe?’ Hlophisa dintlha tsa hao ka tatellano e le hore bamamedi ba tsamaisane le wena, ba utlwisise ba be ba nke dintlha tsa bohlokwa.

  • Hatisa sehlooho sa puo. Ha o ntse o fana ka puo, nako le nako pheta mantswe a sehlooho sa hao.

  • Etsa hore dintlha tsa bohlokwa di utlwahale. Kgetha feela dintlha tse dumellanang le sehlooho le tseo o ka kgonang ho fana ka tsona ka nako eo o e fuweng. O se ke wa buella dintlha tse ngata tsa sehlooho, hlakisa ntlha e le nngwe ka nako mme o kgefutse hanyane pele o ka fetela ho e nngwe.

    Keletso

    Ha o qala puo ya hao o ka hlakisa dintlha tsa bohlokwa e le hore bamamedi ba hao ba tsamaisane le wena kapa o ka hlakisa dintlha tsa bohlokwa qetellong ya puo ya hao e le hore bamamedi ba ka di hopola.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela