LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • hf karolo 8 maq. 26-28
  • Ha o Hlahelwa ke Mathata

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ha o Hlahelwa ke Mathata
  • Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • 1 ITSHETLEHE KA JEHOVA
  • 2 ITLHOKOMELE O BE O HLOKOMELE LE BA LELAPA LA HAO
  • 3 FUMANA TSHEHETSO
  • O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?
    Dihlooho Tse Ding
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Jehova o Lebela Batho ba Hae
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Ke Batla ho Shwa, na Bibele e ka Nthusa ha ke e na le Maikutlo a ho Ipolaya?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Tse Ding
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
hf karolo 8 maq. 26-28
Banyalani ba utlwile bohloko kaha ngwana bona o hlokahetse

KAROLO YA 8

Ha o Hlahelwa ke Mathata

“Le thabiswa haholo ke nnete ena, le hoja ka nakwana hona jwale, haeba ho lokela ho ba jwalo, le baketswe mesarelo ke diteko tse sa tshwaneng.”​—1 Petrose 1:6

Le hoja o leka kahohle hore ho be le thabo lelapeng le lenyalong la hao, ho ka etsahala dintho tseo o sa di lebellang tse ka o thatafalletsang hore o dule o thabile. (Moeklesia 9:11) Ka lerato, Modimo o re fa thuso ha re tobana le mathata. Haeba wena le ba lelapa la hao le sebedisa melao ena ya Mangolo, le tla atleha ho sebetsana le maemo ao, esita le a thata ka ho fetisisa.

1 ITSHETLEHE KA JEHOVA

SEO BIBELE E SE BUANG: ‘Lahlela matshwenyeho ohle a hao ho yena, hobane o wa o tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Kamehla, o hopole hore hase Modimo ya o bakelang diteko. (Jakobo 1:13) Ha o ntse o atamela ho yena, o tla o thusa ka tsela e molemo ka ho fetisisa. (Esaia 41:10) ‘Tshollela pelo ya hao ka pela hae.’​—Pesaleme ya 62:8.

Hape o tla fumana matshediso ha o bala Bibele letsatsi le letsatsi ebile o ithuta yona. Ka lebaka leo, o tla ikutlwela kamoo Jehova a re “tshedisang matshwenyehong ohle a rona.” (2 Bakorinthe 1:3, 4; Baroma 15:4) O tshepisa hore o tla o fa “kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle.”​—Bafilipi 4:6, 7, 13.

Monna ya betheng ya sepetlele o rapela le lelapa la hae

SEO O KA SE ETSANG:

  • Rapela Jehova hore a o thuse ho kgoba matshwafo le ho nahana ka tsela e hlakileng

  • Hlahloba mekgwa yohle e sa tshwaneng eo o ka e latelang e be o kgetha o molemo ka ho fetisisa

2 ITLHOKOMELE O BE O HLOKOMELE LE BA LELAPA LA HAO

SEO BIBELE E SE BUANG: “Pelo ya ya nang le kutlwisiso e fumana tsebo, mme ditsebe tsa ba bohlale di batla ho fumana tsebo.” (Liproverbia 18:15) Fumana dintlha tse feletseng. Leka ho tseba ditlhoko tsa setho ka seng sa lelapa. Bua le bona, mme o ba mamele.​—Liproverbia 20:5.

O lokela ho etsang ha motho eo o mo ratang a hlokahala? O se ke wa tshaba ho ntsha bohloko. Hopola hore le Jesu o ile “a ntsha meokgo.” (Johanne 11:35; Moeklesia 3:4) Ho boetse ho bohlokwa hore o phomole o be o robale ka ho lekaneng. (Moeklesia 4:6) Sena se tla o thusa ho sebetsana le boemo boo bo utlwisang bohloko.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Itlwaetse ho buisana le ba lelapa la hao esita leha dintho di le tsamaela hantle. Sena se tla etsa hore ha mathata a hlaha, ba lokolohe ho bua le wena

  • Buisana le ba bang bao e ka nnang yaba ba kile ba hlahelwa ke bothata bo tshwanang le ba hao

3 FUMANA TSHEHETSO

SEO BIBELE E SE BUANG: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle, mme ke morabo motho ya tswaletsweng ha ho e na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Metswalle ya hao e batla ho o thusa, empa e ka nna yaba ha e tsebe hore na e o thuse jwang. O se ke wa tshaba ho e bolella seo o hlileng o se hlokang. (Liproverbia 12:25) Hape, kopa thuso ditabeng tsa borapedi ho batho ba utlwisisang Bibele. Tataiso e thehilweng Bibeleng eo ba ka o fang yona e tla o thusa.​—Jakobo 5:14.

O tla fumana thuso eo o hlileng o e hlokang haeba kamehla o ikopanya le batho ba nang le tumelo ho Modimo ba bile ba tshepa ditshepiso tsa hae. Hape, o tla fumana matshediso a maholo ha o kgothatsa batho ba bang ba nyahameng. Buisana le bona ka tumelo eo o nang le yona ho Jehova le ditshepisong tsa hae. Tshwareha ka ho thusa batho ba bang ba hlokang thuso, mme o se ke wa itshehla thajana ho batho ba o ratang le ba o kgathallang.​—Liproverbia 18:1; 1 Bakorinthe 15:58.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Buisana le motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo mme o mo dumelle hore a o thuse

  • Toba taba mme o bue nnete ha o hlalosa seo o se hlokang

SEO E LENG SA BOHLOKWA

Esita le haeba o ikutlwa o imetswe, tswela pele ho itshetleha ka Modimo. Ha Jobo a le ditekong, o ile a re: “Lebitso la Jehova le ke le tswele pele ho bokwa.” (Jobo 1:21, 22) Jwaloka Jobo, o se ke wa ameha haholo ka matshwenyeho a hao, empa o amehe ka lebitso la Jehova le ho etsa thato ya hae. Ha dintho di sa tsamaye ka tsela eo o neng o nahanne ka yona, o se ke wa tela. Tshepa Modimo ka ho feletseng. O re: “‘Ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lona,’ ho bolela Jehova, ‘menahano ya kgotso, eseng ya tlokotsi, ho le fa bokamoso le tshepo.’”​—Jeremia 29:11.

IPOTSE . . .

  • Na ke tshepa Jehova ka ho feletseng esita le dinthong tse nyenyane?

  • Ke mabaka afe ao ka ona nka lebohang Jehova letsatsi le leng le le leng ka molemo wa hae?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share