PINA YA 85
Amohelanang
E Hatisitsweng
1. Re amohela batho kaofela
Ba bokaneng ha mmoho mona.
A re ithuteng Lentswe la Mmopi.
Modimo o re fa metsi a bophelo.
2. Re leboha Modimo wa rona
Ka bara bana ba bo rona,
Ba re amohelang ka lerato.
Batho ba mofuta ona ba bohlokwa.
3. Modimo o mema batho bohle
Hore ba tsebe Lentswe la hae.
Jah o re hutse ka Mora wa hae.
Re amohelaneng ka dipelo tsohle.
(Sheba le Joh. 6:44; Bafil. 2:29; Tshen. 22:17.)