PHELA JWALO KA MOKRESTE
Matlafatsa Tumelo ya Hao Lentsweng la Modimo
Lentswe la Modimo le ka fetola bophelo ba rona. (Heb 4:12) Le ha ho le jwalo, hore re rue molemo tataisong le keletsong eo le fanang ka yona, re lokela ho kgodiseha hore e fela e le “lentswe la Modimo.” (1Th 2:13) Re ka matlafatsa tumelo ya rona jwang Bibeleng?
Bala karolo e itseng ya Bibele letsatsi le leng le le leng. Ha o ntse o bala Bibele, batla bopaki ba hore Jehova ke yena Mongodi wa yona. Ka mohlala, hlahloba dikeletso tse hlahang bukeng ya Diproverbia mme o ele hloko ka moo di ntseng di sebetsa le kajeno.—Pr 13:20; 14:30.
Etsa dipatlisiso. Tseba bopaki bo bontshang hore Bibele e tswa ho Modimo. Hlahloba Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ya Lipaki Tsa Jehova, sheba sehlooho se reng “Bibele” ebe o sheba sehloohwana se reng “E Bululetswe ke Molimo.” O ka boetse wa tiisa tumelo ya hao hore molaetsa wa Bibele ha o eso fetohe ka hore o hlahlobe dintlha tse hlahang ho Ntlha ya A3 ho Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.
SHEBELLANG VIDEO YA KE HOBANENG HA RE DUMELA HO . . . LENTSWE LA MODIMO EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ho fumanwa ha lebota la tempele le Karnak e Egepeta ho bontsha jwang hore Lentswe la Modimo ke nnete?
Re tseba jwang hore molaetsa wa Bibele ha o eso fetohe?
Taba ya hore Bibele e ntse e le teng le kajeno e o kgodisa jwang hore e fela e le Lentswe la Modimo?—Bala Esaia 40:8