PINA YA 97
Lentswe la Modimo le a Phedisa
E Hatisitsweng
1. Re hloka ho tataiswa
Ke Ntswe la Jehova.
Motho a ke ke a phela
Ka bohobe feela.
Lentswe lena le’a thabisa,
Le re fa le tshepo.
(KHORASE)
Ha re hloke dijo feela,
Re hloka le Lentswe.
Ha re dula re ithuta,
Le tla re phedisa.
2. Lentswe la Jah le bua ka
Banna le basadi
Ba ileng ba tshepahala,
Ba nang le tumelo.
Re’a kgothala ha re bala
Dipale tsa bona.
(KHORASE)
Ha re hloke dijo feela,
Re hloka le Lentswe.
Ha re dula re ithuta,
Le tla re phedisa.
3. Ha re bala Lentswe la Jah,
Re tla ba le tshepo.
O re thusa ho mamella
Le ho ba bohlale.
Re boloke Lentswe la hae
Ka pelong tsa rona.
(KHORASE)
Ha re hloke dijo feela,
Re hloka le Lentswe.
Ha re dula re ithuta,
Le tla re phedisa.
(Sheba le Josh. 1:8; Bar. 15:4.)