Ka moo o ka fumanang molemo ka teng thutong ena ya Bibele
Bala selelekela sena pele ebe o bapala VIDEO.
KAROLO E QALANG
E le hore o lokisetse kgaolo e nngwe le e nngwe, bala karolo e qalang. Dipotso (A) le mangolo (B) a ngotsweng ka botenya a hatisa dintlha tse ka sehloohong. Hlokomela hore mangolo a mang a ngotswe “bala.”
KAROLO E MAHARENG
Polelo e qalang (C) tlasa Ithute Dintlha Tse Ding e hlalosa dintho tseo re tla ithuta tsona. Dihlohwana (D) di bontsha dintlha tsa bohlokwa. Bala mangolo le motho ya o rutang Bibele, o arabe dipotso mme o shebelle divideo.
DIVIDEO tse hlahang kgaolong e nngwe le e nngwe di tsamaisana le kgaolo eo. Divideo tse ding di bontsha dintho tse hlileng di etsahetseng, hape tse ding di bontsha dintho tse ka etsahalang.
Hlokomela ditshwantsho le mantswe a ngotsweng tlasa tsona (E), ebe o nahana ka moo o tla araba dipotso tse hlahang tlasa Batho ba Bang ba Re (F).
KAROLO YA HO QETELA
Kakaretso le Re Ithutileng (G) di akaretsa dintlha tsa kgaolo. Ngola letsatsi leo o qetileng kgaolo ka lona. Seo o ka se Etsang (H) e bontsha dintho tseo o ka di etsang. Batla (I) e na le dintlha tse ding tseo o ka di balang kapa divideo tseo o ka di shebellang.
Tse ka Hare
|
|
|
|
O ka fumana ditemana tsa Bibele jwang?
Bibele e entswe ka dibuka tse 66. E arotswe ka mekgahlelo e mmedi e leng: Mangolo a Seheberu le Searame (“Testamente ya Kgale”) le Mangolo a Segerike a Bakreste (“Testamente e Ntjha”).
Bukeng ena ha ho hlaha lengolo la Bibele, le bontshwa ka lebitso la lengolo leo (A), ho latele kgaolo (B) le temana kapa ditemana (C).
Ka mohlala, Johanne 17:3 e bolela lengolo la Johanne, kgaolo ya 17, temana ya 3.