PHELA JWALO KA MOKRESTE
Laola Menahano ya Hao e le Hore o ka Dula o Tshepahala
Re bontsha hore re tshepahalla Jehova ka dipuo, diketso le ka dintho tseo re di nahanang. (Ps 19:14) Ke ka hoo Bibele e re eletsang hore re nahane ka dintho tsa nnete, tsa bohlokwa haholo, tse lokileng, tse hlwekileng, tse ratehang, tseo ho buuwang hantle ka tsona, tse molemo le tse tshwanelwang ke thoriso. (Fil 4:8) Ke nnete hore menahano e fosahetseng e itlela feela. Le ha ho le jwalo, re ka kgona ho tlosa menahano eo e fosahetseng ka hore re leke ho nahana ka dintho tse nepahetseng. Haeba re itlwaetsa ho nahana ka dintho tse lokileng, re tla susumeletseha ho etsa dintho tse lokileng.—Mar 7:21-23.
Tlasa mangolo a latelang, ngola hore na re lokela ho qoba menahano ya mofuta ofe: