LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • th thuto 2 leq. 5
  • Mokgwa wa ho Qoqa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mokgwa wa ho Qoqa
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dintlha tse Ding
  • Mafolofolo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Bontsha Kgodiseho
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Kutlwelo Bohloko
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Leka ho Ama Dipelo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
Tse Ding
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 2 leq. 5

THUTO YA 2

Mokgwa wa ho Qoqa

Lengolo le bontshitsweng

2 Bakorinthe 2:17

KAKARETSO: Tsela eo o buang ka yona e lokela ho bontsha hore na o ikutlwa jwang ka sehlooho le ka bamamedi ba hao.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Rapela mme o lokisetse hantle. Kopa Jehova hore a o thuse ho fetisa molaetsa ka tsela e nepahetseng. Tseba hore na ke dintlha dife tseo o batlang ho bua ka tsona. Hlalosa dintlha ka mantswe a hao ho ena le hore o bale se ngotsweng.

    Keletso

    Haeba o tlo bala Bibele kapa sengolwa se itseng, o lokela ho tseba hore na se bua kang, e le hore ha o bala o se ke wa peleta. Ha o bala mantswe ao motho a a buileng, ipehe boemong ba hae empa o se ke wa fetelletsa ditaba.

  • Bua ho tswa pelong. Ipotse hore na ke hobaneng ha bamamedi ba hloka ho utlwa molaetsa wa hao. Bontsha hore o amehile ka bona. Sena se tla etsa hore tsela eo o emeng ka yona, o tsamaisang matsoho ka yona le ponahalo ya sefahleho, di bontshe mofuthu le botswalle.

    Keletso

    Ho bua ka tsela e tlwaelehileng ha ho bolele hore o lokela ho bua puo ya seterateng. Etsa hore molaetsa wa hao ebe o hlomphehang, ka hore o sebedise puo e hlakileng le mantswe a kgethilweng hantle.

  • Sheba bamamedi. Sheba bamamedi ka tsela e bontshang hore o a ba hlompha. Ha o fana ka puo sheba motho a le mong ka nako, ho ena le hore o shebe nqa e le nngwe kapa o leke hoba sheba kaofela ka nako e le nngwe.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share