PINA YA 128
Mamellang ho Fihlela Qetellong
Printed Edition
1. Ka baka la ditshepiso
Tsohle tsa Modimo,
Re tla dula re mamella
Ho fihlela qetellong.
Ntho tseo a di tshepisitseng,
O tla di phethahatsa.
Le ha mathata a hlaha,
Dulang le tshepahala.
2. Dulang le rata Jehova
Ka dinako tsohle.
Le hopole tsatsi la Jah,
Le se le atametse.
Le se tshohe le ka mohla,
Le ha ho ka ba thata.
Jehova o tla re thusa,
A be haufi le rona.
3. A re duleng re mamella,
Re tle re pholoswe.
Jehova o tla re ngola
Ka bukeng ya bophelo.
Ka hoo, re ikemisetse
Ho dula re mamella.
Jehova o tla re rata,
Re dule re thabile.
(Sheba le Baheb. 6:19; Jak. 1:4; 2 Pet. 3:12; Tshen. 2:4.)