SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 26
Lerato le re Thusa ho Hlola Tshabo
“Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tshoha.”—PES. 118:6.
PINA YA 105 “Modimo ke Lerato”
SEO RE TLO ITHUTA SONAa
1. Ke dintho dife tse ka etsang hore re tshohe?
A KO nahane ka maemo ana ao bara le baradibabo rona ba ileng ba eba ho ona. Nestor le mosadi wa hae e leng María, ba ne ba batla ho sebeletsa moo ho hlokehang bahweletsi ba eketsehileng.b E le hore ba tle ba kgone ho etsa jwalo, ba ne ba lokela ho itlwaetsa ho phela ka tjhelete e fokolang. Empa ba ne ba tshohile hore ba ka nna ba se ke ba thaba haeba ba phela ka tjhelete e nyane. Ha Biniam e eba Paki ya Jehova naheng eo mosebetsi wa rona o thibetsweng, o ile a hlokomela hore a ka nna a hloriswa jwalo ka batho ba bang ba Modimo. Ntho eo e ile ya mo tshosa. Empa o ile a tshoha le ho feta ha a nahana hore na lelapa labo le tla etsang ha le utlwa ka bodumedi bona ba hae bo botjha. Valérie o ile a tshwarwa ke mofuta o kotsi wa kankere hape o ile a sokola ho fumana ngaka e tla utlwisisa maikutlo a hae a thehilweng Bibeleng tabeng ya ho tshela madi. Ho a utlwahala hore Valérie o ne a tshohile hore a ka nna a hlokahala.
2. Ke hobaneng ha re lokela ho sebeletsa hore re hlole tshabo?
2 Na le wena o kile wa tshoswa ke dintho tsee? Bongata ba rona di kile tsa re tshosa. Haeba re sa ithute ho laola tshabo ya rona, re ka nna ra etsa diqeto tse fosahetseng tse ka nnang tsa senya setswalle sa rona le Jehova. Ke yona ntho eo Satane a e batlang. O boetse o sebedisa dintho tse ka re tshosang ho etsa hore re se ke ra mamela melao ya Jehova e akarelletsang ho bolela ditaba tse molemo. (Tšen. 12:17) Satane o kgopo, o sehloho ebile o matla. Empa o ka itshireletsa kgahlanong le yena. Jwang?
3. Re ka thuswa keng hore re se ke ra tshoha?
3 Haeba re kgodisehile hore Jehova o a re rata ebile re kgodisehile hore o tla dula a re tsheheditse, re ke ke ra tshoswa ke Satane. (Pes. 118:6) Mohlala, mongodi wa Pesaleme ya 118 o ile a kopana le mathata a boima haholo. O ne a ena le dira tse ngata, ho akarelletsa le batho ba neng ba tumme (temana ya 9 le 10). Ka dinako tse ding o ne a eba tlasa kgatello e matla (temana ya 13). Hape Jehova o ile a mo kgalemela ka matla (temana ya 18). Ho ntse ho le jwalo, mopesaleme o ile a bina a re: “Nke ke ka tshoha.” Keng e ileng ya etsa hore a ikutlwe a sireletsehile hakaale? O ne a tseba hore le hoja Jehova a ile a mo kgalemela, ke Ntate wa hae ya lehodimong ya mo ratang haholo. Mopesaleme o ne a kgodisehile hore ho sa tsotellehe hore na ke boemo bofe boo a kopanang le bona, Modimo wa hae ya lerato o ikemiseditse ho mo thusa.—Pes. 118:29.
4. Ke dintho dife tse ke keng tsa re tshosa haeba re kgodisehile hore Modimo o a re rata?
4 Re lokela ho kgodiseha hore Jehova o a re rata. Ho ba le kgodiseho eo ho tla re thusa hore re se ke ra tshoswa ke dintho tsena tse tharo e leng (1) ho tshaba hore re ke ke ra kgona ho hlokomela lelapa, (2) ho tshaba batho le (3) ho tshaba lefu. Bara le baradibabo rona bao ho buuweng ka bona serapeng sa pele ba ile ba kgona ho hlola tshabo eo ba neng ba ena le yona hobane ba ne ba kgodisehile hore Modimo o a ba rata.
HO TSHABA HORE RE KE KE RA KGONA HO HLOKOMELA LELAPA
Morabo rona o na le mora wa hae mme ba tjheha ditlhapi, e leng mosebetsi oo morabo rona a o etsang ho hlokomela lelapa la hae (Sheba serapa sa 5)
5. Ke dintho dife tseo hlooho ya lelapa e ka tshwenyehang ka tsona haholo? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)
5 Mokreste eo e leng hlooho ya lelapa o nka boikarabelo ba hae ba ho hlokomela lelapa ka ho teba. (1 Tim. 5:8) Haeba o hlooho ya lelapa, e ka nna yaba nakong ena ya sewa sa corona o ne o tshwenyehile ka hore o ka nna wa lahlehelwa ke mosebetsi wa hao. E ka nna yaba o ne o tshwenyehile ka hore o tla thatafallwa ke ho hlokomela lelapa ka dijo le ho patalla bodulo. Hape e ka nna yaba o ne o tshwenyehile ka hore haeba o ka lahlehelwa ke mosebetsi wa hao, o ke ke wa kgona ho fumana o mong. Kapa jwalo ka Nestor le María bao ho buuweng ka bona qalong, e ka nna yaba o ne o tshwenyehile ka hore o ke ke wa kgona ho phela ka tjhelete e nyane. Satane o kgonne ho etsa hore batho ba bangata ba kgaotse ho sebeletsa Jehova hobane ba ikutlwa ka tsela eo.
6. Satane o leka ho etsa hore re dumele eng?
6 Satane o leka ho etsa hore re dumele hore Jehova ha a re tsotelle ebile a ke ke a re thusa hore re hlokomele ba malapa a rona. Ka lebaka leo, re ka nna ra nahana hore re tlameha ho etsa ntho efe kapa efe e le hore re se ke ra lahlehelwa ke mosebetsi. Re ka ba ra qetella re entse ntho e tla senya setswalle sa rona le Modimo.
7. Jesu o re kgodisa ka eng?
7 Jesu, ya tsebang Ntate ho feta mang kapa mang o ile a re: “Ntata lona o a tseba hore na ke dintho dife tseo le di hlokang le pele le mo kopa.” (Mat. 6:8) Jesu o a tseba hore Jehova o malalaalaotswe ho re fa dintho tseo re di hlokang. Re le Bakreste, re ditho tsa lelapa la Modimo. Jehova ke yena Hlooho ya lelapa lena mme re ka kgodiseha hore o tla etsa seo a reng dihlooho tsohle tsa malapa di lokela ho se etsa ho 1 Timothea 5:8.
Jehova o tla etsa bonnete ba hore re na le dintho tseo re di hlokang. A ka sebedisa bara le baradibabo rona ho re thusa (Sheba serapa sa 8)d
8. (a) Keng e ka re thusang hore re se ke ra tshoha hore re ke ke ra kgona ho hlokomela ba malapa a rona? (Matheu 6:31-33) (b) Mohlala o setshwantshong wa banyalani ba fang moradiwabo rona dijo o re thusa jwang?
8 Haeba re kgodisehile hore Jehova o a re rata ha mmoho le ba malapa a rona, re ke ke ra ba le bothata ba ho dumela hore re tla ba le dintho tseo re di hlokang. (Bala Matheu 6:31-33.) Jehova o batla ho re hlokomela mme ke Mohlokomedi ya lerato le ya fanang. Ha a bopa lefatshe, ha a ka a re fa feela dintho tseo re di hlokang bakeng sa bophelo. Ka lerato, o tlatsitse lefatshe ka dintho tse ngata tse re thabisang. (Gen. 2:9) Ka dinako tse ding re ka nna ra ba le dintho tsa motheo feela, eseng dintho tse ding tse eketsehileng. Le ha ho le jwalo, re lokela ho hopola hore re na le dintho tseo hobane Jehova a re file tsona. (Mat. 6:11) Re lokela ho dula re hopola hore nakong e tlang Modimo o tla re fa dintho tsa bohlokwa haholo ho feta tseo re di telang hona jwale hape o tla re fa bophelo bo sa feleng nakong e tlang. Nestor le María ba ile ba hlokomela taba eo.—Esa. 65:21, 22.
9. O ka ithutang mohlaleng wa Nestor le María?
9 Nestor le María ba ne ba ena le ntlo e ntle le mosebetsi o patalang haholo Colombia. Ba re: “Re ne re nahana hore haeba re nolofatsa bophelo ba rona mme re sebeletsa Jehova haholwanyane, re ke ke ra thaba hobane re ne re tla phela ka tjhelete e nyane.” Ba thusitswe keng hore ba hlole tshabo eo? Ba ile ba nahanisisa ka ditsela tse ngata tseo ka tsona Jehova a bontshitseng hore o a ba rata. Ka lebaka leo, ba ile ba tlohela mesebetsi ya bona e patalang hantle hobane ba ne ba kgodisehile hore Jehova o tla dula a ba hlokomela. Ba ile ba rekisa ntlo ya bona yaba ba fallela karolong e nngwe ya naha moo ho hlokehang bahweletsi ba eketsehileng. Ba ikutlwa jwang ka qeto eo? Nestor o re: “Re bone hore mantswe a hlahang ho Matheu 6:33 ke nnete. Ha ho mohla re kileng ra haellwa ke letho ebile re thabile.”
HO TSHABA BATHO
10. Ke hobaneng ha e le ntho e utlwahalang hore ebe batho ba tshaba batho ba bang?
10 Esale batho ba se na lerato ho tloha ha Adama le Eva ba fetohela Jehova. (Moek. 8:9) Mohlala, ba nang le matla a bolaodi ba sebedisa matla a bona hampe, dinokwane di etsa diketso tse sehloho, sekolong bommampodi ba rohaka bana ba bang ebile ba a ba tshosa. Batho ba bang ba tshwara ba malapa a bona hampe. Ha ho makatse hore ebe batho ba tshaba ba bang. Ke jwang Satane a lekang ho sebedisa tshabo eo kgahlanong le rona?
11, 12. Satane o sebedisa leraba la ho tshaba batho jwang kgahlanong le rona?
11 Satane o etsa hore re tshabe batho hoo re ka emisang ho etsa mosebetsi wa boboledi kapa dintho tse ding tseo Jehova a reng re di etse. Satane o susumetsa mebuso hore e re hlorise e be e thibele mosebetsi wa rona. (Luka 21:12; Tšen. 2:10) Lefatsheng lena le laolwang ke Satane, batho ba bangata ba hasa mashano ka Dipaki Tsa Jehova. Batho ba dumelang mashano ao, ba ka re soma kapa ba re hlorisa. (Mat. 10:36) Na maraba a Satane a a re makatsa? Tjhe. O ne a ntse a a sebedisa le mehleng ya Bakreste ba pele.—Lik. 5:27, 28, 40.
Le ha ba lelapa ba ka re hanyetsa, re ka kgodiseha hore Jehova o a re rata (Sheba serapa sa 12-14)e
12 Ho tshaba hore re tla hloriswa ke mebuso ha se lona feela leraba leo Satane a le sebedisang. Batho ba bang ba tshoswa ke hore na ha e eba Dipaki Tsa Jehova, ba malapa a bona ba tla ikutlwa jwang. Ka dinako tse ding ntho ena e ba tshosa haholo ho feta ho tshoha hore ba tla tshwarwa hampe. Ba rata ditho tsa malapa a bona haholo mme ba batla hore ba ithute ka Jehova ba be ba mo rate. Ba utlwiswa bohloko ke ha ditho tsa malapa a bona di bua hampe ka Modimo wa nnete le ka barapedi ba hae. Maemong a mang ditho tsa malapa tseo pele di neng di hanyetsa, di ile tsa qetella di ithutile Bibele. Empa ho thweng haeba ditho tsa malapa di se di sa batle ho ikamahanya le rona ho hang ka lebaka la tumelo ya rona? Re tla etsang?
13. Ho kgodiseha hore Modimo o a re rata ho tla re thusa jwang ha ba lelapa ba re lahla? (Pesaleme ya 27:10)
13 Re ka tshediswa ke mantswe a monate ao re a balang ho Pesaleme ya 27:10. (E bale.) Ha re hopola ka moo Jehova a re ratang ka teng, re ke ke ra tshoswa ke ntho le ha e le efe e ka re etsahallang le ha ba lelapa ba ka re lahla. Hape re kgodisehile hore Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re mamella. O tla re fa dintho tsohle tseo re di hlokang hore re phele, a re thuse ho dula re sa tshwenyeha ebile re thabile. Hape o tla re thusa hore re dule re le haufi le yena. O tla etsa jwalo ka tsela e molemo ho feta eo ntate le ha e le ofe a ka etsang ka yona. Biniam eo re buileng ka yena o ile a hlokomela taba ena.
14. O ithutang mohlaleng wa Biniam?
14 Biniam e ile ya eba Paki ya Jehova le hoja a ne a tseba hore naheng ya habo Dipaki Tsa Jehova di hloriswa ka sehloho. Hlokomela hore na taba ya hore Biniam o ne a tseba hore Jehova o a mo rata, e ile ya mo thusa jwang hore a se ke a tshaba batho. O re: “Re ne re hloriswa haholo ho feta ka moo ke neng ke nahanne ka teng. Empa ntho e ileng ya ntshosa le ho feta ke ho hanyetswa ke ba lelapa leso. Ke ne ke tshohile hore qeto eo ke e entseng ya ho ba Paki e ne e tlo utlwisa ntate wa ka eo e neng e se Paki bohloko le hore ba lelapa leso ba ne ba ke ke ba hlola ba ntlhompha.” Le ha ho le jwalo, Biniam o ne a kgodisehile hore Jehova o dula a hlokomela batho bao a ba ratang. Biniam o re: “Ke ile ka nahana ka moo Jehova a thusitseng batho ba bang ho mamella ha ba ne ba ena le mathata a ditjhelete, ba kgethollwa ba bile ba hloriswa ke batho ba mabifi. Ke ne ke tseba hore Jehova o tla ntlhohonolofatsa haeba ke dula ke mo tshepahalla. Makgetlong a mangata ao ka ona ke neng ke tshwarwa le ho shapuwa, ke ile ka bona hore ka mehla Jehova o a re thusa ha re mo tshepahalla.” Jehova e ile ya eba Ntate ho Biniam ebile batho ba Jehova e ile ya eba lelapa ho Biniam.
HO TSHABA LEFU
15. Ke hobaneng ha e le ntho e tlwaelehileng ho tshaba lefu?
15 Bibele e re lefu ke sera. (1 Bakor. 15:25, 26) Re ka nna ra tshwenyeha haholo ka lefu haeba re kula kapa ho kula batho bao re ba ratang. Ke hobaneng ha re tshaba lefu? Hobane Jehova o re bopile re ena le takatso ya ho batla ho phela ka ho sa feleng. (Moek. 3:11) Ho tshaba lefu ho ka re thusa hore re sireletse bophelo ba rona. Mohlala, ho ka re thusa hore re je hantle, re ikwetlise, re ye ngakeng re be re qobe ho beha bophelo ba rona kotsing ho sa hlokahale.
16. Ke jwang Satane a lekang ho sebedisa tshabo eo ka tlhaho re nang le yona ka lefu?
16 Satane o a tseba hore re rata bophelo. O re re ka tela ntho le ha e le efe, esita le setswalle sa rona le Jehova hore feela re phele. (Jobo 2:4, 5) Empa ntho ena eo Satane a e buang ha se nnete. Ka ha ke yena “ya nang le mokgwa wa ho baka lefu,” o sebedisa tshabo eo re nang le yona ka lefu e le ho etsa hore re se ke ra sebeletsa Jehova. (Baheb. 2:14, 15) Ka dinako tse ding batho ba susumetswang ke Satane, ba leka ho re tshosa ka hore ba tla re bolaya haeba re sa furalle tumelo ya rona. Maemong a mang, Satane a ka nka monyetla haeba re kula ebe o leka ho etsa hore se ke ra mamela Modimo. Dingaka kapa ditho tsa lelapa tseo eseng Dipaki di ka re hatella hore re tshele madi e leng ntho e kgahlanong le melao ya Modimo. Kapa motho e mong a ka re susumetsa hore re amohele mokgwa wa phekolo o sa dumellaneng le melaomotheo ya Bibele.
17. Ho latela Baroma 8:37-39, ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba lefu?
17 Le hoja re sa batle ho shwa, re a tseba hore Jehova a ke ke a tlohela ho re rata le ha re ka shwa. (Bala Baroma 8:37-39.) Ha metswalle ya Jehova e shwa o a e hopola. O e hopola jwalo ka ha eka e ntse e phela. (Luka 20:37, 38) Hape o hlolohelwa ho e tsosa. (Jobo 14:15) Jehova o re rekile ka theko e phahameng haholo e le hore re “be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Re a tseba hore Jehova o re rata haholo ebile o a re tsotella. Ka hoo, ha re kula kapa re tshoswa ka hore re tla bolawa, ha re fetohele Jehova empa re itshetleha ka yena hore a re tshedise a be a re fe bohlale le matla. Ke yona ntho eo Valérie le monna wa hae ba ileng ba e etsa.—Pes. 41:3.
18. O ithutang mohlaleng wa Valérie?
18 Ha Valérie a ne a le dilemo di 35, o ile a tshwarwa ke mofuta wa kankere o kotsi le o sa tlwaelehang. Hlokomela hore na lerato le ile la mo thusa jwang hore a se ke a tshaba lefu. O re: “Nna le monna wa ka re ne re tshohile haholo ha re utlwa hore ke na le kankere. Ke ne ke hloka ho etswa opereishene e le hore ke phele. Ke ile ka ya dingakeng tse ngata tse etsang opereishene empa di ile tsa re di ke ke tsa nthusa haeba ke sa batle ho tshela madi. Ke ne ke tshohile. Le ha ho le jwalo, ke ile ka mamela melao ya Modimo yaba ke hana ho tshelwa madi. Esale bophelong ba ka Jehova a mpontsha hore o a nthata. Ka hoo, e ne e le monyetla wa ka wa hore ke mo bontshe hore le nna ke a mo rata. Ka mehla ha ke ne ke fumana ditaba tse bohloko, ke ne ke ikemisetsa ho thabisa Jehova mme ke sa dumelle Satane hore a hlole. Qetellong ke ile ka sebetswa ntle le hore ke tshelwe madi. Le hoja ke ntse ke kula, Jehova o re fa dintho tseo re di hlokang. Mohlala, nakwana pele ke utlwa hore ke na le kankere, dibokeng ho ne ho buuwa ka sehlooho se reng ‘Ho Sebetsana le Mathata a Kajeno ka Sebete.’c Sehlooho seo se ile sa re kgothatsa haholo. Re ne re se bala hangata. Ho bala sehlooho seo le tse ding tse tshwanang le sona ho ile ha thusa nna le monna wa ka hore re se ke ra tshoha le hore re etse diqeto tse nepahetseng. Re ile ra thuswa hape ke ho ya tshimong le dibokeng.”
HO HLOLA TSHABO
19. Ho tla etsahalang haufinyane?
19 Jehova o thusitse Bakreste lefatsheng lohle hore ba hlole mathata mme ba atlehile ho hanyetsa Diabolose. (1 Pet. 5:8, 9) Le wena o ka atleha. Haufinyane, Jehova o tla laela Jesu le babusimmoho le yena hore ba ‘qhaqhe mesebetsi ya Diabolose.’ (1 Joh. 3:8) Ka mora moo, batho ba sebeletsang Modimo ba le lefatsheng ba ‘ke ke ba tshaba [motho] le ya mong, le ntho le ha e le efe e tshosang.’ (Esa. 54:14; Mik. 4:4) Ho fihlela nako eo e fihla, re lokela ho sebetsa ka thata ho hlola tshabo.
20. Re tla thuswa keng hore re hlole tshabo?
20 Re lokela ho kgodiseha haholwanyane hore Jehova o a re rata ebile o sireletsa bahlanka ba hae. Re tla thuswa ke haeba re nahanisisa re bile re bua ka ka moo Jehova a thusitseng bahlanka ba hae ba mehleng ya kgale ka teng. Hape re lokela ho hopola ka moo a re thusitseng ka teng ha re kopana le mathata. Ka thuso ya Jehova, re ka kgona ho hlola tshabo.—Pes. 34:4.
PINA YA 129 Re Tla Mamella
a Ho tlwaelehile hore batho ba tshohe ebile ka dinako tse ding ho a re sireletsa. Empa ha se ntho e nepahetseng ho tshoha ka ho feteletseng. Hobaneng? Satane a ka etsa hore re tshohe hoo re ka etsang diqeto tse fosahetseng. Ho hlakile hore re lokela ho sebetsa ka thata hore re qobe ho tshoha ka tsela eo. Keng e ka re thusang? Jwalo ka ha re tla bona sehloohong sena, ha re kgodisehile hore Jehova o ka lehlakoreng la rona ebile o a re rata, re ka kgona ho hlola tshabo le ha e le efe.
b Mabitso a mang a fetotswe.
d DITSHWANTSHO: Banyalani ba phuthehong e le nngwe le moradiwabo rona ya sebetsang ka thata ba tlisetsa moradiwabo rona eo dijo.
e DITSHWANTSHO: Batswadi ba morabo rona e motjha ha ba batle ha a sebeletsa Jehova empa o kgodisehile hore Modimo o tla mo thusa.