DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA
Diproverbia 3:5, 6—“O se ke wa Itshetleha ka Kutlwisiso ya Hao”
“Tshepa Jehova ka pelo yohle ya hao, o se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao. O mo kenye mererong yohle ya hao, o tla otlolla ditsela tsa hao.”—Diproverbia 3:5, 6, Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.
“Tshepa Morena ka pelo ya hao yohle, o se ke wa tshepa bohlale ba hao. Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.”—Maele 3:5, 6, Bibele—Phetolelo e Ntjha.
Tlhaloso ya Diproverbia 3:5, 6
Re lokela ho dumella Jehovaa Modimo ho re tataisa ho ena le hore re etse diqeto tsa bohlokwa re sa nahana ka yena.
“Tshepa Jehova ka pelo yohle ya hao.” Re bontsha hore re tshepa Modimo ha re etsa dintho ka tsela eo a e batlang. Re lokela ho tshepa Modimo ka dipelo tsa rona kaofela. Ha Bibele e bua ka pelo e bua ka motho eo re leng yena ka hare. Motho eo ya ka hare o akarelletsa maikutlo, dintho tse re susumetsang, monahano wa rona le tsela eo re itshwarang ka yona. Ka hoo, ho tshepa Modimo ka dipelo tsohle tsa rona ha ho akarelletse tsela eo re ikutlwang ka yona feela empa ke kgetho eo re e etsang hobane re kgodisehile hore Mmopi wa rona o tseba se molemo bakeng sa rona.—Baroma 12:1.
“O se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao.” Ka ha ha re a phethahala, re ke ke ra tshepa tsela eo re nahanang ka yona, ke ka hoo re lokelang ho tshepa Modimo. Haeba re etsa diqeto re itshetlehile ka kamoo re ikutlwang kateng, re ka etsa diqeto tse bonahalang eka di nepahetse qalong empa ha nako e ntse e ya tsa e-ba le ditholwana tse bohloko. (Diproverbia 14:12; Jeremia 17:9) Modimo o bohlale haholo ho re feta. (Esaia 55:8, 9) Haeba re tataiswa ke yena bophelong ba rona, re tla atleha.—Pesaleme ya 1:1-3; Diproverbia 2:6-9; 16:20.
“O mo kenye mererong yohle ya hao.” Pele re etsa qeto le ha e le efe ya bohlokwa bophelong, re lokela ho nahana ka hore na Modimo o ikutlwa jwang ka taba eo. Re etsa jwalo ka ho mo rapela, re mo kopa hore a re tataise le ho etsa dintho tseo re ithutang tsona ka Lentsweng la hae e leng Bibele.—Pesaleme ya 25:4; 2 Timothea 3:16, 17.
“O tla otlolla ditsela tsa hao.” Modimo o otlolla ditsela tsa rona ka hore a re thuse hore re phele ka melao ya hae e lokileng. (Diproverbia 11:5) Ka hoo, re qoba mathata ebile re phela bophelo bo thabisang haholo.—Pesaleme ya 19:7, 8; Esaia 48:17, 18.
Ditaba tse potolohileng Diproverbia 3:5, 6
Buka ya Bibele ya Diproverbia ena le melaomotheo e re thusang ho phela bophelo bo thabisang le bo amohelehang ho Modimo. Dikgaolo tse robong tse qalang di ngotswe jwalo ka ha eka ntate o eletsa mora wa hae eo a mo ratang. Kgaolo ya boraro e bua haholo ka melemo ya ho sebedisa dikeletso tse tswang ho Mmopi wa rona ya bohlale.—Diproverbia 3:13-26.
a Jehova ke lebitso la Modimo.—Pesaleme ya 83:18.