LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lmd thuto 12
  • Eba Sebete

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Eba Sebete
  • Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Jesu o Ile a Etsang?
  • Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?
  • O ka Etsisa Jesu Jwang?
  • Thusa Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetswe
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • O ka Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Jwang Hore a Kolobetswe?​—Karolo ya Bobedi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • O ka Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Jwang Hore a Kolobetswe?​—Karolo ya Pele
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • “Ka Hona Eyang Mme le Etse Batho . . .  Barutuwa”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
Tse Ding
Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
lmd thuto 12

HA O ETSA BARUTUWA

Jesu o bua ka mosa le monna ya kgumameng ka pela hae le baapostola ba hae.

Mar. 10:​17-22

THUTO YA 12

Eba Sebete

Keletso ya Bibele: “Oli le dibano di thabisa pelo jwalo ka motswalle ya o kgalemelang a se na boikaketsi.”​—Diprov. 27:9.

Jesu o Ile a Etsang?

Jesu o bua ka mosa le monna ya kgumameng ka pela hae le baapostola ba hae.

VIDEO: Jesu o Eletsa Mmusi e Motjha ya Ruileng

1. Shebella VIDEO kapa o bale Mareka 10:​17-22 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ile a bona makgabane afe ho mmusi eo e motjha?

  2. Ke hobaneng ha Jesu a ne a lokela ho ba lerato le ho ba sebete pele a ka eletsa monna eo?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Re lokela ho bontsha batho bao re ithutang le bona hore re a ba rata le ho ba bolella ka tsela e hlakileng seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba ka tswela pele ba matlafatsa kamano ya bona le Jehova.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Thusa motho eo o ithutang le yena ho finyella dintho tseo a batlang ho di etsa.

  1. Sebedisa karolo ya “Seo o ka se Etsang” e hlahang kgaolong ka nngwe ya buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!

  2. Mo thuse ho tseba dintho tseo a lokelang ho di etsa le hore na a ka di finyella jwang ebang ke tseo a batlang ho di finyella haufinyane kapa nakong e tlang.

  3. Dula o mo babatsa ka diphetoho tseo a seng a di entse.

4. Tseba dintho tse sitisang motho eo o ithutang le yena ho etsa diphetoho o be o mo thuse hore a di hlole.

  1. Ipotse:

    • ‘Haeba a sa etse diphetoho tse bontshang hore o batla ho kolobetswa, keng e mo sitisang?’

    • ‘Nka etsang ho mo thusa?’

  2. Rapella hore o be sebete sa ho bua le yena ka tsela e hlakileng ka dintho tseo a lokelang ho di etsa empa e le ka tsela e bontshang hore o a mo rata.

5. Kgaotsa thuto haeba a sa etse diphetoho.

  1. Hlahloba hore na motho eo o ithutang le yena o etsa diphetoho ka ho ipotsa dipotso tse latelang:

    • ‘Na o sebedisa dintho tseo a ithutang tsona?’

    • ‘Na o ba teng dibokeng le ho bolella batho ba bang dintho tseo a ithutileng tsona?’

    • ‘Na o batla ho ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova ka mora ho ithuta?’

  2. Haeba a sa ikemisetsa ho etsa diphetoho:

    • Mo botse hore na o sitiswa keng.

    • Mo hlalosetse ka mosa hore na ke hobaneng ha o kgaotsa thuto.

    • Mo hlalosetse hore na o lokela ho etsang e le hore le ka ithuta hape nakong e tlang.

O KA BOELA WA SHEBA

Pes. 141:5; Diprov. 25:​12; 27:6; 1 Bakor. 9:​26; Bakol. 4:​5, 6

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share