LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 2 leq. 10-leq. 11 ser. 1
  • Modimo o Bopile Monna wa Pele le Mosadi wa Pele

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Modimo o Bopile Monna wa Pele le Mosadi wa Pele
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Ke Hobaneng ha re Tsofala Ebile re Shwa?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Bophelo bo ne bo le Jwang Paradeiseng?
    Mamela Modimo Mme O Phele ka ho sa Feleng
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 2 leq. 10-leq. 11 ser. 1
Adama le Eva serapeng sa Edene

THUTO YA 2

Modimo o Bopile Monna wa Pele le Mosadi wa Pele

Jehova o ile a lema serapa sebakeng se bitswang Edene. Serapa seo se ne se ena le dipalesa, difate le diphoofolo. Ka mora moo, Modimo o ile a etsa motho wa pele Adama ka lerole yaba o budulela moya dinkong tsa hae. Na o a tseba hore ho ile ha etsahalang? Motho o ile a phela. Jehova o ile a re Adama a hlokomele serapa sa Edene, hape a re a rehe diphoofolo kaofela mabitso.

Jehova o ile a fa Adama molao wa bohlokwa. O ile a re ho Adama: ‘O ka ja ditholwana tsa difate kaofela empa o se ke wa ja tsa sefate sa tsebo ya botle le bobe. Ha o ka ja ditholwana tsa sefate seo, o tla shwa.’

Ha morao Jehova o ile a re: ‘Ke tlo etsetsa Adama mothusi.’ O ile a etsa hore Adama a robale, a nka kgopo ya hae yaba o mo bopela mosadi ka yona. Lebitso la hae e ne e le Eva. Adama le Eva ke bona ba ileng ba etsa lelapa la pele. Adama o ile a ikutlwa jwang ha a bona mosadi wa hae? O ile a thaba haholo a ba a re: ‘Bona hore Jehova o entseng ka kgopo ya ka. Qetellong motho ya tshwanang le nna ke enwa.’

Jehova o ile a bolella Adama le Eva hore ba be le bana e le hore batho ba be bangata lefatsheng. O ne a batla hore ba sebetse ba thabile ha ba ntse ba etsa hore lefatshe e be paradeise, kapa serapa se setle se tshwanang le sa Edene. Empa seo ha se a ka sa etsahala. Hobaneng? Re tla tseba lebaka kgaolong e latelang.

“Qalong Modimo o bopile monna le mosadi.”​—Matheu 19:4

Dipotso: Jehova o ile a fa Adama mosebetsi ofe? Ho ne ho tla etsahalang ka Adama le Eva haeba ba ne ba ka ja ditholwana tsa sefate seo Modimo a itseng ba se ke ba se ja?

Genese 1:​27-31; 2:​7-9, 15-23; Pesaleme ya 115:​16; Matheu 19:​4-6

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share