-
O Ile a Bolaya Ngwanabo ka Lebaka la ho KwataIthute Dipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO YA 4
O Ile a Bolaya Ngwanabo ka Lebaka la ho Kwata
Ka mora hore Adama le Eva ba lelekwe serapeng sa Edene, ba ile ba ba le bana ba bangata. Mora wa bona wa pele Kaine, e ne e le molemi mme wa bobedi e leng Abele e le modisa.
Ka letsatsi le leng, Kaine le Abele ba ile ba etsetsa Jehova mahlabelo. Na o a tseba hore na sehlabelo keng? Ke mpho e kgethehileng. Jehova o ile a thabela sehlabelo sa Abele empa a se ke a thabela sa Kaine. Kaine o ile a kwata haholo. Yaba Jehova o re Kaine a se ke a kwata hobane ha a kwatile, o tla etsa phoso. Empa ha a ka a mamela.
Kaine o ile a re ho Abele: ‘A re ye naheng.’ Ha ba le naheng, Kaine o ile a otla Abele mme a mo bolaya. Jehova o ile a etsang? O ile a lelekela Kaine hole le ba lelapa labo. A etsa hore a se ke a hlola a kgutla.
Re ithutang ho see? Re ka nna ra kwata ha re bona dintho di sa etswe ka tsela eo re batlang ka yona. Haeba re kwatile kapa batho ba bang ba re bolella hore re se ke ra kwata, re lokela ho kgaotsa ho kwata e le hore re se ke ra etsa ntho e mpe.
Jehova o tla dula a hopola Abele hobane Abele o ile a etsa se nepahetseng. Modimo o tla tsosa Abele ha a etsa lefatshe paradeise.
“O bope kgotso le ngwaneno pele ebe ha o kgutlile o nyehela mpho ya hao.”—Matheu 5:24
-
-
Areka ya NoeIthute Dipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO YA 5
Areka ya Noe
Ha nako e ntse e ya, batho ba ile ba ata lefatsheng. Bongata ba bona ba ne ba etsa dintho tse mpe. Le mangeloi a mang a ile a etsa dintho tse mpe. A ile a tloha lehodimong moo a dulang teng yaba a tla lefatsheng. Na o a tseba hore ke hobaneng ha a ile a tloha lehodimong? A ne a batla ho iphetola batho e le hore a nyale basadi.
Mangeloi ao a ile a nyala mme a ba le bana. Bana bao ba ile ba hola, ya eba dinatla mme ba ne ba hlorisa batho. Ba ne ba otla batho. Jehova o ne a sa batle hore boemo bona bo tswele pele. Ka hoo, a etsa qeto ya ho fedisa batho ba kgopo ka morwallo.
Empa ho ne ho ena le monna e mong ya lokileng. O ne a rata Jehova. Lebitso la hae e ne e le Noe. O ne a ena le mosadi le bara ba bararo e leng Sema, Kama le Jafeta. Bara ba hae le bona ba ne ba ena le basadi. Jehova o ile a re Noe a hahe areka e le hore yena le ba lelapa la hae ba pholohe Morwallo. Areka ke lebokose le leholo le phaphamalang ka hodima metsi. Jehova o ile a re Noe a kenye le diphoofolo tse ngata ka arekeng e le hore le tsona di pholohe.
Hanghang Noe o ile a qala ho haha areka. Yena le ba lelapa la hae ba nkile dilemo tse ka bang 50 ba ntse ba e haha. Ba ile ba e haha hantle feela Jwalo ka ha Jehova a ba laetse. Ka nako eo, Noe o ne a ntse a bolella batho hore Morwallo o a tla empa ha ba a ka ba mo mamela.
Nako ya ho kena arekeng e ile ya fihla. Kgaolong e latelang, re tlo utlwa hore na ho ile ha etsahalang.
“Ha Mora motho a eba teng, ho tla tshwana le mehleng ya Noe.”—Matheu 24:37
-