Selelekela sa Karolo ya 3
Bibele e re ke batho ba mmalwa feela ba ileng ba sebeletsa Jehova dilemo ka mora Morwallo. Abrahama e ne e le e mong wa ba ileng ba sebeletsa Jehova mme e ne e le motswalle wa Jehova. Ke hobaneng ha a ne a bitswa motswalle wa Jehova? Haeba o motswadi, thusa ngwana wa hao hore a tsebe hore Jehova o a mo rata ebile o batla ho mo thusa. Re ka etsisa Abrahama le batho ba bang ba tshepahalang ba kang Lota le Jakobo, ka hore re kope thuso ya Jehova. Re a tseba hore Jehova o tla re thusa.