BATJHA BA A BOTSA
Keng e ka Nkgothalletsang Hore ke Ikwetlise?
Ke hobaneng ha ke lokela ho ikwetlisa?
Dinaheng tse ding, batjha ba bangata ha ba ikwetlise mme seo se beha bophelo ba bona kotsing. Bibele e bontsha hore ‘ho Ikwetlisa ho molemo.’ (1 Timothea 4:8) Nahana ka dintlha tse latelang:
Ho ikwetlisa ho bo ka etsa hore o thabe. Ho ikwetlisa ho thusa boko ho re bo ntshe dikhemikhale tse bitswang endorphins mme seo se etsa hore o thabe le hore mmele wa hao o kgathollohe. Batho ba bang ba re ho ikwetlisa ho tshwana le moriana.
Regina o re: “Haeba ke qala ho matha e sa le hoseng, seo se etsa hore ke be mafolofolo ebile ke thabele letsatsi la ka. Ho matha ho a nthabisa.”
Ho ikwetlisa ho etsa hore ke shebahale hantle. Ho ikwetlisa ho etsa hore motho a be matla, a be le mmele o motle, ebile hape ho etsa hore a itshepe.
Olivia o re: “Ke ikutlwa ke thabile hore e be ke se ke kgona ho etsa di chin-ups tse 10, selemong se fetileng ke ne ke sa kgone ho etsa le e le nngwe. Hona jwale ke thabiswa ke hore ke se ke kgona ho hlokomela m mele wa ka.”
Boikwetliso bo ka etsa hore o phele nako e telele. Ho ikwetlisa ho thusa hore matshwafo le pelo ya hao di sebetse hantle. Ho ikwetlisa ho o thusa hore o se ke wa tshwarwa ke lefu la pelo e leng lefu le bolayang batho ba bontate le ba bomme haholo.
Jessica o re: “Haeba re ikwetlisa ka mehla, re bontsha Jehova hore re ananela mpho ena ya bophelo.”
Seo o lokelang ho se tseba: Ho ikwetlisa ho na le molemo o moholo hona jwale le nakong e tlang. Tonya o re: “O ke ke wa ikwahlaya wa re, ‘Ho ja ka se ke ka hlwella thaba kapa wa re ho ja ka se ke ka matha.’” “Ha ho na mohla nkileng ka ikwahlaela ho ikwetlisa.”
Haeba koloi e tlohelletswe feela e ka qetella e se e sa sebetse, ho ka etsahala se tshwanang le ka mmele ya rona haeba re sa e kwetlise
Keng e etsang hore ke se ke ka ikwetlisa?
Tsena ke tse ding tsa dintho tse ka etsang hore o se ke wa ikwetlisa:
Ho se be le ntho e o kgothalletsang. Sophia o re: “Ke nahana hore batho ba nahaba hore ha ba hloke ho ikwetlisa ha e ntse e le batjha. Ha ba nahane hore ka le leng la matsatsi ba tla kula. Ba nahana hore ke batho ba baholo feela ba kulang.”
Ho sebe le nako. Clarissa o re: “Ke dula ke phathahane, ka ha ke lokela ho ba le nako ya ho pheha le ya ho robala, ho ba thata hore ke be le nako ya ho ikwetlisa.”
Ho hloka tjhelete ya ho patalla gym. “Gina o re: Ka ha motho o lokela ho patalla gym, ha ho bonolo ho re a dule a ikwetlisa!”
Seo o ka nahanang ka sona:
Keng e o sitisang hore o ikwetlise? Ho hlola bothata boo ho tla nka nako, empa ditlamorao e tla ba tse thabisang.
Nka ikwetlisa jwang e le hore ke be le bophelo bo botle?
Dintho tse latelang di ka o thusa:
O se ke wa dumella batho hore ba o nyahamise.—Bagalata 6:5.
Tlohella ho ipehela mabaka. (Moeklesia 11:4) Ka mohlala, ha ho hlokahale hore o ye gyming e le hore o ikwetlise. Kgetha boikwetliso boo o bo thabelang mme o bo etse karolo ya bophelo ba hao.
Botsa batho hore na bona ba etsang ha ba ikwetlisa.—Liproverbia 20:18.
Tseba seo o batlang ho se finyella mme o ngole dintlha tseo fatshe, hobane seo se tla o kgothatsa. Liproverbia 21:5.
Batla motho eo o ka ikwetlisang le yena. Haeba ho na le motho eo o ikwetlisang le yena, le tla thusana le ho kgothatsana.—Moeklesia 4:9, 10.
O lebelle dintho tse ka o nyahamisang, empa o se ke wa di dumella hore di o sitise ho ikwetlisa.—Liproverbia 24:10.
Etsa dintho ka tekatekano
Bibele e bolella batho hore e be ba “itekanetseng mekgweng.” (1 Timothea 3:2, 11) Ka hoo ha o ikwetlisa, leka ho lekalekanya dintho. Batho ba ikwetlisang ho feta tekano ba qetella ba se ba nyahame. Ngwanana e mong ya bitswang Julia o re: “Haeba moshemane a shahlile empa a se bohlale, seo ha se kgahle ka yena.”
Hlokomela hore o se ke wa thetswa ke dipapatso tse kgothalletsang hore o ikwetlise ho feta tekano le ha o utlwa hore o kgathetse. Dikgothatso tse jwalo di ka o lematsa mmeleng mme tsa etsa hore o se ke wa nepisisa “dintho tsa bohlokwa” bophelong.—Bafilipi 1:10.
Ho ekelletsa moo dintho tse o kgathalletsang ho ikwetlisa, qetellong di ka o nyahamisa. Ngwanana e mong ya bitswang Vera o re: “Banana ba bangata ba na le dinepe tsa batho bao ba batlang ho tshwana le bona mme ha ba nyahame ba a di sheba. Empa ba qetella ba ipapisa le batho bao mme seo se a ba nyahamisa. Ntho eo o lokelang ho ameha ka yona ke ho phela hantle mmeleng, eseng tsela eo o shebahalang ka yona.”